U ka Fumana Boithabiso—Bo Khathollang
BIBELE ha e nyatse menyaka ea boithabiso leha e le hore e nka hore ho thabela boikhathollo ke tšenyo ea nako. Ho fapana le hoo, Moeklesia 3:4 e re ho na le ‘nako ea ho tšeha’ le ‘nako ea ho hobela.’a Batho ba Molimo ba Iseraele ea boholo-holo ba ile ba thabela mefuta e fapaneng ea boithabiso, ho akarelletsa le ’mino, tantši le lipapali. Jesu ka boeena o ile a ba teng moketeng o moholo oa lenyalo ’me, ketsahalong e ’ngoe, ‘moketeng o moholo oa kamohelo.’ (Luka 5:29; Johanne 2:1, 2) Kahoo Bibele ha e khahlanong le ho ba le nako e thabisang.
Leha ho le joalo, kaha boholo ba boithabiso kajeno bo tlotlisa boitšoaro bo sa khahliseng Molimo, potso ea phahama, Ke’ng seo u ka se etsang ho tiisa hore litekanyetso tsa hao tsa ho khetha boithabiso li lula e le tse molemo kamehla?
E-ba ea Khethang
Ha ba khetha boithabiso ba bona, Bakreste ba tla batla ho tataisoa ke melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a ngola: “Jehova o lekola ea lokileng; moea oa hae o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.” (Pesaleme ea 11:5) ’Me Pauluse o ile a ngolla Bakolose: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono . . . Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang.”—Bakolose 3:5, 8.
Ka ho hlakileng boithabiso bo bongata bo fumanehang kajeno bo hanyetsana le temoso ena e bululetsoeng. Ba bang ba ka ’na ba ipuella ka hore, ‘Empa ha ho mohla ke tla ke ke etse lintho tseo ke li bonang baesekopong kapa thelevisheneng.’ Hoo ho ka ’na ha e-ba joalo. Empa esita le haeba boithabiso ba hao ha bo bontše hore na u tla ba motho oa mofuta ofe, bo ka ’na ba senola ho hong mabapi le mofuta oa motho eo u hlileng u leng eena. Ka mohlala, bo ka ’na ba bontša haeba u har’a ba “ratang sehlōhō” kapa ba tšoarehileng ka ‘bohlola, takatso ea botona kapa ea botšehali, ho chacheha ka mohono, le puo e nyonyehang’ kapa haeba u har’a bao ka sebele ba ‘hloileng bobe.’—Pesaleme ea 97:10.
Pauluse o ile a ngolla Bafilippi: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilippi 4:8.
Empa na temana ee e bolela hore baesekopo e ’ngoe le e ’ngoe, buka kapa tšoantšiso ea TV e nang le karolo e buang ka mofuta o itseng oa bokhopo, mohlomong tlōlo ea molao, e se e ntse e le mpe? Kapa hore litšoantšiso tsohle tse tšehisang li fosahetse kaha hase ‘lintho tseo ho amehoang ka tsona ka botebo’? Che, hobane taba e potolohileng e bontša hore Pauluse o ne a sa bue ka boithabiso empa o ne a bua ka ho thuisa ha pelo, ho neng ho lokela ho lebisa tlhokomelo linthong tse khahlisang Jehova. (Pesaleme ea 19:14) Leha ho le joalo, seo Pauluse a se buileng se ka re thusa tabeng ea ho khetha boithabiso. Re sebelisa molao-motheo o ho Bafilippi 4:8, re ka ipotsa, ‘Na boithabiso boo ke bo khethang bo etsa hore ke thuise ka lintho tse sa rateheng?’ Haeba ho joalo, joale re lokela ho etsa liphetoho.
Leha ho le joalo, ha ba lekanyetsa boithabiso ba bona, Bakreste ba lokela ho lumella hore ‘ho ba le kahlolo e molemo ha bona ho tsejoe ke batho bohle.’ (Bafilippi 4:5) Ho hlakile hore ho na le boithabiso bo feteletseng boo ka ho totobetseng bo sa lokelang bakeng sa Bakreste ba ’nete. Ntle ho moo, motho ka mong o lokela ho sekaseka taba ka hloko ’me a etse liqeto tse tla mo siea ka letsoalo le hloekileng pel’a Molimo le batho. (1 Bakorinthe 10:31-33; 1 Petrose 3:21) E ke ke ea e-ba ho loketseng ho ahlola ba bang ka litaba tse fokolang kapa ho beha melao e hatellang e laelang seo ba bang ba lokelang ho se etsa.b—Baroma 14:4; 1 Bakorinthe 4:6.
Karolo ea Batsoali
Batsoali ba phetha karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ea boithabiso. Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Kahoo, batsoali ba na le tlamo ea ho lokisetsa litho tsa malapa a bona eseng feela lintho tse bonahalang empa hape le tsa moea le tsa maikutlo. Sena se ne se tla akarelletsa ho lokisetsa phomolo e khathollang.—Liproverbia 24:27.
