Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • g 11/10 maq. 20-21
  • Na ho Loketse ho Rapela “Bahalaleli”?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na ho Loketse ho Rapela “Bahalaleli”?
  • Tsoha!—2010
  • Subheadings
  • Similar Material
  • Na re Lokela ho Rapela “Bahalaleli”?
  • Thapelo ke Ketso ea Borapeli
  • ’Muelli ea Nang le Kutloelo-bohloko
  • Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Bahalaleli ba ’Nete ba ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bahalaleli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Tsoha!—2010
g 11/10 maq. 20-21

Pono ea Bibele

Na ho Loketse ho Rapela “Bahalaleli”?

Marie le Theresa ba ne ba inka e le “Mak’hatholike a chesehang.” Ka bobeli ba ne ba lumela ho “bahalaleli.” Marie o ne a lumela hore o lokela ho ba rapela e le hore ba mo thuse. Theresa o ne a lula a rapela “mohalaleli” ea sireletsang motse oa habo. O ne a boetse a rapela “mohalaleli” eo a reheletsoeng ka eena.

JOALOKA Maria le Theresa, batho ba limilione lefatšeng ho pota ba rapela “bahalaleli” ho kōpa mahlohonolo. Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, “bahalaleli ba buella batho,” ’me “ho ‘molemo ebile hoa thusa’ ho ba rapela e le hore . . . batho ba fumane melemo e itseng ho Molimo.”

Empa Molimo o ikutloa joang ka see? Na o amohela taba ea hore re rapele “bahalaleli” hore ba re buelle? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Na re Lokela ho Rapela “Bahalaleli”?

Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mohalaleli” liphetolelong tse ling, le bolela “ea halalelang.” Leha ho le joalo, ha ho moo Bibele e buang ka morapeli leha e le ofe ea tšepahalang oa Molimo a rapela “mohalaleli.” Hobane’ng? New Catholic Encyclopedia e re “ke lekholong la bo3 la lilemo [feela moo] taba ea hore lithapelo tsa bahalaleli lia sebetsa, e ileng ea amoheloa ka ho hlaka.” Sena se etsahetse lilemo tse ka bang 200 ka mor’a lefu la Kreste. Kahoo, thuto eo ha e simolohe ho Jesu le bangoli ba bululetsoeng ba Bibele ba tlalehileng ka tšebeletso ea hae. Lebaka la see ke lefe?

Bibele e ruta e sa feto-fetohe hore re lokela ho rapela Molimo feela ’me re etse joalo ka lebitso la Jesu Kreste. Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6, Bibele ea Sesotho) Mantsoe ana a hlakileng a lumellana le thuto ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13. Ha a hlalosa taba ea thapelo, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Joale, le rapele ka tsela ena: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. . . .” (Matheu 6:9) Ho hlakile hore re lokela ho lebisa lithapelo tsa rōna ho Ntate oa rōna ea leholimong feela. ’Nete ena e thehiloe molao-motheong o ka sehloohong oa Bibele.

Thapelo ke Ketso ea Borapeli

The World Book Encyclopedia e re: “Thapelo ke mantsoe le menahano e nang le tlhompho e lebisoang ho Molimo, melimo, melimotsana, kapa lintho tse ling tse rapeloang. . . . Thapelo ke ketso ea bohlokoa ea borapeli hoo e batlang e le malumeling ’ohle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ak’u ipotse, ‘Na ho nepahetse hore re khumame e le hore re rapele motho leha e le ofe ho e-na le ’Mōpi oa rōna le Mofani oa Bophelo?’ (Pesaleme ea 36:9) Jesu o ile a re: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Bibele e boetse e bolela hore ’Mōpi oa rōna o batla “boinehelo bo khethehileng.”—Deuteronoma 4:24; 6:15.

Nahana ka mohlala oa moapostola oa Mokreste e leng Johanne. Ka mor’a hore a amohele lipono tse hlollang tse tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Tšenolo, moapostola eo ea hloletsoeng o ile a “itihela fatše ho rapela ka pel’a maoto a lengeloi” le neng le mo bontšitse lintho tsena. Lengeloi leo le ile la etsa’ng? Le ile la re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno . . . Rapela Molimo.” (Tšenolo 22:8, 9) E, Bibele e boetse e hatisa taba ea hore re lokela ho rapela Jehova Molimo a ’notši.

Tumellanong le lintlha tse boletsoeng, ke Molimo feela ea bitsoang “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Ho feta moo, kaha ke Ea Matla ’Ohle ke eena feela ea nang le bolaoli, tsebo, le matla a ho fana ka ntho leha e le efe e loketseng eo batho ba e kōpang ka thapelo. (Jobo 33:4) Esita le Jesu Kreste o ile a bolela hore ho na le moo a haelloang teng. (Matheu 20:23; 24:36) Leha ho le joalo, Jesu Kreste o fuoe matla a maholo a ho laela, ho akarelletsa boikarabelo ba ho sebeletsa e le ’Muelli oa batho.

’Muelli ea Nang le Kutloelo-bohloko

Bibele e re ka Jesu: “O khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kōpela ka tieo.” (Baheberu 7:25) Ka mantsoe a mang, Jesu o sebeletsa e le ’Muelli ea nang le kutloelo-bohloko molemong oa “ba atamelang Molimo ka eena.” Sena ha se bolele hore re lokela ho rapela Jesu ’me eena o tla fetisa lithapelo tsa rōna. Ho e-na le hoo, seo se bolela hore re rapela Molimo ka lebitso la Jesu ’me re elelloa bolaoli ba hae. Ke hobane’ng ha Jesu e le ’Muelli ea phethahetseng?

Har’a tse ling ke hore Jesu o ile a phela e le motho, e leng se ileng sa mo nolofalletsa hore a utloisise haholoanyane mahlomola a ba bang. (Johanne 11:32-35) Lebaka le leng ke hore o bontšitse hore o rata batho ka ho phekola ba kulang, ho tsosa bafu le ho fana ka lijo tsa moea ho bohle ba neng ba tla ho eena. (Matheu 15:29, 30; Luka 9:11-17) O bile a tšoarela libe. (Luka 5:24) Sena se re fa tšepo ea hore haeba re ka etsa sebe, “re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng.”—1 Johanne 2:1.

Re lokela ho leka ho etsisa litšobotsi tsa Jesu, e leng lerato le kutloelo-bohloko. Ke ’nete hore ha rea fuoa matla a ho ba babuelli. Empa re ka rapella ba bang. Ha e le hantle, lerato le lokela ho re susumelletsa ho etsa joalo. Jakobo o ile a re: “Le rapellane . . . Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”—Jakobo 5:16.

Marie le Theresa ba ile ba ithuta linnete tsena tse tsotehang ka hore ba hlahlobe Bibele. Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u etse se tšoanang. Joalokaha Jesu a boletse, ‘ba rapelang Molimo ba tla rapela ka moea le ka ’nete.’—Johanne 4:24.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Jesu o itse re lokela ho rapela mang feela?—Matheu 6:9.

● Jesu o sebeletsa boemong bofe?—Baheberu 7:25.

● Na re lokela ho rapella boiketlo ba bang ho Molimo?—Jakobo 5:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (Lesotho)
    • Share
    • Lintlha Tseo U li Khethang
    • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • JW.ORG
    • Log In
    Share