Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobaneˈng ha ke Lokela ho Ithuta Bibele?
“HAKE fihla hae ho tsoa sekolong, ha 11 ke sa batla ho ithuta hape. Ke batla ho ea ka ntle le ho ba le metsoalle ea ka!” Eo e bile karabelo ea mocha ea bitsoang Ken tlhahisong ea hore a qete nako e itseng a ithuta Bibele.
Joaloka bacha ba bangata, ho ka etsahala hore ha u e-sˈo ka u etsa ho hongata tabeng ea thuto ea botho ea Bibele. Mohlomong ua lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Mohlomong u bile u ba teng libokeng tsa Bokreste. Empa mohlomong u ka ikutloa hore u se u tseba seo Bibele e se rutang. Kapa mohlomong u ka ˈna ua ipotsa: ˈKe hobaneˈng ha ke lokela ho ithuta Bibele? Ke tla fumanaˈng bakeng sa boiteko ba ka?ˈ
Ho Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
Ho botsa lipotso tse joalo ha ho phoso kapa ha se ho hlomphollang. Ho fapana le hoo, ho ka ˈna ha bontša hore u qala ho utloisisa seo Jesu a se bitsitseng ˈtlhoko ea hao ea moea.ˈ (Mattheu 5:3, NW) Ena hase cheseho e se nang molemo ea ho rata ho tseba. Joalokaha The New English Bible e hlalosa temana ena, ke “tlhoko ea Molimo”—tlhoko ea ho tseba Molimo haholoanyane le ho utloisisa merero ea oona. Ka mohlala, mohlomong ha u ne u sa le ngoana e monyenyane, batsoali ba hao ba ile ba u ruta linnete tsa motheo tsa Bibele. Mohlomong u amohetse seo ba se buileng ntle ho pelaelo. Empa ha u ntse u hōla, u ile ua ikutloa ho hlokahala ho ˈleka tsohleˈ—ho tseba hore na seo u se rutiloeng ke ˈnete kapa che.—1 Ba-Thessalonika 5:21.
Empa hape, ho ka etsahala hore ha ua hōlisetsoa lelapeng la bolumeli. Na see se bolela hore ha u na tlhoko ea moea? Le hanyenyane!
Nahana ka boemo naheng e ˈngoe moo ho se lumele ho Molimo ho ˈnileng ha ntšetsoa pele ka nako e telele. Lilemong tsa morao tjena bacha ba moo ba bontšitse thahasello e eketsehileng bolumeling. Mophatlalatsi e mong ea hanyetsang bolumeli o ile a belaela, harˈa lintho tse ling, “ho hlōleha ha ba sa lumeleng ho Molimo ho fana ka likarabelo tse kholisang lipotsong tse mabapi le se boleloang ke ho nyahama le ho utloa bohloko bophelong.” U ka iphumana u se u ipotsa lipotso tse joalo—e leng bopaki ba hore u na le tlhoko ea moea.
Leha ho le joalo, hase malumeli ˈohle a fanang ka likarabo tse khotsofatsang. Ka mohlala, Manish e mocha, o hōtse e le Mohindu ea lumelang ho melimo e limillione. Empa oa lumela: “Ke ile ka qala ho ipotsa, ˈMolimo ke Mang?ˈ” ˈMe le bacha ba bangata ba hōlisitsoeng malumeling a Bokreste-ˈmōtoana ba fumane hore ho batla likarabo tse khotsofatsang ke boikhathatso ba lefeela. Motho a ka ea hokae? Jesu Kreste oa arabela: “Lentsoe la hao [Molimo] ke ˈnete.”—Johanne 17:17.
Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele, e ka khotsofatsa lenyora la hao bakeng sa linnete tsa moea. E tla arabela lipotso tsa hao mabapi le botho ba Molimo, mabaka a maemo a lefatše kajeno, le litebello tsa hao tsa bokamoso. Ka ho utloahalang, mohlomong hore u hōlisitsoe ke batsoali bao e leng Lipaki tsa Jehova, ˈme e ka ˈna eaba u se u ikutloa u tseba “neteˈ ho fihla bohōleng bo itseng. Empa na u ˈutloisisa bophara, bolelele, bophahamo, le boteboˈ ba linnete tsa Bibele, kapa na tsebo ea hao ke e fokolang feela? (Ba-Efese 3: 18) Haeba sena e le ˈnete, u hloka ho ˈlemoha ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng,ˈ ka ho ithuta Bibele ka matla.—Ba-Roma 12:2.
Ho Fumana Tsela e Nepahetseng
Na u kile ua neoa tataiso e fosahetseng mabapi le sebaka seo u neng u batla ho ea ho sona? Nako le boiteko bo senyehileng e ka ba tse ferekanyang. Empa bophelo ba bacha ba bangata bo lebile tseleng e fosahetseng! Bibele e re: ”Mohlomong, ho motho, tsela e ˈngoe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.”—Liproverbia 14:12.
Ka mohlala, nahana ka taba ea boitšoaro ba botona le botšehali. Ngoanana e mong ea lilemo li 14 o itse: “Ha ho ntho e nepahetseng. Ke maikutlo a botho feela.” Ke ˈnete, takatso ea ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali e matla, haholo-holo ha u sa le mocha. Empa ha e sa hlokomeloe, takatso ena e ka u lebisa ˈtseleng ea lefu.ˈ Selemo le selemo, bacha ba limillione tse 2,5 ba U.S. ba tšoaetsoa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Banana ba bangata ba fetoha bo-ˈmè ba sa nyaloang—kapa ba bolaea bana ba bona ka ho ntša limpa! Esita leha ho ima kapa boloetse li ka qojoa, likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ha li khahlise Molimo.—1 Ba-Thessalonika 4:3.
Joale ke hobaneˈng u ntse u khopeha ˈtseleng ea lefuˈ? Bibele e fana ka tataiso e hlakileng ho u thusa hore “u balehele litakatso tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Sena se akarelletsa ho ˈbolaeaˈ, eseng litakatso tse tloaelehileng tsa likamano tsa botona le botšehali lenyalong le hlomphehang, empa litšusumetso tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. (Ba-Kolosse 3:5) Ho ithuta Bibele ho ka u thusa ho finyella hoo. Ho ka u fa matla a boitšoaro ba ho balehela se fosahetseng—esita le haeba se fosahetseng se bonahala se ipiletsa haholo. Ho ka ˈhlalefisa sethoto, ha nea mohlankana [ kapa moroetsana | tsebo le kelelloˈ e le hore a ka qoba boemo bo lebisang boitšoarong bo bobe.—Liproverbia 1:4.
Dan ke mocha e mong ea ruileng molemo ka ho ithuta Bibele. Le hoja a lumela hore bacha ba hlephileng boitšoarong ba bonahala e le ba thabelang monyaka, o re o bone hape le “bana ba matšeo, mafu a likamano tsa botona le botšehali le mathata a mang a mangata.” Oa botsa: “Hoja ke sa ka ka ithuta Bibele, nkabe ke phela joang?” Le uena, Bibele e ka u pholosa ˈtseleng ea lefu.ˈ
Thuso ea hoAtamela Haufi le Molimo
Le hoja bacha ba bangata ba bolela hore ba lumela ho Molimo, tumelo ho Molimo ea nang le botho e-ea qepha ha bacha ba hōla. Sehlooho sa koranta ea Adolescence se hlokometse hore ho bacha ba bang “kutloisiso ka Molimo ke taba e thata haholo.” Malumeli a mangata a entse hore Molimo o bonahale o le thata ho utloisisoa ka ho pata ˈnete ea hore o na le lebitso. Ebile, u ka ikutloa u atamelane joang le motho eo u sa tsebeng lebitso la hae?
