Ho Utolla Metso ea Puo e Nyefolang
“Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.”
LILEMONG tse ka bang likete tse peli tse fetileng, Jesu Kreste o ile a bua mantsoe a ka holimo. E, mantsoe a motho hangata a bontša maikutlo le merero ea hae e tebileng. A ka tlala thoriso. (Liproverbia 16:23) Ka lehlakoreng le leng, e ka ba a thetsang.—Matheu 15:19.
Mosali e mong o ile a re ka molekane oa hae: “O bonahala a halefa ka tšohanyetso, ’me ho phela le eena hangata ho tšoana le ho tsamaea har’a sebaka se nang le liqhomane—ha ho mohla u tsebang se tla qholotsa ho phatloha.” Richard o hlalosa boemo bo tšoanang ka mosali oa hae. O re: “Lydia o lula e le nkoapo. A ke ke a bua feela; o ntjolietsa ka mantsoe, a ntšupile ka monoana joalokaha eka ke ngoana.”
Ka sebele, likhang li ka hlaha esita le manyalong a molemo ka ho fetisisa, ’me banna le basali kaofela ba bua lintho tseo hamorao ba ikoahlaelang tsona. (Jakobo 3:2) Empa puo e nyefolang lenyalong e akarelletsa ho fetang hoo; e akarelletsa puo e nyenyefatsang le e tšoaeang liphoso e reretsoeng ho hatella kapa ho busa molekane oa motho oa lenyalo. Ka linako tse ling, puo e hlabang e fuoa ponahalo e thetsang ea bonolo. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a hlalosa monna ea lentsoe le bonolo, empa ka hare e le ea sa lokang: ‘Puo tsa hae li bonolo joalo ka sereleli, empa pelo ea hae e rala ntoa feela. Mantsoe a hae a fetisa oli ka monate, empa ke lerumo le tsomotsoeng.’ (Pesaleme ea 55:21; Liproverbia 26:24, 25) Ebang puo e hlabang e bonahala eka e lonya kapa e ikhakantse, e ka senya lenyalo.
Kamoo e Qalang Kateng
Ke’ng se etsang hore motho a sebelise puo e nyefolang? Hangata, tšebeliso ea puo e joalo e ka saloa morao ho ea fihla ho seo motho a se bonang kapa a se utloang. Libakeng tse ngata ho soma, ho rohakana le ho tlotlolla ho nkoa ho amoheleha ’me ho bile ho qabola.a Banna ka ho khetheha ba ka ’na ba susumetsoa ke mecha ea litaba eo hangata e ’nileng ea bontša banna “ba sebele” e le bo-’mampoli le bahatelli.
Ka ho tšoanang, ba bangata ba sebelisang puo e lihlong ke ba hōliselitsoeng malapeng ao ho ’ona ho halefa, ho khopeha le ho soma ha motsoali e neng e le bohobe ba letsatsi le letsatsi. Kahoo, ho tloha ba sa le banyenyane, ba ile ba amohela molaetsa oa hore mofuta ona oa boitšoaro ke o tloaelehileng.
Ngoana ea hōliselitsoeng tikolohong e joalo a ka ’na a futsa ho fetang mokhoa oa ho bua feela; mohlomong a ka ba a boela a ba le pono e sothehileng ka eena ka boeena le ka batho ba bang. Ka mohlala, haeba ngoana a buisoa puo e hlabang, a ka ’na a hōla a ikutloa a se na thuso, a bile a tletse khalefo. Empa ho thoe’ng haeba ngoana a utloa ha ntate oa hae a hlasela ’mè oa hae ka mantsoe? Esita le haeba ngoana a le monyenyane haholo, a ka nka mohlala oa ntate oa hae oa ho eisa basali. Moshemane a ka ’na a ithuta ho ntate oa hae boitšoaro ba hore banna ba lokela ho busa basali ’me tsela ea ho ba busa ke ho ba tšosa kapa ho ba utloisa bohloko.
Motsoali ea bohale a ka ’na a hōlisa ngoana ea bohale, eo ha a hōla e ka ’nang ea e-ba “monna oa khalefo” ea bakang “litšito tse ngata.” (Liproverbia 29:22, NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe) Kahoo lefa la puo e kotsi le ka feta ho tloha molokong o mong ho ea molokong o latelang. Ke ka lebaka le letle, Pauluse a ileng a eletsa bo-ntate: “Le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna.” (Bakolose 3:21) Ka ho hlokomelehang, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khentšang,” ho latela Theological Lexicon of the New Testament, le ka ba le moelelo oa “ho lokisetsa le ho hlohlelletsa ntoa.”
