Risepe ea Thabo ea Sebele
RISEPE e monate ha e fumana motho ea tsebang ho pheha e ntša masutsa! Ho joalo le ka thabo. Hase ntho e le ’ngoe feela e etsang hore motho a thabe, empa ho ameha lintho tse ngata bophelong. Li akarelletsa mosebetsi, papali, ho ba le nako le litho tsa lelapa le metsoalle, hammoho le lintho tsa moea. Empa hape ho na le lintho tse ling tse poteletseng, tse kang tsela eo motho a ikutloang ka eona, lintho tseo a li ratang le lipakane tsa hae bophelong.
Ka lehlohonolo, ha ho hlokahale hore re ipatlele risepe ea thabo ka borōna. Hobane’ng? Hobane ’Mōpi oa rōna o re file buka e babatsehang ea litaelo, e leng Bibele, eo hona joale e fumanehang e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 2 377—ho feta buka leha e le efe e ’ngoe lefatšeng!
Ho abjoa hona ho pharaletseng ha Bibele ke bopaki ba hore Molimo o amehile ka thabo le boiketlo ba moea ba batho kaofela. (Liketso 10:34, 35; 17:26, 27) Molimo o re: “Ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.” Haeba re mamela litaelo tsa hae, joale o re tšepisa hore re tla ba le khutso le khotso ho “tšoana le nōka.”—Esaia 48:17, 18.
Tšepiso eo e re hopotsa mantsoe a Jesu a qotsitsoeng sehloohong se qalang: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Bomoea boo ho buuoang ka bona mona hase borapeli feela tjee ba mponeng. Ho e-na le hoo, bo susumetsa bophelo bohle ba rōna. Bo bontša boikemisetso ba rōna ba ho mamela le ho rutoa ke Molimo, kaha rea lumela hore o re tseba ho feta kamoo rōna re itsebang kateng. Errol, ea ithutileng Bibele ka lilemo tse fetang 50, o re: “Se nkholisang ho feta ntho leha e le efe hore Bibele e tsoa ho Molimo, ke hore ha u sebelisa lithuto tsa eona, lia sebetsa!” Ka mohlala, nahana ka keletso e babatsehang ea Bibele litabeng tse kang ho lelekisa maruo le menyaka.
Tataiso e Bohlale Mabapi le Chelete
Jesu o ile a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Hore na u motho oa bohlokoa hakae, haholo-holo mahlong a Molimo, ha hoa itšetleha ka hore na u na le chelete e kae bankeng. Ha e le hantle, ho lelekisa leruo hangata ho tlisa matšoenyeho, e leng se amohang motho thabo bophelong le ho mo jella nako ea lintho tse ling tsa bohlokoa haholoanyane.—Mareka 10:25; 1 Timothea 6:10.
Ho latela Richard Ryan, moprofesa oa thuto ea kelello United States, ha batho ba leka ka matla ho ikhotsofatsa ka ho ba le lintho tse bonahalang, ke moo ba sa khotsofaleng le ho feta. Mongoli oa Bibele, Solomone, o behile taba tjena: “Ea ratang chelete ha e k’e b’e mo lekane, ea ratang leruo kamehla oa le halala.” (Moeklesia 5:10, Bibele—Phetolelo e Ncha) Boemo bona bo ka bapisoa le botsikinyane ba ha motho a lonngoe ke monoang—ha a ntse a ingoaea, ho ba botsikinyane le ho feta, ho fihlela ho hlaha seso.
Bibele e re khothalletsa hore re sebetse ka thata le ho thabela litholoana tsa mesebetsi ea rōna. (Moeklesia 3:12, 13) Ha re etsa joalo, re ikahela seriti—e leng motsoako o mong oa thabo. Re ka boela ra thabela menyaka e meng e hloekileng bophelong. Leha ho le joalo, ho na le phapang pakeng tsa ho thabela lintho tse molemo tse tlisoang ke chelete le ho phelela ho lelekisa leruo.
