Lefu la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Le Hanele!
BARATI ba chelete ba meharo, le ba “khelohileng ho batla nama esele,” ba tlatsitse lefatše ka lintho tse tšoaetsang haholo litšoantšong tsa libaesekopo, livideo, litšoantšiso tsa sethalla, libuka, limakasine, le ’mino—lefu la seoa la litšoantšo tsa bootsoa. (Juda 7) Kahoo ha ’Muelli oa Lekhotla Kakaretso la Liphuputso Litšoantšong tsa Bootsoa U.S., a ne a etetse mabenkele a libuka a 16 feela, o ile a khona ho khetholla “lihlooho tse fapaneng tsa limakasine tse 2 325, libuka tse 725, le lihlooho tsa lifilimi tse 2 370,” tse buang ka bootsoa. “Litšoantšo tsena tsa bootsoa” li silafatsa boitšoaro ba batho ho sa tsotellehe kotsi ea tsona bophelong ’me li tlatsetsa seoeng sa bohlola, bofebe, ho robala ha motho le eo a tsoalanang le eena, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona kapa botšehali, ho kheloha litsela tsa boitšoaro bo botle, litlhalano, ho senyeha ha malapa, bana ba tšoenyehileng, le ho tsoa kotsi ha balekane ba lenyalo ’meleng le kelellong.
Na u ka sireletsa lelapa la hao lefung lee? Haeba u lekhoba la litšoantšo tsa bootsoa, na ho teng tsela ea ho itokolla? Karabo lipotsong ka bobeli ke e! Joang?
Mathata a bootsoa a ja setsi tikolohong e tšoaelitsoeng ke maikutlo a fosahetseng ’me hape “mesebetsi ea nama” ha e sa thibeloa. (Ba-Galata 5:19) Mathata ana a anafala ha batho ba haelloa kapa ba hlokomoloha tsebo e nepahetseng ’me ba lumella boitsebiso bo fosahetseng ho silafatsa monahano oa bona. Kahoo boitšireletso ba rōna bo molemohali liketsong tsa bootsoa ke ho aha bomoea ka tsebo e nepahetseng. Ho etsa sena ho re hloka hore ka ho se sekisetse re khomarele lipono tse latelang tsa Bibele, joaloka setlhare se phekolang bootsoa.
Boikutlo bo Nepahetseng ka Botona kapa Botšehali
Boikutlo ba pele bo fosahetseng bo lokelang ho haneloa bo ama taba ea botona le botšehali ka boeona. Jehova Molimo o bōpile monna le mosali ka takatso ea botona le botšehali ka morero oa ho tsoala bana, esita le ho ba neha thabo joaloka monna le mosali ba nyalaneng. (Genese 1:27, 28; 2:18; Mattheu 19:4-6) Kahoo haeba likamano tsa ho kopanela liphate li talingoa joaloka tsela ea ho bontša lerato ke balekane ba lenyalo ’me e seng joaloka tsela ea ho itlisetsa molemo kapa ho ithabisa, ho tla re thusa ho hanela litšoantšo tsa bootsoa.—1 Ba-Korinthe 7:3; Liketso 20:35.
Ho sebelisa likamano tsa botona kapa botšehali hampe ho hlompholla Moetsi oa tsona ’me ea li sebelisang hampe o intša kotsi. Ho lapela lijo ho entsoe ke Molimo bakeng sa molemo oa rōna le thabo. Kotsi e ka ba teng haeba li sebelisoa hampe kapa ha motho a e-ja lijo tse chefu. Kahoo se ke ua ba meharo—ka ho etsa botona kapa botšehali molimo. Ho e-na le hoo, laola “litho tsa hao . . . ke ho re . . . maikutlo a mabe, litakatso tse mpe, le takatso ea moruo, e leng ho sebeletsa molimo oa bohata.”—Ba-Kolosse 3:5, 6; Ba-Efese 5:5.
Ha batho ba boholo-holo ba ne ba entse kamano ea botona kapa botšehali molimo, ba “fetola ’nete ea Molimo leshano, ba rapela tse bopiloeng, ho e-na le Ea Ii bopileng.” Hoo ha lebisa “litakatsong tse lihlong,” tse ba silafalitseng. ’Me “basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng.”—Ba-Roma 1:25-27, NW.
