Khaolo 29
“Ba Hloiloeng ke Lichaba Tsohle”
BOSIUNG ba ho qetela boo ka bona Jesu a bileng le baapostola ba hae pele ho lefu la hae, o ile a ba hopotsa: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; ha ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna. Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ea nthomileng.”—Joh. 15:20, 21.
E ne e se feela liketsahalo tse etsahalang ngope-a-setšoha tsa ho se rate ho lumella bolokolohi ba bolumeli tseo Jesu a neng a li nahanne. Matsatsi a mararo feela pejana, o ne a ile a re: “Le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka.”—Matt. 24:9, NW.
Leha ho le joalo, Jesu o ile a eletsa balateli ba hae hore ha ba tobane le mahloriso, ha baa lokela ho itšireletsa ka libetsa tsa nama. (Matt. 26:48-52) Ba ne ba sa lokela ho rohaka batho ba ba hlorisang kapa hona ho batla ho iphetetsa. (Ba-Roma 12:14; 1 Pet. 2:21-23) Na ho ne ho ke ke ha etsahala hore esita le bahlorisi bao ka letsatsi le leng e be balumeli? (Lik. 2:36-42; 7:58–8:1; 9:1-22) Phetetso e ne e lokela ho tlohelloa ho Molimo.—Ba-Roma 12:17-19.
Hoa tsebahala hore Bakreste ba pele ba ne ba hlorisoa ka sehlōhō ke ’muso oa Roma. Empa hape hoa hlokomeleha hore bahlorisi ba ka sehloohong ba Jesu Kreste e ne e le baeta-pele ba bolumeli le hore Ponse Pilato, ’musisi oa Roma, o ile a etsa hore Jesu a ahloloe hobane baeta-pele ba bolumeli ba ne ba batla hore ho be joalo. (Luka 23:13-25) Ka mor’a lefu la Jesu e bile baeta-pele ba bolumeli hape ba neng ba le ka sehloohong tabeng ea ho hlorisa balateli ba Jesu. (Lik. 4:1-22; 5:17-32; 9:1, 2) Na see ha sea ka sa etsahala linakong tsa morao tjee?
Baruti ba Batla Phehisano ea Sechaba
Ha kabo ea lingoliloeng tsa C. T. Russell ka potlako e nyolohela ho likopi tse limillione tse mashome ka lipuo tse ngata, ha hoa ka ha ba bonolo hore baruti ba K’hatholike le ba Prostanta ba hlokomolohe seo a neng a se bua. Ka baka la ho khopisoa ke ho senoloa ha lithuto tsa bona e le tse sa thehoang mangolong, le ho tsielehisoa ke ho lahleheloa ke litho, baruti ba bangata ba ile ba sebelisa lifalana tsa bona bakeng sa ho nyatsa lingoliloeng tsa Russell phatlalatsa. Ba ile ba laela mehlape ea bona hore e se ke ea amohela lingoliloeng tse abjoang ke Liithuti tsa Bibele. Ba ’maloa ba ne ba batla ho susumetsa ba boholong sechabeng hore ba thibele mosebetsi ona. Libakeng tse ling United States—tse ling tsa tsona ke Tampa, Florida; Rock Island, Illinois; Winston-Salem, North Carolina; le Scranton, Pennsylvania—ba ile ba susumetsa ho thibeloa phatlalatsa ha libuka tse ngotsoeng ke Russell.
Baruti ba bang ba ile ba ba le maikutlo a hore ho hlokahala hore ba felise tšusumetso ea Russell ka ho mo pepesa phehisanong e etsoang phatlalatsa. Haufi le ntlo-khōlō ea mosebetsi oa hae, sehlopha sa baruti sa khetha Dr. E. L. Eaton, moruti oa Kereke ea North Avenue Methodist Episcopal e Allegheny, Pennsylvania hore e be ’muelli oa bona. Ka 1903 o ile a etsa memo ea ho phehisana khang phatlalatsa, ’me Moena Russell o ile a amohela memo ena.
Ho ile ha bontšoa lintlha tse tšeletseng tseo ba neng ba tla buisana ka tsona, e leng tse latelang: Moena Russell o ile a lumela, empa Dr. Eaton a hana hore liphefumolohi tsa batho ba shoeleng ha li ikutloe; hore “ho tla la bobeli” ha Kreste ho tla pele ho Lilemo tse Sekete le hore morero oa “ho tla la bobeli” ha hae le Lilemo tse Sekete ke tlhohonolofatso malapeng ’ohle a lefatšeng; le hore ke bahalaleli feela ba “mehla ea Kosepele” ba kopanelang tsohong ea pele empa hore bongata bo boholo bo tla ba le monyetla oa ho pholoha tsohong e latelang. Dr. Eaton o ile a lumela, empa Moena Russell o ile a hana, hore ho ne ho ke ke ha e-ba le nako ea teko ka mor’a lefu bakeng sa mang kapa mang; hore bohle ba pholohileng ba tla kena leholimong; le hore ea nang le bokhopo bo ke keng ba lokisoa o tla hlokofatsoa ka ho sa feleng. Letoto la lintlha tsa phehisano tse tšeletseng litlhahisong tsena le ile la tšohloa ka pel’a bamameli ba tletseng Holo ea Carnegie e Allegheny ka 1903.
Phehisano ee e ne e le ea eng? Albert Vandenberg ha a talima taba ka lehlakoreng la histori, hamorao o ile a ngola: “Liphehisano tsena li ile tsa tšoaroa le moruti oa sehlopha se seng sa Prostanta ea sebeletsang e le motsamaisi oa lipuisano. Ho phaella moo, baruti ba tsoang likerekeng tsa libaka tse sa tšoaneng ba ne ba lutse sethaleng sa sebui le Reverend Eaton, ka morero oa ho mo tšehetsa ka mangolo le ho mo thoholetsa. . . . Taba ea hore esita le kamano eo e seng ea molao ea baruti ba Maprostanta e ne e ka thehoa e bontšitse hore ba ne ba tšaba matla a Russell a ho sokolla litho tsa malumeli a bona.”—“Charles Taze Russell: Moprofeta oa Pittsburgh, 1879-1909,” e hatisitsoe ho The Western Pennsylvania Historical Magazine, January 1986, leq. 14.
Liphehisano tse joalo li ne li fokola ha ho bapisoa. Ha lia ka tsa ba le liphello tseo selekane sa baruti se neng se li batla. Litho tse ling tsa phutheho ea Dr. Eaton, li ile tsa khahloa ke seo li ileng tsa se utloa nakong ea letoto la lintlha tsa phehisano ka 1903, tsa furalla kereke ea hae ’me tsa ikhethela ho kopanela le Liithuti tsa Bibele. Esita le moruti ea neng a le teng o ile a hlokomela hore Russell o ne a ‘lebisitse lethopo liheleng ’me a timme mollo.’ Leha ho le joalo, Moena Russell ka boeena o ile a ikutloa hore tsela ea ’nete e ka sebeletsoa hamolemo ka ho sebelisa nako le boiteko bakeng sa ho etsa mesebetsi ho e-na le ka liphehisano.
Baruti ha baa ka ba lesa tlhaselo ea bona. Ha Moena Russell a bua Dublin, Ireland, le Otley, Yorkshire, Engelane, ba ile ba beha batho ka har’a bamameli hore ba hoeletse likhanyetso le liqoso tsa bohata khahlanong le Russell ka boeena. Moena Russell a sebetsana le maemo ao ka bohlale, ka nako eohle a tšepa Bibele joaloka mohloli oa likarabelo tsa hae.
Baruti ba Maprostanta, ho sa tsotellehe bolumeli ba bona, ba ne ba kopane ho se tsejoang e le Selekane sa Evangeli. Baemeli ba sona linaheng tse ngata ba ne ba tšoentsoe ke Russell le batho ba abang lingoliloeng tsa hae. Ka mohlala, Texas (U.S.A.), Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore moruti e mong le e mong, esita le litoropong tse nyenyane le metseng ea mahaeng, o ne a hlomelletsoe ka sehlopha se tšoanang sa liqoso tsa bohata khahlanong le Russell le tsela e tšoanang ea ho khopamisa seo a neng a se ruta.
Leha ho le joalo, litlhaselo tsena tse etsoang khahlanong le Russell ka linako tse ling li ne li e-ba le liphello tseo baruti ba neng ba sa li lebella. New Brunswick, Canada, ha moruti a ne a ruta ka tsela e senyang Russell lebitso sefalaneng sa kereke ea hae, ka har’a bamameli ho ne ho e-na le monna eo ka boeena a neng a ile a bala lingoliloeng tsa Moena Russell. O ile a khoboheloa ha moruti a qala mashano ka boomo. Hoo e ka bang bohareng ba thuto ea hae, monna enoa o ile a ema, a tšoara mosali oa hae ka letsoho, ’me a bitsa barali ba hae ba supileng ba neng ba le sehlopheng sa libini tsa kereke: “Banana, tlong, re ea hae.” Bohle ba robong ba ile ba tsoa, ’me moruti o ile a shebella monna ea ileng a fana ka chelete ea kaho ea kereke e bile e le motšehetsi ea ka sehloohong oa phutheho licheleteng a tsamaea. Kapele phutheho eo e ile ea khaoha litsekana, ’me moruti o ile a tsamaea.
Ho Sebelisa Litšomo le Ketselletso
Boitekong ba bona bo matla ba ho felisa tšusumetso ea C. T. Russell le metsoalle ea hae, baruti ba ile ba nyenyefatsa polelo ea hore ke mosebeletsi oa Mokreste. Ka mabaka a tšoanang, baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tšoara baapostola Petrose le Johanne joaloka “batho ba sa rutehang, e le batho feela.”—Lik. 4:13.
