Buka ea Bibele ea 45—Ba-Roma
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Korinthe
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 56 C.E.
1. Pauluse o tšohla eng lengolong la hae le eang ho Baroma?
HO LIKETSO re ile ra shebella Pauluse, eo pele ho moo e neng e le mohlorisi ea mabifi oa Bakreste ba Bajode, a fetoha moapostola oa Kreste ea chesehang ho lichaba tseo e seng Bajode. Ka Baroma re qala libuka tse 14 tsa Bibele tseo moea o halalelang o ileng oa bululela enoa eo e neng e le Mofarisi pele, eo joale e leng mohlanka ea tšepahalang oa Molimo, hore a li ngole. Nakong eo a neng a ngola Ba-Roma ka eona, Pauluse o ne a se a ile a phetha maeto a mabeli a malelele a boboleli ’me o ne a kenelletse haholo ho la boraro. O ne a ngotse mangolo a mang a mahlano a bululetsoeng: Ba-Thessalonika ba Pele le ba Bobeli, Ba-Galata, le Ba-Korinthe ba Pele le ba Bobeli. Leha ho le joalo ho bonahala ho loketse hore Libibeleng tsa rōna tsa kajeno, Ba-Roma e tle pele ho a mang, kaha e bua haholo ka ho lekana ho hocha pakeng tsa Bajode le bao e seng Bajode, lihlopha tse peli tseo Pauluse a ileng a bolela ho tsona. E hlalosa phetoho e bileng teng litšebelisanong tsa Molimo le batho ba oona ’me e bontša hore Mangolo a Seheberu a bululetsoeng e ne e le khale a boletse hore litaba tse molemo li ne li tla boleloa le ho bao e seng Bajode.
2. (a) Pauluse o tšohla mathata afe ho Ba-Roma? (b) Ke eng e tiisoang ka matla ke lengolo lee?
2 Pauluse, a sebelisa Tertiuse e le mongoli, o hokahanya kakaretso e potlakileng le palo e hlollang ea litaba tseo a li qotsang Mangolong a Seheberu ho e etsa e ’ngoe ea libuka tse matla ka ho fetisisa tsa Mangolo a Segerike a Bokreste. Ka puo e mathe-maloli, o tšohla mathata a ileng a hlaha ha liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo tsa Bokreste li ne li entsoe ka Bajode le Bagerike. Na Bajode ba ne ba nka sebaka sa pele hobane e ne e le bana ba Abrahama? Na Bakreste ba hōlileng tsebong, ba neng ba sebelisa bolokolohi ba bona Molaong oa Moshe, ba na le tokelo ea ho khopisa banab’abo bona ba Bajode ba fokolang ba neng ba sa ntsane ba tšoarelletse mekhoeng ea boholo-holo? Lengolong lena Pauluse ka tieo o tiisa hore Bajode le bao e seng Bajode baa lekana ka pel’a Molimo le hore batho ba phatlalatsoa hore ba lokile, ka tumelo ho Jesu Kreste le ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, e seng ka Molao oa Moshe. Ka nako e tšoanang, Molimo o batla hore Bakreste ba bontše boikokobetso bo loketseng babusi ba fapa-fapaneng bao ba iphumanang ba le tlas’a bona.
3. Phutheho ea Roma e ile ea qaleha joang, ’me ke eng e ka ’nang ea ikarabella hore Pauluse a tsebe ba bangata hakaalo moo?
3 Phutheho ea Roma e ile ea qaleha joang? Bonyane ho tloha nakong ea ha Pompey a hapa Jerusalema ka 63 C.E. ho ile ha e-ba le Bajode ba bangata Roma. Ho Liketso 2:10 ho boleloa ka ho hlaka hore ba bang ho Bajode bao ba ne ba le Jerusalema ka Pentekonta 33 C.E., moo ba ileng ba utloa ha ho boleloa litaba tse molemo. Baeti ba ileng ba sokoloha ba ile ba lula Jerusalema ho ithuta ho baapostola, ’me ha ho pelaelo hore hamorao ba neng ba e-tsoa Roma ba ile ba khutlela teng, mohlomong ba bang ka nako ea ha mahloriso a qhoma Jerusalema. (Lik. 2:41-47; 8:1, 4) Ho feta moo, batho ba mehleng eo ba ne ba tsamaea haholo, ’me mohlomong sena se ka hlalosa tloaelano e haufi ea Pauluse le litho tse ngata haholo tsa phutheho ea Roma, tse ling tsa tsona mohlomong li ile tsa utloa litaba tse molemo Greece kapa Asia ka lebaka la ho bolela ha Pauluse.
