Lefatše (World)
Tlhaloso: Ha le fetoletse lentsoe la Segerike koʹsmos, “lefatše” le ka bolela (1) batho ka kakaretso, ntle ho boitšoaro ba bona kapa tsela ea bophelo, (2) sebopeho sa maemo a batho seo motho a tsoalloang ho sona le seo a phelang ho sona, kapa (3) mokhopi oa batho ntle ho bahlanka ba amohelehang ba Jehova. Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ’nile ba fetisa maikutlo a sa nepahalang ka hore ba sebelise “lefatše [world]” ka tsela e tšoanang le mantsoe a Segerike a bolelang “lefatše [earth],” “lefatše leo ho ahiloeng ho lona,” le “tsamaiso ea lintho.” Puisano e latelang e lebisa tlhokomelo ea eona e khōlō tlhalosong ea boraro ho tse boletsoeng kaholimo tsa “lefatše.”
Na lefatše le tla senngoa ka mollo?
2 Pet. 3:7: “Maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo [la Molimo], li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” (Hlokomela hore hase batho ka kakaretso ba tla senngoa empa ke feela “ba nyefolang.” Ka ho tšoanang, temana ea 6 e bua ka ho senngoa hoa “lefatše” mehleng ea Noe. Ho ile hoa senngoa batho ba khopo, empa lefatše hammoho le Noe ea tšabang Molimo le lelapa la hae, ba sala. Na letsatsing le tlang la kahlolo “mollo” etlaba oa sebele, kapa o tšoantšetsa timetso e feletseng? Ke phello efe eo mollo o neng o ka ba le eona ho lihloliloeng tse chesang ka matla tsa leholimo tse kang letsatsi le linaleli? Bakeng sa lintlha tse ling tsa taba ena, bona maqephe 210-212, tlas’a “Lefatše (Earth).”)
Liprov. 2:21, 22: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”
Lefatše lee le busoa ke mang—Molimo kapa Satane?
Dan. 4:35: “[Molimo o Holimo-limo, Jehova,] o etsa ka makhotla a leholimo le ka baahi ba lefatše kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ea ka thibelang letsoho la hae, a re ho eena: U etsa’ng na?” (Ka ho tšoanang, Jeremia 10:6, 7 e bua ka Jehova e le “Morena oa lichaba” hobane ke Morena ea Holimo-limo, ea ka bitsang ’me o tla bitsa marena a batho le lichaba tseo a li busang ho tla ikarabella. E le ’Mōpi oa lefatše, Jehova ke Morena oa lona ea loketseng; ha ho mohla a kileng a tlohela setulo seo.)
Joh. 14:30: “[Jesu a re:] Morena oa lefatše lena oa tla; ’me ha a na letho ho ’na.” (Ho hlakile hore morena enoa hase Jehova Molimo, eo Jesu a etsang thato ea hae ka botšepehi kamehla. ‘Morena enoa oa lefatše’ e tlameha ebe ke “e mobe,” Satane Diabolose, eo ‘lefatše lohle le rapaletseng ka tlas’a matla a hae’ joalokaha ho boletsoe ho 1 Johanne 5:19. Le hoja batho ba phela qitikoeng ea Molimo, lefatše le entsoeng ka bao e seng bahlanka ba utloang ba Jehova le tlas’a taolo ea Satane hobane batho ba joalo baa mo utloa. Ba ikokobeletsang borena ba Jehova ka pelo eohle hase karolo ea lefatše leo. Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:4.)
Tšen. 13:2: “Sebata . . . drakone [Satane Diabolose] ea se fa matla a eona, le terone ea eona, le borena bo boholo.” (Papiso ea tlhaloso ea “sebata” sena le Daniele 7 e bontša hore se emela puso ea batho, e seng e le ’ngoe feela empa tsamaiso ea lefatše lohle ea puso ea lipolotiki. Hore Satane ke morena oa eona ho lumellana le Luka 4:5-7, le Tšenolo 16:14, 16, e tšoantšetsang lipolelo tsa bodemona li isa marena a lefatše lohle ho ea loana le Molimo Harmagedone. Ho busa hoa Satane lefatše ke hoo Molimo o mpang o ho mamelletse feela ho fihlela ka nako ea Oona ea hore o lokise tseko ea borena ba bokahohle.)
Tšen. 11:15: “Ha utloahala mantsoe a maholo a buang leholimong, a re: Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae.” (Ha hona ho etsahala ka 1914, ke ha ho qaleha ‘mehla ea qetello’ bakeng sa tsamaiso ea joale. Borena ba Jehova ba bontšoa bocha, ka lekhetlo lena ka Mora oa hae e le Morena oa Messia. Haufi lefatše le khopo le tla senngoa, ’me Satane, morena oa lona ea khopo oa moea, o tla liheloa sekoting, a se na hona ho susumetsa batho.)
Boikutlo ba Bakreste ba ’nete ke bofe mabapi le lefatše le mabapi le batho bao e leng karolo ea lona?
Joh. 15:19: ‘[Balateli ba Jesu] hase ba lefatše, empa o ba khethile lefatšeng.’ (Ka hona Bakreste ba ’nete hase karolo ea mokhopi oa batho ba ikarotseng ho Molimo. Ba hlokomela liketso tse tloaelehileng tsa batho, empa ba qoba boikutlo, puo, le boitšoaro tse khethollang lefatše le tse hananang le litsela tse lokileng tsa Jehova.) (Bona maqephe 166-173, le 321-325.)
Jak. 4:4: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Kaha Bakreste ha baa phethahala, ka linako tse ling ba ka ’na ba silafatsoa ke ho kopana le lefatše. Empa ha ba eletsoa ka Lentsoe la Molimo, baa baka ’me ba lokisa litsela tsa bona. Leha ho le joalo, haeba ba bang, ka boikhethelo, ba ipapisa le lefatše kapa ba etsisa moea oa lona, ba bontša hore haesale Bakreste ba ’nete empa ba fetohile karolo ea lefatše leo e leng sera sa Molimo.)
Ba-Roma 13:1: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena, hobane ha ho borena bo sa tsoeng ho Molimo, marena a leng teng a beiloe ke Molimo.” (Ba elang hloko keletso ena hase marabele, a lekang ho phethola mebuso ea lefatše. Ba ikokobeletsa matla a marena a lipolotiki, ba a utloa hafeela se hlokoang ke marena a joalo se sa hanane le se hlokoang ke Molimo. Molimo o hlile oa bona oa ba oa profeta ka mebuso e joalo. Ha e buse hobane e neiloe matla ke oona, empa e busa ka tumello ea oona. O tla be o e tlose ka nako ea oona.)
Ba-Gal. 6:10: “Ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” (Kahoo, Bakreste ba ’nete ha ba lese ho etsa batho ba bang hantle. Ba etsisa Molimo, o chabisetsang batho ba khopo le ba molemo letsatsi.—Matt. 5:43-48.)
Matt. 5:14-16: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Hore ba bang ba tle ba tlotlise Molimo ka lebaka la se etsoang ke Bakreste, ho totobetse hore Bakreste ba tlameha ho ba lipaki tse mafolo-folo ho pakela lefatše ka lebitso la Molimo le morero oa oona. Bakreste ba ’nete ba fana ka khatiso e khōlō mosebetsing ona.)
Ke eng se boleloang ke maemo a hona joale a lefatše?
Bona sehlooho se seholo “Mehla ea Qetello.”