Moena Russell o ne a sa ka a ea ho se seng sa likolo tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana. Empa ka sebete o ile a re: “Re phephetsa [baruti] hore ba pake hore na ba kile ba khethoa ke Molimo kapa hore na ba kile ba nahana ka hona. Ba mpa ba nahana ka ho khethoa ke lihlopha tsa bokhelohi kapa ho fuoa matla, e mong le e mong ke sehlopha sa hae kapa mokha. . . . Ho khethoa ke Molimo, kapa ho fuoa matla ha motho leha e le ofe bakeng sa ho bolela ho etsoa ka hore Moea o Halalelang o fetisetsoe ho eena. Mang le mang ea amohetseng Moea o Halalelang o fumane matla le tumello ea ho ruta le ho bolela ka lebitso la Molimo. Mang le mang ea sa amohelang Moea o Halalelang ha a na matla a Bomolimo leha e le tumello ea ho ruta.”—Esa. 61:1, 2.
E le hore ba ka mo senya lebitso, baruti ba bang ba ile ba ruta le ho phatlalatsa mashano a mabe haholo ka eena. Leo ba neng ba le sebelisa khafetsa—le leo ba ntseng ba le sebelisa—le amana le boemo ba lenyalo ba Moena Russell. Maikutlo ao ba neng ba batla ho a jala ke a hore Russell o ne a itšoere hampe. Linnete ke life?
Ka 1879, Charles Taze Russell o ile a nyala Maria Frances Ackley. Ba ile ba ba le kamano e ntle ka lilemo tse 13. Joale ha ba bang ba rorisa Maria ka ho tlōlisa le ha boikhohomoso bo ipiletsa ho eena kamano eo e ile ea qala ho fokola; empa ha sepheo sa bona se totobala, o ile a bonahala a boela a ba le maikutlo a leka-lekaneng ka eena ka boeena. Ka mor’a hore ea kileng a kopanela le bona a jale mashano ka Moena Russell, o ile a ba a kōpa tumello ho monna oa hae ea ho etela liphutheho tse ’maloa ho ea arabela liqoso tseo, kaha ho ne ho nahanoa hore o ne a mo tšoere hampe. Leha ho le joalo, ho bonahala hore kamohelo e mofuthu eo a ileng a e fuoa leetong leo ka 1894 e ile ea tlatsetsa phetohong e ileng ea tla butle-butle maikutlong ao eena a nang le oona. O ile a rata ho ipha matla a eketsehileng tabeng ea ho etsa qeto ka se neng se tla ngoloa ho Molula-Qhooa.a Ha a hlokomela hore ha ho taba leha e le ’ngoe eo a e ngotseng e neng e tla hatisoa ka ntle le haeba monna oa hae, e leng mohlophisi oa makasine ona, a lumellana le eona (motheong oa hore e lumellana le Mangolo), o ile a tšoenyeha haholo. O ile a etsa boiteko bo matla ba ho mo thusa, empa ka November 1897 mosali o ile a mo lahla. Leha ho le joalo, o ile a mo lokisetsa sebaka sa bolulo a ba a mo hlokomela ka lintho tsa ho phela. Lilemo tse itseng hamorao, ka mor’a lipuisano tsa lekhotleng la molao tse neng li qaliloe ke mosali ka 1903, ka 1908 haa ka a ahloleloa tlhalo e felletseng, empa tokelo ea molao ea hore a se ke a phela le eena empa leha ho le joalo a amohela chelete ea ho iphelisa.
Ha a se a hlōlehile ho qobella monna oa hae hore a lumele ho etsa seo a se batlang, ka mor’a hore a mo siee o ile a etsa boiteko bo matla ba ho mo senya lebitso. Ka 1903 o ile a hatisa pampitšana e sa tlalang linnete tsa Mangolo empa e tletse lipolelo tsa mashano a mabe haholo ka Moena Russell. O ile a batla thuso ho baruti ba malumeli a fapaneng hore ba li abe moo Liithuti tsa Bibele li neng li tšoere liboka tse khethehileng. Baruti bana ba tšoaneloa ke pabatso hobane hase ba bangata ka nako eo ba neng ba rata ho sebelisoa ka tsela eo. Leha ho le joalo, baruti ba bang ho tloha ka nako eo ba bonahalitse moea o fapaneng.
Pelenyana, Maria Russell o ile a nyatsa, ka mantsoe le ka ho ngola, ba neng ba qosa Moena Russell ka mofuta o itseng oa boitšoaro bo bobe boo hona joale eena ka boeena a bo tiisang. A sebelisa lipolelo tse se nang bopaki tse ileng tsa etsoa nakong ea nyeoe ka 1906 (’me ke tsona lipolelo tse ileng tsa hlakoloa tlalehong ka taelo ea lekhotla), bahanyetsi ba bang ba Moena Russell ba bolumeli ba phatlalalitse liqoso tse entsoeng ka tsela eo ho tla bonahala eka e ne e le monna ea itšoereng hampe kahoo a sa tšoanelehe bakeng sa ho ba mosebeletsi oa Molimo. Leha ho le joalo, tlaleho ea lekhotla e hlakile tabeng ea hore liqoso tse joalo ke tsa bohata. ’Muelli oa hae oa molao ka boeena o ile a botsa Mofumahali Russell hore na o lumela hore monna oa hae o molato oa bofebe. O ile a arabela: “Che.” Hape hoa hlokomeleha hore ha komiti ea baholo ba Bakreste e mamela liqoso tsa Mofumahali Russell khahlanong le monna oa hae ka 1897, ha a ka a bua ka lintho tseo hamorao a ileng a li bua ka lekhotleng e le hore a ka susumetsa lekhotla la baahloli hore tlhalo ea hlokahala, le hoja liketsahalo tsena tse inahaneloang li etsahetse pele ho seboka seo.
Lilemo tse robong ka mor’a hore Mofumahali Russell a hlahlele nyeoe khotla ka lekhetlo la pele, Moahloli James Macfarlane o ile a araba ka lengolo monna ea neng a batla kopi ea tlaleho ea lekhotla e le hore e mong oa metsoalle ea hae a ka pepesa Russell. Ka ho toba moahloli o ile a mo bolella hore seo a neng a se batla e ne e tla ba tšenyo ea nako le chelete. Lengolo la hae le ile la bolela: “Motheo oa kōpo ea hae ea molao-taelo oa kahlolo ea lekhotla la baahloli e ne e le ‘nyenyefatso’ eseng bofebe ’me bopaki, ho latela tsela eo ke ileng ka utloisisa ka eona, ha bo bontše hore Russell o ne a phela ‘bophelo ba bofebe le nyatsi.’ Ha e le hantle o ne a se na nyatsi.”
Seo Maria Russell a ileng a se hlokomela e se e le morao haholo se ile sa bonahala ka nako ea lepato la Moena Russell Holong ea Carnegie e Pittsburgh ka 1916. A roetse lesira, o ile a theosa le phaseje ho ea lekeseng la hae ’me a beha sehlopha sa mehalalitoe ea liphula moo. E ne e manamisitsoe lelente le nang le mantsoe ana, “Ho Monna oa ka ea Ratehang.”
Ho totobetse hore baruti ba sebelisitse maqiti a tšoanang le a ileng a sebelisoa ke batho ba lekholong la pele la lilemo ba tšoanang le bona. Ka nako eo, ba ile ba leka ka matla ho senya Jesu lebitso ka ho mo qosa ka ho ja le baetsalibe le ka hore eena ka boeena e ne e le moetsalibe le monyefoli. (Matt. 9:11; Joh. 9:16-24; 10:33-37) Liqoso tse joalo ha lia ka tsa fetola seo Jesu a leng sona, empa li ile tsa pepesa ba neng ba sebelisa ketselletso e joalo—li bile li pepesa ba sebelisang maqiti a tšoanang kajeno—hore ke bana ba ntat’a bona oa moea Diabolose, e leng lebitso le bolelang “Moetselletsi.”—Joh. 8:44.
Ba Sebelisa Moea oa Ntoa Bakeng sa ho Finyella Lipakane tsa Bona
Ka baka la moea oa bochaba o neng o tletse hohle lefatšeng nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ho ile ha fumanoa sebetsa se secha se ka sebelisoang khahlanong le Liithuti tsa Bibele. Bora ba baeta-pele ba bolumeli ba Prostanta le ba Roma e K’hatholike bo ne bo ka bonahatsoa ka seo ho bonahalang eka ke lerato la naha. Ba ile ba nka monyetla ka moea oa bohlanya ba ntoa e le hore ba ka bontša hore Liithuti tsa Bibele li khahlanong le bolaoli—qoso e tšoanang le eo baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba e etsa Jerusalema lekholong la pele la lilemo khahlanong le Jesu Kreste le moapostola Pauluse. (Luka 23:2, 4; Lik. 24:1, 5) Ho hlakile hore e le hore baruti ba ka etsa qoso eo, bona ka bobona ba ne ba lokela ho ba masole a mafolo-folo a ntoa, empa seo ha sea bonahala se tšoenya ba bangata ho bona, le hoja ho bolela ho romela bahlankana ho ea bolaea litho tsa bolumeli ba bona linaheng tse ling.
Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla buka The Finished Mystery, e hlalosang Tšenolo le Ezekiele esita le Sefela sa Lifela ka July 1917, ka mor’a lefu la Russell. Buka eo ka ho toba e ile ea pepesa boikaketsi ba baruti ba Bokreste-’mōtoana ka ho felletseng! E ile ea abjoa haholo ka nako eo ha ho bapisoa e leng khutšoanyane. Hamorao ka December 1917 le mathoasong a 1918, Liithuti tsa Bibele tsa United States le Canada le tsona li ile tsa aba likopi tse 10 000 000 tsa molaetsa o matla o leng pampitšaneng The Bible Students Monthly. Pampitšana ena e maqephe a mane e boholo ba halofo ea koranta e ne e e-na le sehlooho se reng “Ho Oa ha Babylona,” ’me e ne e e-na le sehloohoana se reng “Lebaka leo ka Lona Bokreste-’mōtoana bo Tlamehang ho Utloisoa Bohloko—Phello ea ho Qetela.” E ile ea tsebahatsa mekhatlo ea bolumeli ba K’hatholike le Boprostanta hammoho e le Babylona oa kajeno, e tla oa haufinyane. Ho tšehetsa se neng se builoe, e ile ea hlahisa tlhaloso ea The Finished Mystery ea boprofeta bo buang ka kahlolo ea Molimo khahlanong le “Babylona ea Mehlolo.” Leqepheng le ka morao ho ne ho na le setšoantšo se qabolang se neng se bontša lebota le oang. Majoe a maholo a tsoang leboteng a ne a na le mabitso a kang “Thuto ea Boraro-bo-bong (‘3 X 1 = 1’),” “Ho se Shoe ha Sephefumolohi,” “Khopolo ea Tlhokofatso ea ka ho sa Feleng,” “Boprostanta—lithuto tsa motheo, baruti, joalo-joalo,” “Boroma—bapapa, bak’hadinale, joalo-joalo, joalo-joalo.”—’me majoe ana kaofela a ne a oa.
Baruti ba ne ba halefetse ho pepesoa ho joalo, joalokaha baruti ba Bajode ba ne ba halefile ha Jesu a pepesa boikaketsi ba bona. (Matt. 23:1-39; 26:3, 4) Canada baruti ba ile ba arabela ka potlako. Ka January 1918, baruti ba ka bang 600 ba Canada ba ile ba saena kōpo e matla ba batla hore ’muso o thibele lingoliloeng tsa International Bible Students Association. Joalokaha ho tlalehiloe ho Winnipeg Evening Tribune, ka mor’a hore Charles G. Paterson moruti oa Kereke ea St. Stephen e Winnipeg, a nyatse The Bible Students Monthly, e neng e na le sehlooho se reng “Ho Oa ha Babylona” a le sefalaneng sa hae, Moeletsi oa ’Muso ea ka Sehloohong Johnson o ile a buisana le eena ka morero oa ho fumana kopi. Nakoana ka mor’a moo, ka February 12, 1918, molao-taelo oa ’muso oa Canada o ile oa etsa hore ho ba le buka The Finished Mystery kapa pampitšana e bontšitsoeng ka holimo e be tlōlo ea molao eo kahlolo ea eona e leng tefiso le ho kenngoa teronkong.
Ka eona khoeli eo, ka February 24, Moena Rutherford, e leng mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ea neng a sa tsoa khethoa, o ile a bua a le United States Holong ea Tempele e Los Angeles, California. Taba ea hae e ne e le e makatsang: “Lefatše le Felile—Limillione tse Phelang Hona Joale Mohlomong li ke ke tsa Hlola li e-shoa.” Ha a fana ka bopaki ba hore lefatše joalokaha le tsebiloe ho fihlela ka nako eo ha e le hantle le ne le felile ka 1914, o ile a bua ka ntoa e neng e tsoela pele ka nako eo, hammoho le tlala e neng e tsamaea le eona, ’me a hlokomela hore ke karolo ea pontšo e boletsoeng esale pele ke Jesu. (Matt. 24:3-8) Eaba o lebisa tlhokomelo ea hae ho baruti, a re:
“E le sehlopha, ho latela mangolo, baruti ke batho ba molato ka ho fetisisa lefatšeng bakeng sa ntoa e khōlō eo hona joale e hlasetseng moloko oa batho. Ka lilemo tse 1 500 ba rutile batho thuto ea bosatane ea hore marena a na le tokelo ea bomolimo ea ho busa. Ba tsoakile lipolotiki le bolumeli, kereke le naha; ba ipakile ba sa tšepahale tokelong eo ba e filoeng ke Molimo ea ho bolela molaetsa oa ’muso oa Messia, ba bile ba inehetse tabeng ea ho khothalletsa babusi ho lumela hore Molimo o file morena matla a ho busa, ka baka leo ntho leha e le efe eo morena a e etsang e nepahetse.” Ha a bontša phello ea sena, o itse: “Marena a Europe a lakatsang bophahamo a ile a hlomella ntoa, hobane a ne a lakatsa ho nka naha ea batho ba bang; ’me baruti ba ile ba a thoholetsa ’me ba re: ‘Etsang kamoo le ratang, le ke ke la fosa; ntho leha e le efe eo le e etsang e nepahetse.’” Empa e ne e se baruti ba Europe feela ba neng ba tšehetsa ntoa, le baruti ba Amerika ba ne ba tseba hore le bona ka bobona baa e tšehetsa.
Tlaleho e pharalletseng ea thuto ena e ile ea phatlalatsoa letsatsing le latelang ho Morning Tribune ea Los Angeles. Baruti ba ne ba halefile haholo hoo mokhatlo oa boruti o ileng oa ba le seboka letsatsing lona leo oa ba oa romela mopresidente ho baokameli ba koranta eo bakeng sa ho tsebahatsa ho se thabe ha bona ho hoholo. Ka mor’a sena, litho tsa lekala la ’muso le etsang liphuputso mabapi le sera li ile tsa hlasela liofisi tsa Mokhatlo oa Watch Tower li sa khaotse ka nako e itseng.
Nakong ena ea moea oa bochaba, seboka sa baruti se ile sa tšoareloa Philadelphia, United States, moo ho ileng ha amoheloa qeto e hlokang hore ho nchafatsoe Molao oa Bompimpi e le hore batho bao ho nahanoang hore ke batlōli ba ka hlahlojoa ke lekhotla la sesole ’me ba ahloleloa lefu. John Lord O’Brian, motlatsi ea khethehileng oa moeletsi ea ka sehloohong oa ’muso bakeng sa mosebetsi oa ntoa, o ne a khethiloe hore a bolelle Senate taba ena. Mopresidente oa United States haa ka a lumella hore tlhahiso ena e fetohe molao. Empa Molaoli-kakaretso oa Sesole sa U.S., James Franklin Bell, ha a halefile haholo o ile a senolela J. F. Rutherford le W. E. Van Amburgh se ileng sa etsahala sebokeng seo le morero oa ho sebelisa tlhahiso eo khahlanong le liofisiri tsa Mokhatlo oa Watch Tower.
Lifaele tsa molao oa ’muso oa U.S. li bontša hore bonyane ho tloha ka February 21, 1918, ho ea pele, John Lord O’Brian, motlatsi ea khethehileng oa moeletsi ea ka sehloohong bakeng sa mosebetsi oa ntoa, ka boeena o ne a kenelletse boitekong ba ho hlahlela nyeoe khahlanong le Liithuti tsa Bibele. Tlaleho ea Seboka sena ea April 24 le May 4 e na le khopotso e tsoang ho John Lord O’Brian eo ho eona a neng a pheha khang ka matla ka hore haeba molao o lumela hore ho buuoe “’nete, ka maikutlo a matle, le ka liphello tse lokileng,” joalokaha ho bontšitsoe ho seo ho thoeng ke Tokiso ea Fora ea Molao oa Bompimpi le joalokaha Senate ea U.S. e ile ea o amohela, o ne a ke ke a atleha ho qosa Liithuti tsa Bibele.
Worcester, Massachusetts, “Rev.” B. F. Wyland o ile a tsoela pele ho sebelisa moea oa ntoa hampe ka ho tiisa hore Liithuti tsa Bibele li ne li jala lipolelo tsa mashano tse tšehetsang sera. O ile a hatisa sehlooho ho Daily Telegram seo ho sona a ileng a phatlalatsa: “Mosebetsi o mong oo le tobaneng le oona ho bontša lerato la lōna la naha joaloka baahi ke ho thibela International Bible Students Association, oo ntlo-khōlō ea oona e leng Brooklyn. Ka ho ikhakanya ka sebōpeho sa bolumeli, li ’nile tsa jala mashano a Jeremane Worcester ka ho rekisa buka ea tsona, ‘The Finished Mystery.’” Ka ho toba o ile a bolella balaoli hore ke mosebetsi oa bona ho tšoara Liithuti tsa Bibele le ho li thibela ho tsoela pele ho tšoara liboka.
Nakong ea selemo le ea lehlabula ka 1918 ho ile ha e-ba le mahloriso a akaretsang a Liithuti tsa Bibele, Amerika Leboea le Europe. Baruti ba Baptiste, Methodiste, Episcopal, Lutere, Roma e K’hatholike le ba likereke tse ling e ne e le ba bang ba batho ba neng ba ba tšoenya. Lingoliloeng tsa Bibele li ile tsa nkoa ke liofisiri tse se nang tokomane e bontšang hore li lumelletsoe ho etsa lipatlisiso, ’me Liithuti tsa Bibele tse ngata li ile tsa kenngoa literonkong. Tse ling li ile tsa lelekisoa ke mahoo-hoo, tsa otloa, tsa shapuoa, tsa tlotsoa ka sekontiri tsa hlongoa masiba kapa tsa robjoa likhopo kapa tsa khaoloa lihlooho. Tse ling li ile tsa holofalla ruri. Banna ba Bakreste le basali ba ile ba kenngoa literonkong ’me ba lula ho tsona ntle ho qoso kapa nyeoe. Liketsahalong tse fetang lekholo tsa tšoaro e mabifi ka tsela e fetelletseng li ile tsa tlalehoa ho The Golden Age ea September 29, 1920.
