Khaolo ea 11
Baphonyohi ba Tlameha ho se be “ba Lefatše”
1, 2. (a) Jesu o itse’ng ka kamano ea barutuoa ba hae le lefatše? (b) Hoo ha ho bolele eng, hona hobane’ng?
JESU o ne a bolela’ng ha a re balateli ba hae “ba sa le lefatšeng,” empa leha ho le joalo ba tlameha ho se be “ba lefatše”? (Johanne 17:11, 14) Ho ba har’a ba phonyohileng ho ea phela Tsamaisong e Ncha ea Molimo, ho hlokahala hore re utloisise sena.
2 Nahana pele ka hore na ho se ‘be oa lefatše’ ha ho bolele eng. Ha ho bolele hore re ikarole joaloka ba phelang ba le bang lehaheng kapa hore re eo lula sebakeng sa boitlami kapa sebakeng se seng se thōko. Ho fapana le moo, bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a rapela Ntate oa hae lebitsong la barutuoa ba hae, a re: “Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.”—Johanne 17:15, 16.
3, 4. (a) Ke mesebetsing efe moo ho hlokahalang hore Bakreste ba kopane le batho ba lefatše? (b) Empa ba tlameha ho qoba eng?
3 Ho e-na le ho ipatela batho, barutuoa ba Jesu ba ‘romiloe lefatšeng’ ho tsebahatsa ’nete. (Johanne 17:18) Ka ho etsa joalo, ba sebeletsa e le “leseli la lefatše,” ba lumella leseli la ’nete hore le khanye e le hore batho ba ka bona kamoo ’nete ea Molimo e amang bophelo ba batho hamolemo.—Mattheu 5:14-16.
4 Bakreste ba kopana le batho ba bangata ha ba sebeletsa ho iphelisa le malapa a bona leha ba isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho. Kahoo, joalokaha moapostola Pauluse a bontša, ha baa lebelloa hore ‘ba tsoe lefatšeng’ ka tsela ea sebele. Ba ke ke ba tlohela ho hang-hang ho “kopana” le batho ba lefatše. Empa ba ka emella thōko le mekhoa e mebe ’me ba tlameha ho emella thōko le mekhoa e mebe ea batho ba bangata.—1 Ba-Korinthe 5:9-11.
5. Karohano e hlokahalang lefatšeng e bontšoa joang tabeng ea Noe le lelapa la hae?
5 Boemo bo tšoana le ba mehleng ea Noe ha Jehova a hlokomela hore “batho bohle ba phela bophelo bo senyehileng lefatšeng.” (Genese 6:12, The New English Bible) Empa Noe le lelapa la hae ba ne ba phela ka ho fapaneng. Ka ho hana ho kopanela tšenyehong e ba potolohileng le ka ho bolela ho loka, Noe ‘o tsoile lefatše.’ O bontšitse hore le hanana le thato ea Molimo hoo le ke keng la tšoareloa. (Ba-Heberu 11:7; 2 Petrose 2:5, NW) Ke ka lebaka leo eitseng ha Moroallo oa lefatše o felisa batho ba banyefoli, eena le lelapa la hae ba ileng ba phonyoha. Ba ne ba “le lefatšeng” empa ka nako e tšoanang e se “ba lefatše.”—Genese 6:9-13; 7:1; Mattheu 24:38, 39.
Lerato le Loketseng bakeng sa Batho ba Lefatše ke Lefe?
6. Na ho loketse ho bontša lerato le itseng ho batho ba lefatše?
6 Na ho ‘se be oa lefatše’ ho ne ho tla boetse ho bolela ho ba ea hloileng batho? Ho etsa joalo ho ne ho tla qabanya motho le Jehova Molimo, eo, Mora oa hae Jesu a itseng “o ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Ka hona mosa oa Molimo le qenehelo ea oona ho batho ba mefuta eohle li re beela mohlala oo re ka o latelang.—Johanne 3:16; Mattheu 5:44-48.
7, 8. (a) Bibele e re’ng ka ho rata lefatše? (b) Lefatše leo re tlamehang ho aroha ho lona ke lefe? (c) Ke hobane’ng ha re tlameha ho qoba lefatše le litakatso tsa lona?
