Pono ea Bibele
Na ho na le Kotsi ka ho Sebelisa Magic?
‘HO FOKA moea oa magic. Hang-hang, ho lla ha moropa ho felisa khutso eo. Mahlo kaofela a tsepamisitsoe ho banna ba babeli ba apereng lijunifomo ba nkile lithunya. Ba phahamisa lithunya tsa bona, ba korola mosebetsi oa magic oa Lechaena ea apereng ka bokhabane. O beha poleiti ea sechaena ka pele sefubeng sa hae. Lithunya li etsa lerata ha li phatsima mollo. Hang-hang mosebetsi oa magic o sulubana fatše, a tsoa mali a mangata. Ketsahalo eo e thetsang ea ho thiba likulo e ile ea fetoha tlokotsi.’ Tšebetso e phoso ho se seng sa lithunya e ile ea etsa hore kulo e tsoe ’me e phunyeletse sefubeng sa mosebetsi eo oa magic. Ke kamoo ho bolelang buka Henry Gordon’s World of Magic.
Ke tšenyo e kaakang ea mpho ea bophelo—sohle ka lebaka la ho beha batho sebakeng, ho tšosa, le boithabiso tse tsamaeang le mofuta o joalo oa magic. Na ke ka tsela eo u itšoarang ka eona? Kapa na u ikutloa hore eo ke karolo e ’ngoe feela ea kotsi e amanang le ho etsa ketso e joalo sethaleng? Ho sa tsotellehe hore na karabo ea hao e ka ba efe, ha ketso ena ea ho thetsa e hlōleha e ile ea e-ba kotsi ka tsela e bolaeang. E re susumelletsa ho botsa: Na ho na le kotsi e sa bonahaleng haholoanyane e amanang le tšebetso ea magic? Bakeng sa karabo, a re shebeng metso ea tšebetso ena ea boholo-holo.
Tšusumetso ea Magic ho Pholletsa le Histori
Ho tloha qalong ea histori, motho o ’nile a tšoaseha le ho qhekelloa ke mohlolo oa magic. Lentsoe “magic” le tsoa lebitsong “magi,” sehlopha sa boprista sa boholo-holo sa Persia se neng se khethehile ka mesebetsi ea bolumeli ba mehlolo. Ka kutloisiso ea oona ea motheo, magic ke boiteko ba ho laola kapa ho qobella matla a tlhaho kapa a ka holimo ho a tlhaho ho sebeletsa motho. Egepeta ea lekholo la bo18 la lilemo B.C.E. e ile ea hira baprista ba sebelisang magic. Magic o ile oa boela oa nka karolo e ka sehloohong bolumeling ba Bakalde ba boholo-holo ba Babylona lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. (Genese 41:8, 24; Esaia 47:12-14; Daniele 2:27; 4:7) Tšusumetso ena e ile ea ata har’a Bagerike ba boholo-holo le Baroma ho pholletsa le Mehla e Hare ho tla fihlela lekholong la rōna la bo20 la lilemo.
Mefuta e fapaneng ea magic e ka khetholloa ka litsela tse ’maloa. Robert A. Stebbins bukeng ea hae The Magician o arola magic likoto tse tharo.
Mefuta e Meraro ea Magic
Ho na le magic oa mehlolo, e leng “pontšo ea matla a sephiri a phahametseng tlhaho.” O bolela hore “liketsahalo kapa mehato e hanyetsanang le tsebo e tloaelehileng kapa tsebo ea saense” ke “’nete kapa li tiile.” Stebbins o tsoela pele ho hlalosa hore “magic oa mohlolo ke sesebelisuoa sa meeka, . . . boloi, ho fetola lintho, le, ka tlas’a maemo a itseng, bolumeli.”
Ka magic o tlatlapang, “basebetsi ba magic ba sebelisa hampe kapa ho tlatlapa kutloisiso ea ’nete ea bashebelli ea ’nete bakeng sa botumo ba bona ba botho.” Baa tseba hore ba thetsa sechaba, empa ho latela Stebbins, “ba khothalletsa ba bonang magic oo ho lumela ka tsela e fapaneng—ho lumela hore, joaloka basebetsi ba magic, ba na le matla a ka holimo ho a tlhaho kapa le likamano tse khethehileng le libōpuoa tsa moea tse nang le matla a ka holimo ho a tlhaho.”
Magic oa boithabiso o habile ho makatsa ka thetso e qhekellang. O oela mekhahlelong ea motheo e mehlano e bileng e kopaneng le e meng: “magic oa sethaleng, magic o etsoang ka pel’a batho ba fokolang, bomene-mene ba matsoho, magic o etsoang sethaleng ho sebelisoa lintho tse khōlō tse bonahalang li nyamela, li fofa esita le ho ata, le ho hlahloba mehopolo.”
