Linnete Ka Keresemese, “Easter,” le “Halloween”
BIBELE e bontša hore Jesu o ne a le lilemo li 33 1/2 ha a thakhisoa nakong ea selemo ka 33 C.E., nakong ea Paseka ea Bajode. Ha re bala re ea morao, sena se bolela hore o ile a hlaha mathoasong a lehoetla.
Mokete oa bohetene oa Roma oa Saturnalia, letsatsi la tsoalo la letsatsi le ke keng la hlōloa, o ne o le likhoeli tse tharo hamorao. Ho ile ha tla joang hore keteko ea tsoalo ea Jesu e akheloe pele ho December 25, ho etsa hore e lumellane ka mokhoa o nyefolang le mokete oa bohetene oa ho tsoaloa ha letsatsi?
Matsatsi a makhutšoaane haholo a December a ne a hlahisa tšabo ea tumela-khoela har’a barapeli ba letsatsi, ba neng ba tšaba hore molimo oa bona oa shoa. Ba ne ba hotetsa likerese ’me ba besa litetema tsa mollo ho thusa ho tsosolosa molimo eo ea kulang. Ho ne ho bonahala ho sebetsa. Ka mor’a hore mariha a fihlele tlhōrō ea ’ona ka December 21 (karolong e ka leboea ea lefatše), molimo oa letsatsi o ne a bonahala a boela a fumana matla a hae ha matsatsi a ntse a lelefala.
Church Christmas Tab ea hlalosa: “December e ne e le khoeli e ka sehloohong ea mokete oa bohetene, ’me Dec. 25 e ne e le tlhōrō ea meketjana e lerata ea mariha. Ba bang ba lumela hore mobishopo oa Roma o ile a khetha Dec. 25 e le letsatsi la tsoalo ea Kreste e le ho ‘halaletsa’ mekete ea bohetene. Phello e ile ea e-ba motsoako o makatsang oa mekete ea bohetene le ea Bokreste eo lefatše le seng le e bitsa Keresemese.” Sehlooho seo sea lumela: “Lentsoe ‘Keresemese’ ha le hlahe ka Bibeleng. ’Me Mangolo ha a fane ka taelo ea ho keteka tsoalo ea Jesu.”
Hase feela setsebi sa thuto ea bolumeli Tertullian a ileng a belaela: “Ho rōna, ba sa tloaelang Sabbatha, le likhoeli tse thoasang le mekete e meng ea Bajode, tse kileng tsa amoheleha ho Molimo pele, Saturnalia [le mekete e meng ea bohetene] e se e etsoa khafetsa, ho fananoa limpho, . . . ’me lipapali le mekete li ketekoa ka lerata.”
Mopapa Gregory I o ile a ntšetsa pele tloaelo ena e silafatsang. Ho latela makasine oa Natural History, “ho e-na le ho leka ho felisa mekhoa le litumelo tsa batho, litaelo tsa mopapa e ne e le, li sebeliseng. Haeba sehlopha sa batho se rapela sefate, ho e-na le ho se sakha, se neheleng ho Kreste ’me le ba lumelle ho ntšetsa borapeli ba bona pele.”
’Nete e se Tsoakoe le Bohata
Na tsamaiso ee ea ho sekisetsa e ne e amoheloa ke Molimo? Hlokomela temoso ea Molimo ho batho ba hae ba neng ba emetse ho kena Kanana ea bohetene: “U iponele, e se re . . . ua batla melimo ea tsona ka ho re: Na lichaba tseo li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? Le ’na ke rata ho etsa joalo. U se ke ua etsa Jehova, Molimo oa hao, joalo; hobane manyala ’ohle ao Jehova a a hloileng, ba lichaba tseo ba a etselitse melimo ea bona.” (Deuteronoma 12:30, 31) Temoso e tšoanang e phetiloe Mangolong a Segerike a Bakreste: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale [Satane, botlaaseng ba leqephe ho NW]? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang?”—2 Ba-Korinthe 6:14, 15.
Ke eng eo Molimo a e fumanang e nyatseha hakaale ka melimo ee ea bohata le borapeli ba eona? Saturn e ne e le molimo oa letsatsi oa Roma ea neng a hlomphuoa ka Saturnalia. Na o ne a tšoaneleha? Simon Schama, moprofesa oa histori oa Univesithi ea Harvard, o ’mitsa “mosusumetsi oa mekete e se nang taolo ea ho ja, ho noa le mefuta e meng ea botlokotsebe.” Makasine oa Lear’s o bitsa letsatsi leo la phomolo “mokete o se nang taolo oa veine o tummeng ka ho fetisisa lefatšeng la boholo-holo.”