Menyaka e na le Nako ea Eona
Ho lemoha bohlokoa ba lintho tsa moea ho re thusa hore re rue molemo boikhathollong, boithabisong esita le menyakeng e meng. Jesu o ne a thabela ho ba teng liketsahalong tse itseng tsa monyaka tse neng li e-ba le lijo le lino. (Luka 5:29; Johanne 2:1-10) Empa lintho tsena e ne e se oona mohloli oa thabo ea hae bophelong. Ho e-na le hoo, ho phehella lintho tsa moea ke hona ho neng ho mo tlisetsa thabo e khōlō, ho neng ho akarelletsa ho thusa ba bang ho ithuta ka Molimo le ka morero oa hae ka moloko oa batho.—Johanne 4:34.
Morena Solomone o ile a batla ho bona hore na ebe menyaka e ka mo fa thabo na. O itse: “Ke tla . . . itukubetsa har’a menyaka, ke ithabise.” Morena enoa ea ruileng o ile a ikakhela ka setotsoana menyakeng. A hla a qoela ka har’a eona! Empa ka mor’a moo o ile a ikutloa joang? O ile a ngola: “Empa ka fumana hore le hona e nts’e le lefeela.”—Moeklesia 2:1, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Hangata batho ba lelekisang menyaka ba ikutloa ba ntse ba sa khotsofala. Ha e le hantle, ha bafuputsi ba bapisa ho lelekisa menyaka le lintho tse kang ho sebetsa ka thata, ho etsa lintho tsa moea le ho etsa lintho hammoho le lelapa, ba fumane hore ho lelekisa menyaka ha ho tlatsetse hakaalo ho tlisetseng batho thabo.
E-ba ea Fanang le ea Lebohang
Ho e-na le ho ba baithati, hangata batho ba thabileng e ba ba fanang le ba thahasellang batho ba bang. Jesu o itse: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ntle le ho fana ka lintho tse bonahalang, re ka fana ka nako ea rōna le matla a rōna, e leng lintho tse ka ananeloang le ho feta, haholo-holo ka lapeng. Banna le basali ba lokela ho qeta nako ba le hammoho hore ba boloke lenyalo la bona le le matla ’me le thabile, ’me batsoali ba lokela ho ipha nako e lekaneng ea ho ba le bana ba bona, ba qoqe le bona, ba ba bontše lerato le ho ba ruta. Ha litho tsa lelapa li fana ka tsela eo, lia atleha ’me lapeng e ba moo li fumanang thabo teng.
Ka lehlakoreng le leng, ha ba bang ba u fa—ebang ba u fa nako le matla a bona, kapa ba u fa ka litsela tse ling—na ‘u iponahatsa u le ea lebohang’? (Bakolose 3:15) Ho phela tumellanong le polelo eo ho ka etsa phapang e khōlō likamanong tsa rōna le ba bang ’me ho ka eketsa thabo ea rōna haholo. Ha motho a bontša ho u ananela ho tsoa botebong ba pelo, na ha u ikutloe u thabile?
Ho bontša kananelo ho boetse ho etsa hore re lemohe haholoanyane lintho tse molemo tse re hlahelang. Tekong e entsoeng tlas’a leihlo le nchocho, mofuputsi e mong Univesithing ea California e Riverside, U.S.A., o ile a kōpa bao a etsang liphuputso ka bona hore ba be le “bukana ea kananelo”—e leng eo ba ngolang ho eona lintho tseo ba li lebohang. Ha ho makatse hore ka mor’a libeke tse tšeletseng, batho bao ba ile ba ikutloa ba khotsofetse haholoanyane bophelong.
Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, ithute ho ananela seo u nang le sona. Ha e le hantle, Bibele e u khothalletsa ho etsa seo, e re: “Thabang kamehla. . . . Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” (1 Bathesalonika 5:16, 18) E le hore re etse joalo, ho hlakile hore re lokela ho etsa boiteko bo matla ho hopola lintho tse ntle tse re hlahelang. Ke hobane’ng ha u sa iketsetse pakane eo?