4. (a) Ba-Roma e fana ka boitsebiso bofe mabapi le phutheho e motseng oo? (b) Boteng ba Akila le Priscilla Roma bo bontša eng?
4 Boitsebiso ba pele bo tšepahalang ka phutheho ena bo fumanoa lengolong la Pauluse. Ho lona ho hlakile hore phutheho ena e ne e entsoe ka Bakreste ba Bajode le bao e seng Bajode le hore cheseho ea bona e ne e rorisoa. O re ho bona: “Tumelo ea lōna e rorisoa lefatšeng lohle,” hape, “Ho utloa ha lōna ho tsebiloe ke bohle.” (Ba-Roma 1:8; 16:19) Suetonius, ha a ngola lekholong la bobeli la lilemo, o tlaleha hore nakong ea puso ea Klaude (14-54 C.E.), Bajode ba ile ba lelekoa Roma. Leha ho le joalo, ba ile ba khutla hamorao, joalokaha ho bontšoa ke boteng ba Akila le Priscilla Roma. Ke Bajode bao Pauluse a ileng a teana le bona Korinthe le ba neng ba tlohile Roma nakong ea taelo ea Klaude empa ba ne ba khutletse Roma nakong eo Pauluse a neng a ngolla phutheho ea moo.—Lik. 18:2; Ba-Roma 16:3.
5. Ke linnete life tse tiisang bonnete ba Ba-Roma?
5 Bonnete ba lengolo lena bo pakoa ka tieo. Joalokaha kenyelletso ea lona e bolela, le tsoa ho “Pauluse, mohlanka oa Jesu Kreste, ea bitsitsoeng ho ba moapostola, . . . [ho] bohle ba leng Roma, baratuoa ba Molimo, ba bitsitsoeng, ba halalelang.” (Ba-Roma 1:1, 7) Bopaki boo e seng ba Mangolo bo ngotsoeng ka eona bo har’a bo fumanoeng pele bakeng sa Mangolo a Bokreste a Segerike. Petrose o sebelisa lipolelo tse ngata tse tšoanang lengolong la hae la pele, le ngotsoeng mohlomong lilemo tse tšeletseng ho isa ho tse robeli ka morao ho moo, hoo liithuti tse ngata li nahanang hore o tlameha hore e be o ne a se a ile a bona lengolo la Ba-Roma. Ba-Roma ka ho hlakileng e ne e nkoa e le karolo ea mangolo a Pauluse ’me e ile ea qotsoa joalo ke Clemente oa Roma, Polycarp oa Smyrna, le Ignatiuse oa Antioke, bao kaofela ha bona ba phetseng ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo le mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo C.E.
6. Buka ea boholo-holo e ngotsoeng ka loli e tiisa joang hore Ba-Roma ke karolo ea Mangolo a Halalelang?
6 Buka ea Ba-Roma, hammoho le a mang a robeli a mangolo a Pauluse, e fumanoa ho codex e bitsoang Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46). Mabapi le codex ena ea boholo-holo, Sir Frederic Kenyon o ile a ngola: “Joale mona, re na le hoo e ka bang libuka tse felletseng tse ngotsoeng ka letsoho ea Liepistole tsa Pauluse, tseo ho bonahalang li ngotsoe hoo e ka bang qalong ea lekholo la boraro la lilemo.”a Libuka tsa loli tsa Chester Beatty tsa Segerike tsa Bibele ke ea khalenyana ho feta ea Sinaitic Manuscript le tsa Vatican Manuscript No. 1209, tseo ka bobeli e leng tsa lekholo la bone la lilemo C.E. Tsena le tsona li na le buka ea Ba-Roma.
