Pono Ea Bibele
“Ha le Karolo ea Lefatše”—Ho Bolela Eng?
LEKHOLONG LA BONE LA LILEMO C.E., ba likete ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba siea thepa ea bona, beng ka bona le tsela ea bona ea bophelo ho ea phela mahoatateng a Egepeta. Hamorao ba ile ba tsejoa e le ba itšehlang thajana, ho tsoa lentsoeng la Segerike a·na·kho·reʹo, le bolelang “Kea ikhula.” Rahistori e mong o ba hlalosa e le ba ikhethang ho batho ba mehleng ea bona. Ba itšehlang thajana ba ne ba nahana hore ka ho ikhula ho batho ba bang, ba latela tlhokahalo ea Bokreste ea ‘ho se be karolo ea lefatše.’—Johanne 15:19.
Bibele e phehella Bakreste ho ipoloka ba “se na letheba lefatšeng.” (Jakobo 1:27) Mangolo a lemosa ka ho hlaka: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Leha ho le joalo, na see se bolela hore Bakreste ba lebeletsoe ho ba ba itšehlang thajana, ho ikhula ho ba bang ka kutloisiso ea sebele? Na ba lokela ho ikhetha ho bao ba sa kopaneleng le bona litumelong tsa bolumeli?
Bakreste Hase Majela-thōko
Maikutlo a ho se be karolo ea lefatše a tšohloa ke litemana tse ’maloa tsa Bibele tse totobatsang tlhokahalo ea hore Bakreste ba ikarole letšoeleng la batho ba ikarotseng ho Molimo. (Bapisa le 2 Bakorinthe 6:14-17; Baefese 4:18; 2 Petrose 2:20.) Kahoo, ka bohlale Bakreste ba ’nete ba qoba maikutlo, lipuo le boitšoaro tse hohlanang le litsela tse lokileng tsa Jehova, joaloka cheseho ea lefatše ea ho hahamalla maruo, botumo le ho inehela menyakeng ka ho feteletseng. (1 Johanne 2:15-17) Hape ba ipoloka ba arohile lefatšeng ka ho lula ba sa nke lehlakore litabeng tsa ntoa le lipolotiking.
Jesu Kreste o ile a re barutuoa ba hae e ne e ‘ke ke ea e-ba karolo ea lefatše.’ Empa o boetse a rapela ho Molimo: “Kea u kōpa, e seng hore u ba ntše lefatšeng, empa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Johanne 17:14-16) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a sa batle hore barutuoa ba hae e be majela-thōko, ba qobe ho kopana le bao eseng Bakreste ka ho feletseng. Ha e le hantle, ho itšehla thajana ho ne ho tla thibela Mokreste ho phethahatsa thōmo eo a e filoeng ea ho bolela le ho ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—Liketso 20:20; Matheu 5:16; 1 Bakorinthe 5:9, 10.
Keletso ea hore Bakreste ba ipoloke ba se na letheba lefatšeng ha e ba fe lebaka la hore ba inahane ba phahametse ba bang. Ba tšabang Jehova ba hloile “boikhantšo.” (Liproverbia 8:13) Bagalata 6:3 e re “haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” Ba inkang ba phahame baa ithetsa kaha “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.
“Ho se Bue ka Mokhoa o Kotsi ka le ea Mong”
Mehleng ea Jesu ho ne ho e-na le batho ba neng ba khesa bohle ba sa kopaneleng le lihlopha tsa bona tse ikhethang tsa bolumeli. Har’a bona e ne e le Bafarisi. Ba ne ba tseba Molao oa Moshe ka ntle le ka hare hammoho le makolopetso a moetlo oa Sejuda. (Matheu 15:1, 2; 23:2) Ba ne ba le motlotlo ka ho latela lineano tse ngata tsa bolumeli ka hloko. Bafarisi ba ne ba itšoara joalokaha eka ba phahametse ba bang ka lebaka feela la tsebo eo ba nang le eona le boemo ba bona bolumeling. Ba ile ba bolela ka ho hlaka boikutlo ba bona ba ho inka ba halalela le ba ho nyelisa ba re: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba malimabe.”—Johanne 7:49.
