Pono ea Bibele
Bosodoma Boikarabelo ba Baruti ke Bofe?
BASODOMA bao ka botšepehi ba batlang ho sebeletsa Molimo ba iphumana ba le bothateng. Joalokaha e mong a ile a bolela: “Haeba u itlamme kerekeng ’me ho etsahala hore u iphumane u le mosodoma, ke likhetho life tsa sebele tseo u nang le tsona?”
Ho ithuta se hlokahalang ho thabisa Molimo, basodoma ba bangata ba ile ba ea ho baruti ba bona. Na “baruti” bana ba fana ka tataiso e nepahetseng? Boikarabelo ba bona ke bofe ka basodoma sechabeng? Mosebetsi oa bona oa sehlooho ho batho bohle ke ofe?
Baprista ba Tlamehile ho Tšoarella Litekanyetsong Tsa Molimo
Bibele e hlalosa ka mantsoe a bonolo ha e bolela hore baprista ba boholo-holo ba ne ba “khethetsoe batho bakeng sa tšebeletso ea Molimo.” (Ba-Heberu 5:1) Ha Abrahama oa boholo-holo a ne a sebeletsa lelapa la hae ka tsela ena, o ile a ba thusa ho ‘boloka tsela ea Jehova.’—Genese 18:19.
Ka ho tšoanang, baprista ba boholo-holo mehleng ea Iseraele ba ile ba phethahatsa karolo ea bohlokoa bakeng sa ho tšoarella litekanyetsong tsa Molimo. Baprista ba ne ba tlamehile ho thusa sechaba hore “e be sechaba sa Jehova.” (2 Likronike 23:16) Kajeno, joaloka mehleng e fetileng, baemeli ba Molimo ba tlameha ho thusa mehlape ea bona ‘ho tsoela pele e le batho ba Molimo’ le ho ‘boloka tsela ea Molimo.’
Bakeng sa ho etsa sena, ba tlameha ho ruta mohlape Lentsoe la Molimo. (Malakia 2:7) Na baruti ba ipakile ho ba ‘manģosa a Molimo,’ ho thusa batho ‘ho boloka tsela ea Molimo’? Ka kakaretso ha ho joalo. ’Me sena ke se hlakileng haholo-holo tabeng ea bosodoma.
Manģosa a Fosahetseng, Tataiso e Kotsi
Ka ho tobileng, Bibele e nyatsa bosodoma. Ha ho puo ea bolotsana e ka etsang mangolo a kang Levitike 18:22 le Ba-Roma 1:26, 27 a hlakohe (Bona lebokoso.) Ka ho lumellana le mokhoa oa mehleng ena o hanyetsang Bibele, moprista oa Mojesuite o buile tjena ka likamano tsa basodoma: “Ke eona feela tharollo bakeng sa lenane le hōlang la batho ba batlang ho phela bophelo bo thabileng le bo nang le morero o moholoanyane.” Ka ho latela monahano o tšoanang, mobishopo oa Episcopal o bitsitse bosodoma “ntho e ’ngoe eo [basosoma] ba se nang taolo holim’a eona.” Empa Bibele e bua tjena ka ba bang bao pele e neng e le basodoma lekholong la pele la lilemo: “’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsitsoe.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Ba bang ba sireletsa ho iphapanya litekanyetso tsa Bibele ka hore seo ba se etsang ke pontšo ea lerato. Moprista e mong o itse: “Lerato, haholo-holo bakeng sa motho ea ka ntle ea lelekiloeng sechabeng, ke teko ea bohlokoa bophelong ba rōna ba moea.” Joale o ile a phethela ka hore: “le ka mohla bosodoma e ne e ke ke ea e-ba ntho ea bohlokoa ho Kreste. Ntho ea bohlokoa ho eena e ne e tla ba: Na batho bana ba phela bophelo ba bona, ho sa tsotellehe seo ba leng sona, ka tsela e lerato?”
