Se Laolang Bophelo ba Hao bo Botle—Seo u ka se Etsang
HO FAPANA le reisi kapa phoofo ea koro, bophelo bo botle bo ke ke ba fanoa ke mosebeletsi oa liphallelo. Ha bo fumanehe ka mokotla kahobane e se thepa e rekisoang empa ke boemo. WHO (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo) e hlalosa “bophelo bo botle” e le “boemo bo phethahetseng ba ’mele, kelello le boiketlo sechabeng.” Leha ho le joalo, ke eng se laolang boiketlo boo?
Ntlo e itekanetseng e ka hahuoa ka liboto, lipekere le masenke, empa hangata likarolo tse fapaneng li tšehetsoa ke lipalo tse ’nè lihukung. Ka ho tšoanang, bophelo ba rōna bo botle bo laoloa ke mabaka a mangata, empa kaofela ha ’ona a amana le litšusumetso tse nang le “lihuku” tse ’nè. Ke (1) boitšoaro, (2) tikoloho, (3) tlhokomelo ea meriana, le (4) tsela eo re bōpiloeng ka eona. Feela joalokaha u ka tiisa ntlo ea hao ka ho ntlafatsa boleng ba lipalo, ka tsela e tšoanang u ka ntlafatsa bophelo ba hao ka ho ntlafatsa boleng ba lintlha tsena tse nang le tšusumetso. Potso ke hore, Seo se ka etsoa joang ka chelete e fokolang?
Boitšoaro ba Hao le Bophelo ba Hao bo Botle
Lintlheng tsena tse ’nè, boitšoaro ba hao bo taolong ea hao. Ho bo ntlafatsa ho ka thusa. Ke ’nete hore bofutsana bo lekanyetsa liphetoho tseo u ka li etsang mekhoeng ea hao ea ho ja le litloaelo, empa ka ho sebelisa lintho tse ngata tseo ho ka khethoang ho tsona tse leng teng, u ka etsa phapang e khōlō. Hlokomela mohlala o latelang.
Hangata ’mè o na le khetho mahareng a ho nyantša lesea la hae letsoele le ho le nyantša botlolo. Ba Letlole la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana ba bolela hore ho nyantša lesea ke “khetho e phahameng, ’meleng le moruong.” Litsebi li bolela hore lebese la ’mè ke “lijo tsa motheo tsa bophelo bo botle,” le neha lesea “tekanyetso e loketseng ea liprotheine, mafura, lactose, livithamine, liminerale le lielemente tse hlokahalang bakeng sa khōlo e loketseng.” Lebese la letsoele le boetse le tsamaisa liprotheine tse loantšang mafu ho tloha ho ’mè ho ea ho lesea, le ho neha lesea qalo ea ho loantša mafu.
Haholo-holo linaheng tse chesang tse mongobo moo maemo a mekhoa e bonolo ea ho tšolla likhoere-khoere a fokolang, ho nyantša lesea ho molemo ka ho fetisisa. Ho fapana le lebese la botlolo, lebese la ’mè le ke ke la hlapolloa ka ho fetelletseng bakeng sa ho boloka chelete, ho ke ke ha etsoa liphoso nakong eo le lokisetsoang, ’me ka linako tsohle le tšetsoe ka setšelong se hloekileng. Ho fapana le hoo, kamoo ho hlokometseng pampitšana ea Mokhatlo oa Canada oa Bophelo bo Botle ba Machaba, Synergy: “Ho ka etsahala hore lesea le nyantšoang botlolo sechabeng se futsanehileng le be le monyetla oa makhetlo a 15 a ho shoa le bolaoa ke mafu a letšollo le makhetlo a mane a ho shoa le bolaoa ke pneumonia ho feta lesea le nyantšoang feela.”
Joale ho boetse ho teng monyetla oa moruo. Linaheng tse hōlang moruong, lebese la phoofo le theko e boima. Ka mohlala, Brazil ho nyantša lesea botlolo ho ka nka karolo ea bohlano ea moputso oa khoeli le khoeli oa lelapa. Chelete e bolokoang ka lebaka la ho nyantša lesea e ka sebelisoa ho fana ka lijo tse nang le phepo e khōloanyane bakeng sa lelapa lohle—ho akarelletsa le ’mè.
