Lehae le Thabileng—Moo ba Babeli e Leng Ntho e le ’Ngoe
HAEBA u ne u lokela ho haha lehae le tiileng, le sireletsehileng, le mabotho-botho, u ne u tla sebelisa thepa ea mofuta ofe? Lehong? Litene? Lejoe? Buka ea Bibele ea Liproverbia e khothaletsa sena: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene, ’me ke ka tsebo likamore tsa eona li tlalang menono ea bohlokoa, e khahlehang.” (Liproverbia 24:3, 4) E, ho hlokahala bohlale, temoho, le tsebo ho haha lehae le thabileng.
Ke mang ea hahang? “Mosali ea bohlale o haha ntlo ea hae; empa ea se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.” (Liproverbia 14:1) Hoo ke ’nete le ho monna ea bohlale ea bonang hore a ka khona ho etsa hore lenyalo la hae le tiee le ho thaba kapa le fokole le ho senyeha. Ke mabaka afe a etsang phapang? Ho thahasellisa hakaakang hore ebe litlhahiso tsa baeletsi ba manyalo ba mehleng ee li bapa le bohlale bo sa siuoeng ke nako ba Lentsoe la Molimo, le ngotsoeng lilemo tse likete tse fetileng.
Ho mamela: Buka e ’ngoe ea likeletso tsa lenyalo e re: “Ka sebele ho mamela ke e ’ngoe ea litlatsetso tse khōlōhali tseo u ka li fang motho e mong ebile ke ea bohlokoa bakeng sa ho haha le ho boloka kamano e haufi.” Maele a re: ‘Tsebe tsa ba bohlale li sela tsebo.’ (Liproverbia 18:15) Kaha litsebe tse bulehileng ha li bonahale joaloka mahlo a bulehileng kapa molomo o bulehileng, u ka bontša molekane oa hao joang hore ka ’nete u mametse? Tsela e ’ngoe ke ka ho etsa ponahatso, kapa ho mamela ka tsela eo u nkang karolo.—Bona lebokose leqepheng la 27.
Bolokolohi le katamelano: Buka One to One—Understanding Personal Relationships e ea hlokomela: “Moetlo oa rōna o khahlanong le bolokolohi. Re rutoa re sa le bana hore re shebane le litaba tsa rōna feela—re boloke lekunutu litabeng tsa lichelete, likhopolo, maikutlo, . . . nthong e ’ngoe le e ’ngoe ea botho. Thuto ena ha e tlohe habonolo, esita leha re ‘qala ho ratana.’ Ntle leha motho a tsoela pele ho loanela ho lokoloha, katamelano e ke ke ea e-ba teng.” Liproverbia e ea hlokomela: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.”—Liproverbia 13:10; 15:22.
Botšepehi le tšepo: Monna le mosali ba ikana ka pel’a Molimo hore ba tla tšepahala. Ha balekane ba lenyalo ba tšepa hore e mong o tlanngoe ho e mong ka botšepehi, lerato ha le sitisoe ke pelaelo, boikhohomoso, moea oa tlhōlisano, ho tšoareha ka ho fumana lintho tseo motho a utloang hore o lokela ho li fumana.
Ho arolelana: Kamano e tiisoa ke ho arolelana liphihlelo. Ka mor’a nako banyalani ba ka ba le pale e khabane ka ho fetisisa eo e mong le e mong a e ananelang. Ho nahana ho qhaqha kopano eo ea botsoalle ke ntho e thōko ka ho fetisisa le likelello tsa bona. “Motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.”—Liproverbia 18:24.
Mosa le bonolo: Liketso tse mosa li fokotsa likhohlano bophelong ’me li hlapolla boikhohomoso. Mekhoa ea mosa, haeba e tebile, e lula e sa senyehe leha maikutlo a ka phahama nakong ea ho se utloane, ka hona e fokotsa tšenyo. Bonolo bo hlahisa maemo a mofuthu ao ho ’ona lerato le ka hōlang. Le hoja bonolo ka ho khetheha bo ka ba thata hore monna a bo bonahatse, Bibele e re: “Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato.” (Liproverbia 19:22, NW) Ha e le mosali ea molemo, “molao oa mosa o lerato o lelemeng la hae.”—Liproverbia 31:26, NW.
Boikokobetso: Kaha ke pheko ea chefu ea boikhohomoso, boikokobetso bo hlohlelletsa ho kōpa tšoarelo le lipontšo tse etsoang khafetsa tsa teboho. Ho thoe’ng haeba kannete u se na molato qosong e boletsoeng? Ke hobane’ng u sa re ka bonolo, “Ke soabile hore ebe u felile pelo tjena.” Bontša kameho bakeng sa ho ameha habonolo ha molekane oa hao, ebe le le babeli le bona hore na le ka lokisa phoso joang. “Ke thoriso ho motho ho intša tsekong.”—Liproverbia 20:3.
Tlhompho: “Lentsoe la sehlooho bakeng sa ho hlokomela liphapang tsa e mong le ho sebetsana le tsona hammoho ke tlhompho. Seo e leng sa bohlokoa ho molekane e mong e ka ’na ea se be sa bohlokoa ho e mong. Leha ho le joalo, ka mehla molekane e mong a ka hlonepha pono ea e mong.” (Keeping Your Family Together When the World Is Falling Apart) “Ka boikhohomoso motho o baka ntoa feela‚ empa ho ba eletsanang hammoho ho na le bohlale.”—Liproverbia 13:10, NW.
Ho etsa metlae: Maru a matšo-tšo a bothata a ka qhaloa ke ho tšeha hammoho. Ho phalla litlamong tsa lerato ’me ho theola khatello eo hangata e sitisang ho nahana hantle. “Pelo e thabileng e elisa sefahleho.”—Liproverbia 15:13.