Boikutlo bo Nepahetseng ka Basali
Litšoantšo tse ngata tsa bootsoa kajeno ke tsa basali ba betoang, ba tlontloloang, le tsa pefo. Kahoo lelapa la hao le lokela ho talima litšoantšo tsa bootsoa e le tlhaselo e sehlōhō ho basali. Litšoantšo tsa bootsoa II fana ka khopolo e hohelang ka thetso ea hore basali ba rata kapa ba batla ho tšoaroa ka tsela e mpe—hore ba hlile ba thabela ho betoa kapa ho utloisoa bohloko. Leo ke leshano.
Ha ho monna ea itlhomphang ea ka amohelang boikutlo bo joalo ka basali. Molimo o bōpile monna le mosali. Mosali e ne e tla ba motlatsi oa monna, e seng motho ea khelloang fatše ea lokelang ho tšoaroa hampe. (Genese 2:18) Ho ena le ho tšoara ’mele oa mosali ofe kapa ofe hampe, Bibele e bolella banna hore ba tšoare “basali ba hōlileng joalo ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joaloka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:2) Ho e-na le ho hatella basali tseleng ea boitšoaro bo bobe boo litšoantšo tsa bootsoa li bo buellang, “banna ba tšoanetse ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.—Ba-Efese 5:28, 29.
Boikutlo bo Nepahetseng ka Bana
Selemo le selemo, bana ba likete-kete—masea—ba hoheloa kamanong ea liphate, ba bang ke baahisani ba bona le metsoalle ea malapa a bona, ba bang ba hoheloa kamanong ea ho robala le eo ba tsoalanang le eena, batsoali ba bona le litho tsa malapa a bo bona. Litšoantšo tsa bootsoa li kentse letsoho ketsong ena e mpe ho etsa hore e amoheloe. Ba fetang likete baa koeteloa, ba betoa, ba etsoa matekatsi ke baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa. Ke boikutlo bo bobe hakaakang ba ho lahla bana ba hlokang molato, bana ba hlokang boitšireletso!
Bibele e re “bara ke lefa la Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Litho tsa lelapa la hao li lokela ho hlompha lefa leo le Mohloli oa lona e seng ho ithabisa ka litsela tse fosahetseng ka bana malapeng a bona kapa a mang. Ho robala le bana ho ba ntša kotsi ’meleng le moeeng. Ke leshano le sehlōhō ho bolela hore bana ba rua molemo tšoarong e mpe joalo.
Kahoo, litšoantšo tsa bootsoa li theiloe leshanong le hlomphollang Molimo, maikutlong a fosahetseng a botona kapa botšehali, basali, le bana. Litholoana tse nyontšang tsa leshano lena li re bolella eo ntate oa leshano e leng eena. (Johanne 8:44) Ha re talima sena, Bakreste ba tšepahalang ba ratang ho boloka kamano e hloekileng le Ntat’a bona oa leholimo ba ke ke ba ba le kamano le litšoantšo tsa bootsoa!
Maikutlo a Mang a Kotsi
Ho fanoa ka mabaka a fapaneng ho lōkofatsa kapa ho mamella litšoantšo tsa bootsoa. U lokela ho bona kotsi mabakeng ana haeba u batla ho itšireletsa kotsing e ka tlisoang ke lefu lena la seoa.
‘Ho sebelisa litšoantšo tsa bootsoa ho ka eketsa bophelo lenyalong la hao.’ Che, ho bile ka hosele—ho hlepha boitšoarong—ho etsahetse manyalong a mangata. Ba bang ba tlatsitseng monahano ka litšoantšo tsa bootsoa ha ba sa khona ho thabela bophelo bo tloaelehileng ba ho kopanela liphate. Ka kelello e tletseng menahano ea limakasine tse tsosang takatso, monna e mong o ile a qala ka ho qobella mosali oa hae likamanong tseo e seng tsa hlaho ’me a qetella ka bosodoma. Mosali oa hae a botsa ka pelo e nyahameng: “[Hobane’ng ha] monna oa ka a khona ho kopanela liphate le limakasine empa e seng le ’na?” Mosali e mong o bolela hore monna oa hae o lula bosiu bohle ho shebella litšoantšo tsa bootsoa ho TV, ho sa le joalo, ‘ha a thahaselle likamano tse tloaelehileng.’ Mabakeng a mang, manyalo a qhalane ha banna ba tsitlella ho etsa mekhoa e fosahetseng e bonoang litšoantšong tsa libaesekopo kapa limakasineng.
‘Litšoantšo tsa bootsoa tse sa tebang haholo ha li kotsi ho motho.’ Hoo ke leshano, ho joaloka hore ‘ho sebelisa lithethefatsi tse seng matla ho ke ke ha ntša motho kotsi.’ Ngaka ea kelello e-ea hlalosa: “Ke fumana hore batho ba nahanang joalo ba batla ho bona tse ling tse mpe haholo . . . lintho tse tebileng tse ‘hlasimollang.’” Ba bang ba qosa litšoantšo tsa bootsoa ka pefo e mpe.