7. Ke bopaki bofe bo teng ka sebaka le nako tsa ho ngoloa ha Ba-Roma?
7 Ba-Roma e ile ea ngoloa neng hona e ngolloa hokae? Bahlalosi ba Bibele baa lumellana hore lengolo lena le ngoletsoe Greece, mohlomong Korinthe, ha Pauluse a ne a etetse moo ka likhoeli tse seng kae ho ea qetellong ea leeto la hae la boromuoa la boraro. Bopaki bo ka ho eona bo supa Korinthe. Pauluse o ngotse lengolo a le lapeng ha Gaiuse, eo e neng e le setho sa phutheho ea moo, ’me o buella Foibe oa phutheho e haufi le moo ea Cenkrea, kou ea likepe ea Korinthe. Ho hlakile hore ke Foibe ea ileng a tsamaea le lengolo lena ho ea Roma. (Ba-Roma 16:1, 23; 1 Ba-Kor. 1:14) Ho Ba-Roma 15:23 (NW) Pauluse o ngolile: “Ha ke sa na sebaka seo ke sa se sebetsang libakeng tsena,” ’me temaneng e latelang o supa hore o rera ho atolosetsa mosebetsi oa hae oa boromuoa ka bophirima, ho elella Spain. Ho ne ho mo loketse hantle hore a ngole tjena ho elella qetellong ea leeto la hae la boraro, mathoasong a 56 C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-ROMA
8. (a) Pauluse o re’ng ka thōmo ea hae? (b) O bontša joang hore Bajode le Bagerike ba lokeloa ke bohale ba Molimo?
8 Ho se ee ka tšobotsi ha Molimo ho Bajode le ho Balichaba (1:1–2:29). Pauluse ea bululetsoeng o bolella Baroma eng? Mantsoeng a hae a qalang, o itsebahatsa e le moapostola ea khethiloeng ke Kreste hore a rute ‘kutlo ka tumelo’ har’a lichaba. O hlalosa takatso ea hae e matla ea ho etela bahalaleli ba Roma, ho thabela ‘ho tšelisana’ le bona, le ho phatlalatsa har’a bona litaba tse molemo tseo e leng “matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang.” Joalokaha e ne e le khale ho ngotsoe, ea lokileng o tla phela “ke tumelo.” (1:5, 12, 16, 17) O bontša hore Bajode hammoho le Bagerike ba tšoaneloa ke bohale ba Molimo. Bokhopo ba motho ha bo na lebaka le bo emelang hobane ‘litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa Molimo li bonoa ka ho hlaka ho tloha ho bōptjoeng ha lefatše ho ea pele.’ (1:20, NW) Leha ho le joalo, lichaba ka booatla li etsa melimo ka lintho tse bōpiloeng. Empa Bajode ha baa lokela ho ahlola lichaba ka matla, kaha le bona ba molato oa libe. Lihlopha tsena ka bobeli li tla ahloloa ho latela liketso tsa tsona, hobane Molimo ha o ee ka tšobotsi. Lebollo la nama hase lona le etsang qeto; “mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo.”—2:29.
9. (a) Bajode ba phahame ka eng, ’me leha ho le joalo Pauluse o qotsa mangolo afe ho bontša hore bohle ba tlas’a sebe? (b) E be motho a ka phatlalatsoa a lokile joang, ’me ke mabaka afe a tšehetsang khang ee?
9 Bohle ba boleloa ba lokile ka tumelo (3:1–4:25). “Seo mo-Jode a fetisang ba bang ka sona ke’ng?” Se seholo, hobane Bajode ba ne ba tšepetsoe ho boloka lipolelo tse halalelang tsa Molimo. Leha ho le joalo, “leha e le ba-Jode, leha e le ba-Gerike, ba sebeng,” ’me ha ho ea “lokileng” mahlong a Molimo. Ho qotsoa ka makhetlo a supileng Mangolong a Seheberu ho paka ntlha ena. (Ba-Roma 3:1, 9-18; Pes. 14:1-3; 5:9; 140:3; 10:7; Liprov. 1:16; Esa. 59:7, 8; Pes. 36:1) Molao o totobatsa boetsalibe ba motho, kahoo “ha ho nama, leha e le ’ngoe, e tlang ho beoa e lokileng . . . ke mesebetsi ea molao.” Leha ho le joalo, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo le ka ho lokolloa ka topollo, Bajode hammoho le Bagerike ba boleloa ba lokile “ka tumelo, ka ntle ho mesebetsi ea molao.” (Ba-Roma 3:20, 28) Pauluse o tšehetsa khang ena ka ho qotsa mohlala oa Abrahama, ea sa kang a baloa a lokile ka lebaka la mesebetsi kapa lebollo, empa ka lebaka la tumelo ea hae e behang mohlala. Kahoo Abrahama ha aa ka a fetoha ntate oa Bajode feela empa le oa “bohle ba lumelang.”—4:11.