7 Empa na moapostola Johanne ha a re bolelle hore, “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena”? Haeba Molimo ka booona o ratile lefatše, ke hobane’ng ha moapostola a buile joalo?—1 Johanne 2:15.
8 Bibele e bontša hore Molimo o rata lefatše la batho feela joaloka batho ba sa phethahalang le ba shoang ’me ba le tsietsing ea ho lopolloa. Ka lehlakoreng le leng, Satane o hlophisitse batho ba bangata khahlanong le Molimo. Ke “lefatše” leo—mokhatlo oa batho o ikarotseng ho Molimo ’me o le tlas’a taolo ea Satane—leo Bakreste ba ’nete ba tlamehang ho ikarola ho lona. (Jakobo 1:27) Lentsoe la Molimo le lemosa khahlanong le ho rata litakatso tse fosahetseng le liketso tsa lefatše leo: “Tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:15-17.
9, 10. (a) Ho ka boleloa joang hore litakatso tsena “li tsoa lefatšeng”? (b) Litakatso tsee li bile le phello efe ho batho?
9 E, litakatso tseo tsa nama le tsa mahlo le tsa boiphahamiso li fela li “tsoa lefatšeng.” Li tsoile ho batsoali ba pele ba batho ’me tsa ba etsa hore ba batle ho itokolla ho Molimo e le hore ba ka latela litakatso tsa boithati. Ho latela litakatso tsena tsa boithati tsa lefatše ho ile hoa isa ho tlōleng melao ea Molimo.—Genese 3:1-6, 17.
10 Nahana ka seo u se bonang ho u potoloha. Na batho ba bangata ha ba hahe bophelo ba bona ho potoloha litakatso tsa nama le tsa mahlo le “boikhantšo joa bophelo”? Na hase lintho tsee tse bōpang tšepo le lithahasello tsa bona, li laola tsela eo ba itšoarang ka eona le eo ba sebelisanang le ba bang ka eona? Ka lebaka la sena, histori ea batho ke tlaleho e telele ea karohano le ntoa, ea boitšoaro bo bobe le ea bonokoane, ea meharo ea khoebo le khatello, ea meharo ea boikhohomoso le ea ho loanela botumo le matla.
11. Ka hona, ke hobane’ng ha lerato la Molimo bakeng sa lefatše le sa hanane le seo Lentsoe la oona le se nyatsang?
11 Joale re ka bona hore ho rata lefatše joaloka Molimo, ho fapane haholo le ho rata litakatso tsa lona le mekhoa ea lona tse tsofetseng tseo o li nyatsang. Lerato la Molimo bakeng sa batho le butse tsela e lokollang litakatsong tseo tsa boetsalibe le liphello tsa tsona tse mpe, ho akarelletsa lefu ka bolona. O bontšitse lerato leo ka ho fana ka Mora oa hae ho lopolla batho. Empa haeba mang kapa mang a hana sehlabelo seo ’me a tsoela pele ho se utloe, Bibele e bolela hore “bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.”—Johanne 3:16, 36; Ba-Roma 5:6-8.
Ho Ipoloka U Lokolohile Taolong ea “Morena oa Lefatše Lena”
12. Re ka lokolisa joang hore na lerato leo e ka ’nang eaba re na le lona bakeng sa batho ba lefatše le khahlisa Molimo kapa che?
12 Ho thoe’ng, he, ka rōna? Na re “rata” batho ba lefatše ka kutloisiso ea ho batla ka tieo ho ba thusa hore ba fumane tsela ea bophelo mohaung oa Molimo? Kapa re rata tsona lintho tse ba sitisang hore e be bahlanka ba Molimo—moea oa bona oa boitaolo, boikhantšo ba bona ka mokhoa oa bophelo, tšepo ea bona ea hore ke ba bohlokoa le ho itlotlisa hoa bona? Haeba re rata ho ba le batho ka baka la litšobotsi tse joalo, joale ‘re rata lefatše’ ka tsela eo moapostola a e nyatsang.
