Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Ikutloa ke sa Itšepe Hakaale?
“Ha ke le har’a batho, ka mehla ke tšoenyeha ke kamoo ke shebahalang kateng, seo ke se buang, tsela eo ke etsang lintho ka eona, le seo motho e mong a se nahanang ka ’na. Ke ikutloa ke sa itšepe ka linako tsohle.”—Angelica ea lilemo tse 17.
NA TŠABO ea ho hlōleha e u thibela ho etsa lintho tseo ka sebele u neng u ka rata ho li etsa? Na u honohela katleho ea ba bang? Na u tšoenyeha haholo ka seo ba bang ba se nahanang ka uena? Na u ikutloa u thatafalloa ho kopana le batho ba bacha? Na ua khopeha ha u nyatsuoa? Mohlomong u hlokofatsoa ke ho se itšepe. Maikutlo ao a tsoa kae? U ka a hlōla joang?
Ba Bacha ’me ba Hlaseloa Habonolo
Pele, hlokomela hore maikutlo a ho se itšepe a tloaelehile. Kaofela ha rōna re hlahile re sa phethahala ’me kahoo re atisa ho ikutloa re sa fella kapa re se bohlokoa nako le nako. (Jakobo 3:2; bapisa Ba-Roma 7:21-24.) Ho feta moo, u monyenyane ’me ha u na phihlelo. Ke hoa tlhaho ho ikutloa u sa lokoloha maemong a sa tloaelehang kapa ha u koptjoa ho etsa ho hong ho hocha ho uena.
Ka mohlala, Bibele e re bolella ka Jeremia e monyenyane ha a ne a khethoa ho ba moprofeta oa Molimo. Le hoja mohlomong Jeremia a ne a le lilemong tsa bo20, o ile a ikutloa a sa itšepe ka matla a hae ho phetha kabelo ena, a ikemela ka hore: “Ke sa le ngoana.” (Jeremia 1:6) Ho bonahala hore mohlankana Timothea le eena o ile a ikutloa a sa fella. Moapostola Pauluse o ile a tlameha ho mo neha keletso e tobileng ho mo thusa ho hlōla ho se itšepe.—1 Timothea 4:11-16; 2 Timothea 1:6, 7.
Buka Talking With Your Teenager e bolela hore bacha ka “ho toba ba boemong bo hlaselehang habonolo. . . . Ba tšoenyehile kamoo ba shebahalang kateng, seo ba se buileng, hore na ba tumme, kapa baa rateha. . . . Baa itšepa ’me ba tlontlolleha habonolo, kapa ho hlabisoa lihlong.” Hangata ba na le “boikutlo bo sa tsitsang ba hore na ke bo-mang.” Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Lebaka le leng ke hore bacha ba mahareng a nako ea khōlo e potlakileng ea ’mele le phetoho. Ngaka Betty B. Youngs o hlokomela hore “liphetoho tsena, tse ka holimo ho matla [a bacha], li tebile, lia phehella, ’me lia tšosa . . . Mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ha a na tšepo ka bokamoso ’me ha a na tsebo ka se mo tlelang ka mor’a moo. Ka tlhaho, ho haelloa hona ha taolo ho baka ho se itšepe le ho tepella maikutlong.”
Tšusumetso ea Metsoalle le Lelapa
Lebaka le leng ke tikoloho ea lelapa leno. Ha e le hantle, lelapa le sebeletsa e le mohloli oa tataiso ea moea le tšehetso ea maikutlo. (Ba-Efese 6:1-4) Ka nepo Bibele e laela batsoali: “Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.”—Ba-Kolosse 3:21.
Ka bomalimabe, batsoali ba bang ba halefisa bana ba bona ka ho ba nyatsa ka mehla, ba qoba ho ba rorisa le ho ba bontša lerato le hlokahalang. Setsebi sa kelello Eleanor S. Field se a hlalosa: “Ho nyatsa ha batsoali hangata ho ka lebisa boikutlong bo tebileng ba ho se itšepe. . . . ’Me haeba u sa ntse u amohela melaetsa [e seng metle] joaloka mocha, sena se tla eketsa maikutlo a ho se itšepe.”
