Pono ea Bibele
Qoba Puo e Utloisang Bohloko
“Molomong o tšoanang ho tsoa poko le thohako. Barab’eso, ha hoa tšoanela hore lintho tsena li tsoele pele ho etsahala ka tsela ena.”—JAKOBO 3:10.
HO TSEBA ho bua ke ntho e ikhethang e khethollang batho ho liphoofolo. Ka masoabi, batho ba bang ba sebelisa mpho ena hampe. Ka linako tse ling puo e rohakanang, e nang le mahlapa, e litšila, e nyefolang, e tala le e nyonyehang, e ka utloisa motho bohloko ho feta ho lemala ’meleng. Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.”—Liproverbia 12:18.
Batho ba tloaetseng ho rohakana ba ntse ba eketseha. Likolo li tlaleha hore ho na le bana ba eketsehileng ba buang puo e bolileng. Leha ho le joalo, batho ba bang ba bolela hore puo e hlabang e-ea thusa ha motho a ntša bohloko ba pelo. Seithuti se seng sa saense ea tsamaiso ea lipolotiki se ile sa ngola: “Puo e bolileng e tlameha ho finyella pelo haeba e tloaelehileng e sitoa ho fetisa kamoo re hlileng re ikutloang kateng.” Na Bakreste ba lokela ho nka puo e hlabang habobebe feela joalo? Molimo o ikutloa joang ka eona?
Hloea Mesoaso e Nyonyehang
Batho ha ba qale ho bua puo e nyonyehang kajeno. Na u ne u tla makatsoa ke ho tseba hore batho ba ne ba bua puo e nyonyehang mehleng ea baapostola, hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000? Ka mohlala, ho bonahala eka ba bang phuthehong ea Kolose ba ne ba bua puo e nyonyehang ha ba halefile. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba etsa joalo ho utloisa ba bang bohloko kapa ho ba khopisa, mohlomong e le ka morero oa ho iphetetsa. Ka tsela e tšoanang, batho ba bangata kajeno ba bua puo e nyonyehang ha ba tleroha ka bohale. Kahoo, lengolo la Pauluse le eang ho Bakolose le loketse mehleng ea rōna. Pauluse o ile a ngola, a re: “Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna.” (Bakolose 3:8) Ho hlakile hore Bakreste ba eletsoa ho qoba ho tleroha ka bohale le puo e nyonyehang hobane hangata li tsamaea le khalefo.
Ke ’nete hore ba bangata ba bua puo e nyonyehang ba sa ikemisetsa ho utloisa ba bang bohloko kapa ho ba khopisa. Hangata ho ka etsahala hore motho a kenyelletse puo e nyonyehang ha a iqoqela feela. Ka hona puo e litšila e qetella e tloaelehile haholo puong ea letsatsi le letsatsi. Ba bang ba thatafalloa ke ho bua ha ba sa kenyelletse le puo e litšila. Hangata batho ba soasoa ka puo e nyonyehang. Empa na mesoaso e nyonyehang joalo e lokela ho nkoa habobebe? Nahana ka se latelang.
Mesoaso e nyonyehang ke puo e hlabisang lihlong eo morero oa eona e leng ho qabola ba bang. Mehleng ena, boholo ba mesoaso e nyonyehang ke e buang ka ho kopanela liphate. Batho ba bangata ba nahanang hore baa hlompheha, ba thabisoa ke mesoaso e joalo. (Baroma 1:28-32) Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata bao mosebetsi oa bona e leng ho etsa metlae ba bua haholo ka mekhoa ea tlhaho le eo e seng ea tlhaho ea ho kopanela liphate. Mesoaso e nyonyehang e bontšoa libaesekopong tse ngata le mananeong a mangata a thelevishene le a seea-le-moea.
Bibele e na le seo e se buang mabapi le mesoaso e nyonyehang. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Efese, a re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang.” (Baefese 5:3, 4) Ho hlakile hore Molimo o nyonya puo e nyonyehang, ho sa tsotellehe hore na morero oa eona ke ofe. E mpe. Ke puo e utloisang bohloko.
Mantsoe a Hlabang a sa Thabiseng Molimo
Puo e utloisang bohloko hase feela puo e nyonyehang. Ho rohakana, ho phoqa, ho soma le ho nyatsa, li ka hlaba motho habohloko. Ke ’nete hore bohle rea sitoa ka maleme a rōna, haholo-holo ha re le har’a batho ba phoqang le ba buang ba bang hampe bao re phelang le bona. (Jakobo 3:2) Ho sa tsotellehe sena, le ka mohla Bakreste ha baa lokela ho nka puo e nyonyehang habobebe. Bibele e bolela ka ho hlakileng hore Jehova Molimo o hanyetsa puo efe kapa efe e utloisang bohloko.
