Moea oa Lefatše
Tlhaloso: Matla a hlohlelletsang a susumetsang mokhatlo oa batho o entsoeng ka bao e seng bahlanka ba Jehova Molimo, a etsang hore batho ba joalo ba etse ba be ba bue lintho ka mokhoa o itseng. Le hoja batho ba iketsetsa lintho ka boikhethelo ba botho, ba bontšang moea oa lefatše ba fana ka bopaki ba boikutlo bo itseng ba motheo, litsela tsa ho etsa lintho, le lipakane bophelong tse tloaelehileng tsamaisong ea joale ea lintho eo morena le molimo oa eona e leng Satane.
Ke hobane’ng ha ho hemeloa ke moea oa lefatše e le taba e tebileng hakaale?
1 Joh. 5:19: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (Satane o ntšetsa pele moea o busang monahano le liketso tsa batho bao e seng bahlanka ba amohelehang ba Jehova. Ke moea oa boithati le boikhohomoso o tletseng hohle hoo o kang moea oo batho ba o phefumolohang. Ho hlokahala re be hlokolosi haholo hore re se ke ra ineela matleng a Satane ka ho lumella moea oo hore o bōpe bophelo ba rōna.)
Tšen. 12:9: “Drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.” (Haesale hona ho etsahala, hoba ho tsoaloe ’Muso ka 1914, tšusumetso ea Satane le bademona ba hae e iphile matla har’a batho. Moea oa hae o susumelelitse batho liketsong tse eketsehileng tsa boithati le pefo. Ba batlang ho sebeletsa Jehova ke bona ba hlileng ba oelang khatellong e khōlō ea ho ba karolo ea lefatše, hore ba etse se etsoang ke ba bang, le hore ba lahle borapeli ba ’nete.)
Tse ling tsa litšobotsi tsa moea oa lefatše tseo ho hlokahalang hore re ikalose ho tsona ke life?
1 Ba-Kor. 2:12: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse Moea o tsoang ho Molimo, re tle re tsebe tseo re li filoeng feela ke Molimo.” (Haeba moea oa lefatše o mela ka metso monahanong le litakatsong tsa motho, tholoana ea oona e bonahala ka potlako liketsong tse bonahatsang moea oo. Ka hona, ho lokoloha moeeng oa lefatše ha ho hloke feela ho qoba liketso tseo e seng tsa Bokreste le ho fetella empa hape le ho fihla botebong ba taba ka ho hlaolela boikutlo bo bontšang moea oa Molimo le lerato la ’nete bakeng sa litsela tsa oona. U lokela ho hopola sena ha u nahana ka lipontšo tse latelang tsa moea oa lefatše.)
Ho iketsetsa borata, ho sa natsoe thato ea Molimo
Satane o ile a phehella Eva hore a iketsetse qeto ea hore na se setle le se sebe ke sefe. (Gen. 3:3-5; bapisa ka ho sheba Liproverbia 3:5, 6.) Ba bangata ba latelang tsela ea Eva ha ba tsebe thato ea Molimo bakeng sa batho, kapa hona hore ba thahasella ho fumana hore na ke efe. Ba “iketsetsa borata,” kamoo ba bolelang. Ba tsebang se hlokoang ke Molimo ’me ba leka ho lumellana le sona ho hlokahala hore ba be hlokolosi hore moea oa lefatše o se ke oa ba etsa hore ba hlokomolohe keletso ea Lentsoe la Molimo ka boomo ho seo ba ka ’nang ba se talima e le ‘lintho tse nyenyane.’—Luka 16:10; bona le “Ho Ipusa.”
Ho arabela maemo ka boikhohomoso
Satane ke eena oa pele ea ileng a lumella hore ho iphahamisa ho silafatse pelo ea hae. (Bapisa Ezekiele 28:17; Liproverbia 16:5.) Boikhohomoso ke matla a arolang lefatšeng le busoang ke eena, bo etsa batho hore ba inahane ba le molemo ho feta ba bang ba merabe e meng, lichaba, lipuo le maemo a lichelete. Le bona ba sebeletsang Molimo ho ka ’na hoa hlokahala hore ba fothole metso e saletseng ea boikutlo bo joalo. Hape ho hlokahala hore ba itebele e le hore boikhohomoso bo se ke ba ba etsa hore ba etse tseko e khōlō ka litaba tse fokolang, kapa bo fetohe mokoallo oa hore ba amohele liphoso tsa bona le ho amohela keletso ’me kahoo ba rue molemo thusong e ngata e lerato eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—Ba-Roma 12:3; 1 Pet. 5:5.
Ho bontša moea oa borabele ho ba boholong
Borabele bo qalile ka Satane, eo lebitso la hae le bolelang “Mohanyetsi.” Ka hore a nyelise Jehova, Nimrode, eo mohlomong lebitso la hae le bolelang “A Re Rabeleng,” o bontšitse hore e ne e le ngoana oa Satane. Ho qoba moea oo ho tla thibela batho ba tšabang Molimo hore ba nyelise babusi ba lefatše (Ba-Roma 13:1); ho tla thusa bana hore ba ikokobeletse matla a batsoali ba bona ao ba a filoeng ke Molimo (Ba-Kol. 3:20); etlaba tšireletso khahlanong le ho qenehela bakoenehi, ba hlomphollang bao Jehova a ba tšepetseng boikarabelo mokhatlong oa hae o bonahalang o hlophisitsoeng.—Juda 11; Ba-Heb. 13:17.
