Pono ea Bibele
Na ho ba ea Nang le Khotso ho Molemo?
THUTONG ea hae e tsebahalang ka ho fetisisa, Jesu Kreste o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso.” O ile a boela a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5, 9) Ho ba ea nang le khotso ha ho bolele feela ho se be le likhohlano le ba bang kapa ho ba le khutso. Motho ea nang le khotso ke eena ea qalang ho etsa liketso tse ntle ’me o khothalletsa khotso.
Na mantsoe aa a Jesu a qotsitsoeng ka holimo aa sebetsa kajeno? Ba bang ba nahana hore e le hore motho a atlehe lefatšeng kajeno, o lokela hore e be ’mampoli, e be ea khahlapetsang ba bang ’me a be mabifi. Na ke ho bontša bohlale ho etsa motho kamoo a u entseng kateng, ho busetsa bobe ka bobe? Kapa bohlale ke ho ba ea nang le khotso? A re ke re hlahlobeng mabaka a mararo ao ka ’ona re lokelang ho nahanisisa ka mantsoe a Jesu a reng: “Ho thaba ba nang le khotso.”
◼ HO BA LE PELO E KHUTSITSENG Liproverbia 14:30 e re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” Litlaleho tse ngata tsa bongaka li bontša hore ho halefa le ho tlala bora ho ka baka stroke le ho hlaseloa ke lefu la pelo. Haufinyane tjena, koranta e ’ngoe ea litaba tsa bongaka ha e bua ka batho ba nang le lefu la pelo, e ile ea tšoantša ho phatloha ka bohale le chefo. E ile ea boela ea re “ho tuka ke bohale ho hlile ho ka kulisa motho.” Leha ho le joalo, ba phehellang khotso ba ka ba le “pelo e nang le khutso” ’me ba khola litholoana tse molemo.
Mohlala tabeng ena ke Jim ea lilemo li 61, eo hona joale a seng a ruta batho Bibele sebakeng sa batho ba buang Sevietnamo. Ha a hlalosa o re: “Ka mor’a ho qeta lilemo tse tšeletseng ke le sesoleng le ka mor’a ho loana lintoeng tse tharo Vietnam, ke ne ke tseba hantle hore na ho ba mabifi, ho halefa le ho ferekana ho bolela’ng. Bophelo ba ka ba nakong e fetileng bo ne bo nkhathatsa, bo ntlhobaetsa boroko. Ka mor’a nakoana ke ile ka ba le khatello ea maikutlo, ka ba le mathata a ka maleng esita le a methapo.” O ile a thusoa ke eng? Oa araba: “Ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ho ile ha pholosa bophelo ba ka. Ho ithuta morero oa Molimo ka lefatše le lecha la khotso le hore na nka apara ‘botho bo bocha’ joang ho nthusitse hore ke be le pelo e khutsitseng. Ka lebaka leo, bophelo ba ka bo ntlafetse haholo.” (Baefese 4:22-24; Esaia 65:17; Mikea 4:1-4) Ka lebaka la lintho tse ileng tsa ba hlahela, batho ba bangata ba fihletse qeto ea hore ho bonahatsa moea oa khotso ho ka ntlafatsa bophelo ba motho maikutlong, ’meleng le moeeng.—Liproverbia 15:13.
◼ LIKAMANO TSE NTLE LE BA BANG Ha re bonahatsa moea oa khotso, re tla ba le likamano tse ntle le ba bang. Bibele e re “bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang” li lokela ‘ho tlosoa . . . , hammoho le bobe bohle.’ (Baefese 4:31) Hangata batho ba khahlapetsang ba balehisa ba bang pel’a bona ’me ba iphumana e le metoaitoai, ba se na metsoalle eo ba ka e tšepang. Liproverbia 15:18 e re: “Motho ea halefileng o tsosa ho hloka kutloano, empa ea liehang ho halefa o khutsisa qabang.”
Andy, eo e leng moholo oa Mokreste ea lilemo li 42 oa New York City, o hōletse tikolohong e mabifi. O hlalosa tjena: “Ke ile ka kenngoa ka lesakaneng la litebele ’me ka rutoa papali ea litebele ha ke le lilemo li robeli. Ke ne ke sa nke bao ke loanang le bona e hlile e le batho. Ke ne ke inahanela feela ka hore ‘ha ke sa otle, ke tla otloa.’ Ho e-s’o ee kae ke ile ka kena kenkeng e ’ngoe. Re ile ra kenella meferefereng le lintoeng tse ngata tsa seterateng. Ke ile ka suptjoa ka lithunya hloohong, ka ba ka batla ke hlajoa ka lithipa. Ke ne ke e-na le mathata a mangata le metsoalle ea ka ’me setsoalle sa rōna se ne se thehiloe tšabong.”
Ke eng se ileng sa susumelletsa Andy hore a phehelle khotso? O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka ea sebokeng se neng se le Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ’me hang-hang ka lemoha moea oa lerato o neng o rena har’a batho ba teng moo. Ho tloha ka nako eo, ho tloaelana ha ka le batho bana ba ratang khotso ho nthusitse hore ke be le pelo e khutsitseng, eo qetellong e ileng ea nthusa ho lahla tsela eo ke neng ke nahana ka eona pele. Joale ke entse setsoalle se tšoarellang le batho ba bangata.”
◼ TŠEPO BAKENG SA KA MOSO Lebaka le ka sehloohong la ho ba le khotso ke lena: Ke ho hlompha thato ea ’Mōpi oa rōna eo a re tsebisitseng eona. Lentsoe la Molimo Bibele ka bolona le re khothatsa tjena: “Batlang ho fumana khotso, ’me le e phehelle.” (Pesaleme ea 34:14) Ho ela hloko hore Jehova Molimo o teng le ho ithuta ho mamela thuto ea hae e phelisang ho bula monyetla oa hore motho a be le setsoalle le eena. Ha re e-na le kamano eo e matla re fumana “khotso ea Molimo.” Ena ke khotso e hlollang eo motho a ka bang le eona ho sa tsotellehe mathata ao a ka thulanang le ’ona bophelong.—Bafilipi 4:6, 7.
Ho feta moo, ka hore re be ba nang le khotso, re bontša Jehova hore na re batla ho ba batho ba mofuta ofe. Re ka bontša Molimo hona joale hore re tla tšoaneleha ho phela lefatšeng le lecha la khotso leo a le tšepisitseng. Re ka ba teng moo hore re bone ha a tlosa ba khopo ’me a fa ba bonolo monyetla oa ho “rua lefatše” joalokaha Jesu a boletse. Eo e tla ba tlhohonolofatso e kaakang!—Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:20-22.
E, ho totobetse hore mantsoe a Jesu a reng “ho thaba ba nang le khotso” a hlile a molemo. Re ka ba le pelo e khutsitseng, likamano tse ntle le tšepo e tiileng bakeng sa ka moso. Re ka fumana mahlohonolo ana ha re ikitlaetsa ka hohle hore re “be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
“Bophelo ba ka bo ntlafetse haholo.”—Jim
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
“Ke entse setsoalle se tšoarellang le batho ba bangata.”—Andy