Litsela Tse Tšeletseng Tse ka Atlehisang Motho
MOTHO ea atlehileng e le kannete ke ea phelang ka tsela e molemo ka ho fetisisa, ea latelang melao ea Molimo a bile a lumellana le seo a re reretseng sona. Bibele e re motho ea joalo, “o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”—Pesaleme ea 1:3.
Ke ’nete hore le hoja re le batho ba sa phethahalang re bile re etsa liphoso, re ka atleha bophelong! Na u labalabela ho finyella seo? Haeba ho joalo, melao-motheo e latelang e tšeletseng ea Bibele e ka u thusa hore u finyelle pakane eo, ’me ea fana ka bopaki bo hlakileng ba hore lithuto tse ka Bibeleng, ha e le hantle ke bohlale bo tsoang ho Molimo.—Jakobo 3:17.
E-ba le Pono e Loketseng ka Chelete
“Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba . . . itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Hlokomela hore bothata hase chelete—eo kaofela ha rōna re e hlokang e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rōna—empa bothata ke ho e rata. Ha e le hantle, ha motho a rata chelete, seo se etsa hore e be monghali oa hae, kapa molimo oa hae.
Joalokaha re bone sehloohong se qalang, batho ba lumelang hore ho lelekisa leruo ho tlisa katleho, ha e le hantle, ba lelekisa lefeela. Ba ipakela masoabi le mahlomola a mangata. Ka mohlala, batho ba khothalletseng ho lelekisa leruo, ba atisa ho senya kamano ea bona le ba malapa le metsoalle. Ba bang ha ba robale—ka lebaka la mosebetsi, kapa hobane ba tšoenyehile kapa ba khathatsehile. Moeklesia 5:12 e re: “Boroko ba ea sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.”
Chelete ke monghali ea sehlōhō le ea bolotsana. Jesu Kreste o ile a bua ka “matla a thetsang a maruo.” (Mareka 4:19) Ka mantsoe a mang, maruo a ka ’na a bonahala eka a ka re tlisetsa thabo, empa ha ho joalo. A etsa feela hore motho a lakatse ho ba le a eketsehileng. Moeklesia 5:10 e re: “Motho ea ratang chelete ha ho mohla a ka bang le e lekaneng.”—The New English Bible.
Ka mantsoe a mang, motho ea ratang chelete oa itematsa, ’me a ka qetella a soetsehile, a tsielehile kapa a tlōtse molao. (Liproverbia 28:20) Ho ba motho ea thabileng le ea atlehileng ho tsamaisana le ho fana ka seatla se bulehileng, ho tšoarela, ho itšoara hantle, ho ba le lerato le ho ba motho oa moea.
Ithute ho ba ea Fanang
“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Le hoja motho ea fanang ka linako tse itseng a ka thabisoa ke seo, motho ea seatla se bulehileng eena o lula a thabile. Ke ’nete hore ho na le litsela tse ngata tseo motho a ka bontšang ka tsona hore ke ea fanang. Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa e bileng e ananeloang haholo, ke ha motho a itella ba bang.
Ka mor’a hore mofuputsi Stephen G. Post a hlahlobe lipatlisiso tse entsoeng mabapi le ho itella ba bang, ho ba motho ea thabileng le ea phelang hantle ’meleng, o ile a etsa qeto ea hore ho itella ba bang le ho ithaopela ho ba thusa, ho etsa hore batho ba phele nako e teletsana, ba ikutloe e le ba bohlokoa ba bile ba phela hantle ’meleng le maikutlong, ho bile ho fokotsa ho tetebela maikutlong.
Ho feta moo, batho ba fanang ka seatla se bulehileng ha ba hule ka thata ka lebaka la ho fana. Liproverbia 11:25 e re: “Motho ea seatla se bulehileng o tla atleha; ea khathollang ba bang le eena o tla khatholloa.” (New International Version) Tumellanong le mantsoe ao, ka ho khetheha Molimo o ananela le ho rata batho ba seatla se bulehileng e le kannete, ba sa faneng hobane ba lebeletse ho fumana ho itseng.—Baheberu 13:16.