13. Ho rata lefatše ho ka thibela motho ho sebeletsa Molimo joang?
13 Mehleng ea Jesu batho ba bangata ba ne ba rata litsela tsa lefatše. Kahoo ba qoba ho ema ka sebete e le barutuoa ba Jesu. Ba ne ba sa batle ho lahleheloa ke botumo ba bona le boemo ba bona har’a batho tikolohong ea bona ea boahisani le ea bolumeli. Ba ne ba rata ho rorisoa ke batho ho feta ho amoheloa ke Molimo. (Johanne 12:42, 43) Ke ’nete, ba bang ba ne ba etsa mesebetsi ea lithuso le liketso tse ling tsa bolumeli. Empa hoo ba ne ba ho etsa haholo-holo ka lebaka la ho rata hore ba bonoe ke ba bang. (Mattheu 6:1-6; 23:5-7; Mareka 12:38-40) Na ha u bone batho ba bontšang lerato la mofuta oo bakeng sa tsela e fosahetseng ea lefatše kajeno? Empa Bibele e bontša hore “lerato” la mofuta ona le tla isa timelong feela.
14. Ke mang ea ileng a leka Jesu ha a le lefatšeng, hona ka phello efe?
14 Mora oa Molimo o ile a lekoa hona lintlheng tsena. Ho ile hoa etsoa boiteko ba ho mo susumelletsa takatsong ea boithati ea hore a ikhantše ka ho khahla batho—hore a tšoane le lefatše. O bile a etsetsoa tlhahiso ea ho neoa borena holim’a lichaba tsohle tsa lefatše le khanya ea tsona. Empa a hana ho hang boipiletso boo ba litakatso tsa boithati. Li ne li e-tsoa ho ea ileng a qholotsa borena ba Jehova Molimo pele, Satane Diabolose.—Luka 4:5-12.
15. Bontša ka Bibele ea hao hore na “morena oa lefatše lena” ke mang.
15 Ho tseba mpho ea Satane ea borena ho Jesu ke hoa bohlokoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho se be “ba lefatše.” Ho bontša hore lefatše la batho ka kakaretso, ho akarelletsa borena ba lona, le busoa ke Sera sa Molimo se sa bonahaleng. Jesu ka boeena o buile ka Satane e le “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 14:30; 2 Ba-Korinthe 4:4) Moapostola Pauluse o boetse a bua ka “meea e bolotsana,” bademona ba tlas’a taolo ea Satane, e le ‘marena a sa bonahaleng a lefifi la lefatše lena.’ Pauluse o lemositse Bakreste ka bohlokoa ba lihlomo tsa moea ho itšireletsa khahlanong le “marena” ana.—Ba-Efese 6:10-13.
16. Ke karolo e kae ea lefatše e thetsitsoeng ke Satane le e tlas’a puso ea hae?
16 Ke ba seng bakae feela ba sa laoloeng ke morena enoa ea sa bonahaleng le makhotla a hae. Kahoo “lefatše,” ke hore, letšoele la batho ba ikarotseng ho Molimo, “le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Ka tšusumetso ea bademona, o ‘thetsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,’ ho akarelletsa babusi ba lona, a ba fehla khahlanong le Molimo le ’Muso oa oona.—1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9; 16:13, 14; 19:11-18.
17. (a) Boikutlo bo bontšoang ke lefatše bo paka hore ke mang ea etelletseng batho pele? (b) Na e ka ba ho khahlisang ho ’Mōpi haeba re bonahatsa moea o joalo?
17 Hona ho ka ’na hoa utloahala ho le thata ho ho lumela. Empa, na batho ba bangata ba lefatše lee ha ba bontše ka ho hlakileng boikutlo le mesebetsi tsa Sera sa Molimo? Lefatšeng ka bophara re bona leshano, lehloeo, pefo, le polao tse tsebahatsang ba ‘tsoang ho Diabolose,’ e le eena “Ntate” oa bona oa moea. (1 Johanne 3:8-12; Johanne 8:44; Ba-Efese 2:2, 3) Ka sebele moea ona ha o tsoe ho ’Mōpi ea lerato.
18. Boikutlo ba rōna mabapi le bobusi bo bontša joang hore na e be re lokolohile taolong ea “morena oa lefatše lena” kapa che?
