Pono ea Bibele
Na Hoa Tsotelleha Hore Ke’ng Seo U se Lumelang?
“MOTHO O IKHETHELA HO LUMELA SEO A IKHETHELANG HORE EBE KE ’NETE.”—FRANCIS BACON, 1561-1626, SENGOLI SA MEQOQO SA LENYESEMANE LE SETSEBI LITABENG TSA ’MUSO.
MABAPI le lithuto tsa bolumeli, batho ba bangata ba ikutloa hore hafeela motho a lumela hore ‘ho na le E Mong ea leng maholimong’ ’me a rata batho ba bang, ha ho hlile ha ho tsotellehe hore na motho o lumela eng. Ba bang ba ka ’na ba talima litumelo tse loantšanang tseo lihlopha tsa bolumeli li li buellang mabapi le Molimo, morero oa hae le kamoo a ka rapeloang ’me ba etsa qeto ea hore ho hang phapang ke e sa tebang, joaloka meetso e fapaneng ea liaparo tse aparoang ke motho a le mong. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba phehisanang ka ho se tšoane ho joalo ba lahlehetsoe ke moea oa Bokreste ba ’nete ka ho feletseng.
Mangolo aa lumela hore hase lipuisano tsohle ka lithuto tsa bolumeli tse nang le molemo. Ka mohlala, mangolong a hae a bululetsoeng a eang ho Timothea, moapostola Pauluse o ile a bua ka batho ba hlohlelletsang “liphapang tsa lefeela.” Pauluse o ile a hlalosa hore ba “jeoa ke lefu la liphetolano le la likhang.” (1 Timothea 6:4, 5) O ile a laela Timothea hore a ‘furalle likhang tsohle tsa booatla, tseo ho sa ithutoeng letho ka tsona, ka ho tseba hoba li tsoala lintoa,’ ’me a laele liphutheho hore li se ke tsa “etsa khang ka litaba; khang tseo ha li thuse letho.” (2 Timothea 2:14, 23) Liphehisano tse ngata tsa bolumeli mehleng ea rōna li tšoanela tlhaloso ena ’me li ile tsa ipaka e le tšenyo ea nako ka ho sa hlokahaleng.
Leha ho le joalo, na seo se bolela hore lipuisano tsohle ka litaba tsa bolumeli ha li na thuso? Ha e le hantle, re ne re ke ke ra be se re tlohela ho apara ka ho feletseng hobane feela liaparo tse ling li sa lokela ho aparoa, na re ne re ka etsa joalo? Kahoo ke hobane’ng ha re ka tlohela taba eohle ea bolumeli hobane feela lipotso tse ling tsa thuto ea bolumeli e se tsa bohlokoa hore li ka hlahlojoa? Moelelo oa mantsoe a Pauluse a qotsitsoeng ka holimo o bontša hore o ne a nka taba ea lithuto e le e ’ngoe ea bohlokoa haholo. Ka makhetlo o ile a lemosa hore lithuto tsa bohata li ka qetella ka ho khelosa motho tumelong, ’me o ile a laela Timothea hore a “laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele.” (1 Timothea 1:3-7; 4:1; 6:3-5; 2 Timothea 2:14-18, 23-26; 4:3, 4) Ka sebele, o ne a ke ke a bua lipolelo tse matla joalo hoja seo Bakreste bao ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba se lumela se ne se se bohlokoa.
Joale, ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le keletso e mabapi le ho hana lipotso lithutong tsa bolumeli? Ke hobane mehleng ea Pauluse batho ba itseng—bao a ileng a ba hlalosa e le ba “maikutlo a bolileng, ba lahlehetsoeng ke ’nete”—ba ne ba tsosa liphehisano ka lithuto e le feela ka morero oa ho senya tumelo ea ba bang. (1 Timothea 6:5) E ne e le malebana le lipotso tse phahamisoang ke banna bao ba bolileng feela moo Pauluse a neng a re Timothea a qobe lipuisano tse mabapi le litaba tsa bolumeli.
Na Seo Motho a se Lumelang se Ama Boitšoaro?