E-ba ea Tšoarelang ka Bolokolohi
“Tsoelang pele . . . ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13) Matsatsing ana, batho ha ba rate ho tšoarela, ba khetha ho iphetetsa ho e-na le ho bontša mohau. Phello e ba efe? Seo se etsa hore batho ba rohake ba ba rohakang ’me ba be mabifi.
Kotsi ea seo e ka ’na ea se ke ea fella moo. Tlaleho e ngotsoeng ho The Gazette ea Montreal, Canada, e re bafuputsi “ba entseng phuputso ho batho ba fetang 4 600 ba lilemo li 18 ho ea ho 30, ba fumane hore matšoafo a batho ba bohale, ba ferekaneng le ba lonya” a kotsing. Ha e le hantle, bathong ba bang seo se ne se ba beha kotsing e fetang le ea motho ea tsubang! Ka sebele, ho tšoarela hase feela tsela e ntle ea ho phelisana le ba bang, empa hape ke setlhare ’meleng!
U ka etsa’ng hore u be ea tšoarelang haholoanyane? Qala ka ho itlhahloba ka tsela e se nang leeme. Na ka linako tse ling ha u khopise ba bang? Hona na ha u thabe ha ba u tšoarela? Joale ke hobane’ng ha u sa bontše ba bang mohau ka hore u ba tšoarele ka bolokolohi? (Matheu 18:21-35) Ntlheng ena ke habohlokoa hape hore u hlaolele boitšoaro. “Bala ho tloha ho ’ngoe ho isa ho leshome” kapa u etse ntho e ’ngoe ho kokobetsa bohale. Ela hloko hore ho itšoara ho bontša hore u matla. Liproverbia 16:32 e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.” Ho ba ea “molemo ho feta monna ea matla”—ho bolela hore u atlehile, na ha ho joalo?
Phela ka Melao ea Molimo
“Taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.” (Pesaleme ea 19:8) Ka mantsoe a bonolo feela, litaelo tsa Molimo li re tsoela molemo—’meleng, kelellong le maikutlong. Har’a tse ling, li re sireletsa mekhoeng e kotsi e kang ho sebelisa lithethefatsi hampe, botahoa, boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate le ho sheba litšoantšo tse hlephisang boitšoaro. (2 Bakorinthe 7:1; Bakolose 3:5) Lintho tsena li ka ’na tsa lebisa liphellong tse mpe tse kang tlōlo ea molao, bofutsana, ho se tšepane, ho qhalana ha malapa, mathata a kelello le a maikutlo, ho kula haesita le ho shoa kapele.
Ka lehlakoreng le leng, ba phelang ka melao ea Molimo ba ba le kamano e ntle le ba bang le e tiileng, baa itlhompha ebile ba na le khotso. Esaia 48:17, 18 e re Molimo ke “Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” E, ’Mōpi oa rōna o re batlela se molemo ka ho fetisisa. O batla hore re “tsamaee tseleng” e lebisang katlehong ea sebele.
Bontša Lerato le se Nang Boithati
“Lerato lea haha.” (1 Bakorinthe 8:1) Na u ka inahanela hore na bophelo bo ne bo ka ba joang haeba ho se na lerato? Boo e ne e ka ba bophelo bo bosula le bo se nang morero hakaakang! Moea o halalelang o ile oa susumetsa moapostola Pauluse oa Mokreste hore a ngole, a re: “Haeba . . . ke se na lerato [ho ba bang], ha ke letho. . . . Ha ke rue letho ho hang.”—1 Bakorinthe 13:2, 3.