Empa Bibele ha e kopanye lerato le ho nkeha maikutlong. Lerato la Molimo le leka-lekanngoa ke toka ’me le kopanyelletsa lehloeo bakeng sa bobe. Ka matla Bibele ea eletsa, “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe!” (Pesaleme ea 97:10) Lerato la ’nete le boetse le kopanyelletsa taeo, “hobane Morena [ Jehova] o ee a laee eo a mo ratang.” (Ba-Heberu 12:6) Ka hona, basebeletsi ba phehelloa ho “khothatsa ka thuto e phelisang le ho khalemela bao ba hanyetsang.” (Tite 1:9, NW) ’Me hopola sena: Ha moprista oa boholo-holo a ne a phethahatsa mesebetsi ea hae ka botšepehi o ne a “khutlisa ba bangata bokhopong.”—Malakia 2:5, 6.
Ho Nyenyefatsa Litekanyetso Tsa Bibele
Empa ka kakaretso, baruti ba kajeno ba tšoana le batsoali ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe: ba tšaba ho shapa bana ba bona hobane ‘seo e ke ke ea e-ba ntho e lerato.’ Ka mashome a lilemo baruti ba ’nile ba nyenyefatsa litekanyetso tsa Bibele. Phello? “Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” (Moeklesia 8:11) Ka mohlala, esita le hoja ka molao Kereke e K’hatholike e sa lumelle likamano tsa basodoma, phuputso e ’ngoe e bontšitse hore karolo ea 55 lekholong ea Mak’hatholike ’ohle a U.S. e lumela hore motho ea amehang liketsong tsa bosodoma e ka ’na ea e-ba Mok’hatholike ea molemo.
Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ho Baiseraele ba boholo-holo ha baprista ba ne ba sa khomarele litekanyetsong tsa Molimo. O itse ka bona: “Ba kile ba ea hole le ’na .. . Ha ba a ka ba re: O kae Jehova?” Hobane’ng? Hobane “baprista ha ba a ka ba re: O kae Jehova? Le ba tšoereng molao ha ba a ka ba ntseba.” (Jeremia 2:5-8) Moprofeta Sofonia o itse: “Molotsana ha a tsebe lihlong” hobane “baprista ba oona ba tlotlolla n»alo e halalelang, ba khopamisa molao.”—Sofonia 3:1-5.
‘Ho Hana ho se Hlomphe Molimo’
Basodoma ba batlang ho sebeletsa Molimo ba tlameha ho etsa sena ka melao ea oona—melao e hlalositsoeng ka ho hlakileng ka Bibeleng. Kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, ho na le basodoma ba thusitsoeng ho ‘bolaea litho tsa bona, ke hore bofebe, litšila, le maikutlo a mabe.’ (Ba-Kolosse 3:5) Ka ho utloahalang, sena ha se a ba bonolo ho ba bang, empa ba ile ba ithuta ho bolaea litakatso tsa bona tse litšila joaloka banna kapa basali ba ile ba bolaea litakatso tsa bona tse fosahetseng bakeng sa banna kapa basali. Lihlopha tsena ka bobeli li thusitsoe ka hore ka mehla li kopanele le phutheho ea ’nete ea Bokreste, e ka ba thusang pakaneng ea bona ea ‘ho hana ho se hlomphe Molimo le litakatso tsa lefatše le hore ba phele ka kelello e hlaphohileng le ho loka le boinehelo ba bomolimo.’—Tite 2:12, NW.
Baruti ba nyenyefatsang litekanyetso tsa Bibele ’me ba lumella sebe ha ba etsetse basodoma molemo. Ba ka ’na ba ‘hlohlontša litsebe’ tsa bona empa ha ba phelele boikarabelo ba bona ba ho ‘bolela lentsoe.’ Ona ke mosebetsi oa bona ho basodoma—esita le ho batho bohle.—2 Timothea 4:1-5.
[Lebokose le leqepheng la 31]
“U se ke ua robala le monna, joale ka ha ho robaloa le mosali: ke ntho e manyala.”—Levitike 18:22
“Ka baka leo, Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong; hobane har’a bona basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, ’me ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.”—Ba-Roma 1:26, 27