10. (a) Ho tlile joang hore lefu le buse e le morena? (b) Ho utloa ha Kreste ho felletse ka eng, empa ke temoso efe e boleloang mabapi le sebe?
10 Ha ho sa le makhoba a sebe empa a ho loka ka Kreste (5:1–6:23). Ka motho a le mong, Adama, sebe se ile sa kena lefatšeng, ’me sebe sa tlisa lefu, “ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (5:12) Lefu le busitse joaloka morena ho tloha ho Adama ho fihla ho Moshe. Ha Molao o ne o fanoa ka Moshe, sebe se ne se le sengata, ’me lefu le ile la tsoela pele ho busa. Empa mosa o sa tšoanelang oa Molimo joale o mongata ho feta, ’me ka ho utloa ha Kreste ba bangata ba boleloa hore ba lokile bakeng sa bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo hona hase tumello ea ho phela ka sebe. Batho ba kolobellelitsoeng ho Kreste ba tlameha ho shoa sebeng. Botho ba bona ba khale bo khokhothetsoe, ’me ba phelela Molimo. Sebe ha se sa ba busa, empa ba fetoha makhoba a ho loka, ba lebelletse khalalelo. “Moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—6:23.
11. (a) Pauluse o bapisa joang ho lokolloa ha Bakreste ba Bajode Molaong? (b) Molao o ile oa totobatsa eng, ka hona ke lintho life tse loantšanang ka ho Mokreste?
11 Ho shoa ka nģeng ea Molao, ho phela ka moea bonngoeng le Kreste (7:1–8:39). Ho bontša kamoo ka sehlabelo sa Kreste Bajode ba Bakreste ba ileng ba etsoa ba shoeleng Molaong ’me ba lokolloa hore e be ba Kreste le hore ba behe litholoana ho Molimo, Pauluse o sebelisa mohlala oa mosali, ea tlamelletsoeng ho monna oa hae hafeela monna a ntse a phela empa a lokoloha ho nyalana le e mong ha monna a e-shoa. Molao o halalelang o ne o totobatsa sebe haholo, ’me sebe se ile sa tlisa lefu. Sebe, se ahileng ’meleng ea rōna ea nama, se loana le boikemisetso ba rōna bo botle. Joalokaha Pauluse a re: “Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.” Kahoo, “ha e sa le ’na ke [bo] etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho ’na.”—7:19, 20.
12. Ba bang ba fetoha majalefa hammoho le Kreste joang, ’me baa ba hlōtse ka ho felletseng ho eng?
12 Ke eng e ka pholosang motho boemong boo bo hlomolang pelo? Molimo o ka phelisa bao e leng ba Kreste ka moea oa Oona! Ba amoheloa joaloka bara, ba phatlalatsoa hore ba lokile, ba fetoha majalefa a Molimo le majalefa hammoho le Kreste, ’me baa tlotlisoa. Ho bona Pauluse o re: “Ha Molimo o eme le rōna, ke mang ea ka hanang ho rōna na? Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na?” Ha ho lea mong! Ka thabo oa phatlalatsa: “Re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng. Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—8:31, 35, 37-39.
13. (a) Ho ea ka boprofeta, ke bo-mang ba akarelletsoang ho bao e hlileng e leng Baiseraele ba Molimo, ’me sena se tumellanong le molao-motheo ofe oa bomolimo? (b) Ke hobane’ng ha Iseraele ea nama e ile ea hlōleha, empa ke eng se hlokahalang bakeng sa poloko?