18 Hape, na boholo ba batho ha boa bea tšepo ea bona manong a batho a ho tlisa khotso le tšireletseho? Ke batho ba bakae bao u ba tsebang ba hlileng ba shebileng ho Molimo le ’Muso oa oona bakeng sa ho rarolla mathata a batho? Empa tšepo ea bona litsamaisong tsa batho tsa lipolotiki e beiloe sebakeng sesele joalokaha Jesu a itse: “ ’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” Mohloli oa ’Muso oa hae ha o lefatšeng lena, hobane ha o-oa hlongoa kapa ha o-oa neoa matla ke batho. Ke tokisetso ea Molimo ka seqo. (Johanne 18:36; Esaia 9:6, 7) Kahoo, ho ba har’a ba nang le tšepo ea ho pholoha ha ’Muso oo o e-tla khahlanong le bahanyetsi bohle ba oona, ho hlokahala hore re hlokomele ’nete e bohloko ea hore Satane o busa lefatše lena le litsamaiso tsa lona. Hoo ho akarelletsa litokisetso tsa lona tsa lipolotiki tse kang Machaba a Kopaneng. Ho hlokahala re lule re lokolohile ho tsena tsohle ka ho emela ’Muso o lokileng oa Jehova ka Kreste Jesu re tiile.—Mattheu 6:10, 24, 31-33.
19. Joalokaha histori e pakile, Bakreste ba pele ba bontšitse ka litsela life hore e ne e se “ba lefatše”?
19 Histori e bontša hore Bakreste ba pele e ne e le baahi ba metse ba hlomphang le ba utloang melao. Empa ba ne ba ikemiselitse ho se ‘be ba lefatše,’ le hoja hona ho ile hoa ba tlisetsa mahloriso. Re bala lipolelo tse kang tsena:
“Bokreste ba pele bo ne bo utloisisoa ka mokhoa o fokolang le ho hlompshoa ka mokhoa o fokolang ke ba neng ba busa lefatše la bahetene. . . . Bakreste ba ne ba hana ho kopanela mesebetsing eitseng ea baahi ba Roma. . . . Ba ne ba sa amohele setulo sa lipolotiki.”—On the Road to Civilization, A World History.57
“Ba ne ba hana ho nka karolo leha e le efe e mafolo-folo pusong ea sechaba kapa tšireletsong ea sesole ea ’muso. . . . Bakreste ba ne ba thatafalloa ke ho amohela bosole, boahloli, kapa bohosana e-ba ka ho etsa joalo ha ba latole mosebetsi o halalelang haholo.”—History of Christianity.58
“Origen [ea phetseng lekholong la bobeli le la boraro a lilemo a Mehla e Tloaelehileng] . . . o bolela hore ‘Kereke ea Bokreste e ke ke ea loantšana le sechaba sefe kapa sefe. Ba ithutile ho Moeta-pele oa bona hore ke bana ba khotso.’ Nakong eo Bakreste ba bangata ba ile ba bolaeloa tumelo ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole.”—Treasury of the Christian World.59
20. Hore ba ipoloke ba lokolohile taolong ea “morena oa lefatše lena,” bahlanka ba Jehova ba tšoanetse ho tloha mesebetsing efe e arolang ea lefatše?
20 Ka ho se kena-kenane le litaba tsa lefatše, bahlanka ba Jehova ha ba tlatsetse bochabeng ba lona bo arolang, bomorabeng ba lona, kapa likhohlanong tsa lona tsa kahisano. Boikutlo ba bona bo tsamaisoang ke Molimo bo tlatsetsa khotsong le tšireletsehong har’a batho ba mefuta eohle. (Liketso 10:34, 35) Ha e le hantle, baphonyohi ba ‘mahlomola a maholo’ a tlang, ba tla tsoa har’a “lichaba tsohle, . . . mefuta eohle, . . . merabe eohle, . . . lipuo tsohle.”—Tšenolo 7:9, 14.
Metsoalle ea Lefatše kapa Metsoalle ea Molimo?
21. Ke hobane’ng ha motho ea latelang Bibele a ke ke a boela a lebella hore a ratoe ke lefatše?
21 Jesu o boleletse barutuoa ba hae hore: “Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile. . . . Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:19, 20) ’Nete e pala ke hore tsela feela ea ho ba motsoalle oa lefatše ke hore u tšoane le lona—ho kopanela litakatsong tsa lona, meharong ea lona, khethollong ea lona, le ho rata monahano oa lona le likhopolo tsa lona, le ho inkela mekhoa ea lona le litsela tsa lona. Empa batšehetsi ba lefatše lena ba hloile ha ba pepesetsoa liphoso tsa bona kapa ha ba hlokomelisoa ka likotsi tseo tsela ea bona e isang ho tsona. Ke ka lebaka leo haeba motho a latela lithuto tsa Bibele ka boitšoaro le ka tsela eo a phelang ka eona ’me a li buella, ho hang a ke keng a phonyoha lehloeo la lefatše.—Johanne 17:14; 2 Timothea 3:12.