Lerato le Tšepo—Ke Tsa Bohlokoa Bakeng sa Thabo
Ke ka nepo ho ’nileng ha boleloa hore batho ba hloka lerato ho tloha ha e sa le masea ho fihlela ha ba e-shoa. Ntle ho lona, batho ha ba atlehe. Empa lerato ha e le hantle ke eng? Le hoja hona joale lentsoe lena le sebelisoa ka ho pharaletseng, Bibele e le hlalosa hantle, e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.”—1 Bakorinthe 13:4-8.
Lerato la sebele ruri ha le na boithati! Kaha “ha le batle lithahasello tsa lona,” le beha thabo ea ba bang ka pele. Ka masoabi, lerato la mofuta oo le ea le fumaneha ngope-setšoha. Ha e le hantle, boprofeteng ba hae bo boholo bo buang ka bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho, Jesu o ile a re “lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:3, 12; 2 Timothea 3:1-5.
Leha ho le joalo, boemo bona bo ke ke ba tsoela pele ka ho sa feleng, kaha ke thohako ho ’Mōpi—eo e leng mothofatso oa lerato ka boeena! (1 Johanne 4:8) Haufinyane Molimo o tla tlosa lefatšeng batho bohle ba tletseng lehloeo kapa ba laoloang ke meharo. O tla pholosa feela ba loanelang ho bontša lerato le hlalositsoeng ka holimo. Ka lebaka leo, khotso le thabo li tla tlala lefatšeng lohle. Ka sebele tšepiso ea Bibele e tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
Nahana feela letsatsi le leng le le leng ho rena “thabo e phethehileng”! Hase feela Bibele e reng: “Thabang tšepong.” (Baroma 12:12) Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka tšepo e babatsehang eo Molimo a e fuparetseng batho ba mo mamelang? Joale, ka kōpo bala sehlooho se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Litlaleho Tsa Batho ba Atlehileng—Na Ehlile ke ’Nete?
Re atisa ho utloa lipale tsa batho bao ho thoeng ba hōletse malapeng a nang le mathata empa ba sebetsa ka thata le har’a maima ’me ba qetella e le baruihali. Tlaleho e buang ka thabo e hlalosa tjena ho San Francisco Chronicle: “Ka linako tse ling litlaleho tse joalo li phetoa e le ho fana ka bopaki ba hore ba ile ba atleha le tlas’a maemo a thata le hoja ba hōtse ka thata bongoaneng. Ho latela phuputso e entsoeng, bothata ba tlhaloso ena ke hore e ka ’na eaba lintho ha lia ba tsamaela hantle hakaalo. Ke feela hore ba ruile.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Thabo e Tlatsetsa Bophelong bo Botle ba ’Mele
Thabo ke setlhare sa bophelo bo botle. Tlaleho ea makasine ea Time e re: “Ho bonahala ho thaba kapa ho ba le boemo ba kelello bo kang ba ho ba le tšepo, ho ameha ka lintho tse hahang le ho ba ea khotsofetseng, ho fokotsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo, boloetse ba matšoafo, lefu la tsoekere, ho ba le khatello e phahameng ea mali, ho tšoaroa ke sefuba le ho tšoaetsoa mafu a sitisang motho ho hema hantle kapa hona ho thusa motho hore a se ke a khathatsoa ke mafu ao hakaalo.” Ho feta moo, phuputso eo Madache a e entseng ho bakuli ba seng ba hōlile e nkileng lilemo tse robong, e senotse hore ho ba ea thabileng le ea amehileng ka lintho tse hahang ho fokolitse monyetla oa hore ba shoe ka liphesente tse 50 kaofela!
Ha ho e-s’o hlake hore na boemo ba kelello bo ama ’mele joang. Leha ho le joalo, liphuputso li fumane hore batho ba nang le tšepo, ba amehang ka lintho tse hahang, ba na le boemo bo tlaase ba hormone e bang teng ha motho a le tlas’a khatello kelellong, e bitsoang cortisol, e tsebahalang ka ho sitisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Feela joalokaha ho latela risepe e monate ho ka ntša masutsa, ho latela tataiso ea Molimo ho ka tlisa thabo