Ho lumella litakatsa tsa nama e oeleng
Tšusumetso ea sena e ka bonoa le ho utluoa hohle. Hoa hlokahala hore nako le nako ho ikalosoe khahlanong le eona. (1 Joh. 2:16; Ba-Ef. 4:17, 19; Ba-Gal. 5:19-21) Monahano le litakatso tse ka ’nang tsa isa bopaking bo tebileng haholoanyane ba eona li ka ’na tsa bonahala meqoqong ea motho, mesoasong ea hae, mantsoeng a lipina tseo a li mamelang, motjeko oa hae, kapa ho shebelleng hoa hae libaesekopo tse bontšang likamano tsa botona le botšehali. Tšobotsi ena ea moea oa lefatše e iponahatsa tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, botahoa, bofebe, bohlola, le bosodoma. E bonahala hape ha motho, khahlanong le Mangolo, empa mohlomong e le ka tumello ea molao, a hlala molekane e mong ’me a nka e mong.—Mal. 2:16.
Ho lumella hore bophelo ba motho bo busoe ke takatso ea ho ba le seo motho a se bonang
Ke eona takatso eo Satane a ileng a e hlaolela ho Eva, a mo eka hore a etse ho hong ho ileng hoa senya kamano ea hae le Molimo. (Gen. 3:6; 1 Joh. 2:16) Jesu o ile a hana moleko o joalo ka tieo. (Matt. 4:8-10) Ba batlang ho khahlisa Jehova ho hlokahala ba ikalose e le hore ba se lumelle hore lefatše la khoebo le hōlise ka ho bona moea o joalo. Bao o ba tšoasitseng ba hlaheloa ke mahlomola a maholo le tšenyeho ea moea.—Matt. 13:22; 1 Tim. 6:7-10.
Ho ikhantša ka matlotlo a motho le ka seo a nahanang hore o se finyelletse
Mokhoa ona, le oona, o “tsoa lefatšeng” ’me ho hlokahala hore ba fetohang bahlanka ba Molimo ba o lahle. (1 Joh. 2:16) O metse boikhohomosong, ’me ho e-na le hore o hahe ba bang moeeng, o sollisa ka pel’a bona likeko tsa lintho tse bonahalang le lipono tsa se finyelloang lefatšeng.—Ba-Roma 15:2.
Ho ntša maikutlo a motho ka mahlapa le liketso tsa pefo
Tsena ke “mesebetsi ea nama,” eo batho ba bangata ba lokelang ho e loantša ka thata. Ka tumelo ea ’nete le ka thuso ea moea oa Molimo ba ka hlōla lefatše ho e-na le ho lumella hore moea oa lona o ba buse.—Ba-Gal. 5:19, 20, 22, 23; Ba-Ef. 4:31; 1 Ba-Kor. 13:4-8; 1 Joh. 5:4.
Ho bea tšepo ea motho le tšabo ho se ka etsoang ke batho
Motho oa nama o nahana hore seo a ka se tšoarang le ho se bona ke sona sa bohlokoa haholo. Tšepo ea hae le tšabo ea hae li likoloha ho seo batho ba bang ba se tšepisang le ho soka ka sona. Thuso o e shebile ho babusi ba batho ’me o felloa ke matla ha ba hlōleha. (Pes. 146:3, 4; Esa. 8:12, 13) Ho eena, bophelo bona ke bona phetho bo teng. O kopeloa habonolo ke litšokelo tsa lefu. (Ha u bapisa, bona Mattheu 10:28; Ba-Heberu 2:14, 15.) Empa matla a macha a sebelisa kelello ea batho ba tsebang Jehova, ba tlatsang likelello tsa bona le lipelo ka litšepiso tsa hae le ba ithutang ho retelehela ho eena bakeng sa thuso nako le nako ha ho hlokahala.—Ba-Ef. 4:23, 24; Pes. 46:1; 68:19, 20.
Ho nea batho le lintho hlompho ea borapeli ea Molimo
“Molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose, o khothalletsa mekhoa ea mefuta eohle e faposang tšekamelo eo motho a e filoeng ke Molimo ea ho rapela. (2 Ba-Kor. 4:4) Babusi ba bang ba ’nile ba tšoaroa joaloka melimo. (Lik. 12:21-23) Ba limillione ba khumamela litšoantšo. Ba bang hape ba limillione ba rapela lihoba le limathi tse hloahloa. Hangata mekete e fana ka tlhompho e sa lokelang ho batho ka bomong. Moea ona o atile hoo ba ratang Jehova kannete le ba batlang ho inehela ka ho khethehileng ho eena ho hlokahalang hore ba be seli tšusumetsong ea oona tsatsi le leng le le leng.