22. Ke khetho efe mabapi le botsoalle eo e mong le e mong ho rōna a talimaneng le eona?
22 Kahoo, Bibele e bontša hore re na le khetho e hlakileng. Ho Jakobo 4:4 rea bala: “Hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” Molimo o boetse o na le litekanyetso tsa oona bakeng sa setsoalle, ’me li hanana le tsa lefatše la batho ba baetsalibe.—Pesaleme ea 15:1-5.
23. (a) Ke eng e ka bontšang hore motho ke motsoalle oa lefatše? (b) Re ka bontša joang hore re metsoalle ea Molimo?
23 Hore Molimo e be motsoalle oa rōna, ho itšetlehile ka ho fetang hole ho ba litho kapa ho se be litho tsa mekhatlo eitseng ea lefatše lena. Haeba re bonahatsa moea oa lefatše, re kopanela ponong ea lona ea bophelo, joale re itsebahatsa re le metsoalle ea lefatše, e seng ea Molimo. Moea oa lefatše o hlahisa “mesebetsi ea nama” e kang ‘ho feba, ho bōka, bonyala, bootsoa, ho rapela melimo ea bohata, boloi, hloeano, likomang, mōna, bohale, likhang, liphapang, likhaohano, mohono, botahoa, meharo, le lintho tse joalo.’ Bibele ka ho hlaka e bolela hore “ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” Ka lehlakoreng le leng, haeba re metsoalle ea Molimo, re tla ba le moea oa oona ka litholoana tsa “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi [“tumelo,” NW], le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:19-23.
24. (a) Ke hobane’ng ha e le bothoto ho fetoha baetsisi ba batho bao lefatše le ba hlomphang? (b) Boikutlo ba rōna ka matlotlo a bonahalang bo ka bontša joang hore na re hlile re batla botsoalle ba mang?
24 Joale, re bonahatsa moea oa mang? Hoo ho tla re thusa ho lekanyetsa hore na ha e le hantle re metsoalle ea mang. Joalokaha re phela tlas’a tšusumetso ea lefatše lena le khopo, ha rea lokela ho makala ha re fumana hore ho hlokahala hore re fetole bophelo ba rōna e le hore re khahlise Molimo. Ka mohlala, batho ba lefatše, ba phaella tlhompho le tlotla ho bao litakatso tsa bona tsa meharo li ba susumelletsang keketsehong ea letlotlo, matla kapa botumo. Batho ba etsisa bahale ba joalo le melimo ea litšoantšo, ba ba etsisa puong, boitšoarong, ponahalong, le moaparong. Na u rata ho tsebahala u le morati oa batho ba joalo? Seo ba se finyeletseng se khahlanong hantle le seo Lentsoe la Molimo le re phehellang hore re se etse pakane ea rōna bophelong. Bibele e re lebisa letlotlong la moea le matleng a moea hammoho le tlotleng ea ho sebeletsa re le baemeli le babuelli ba Molimo lefatšeng. (1 Timothea 6:17-19; 2 Timothea 1:7, 8; Jeremia 9:23, 24) Mashano a lefatše a khoebo a lebisa batho linthong tse bonahalang, tumelong ea hore thabo e itšetlehile ka matlotlo. Ka hona ba etsa matlotlo ana hore e be a bohlokoa ho feta melemo ea moea. E, ho latela tsela ea lefatše ho tla u fumanela setsoalle sa lefatše. Empa ho tla u khaola setsoalleng sa Molimo. Sa bohlokoa haholo ho uena ke sefe? Ke sefe se tla isa thabong e kholoanyane le e tšoarellang haholoanyane?
25. (a) Re ka lebella eng lefatšeng ha re furalla litsela tsa lona? (b) Ke eng e tla re nolofaletsa hore re hle re ‘nchafatse likelello tsa rōna’ hore re talime lintho joaloka Molimo?