Ka lebaka la menyetla ena kaofela, u ka lebella hore ebe ho nyantša ho atile. Leha ho le joalo, basebetsi ba bophelo bo botle Philippines ba tlaleha hore ho nyantša sebakeng seo “ho batla ho felile,” ’me phuputso ea Brazil e bontšitse hore lebaka le leng la sehlooho le amanang le ho shoa ha masea ke mafu a amanang le ho phefumoloha a bakoang ke “khaello ea ho nyantša.” Leha ho le joalo, lesea la hao le ka pholoha koluoa ena. Khetho ke ea hao.
Leha ho le joalo, hangata boiteko ba ’mè ba ho sireletsa bophelo bo botle ba lesea bo fokolisoa ke boitšoaro bo bobe ba litho tse ling tsa lelapa. Nahana ka mohlala oa ’mè e mong oa Nepal. Ba robala ka kamoreng e le ’ngoe e mongobo le monna oa hae le morali ea lilemo li tharo. Makasine oa Panoscope o bolela hore kamore ena e nyenyane e tletse monkho o tsoang ka kichineng le mosi oa koae. Ngoana o khathatsoa ke lefu le amanang le ho phefumoloha. ’Mè oa tletleba: “Ha ke khone ho thibela monna oa ka ho khaotsa ho tsuba. Hona joale ke mo rekela lisakerete esita le ho rekela ngoana oa ka moriana.”
Ka masoabi, linaheng tse hōlang moruong, bothata ba hae e ntse e e-ba bo tloaelehang har’a batho ba eketsehang ba senyang chelete e hlokahalang haholo ka ho tsuba. Ha e le hantle, bakeng sa motho e mong le e mong ea khaotsang ho tsuba Europe kapa United States, batho ba babeli ba simolla ho tsuba Latin America kapa Afrika. Buka ea Sedutche Roken Welbeschouwd e hlokomela hore liphatlalatso tse thetsang li tšoanela ho jarisoa molato. Mapetjo a kang, “Varsity: bakeng sa boikutlo ba hlooho e hlaphohileng hantle” le “Gold Leaf: sakerete sa bohlokoa bakeng sa batho ba bohlokoa” a kholisa mafutsana hore ho tsuba ho amana le khatelo-pele le katleho. Empa hase ’nete. Ho ja chelete ea hao le ho senya bophelo ba hao.
Nahana ka sena. Nako le nako ha motho a tsuba sakerete, o khutsufatsa nako ea bophelo ba hae ka metsotso e leshome le ho eketsa kotsi ea hore a tšoaroe ke lefu la pelo le stroke, kankere ea matšoafo, ea qoqotho, ea molomo le mafu a mang. Makasine oa UN Chronicle o re: “Ho tsuba ke sona feela sesosa se seholo ka ho fetisisa se ka thibeloang sa mafu a bana le kholofalo lefatšeng.” Ka kōpo hlokomela hore e bua ka ‘sesosa se ka thibeloang.’ U ka khaotsa ho tsuba.
Ha e le hantle, ho na le lintho tse ngata tseo u ka khethang ho tsona tabeng ea boitšoaro tse susumetsang bophelo ba hao bo botle. Lebokose le leng leqepheng la 11 la sehlooho sena le thathamisitse boitsebiso boo u ka bo balang laebraring ea Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ke ’nete, ho ipeha leseling ho hloka boiteko. Leha ho le joalo, mohlanka oa WHO o re: “Ho ke ke ha e-ba le sechaba se phetseng hantle ntle le ho kenella ha batho ba nang le tsebo le thuto mabapi le boemo ba bophelo ba bona bo botle.” Ka hona, sebelisa mohato ona o sa lefelloeng o ntšetsang bophelo bo botle pele: Ithute.
Bophelo bo Botle le Tikoloho ea Lelapa
Buka The Poor Die Young e bolela hore tikoloho e susumetsang bophelo ba hao bo botle ka ho fetisisa ke lehae la hao le sebaka seo u lulang ho sona. Tikoloho ea heno ekaba sebaka se kotsi bophelong bo botle ka lebaka la metsi. Ho kenoa ke likokoana-hloko, mafu a letlalo, letšollo, k’holera, letšollo le lefubelu, typhoid, le likhathatso tse ling li bakoa ke khaello ea metsi le metsi a litšila.