‘Ho na le lihlooho tse ling tse thahaselling limakasineng tse ling tsa bootsoa tse ngotsoeng ka mokhoa o phahameng. Ha feela ke ipalla tseo ’me ke boha litšoantšo tse ntle, li ke ke tsa ntša kotsi.’ Empa ke hobane’ng ha u sheba ka moqomong oa litšila bakeng sa lijo tse hloekileng? Se lebale kotsi ena ho “motho, leha e ke ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa.” (Mattheu 5:28) Ha e le ka litšoantšo tse bohehang, pampiri e boreleli, le tlhahiso ea boemo bo phahameng, hopola hore, moqomo oa litšila o khabisitsoeng ka gauta ha o fetole se ka hare.
Ho Itokolla Bokhobeng ba Litšoantšo tsa Bootsoa
Empa ho thoe’ng haeba u tšoasitsoe haholo ke litšoantšo tsa bootsoa ’me u fumana ho le thata ho itokolla? Ngaka ea kelello e qotsitsoeng pele e itse: “Ke fumana hore ho teng bokhoba bo hlahisoang ke litšoantšo tsa bootsoa. Motho o’a . . . ‘tšoaseha’... ’me u khutlela a sa tsoa khutlela ho batla ho eketsehileng.” Kanthe, joaloka linthong tse ling tse fetolang batho makhoba, u ka itokolla.
Haeba u na le bothata, bohato ba pele ke ho khaotsa ho fepa monahano oa. hao ka boitsebiso bo silafatsang, khaola mohloli o silafatsang. (Mattheu 5:29, 30) E, lahla lintho tsohle tse tla ba teko ea ho hlasimolla monahano ka litšoantšo tsa bootsoa. Na u tla lumella setšoantšo sa borapeli ba setho sa botona lapeng la hao joalokaha ho ne ho etsoa mehleng ea khale? Joale ke hobane’ng ha u lumella lipolelo tsa mehleng ena tsa borapeli ba botona le botšehali? Bakreste ba pele ba ne ba potlakela ho lahla esita le lintho tsa theko e boima tse neng li sokela kamano ea bona e hloekileng le Jehova.—Liketso 19:19.
Joaloka linthong tse ling tse fetolang batho makhoba, ho itokolla ho hloka hore motho ea entsoeng lekhoba a ikokobeletse ho lumela hore o na le bothata, le hore ruri o rata ho lahla temallo eo, ’me ka botšepehi a batle thuso e tšoanetseng. Bakreste bao ba pele ba ne ba ithaopela ho batla thuso ho balumeli ’moho le bona ba hōlileng tsebong nakong ea bona. (Liketso 19:18) Lithapelo tsa hao tse tsoang pelong le tsa baena ba hao ba moea e tla ba mohloli oa matla.—Jakobo 5:13-16.
Ho hloekisa monahano oa hao ka metsi a hloekileng a ’nete le ho o boloko o tletse thuto e hloekileng e bontšang “ho ratoang ke Molimo” ho tla fifatsa litšoantšo tse mpe monahanong butle-butle. Monahano o bolokang litšoantšo tseo li hlakile o tla hlakoha.—Ba-Roma 12:2; Ba-Efese 4:17-24.
Lerato la ’nete ho Molimo le moahisani le tla u thusa ho itokolla tloaelong ea litšoantšo tsa bootsoa esita le ho u sireletsa hore le ka mohla u se hlole u li rata. Litšoantšo tsa bootsoa ke molaetsa oa borapeli ba mehleng ena ba botona kapa botšehali. Bo emela lintho tsohle tse hanoang ke Molimo le toka. Bo lokela ho haneloa ka ho feletseng. Bo qobe joaloka lefu la seoa!
Ho teng ba khothalletsang hore batho ba se ikhathatse ka hoo hobane ke ntho e fetang e tla iphekola ha batho ba tseba haholo ka bona kapa ba tenoa ke bona. Empa na eo ke tsela ea ho sebetsana le tšokelo e silafatsang bophelo? Letangoana la ho sesa le lutlang ha le lokisoe ka ho le hlokomoloha, ka ho le lumella hore le tšolohe, ka tšepo ea hore le tla ikoala. U lokela ho nka bohato!
U Tla Etsa’ng?