Borapeli ba lihlotšoana tsa bokhelohi ba molimo oa letsatsi Mithra bo ile ba koahela Asia. Ho latela setsebi sa mekhoa ea batho Gabriel Seabrook, e ne e le “molimo oa mohlabani, ea neng a betsa lira tsa hae lebaleng la ntoa ka metsu e bolaeang le e nang le maloetse a sa phekoleheng.”
Borapeli ba letsatsi har’a Maaztec bo ne bo hlile bo tletse tšollo ea mali. Makasine oa Natural History o hlalosa hore “ntle leha bahlaseluoa ba ne ba ka etsoa lihlabelo ho melimo ea letsatsi, bophelo bohle—ho akareletsa le ba melimo—bo ne bo tla shoa.”
Ka mor’a ho hlahlobisisa tšimoloho ea mokete ona (bona lebokose le tlaase), ho ka ’na hase u makatse hore ebe baloi le barapeli ba Satane ba ntse ba hlompha December 25. San Francisco Chronicle ea December 21, 1991, e qotsa mantsoe a moloi eo e leng mongoli ea tummeng oa mohetene a re: “Ke le leng la matsatsi a rōna a phomolo le batlang le le boima. Re lula re falimehile bosiu ho sa.” Setho sa sehlopha sa Selekane sa Molimotsana se ile sa re: “Re etsa tšebeletso ea bolumeli ea moetlo. . . . Litho tsa baruti ba rōna li etsa papali ea mohlolo ea tsoalo ea ngoana oa letsatsi.”
Na Molimo kapa Mor’a hae ba tla amohela tlhompho e joalo, e bonahatsang borapeli ba melimo ea bohata?
Na ke Easter—Kapa Astarte?
Meketjana ea lelapa lena ea letsatsi la phomolo e qala hoseng ha le tsoha ho ea lumelisa ho chaba ha letsatsi ka thothomelo e nang le tlhompho. Bana ba apere liaparo tse ntle haholo tse ncha, ba bile ba roetse le likatiba. Mokete oo o akareletsa litšoantšo tsa mebutlanyane, lirōto tse tletseng mahe a pentiloeng hantle a Easter, le libanse tse nang le sefapano. E tlameha ebe ke Easter. Kapa na ho joalo?
Nako ea selemo e ne e halalela ho barapeli ba likamano tsa botona le botšehali ba Fenicia. Litšoantšo tsa molimotsana oa bona oa kemolo, Astarte, kapa Ishtar (Aphrodite ho Magerike), e ne e le lehe le ’mutlanyana. O ne a e-na le lenyora le sa kholoeng la mali le likamano tse litšila tsa botona le botšehali. Liemahale tsa hae tse fapaneng li ne li mo hlahisa a e-na le litho tsa botšehali tse fetelelitsoeng hampe, kapa a nkile lehe ka letsohong la hae ’me ’mutlanyana o le lehlakoreng la hae. Botekatsi bo halalelang e ne e le karolo ea sehlotšoana sa hae sa bokhelohi. Kanana, molimotsana oa likamano tsa botona le botšehali o ne a boleloa hore ke mosali oa Baale. O ne a hlomphuoa ka mekete e se nang taolo ea likamano tsa botona le botšehali tsa matahoa, barapeli ba lumelang hore likamano tsa bona tsa botona le botšehali li ne li thusa ho hlasimolla Baale le mosali oa hae ka ho feletseng le ho khothaletsa likamano tsa botona le botšehali lipakeng tsa bona. Ho latela buka Recent Discoveries in Bible Lands, “ha ho naha e ’ngoe e nang le palo e holimo hakaalo ea litšoantšo tsa molimotsana oa kemolo ea tsotseng, tse ling li le litšila ka ho feletseng, e kileng ea fumanoa.”
Ka tlas’a likhopotso tsa hae Carthage, ho ile ha fumanoa meqomo e pentiloeng ka mebala e khanyang e neng e tšetse masapo a cheleng a bana ba banyenyane. Batsoali ba bona, bao ka tloaelo e neng e le batho ba boemo, ba ne ba batla tlhohonolofatso ea melimo leruong le tšusumetsong ea bona. Meqomo e meng e ile ea fumanoa e e-na le mesaletsa ea bana ba bangata ba lilemo tse fapaneng, mohlomong ba lelapa le le leng.
Ha u sheba lebokose le ka holimo u tla bona hore na ho entsoe ho fokolang hakae ho pata mefuta ena ea morao-rao ea litloaelo tsa bolumeli tsa boholo-holo. Esita le lebitso Easter le fapane hanyenyane le lebitso la boholo-holo la bohetene. Joale, na ee ke eona tsela ea ho hlompha Mora ea halalelang oa Molimo?