Ba Qosoa ka Bompimpi
Tlhōrō e ile ea tla ka May 7, 1918, ha litokomane tsa tumello li ntšoa United States bakeng sa ho tšoara J. F. Rutherford, e leng mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, le metsoalle ea hae e haufi.
Letsatsing le etellang leo pele, Brooklyn, New York, liqoso tse peli li ne li hlahletsoe khahlanong le Moena Rutherford le metsoalle ea hae. Haeba liphello tse lebelletsoeng li ne li sa finyelloe nyeoeng e ’ngoe, nyeoe e ’ngoe e ne e tla ntšetsoa pele. Nyeoe ea pele, e neng e na le qoso e khahlanong le batho ba bangata haholoanyane, e ne e akarelletsa lipolelo tse ’nè: Tse peli li ne li ba qosa ka ho rera ka sekhukhu ho tlōla Molao oa Bompimpi oa June 15, 1917; ’me lipolelo tse peli li ne li ba qosa ka ho leka ho ntšetsa pele merero ea bona e tlōlang molao kapa ka ho hla ba tlōla molao. Ho ne ho nahanoa hore ba ne ba rera ka sekhukhu ho hlohlelletsa ho se ikokobetse le ho hana ho etsa mosebetsi mabothong a hlometseng a United States le hore ba ne ba rera ka sekhukhu ho sitisa taba ea ho thaothoa le ho hiroa ha banna bakeng sa tšebeletso e joalo ha sechaba se le ntoeng, le hore ba lekile ho etsa kapa ba hlile ba entse lintho tsena tse peli. Qoso ena e ile ea bolela ka ho tobileng ho hatisoa le ho abjoa ha buka The Finished Mystery. Qoso ea bobeli e ile ea hlalosa morero oa ho romela cheke Europe (e neng e lokela ho sebelisoa mosebetsing oa thuto ea Bibele Jeremane) o le khahlanong le lithahasello tsa United States. Ha baqosuoa ba isoa khotla, e bile nyeoe ea pele, e nang le liqoso tse ’nè e ileng ea ntšetsoa pele.
Nyeoe e ’ngoe hape ea C. J. Woodworth le J. F. Rutherford tlas’a Molao oa Bompimpi e ne e ntse e emetse ho sebetsoa Scranton, Pennsylvania. Empa, ho latela lengolo le tsoang ho John Lord O’Brian la May 20, 1918, litho tsa Lefapha la Tōka li ne li tšaba hore Moahloli oa Setereke oa U.S. Witmer, eo nyeoe e neng e tla mameloa ke eena, o ne a ke ke a lumela ho sebelisa ha bona Molao oa Bompimpi bakeng sa ho thibela mosebetsi oa batho bao, ka baka la litumelo tsa bona tsa bolumeli tse tiileng, ba neng ba bolela lintho tseo ba bang ba ka li hlalosang e le mashano a khahlanong le ntoa. Kahoo Lefapha la Tōka le ile la fanyeha nyeoe ea Scranton, ea emela qeto ea nyeoe ea Brooklyn. Hape ’muso o ile oa laola boemo e le hore Moahloli Harland B. Howe, oa Vermont, eo John Lord O’Brian a neng a tseba hore o lumellana le maikutlo a hae litabeng tse joalo, e ka ba moahloli nyeoeng Lekhotleng la Setereke la U.S. Seterekeng sa New York se ka Bochabela. Nyeoe ena e ile ea ea lekhotleng ka June 5, ’me Isaac R. Oeland le Charles J. Buchner, e leng setho sa Roma e K’hatholike, e ne e le bachochisi. Nakong ea nyeoe, Moena Rutherford o ile a hlokomela hore baruti ba K’hatholike khafetsa ba ne ba buisana le Buchner le Oeland.
Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, ho ile ha bonahala hore liofisiri tsa Mokhatlo le bahlophisi ba buka ena ba ne ba se na morero oa ho kena-kenana le ntoa ea naha. Bopaki bo ileng ba fanoa nyeoeng ena bo ile ba bontša hore merero ea ho ngola buka ena—ha e le hantle, ho ngoloa ha karolo ea eona e khōlō e ngotsoeng ka letsoho—ho ne ho se ho entsoe pele United States e phatlalatsa ntoa (ka April 6, 1917) le hore tumellano ea pele bakeng sa khatiso e ne e saennoe pele United States e fetisa molao ona (ka June 15) oo ho thoeng ba o tlōtse.
Bochochisi bo ile ba phahamisa keketso e entsoeng bukeng ena ka April le June 1917, nakong ea ho lokisoa ha kopi le ho baloa ha eona ka morero oa ho lokisa liphoso. Sena se ile sa akarelletsa taba e qotsitsoeng ho John Haynes Holmes, e leng moruti ea ileng a phatlalatsa ka matla hore ntoa e khahlanong le Bokreste. Joalokaha e mong oa babuelli ba molao ba baqosuoa a bontšitse, lipolelo tsa moruti eo, tse hatisitsoeng tlas’a sehlooho se reng A Statement to My People on the Eve of War, e ne e ntse e rekisoa United States nakong eo ea nyeoe. Moruti le mohatisi ba ne ba sa qosoa ka eona. Empa ke Liithuti tsa Bibele tse ileng tsa supa polelong ea hae tse ileng tsa nkoa li le molato oa maikutlo ao a ileng a a bontša ka ho eona.
Buka ena ha ea ka ea bolella batho ba lefatše hore ha ba na tokelo ea ho kena ntoeng. Empa, ha e hlalosa boprofeta, e ile ea qotsa lipolelo tse kopilitsoeng ho lingoliloeng tse ling litokollong tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa 1915 ho bontša ho se lumellane ha baruti ba ipolelang hore ke basebeletsi ba Kreste empa ba neng ba sebeletsa joaloka baemeli ba thaothelang lichaba ntoeng.
Ha ho se ho hlokometsoe hore ’muso o hanyetsa buka ena, Moena Rutherford o ile a romela mohala khatisong hang-hang bakeng sa ho emisa ho hatisoa ha eona, ’me ka nako eo, ho ne ho se ho rometsoe moemeli oa Mokhatlo lefapheng la bofokisi la Sesole sa U.S. bakeng sa ho fumana hore na khanyetso ea bona ke efe. Ha ho hlokomeloa hore ka baka la ntoa e ntseng e tsoela pele, maqephe 247-53 a buka ena a ne a nkoa e le a sa lumelloeng, Mokhatlo o ile oa laela hore maqephe ao a tlosoe likoping tsohle tsa buka ena pele li abeloa sechaba. ’Me ha ’muso o hlokomelisa babuelli ba molao ba setereke hore ho abjoa ho tsoelang pele e ne e tla ba ho tlōla Molao oa Bompimpi (le hoja ’muso o ile oa hana ho bolela maikutlo a oona ho Mokhatlo ka buka ena boemong ba eona bo fetotsoeng), Mokhatlo o ile oa laela hore ho abjoa ha buka ena ho emisoe.
Kotlo e Boima Hakaale Molato?
Ho sa tsotellehe sena sohle, ka June 20, 1918, lekhotla la baahloli le ile la khutlisa qeto ea lekhotla eo ho eona e mong le e mong oa baqosuoa a fumanoeng a le molato karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea qoso. Letsatsing le latelang, ba supilengb ho bona ba ile ba ahloleloa linako tse ’nè tsa lilemo tse 20 e le ’ngoe, tse lokelang ho sebeletsoa ka nako e le ’ngoe. Ka July 10, oa borobelic o ile a ahloleloa linako tse ’nè tsa lilemo tse 10 tse lokelang ho sebeletsoa ka nako e le ’ngoe. Likahlolo tseo li ne li le boima hakae? Lengolong le eang ho moeletsi ea ka sehloohong oa ’muso la March 12, 1919, mopresidente oa U.S. Woodrow Wilson o ile a hlokomela hore “linako tsena tsa ho kena teronkong ho hlakile hore li telele ka ho fetisisa.” Ha e le hantle, monna ea ileng a bolaea khosana ea ’Muso oa Austria le Hungary ka ho thunya Sarajevo—e leng ketsahalo e ileng ea qholotsa liketsahalo tse ileng tsa lebisa lichaba Ntoeng ea I ea Lefatše—haa ka a ahloloa ka tsela e thata hakaalo. Kahlolo ea hae e bile lilemo tse 20 teronkong—e seng linako tse ’nè tsa lilemo tse 20, joalokaha ho etsahetse tabeng ea Liithuti tsa Bibele!