Ka mohlala, bukeng ea Bibele ea Marena a Bobeli, re bolelloa ka sehlopha sa bashanyana ba ileng ba tlokatloka moprofeta Elisha ka mantsoe. Tlaleho ena e re ba ile “ba qala ho mo soma” ’me “ba ’na ba re ho eena: ‘Nyoloha, uena ralefatla! Nyoloha, uena ralefatla!’” Jehova, ea neng a ka bona se ka lipelong tsa bacha bana le ho bona morero oa bona o khohlahetseng, ha aa ka a nka lipuo tsa bona tse mpe habobebe. Tlaleho ena e bolela hore Molimo o ile a bolaea bashanyana bana ba 42 ka lebaka la puo ea bona e nyefolang.—2 Marena 2:23, 24.
Batho ba Iseraele “ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.” (2 Likronike 36:16) Le hoja ntho e khōlō e neng e halefisa Molimo e ne e le borapeli ba litšoantšo ba batho ba hae le ho se mamele ha bona, ke habohlokoa hore ebe Bibele e qoolla puo e nyefolang e neng e tobisoa ho baprofeta ba Molimo. Sena se totobatsa hore ho hang Molimo ha a lumelle boitšoaro bo joalo.
Ke kahoo Bibele e eletsang Bakreste, ha e re: “U se ke ua nyatsa monna e moholo ka matla.” (1 Timothea 5:1) Molao-motheo ona o ka sebelisoa litšebelisanong tsa rōna le batho bohle. Bibele e re khothalletsa hore ‘ho se be le eo re mo buang hampe, re se ke ra rata ntoa, re be le kahlolo e molemo, re bontše bonolo bohle ho batho bohle.’—Tite 3:2.
Ho Thiba Melomo ea Rona
Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba thata ho ithiba hore re se ke ra hlasela motho e mong ka mantsoe. Ha motho a foselitsoe, a ka ’na a nahana hore ho loketse hore a iphetetse ho motho e mong ka mantsoe a bohloko le a hlabang, ebang ke sefahla-mahlo kapa a mo seba. Leha ho le joalo, Bakreste ba qoba ho etsa joalo. Liproverbia 10:19 e re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.”
Mangeloi a Molimo a beha mohlala o motle. A bona liphoso tsohle tse etsoang ke batho. Le hoja mangeloi a feta batho ka matla, ha a qose batho ka mantsoe a nyefolang, ’me ‘a etsa joalo ka lebaka la ho hlompha Jehova.’ (2 Petrose 2:11) Mangeloi a thiba melomo ea ’ona hobane aa tseba hore Molimo o bona liphoso tsohle tsa e mong le e mong le hore ha ho letho le ka mo sitisang ho lokisa maemo. Mikaele, lengeloi le ka sehloohong, ha aa ka a sebelisa puo e nyefolang, esita le ha a bua le Diabolose.—Juda 9.
Bakreste ba loanela ho etsisa mangeloi. Ba mamela keletso ena ea Bibele e reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Baroma 12:17-19.
’Nete e salang ke hore tsela eo re buang ka eona le molumo oa mantsoe a rōna li ka etsa hore motho a hlabehe. Ho tloaelehile hore banna le basali ba utloisane bohloko ka ho tjolietsana. Batsoali ba bangata ba atisa ho tleroha ha ba bua le bana ba bona. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re tlerohe ha re ntša maikutlo a rōna. Bibele ea re eletsa: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Bibele e boetse e bolela hore “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Timothea 2:24.
Mantsoe a Folisang
Ka lebaka la puo e nyefolang le e nyonyehang e buuoang hohle kajeno, Bakreste ba lokela ho ba le leqheka la ho hanela tšusumetso ena e kotsi. Bibele e fana ka leqheka le letle la hore re rate baahelani ba rōna. (Matheu 7:12; Luka 10:27) Kameho ea ’nete le lerato la ’nete ho baahelani ba rōna li tla re susumelletsa hore kamehla re bue mantsoe a thobang. Bibele e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.”—Baefese 4:29.
Hape, ha Lentsoe la Molimo le metse ka metso likelellong tsa rōna, le tla re thusa ho qoba puo e utloisang bohloko. Ha re bala Mangolo a Halalelang ’me re thuisa ka ’ona, a ka re thusa ho ‘lahla litšila tsohle.’ (Jakobo 1:21) E, Lentsoe la Molimo le ka thoba likelello tsa rōna.