Haeba ho hlapa matsoho a hao ho hloka feela hore u bulele pompo, ho ka ba thata haholo ho nahana ka nako eo batho ba hlokang metsi matlong a bona ba e sebelisang letsatsi le letsatsi ho fumana metsi. Hangata batho ba fetang 500 ba sebelisa pompo e le ’ngoe. Seo se hloka ho leta. Buka Environmental Problems in Third World Cities e bolela hore batho ba amohelang chelete e tlaase ba sebetsa nako e telele, ’me ho leta nako e telele hoo “ho ja nako e neng e tlameha ho sebelisoa ho fumana chelete.” Ha ho makatse hore bakeng sa ho boloka nako, lelapa la litho tse tšeletseng hangata le kha metsi a ka tlaase ho liemere tse 30 a hlokahalang letsatsi le letsatsi bakeng sa lelapa le lekaalo. Empa joale ho na le metsi a fokolang haholo bakeng sa ho hlatsoa lijo, lijana, le liaparo le bakeng sa bohloeki ba ’mele. Sena hamorao se lebisa maemong a hohelang linta le matsetse tse behang bophelo bo botle ba lelapa kotsing.
Nahana ka boemo bona. Haeba u itšetlehile ka baesekele bakeng sa ho fihla hōle moo u sebetsang teng, na u ne u tla ho nka e le tahlehelo ho qeta nako e itseng beke le beke ho tlotsa ketane ka oli, ho lokisa mariki kapa ho kenya lipèkè tse ling? Che, hobane ua hlokomela hore esita le haeba hona joale u ka fumana lihora tse seng kae ka ho hlokomoloha baesekele, u ka lahleheloa ke letsatsi lohle la mosebetsi hamorao ha baesekele ea hao e robeha. Ka ho tšoanang, u ka fumana lihora tse seng kae le chelete beke le beke haeba u sa khe metsi a lekaneng ho boloka bophelo ba hao bo botle, empa hamorao u ka lahleheloa ke matsatsi a mangata le chelete ha bophelo ba hao bo senyeha ka lebaka la tlhokomelo e fokolang.
Ho kha metsi a lekaneng ekaba mosebetsi oa lelapa lohle. Le hoja moetlo oa sebaka o ka bolela hore ’mè le bana ke bona ba khang metsi, ntate ea tsotellang a ke ke a soabela ho sebelisa matla a hae ho kha metsi ka boeena.
Leha ho le joalo, hoba metsi a fihle lapeng, ho hlaha bothata ba bobeli—tsela ea ho a boloka a hloekile. Litsebi tsa bophelo bo botle lia lemosa: Se behe metsi a nooang le metsi a sebelisetsoang merero e meng sebakeng se le seng. Ka linako tsohle nkho e tlameha ho lula e koahetsoe ka sekoahelo se koalang hantle. Ema hanyenyane hore litšila li qite. U se tšoare metsi ka menoana ha u a kha, empa u sebelise sekhello se hloekileng se nang le mohele o molelele. Hloekisa linkho ka linako tsohle ka motsoako oa jiki, ’me ka mor’a moo u li tsokotse ka metsi a hloekileng. Ho thoe’ng ka metsi a pula? Ka sebele ke thuso e khōlō (haeba pula e ka na!), ’me metsi a pula a loketse haeba ho se litšila tse kenang le metsi a pula ka nkhong ’me hape nkho e sirelelitsoe likokoanyaneng, litoebeng le liphoofotsoaneng tse ling.
WHO e etsa tlhahiso ea hore haeba u belaela hore metsi ha aa hloeka, tšela motsoako oa chlorine o kang sodium hypochlorite kapa calcium hypochlorite. Mokhoa ona oa sebetsa ebile ha o bitse chelete e ngata. Ka mohlala, Peru mokhoa ona o bitsa lelapa chelete e ka tlaase ho liranta tse supileng ka selemo.
Bophelo bo Botle le Tlhokomelo ea Bophelo
Hangata mafutsana a bona mefuta e ’meli feela ea tlhokomelo ea bophelo: (1) mofuta o leng teng empa a sa khone ho o lefella le (2) mofuta o ka lefelloang empa o se teng. Donna Maria, e mong oa baahi ba 650-000 ba mek’huk’hu ea São Paulo o hlalosa mohato oa pele: “Ho rōna, tlhokomelo e molemo ea bophelo e tšoana le ntho e rekisoang e bontšitsoeng fensetereng ea lebenkele le majaba-jaba. Re anèla ho bo sheba ka mahlo feela, empa bo thata ho bo finyella.” (Makasine oa Vandaar) Ka sebele, Donna Maria o phela motseng o nang le lipetlele tse fanang ka litšebeletso tsa ho buoa pelo, ho kenya litho tse ling, litlhahlobo tsa mochine oa CAT, le meriana e meng ea theknoloji e phahameng. Leha ho le joalo, ha a khone lintho tsena.