Ke eng se neng se susumetsa kahlolo e boima hakaalo holim’a Liithuti tsa Bibele? Moahloli Harland B. Howe o ile a bolela: “Ho latela maikutlo a Lekhotla, mashano a bolumeli ao baqosuoa bana ba a tšehetsang ka matla le ho a jala sechabeng sohle esita le har’a metsoalle ea rōna, a kotsi haholo ho feta karolo ea Lebotho la Sesole la Jeremane. . . . Motho ea rutang bolumeli hangata o na le tšusumetso e matla, ’me haeba a tiile, o na le tšusumetso e matla haholoanyane. Sena se mpefatsa phoso eo ba e entseng ho e-na le ho e bebofatsa. Kahoo, ntho feela eo ho leng bohlale ho e etsa ka batho ba joalo, Lekhotla le entse qeto ea hore kahlolo ea bona e be boima.” Leha ho le joalo, hape hoa hlokomeleha hore pele Moahloli Howe a liha kahlolo o ile a bolela hore lipolelo tse entsoeng ke babuelli ba molao ka lehlakoreng la baqosuoa li ne li entse hore ho be le lipelaelo ’me ha ea ka ea e-ba liofisiri tsa ’muso tsa molao feela tse ileng tsa se ke tsa ikutloa hamonate empa le “baruti bohle ho pholletsa le naha.”
Hang-hang boipiletso mabapi le qeto ena bo ile ba isoa lekhotleng la U.S. la potoloho la boipiletso. Empa Moahloli Howe o ile a hana beile ea ha ba ntse ba emetse nyeoe ea boipiletso ka ho felletseng,d ’me ka July 4, pele nyeoe ea boipiletso ba boraro le ba ho qetela bakeng sa beile e ka tsoela pele, baena ba supileng ba pele ka potlako ba ile ba isoa teronkong e khōlō ea Atlanta, Georgia. Ka mor’a moo, ho ile ha bontšoa hore ho na le liphoso tse 130 mabapi le tsela ea ho tsamaisa nyeoe ena e leeme ka ho tebileng. Ha lokisoa litokomane tse loketseng ka likhoeli tse ngata bakeng sa nyeoe ea boipiletso. Ho sa le joalo, ntoa ea lala. Ka February 19, 1919, baena ba robeli ba leng teronkong ba romela boipiletso ho Woodrow Wilson, mopresidente oa United States bakeng sa mohau mabapi le kahlolo ea bona. Mangolo a mang a phehellang hore baena ba lokolloe a ile a romeloa ke baahi ba bangata ho moeletsi ea ka sehloohong oa ’muso e mocha. Eaba, ka March 1, 1919, ha a arabela liphuputso tse etsoang ke moeletsi ea ka sehloohong oa ’muso, Moahloli Howe o buella “phetoho ea hang-hang” ea likahlolo tsena. Le hoja sena se ne se tla bebofatsa likahlolo, hape se ka be se bile le phello ea ho tiisa hore baqosuoa ba molato. Pele sena se ka etsoa, babuelli ba molao ba neng ba buella baena ba ile ba etsa hore taelo ea lekhotla e abeloe ’muelli oa molao oa U.S. ea ileng a tlisa nyeoe ena ka pel’a lekhotla la boipiletso.
Likhoeli tse robong ka mor’a hore Rutherford le metsoalle ea hae ba ahloloe—’me ntoa e lale—ka March 21, 1919, lekhotla la boipiletso le ile la laela hore baqosuoa bohle ba robeli ba fuoe beile ’me ka March 26, ba ile ba lokolloa Brooklyn ka tefo ea $10 000 a le mong. Ka May 14, 1919, lekhotla la potoloho la boipiletso la U.S. le New York le ile la etsa qeto ena: “Nyeoeng ena baqusuoa ha baa ka ba fumana kahlolo e leka-lekaneng le e se nang leeme eo ba neng ba lokela ho e fumana, ’me ka baka leo kahlolo ena ea fetoloa.” Nyeoe ena e ile ea chechisetsoa morao bakeng sa kahlolo e ncha. Leha ho le joalo, ka May 5, 1920, ka mor’a hore baqosuoa ba hlahe ka khotla, ha ba bitsitsoe, ka makhetlo a mahlano, ’muelli oa molao oa ’muso, lekhotleng le bulehileng la Brooklyn, o ile a tsebisa ho huloa ha kahlolo.e Hobane’ng? Joalokaha ho senotsoe ngollanong e neng e bolokiloe Polokelong ea Libuka tsa Khale ea Sechaba ea U.S., Lefapha la Tōka le ne le tšaba hore haeba litaba tsena li ne li ka bolelloa lekhotla la baahloli le se nang leeme, kaha bohlanya ba ntoa bo felile, ba ne ba ke ke ba hlōla nyeoe. ’Muelli oa molao oa U.S. L. W. Ross lengolong le eang ho moeletsi ea ka sehloohong oa ’muso o ile a bolela sena: “Ke nahana hore ho ne ho ka ba molemo haholo bakeng sa likamano tsa rōna le sechaba, haeba ka boiteko ba rōna ka borōna re ka” bolela hore nyeoe ena e ke ke ea tsoela pele.
Letsatsing lona leo, e leng May 5, 1920, qoso e ’ngoe e neng e hlahletsoe khahlanong le J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e mene ka May 1918 le eona e ile ea hlokomolohuoa.
Ke Mang ea Hlileng a e Susumetsa?
Na see sohle se ile sa hla sa susumetsoa ke baruti? John Lord O’Brian o ile a hana. Empa ba neng ba phela ka nako eo ba ne ba tseba linnete hantle. Ka March 22, 1919, Appeal to Reason, e leng koranta e hatisitsoeng ke Girard, Kansas, e ile ea hanyetsa: “Balateli ba Moruti Russell, ba Teba-tebisoa ka Lebaka la Bokhopo ba Baruti ba ‘Orthodox,’ ba ile ba Ahloloa le ho Kenngoa Teronkong ka Ntle ho Beile, le Hoja ba ile ba Etsa Boiteko Bohle boo ba Neng ba ka bo Khona ho Sebetsa Tumellanong le Litokisetso tsa Molao oa Bompimpi. . . . Re bolela hore, ho sa tsotellehe hore na Molao oa Bompimpi e ne e le molao oa motheo o lumellanang le tlhaloso ea molao kapa che kapa o ka lokafatsoa ho latela litekanyetso tsa boitšoaro, balateli bana ba Moruti Russell ba ile ba ahloloa ka phoso tlas’a litekanyetso tsa oona. Tlhahlobo e bontšang ho amohela likhopolo tse ncha ea bopaki bona e tla kholisa motho ofe le ofe kapele hore hase feela hore batho bana ba ne ba se na morero oa ho tlōla molao, empa hore ha baa ka ba o tlōla.”
Lilemo tse ngata hamorao, bukeng Preachers Present Arms, Dr. Ray Abrams o ile a hlokomela: “Hoa hlokomeleha hore baruti ba bangata hakaalo ba ile ba nka karolo e mabifi mabapi le ho leka ho felisa Marusselle [joalokaha Liithuti tsa Bibele li ne li bitsoa ka morero oa ho li nyelisa]. Likhang tsa nako e telele le lehloeo la bolumeli, tse sa kang tsa hlokomeloa makhotleng a molao nakong ea khotso, hona joale li isoa khotla ka tlas’a tšusumetso ea nako ea bohlanya ba ntoa.” O ile a boela a re: “Ho seka-sekoa ha nyeoe eohle ho lebisa qetong ea hore likereke le baruti pele li ne li tšehetsa tšisinyo ea ho felisa Marusselle.”—Maq. 183-5.
Leha ho le joalo, ho lala ha ntoa ha hoa ka ha felisa ho hlorisoa ha Liithuti tsa Bibele. Ho ile ha mpa ha bula mehla e mecha ea oona.
Baprista ba Hatella Mapolesa
Ha ntoa e lala, baruti ba ile ba phahamisa litaba tse ling e le hore ba ka thibela mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele haeba ho khoneha. Bavaria ea K’hatholike le likarolo tse ling tsa Jeremane, lilemong tsa bo-1920 ho ile ha tšoaroa tse ngata tumellanong le melao ea ho rekisa ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Empa ha linyeoe tsena li fihla lekhotleng la boipiletso, hangata baahloli ba ne ba tšehetsa Liithuti tsa Bibele. Qetellong, ka mor’a hore makhotla a pupetsoe ke linyeoe tse likete tse joalo, ka 1930 Lekala la tsa Kahare le ile la ntša lengolo le potolohang le eang ho liofisiri tsohle tsa sepolesa le li bolella hore li khaotse ho nka bohato ba molao khahlanong le Liithuti tsa Bibele tlas’a molao oa ho rekisa ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Kahoo, ka nako e khutšoanyane, khatello e tsoang mohloling ona e ile ea fokotseha, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ka mosebetsi oa tsona ka tekanyo e sa tloaelehang tšimong ea Jeremane.
Baruti le bona ba ile ba sebelisa tšusumetso e matla Romania lilemong tseo. Ba ile ba atleha ho phatlalatsa melao-taelo e thibelang lingoliloeng le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Empa baprista ba ne ba tšohile hore batho ba ka ’na ba bala lingoliloeng tseo ba seng ba e-na le tsona ’me phello ea e-ba hore ba hlokomela lithuto tsa kereke tseo e seng tsa mangolo le lipolelo tsa eona tsa bolotsana. E le hore ba ka thibela sena, baprista ba ile ba hla ba ea ka ntlo le ntlo le mapolesa a hlometseng ba batla lingoliloeng leha e le life tse abiloeng ke Lipaki tsa Jehova. Ba ne ba botsa le bana ba banyenyane ba sa lemoheng letho hore na batsoali ba bona ba amohetse lingoliloeng tse joalo. Haeba ba ne ba li fumana, batho ba ne ba tšosoa ka ho shapuoa le ho kenngoa teronkong haeba ba ne ba ka amohela tse eketsehileng. Metseng e meng moprista e ne e boetse e le morena le ’maseterata ea ahlolang linyeoe tse nyenyane, ’me ho ne ho se tōka bakeng sa mang le mang ea neng a sa etse seo moprista a mo laelang ho se etsa.
