Pono ea Bibele
Lebaka Leo Libuka le Litšoantšo tsa Bootsoa li Leng Kotsi ka Lona
LIBUKA le litšoantšo tsa bootsoa ha li sa fella mabenkeleng a rekisang libuka tsa boitšoaro bo litšila le libaesekopong tsa likamano tsa botona le botšehali feela. Li se li fumaneha habonolo ho batho ka kakaretso. Naheng e ’ngoe le e ’ngoe, moahi feela ea tloaelehileng o qobelloa ho li bona limakasineng, likoranteng, libukeng, mananeong a TV, libaesekopo le li-video. Na ka sebele ntho e atileng hakaalo e ka ba kotsi?
Leha ho le joalo, libuka tsa bootsoa ke eng? Libuka tsa bootsoa li hlalosoa e le “boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali (ka litšoantšo kapa ka libuka) ka morero oa ho tsosa takatso.” Tlhaloso eo e hlakile. Empa ho hlaha likhang mabapi le hore na ke eng e tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali le e sa e tsoseng. Ke ’nete hore ho isa bohōleng bo itseng, seo e leng libuka tsa bootsoa se itšetlehile ka pono ea motho ka mong. Ka mantsoe a mang, se tsosang takatso ea botona le botšehali ho motho e mong se ka ’na sa se ke sa tsosa takatso e joalo ho e mong. Leha ho le joalo, phuputso ea haufinyane e entsoeng ho batho ba 5 000 Jeremane e senotse hore boemong bo itseng, boitsebiso bo tsosang takatso ea botona le botšehali bo ama hoo e batlang e le motho e mong le e mong, banna le basali.
Na ho Tsosa Litakatso ho Fosahetse?
Ho tsosa takatso e lumellanang le melao-motheo le litekanyetso tsa bomolimo—ea mofuta leha e le ofe—hase bohlale haeba ho se tsela ea ho e khotsofatsa ka ho loketseng. Ka mohlala, haeba tse ling tsa lijo tseo u li ratang haholo li le sieo, mohlomong u ke ke ua ikutloa u khotsofetse haeba nako le nako u talima litšoantšo tsa lijo tseo limakasineng kapa libukeng. Ka lehlakoreng le leng, haeba—mohlomong ka mabaka a bophelo bo botle—u sa lumelloa ho li ja, hangata ho nahana ka tsona khafetsa ho tla u lebisa liphosong tse tebileng. Ka ho tšoanang, motho ea tsubang ea lekang ho itokolla mokhoeng oa ho tsuba a ka fokotsa menyetla ea hae ea ho atleha haeba a senya nako a shebelletse batho ba bang ba tsubang.
Ho tsoa ponong ea Bibele e mabapi le litakatso tsa botona le botšehali, thabo e tlisoa ke ho li khotsofatsa ka nepo meeling ea lenyalo le lerato. (1 Ba-Korinthe 7:2-5; Ba-Heberu 13:4) Kahoo ke bothoto bo bokaakang hore motho oa lesoha a tsose litakatso tseo a sa tsebeng ho li khotsofatsa! Sena se mpa se etsa hore a ferekane, kapa ho hobe le ho feta, a li khotsofatse ka ho retelehela mokhoeng oa ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho li khotsofatsa kapa a etse bohlola, ’me kahoo a tlōle melao le melao-motheo ea bomolimo.—1 Ba-Thessalonika 4:3-7.
Na sena se bolela hore libuka tsa bootsoa ha li kotsi haeba u kene lenyalong? Che, melao eo ea boitšoaro ea Mangolo e sebetsa le ho batho ba keneng lenyalong. Hape, libuka tsa bootsoa li ipiletsa maikutlong a boithati, li khothalletsa ho khotsofatsa litakatso tsa botho, empa lerato le likoloha tabeng ea ho khotsofatsa litlhoko tsa molekane oa motho oa lenyalo. Libuka tsa bootsoa li lebisa likamanong tsa botona le botšehali tse sa nahaneleng le tsa boikhabi tseo, esita leha li kopaneloa lenyalong, li fetohang tse litšila le tse sa bontšeng kameho.—1 Ba-Korinthe 13:5.