Metsoalle ea hao e ka boetse ea khella boitšepo ba hao fatše ka hore ka mehla e u some kapa e nyatse tsela eo u shebahalang ka eona le tsela eo u etsang lintho ka eona. Ka ho khethehileng, u tla nyatsuoa haeba u mamela taelo ea Jesu ea ho “se be karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) “Hoa ferekanya! U leka ho amoheloa, empa u leka ho se amoheloe. Ha u batle ho ba ea qheleloang kathoko, empa u leka ho phela ka melao-motheo ea Bibele,” ho hlalosetse Andrew ea lilemo li 15. Ngoanana ea lilemo li 15 oa phaella: “Ho thata hobane ha u batle hore bana ba bang ba re u mokhelo. Motho e mong le e mong u batla hore batho ba mo rate.” Ho boloka teka-tekano e loketseng e ka ba bothata ba sebele. Ho ka u siea u ikutloa u sa itšepe.
Ka linako tse ling, re ipakela boikutlo ba ho se itšepe. “Ha ke le har’a batho, ke ikutloa ke se letho hobane ha ke tsebe ho etsa ntho leha e le efe hantle. Kahoo ke ikutloa ke sa itšepe haholo,” ho boletse mocha e mong ea lilemo li 17. Maikutlo a joalo e ka ’na ea ba phello ea ho ipapisa ho sa lokang le batho ba bang.
Ho Loantša Maikutlo a ho se Itšepe
Ho sa tsotellehe sesosa sa ona, maikutlo a ho se itšepe ke karolo feela ea ho hōla ’me ha ho mohla a tla fela ka ho felletseng.a Ho ameha ho sa hlokahaleng ka ponahalo botumo, kapa matla ho ka tsoela pele ho fokolisa ho itšepa ha motho esita leha a hōlile ka ho lekaneng.
Bacha ba bangata ba leka ho pata ho haelloa ha bona ke ho itšepa ka ho bonahatsa boikhakanyo ba bohata, moaparo o mobe, kapa ho fetohela mebuso. Empa ho na le litsela tse molemo tsa ho sebetsana le linako tsa ha u ikutloa u sa itšepe.
Bontša Litšobotsi tsa Hao tse Ntle: Mohlomong ha u na ’mele o motle kapa sebōpeho, empa mohlomong u hōlisitse litšobotsi tsa Bokreste tsa “lerato, thabo, le khotso, le mamello, le mosa, le molemo, le tumelo, le bonolo, le boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23) Litšobotsi tsena li bohlokoa haholo ho feta litšobotsi leha e le life tsa ’mele ’me li ka u thusa ho fumana kamohelo ea Molimo.
Qoba ho Ipapisa ho sa Lokelang: Ho joaloka Eleanor Roosevelt, mosali oa mopresidente oa bo32 oa United States, a kile a hlalosa: “Ha ho ea ka u etsang hore u ikutloe u nyenyefetse ka ntle ho tumello ea hao.” Ka hona, Ba-Galata 6:4 (NW) e fana ka keletso e molemo ha e re: “E mong le mong a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng tsa ba bang.”
Na taba ea hore motho e mong o shebahala hamolemo, o na le liaparo tse molemo, kapa o motle ho u feta e mo etsa motho ea molemo ho u feta? ’Nete ke hore, ponahalo ea ka ntle ha e bolele letho ho Molimo. Bibele e re: “Hobane Jehova ha bone kamoo motho a bonang, hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.
Qoba Leraba la Mōna: “Mōna o bolisa masapo,” ’me o tsoala boikutlo ba ho se itšepe. (Liproverbia 14:30) Ho e-na hoo, ithute ho ‘thaba le ba thabileng’ ’me ka sebele u thabele tseo ba li finyeletseng. (Ba-Roma 12:15) Haeba u etsa joalo, ba bang ba tla fokotsa ho bua lipuo tse khopisang ka katleho ea hao.