Tlaleho eo liofisiri tse ling tsa Amerika li ileng tsa e etsa tabeng ea ho etsa thato ea baruti mehleng ena ha e molemo. Ka mohlala, ka mor’a hore Mobishopo oa K’hatholike O’Hara a etele La Grange, Georgia, morena le ’muelli oa molao oa motse ba ile ba tšoarisa Lipaki tsa Jehova tse ngata ka 1936. Nakong eo ba kentsoeng teronkong, ba ile ba robatsoa pel’a qubu ea manyolo holim’a materase a fafalitsoeng ka moroto oa khomo, ba feptjoa lijo tse nang le liboko, ’me ba qobelloa hore ba sebetse lihlopheng tsa batšoaruoa ba lokisang tsela.
Poland le teng, baruti ba K’hatholike ba ile ba sebelisa mekhoa e meng le e meng eo ba neng ba ka e qapa ho sitisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba susumetsa batho hore ba be mabifi, ba chese lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova phatlalatsa, ba li nyelisa ka ho bolela hore ke Makomonisi, ’me ba li isa lekhotleng la molao ka qoso ea hore lingoliloeng tsa tsona lia “nyefola.” Leha ho le joalo, hase liofisiri tsohle tse ileng tsa ikemisetsa ho phetha litaelo tsa bona. ’Muelli oa molao oa naha lekhotleng la boipiletso la Posen (Poznan), ke oa pele oa ho hana ho ahlola e mong oa Lipaki tsa Jehova eo baruti ba neng ba mo nyatsa ka qoso ea hore o ile a bitsa baruti ba K’hatholike “mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane.” ’Muelli oa molao oa naha ka boeena o ile a bontša hore moea oa boitšoaro bo bobe o atileng ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana o tsoang lekhotleng la bopapa la Alexander VI (1492-1503 C.E.) ha e le hantle e ne e le moea oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa bosatane. ’Me ha baruti ba qosa e mong oa Lipaki tsa Jehova ka ho nyefola Molimo ka baka la ho aba lingoliloeng tsa Watch Tower, ’muelli oa molao oa naha lekhotleng la boipiletso le Thorn (Toruń) o ile a batla hore ba lokolloe qosong eo a re: ‘Lipaki tsa Jehova li nka boemo bo tšoanang hantle le ba Bakreste ba pele. Le hoja li ile tsa senngoa lebitso le ho hlorisoa, li tšehetsa likhopolo tse phahameng ka ho fetisisa tsamaisong ea lefatše e senyehileng le e oang.’
Polokelo ea lingoliloeng tsa khale ea ’muso oa Canada e senola hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa Canada ka 1940 tumellanong le lengolo le tsoang ntlong ea borena ea Bak’hadinale ba K’hatholike Villeneuve, e Quebec, le eang ho letona la tōka, Ernest Lapointe. Liofisiri tse ling tsa ’muso ka mor’a moo li ile tsa batla tlhaloso e felletseng ea mabaka a ketsahalo eo, empa likarabelo tsa Lapointe ho hang li ne li sa khotsofatse ho litho tse ngata tsa Palamente ea Canada.
Karolong e ’ngoe ea lefatše, ho ne ho e-na le morero o tšoanang o etsoang ke baruti. Polokelong ea lingoliloeng tsa khale ea ’muso oa Australia ho na le lengolo le tsoang ho moarekabishopo oa Roma e K’hatholike oa Sydney le eang ho Moeletsi ea ka Sehloohong W. M. Hughes le susumelletsang hore ho phatlalatsoe hore Lipaki tsa Jehova ha lia lumelloa ka molao. Lengolo leo le ne le ngotsoe ka August 20, 1940, likhoeli tse hlano feela pele thibelo e etsoa. Ka mor’a ho hlahloba seo ho nahanoang hore ke motheo oa thibelo, Monghali Justice Williams oa Lekhotla le Phahameng la Australia hamorao o ile a bolela hore ho bile le “phello ea hore ho tšehetsa melao-motheo le lithuto tsa bolumeli ba Bokreste li se lumelloe ka molao le hore tšebeletso leha e le efe ea kereke e tšoaroang ke balumeli tsoalong ea Kreste ke seboka se sa lumelloang ka molao.” Ka June 14, 1943, Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore thibelo ena ha e tumellanong le molao oa Australia.
Switzerland koranta ea K’hatholike e laela hore ba boholong ba nke lingoliloeng tsa Lipaki tseo kereke e li nkang li nyefola. Ba ile ba soka ka hore haeba sena se sa etsoe, ba ne ba tla inkela molao matsohong. ’Me likarolong tse ngata tsa lefatše, ke sona seo ba hlileng ba se etsa!
Baeta-pele ba Bolumeli ba Sebelisa Pefo
Baruti ba K’hatholike Fora ba ile ba ikutloa hore ba ntse ba laola batho ka ho felletseng, ’me ba ne ba ikemiselitse hore ba se ke ba lumella hore ntho leha e le efe e kena-kenane le tokelo eo. Ka 1924-25, Liithuti tsa Bibele linaheng tse ngata li ne li aba pampitšana Ecclesiastics Indicted. Ka 1925, J. F. Rutherford o ne a lokela ho fana ka puo Paris sehloohong se reng “Bolotsana ba Baruti boa Senoloa.” Ho latela se ileng sa etsahala sebokeng sena, motho ea boneng ka mahlo oa tlaleha: “Holo e ne e tletse haholo. Moena Rutherford o ile a hlaha sethaleng, ’me ho ile ha opuoa liatla ka mofuthu. O ile a qala ho bua, ha ka tšohanyetso baprista ba ka bang 50 le litho tsa Lebotho la K’hatholike le hlometseng ka lithupa, li itšohlometsa ka holong li bina La Marseillaise [pina ea sechaba ea Fora]. Li ile tsa akhela lipampitšana li le ka holimo-limo methating. Moprista e mong o ile a hloella sethaleng. Bahlankana ba babeli ba mo lahlela fatše. Ka makhetlo a mararo, Moena Rutherford o ile a tloha sethaleng a ba a khutlela ho sona. Qetellong, o ile a tlohela ruri. . . . Litafole tseo lingoliloeng tsa rōna li neng li behiloe ho tsona ka tsela e etsang hore li bonahale habonolo li ile tsa phetholoa ’me libuka tsa rōna tsa hasana hohle. E ne e le pherekano e felletseng!” Empa e ne e se ketsahalo e sa tloaelehang.
Jack Corr, ha a ne a paka Ireland, ke hangata a ileng a utloa bohale ba baruti ba K’hatholike. Lekhetlong le leng sehlopha sa mahoo-hoo, se neng se susumetsoa ke moruti oa phareshe, se ile sa mo theola betheng ka khitl’a bosiu ’me sa chesa lingoliloeng tsohle tsa hae pontšeng. Roscrea e County Tipperary, Victor Gurd le Jim Corby ba ile ba fihla moo ba lulang empa ba fumana hore bahanyetsi ba utsoitse lingoliloeng tsa bona, ba li inetse ka har’a peterole, ’me ba li chesa. Mapolesa, baruti le bana ba sebaka seo ba ne ba pota-potile mollo ona o moholo o besitsoeng sebakeng se bulehileng, ba bina “Tumelo ea Bo-ntat’a Rōna.”
Pele Lipaki tsa Jehova li kopana Madison Square Garden e New York ka 1939, balateli ba moprista oa K’hatholike Charles Coughlin ba ile ba ba etsetsa litšoso tsa hore kopano e tla qhaloa. Mapolesa a ile a tsebisoa. Ka June 25 Moena Rutherford o ile a bua le bamameli ba 18 000 kapa ho feta holong eo, esita le bamameli ba bangata ba seea-le-moea sa machaba, ka sehlooho se reng “’Muso le Khotso.” Ha puo ena e sa tsoa qala, Maroma a K’hatholike le Manazi a 200 kapa ho feta, a etelletsoe pele ke baprista ba bangata ba K’hatholike, ba ile ba bokana foranteng. Ha ba etsetsoa pontšo e itseng, ba ile ba qala ho hooa ka tsela e tšosang, ba hoeletsa “Heil Hitler!” le “Viva Franco!” Ba ile ba sebelisa mofuta o mong le o mong oa puo e litšila le litšokelo ’me ba hlasela bahlokomeli ba bangata ba ileng ba nka khato ea ho tlosa tšitiso eo. Mahoo-hoo haa ka a atleha ho qhala seboka sena. Moena Rutherford o ile a tsoela pele ho bua ka matla le ka ho hloka tšabo. Nakong ea ha morusu ona o le sehlohlolong, o ile a phatlalatsa: “Hlokomelang kajeno Manazi le Mak’hatholike a ratang ho qhala seboka sena, empa ka mohau oa Molimo ba ke ke ba ho etsa.” Bamameli ba ile ba tšehetsa ka litlatse tse etsoang nako le nako. Tšitiso ena e ile ea ba karolo e sa feleng ea molumo o rekotiloeng oa ketsahalo eo, ’me batho ba leng likarolong tse ngata tsa lefatše ba ’nile ba e utloa.
Leha ho le joalo, moo ho khonehang joaloka nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi, baruti ba Roma e K’hatholike ba ile ba sebelisa Naha ho hatella mang le mang ea belaellang lithuto le liketso tsa kereke.