13 “Iseraele” e pholosoa ka tumelo le ka mohau oa Molimo (9:1–10:21). Pauluse o bolela “bohloko bo boholo” bakeng sa Baiseraele bahabo, empa o hlokomela hore hase Baiseraele bohle ba nama bao e hlileng e leng “ba-Iseraele,” kaha Molimo o na le matla a ho khetha mang le mang eo o ratang ho mo khetha hore e be mora. Joalokaha ho bontšoa ke tsela eo Molimo o ileng oa sebetsa Faro ka eona le ka papiso ea sebopi, “hase taba ea ea ratang, leha e le ea ea titimang, empa e le ea Molimo o hauhelang.” (9:2, 6, 16) O bitsa bara “e seng har’a ba-Jode feela, empa le har’a balichaba,” joalokaha Hosea a ile a bolela esale khale. (Hos. 2:23) Iseraele e ile ea hlōleha kaha e ile ea batla hore e fumane mohau oa Molimo ‘e seng ka tumelo empa ka mesebetsi,’ le ka lebaka la ho khoptjoa ke Kreste, “lefika le khopang.” (Ba-Roma 9:24, 32, 33) Ba ne ba e-na le “cheseho ho Molimo” empa e se ka “tsebo e nepahetseng.” Kreste ke phetho ea Molao bakeng sa ba sebelisang tumelo bakeng sa ho loka, ’me hore motho a bolokehe o tlameha ho bolela phatlalatsa “hore Jesu ke Morena” le hore a lumele hore “Molimo o mo tsositse bafung.” (10:2, 9, NW) Ho romeloa baboleli hore batho ba lichaba tsohle ba khone ho utloa, ba be le tumelo, le ho bitsa lebitso la Jehova e le hore ba pholosoe.
14. Pauluse o bapisa eng ka sefate sa mohloare?
14 Papiso ea sefate sa mohloare (11:1-36). Ka lebaka la mosa o sa tšoanelang, masala a Iseraele ea tlhaho a khethiloe, empa kaha bongata bo ile ba khoptjoa, “poloko e ho batho ba lichaba.” (11:11, NW) A sebelisa papiso ea sefate sa mohloare, Pauluse o bontša kamoo, ka lebaka la ho haelloa ke tumelo ha Iseraele ea nama, ho ileng ha latoa bao e seng Bajode ’me ba khomathiselletsoa. Leha ho le joalo, bao e seng Bajode ha baa lokela ho nyakalla ka ho hanoa ha Iseraele, hobane haeba Molimo o sa ka oa boloka makala a tlhaho a sa tšepahaleng, o ne o ke ke oa boloka makala a mohloare oa naha a khomathisellelitsoeng a e-tsoa har’a lichaba.
15. Ho akarelletsoa eng ho hlahiseng mahlabelo a phelang ho Molimo?
15 Ho nchafatsa kelello; babusi ba phahameng (12:1–13:14). Pauluse o eletsa hore le hlahise ’mele ea lōna e le mahlabelo a phelang ho Molimo. Le se hlole le “ipapisa le lefatše lena,” empa le “fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna.” Le se ke la ikhohomosa. ’Mele oa Kreste, joaloka ’mele oa motho, o na le litho tse ngata, tse nang le mesebetsi e sa tšoaneng, empa li sebetsa hammoho ka kopano. Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho mang kapa mang. Tlohellang phetetso ho Jehova. Hlōlang “bobe ka botle.”—12:2, 21.
16. Bakreste ba tlameha ho tsamaea joang ka pel’a babusi le ba bang?
16 Ikokobelletseng babusi ba phahameng; ke tokisetso ea Molimo. Le ’ne le etse botle ’me le se ke la ba le molato ho mang kapa mang oa ntho leha e le ’ngoe haese oa ho ratana. Poloko e atametse, le “lahleng ke hona mesebetsi ea lefifi” ’me le “apareng lihlomo tsa leseli.” (13:12) Le tsamaee ka boitšoaro bo botle, e seng ho ea ka litakatso tsa nama.
17. Ho khothalletsoa eng mabapi le ho ahlola le ho haha ba fokolang?
17 Le amohele bohle le sa ee ka leeme ntle ho ho ahlola (14:1–15:33). Mamellang bao, ka lebaka la bofokoli ba tumelo ea bona, ba itimang lijo tse itseng kapa ba bolokang matsatsi a mekete. U se ke ua ahlola ngoan’eno kapa ua mo khopisa ka ho ja le ho noa ha hao, kaha Molimo o ahlola bohle. Phehellang khotso le lintho tse hahang, le ho mamella mefokolo ea ba bang.
18. (a) Ke eng hape seo Pauluse a se qotsang ha a bontša ho amohela ha Molimo bao e seng Bajode? (b) Pauluse ka boeena o ithuisa molemo joang ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo?