Halloween—Bosiu ba Boholo-holo bo Harolang Letsoalo
Ke bosiu ba ho qetela ba October. Tlas’a khanya ea khoeli, sehlotšoana sa batho ba apereng mofuta o itseng oa liaparo se ea ka ntlo le ntlo se ntse se bolela hore na se batla hore se etsetsoe eng se etsa litšokelo tse khōlō. Liforanta tse ling li lebetsoe ke lihlooho tse entsoeng ka mokopu tse entsoeng hore li bonahatse maikutlo a lehloeo ’me ka har’a tsona ho tuka likerese—tse entsoeng ka mafura a batho. Menyakong e meng ho rotha mali a batho. Ke bosiu ba Samhain, morena oa Celtic oa bafu.
Mohlomong ha ho na mokete o mong hape o “entsoeng oa Bokreste” oo Satane ka ho tobileng a ka itlotlang le ho etsa sehopotso sa balateli ba hae ba shoeleng ntoeng. Mongoli J. Garnier o etsa tlhahiso ea hore mekete ea ho utloa bohloko le lefu e ka saloa morao ho fihlela timetsong ea boholo-holo ea balateli ba hae bohle ba batho, haesita le bara bao mangeloi a ba tsoetseng le batho, nakong ea Moroallo. Meetlo ea lefatšeng lohle e na le mekete bakeng sa bafu, “e neng e tšoaroa ke bohle, ka letsatsi leo kapa hoo e batlang e le ka letsatsi leo, ho latela tlaleho ea Moshe, Moroallo o ileng oa etsahala, e leng, letsatsi la boleshome le metso e supileng la khoeli ea bobeli—khoeli e batlang e bapa le November ea rōna.”—The Worship of the Dead, ka J. Garnier.
Madruid e ne e se mokhelo. Ka October 31, ho ne ho boleloa hore Samhain o lokolla meea ea bafu hore e itsoaka-tsoakanye le ba phelang. Madruid a ne a tsamaea literateng a tšoere mabone, ’me ha a fihla ntlong, a ne a batla chelete e le monehelo bakeng sa Satane.
Halloween ke letsatsi le leholo la tšebeletso ea bosatane. Ho latela sehlooho sa USA Today: “Ke letsatsi la phomolo la bolumeli bakeng sa ’nģalo ea bafu, leo ka lona barapeli ba Satane ba etsang mahlabelo ’me baloi ka lenyele ba ketekang ka lithapelo ba entse sakana-la-nkōpe kapa lijo bakeng sa bafu.” Se ile sa qotsa moloi oa Washington Bryan Jordan ha a re, “[Bakreste] ha ba hlokomele, empa ba keteka letsatsi la rōna la phomolo le rōna. . . . Rea rata ha ba etsa joalo.”
Batsoali, na le batla ha bana ba lōna ba etsisa litšebeletso tsee tse khothaletsang bokhopo?
[Lebokose le leqepheng la 20] Matšoao a Keresemese
Sefate sa Keresemese “hase amane hakaalo le mokete oa Bokreste empa se amana haholo le ho tšoarella ho manganga ha litšebeletso tsa bohetene tsa khanya ea mariha le tsoalo ho pholletsa le likete tsa lilemo.” (The Boston Herald) “Lifate tse nang le lintho tse nyenyane tse leketlileng ho tsona e ne e le karolo ea mekete ea bohetene ka lilemo tse makholo.”—Church Christmas Tab.
“Holly” e ne e tumme har’a Macelt “ho boloka meea e tšabehang ea lapeng e itšoere hantle nakong eo mariha a fihlileng tlhōrōng. . . . E ne e ka thibela bokhopo, ea thusa bonoheng ba litoro, ea sireletsa ntlo khahlanong le lehalima.”—Beautiful British Columbia.
“Mistletoe” “e ne e tsoa ho Madruid, Engelane, a neng a e sebelisetsa borapeli bo makatsang bo amanang le matla a bodemona le boloi.”—Church Christmas Tab.
Ka December 25 “Mamithra a ne a keteka tsoalo ea Mithra . . . Ho hang ha ho na tšehetso ea Bibele ea hore December 25 e ne e le letsatsi la Tsoalo ea Jesu.”—Isaac Asimov.
Ho fana ka limpho e ne e le tšobotsi ea Saturnalia. “Moketeng ona u ne u lebeletsoe ho fana ka mpho e itseng ho metsoalle ea hao kaofela.”—Ancient Italy and Modern Religion.
Naleli “e tlhōrōng ea sefate e ne e rapeloa Bochabela e le letšoao la bohloeki, molemo le khotso lilemo tse 5 000 pele ho tsoalo ea Kreste.”—United Church Herald.
Kerese “ha e hlahe . . . sehalalelisisong sa Bokreste. E nkiloe aletareng ea pejana haholo, aletareng ea sefate sa eike ea Madruid.”—United Church Herald.
