Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 3
“Re Fumane Mesia”
Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.
LILEMO tse makholo pele Jesu a tsoaloa, baprofeta ba Baheberu ba ile ba bolela esale pele ka ho tla ha Mesia, eo ka Seheberu e bolelang “Motlotsuoa.” Baprofeta bao ba ile ba fana ka lintlha tse tobileng tse amanang le bophelo ba Mesia ba nakong e tlang—tse akarelletsang leloko la hae—nako eo a neng a tla fihla ka eona le moo a neng a tla tsoalloa teng le se neng se tla mo etsahalla.
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba lumela hore boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu. Ba ne ba ikutloa joaloka morutuoa Andrease ea ileng a re ho Simone mor’abo: “Re fumane Mesia.” (Johanne 1:40, 41) Na o ne a nepile? A re hlahlobeng lintlha tse ’nè feela ho tse ngata tse buang ka Mesia ’me ntlheng ka ’ngoe re tla tšohla bopaki bo fanoeng.
Boprofeta ba pele: “O tla lula teroneng ea borena ea Davida.”—Esaia 9:7, “Knox.”
Ho phethahala ha bona: Kosepele ea Matheu e qala ka mantsoe a reng: “Buka ea histori ea Jesu Kreste, mora oa Davida, mora oa Abrahama.” Matheu o thathamisa leloko la Jesu le bileng teng ka Davida, joaloka mongoli oa Kosepele ea Luka.—Matheu 1:1-16; Luka 3:23-38.
Seo histori e se senolang:
● Libuka tsa rahistori oa Mojuda e leng Josephus, li bontša hore litlaleho tsa meloko ea malapa a Bajuda li ne li le teng moo ho bolokoang litlaleho tsa sechaba. Litlaleho tseo li ile tsa senyeha ka 70 C.E. ha Jerusalema e ne e timetsoa. Empa pele Jerusalema e timetsoa, taba ea hore Jesu o ne a ipolela hore ke Mora oa Davida e ne e se e tsebahala haholo. (Matheu 9:27; 20:30; 21:9) Haeba seo a neng a se bolela e ne e le leshano, motho e mong le e mong o ne a ka mo shanofatsa. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki bo bontšang hore ho na le motho ea lekileng ho etsa joalo.
Boprofeta ba bobeli: “Uena Bethlehema Efratha, e monyenyane haholo hore u ka ba har’a likete tsa Juda, ho uena ho tla tsoa bakeng sa ka eo e tlang ho ba ’musi oa Iseraele.”—Mikea 5:2.
Ho phethahala ha bona: Jesu o hlahetse Bethlehema. Ha Cesare Augustase a fana ka taelo ea hore batho ba baloe, Josefa e leng ntate ea hōlisitseng Jesu, o ile a tlameha ho tloha Nazaretha ho ea “Judea [Juda], motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida, hore a ngolisoe le Maria.” Ha ba le moo, Maria o ile “a tsoala mora oa hae,” Jesu.—Luka 2:1-7.
Seo histori e se senolang:
● Ho epolloa ha lintho tsa khale ho tiisa hore Baroma ba ile ba fana ka taelo ea hore batho ba Bochabela bo Hare ba baloe ka morero oa ho bokella lekhetho le ho qobella ba bang ho ingolisa sesoleng. Bopaki ba sena bo ka bonoa taelong e ileng ea fanoa ke ’musisi oa Moroma oa Egepeta ka 104 C.E. Kopi ea taelo eo, eo hona joale e fumanehang Laebraring ea Brithani e re: “Kaha nako e atametse ea hore ho baloe sechaba ka ntlo le ntlo, ho hlokahala hore ho qobelloe batho bohle bao e bang ka mabaka a itseng ha ba lule [literekeng] tsa bona hore ba khutle, e le hore ba ka balelloa ha ho baloa sechaba le hore ba leme masimo a bo bona.”
● Ha Jesu a tsoaloa, ho ne ho e-na le metse e ’meli Iseraele e neng e bitsoa Bethlehema. O mong o ne o le ka leboea haufi le Nazaretha. Athe o mong oo ho ea ka bopaki o neng o tsejoa e le Efratha, o ne o le Jerusalema haufi le Juda. (Genese 35:19) Jesu o hlahetse Bethlehema Efratha feela joalokaha moprofeta Mikea a ile a bolela lilemo tse makholo a robeli pele ho moo.
Boprofeta ba boraro: “Ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.”—Daniele 9:25.