Haeba ho sa khonehe ho lefella bophelo bo botle joaloka ntho e majaba-jaba e rekisoang lebenkeleng, joale ho ka etsahala hore tlhokomelo e fumanehang e bitse chelete e fokolang haholo hoo bareki ba bangata ba qhelanang ka litsoe ba e batlang ka nako e tšoanang. Tlaleho e ’ngoe ea litaba e ile ea hlokomela haufinyane naheng ea Amerika Boroa: ‘Bakuli ba eme mekolokong ka matsatsi a mabeli hore ba khone ho bona ngaka. Libethe ha li eo. Lipetlele tsa sechaba li haelloa ke chelete, meriana, le lijo. Tlhokomelo ea bophelo e tlokotsing.’
Bakeng sa ho ntlafatsa tlhokomelo e joalo e fokolang ea bophelo molemong oa batho ba bangata, butle-butle WHO e fetiselitse mosebetsi oa eona oa taolo ea mafu ho ba tlhokomelo ea bophelo ka ho ruta batho ka thibelo le taolo ea mafu. Mananeo a ntšetsang pele tlhokomelo ea bophelo, a kang mekhoa e metle ea ho ja, metsi a hloekileng, le bohloeki ka kakaretso, UN Chronicle e ngola hore sena se feletse ka “ntlafatso e khōlō bophelong bo botle lefatšeng ka bophara.” Na mananeo ana a u tsoela molemo? Mohlomong le leng la ’ona le u tsoetse molemo. Ke lefe? EPI (Lenaneo le Atolositsoeng la ho Enta).
Tlaleho e tšohlang taba ea EPI ea hlokomela: “Moenti o nketse raposo ea tsebahalang sebaka ka ho etela malapa le metsana.” Lilemong tse leshome tse fetileng, ho ile ha entoa batho ho tloha Amazon ho fihlela Himalaya, ’me ka 1990, WHO e tlalehile hore karolo ea 80 lekholong ea masea a lefatše e ne e entetsoe mafu a tšeletseng a bolaeang.a Selemo le selemo, EPI e pholosa bophelo ba bana ba fetang limilione tse tharo. Ba bang ba ka bang 450 000 bao mohlomong ba ka beng ba qhoalile ba khona ho tsamaea, ho matha le ho bapala. Ka hona, bakeng sa ho thibela mafu, batsoali ba bangata ba entse qeto ea botho hore bana ba bona ba entoe.
Ka linako tse ling u ke ke ua thibela boloetse, empa u sa ntse u ka bo laola. Makasine oa World Health o re: “Ho ’nile ha lekanyetsoa hore se fetang halofo ea tlhokomelo ea bophelo bo botle ke ho itlhokomela kapa tlhokomelo e fanoang ke lelapa.” Tsela e ’ngoe ea ho itlhokomela ho joalo ke mokhoa o bonolo oa motsoako oa letsoai, tsoekere le metsi a hloekileng o bitsoang ho khutlisetsa metsi ’meleng ka molomo (ORS).
Litsebi tse ngata tsa bophelo li nka phekolo ea ho khutlisetsa metsi ’meleng ka molomo, ho akareletsa le tšebeliso ea ORS, e le mokhoa o sebetsang ka ho atlehileng oa ho phekola ho felloa ke metsi ’meleng ho bakoang ke letšollo. Haeba mokhoa ona o sebelisoa lefatšeng ka bophara ho laola mafu a limilione tse likete tse 1,5 a bang teng selemo le selemo linaheng tse hōlang moruong, sephutheloana se senyenyane sa matsoai a ORS se bitsang feela lisente tse leshome se ne se ka pholosa bana ba limilione tse 3,2 ba bolaoang ke mafu a letšollo selemo le selemo.