Ho fana: Batla lintho tseo u ka li ananelang ho molekane oa hao ka tsela e nepahetseng ebe u mo rorisa ka seatla se bulehileng. Lintho tsena tse chacheheloang li ka tlisa thabo ho feta thae kapa sehlopha sa lipalesa. Ka ho hlakileng, le ntse le ka rekelana kapa la etsetsana lintho tse ntle. Empa buka Lifeskills for Adult Children e re, “mpho e khōlōhali eo u ka fanang ka eona e ke ke ea kenngoa ka lebokoseng. Ke lipontšo tsa hao tsa lerato le kananelo, khothatso ea hao, le tšehetso ea hao.” “Joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.”—Liproverbia 25:11.
Haeba litšoaneleho tsena li ka bapisoa le litene tse hahang tsa kamano ea lenyalo, joale puisano ke seretse se hlokahalang bakeng sa ho li kopanya. Kahoo, banyalani ba ka etsa’ng ha ho se utloane ho hlaha? Buka Getting the Love You Want e re: “Ho e-na le ho talima lipono tse fapaneng tsa molekane oa hao e le mohloli oa khohlano, . . . li talime e le mohloli oa tsebo. . . . Makolopetso a bophelo ba letsatsi le letsatsi e e-ba mohloli o nonneng oa boitsebiso.”
Kahoo, talima lekhetlo le leng le le leng la ho se utloisisane, eseng e le ho qholotsoa hore u loane, empa e le monyetla oa bohlokoa oa hore u fumane tsebo ka enoa eo u mo ratang. Hammoho amohelang phephetso ea ho rarolla ho se utloisisane ’me le kene koung e tletseng khotso ea kutloano, ka tsela eo le matlafatsa maqhama, ’me le hōlisa lerato le le etsang ntho e le ’ngoe.
Jehova Molimo o khahloa haholo ke tšebelisano-’moho ka hona o e bōpelletse pōpong ea hae—potolohong ea ho neheletsana ha oxygen pakeng tsa limela le liphoofolo, litselana tsa pōpo ea leholimo, likamano tsa kopano e haufi tsa likokoanyana le lipalesa. Ka ho tšoanang, le kopanong ea lenyalo, ho ka ba le potoloho e mofuthu eo ho eona monna, ka lipolelo le liketso, a ka kholisang mosali oa hae ka lerato la hae ’me mosali ea tšepang, ea nang le lerato o latela mohlala oa monna a khotsofetse. Kahoo, bao ba babeli e e-ba ntho e le ’ngoe e le kannete, ba thabisana ba bile ba thabisa Moqapi oa lenyalo, Jehova Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 27]
“Hlokomelang Kamoo le Mamelang.”—Luka 8:18, NW
Ho mamela ka ho nka karolo ke mokhoa oa ho tiisa hore sebui le momameli ba utloisisana e le kannete. Ka linako tse ling ho bitsoa ho bonahatsa setšoano, kaha momameli o leka ho bonahatsa mantsoe ao a a utloang le moelelo oo a o hopotseng. Ena ke mehato ea motheo:
1. Mamelisisa ka hloko; mamela melaetsa ea bohlokoa.
2. Mamela hore u utloe maikutlo a fuperoeng ke mantsoe ao.
3. Phetela sebui seo u se utloang. Se ke ua ahlola, ua tšoaea liphoso, kapa ua pheha khang. Etsa feela hore motho eo a tsebe hore u fumane molaetsa ka nepo. Lumela hore maikutlo aa utloahala.
4. Mohlomong sebui se tla tiisa kapa se lokise seo u se buang ’me mohlomong se tla tsoela pele ka taba eo.
5. Haeba kutloisiso ea hao e sa nepahala, leka hape.
Ho mamela ka tsela eo u nkang karolo ho sebeletsa haholo-holo ho fokotsa tsenene ea ho tšoaea liphoso. Amohela taba ea hore hangata ho tšoaoa liphoso ho thehiloe ’neteng e itseng. Ho ka ’na ha etsoa ka tsela e bohloko, empa ho e-na le ho khutlisetsa bohloko ho ea tšoaeang phoso, ke hobane’ng ha u sa sebelise ho mamela ho nkang karolo bakeng sa ho kokobetsa boemo? Lumela hore u utloisisa maikutlo ’ohle a ho fela pelo ao e ka bang u a jarisetsoa molato, ’me u bone hore na taba eo e ka lokisoa joang.
[Lebokose le leqepheng la 28]
“Haeba e Mong a E-na le Lebaka la ho Belaela.”—Ba-Kolosse 3:13, NW
Ha u e-na le pelaelo, u ka e fetisa ka tsela e molemo joang e le hore u se qale ntoa? Tabeng ea pele, rorisa molekane oa hao ka ho ba le boikemisetso bo molemo. U ka ’na ua ba le boikutlo ba hore ha aa nahanela, o ne a sa inahane, o ile a potlaka, o bile booatla—empa ka kakaretso ho ka etsahala hore ebe ho ne ho se boikemisetso bo bobe. Bolela maikutlo a hao ka bonolo u sa etse qoso: “Ha u etsa sena, ke ile ka ba le boikutlo bona . . .” Ka tsela e joalo ha ho na lebaka la khang. Ho mpa ho bolela hore na u ikutloa joang ’me ha ho qose molekane oa hao. Kaha ho ka etsahala hore ebe ho hang motho eo o ne a sa ikemisetsa ho u felisa pelo, karabelo e ka ba ho hana kapa ho itokafatsa. Leha ho le joalo, lebisa tlhokomelo bothateng ’me u ikemisetse ho etsa tlhahiso ea tharollo.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka sebele ho mamela kannete ke e ’ngoe ea litlatsetso tse khōlōhali tseo u ka li fang motho e mong