Ho e-na le ho matlafatsa lerato lenyalong, libuka tsa bootsoa lia le felisa ka ho le theolela boemong bo nyelisehang, boo eseng ba ’nete. Likamano tsa botona le botšehali tse bontšoang libukeng tsa bootsoa ke litoro tse mpe ka ho fetisisa hobane li fetisa melaetsa e fosahetseng le e kotsi ka likamano tsa botona le botšehali lenyalong. Ntle ho moo, likamano tsa bophelo ba sebele li bolela ho hongata ho feta likamano tsa botona le botšehali; li theiloe litšoanelehong tsa bonolo, ho tenyetseha, puisano le ho tsotella. Ho fapana le moo, libuka tsa bootsoa li ka ’na tsa fetoha tse arohanyang batho ba babeli ba nyalaneng.
Libuka tsa bootsoa li theolela batho boemong ba liphoofolo tse itšetlehileng ka bohlale ba tlhaho feela. Ha li khothalletse ho ba le boitšoaro, e leng tholoana ea moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Li ka ’na tsa etsa hore ho be bonolo ho ameha likamanong tsa botona le botšehali tse litšila. Ana e mpa e le mabaka a ’maloa ao Bakreste ba hanelang libuka tsa bootsoa ka ’ona.
Kahoo keletso e bohlale ea Bibele e re: “U thabele mosali oa bocha ba hao . . . Mora oa ka, u ka hapuoa joang ke mosali oa letekatsi, ua ikamahanya joang [ka mokhoa oa sebele kapa ka kelello ka libuka tsa bootsoa] le sefuba sa mosali osele na?”—Liproverbia 5:15-20.
Leha ho le joalo, motho a ka qoba kapa a itokolla joang bokhobeng ba libuka tsa bootsoa?
Kamoo U ka Itokollang Bokhobeng ba Tsona
Bakeng sa ho loantša khoheli ea libuka tsa bootsoa, Bibele ea eletsa: “Le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng, ke hore, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe.” (Ba-Kolosse 3:5) Mona lentsoe ‘bolaea’ ka ho hlakileng le fetisa khopolo ea ho otla ho bolaeang—eseng feela ho hatella—setho leha e le sefe sa ’mele se ka sebelisoang linthong tseo tse mpe.
Leha ho le joalo, sena se tlameha ho utloisisoa ka mokhoa oa tšoantšetso eseng oa sebele. Bakreste ha baa tlameha ho holofatsa ’mele ea bona. Haeba ka tieo re ‘bolaea’ mehopolo e fosahetseng ea likamano tsa botona le botšehali, re ke ke ra inehela lerabeng la libuka tsa bootsoa, ebe re sebelisa litho tsa ’mele ea rōna, joaloka mahlo, ka tsela e fosahetseng. (Bapisa le Mattheu 5:29, 30.) Ka lebaka lena, Bibele e eletsa hore litakatso tse fosahetseng li nkeloe sebaka ke “tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng,” ’me re ‘tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.’—Ba-Filippi 4:8.
Ke ntho efe e ’ngoe e ka thusang? Ho hopola—mohlomong esita le ho pheta-pheta—litemana tsa Bibele tse kang tse latelang ka hlooho:
“U furallise mahlo a ka talimong ea lefeela.”—Pesaleme ea 119:37.
“Tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo . . . ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.”—1 Johanne 2:16.
“Motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe: ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.”—Jakobo 1:14, 15.
Ntho e ’ngoe e le ’ngoe e ka qalisang tsela e isang lefung ka nepo e ka hlalosoa e le kotsi, ’me libuka tsa bootsoa li tšoaneloa ke tlhaloso eo! Hopola: “Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” U se ke ua lumella hore libuka tsa bootsoa hore li u qhekelle hore u se fumane bophelo bo sa feleng!—Ba-Galata 6:8.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Ho e-na le ho matlafatsa lerato lenyalong, libuka tsa bootsoa lia le felisa ka ho le theolela boemong bo nyelisehang, boo eseng ba ’nete