Ameha ka Batho ba Bang: Ngaka Allan Fromme o hlokometse hore “batho ba nang le ponahalo e ntle ba thabela mofuta o itseng oa khotso, hobane batho ba amehile ka bona. . . . Batho ba nang le khopolo e fokolang ke batšoaruoa ka bobona. Ba koalletsoe ho inahaneng ha bona ho tsoelang pele.” Qoba teronko eo ka ‘ho se hlokomele tseo e leng tsa hao feela, empa o hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’ (Ba-Filippi 2:4) Ha u ameha ka ba bang ka ho eketsehileng, u tla tšoenyeha hanyenyane ka maikutlo a hao a ho se itšepe.
Nka ho Nyatsuoa e le Bohato ba ho Ntlafatsa: “Se hlokomele mantsoe ’ohle a buuoang,” haholo ha ba u nyenyefatsa. (Moeklesia 7:21) Ka lehlakoreng le leng, haeba ho nyatsuoa ho lokile, batla litsela tsa ho ho ho sebelisa. “Ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo . . . Empa ba maoatla ba nyelisa bohlale le thuto.” (Liproverbia 1:5, 7) U ka ’na ua haelloa karolong e ’ngoe, empa ho hang seo hase u etse motho ea hlōlehileng.
Ho thoe’ng haeba u nyatsoa ke batsoali ba hao? Ke mosebetsi oa batsoali ho laea bana ba bona. (Ba-Efese 6:4) Haeba u nahana hore ho nyatsa ho fetelletse, hore ha hoa loka, kapa ho ea nyenyefatsa, mohlomong u ka khetha nako e khutsitseng ho buisana ka taba ena le batsoali ba hao ’me u ba tsebise kamoo mantsoe a bona a u amang kateng.
Ipehele Lipakane tsa Sebele: Ha ho hlokahale ho ba sehlopheng sa bana ba maemo a phahameng hore u be seithuti se khabane kapa semathi sa Liolimpiki se hloahloa hore u thabele papali. “Bohlale bo ho ba ikokobetsang,” ’me boikokobetso bo kopanyelletsa ho tseba bofokoli ba hao. (Liproverbia 11:2) Empa u se behe lipakane tsa hao tlase haholo ka baka la ho tšaba ho hlōleha. Ho hlōleha ho ka sebeletsa e le thuto. Ka holim’a tsohle, u ithuta ho tsamaea ka ho hlōla tloaelo ea ho oa!
U se ke ua Tšaba ho ba ea Fapaneng: Bacha ba lumellang metsoalle ea bona ho laola lipuo tsa bona, moaparo oa bona, le boitlhopho ba bona ke makhoba. (Ba-Roma 6:16) Ho fapana le hoo, e se eka uena u ka “sebeletsa Jehova.” (Ba-Roma 12:11, NW) Haeba u songoa hobane u etsa se nepahetseng, fumana tšeliso ho tseba hore liketso tsa hao tse sebete li tlisetsa pelo ea Molimo thabo.—Liproverbia 27:11.
Ha ho pelaelo hore litlhahiso tsena li tla u thusa. Empa se ke ua lebella hore boikutlo ba ho itšepa bo tla hōla ka bosiu bo le bong. E-ba ea mamellang. Lebella hore ka nako e ’ngoe u tla hlōleha, empa u se leke ho ikutloela bohloko haholo. Nakong e loketseng u tla iphumana u itšepa ho feta leha e le neng pele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha re bue ka maikutlo a ho se itšepe a hlahang ka lebaka la puo e nyatsang kapa ho hlokofatsoa likamanong tsa botona le botšehali. Leha melao-motheo e meng eo ho buisanoeng ka eona mona e ka ipaka e le molemo, ba hlasetsoeng ke mekhoa e fapaneng ea ho tšoaroa hampe ba ka ’na ba hloka thuso e ngata e mamellang ho oka likotsi tsa maikutlo tse bakiloeng ke tšoaro e mpe joalo.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batsoali ba ka baka boikutlo ba ho se itšepe ka ho qoba ho rorisa bana le ka ho ba tšoaea liphoso ka ho fetelletseng