Ho phethahala ha bona: Karolo ea nako e boletsoeng boprofeteng ba Daniele, e lekana le libeke tse 69 tse imenneng ka lilemo tse supileng, e leng lilemo tse 483. Ho tsosolosoa ha Jerusalema ho qalile ka 455 B.C.E. Joalokaha ho ne ho profetiloe, lilemo tse 483 (libeke tse 69 tsa lilemo) hamorao, ka 29 C.E., Jesu e ile ea e-ba Motlotsuoa kapa Mesia, ha a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo.*—Luka 3:21, 22.
Seo histori e se senolang:
● Qalong ea lekholo la pele la lilemo C.E., ‘batho ba ne ba lebeletse’ ho fihla ha Mesia. (Luka 3:15) Seithuti sa Mojuda e leng Abba Hillel Silver, bukeng ea hae e bitsoang A History of Messianic Speculation in Israel, o re nakoana pele Jerusalema e timetsoa, “hoo e ka bang motho e mong le e mong o ne a lebeletse ho fihla ha Mesia.” O boetse o re “Mesia o ne a lebeletsoe hoo e ka bang karolong ea bobeli ea lekholo la pele la lilemo.” Silver o tsoela pele ka ho re tebello eo Bajuda ba neng ba e-na le eona e ne e itšetlehile ka seo batho ba neng ba utloisisa hore “se tla etsahala ka eona nako eo.”
Boprofeta ba bone: “O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo, le sehlopha sa barui lefung la hae.”—Esaia 53:9.
Ho phethahala ha bona: Jesu o ile a bolaeloa haufi le linokoane tse peli tse neng li ahlotsoe, empa a pateloa lebitleng le fatiloeng lefikeng le neng le fanoe ke molumeli oa morui—e leng Josefa oa Arimathea.—Matheu 27:38, 57-60; Johanne 19:38.
Seo histori e se senolang:
● Bangoli ba bangata ba boholo-holo bao e seng Bakreste—ba akarelletsang rahistori oa Mojuda Josephus le oa Moroma Tacitus—ba tiisa hore Jesu o ile a bolaoa joaloka senokoane.
● Liphuputso tse entsoeng linthong tsa khale tse epollotsoeng Palestina, li sibollotse mabitla a khale a nang le liphaposi kapa a fatiloeng mafikeng. Ho ba le lebitla le joalo le neng le se le lokisitsoe e ne e ke ke ea e-ba ntho e thata ho motho ea neng a ruile a bile a hlaheletse joaloka Josefa oa Arimathea.
Lintlha tseo re sa tsoa li tšohla ke tse ’maloa feela tsa boprofeta bo neng bo boletsoe ka Mesia bo ileng ba phethahala ho Jesu. Ka ho hlakileng, ho ne ho se motho ea neng a ka hanyetsa boprofeta boo bo tobileng bo mabapi le Mesia. Ho phethahala ha bona ho etsa hore re lumele hore Molimo e ne e le Mohlōli oa bona le hore o tla tlisa litlhohonolofatso tseo a li tšepisitseng batho ba mamelang, a sebelisa ’Muso oa Bomesia.
Sehloohong se latelang letotong lena la lihlooho re tla tšohla potso ena e thahasellisang: Haeba kannete Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, ke hobane’ng ha a ile a itumella hore a utloisoe bohloko le ho bolaoa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le boprofeta bo amanang le ho ba teng ha Mesia, sheba leqephe la 197-199 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 22, 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TATELLANO EA LIKETSAHALO TSE ’NÈ TSA BOPROFETA BO AMANANG LE MESIA
1 Mesia e ne e tla ba setloholo sa Morena Davida
1070 B.C.E.
Davida e ba morena oa Iseraele eohle
607 B.C.E.
Jerusalema e timetsoa ke Bababylona
455 B.C.E.
Ho fanoa ka taelo ea hore Jerusalema e tsosolosoe
2 Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema ea Juda
2 B.C.E.
Jesu o hlahela Bethlehema ea Juda lelokong la Davida
3 Mesia o ne a tla fihla lilemo tse 483 ka mor’a hore ho tsoe taelo ea hore Jerusalema e tsosolosoe
29 C.E.
Jesu oa kolobetsoa ’me o tlotsoa hore e be Mesia
4 Mesia o ne a tla bolaoa le linokoane ’me a patoe le barui
33 C.E.
Jesu o bolaoa le linokoane ’me o patoa le barui