Santa o utsoitsoe “litšōmong tsa boholo-holo tsa Sejeremane: ‘Thor e ne e le monna-moholo, ea thabileng le ea botsoalle, oa seqhenqha ea litelu tse telele tse putsoa. O ne a qhoba kariki ’me ho ne ho boleloa hore o lula Northland . . . O ne a tsejoa a laola mollo, a rata ’mala o mofubelu. Sebaka sa ho besa mollo lelapeng le leng le le leng se ne se halalela ho eena, ’me ho ne ho boleloa hore o theohela ho sona ka chomela.”—United Church Herald.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Litšebeletso tsa Nako ea Selemo
“Easter” “qalong e ne e le mokete oa nako ea selemo ho hlonepha molimotsana oa Mateuton oa leseli le nako ea selemo ea tsejoang ka Senyesemane le Sejeremane e le Eastre.” (The Westminster Dictionary of the Bible) “Ha ho na sesupo sa ho bolokoa ha mokete oa Easter Testamenteng e Ncha.”—Encyclopædia Britannica.
’Mutlanyana “o ne o tsamaea e le mosireletsi oa molimotsana oa Jeremane Ostara.”—Funk & Wagnalls Standard Dictionary of Folklore, Mythology and Legend.
Mahe “ho ne ho boleloa hore a ne a pentoa ’me a jeoa nakong ea mekete ea nako ea selemo Egepeta, Persia, Greece, le Roma tsa boholo-holo.”—Celebrations.
Katiba ea “Easter” qalong “e ne e le mofapa-hlooho oa lipalesa kapa mahlaku. Selika-likoe kapa moqhaka se ne se bonahatsa letsatsi le pitikoe le tsela ea lona maholimong e neng e khutlisa nako ea selemo.” Liaparo tse ncha tsa Easter li ile tsa hlahisoa hobane “ho ne ho nkoa ho le lihlong ’me ka lebaka leo e le malimabe ho lumelisa molimotsana oa Scandinavia oa Nako ea Selemo, kapa Eastre, motho a sa apara liaparo tse ncha, kaha molimotsana eo o ne a tlisa se secha lefatšeng.”—The Giant Book of Superstitions.
Libanse tse nang le sefapano: “Joaloka Magerike, Maroma a ne a e-ja bohobe bo tšoailoeng sefapano . . . mahlabelong a phatlalatsa.” Li ne li jeoa ke Majeremane a bahedene ho hlonepha Easter.—Encyclopædia Britannica.
Litšebeletso tsa ha letsatsi le chaba li tšoana le litšebeletso “tse neng li phethoa nakong ea ho qala ha nako ea selemo ho amohela letsatsi le matla a lona a maholo a ho tlisa bophelo bo bocha limeleng tsohle.”—Celebrations.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Metso e Tšabehang ea Halloween
Likatiba tsa ho ikhakanya le liaparo: “Macelt a ne a ntša lijo, lino le limenye-menye tse ling bakeng sa meea ’me a e qhekella hore e tsamaee lefatšeng la ba phelang ka ho roala likatiba tsa ho ikhakanya le ho apara liaparo ’me a tsamaea ho ea fihla qetellong ea motse.”
Litetema tsa mollo ‘ha e le hantle e ne e le “mello ea masapo”’ eo ho eona “baprista ba neng ba batla ho khahlisa molimo oa letsatsi ka ho nyehela mahlabelo a liphoofolo le, hangata, a batho.” (The Tampa Tribune) “Ka ho hlokomela tsela eo lihlabelo li neng li e-shoa ka eona, Madruid a ile a batla lipontšo tsa nakong e tlang.”—Beaumont Enterprise.
Tšoaro e ntle kapa ho etsetsoa botlokotsebe: “Mohoo oa Madruid o ne o tšoana le polelo ea mehleng ena ‘Ho Fana ka Limenye-menye Kapa ho Etsetsoa Botlokotsebe.’”—Central Coast Parent.
Lipale tse tšosang: “Litšebeletso tsa Madruid tsa ho tšolla mali li hlohlelletsa khatisong ea bacha ea lithōtsela le meea. . . . Meketjana ea Halloween le ho pheta lipale tse tšosang le hona ho simolohile mehleng ea Madruid ha ho ne ho lumeloa hore meea e solla hohle naheng.”—The Tampa Tribune.
Ho sa tsotellehe tšimoloho ea bohetene ea matsatsi ana a phomolo, ba bang ba tla tsoela pele ka khopolo ea ho se batle ho tima bana monyaka oa mekete ea mehleng ena. Etsoe, bana ba nang le tsebo ba tseba’ng ka Saturn, Astarte, le Samhain ba boholo-holo? Ba bang ba tseba ho hongatanyana. Ba boetse baa tseba hore ha ba batle ho kena-kenana le bona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Mithra
Thor
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mithra: Musée du Louvre, Paris
Thor: The Age of Fable by T. Bulfinch, 1898
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Astarte
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
Skull: U.S. Forest Service photo