Leha ho le joalo, Bibele e senola hore lebitso la Molimo ke Jehova, e sebelisa lebitso leo ka makhetlo a fetang 7 000! (Pesaleme ea 83: 18) Ho tseba lebitso leo ho u bulela tsela ea ho ba le kamano ea botho le Molimo o Matla ˈOhle. Empa sena se bolela ho fetang ho ba le thahasello e tlang ka seoelo Bibeleng. 1 Likronike 28:9 e re: “Ekare ha u mo batla, o tla fumanoa ke uena.” Hona ho bolela ho fatisisa ka Mangolong ka boiteko ba ho tseba Jehova haufi haholo.
Na u se u entse joalo? Ka mohlala, na u ka hlalosa hore ke hobaneˈng ha Bibele e bua ka Jehova e le ea nang le “mahlo,” “litsebe,” “sefahleho,” le “letsoho”? (1 Petrose 3:12; Ezekiele 20:23) Na Bibele ha e bolele hore “Molimo ke Moea”? (Johanne 4:24) Kapa na ua lemoha hore Molimo o na le matla a ho u bona ho fihla bohōleng bofe, ho tseba seo u tla
se bua le pele u se bua? (Pesaleme ea 139:4) ˈMe ho thoeˈng ka litšoaneleho tse ka sehloohong tsa Jehova tse kang lerato, bohlale, toka, le matla? Na u ka hlalosa hore pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo e bile eng? (Johanne 3: 16) Na u tseba phapang mahareng a moea oa Molimo le matla a oona? (Mikea 3:8) Na u ka paka hore Molimo o na le maikutlo—le hore hoa khoneha ho utloisa maikutlo a oona bohloko?—Pesaleme ea 78:40, BPN.
Ho na le tsela e le ˈngoe feela ea ho arabela lipotso tseo—ho ithuta Bibele. Luther e mocha o hlokometse hore “ka ho ithuta Lentsoe la Hae, ke khona ho ˈbonaˈ botho ba Jehova le hore ke motho oa mofuta ofe.” (Bapisa le Jobo 42:5.) Ka tsela e tšoanang Jaquella o tsebile Molimo hamolemonyana. Ka thuto ea Bibele, o tsebile ho ananela “hore Jehova a ka tšehetsa seo a se buang. Ha a tšepisa ntho e itseng, ha a robe tšepiso ea hae; ha a bue leshano.”—Tite 1:2.
Moputso oa Boiteko ba Hao
Ho ithuta Bibele ho hloka boiteko le ho tela nako eo u sa etseng letho ka eona. Ho qalisa ho ithuta ho ka ba thata ha ba ha etsa hore u songoe ke ba lelapa kapa metsoalle. Empa talima meputso. Thuto ea ka mehla ea Bibele e thusitse Paula. O boletse hore, “ke hlaoletse kamano e haufi haholo le Jehova, baena ba ka ba Bakreste, le lelapa la ka.” Sandy o bolela hore e mo thusitse ho “haha letsoalo” le sebetsang esita le linthong tse nyenyane. O re: “Ke khona ho nahana ka mangolo kapa ka melaomotheo e nthusang ho etsa qeto ka seo ke se shebellang ho TV.” Na u sa hopola Ken ea boletsoeng qalong? O ile a qala ho ithuta Bibele khafetsa ˈme o re: “Ha ke bala haholoanyane, ke khahloa haholoanyane, ke utloisisa haholoanyane.” Ken o ile a susumeletseha ho ba mohlanka ea kolobelitsoeng oa Molimo.
Ke hobaneˈng ha u sa ithute Bibele ka botebo? Talima sena e le phephetso. Kōpa batsoali ba hao kapa setho se seng sa phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova ho u thusa ho qalisa ho ithuta. Ikemisetse ho se tlohele. ˈMe hopola: ˈEa shebisisang molaong oo o phethehileng ˈme a tiisetsa teng, motho eo o tla ba lehlohonolo ho etseng ha hae.ˈ—Jakobo 1:25.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Na u “utloisisa bophara, bolelele,
bophahamo, le botebo” ba linnete tsa Bibele, kapa na tsebo ea hao ke e fokolang feela?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Motsoali kapa setho se seng sa phutheho ea Bokreste se ka u thusa ho qalisa lenaneo la ho bala Bibele