E ka ’na eaba ’nete hore bohle ha ba amehe ka tsela e tšoanang boitsebisong bo joalo. Leha ho le joalo, haeba re lumela sepheo sa lintho tsena le mabaka a ho li boha ha a loka, joale re na le qeto e nepahetseng eo re lokelang ho e etsa, joalokaha re ne re tla etsa qeto ka ntho efe kapa efe e sokelang bophelo ba rōna. Lefu lena la seoa le lokela ho haneloa.
Tobana le ’nete ea hore lefu lena la seoa la litšoantšo tsa bootsoa ke pontšo ea boitšoaro bo qephang ba linako tsa rōna tse boletsoeng e sa le pele ka Bibeleng (2 Timothea 3:1-6) Histori le phihlelo li re bolella hore ho sa tsotellehe melao le lithibelo, batho ba batlang lintho tsa bootsoa ba tla fumana tsela ea ho li etsa, ho li phatlalatsa, le ea ho li sebelisa.
Ho na le babuelli ba litokelo tsa basali bao ka matla ba nyatsang tšoaro e mpe ea basali ke baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa le makhoba a bootsoa bao leha ho le joalo, ba hanang thibelo e feletseng ea lingoloa tse lihlong. Babuelli ba litokelo tsa basali ba bua hamonate ka “boitšoaro bo botle” boo ba bo bitsang “pontšo ea batho ba babeli ba lakatsanang, ba kenang kamanong ea tumellano.” Basodoma ba banna ba lakatsa ho boloka tokelo ea ho etsa le ho sheba litšoantšo tsa bona tsa liotsoa tsa bosodoma tse “seng nang kotsi.”—2 Petrose 2:18, 19.
Haeba re mamela boitokafatso ba batho bana le ba bang ba ‘jalang nameng,’ kapele re tla hōlisa menahano e mengata e loantšanang mabapi le seo bootsoa bo leng sona le seo bo seng sona, litšoantšo tsa bootsoa le botšoantši bo botle. (Ba-Galata 6:8) Ho sa tsotellehe hore na batho ba bitsa lintho tseo eng, ha li bontšoa ka morero oa ho tsosa takatso eo Bibele e e bitsang ntho eo e seng ea tlhaho le e nyonyehang—bohlola, bofebe, bosodoma, ho robala le liphoofolo, ho robala le seng, ho beta—Mokreste o’a tseba hore ha lia lokela ho shejoa, ka hona lintho tse joalo ha lia lokela ho ‘boleloa le ka mabitso har’a’ Bakreste.—Ba-Efese 5:3-5; Ba-Heberu 13:4; 1 Ba-Korinthe 6:9-11; Levitike 18:6-30.
Ho tsohle tse boletsoeng kaholimo, ho hlakile hore litšoantšo tsa bootsoa li lokela ho kopanyeletsoa linthong tse “hlabisang lihlong.” Li tlotlisa botona kapa botšehali. “Motho a se ke a le thetsa ka lipolelo tsa lefeela; hobane ke ka lebaka la lintho tseo bohale ba Molimo bo tlang . . . Ka lebaka leo, le se ke la ba le taba le bona. . . . ’me le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ea lefifi, le mpe le e nyatse.”—Ba-Efese 5:6-15.
E, hanela lefu la seoa la litšoantšo tsa bootsoa ka ho bona seo bo leng sona; borapeli ba botona kapa botšehali. Bo hanele ka matla le leshano la bona, litšila tsa bona, le ho etsoa molimo ha bona. Hopola: “Ba etsang tse joalo, ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo.” Bakreste ba ’nete “ba thakhisitse nama, le lithato, le litakatso tsa eona.” “Tsamaeang ka moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama” (Ba-Galata 5:16-24) Ho sekisetsa lefung lena la bootsoa ho bolela lefu, empa ho etsa thato ea Molimo ho bolela bophelo.—1 Johanne 2:15-17.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 29]
“Joalokaha moprofesara Ernest van den Haag oa Sekolo sa Molao New York a bontša, ‘Ba bang ba phea khang ka hore litšoantšo tsa bootsoa ha li na tšusumetso. Lebaka leo ha le kholise. Libuka—ho tloha ka Bibele ho ea ho Karl Marx le ho ea ho Mein Kampf ea Hitler—li susumetsa mekhoa ea batho le liketso, joalokaha lipuisano tsohle li etsa.’”—Makasine oa Family Circle
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho chesehela ho bala libuka tsa bootsoa ho sitisa banyalani ho fumana thabo mokhoeng o tloaelehileng oa ho robala