Ka sebele, tšusumetso ea batsoali hase phephi ea ho hlasela ba bang, ka mantsoe leha e le ka litsela tse ling; empa e thusa ho hlalosa kamoo ho tloaela puo e hlabang ho ka tebang kateng. Monna e mocha a ka ’na a se ke a hlekefetsa mosali oa hae ’meleng, empa na o mo hlekefetsa ka mantsoe le ka maikutlo a hae a feto-fetohang? Boitlhahlobo bo ka ’na ba senolela motho hore o nkile mokhoa oa ntate oa hae oa ho nyelisa basali.
Ka ho hlakileng, melao-motheo e ka holimo e ka boetse ea sebetsa ho basali. Haeba ’mè a hlekefetsa monna oa hae ka mantsoe, morali a ka ’na a tšoara monna oa hae ka tsela e tšoanang mohla a nyaloang. Maele a Bibele a re: “Ho molemo ho phela nahathothe, ho e-na le mosali ea likomang le ea bohale.” (Liproverbia 21:19, The Bible in Basic English) Leha ho le joalo, monna o lokela ho ba hlokolosi ka ho khetheha tabeng ena. Hobane’ng?
Matla a Bahatelli
Ka tloaelo monna o na le matla a fetang a mosali lenyalong. Hoo e ka bang kamehla ke eena ea matlanyana ’meleng, ho etsang hore tšokelo leha e le efe ea ’mele e bonahale e tšosa le ho feta.b Ho feta moo, hangata monna o ba le tsebo ea mesebetsi e molemo, tsebo ea mesebetsi ea ho iphelisa a sa itšetleha ka ba bang le menyetla e eketsehileng ea lichelete. Ka lebaka la sena, ho ka etsahala hore mosali ea hlaseloang ka mantsoe a ikutloe a qabeletsoe ’me a le mong. Mohlomong o lumellana le polelo ea Morena Solomone ea bohlale: “Ka boela ka lemoha lihloriso tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka ’nģa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoleli.”—Moeklesia 4:1.
Mosali a ka ’na a ferekana haeba monna a le ntlha-peli—ka motsotso o mong a le mosa, ka o hlahlamang a se a tšoaea-tšoaea liphoso. (Bapisa le Jakobo 3:10.) Ho feta moo, haeba monna oa hae a khona ho phelisa lelapa ka lintho tse bonahalang, mosali ea hlaseloang ka puo e hlabang a ka ’na a ikutloa a le molato ka ho nahana hore ho na le ho hong ho phoso lenyalong. Mohlomong a ka ba a ipeha molato bakeng sa boitšoaro ba monna oa hae. Mosali e mong oa bolela: “Feela joaloka mosali ea hlaseloang, ke ne ke lula ke nahana hore ho na le ho hong ho phoso ka ’na.” Mosali e mong o re: “Ke ile ka khanneloa ho lumeleng hore haeba feela nka leka ka matlanyana ho mo utloisisa ’me ‘ka ba le mamello’ ho eena ke tla fumana khotso.” Ka masoabi, hangata tšoaro e mpe e tsoela pele.
Ka sebele ke ho soabisang hore ebe banna ba bangata ba sebelisa matla a bona hampe ka ho hatella basali bao ba ikanetseng hore ba tla ba rata le ho ba baballa. (Genese 3:16) Empa ke’ng se ka etsoang ka boemo bo joalo? Mosali e mong o re: “Ha ke batle ho mo siea, ke mpa ke batla hore a khaotse ho ntlhekefetsa.” Ka mor’a lilemo tse robong ba nyalane, monna e mong oa lumela: “Kea hlokomela hore ke kamanong e hlekefetsang ka mantsoe le hore ke ’na ea hlekefetsang. Ka sebele ke batla ho fetoha, e seng ho mo siea.”
Thuso e teng bakeng sa bao lenyalo la bona le sohlokantsoeng ke puo e hlabang, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka ho hlakileng, ho ntse ho tšoana le lekholong la pele la lilemo. The New International Dictionary of New Testament Theology e hlokomela hore “ho Mogerike e ne e le o mong oa mesebetsi e khabane bophelong ho tseba ho hlapaola ba bang kapa ho jara litlhapa tse tobileng motho ka boeena.”
b Tlhaselo ea mantsoe e ka ba mohato o lebisang pefong ea ka lapeng. (Bapisa le Exoda 21:18.) Moeletsi e mong oa basali ba hlaseloang o re: “Mosali e mong le e mong ea batlang tšireletso ea molao khahlanong le ho otloa, ho hlajoa ka thipa kapa ho khangoa tse behang bophelo ba hae kotsing, ho phaella moo, o na le histori e telele le e bohloko ea ho hlekefetsoa maikutlong.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Ka masoabi, banna ba bangata ba sebelisa matla a bona hampe ka ho hatella basali bao ba ikanetseng hore ba tla ba rata le ho ba baballa
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ngoana o susumetsoa ke tsela eo batsoali ba hae ba tšoaranang ka eona