Lerato leo ho buuoang ka lona mona hase le pakeng tsa monna le mosali, leo ho loketseng ho le bontša maemong a itseng. Ho e-na le hoo, ke lerato la boleng bo holimo, le sa feleng le le tataisoang ke melao-motheo ea bomolimo.a (Matheu 22:37-39) Ho feta moo le susumelletsa motho hore a le bontše ka tsela e itseng, ho e-na le ho emela hore a le bontšoe. Pauluse o ile a boela a re lerato lena lea mamella ’me le mosa. Ha le boulele, ha le ithorise, kapa ho ikhohomosa. Le thusa ba bang ka ho hloka boithati, ’me ha le halefe lefeela empa lea tšoarela. Lerato leo lea haha. Ho feta moo, le re thusa hore re atlehe ha re sebelisana le ba bang, haholo-holo ba malapa a rōna.—1 Bakorinthe 13:4-8.
Hore batsoali ba bontše bana ba bona lerato, ba lokela ho ba le kameho e mofuthu le ho ba behela melao e hlakileng, e thehiloeng Bibeleng hammoho le melao e meng e ba tataisang boitšoarong. Bana ba hōlisetsoang malapeng a joalo ba ikutloa ba sireletsehile ebile ba thabela hore ebe lelapa labo bona le tsitsitse, ’me ba ikutloa ba ratoa haholo ba bile ba ananeloa.—Baefese 5:33–6:4; Bakolose 3:20.
Mohlankana e mong oa United States, ea bitsoang Jack, o hōletse lelapeng le neng le sebelisa melao-motheo ea Bibele. Jack o ile a ngolla batsoali ba hae ha a se a tlohile lapeng. O ile a re: “Ntho eo esaleng ke leka ho e etsa ke ho latela taelo [ea Bibele] e reng: ‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao . . . [e le hore] lintho li u tsamaele hantle.’ (Deuteronoma 5:16) Lintho li ’nile tsa ntsamaela hantle. Hona joale ho feta le ha e le neng pele, kea hlokomela hore seo e bile ka lebaka la boiteko ba lōna bo matla ba ho nkhōlisa ka lerato. Kea le leboha hore ebe le ile la sebetsa ka thata ho ntšehetsa ha le ntse le nkhōlisa.” Haeba u motsoali, u ne u ka ikutloa joang ha u fumana lengolo le kang leo? Na le ne le se na ho u thabisa?
Tšobotsi e ’ngoe ea lerato le tataisoang ke molao-motheo ke hore “le thabela ’nete”—e leng ’nete ea moea e fumanoang ka Bibeleng. (1 Bakorinthe 13:6; Johanne 17:17) Ka mohlala: A re re banyalani ba nang le mathata a lenyalo ba bala mantsoe a Jesu a ho Mareka 10:9, a reng: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho [lenyalong] ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” Joale ba lokela ho itlhahloba. Na ka sebele ba ‘thabela ’nete ea Bibele’? Na joaloka Molimo, ba tla talima lenyalo e le ntho e halalelang ba be ba bontše seo? Na ba leka ho rarolla mathata a bona ka tsela e bontšang lerato? Haeba ba etsa joalo, lenyalo la bona le ka atleha ’me ba tla thabela seo.
Ela Hloko Tlhoko ea Hao ea Moea
“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Batho ha ba tšoane le liphoofolo kaha bona ba na le matla a ho ananela litaba tsa moea. Ke kahoo re ipotsang lipotso tse kang tsena, Morero oa bophelo ke ofe? Na ’Mōpi o teng? Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Bokamoso bo re tšoaretse eng?
Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba fumane likarabo tsa lipotso tsena ka Bibeleng. Ka mohlala, potso e qetellang e amana le seo Molimo a se reretseng batho. O ba reretse eng? O reretse batho ba ratang Molimo le melao ea hae hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”
Ho hlakile hore ’Mōpi oa rōna o re batlela ho hongata ho feta ho atleha ka lilemo tse ka bang 70 kapa 80 feela. O batla hore re atlehe ka ho sa feleng! Kahoo ke nako ea hore u ithute ka ’Mōpi oa hao. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ’me bophelong ba hao u sebelisa seo u ithutileng sona, u tla bona hore “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoo e batlang e le libakeng tsohle tseo “lerato” le hlahang ho tsona ka Mangolong a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha,” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike a·gaʹpe. A·gaʹpe ke lerato leo motho a ikhethelang ho rata e mong ka lona hobane a latela molao-motheo, a etsa se loketseng a bile a nka hore o tlamehile ho le bontša. Leha ho le joalo, lerato la a·gaʹpe le na le boikutlo, le mofuthu ’me le matla.—1 Petrose 1:22.
[Lebokose le leqepheng la 7]
LITSELA TSE LING TSA HO FINYELLA KATLEHO
◼ Tšaba Molimo ka tsela e loketseng. “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale.”—Liproverbia 9:10.
◼ Khetha metsoalle ka bohlale. “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.
◼ Qoba ho etsa lintho ka tsela e feteletseng. “Letahoa le monyollo ba tla futsaneha.”—Liproverbia 23:21.
◼ U se ke ua iphetetsa. “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.”—Baroma 12:17.
◼ Sebetsa ka thata. “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”—2 Bathesalonika 3:10.
◼ Sebelisa Molao oa Khauta. “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
◼ Laola leleme. “Ea ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a ke a thibe leleme la hae ho se sebe.”—1 Petrose 3:10.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
LERATO KE SETLHARE SE MOLEMO
Ngaka e ’ngoe e bitsoang Dean Ornish, eo e bileng e le mongoli, e re: “Lerato le ho ba le kamano e mofuthu le ba bang li ka etsa hore re kule kapa re phele hantle, tsa etsa hore re hloname kapa re thabe, tsa etsa hore re utloe bohloko kapa re fole. Haeba ho ne ho ka fumanoa setlhare se secha se khonang ho etsa sena, ka sebele lingaka tse ngata naheng ena li ne li tla khothalletsa bakuli hore ba se sebelise. Ho se fe bakuli setlhare seo e ne e tla ba ho se tsotelle.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]
O NE A SE NA TŠEPO, EMPA O ATLEHILE
Milanko ea lulang Linaheng tsa Balkan, o ile a ea bosoleng, ha ntoa e qhoma naheng ea habo. Kaha o ne a le sebete ntoeng, batho ba ile ba mo reneketsa ka ho re ke Rambo, e leng sebapali se mabifi se nkoang e le mohale lifiliming. Empa ha nako e ntse e ea, Milanko o ile a nyahamisoa ke bosole ka lebaka la bobolu le boikaketsi boo a neng a bo bona moo. O re: “Sena se ile sa nketsa hore ke etse lintho tse ngata tse mpe—ke noe joala, ke tsube, ke sebelise lithethefatsi, ke beche le ho phela ka boitšoaro bo hlephileng. Lintho li ne li ntsamaela hampe, ’me ke tlaletsoe bophelong.”
Milanko o ile a qala ho bala Bibele nakong eo ea ha a ntse a selebaletsoe bophelong. Hamorao, ha a etetse mong ka eena e mong, o ile a bona makasine ea Molula-Qhooa, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a khahloa ke seo a se balileng moo ’me ka mor’a nakoana a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. ’Nete ea Bibele e ile ea mo thusa hore a thabe a be a atlehe e le kannete. O re: “E ile ea ’matlafatsa. Ke ile ka tlohela lintho tsohle tse mpe tseo ke neng ke li etsa, ka ba motho ea fapaneng, ’me ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Batho ba ntsebang ha ba sa mpitsa Rambo, empa ba se ba mpitsa Bunny—lebitso leo ke neng ke reneketsoa ka lona bongoaneng—kaha joale ke se ke le bonolo.”