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa hore na tumelo ea rōna e na le phello e khōlō mabapi le hore na re batho ba mofuta ofe—litšoaneleho tsa rōna tsa botho le boitšoaro. Ba ka ’na ba talima tumelo le boitšoaro e le lintho tse peli tse arohaneng le tse sa amaneng, joaloka baki le borikhoe tse ka aparoang hammoho kapa tsa etsoa hore li nyallane ho ea ka khetho ea ea li aparang. Leha ho le joalo, ka Bibeleng, tumelo le boitšoaro li joaloka sutu ka ho nyallana.
Bibele e senola kamano e tobileng lipakeng tsa seo re se lumelang le hore na re fetoha batho ba mofuta ofe. Bafarisi ba itokafatsang ba mehleng ea Jesu e ne e le mehlala ea kamoo litumelo tse khelohileng li amang boitšoaro. (Mattheu 23:1-33; Luka 18:9-14) Ka lehlakoreng le leng, Ba-Kolosse 3:10 (NW) ea lemosa: “Le apare botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo nchafatsoang ho latela setšoantšo sa Ea bo entseng.” Hlokomela hore matla a isang bophelong ba boinehelo ba bomolimo a hokelloa le ho ba le tsebo e nepahetseng ea Molimo.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tsebo e nepahetseng,” le hlahang ka makhetlo a 20 Mangolong a Segerike a Bokreste, le supa tsebo e phethahetseng, e nepahetseng, kapa e tletseng. Setsebi sa Mogerike Nathanael Culverwel o le hlalosa e le “ho tloaelana hamolemonyana le ntho eo ke neng ke e tseba pele; ho bona ka ho phethahetseng haholoanyane ntho eo pele ke ileng ka e bonela hojana.” Ka tsela e joaloka eo motho ea sebetsanang le mahakoe a bohlokoa a hlahlobang lejoe la bohlokoa e le hore a lekanyetse boleng le bohlokoa ba lona, Mokreste o tlamehile ho hlahloba Lentsoe la Molimo e le hore a fihle tsebong e phethahetseng, e nepahetseng, le e tletseng ea Molimo eo a mo sebeletsang. Sena se akarelletsa ho tseba botho ba Molimo, merero ea hae, litekanyetso tsa hae le lithuto tsohle tse etsang ‘mohlala oa litaba tsa pholoho’—se fapaneng haholo le ho lumela feela hore ‘ho na le E Mong ea leng maholimong.’—2 Timothea 1:13.
Mohlala oa litholoana tse tlisoang ke ha motho a tsebella Molimo hojana o tlalehiloe khaolong ea pele ea lengolo le bululetsoeng le eang ho Baroma. Moo, ho buuoa ka banna ba itseng bao, “le hoja ba tsebile Molimo, . . . ha ba ka ba amohela Molimo ka tsebo e nepahetseng.” Liphello tsa tumelo ea bona e fosahetseng li ile tsa boleloa ke moapostola Pauluse: “Molimo o ba neeletse moeeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tšoanelang. Ba tletse bokhopo bohle, le bootsoa, le lonya, le takatso ea moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le khang, le thetso, le manganga. Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloeang Molimo, ke barohaki, ke baikhantši, ke baikhohomosi, ke ba qapang limpe, ke ba sa utloeng baholo ba bona. Ba thotofetse, ha ba na molomo o tšepehang, ha ba na lerato la hlaho, ba na le bohale bo sa tapeng, ha ba na ho utloela ba bang bohloko.”—Ba-Roma 1:21, 28-31, bapisa le NW.
Ka ntle ho pelaelo, tumelo ea banna bao ka ho toba e ne e amme matla a bona a ho phela joaloka Bakreste. Kajeno ka ho tšoanang, tumelo le boitšoaro li ka tšoantšoa le seaparo se se nang moroko, se lohelletsoeng hammoho ka tsela e ke keng ea aroloa. Ka hona, ke habohlokoa hore bohle ba lakatsang ho fumana kamohelo ea Molimo ba tiise hore bolumeli ba bona ke ba ’nete, bo thehiloe Lentsoeng la Molimo ka ho feletseng. Hobane ‘ho rata [ha Molimo] ke hoba batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—1 Timothea 2:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho itokafatsa ha Mofarisi ho ne ho bonahala ho seo a se lumelang