Tšoaro e Sehlōhō Likampong tsa Mahloriso
Adolf Hitler e ne e le motsoalle ea amohelehang ho baruti. Ka 1933, e leng sona selemo seo ka sona selekane pakeng tsa Vatican le Nazi ea Jeremane se ileng sa saenoa, Hitler o ile a etsa letšolo la ho felisa Lipaki tsa Jehova ka ho felletseng Jeremane. Ka 1935 li ile tsa thibeloa sechabeng sohle. Empa ke mang ea ileng a susumetsa see?
Moprista oa K’hatholike, ha a ngola ho Der Deutsche Weg (koranta ea Sejeremane e hatisitsoeng Lodz, Poland), tokollong ea eona ea May 29, 1938 o itse: “Hona joale ho na le naha e le ’ngoe lefatšeng moo seo ho thoeng ke . . . Liithuti tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova] li thibetsoeng. Ke Jeremane! . . . Ha Adolf Hitler a busa, ’me Sehlopha sa Jeremane sa Babishopo ba K’hatholike se boela se etsa kōpo, Hitler o ile a re: ‘Batho bana bao ho thoeng ke Liithuti tsa Bibele tse Tiileng [Lipaki tsa Jehova] ba likhathatso; . . . Ke ba nka e le batho ba ikhakanyang joalokaha eka ba na le tsebo e itseng; ha ke mamelle hore Moahloli Rutherford enoa oa Amerika a silafatse Mak’hatholike a Jeremane ka tsela ena; ke felisa [Lipaki tsa Jehova] Jeremane.’”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Na e ne e le Sehlopha sa Babishopo ba K’hatholike e Jeremane feela se neng se batla hore ho nkoe khato e joalo? Joalokaha ho tlalehiloe ho Oschatzer Gemeinnützige ea April 21, 1933, puong e ileng ea etsoa seea-le-moeeng ka April 20, moruti oa Lutere Otto o ile a bua ka “tšebelisano e haufi haholo” ea Kereke ea Lutere ea Jeremane ea Naha ea Saxony le baeta-pele ba lipolotiki ba naha eo, ’me a bolela: “Liphello tsa pele tsa tšebelisano ena li ka hla tsa tlalehoa kajeno thibelong e etselitsoeng Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele tse Tiileng [Lipaki tsa Jehova] le likaroloana tsa oona tse Saxony.”
Ka mor’a moo, Naha ea Bonazi e ile ea hlorisa Bakreste ka sehlōhō ho feta leha e le neng pele historing e tlalehiloeng. Lipaki tsa Jehova tse likete—tsa Jeremane, Austria, Poland, Czechoslovakia, Netherlands, Fora le linaheng tse ling—li ile tsa kenngoa likampong tsa mahloriso. Mona li ne li le tlas’a tšoaro e sehlōhō le e mabifi ka ho fetisisa e ka nahanoang. Ho ne ho tloaelehile hore li rohakoe le ho rahoa, ebe li qobelloa ho tsamaea ka matla li kobile mangole, li qhoma, le ho khasa ka lihora tse ngata, ho fihlela li akheha kapa li oela fatše ka baka la mokhathala, ha balebeli ba ntse ba tšeha ba nyakalletse. Ba bang ba ne ba qobelloa ho ema ba tsotse kapa ba apere liaparo tse bobebe lebaleng bohareng ba mariha. Ba bangata ba ile ba shapuoa ho fihlela ba ilibana ’me mekokotlo ea bona e koahetsoe ke mali. Ba bang ho ne ho etsoa liphuputso ka bona litekong tsa bongaka. Ba bang, ba ne ba tlamelletsoe matsoho ka morao, ba ne ba fanyehoa ka manonyelletso a letsoho. Le hoja ba fokola ka baka la tlala le ho se apare ka tsela e loketseng mohatsela, ba ile ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima, ho sebetsa ka lihora tse ngata, hangata ba sebelisa matsoho a bona moo ho hlokahalang likharafu le lithulusi tse ling. Banna le basali ba ne ba hlekefetsoa ka tsela eo. Ho tloha ho bacha ba lilemo li ka tlaase ho 20 ho ea ho batho ba lilemo li mashome a supileng. Bahlokofatsi ba bona ba ne ba hoeletsa lipolelo tse nyelisang Jehova.
E le ka boiteko ba ho nyahamisa Lipaki, molaoli oa kampo ea Sachsenhausen o ile a laela hore August Dickmann, Paki e nyenyane, e bolaoe batšoaruoa bohle ba shebile, Lipaki tsa Jehova li le ka pele-pele moo sena se ka bang le phello e felletseng ho tsona. Ka mor’a moo, batšoaruoa ba bang ba ile ba lokolloa, empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho sala. Ka ho hatisa ka matla molaoli enoa o ile a li botsa, ‘Ke mang eo hona joale a ikemiselitseng ho saena polelo ea phatlalatsa?’—polelo ea phatlalatsa e latolang tumelo ea motho e bile e bontša ho ikemisetsa ho ba lesole. Ha ho le e ’ngoe ho Lipaki tse 400 kapa ho feta e ileng ea arabela. Eaba tse peli li ea pele! Eseng bakeng sa ho ea saena, empa bakeng sa ho ea kōpa hore mosaeno oa tsona o ileng oa fanoa hoo e ka bang selemo o nkoe o sa sebetse.
Kampong ea Buchenwald, khatello e tšoanang e ile ea sebelisoa. Ofisiri ea Manazi Rödl e ile ea hlokomelisa Lipaki: “Haeba ofe kapa ofe ho lōna a hana ho loantša Fora kapa Engelane, le lokela ho shoa kaofela ha lōna!” Mabotho a mabeli a Ma-SS a hlometseng ka ho felletseng a ne a eme ntlong e hekeng. Ha ho Paki le e ’ngoe e ileng ea inehela. Tšoaro e sehlōhō e ile ea latela, empa tšokelo ea liofisiri ha ea ka ea sebetsa. Ho ile ha hlokomeloa ka ho felletseng hore, le hoja Lipaki tse leng likampong li ne li ka etsa mosebetsi oa mofuta ofe le ofe oo li o abeloang, le hoja ka boomo li bolaisoa tlala le mosebetsi o boima, ka tieo li ne li ka hana ho etsa ntho leha e le efe bakeng sa ho tšehetsa ntoa kapa e neng e etsoa khahlanong le motšoaruoa-’moho le tsona.
Ho thata haholo ho hlalosa seo li ileng tsa feta ho sona. Tse makholo li ile tsa shoa. Ka mor’a hore tse pholohileng li lokolloe likampong qetellong ea ntoa, Paki e tsoang Flanders e ile ea ngola: “Ke feela takatso e sa sisinyeheng ea ho phela, tšepo ho Eena, Jehova, ea matla ’ohle, le lerato la Puso ea Molimo, tse ileng tsa etsa hore ho be bonolo ho mamella sena sohle le ho hlōla.—Ba-Roma 8:37.”
Batsoali ba ile ba arohanngoa le bana ba bona ka sehlōhō. Balekane ba lenyalo ba arohanngoa, ’me ba bang ha baa ka ba hlola ba kopana. Nako e seng kae ka mor’a hore a nyale, Martin Poetzinger o ile a tšoaroa ’me a isoa kampong ea Dachau e tummeng hampe, eaba o fetisetsoa Mauthausen. Mosali oa hae, Gertrud, o ile a kenngoa teronkong e Ravensbrück. Ha baa ka ba bonana ka lilemo tse robong. Ha a hopola liphihlelo tsa hae tsa Mauthausen, hamorao o ile a ngola: “Gestapo e ile ea leka ho sebelisa mokhoa o mong le o mong oa ho re susumelletsa ho senya tumelo ea rōna ho Jehova. Lijo tse sa khoriseng, botsoalle ba bohata, liketso tse mabifi, ho ema ka tsela e itseng ka matsatsi a latellanang, ho fanyehoa ka manonyelletso a letsoho a sothetsoeng ka mokokotlong thupeng ea bophahamo ba [limithara tse tharo], ho shapuoa—lintho tsena tsohle le tse ling tse tlotlollang haholo hore li ka boleloa li ile tsa lekoa.” Empa o ile a lula a tšepahetse ho Jehova. Hape o ile a ba har’a baphonyohi, ’me hamorao a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.
Ba Kenngoa Teronkong ka Baka la Tumelo ea Bona
Lipaki tsa Jehova li ne li se likampong tsa mahloriso hobane e le linokoane. Ha liofisiri li ne li batla ea ka li beolang, li ne li tšepa Paki ka lehare, hobane li ne li tseba hore ha ho Paki eo le ka mohla e ka sebelisang sesebelisoa se joalo e le sebetsa bakeng sa ho ntša motho e mong kotsi. Ha liofisiri tsa SS tsa kampong eo batšoaruoa ba bolaeloang ho eona ea Auschwitz li hloka motho ea ka li hloekisetsang mahae a tsona kapa ea hlokomelang bana ba tsona, li ne li khetha Lipaki, hobane li ne li tseba hore li ne li ke ke tsa leka ho ba tšella chefu kapa ho baleha. Ha kampo ea Sachsenhausen e ne e koaloa qetellong ea ntoa, balebeli ba ile ba beha lekareche leo ho lona ba neng ba kentse lintho tse hapiloeng ntoeng bohareng ba sehlopha sa Lipaki. Hobane’ng? Hobane ba ne ba tseba hore Lipaki li ke ke tsa li utsoa.