E ka etsa joalo, empa tšebeliso ea lithethefatsi tse thibelang letšollo linaheng tse ling, kamoo ho bolelang pampitšana ea WHO, Essential Drugs Monitor, ke mokhoa “o tloaelehileng haholo ho feta tšebeliso ea ORS.” Ka mohlala, linaheng tse ling tse hōlang moruong, ho sa ntse ho sebelisoa lithethefatsi ka makhetlo a mararo ho feta ho sebelisa ORS ho phekola letšollo. Pampitšana ena ea hlokomela: “Tšebeliso ena e sa hlokahaleng ea lithethefatsi e bitsa chelete e ngata haholo.” Mohlomong malapa a futsanehileng a ka qobelloa ho rekisa lijo bakeng sa morero ona. Ho feta moo, e hlokomelisa hore lithethefatsi tse thibelang letšollo ha li na bopaki ba bohlokoa bo sebetsang, ’me tse ling li kotsi. “Lingaka ha lia lokela ho laela hore lithethefatsi tse joalo li sebelisoe, . . . ’me malapa ha aa lokela ho li reka.”
Ho e-na le ho fana ka tlhahiso ea ho sebelisa lithethefatsi, WHO e fana ka litlhahiso tse latelang bakeng sa ho phekola letšollo. (1) Thibela ho felloa ke metsi ’meleng ka ho neha ngoana mokeli-keli o eketsehileng o kang metsi a neng a phehile reisi kapa tee. (2) Haeba ngoana a sa ntse a felloa ke metsi ’meleng, mo ise ngakeng bakeng sa tlhahlobo, ’me u phekole ngoana ka ORS. (3) Fepa ngoana ka tsela e tloaelehileng nakong ea letšollo le ka mor’a hore le emise. (4) Haeba ngoana a felletsoe ke metsi ka mokhoa o sekhahla ’meleng, o tlameha ho fuoa metsi ka methapo.b
Haeba u sa khone ho fumana motsoako oa ORS o seng o entsoe, latela resepe ena e bonolo ka hloko: Kopanya khabana e le ’ngoe ea letsoai e tletseng hantle, likhabana tse robeli tse tletseng hantle tsa tsoekere le lithara e le ’ngoe (likopi tse hlano tsa limililithara tse 200 kopi ka ’ngoe) ea metsi a hloekileng. Mo noese kopi e le ’ngoe e tletseng bakeng sa ha a tšolotse lekhetlo ka leng, le halofo ea kopi baneng ba banyenyane. Bona lebokose leqepheng la 10 bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lebaka la bone, tsela eo re bōpiloeng ka eona? E ka susumetsoa joang? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso eo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mafu a tšeletseng a bolaeang ke ’metso o mosoeu, maselese, polio, tetanus, lefuba le mokhokhothoane. WHO e bolela hore lefu la sebete (hepatitis B), le bolaeang batho ba bangata ka ho eketsehileng ho feta ba bolaoang ke AIDS selemo le selemo, hona joale le tlameha ho akareletsoa mananeong a ho enta.
b Tsipa letlalo la mpa ea ngoana. Haeba letlalo le nka nako e fetang metsotso e ’meli pele le khutlela boemong bo tloaelehileng, ho ka etsahala hore ngoana o felletsoe ke metsi ka mokhoa o sekhahla ’meleng.
[Lebokose le leqepheng la 8]
TLHOKOMELO EA MOTHEO EA BOPHELO BO BOTLE—E SEBETSA JOANG?
Bakeng sa ho fumana karabo ea potso ena, Tsoha! e ile ea buisana le Dr. Michael O’Carroll, moemeli oa WHO Amerika Boroa. Mona ho latela se hloailoeng mantsoeng a hae.
‘RE AMOHETSE maikutlo a hore tlhokomelo ea bophelo e itšetlehile haholo ka phekolo ea meriana le ho buoa. Haeba u kula, u ea ngakeng. U lebala taba ea hore u noele libotlolo tse peli tsa whiskey. U lebala taba ea hore ha ua etsa litlhakiso tsa ’mele. U ea ngakeng ebe u re: “Ngaka, mphekole.” Joale ngaka e u noesa moriana, ebe e u hlaba ka ente, e seha karolo e itseng, kapa e kenya e ’ngoe. Joale, joalokaha u tla hlokomela mona, ke bua ka thata molemong oa hore u utloisise, feela mofuta ona oa phekolo ea meriana o ’nile oa sebelisoa. Ka phoso re ile ra nahana hore mathata a sechaba a ka phekoloa ka meriana. Ho ipolaea, khaello ea phepo e nepahetseng, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi li fetohile mathata a phekoloang ka meriana. Empa ha ho joalo. Hase le mathata a bophelo bo botle. Ke mathata a sechaba a nang le liphello tse itseng bophelong bo botle le merianeng.