18 Moapostola oa ngola: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta,” ’me o qotsa hape ka makhetlo a mane Mangolong a Seheberu e le bopaki ba ho qetela ba hore baprofeta ba bululetsoeng e ne e le khale ba boletse hore litšepiso tsa Molimo li ne li tla atolosetsoa ho lichaba tseo e seng Bajode. (Ba-Roma 15:4, 9-12; Pes. 18:49; Deut. 32:43; Pes. 117:1; Esa. 11:1, 10) Pauluse oa khothatsa: “Le amohelane ke hona, joale ka ha Kreste le eena a le amohetse, e be tlotliso ea Molimo.” (Ba-Roma 15:7) Pauluse o bolela kananelo bakeng sa mosa o sa tšoanelang oo Molimo o mo nehileng oona oa hore e be mohlanka oa phatlalatsa ho lichaba, ‘ea keneng mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.’ Ka mehla o batla ho bula libaka tse ncha ho e-na le ho “haha holim’a motheo oa monna e mong.” ’Me ha a e-so ho fihle pheletsong, kaha ka mor’a ho isa menehelo Jerusalema o rera leeto le leholo haholo la ho bolela Spain e hole ’me, ha a le tseleng e lebang moo, a tlise “tekanyo e tletseng ea tlhohonolofatso e tsoang ho Kreste” ho banab’abo ba moea ba Roma.—15:16, 20, 29, NW.
19. Ke litumeliso life le khothatso tse phethelang lengolo lee?
19 Litumeliso tse koalang (16:1-27). Pauluse o romela litumeliso tsa botho ho litho tse 26 tsa phutheho ea Roma tseo a li bolelang ka mabitso, hammoho le ho ba bang, ’me o ba khothalletsa ho qoba batho ba bakang likarohano le ho ‘ba bohlale botleng, ’me e be lithoto bobeng.’ Tsohle tlotlisong ea Molimo “ka ho sa eeng kae, ka Jesu Kreste! Amen!”—16:19, 27.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
20. (a) Ke lebaka lefe le utloahalang leo Ba-Roma e fanang ka lona bakeng sa ho lumela ho Molimo? (b) Ho loka ha Molimo le mohau oa oona li bontšoa joang, ’me see se etsa hore Pauluse a bolele eng ka ho tsota?
20 Buka ea Ba-Roma e fana ka motheo o nang le mabaka oa ho lumela ho Molimo, e bolela hore “tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” Empa ho feta mona, e tsoela pele ho phahamisa ho loka ha oona le ho tsebahatsa mohau oa oona o moholo le mosa o sa tšoanelang. Re hlokomelisoa sena ka mokhoa o motle ka papiso ea sefate sa mohloare, seo ho khomathiselletsoang ho sona makala a sa naha ha ho pongoa makala a tlhaho. Ha a nahana ka khato ena e matla ea Molimo le mosa oa oona, Pauluse oa hlalosa: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang!”—1:20; 11:33.
21. Ba-Roma e bontša khōlo e tsoelang pele ea sephiri se halalelang sa Molimo joang?
21 Ke mona moo buka ea Ba-Roma e hlalosang khōlo e tsoelang pele ea sephiri se halalelang sa Molimo. Ka phuthehong ea Bokreste, ha ho sa na khethollo pakeng tsa Mojode le Molichaba, empa batho ba lichaba tsohle ba ka ba le seabo moseng o sa tšoanelang oa Jehova ka Jesu Kreste. “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea motho.” “Mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ke letere.” “Moo ha ho khethoe mo-Jode le mo-Gerike, kahobane Morena oa bohle o mong, ea ruetseng ho sitsa bohle ba bitsang ho eena.” Ho bana bohle, tumelo ke eona eo ba e balloang e le ho loka, e seng mesebetsi.—2:11, 29; 10:12; 3:28.
22. Ke keletso efe e sebetsang eo Ba-Roma e fanang ka eona mabapi le likamano le ba ka ntle ho phutheho?
22 Keletso e sebetsang e ka lengolong lena le eang ho Bakreste ba Roma e molemo ka ho tšoanang ho Bakreste kajeno, ba lokelang ho thulana le mathata a tšoanang lefatšeng leo e seng karolo ea lona. Mokreste o khothalletsoa ho ‘lula ka khotso le batho bohle,’ ho akarelletsa ba ka ntle ho phutheho. Sephefumolohi se seng le se seng se tlameha ho ‘ikokobetsa ka tlas’a borena,’ hobane marena ana a etsa tokisetso ea Molimo ’me ha aa lokela ho tšajoa feela ke ba hlomphang molao, empa le bona ba etsang liketso tse mpe. Bakreste ha baa lokela ho ba har’a bafo ba hlomphang molao feela ka lebaka la ho tšaba kotlo empa ka lebaka la letsoalo la Bokreste, ka baka leo ba lefa makhetho a bona, ba fana ka liabo tsa bona, ba phetha se ba tlammeng, ba se molato oa letho ho mang kapa mang, “ha e se oa ho ratana.” Lerato le phethahatsa Molao.—12:17-21; 13:1-10.