Na ho na le Kotsi Bakeng sa Bakreste?
Pele a re hlahlobeng magic oa mehlolo. Magic oa mehlolo o sebelisoa ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, barapeli ba Satane ba teng ba sebelisang magic o “motšo” le o “mosoeu.” Magic o “motšo” o akareletsa ho betsa, lithohako tse khethehileng, le ho sheba ka leihlo leo ho lumeloang hore le bakela lira tsa motho kotsi. Ka lehlakoreng le leng, magic o “mosoeu” o reretsoe ho hlahisa litholoana tse molemo ka ho felisa lipetso le ho hlakola lithohako. Leha ho le joalo, ka bobeli ke lipontšo tsa matla a sephiri a phahametseng tlhaho kapa tsa mehlolo. Ka linako tse ling magic oa mehlolo o bile o ee o sebelisoe ka teko ea ho fumana chai e ntle kapa ho hapa tlhōlisano ea mabelo. Leha ho le joalo, mabapi le mofuta ona oa magic o sebelisanang le meea, Bibele e bua ka ho toba: “Le se ke la batla ho upella, ’me le se ke la sebelisa magic.”—Levitike 19:26, NW; Deuteronoma 18:9-14; Liketso 19:18, 19.
Kotsi e hokae ho magic o tlatlapang? Ba hlahlobang mela ea letsoho, ba nohang bokamoso, le ba folisang ka tumelo, ha re bolela ba seng bakae, ba sebelisa magic o tlatlapang ho ntšetsa pele lithahasello tsa bona. Na ha ba phele bophelo ba leshano ka tšebetso ea bona? Lentsoe la Molimo le re: “Le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.”—Levitike 19:11.
The Encyclopedia Americana e re: “Mabakeng a mang, liketso tsa magic li ka sebeletsa ho qobella meea.” Na re batla ho mema likhathatso ho meea ea bodemona esita le ka ho kenella ka tsela e sa tobang feela tikolohong ea tšebetso e joalo? Ha bademona ba fuoa monyetla, ba ka nka monyetla ka rōna ebile ba tla o nka. Ba batla ‘linako tse loketseng’ ’me ha ba khathale boitekong ba bona.—Luka 4:13; Jakobo 1:14.
Setsebi tšebetsong ea ho thetsa le tšebetso ea mehlolo hase mang kapa mang ntle le Satane Diabolose. O ’nile a sebelisa tšebetso ena ho tloha tšebetsong ea hae ea pele ka pel’a motho tšimong ea Edene. (Genese 3:1-19) Ke Mokreste ofe ea ka lakatsang ho tšoana le eena? Ho e-na le hoo, Bakreste ba eletsoa ho ba “baetsisi ba Molimo” le ho ‘ipeha ka tlaase ho Molimo, le ho hanela Diabolose.’—Ba-Efese 5:1; Jakobo 4:7.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba amahanya lentsoe “magic” le boithabiso. Motho a ka hlahisa litšoantšo tse thetsang ka matsoho a hae (bomene-mene ba matsoho), a hopotse hore hangata letsoho le ka etsa lintho ka potlako ho feta kamoo leihlo le ka hlokomelang ka teng. Ho ka ’na ha se be le khanyetso ea Bibele ho sena. Leha ho le joalo, haeba ho e-na le ho ikhakanya ha magic oa matla a sephiri a phahametseng tlhaho, na Mokreste a ka batla ho fana ka maikutlo a hore o na le matla a itseng a ka holimo ho a tlhaho, a ke keng a hlalosoa? Kapa haeba ba bang ba fumana maikutlo a fosahetseng tšebetsong ea “magic,” na Mokreste a ke ke a batla ho qoba boithabiso bo joalo e le hore a se khope ba bang? (1 Ba-Korinthe 10:29, 31-33) Ho phaella moo, ho na le kotsi ea hore motho a be tekong ea hore a fetele pejana, mesebetsing e tebileng haholoanyane ea magic.
Ka lebaka leo, ha ho tluoa ho magic oo ka ho hlakileng o amanang le ho sebelisana le meea, Bakreste ba ’nete ka bohlale ba qoba ho o sebelisa. Ho feta moo, litšobotsing tsohle tsa bophelo ba Mokreste—hore na ke mabapi le mosebetsi, boikhathollo, kapa boithabiso—a ka rata ho ‘ba le letsoalo le letle,’ letsoalo le sa lumelleng ho fosetsa Molimo kapa motho.—1 Petrose 3:16; Liketso 24:16.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
The Bettmann Archive