‘Joale, nakong ea lilemo tse 20 tse fetileng, batho ba ne ba re, “Beha butle. Re tlaila lintho. Re tlameha ho hlahloba hape pono ea rōna ka bophelo bo botle.” Ho ile ha latela mehato e kang ena ea motheo ea tlhokomelo ea bophelo bo botle:
‘Ke ho nahanelang ka ho eketsehileng le ho sebetsang haholo ha nako e ntse e tsamaea ho thibela mafu ho e-na le ho a phekola. Ka mohlala, ho khahlanong le molao-motheo ona ho haha tleliniki e sebetsanang le ho buoa pelo empa ho se letho leo u le etsang ka lisosa. Seo ha se bolele hore ha ua lokela ho phekola mafu haeba a hlaha. U lokela ho a phekola. Haeba ho e-na le sekoti se bakang likotsi letsatsi le letsatsi seterateng, u tla phekola motho ea oelang moo ’me a robeha maoto, empa ntho ea bohlokoa le e molemo e lokelang ho etsoa ke ena: Kata sekoti.
‘Molao-motheo o mong ke ho sebelisa mehloli ea hao ea bophelo bo botle ka tsela e molemo. Ho khahlanong le molao-motheo ona ho romela motho tleliniking bakeng sa bothata bo ka phekoloang lapeng. Kapa ho romela motho sepetleleng se sebelisang theknoloji ea morao-rao bakeng sa ho sebetsana le bothata boo ho ka sebetsanoang le bona tleliniking. Ho boetse ho khahlanong le molao-motheo ona, ho romela ngaka e fumaneng koetliso ea lilemo tse leshome univesithing ho ea enta empa ho e-na le motho ea fumaneng koetliso ea likhoeli tse tšeletseng ea ka etsang mosebetsi o tšoanang. Ha ho hlokahala hore ngaka eo e etse mosebetsi oo e fumaneng koetliso ea oona, e lokela ho fumaneha. Sena ke seo tlhokomelo ea motheo ea bophelo bo botle e re bolellang sona: Rutang batho, thibelang mafu, ’me le sebelise mehloli ea lōna ea bophelo bo botle ka bohlale.’
[Lebokose le leqepheng la 10]
ORS E ’NGOE BAKENG SA K’HOLERA
Hona joale WHO e buella hore ORS (ho khutlisetsa metsi ’meleng ka molomo) ea metsi a reisi, ho e-na le ORS ea metsi a glucose ebe eona e sebelisoang ho phekola bakuli ba tšoeroeng ke k’holera. Liphuputso li bontša hore bakuli ba tšoeroeng ke k’holera ba phekotsoeng ka ORS ea metsi a reisi ba bile le letšollo le fokolang la karolo ea 33 lekholong le ho ba le linako tse khutšoaane tsa letšollo ho feta bakuli ba k’holera ba neng ba fuoa ORS ea motheo. Lithara e le ’ngoe ea ORS ea metsi a reisi e etsoa ka ho nkela ligramo tse 20 tsa tsoekere sebaka ka ligramo tse 50 ho isa ho tse 80 tsa phoofo ea reisi e phehiloeng.—Essential Drugs Monitor.
[Lebokose le leqepheng la 11]
TSOELA PELE HO BALA KA . . .
Boitšoaro: “Bophelo bo Botle—U ka Etsa Eng ka Bona?” (Tsoha!, December 8, 1989) “Koae le Bophelo ba Hao—Na li Hlile Lia Amana?” (Tsoha!, July 8, 1989) “Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!” (Tsoha!, October 8, 1988) “Se Etsoang ke Joala ’Meleng oa Hao”—Tsoha!, September 8, 1980.
Tikoloho: “Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki” (Tsoha!, October 8, 1988) “Ipoloke U Hloekile, Hore U Phele Hantle!”—Tsoha!, March 8, 1978.
Tlhokomelo ea bophelo: “Mekhoa e Meng e Bolokang Bophelo” (Tsoha!, October 8, 1988) “A Salty Drink That Saves Lives!”—Awake!, September 22, 1985.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho kha metsi ho hloka ho leta ’me ke mosebetsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mark Peters/Sipa Press
[Lebokose le leqepheng la 9]
Metsi a lekaneng a hloekileng—ke tlamo bakeng sa bophelo bo botle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mark Peters/Sipa Press