25 Ho bonolo ho ineela mohlaleng oa lefatše. ’Me, ka lebaka la moea oa lona o mobe, batšehetsi ba lefatše lena ba tla ho hloea haeba u nka tsela esele. (1 Petrose 4:3, 4) U tla tlisetsoa likhatello tsa hore u ineele, ho lumella hore mokhatlo oa batho oa lefatše o u bōpe hore u tšoane le oona. Ho tla sebelisoa bohlale ba lefatše le lifilosofi tsa lona ka boiteko ba ho laola monahano oa hao hore na ke eng se tlisang katleho bophelong. Kahoo, ho hlokahala boiteko ba sebele le tumelo ea sebele hore u ‘nchafatse kelello ea hao’ ho bona lintho ka pono ea Molimo, u utloisisa hore na ke hobane’ng ‘ha bohlale ba lefatše lena e le bothoto mahlong a Oona.’ (Ba-Roma 12:2; 1 Ba-Korinthe 1:18-20; 2:14-16; 3:18-20) Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka matla re ka bona bohlale ba bohata ba lefatše. Re ka bona kotsi e seng e hlahisitsoe ke “bohlale” bo joalo, le phello e kotsi eo bo tlamehang ho fella ka eona. Joale re ka boetse ra ananela ka botlalo bohlale ba tsela ea Molimo le mahlohonolo a tiileng ao e re tiisetsang oona.
Ha ho Thuse Letho ho Nea Lefatše le Fetang Bophelo le Matla
26. Na e ka ba bohlale ho ameha mosebetsing oa mekhatlo e hlophisitsoeng ea lefatše ea lithuso ka pono ea ho ntlafatsa maemo?
26 Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa: ‘Empa mekhatlo e mengata e hlophisitsoeng ea lefatše e etsa melemo, e sebeletsa tšireletso, bophelo, thuto, le bolokolohi tsa batho.’ Ke ’nete, mekhatlo e meng e hlophisitsoeng e fana ka topollo ea nakoana likhathatsong tse seng kae tsa batho. Empa kaofela ke karolo ea lefatše le ikarotseng ho Molimo. ’Me e lebisa tlhokomelo ea batho ho ntšetseng pele tsamaiso ena ea hona joale ea lintho. Ha ho le o mong ho eona o buellang puso ea Molimo bakeng sa lefatše, ’Muso oa oona ka Mora oa oona. Ha e le hantle, le tsona linokoane li ka ’na tsa e-ba le malapa, tsa a hlokomela, tsa ba tsa etsa lithuso metseng. Empa na lintho tsee li ka lokafatsa hore re tšehetse ka tsela leha e le efe mekhatlo e hlophisitsoeng ea bonokoane?—Bapisa 2 Ba-Korinthe 6:14-16.
27. Tsela feela eo re ka thusang batho ba lefatše lee ka eona hore ba be har’a ba pholohelang Tsamaisong e Ncha ea Molimo ke efe?
27 Na ka sebele re ka bontša lerato la ’nete bakeng sa batho ka ho kopanela le maqheka leha e le afe a lefatše, re nehela nako le matla ho oona? Haeba u batla ho thusa motho e mong ea kulang, na u tla ho etsa ka hore u mo fothakele hoo u tšoaroang ke bohloko boo? Kapa na u ke ke ua ba thuso e khōlō ka hore uena u lule u phela hantle ’meleng ’me u leke ho thusa motho hore a fumane tsela e isang bophelong? Mokhatlo oa hona joale oa batho o kula moeeng ’me o-oa bobola. Ha ho lea mong ho rōna ea ka o pholosang, hobane Lentsoe la Molimo le bontša hore ho kula hoa oona ho isa lefung la oona. (Bapisa Esaia 1:4-9.) Empa re ka thusa batho ka bomong lefatšeng hore ba fumane tsela e phelisang moeeng le ho pholohela Tsamaisong e Ncha ea Molimo—ha rōna ka borōna re ipoloka re arohile lefatšeng. (2 Ba-Korinthe 6:17) Ka bohlale, he, qoba ho ameha maqhekeng a lefatše. Etsa ka matla ho qoba ho tšoaetsoa ke moea oa lefatše le ho etsisa litsela tsa lona tsa bokhopo. Le kamohla u se lebale: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.