Ka linako tse ling tšobotsi ena ea bophelo ba lelapa ea hlokomolohuoa. Moromuoa e mong, Nigeria, o re: “Ka bomalimabe, batsoali ba bang ba nka hore boikhathollo ke tšenyo ea nako. Ka lebaka leo, bana ba bang ba tloheloa hore ba itšokolele, ’me ba fumana metsoalle e fosahetseng le boithabiso bo fosahetseng.” Batsoali, se lumelleng sena ho etsahala! Tiisang hore bana ba lōna ba ba le boikhathollo bo khathollang bo hlileng bo ba thabisang.
Empa phalimeho ea hlokahala. Bakreste ha baa lokela ho tšoana le ba bangata kajeno bao e leng “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) E, boithabiso bo lokela ho behoa sebakeng sa bona se loketseng. Bo lokela ho khatholla—eseng ho laola bophelo ba motho. Kahoo bana hammoho le batho ba baholo ba hloka eseng feela mofuta o nepahetseng oa boithabiso empa le tekanyo e nepahetseng.—Baefese 5:15, 16.
Thabela Mesebetsi e Meng
Boithabiso bo bongata bo atileng bo ruta batho ho ba botsoa ho e-na le ho ba sehlahlo. Ka mohlala, nahana ka thelevishene. Buka e bitsoang What to Do After You Turn Off the TV e re: “Kamoo e leng kateng [thelevishene] e re ruta ho ba botsoa: Boithabiso, esita le ho ithuta, li fetoha lintho tseo re li fumanang habonolo feela, eseng ka boqapi ba rōna bo sehlahlo.” Ke ’nete hore esita le boithabiso bo seng sehlahlo bo na le sebaka sa bona. Empa haeba bo nka nako e ngata ea bolokolohi ba motho, bo mo amoha menyetla e thabisang.
Mongoli Jerry Mander, ea ipolelang hore ke “e mong oa ba moloko oa pele ho TV,” ha a hlalosa linako tseo a neng a jeoa ke bolutu ka tsona bongoaneng ba hae, o re: “Bo ne bo tsamaea le matšoenyeho. Bo ne bo le bosula ka ho makatsang, bo le bosula hoo ke neng ke ee ke qetelle ke rerile ho nka khato—ho etsa ntho e itseng. Ke ne ke ee ke letsetse motsoalle, ke hahloe ke moea. Ke ne ke ee ke bapale bolo. Ke ne ke ee ke bale. Ke ne ke ee ke etse ntho e ’ngoe e itseng. Ha ke hetla morao, ke fumana hore nako eo ea bolutu, ea ‘ho hloka ntho eo ke e etsang,’ e ne e le mohloli oo boqapi bo hlahang ho oona.” Kajeno, Mander o hlokomela hore bana ba sebelisa TV e le tharollo e bonolo ea bolutu. Oa phaella: “TV e felisa matšoenyeho hammoho le boqapi bo neng bo ka ’na ba latela.”
Kahoo, ba bangata ba hlokometse hore mesebetsi e hlokang hore motho a nke karolo ho eona ho e-na le eo ho eona motho a lulang feela e putsa haholo ho feta kamoo ba neng ba nahana kateng. Ba bang ba fumane hore ho balla holimo ba e-na le ba bang ke mohloli oa thabo. Ba bang ba hahamalla mesebetsi ea ho itlosa bolutu, e kang ho bapala seletsa sa ’mino kapa ho penta setšoantšo. Joale ho na le menyetla ea ho lokisetsa lipokano tse khathollang.c (Luka 14:12-14) Ho intša le hona ho molemo. Mongolli oa Tsoha!, Sweden, oa tlaleha: “Malapa a mang a robala litenteng kapa a tšoasa litlhapi kapa a tsamaea morung, a tsamaee ka seketsoana, a hloe lithaba, joalo-joalo. Ba banyenyane ba thabela seo.”
Boteng ba lintho tse silafatsang tsa boithabiso ha boa lokela ho re makatsa. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore batho ba lichaba ba “tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa [bona].” (Baefese 4:17) Kahoo, ke ho utloahalang ho lebella hore bongata ba lintho tseo ba fumanang li ba thabisa e be tse tla sebeletsa “mesebetsi ea nama.” (Bagalata 5:19-21) Leha ho le joalo, Bakreste ba ka ikoetlisetsa ho etsa liqeto tse utloahalang mabapi le boleng le tekanyo ea boithabiso ba bona. Ba ka boetse ba etsa hore boikhathollo e be taba ea lelapa ’me ba ka boela ba leka ho etsa lintho tse ling tse ncha tse tla ba khatholla le tseo ba tlang ho li hopola ka thabo le lilemong tse latelang. E, u ka fumana boithabiso bo khathollang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libōpeho tse ling tsa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “ho tšeha” li ka sebelisoa e le “ho bapala,” “ho qabola,” “ho keteka,” kapa “ho soasoa.”
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona tokollo ea Tsoha! ea September 8, 1978, leqepheng la 12-17, le Tsoha! (ea Senyesemane) ea December 8, 1995, leqepheng la 6-8.
c Bakeng sa tataiso ea Mangolo ka meketjana ea boithabiso, bona Molula-Qhooa oa August 15, 1992, leqepheng la 15-20, le October 1, 1996, leqepheng la 18-19.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Boikhathollo bo khathollang bo ka putsa