23. Pauluse o hatisa bohlokoa ba ho bolela phatlalatsa joang, ’me o fana ka mohlala ofe mabapi le ho lokisetsa tšebeletso?
23 Pauluse o hatisa taba ea bopaki ba pontšeng. Le hoja motho a lumela ka pelo hore e be ea lokileng, o bolela phatlalatsa ka molomo hore a tle a bolokehe. “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [Jehova], o tla bolokeha.” Empa hore sena se etsahale, hoa hlokahala hore baboleli ba tsoe ’me ba ‘bolele Evangeli ea taba tse molemo.’ Re tla thaba haeba re balelloa har’a baboleli bana bao molumo oa bona o seng o tsoile ho ea “lipheletsong tsa lefatše”! (10:13, 15, 18) ’Me ha re lokisetsa mosebetsi ona oa ho bolela, e se eka re ka leka ho tloaelana le Mangolo a bululetsoeng joaloka Pauluse, hobane serapeng sena se le seng (10:11-21) o qotsa khafetsa ka Mangolong a Seheberu. (Esa. 28:16; Joele 2:32; Esa. 52:7; 53:1; Pes. 19:4; Deut. 32:21; Esa. 65:1, 2) Ho ne ho tšoaneleha hore a re: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”—Ba-Roma 15:4.
24. Pauluse o fana ka keletso efe ka pono ea ho haha cheseho le likamano tse thabileng ka phuthehong?
24 Ho fanoa ka keletso e sebetsang ka mokhoa o babatsehang mabapi le likamano ka phuthehong ea Bokreste. Ho sa tsotellehe hore na pele e ne e le ba sechaba sefe, morabe, kapa semelo, bohle ba tlameha ho nchafatsa likelello tsa bona hore ba nehele Molimo tšebeletso e halalelang ho ea ka “ho ratoang ke Molimo . . . ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (11:17-22; 12:1, 2) Keletso ea Pauluse ho Ba-Roma 12:3-16 e tletse ho nahanela ho molemo hakaakang! Mona ka sebele ke keletso e fetisisang ea ho haha cheseho, boikokobetso, le kameho e mofuthu e bonolo har’a bohle ka phuthehong ea Bokreste. Likhaolong tse qetellang, Pauluse o fana ka keletso e matla ka ho lebela le ho qoba ba bakang likhaohano, empa hape o bua ka thabo le khatholoho tse hlahisoang ke botsoalle bo hloekileng ka phuthehong.—16:17-19; 15:7, 32.
25. (a) Ke pono efe e loketseng le kutloisiso e tsoelang pele tseo Ba-Roma e fanang ka tsona mabapi le ’Muso oa Molimo? (b) Ho ithuta Ba-Roma ho lokela ho re tsoela molemo ka litsela life?
25 Joaloka Bakreste, re tlameha ho tsoela pele re alositse likamano tsa rōna e mong ho e mong. “Hobane ’muso oa Molimo hase ho ja, hase ho noa, empa ke ho loka, le khotso, le thabo, ka Moea o Halalelang.” (14:17) Ho loka hona, khotso, le thabo haholo-holo ke kabelo ea “majalefa hammoho le Kreste,” a tlang ho ‘neoa khanya’ hammoho le eena ’Musong oa leholimo. Hape, hlokomela kamoo Ba-Roma e supang bohatong bo bong bo pejana phethahatsong ea tšepiso ea ’Muso e fanoeng Edene, e re: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.” (Ba-Roma 8:17; 16:20; Gen. 3:15) E se eka re ka tlala thabo eohle le khotso le ho ateloa ke tšepo ha re ntse re lumela linnete tsena tse khōlō. Boikemisetso ba rōna e ke e be hore re tla tsoa re hlōtse le Peō ea ’Muso, hobane re kholisehile hore ha ho letho leholimong holimo kapa tlaase lefatšeng “leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:39; 15:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Our Bible and the Ancient Manuscripts, 1958, leqephe 188.