Bafarisi ba ne ba bile ba e-na le lebitso le khesang bakeng sa bao e seng Bafarisi. Lentsoe la Seheberu ʽam ha·ʼaʹrets qalong le ne le sebelisoa ka tsela e nepahetseng bakeng sa ho khetholla bao e leng litho tse tloaelehileng tsa sechaba. Empa ka mor’a nako e itseng baeta-pele ba ikakasang ba bolumeli ba Juda ba ile ba fetola moelelo oa ʽam ha·ʼaʹrets hore e be o nyelisang. Lihlopha tse ling, ho akarelletsa le tsa ba ipolelang hore ke Bakreste, li sebelisitse mabitso a kang “maqaba” le “bahetene” ka tsela e khesang bakeng sa ho khetholla batho ba malumeli a fapaneng le a bona.
Leha ho le joalo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba nka ba neng ba sa amohela Bokreste joang? Barutuoa ba Jesu ba ile ba eletsoa hore ba tšoare ba sa lumelang “ka bonolo” le ka “tlhompho e tebileng.” (2 Timothea 2:25; 1 Petrose 3:15) Moapostola Pauluse o behile mohlala o motle tabeng ena. O ne a atameleha, e se moikakasi. Ho e-na le ho iphahamisetsa ba bang, o ne a ikokobelitse ’me a haha. (1 Bakorinthe 9:22, 23) Lengolong la hae le bululetsoeng le eang ho Tite, Pauluse o fana ka keletso ea “ho se bue ka mokhoa o kotsi ka le ea mong, ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—Tite 3:2.
Ka Bibeleng lentsoe “ea sa lumelang” ka linako tse ling le sebelisetsoa ho khetholla bao e seng Bakreste. Leha ho le joalo, ha ho bopaki bo bontšang hore lentsoe “ea sa lumelang” le ne le sebelisoa e le tlotla ea molao kapa lebitso. Ka sebele, le ne le sa sebelisetsoe ho nyenyefatsa kapa ho khella bao e seng Bakreste fatše, kaha sena se ne se tla be se le khahlanong le melao-motheo ea Bibele. (Liproverbia 24:9) Kajeno Lipaki tsa Jehova li qoba ho ba tse hlokang kutloelo-bohloko kapa ho ikakasetsa ba sa lumelang. Li ho nka e le ho hloka mekhoa e metle ho bitsa beng ka bona kapa baahisani bao e seng Lipaki ka mabitso a nyelisang. Li latela keletso ea Bibele, e reng: “Lekhoba la Morena . . . ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Timothea 2:24.
“A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”
Ke habohlokoa ho hlokomela likotsi tsa ho ba le botsoalle bo haufi le lefatše, haholo-holo le bao ba bontšang ho se hlomphe litekanyetso tsa bomolimo ka ho feletseng. (Bapisa le 1 Bakorinthe 15:33.) Leha ho le joalo, ha Bibele e lemosa hore ‘re sebetse se molemo ho bohle,’ lentsoe “bohle” le akarelletsa le bao re sa kopaneleng le bona litumelo tsa Bokreste. (Bagalata 6:10) Ka ho hlakileng, tlas’a maemo a itseng Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-ja le ba sa lumelang. (1 Bakorinthe 10:27) Kahoo, le kajeno Bakreste ba tšoara ba sa lumelang ka tsela e leka-lekaneng, ba ba talima e le batho joaloka bona.—Matheu 22:39.
E ne e tla ba ho fosahetseng ho nka hore motho e mong o litšila kapa hore o boitšoaro bo bobe feela hobane a sa tloaelana le linnete tsa Bibele. Batho le maemo a bona baa fapana. Kahoo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho etsa qeto ea hore na o tla lekanyetsa ho kopana ha hae le ba sa lumelang ho isa bohōleng bofe. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale ’me ho bile ho hanyetsana le mangolo hore Mokreste a ikarole ho batho ba bang joalokaha ba itšehlang thajana ba ne ba etsa kapa hore a ikutloe a ba phahametse joalokaha Bafarisi ba ne ba etsa.