Lipaki tsa Jehova li ne li kentsoe teronkong ka baka la tumelo ea tsona. Khafetsa li ne li tšepisoa ho lokolloa likampong tsena haeba li ka saena polelo e latolang seo li se lumelang. Ma-SS a ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e matleng a oona bakeng sa ho susumetsa kapa ho qobella Lipaki ho saena polelo e joalo. Sena ke sona seo ba neng ba hlile ba se batla ka ho hlakileng.
Botšepehi ba Lipaki tsohle, ntle le tse seng kae bo ipakile bo ke ke ba senngoa. Empa li ile tsa tšoenngoa haholo ka baka la botšepehi ba tsona ho Jehova le boinehelo ba tsona lebitsong la Kreste. Li ile tsa mamella haholo ha li hlokofatsoa ke lekhotla le otlang bakhelohi. Li ile tsa boloka tlamahano e matla ea bonngoe ba moea.
Moea oo li neng li na le oona e ne e se oa ho pholoha ho sa tsotellehe liphello. Li ile tsa bonahatsa moea oa lerato la boitelo e mong ho e mong. Ha e mong oa tsona a fokola, tse ling li ne li mo arolela lijo tsa tsona tse fokolang. Ha li ne li amohuoa monyetla oa ho phekoloa, ka lerato li ne li hlokomelana.
Ho sa tsotellehe boiteko ba bahlorisi ba tsona ba ho thibela lingoliloeng tsa ho ithuta Bibele, Lipaki li ne li li fumana—li patiloe ka liphutheloaneng tsa limpho tse tsoang ka ntle, ka melomo ea batšoaruoa ba fihlang bocha, hape li patiloe ka leotong la sefate la motšoaruoa e mocha ea lulang le tsona, kapa ka mekhoa e meng ha li le kabelong ea mosebetsi ka ntle ho likampo. Likopi li ile tsa fetisoa ho tloha ho e mong ho ea ho e mong; ka linako tse ling li ne li etsetsoa likopi ka lekunutu mechineng e ka har’a liofisi tsa liofisiri tsa kampo. Le hoja ho ne ho le kotsi haholo, liboka tsa Bokreste tse ling li ne li bile li tšoareloa ka likampong.
Lipaki li ile tsa tsoela pele li bolela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo ea moloko oa batho—’me li ile tsa etsa sena hona likampong tsa mahloriso! Buchenwald, ka baka la mosebetsi o hlophisitsoeng, batho ba likete ba neng ba lula le tsona ka seleng ba ile ba utloa litaba tse molemo. Kampong e Neuengamme, pel’a Hamburg, letšolo le matla la ho paka le ile la hlophisoa ka hloko la ba la ntšetsoa pele mathoasong a 1943. Likarete tsa bopaki li ile tsa lokisoa ka lipuo tse sa tšoaneng tse buuoang kampong. Ho ile ha etsoa boiteko ba ho finyella motšoaruoa e mong le e mong. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa thuto ea ka mehla ea Bibele le ba thahasellang. Lipaki li ne li chesehela mosebetsi oa ho bolela haholo hoo batšoaruoa ba bang ba lipolotiki ba ileng ba belaela: “Hohle moo u eang teng, seo u se utloang ke moqoqo o buang ka Jehova!” Ha litaelo tse tsoang Berlin li fihla tsa ho qhalanya Lipaki har’a batšoaruoa ba bang e le hore li ka fokola, sena se hlile sa etsa hore ho be bonolo hore li pakele batho ba eketsehileng.
Mabapi le Lipaki tsa basali tse tšepahalang tse 500 kapa ho feta tse Ravensbrück, mochana oa Molaoli e Moholo oa sesole oa Mofora Charles de Gaulle o ile a ngola se latelang ka mor’a hore a lokolloe: “Ke na le khahleho ea sebele ho bona. E ne e le ba merabe e sa tšoaneng: Majeremane, Mapolishe, Marussia le Maczeche ’me ba mamelletse lihlōhō tse khōlō haholo ka baka la seo ba se lumelang. . . . Kaofela ha bona ba ile ba bonahatsa sebete se seholo ’me seo ba leng sona qetellong se ile sa etsa hore S.S. e ba hlomphe. Ba ka be ba ile ba lokolloa hang-hang haeba ba ne ba latotse tumelo ea bona. Empa, ka ho fapaneng, ha baa ka ba khaotsa ho hanyetsa, esita le ho atleha mabapi le ho kenya libuka le lipampitšana kampong.”
Joaloka Jesu Kreste, ba ipakile e le bahlōli ba lefatše le neng le batla hore ba lumellane le mekhoa ea lona ea bosatane. (Joh. 16:33) Christine King, bukeng New Religious Movements: A Perspective for Understanding Society, ha a bua ka tsona o re: “Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka phephetso khopolong ea bohatelli ea sechaba se secha, ’me phephetso ena, hammoho le ho phehella hore e pholohe, e bonahala e tšoenya lihahi tsa taolo e ncha. . . . Mekhoa ea ho hlorisa e neng e hlomphuoa ka nako eo, e leng tlhokofatso, ho kenngoa teronkong le ho nyelisoa ha ea ka ea fella ka ho sokolleloa Bonazing ha Paki leha e le ’ngoe ’me ha e le hantle li ne li etsa se sa lebelloang ke batho ba neng ba li susumetsa. . . . Pakeng tsa lihlopha tsena tse peli tse loantšanang tse ipolelang hore lia tšepahala, ho ne ho na le ntoa e mabifi, haholo-holo kaha Manazi a matla haholoanyane ’meleng a ne a sa kholiseha hakaalo, a se na motheo o tsitsitseng tabeng ea kholiseho ea bona ka bobona, ba sa tiiseha ka ho pholoha ha Puso ea bona e lilemo li 1 000. Lipaki ha lia ka tsa belaella motheo oa tsona, hobane tumelo ea tsona e bile e totobetseng ho tloha nakong ea Abele. Ha Manazi a ne a tlameha ho hatella khanyetso le ho kholisa batšehetsi ba oona, hangata ba alima puo le lipapiso ho Bokreste ba lihlotšoana tsa bokhelohi, Lipaki li ne li tiisehile ka botšepehi bo felletseng, bo sa thekeseleng ba litho tsa tsona, esita le ho isa lefung.”—E hatisitsoe ka 1982.
Qetellong ea ntoa, Lipaki tse fetang sekete tse pholohileng li ile tsa tsoa likampong, tumelo ea tsona e sa angoa le lerato la tsona e mong ho e mong le le matla. Ha mabotho a Russia a atamela, balebeli ba ile ba ntša batho bohle ba neng ba le Sachsenhausen ka potlako. Ba ile ba hlophisa batšoaruoa ho latela bochaba. Empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa ba ’moho e le sehlopha se le seng—li ne li le 230 kampong ena. Balebeli ba ile ba tšosoa ke hore ebe Marussia a ne a ba latela haufinyane. Ho ne ho se lijo, ’me batšoaruoa ba ne ba fokola; leha ho le joalo, ofe kapa ofe ea neng a salla morao kapa a oa ka baka la ho khathala o ne a thunngoa. Ba likete ba joalo ba ne ba lahleloa tseleng. Empa Lipaki li ne li thusana e le hore le ea fokolang ka ho fetisisa a se ke a lahleloa tseleng! Le hoja ba bang ba bona ba ne ba le pakeng tsa lilemo tse 65 ho isa ho tse 72. Batšoaruoa ba bang ba ile ba leka ho utsoa lijo tseleng, ’me ba bangata ba ile ba thunngoa ha ba etsa seo. Ka ho fapaneng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebelisa menyetla ea ho bolella batho ba leng tseleng ea bona ka merero ea Jehova e lerato, ’me ba bang ho bana, ka ho ananela molaetsa o tšelisang, ba ile ba li fa lijo tse lekaneng ona le baena ba bona ba Bakreste.
Baruti ba Tsoela Pele ho Loana
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, baruti karolong e ka bochabela ea Czechoslovakia ba ile ba tsoela pele ho hlohlelletsa ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova. Nakong ea khatello ea Bonazi, ba ile ba qosa Lipaki ka hore ke Makomonisi; hona joale ba bolela hore Lipaki li ne li le khahlanong le ’muso oa Makomonisi. Ka linako tse ling, ha Lipaki tsa Jehova li ne li etela batho malapeng, baprista ba ne ba phehella matichere hore a ntše bana ba makholo ka sekolong e le hore ba ka betsa Lipaki ka majoe.
Ka ho tšoanang, baprista ba K’hatholike ba Santa Ana, El Salvador, ba ile ba halefela Lipaki ka 1947. Ha baena ba ne ba tšoere thuto ea bona ea beke le beke ea Molula-Qhooa, bashemane ba ile ba betsa monyakong o butsoeng oa moo ba tšoaretseng thuto teng ka majoe. Joale ho ile ha latela mokoloko o etelletsoeng pele ke baprista. Ba bang ba ne ba tšoere litoche; ba bang ba tšoere litšoantšo. Ba ne ba hooa ba re: “Mofereko a phele ka ho sa Feleng! Jehova a shoe!” Ka lihora tse ka bang peli, mohaho o ile oa betsoa ka majoe.
Bohareng ba bo-1940, Lipaki tsa Jehova tsa Quebec, Canada, le tsona tsa hlaseloa ka ho hlekefetsoa hampe haholo ke mahoo-hoo a K’hatholike le ba boholong ka tsela e tšoanang. Baemeli ba tsoang ntlong ea babishopo ba ne ba ea lefapheng la mapolesa ka mehla ba batla hore mapolesa a felise Lipaki. Hangata pele ho ka tšoaroa paki e itseng, ho ne ho ee ho bonoe mapolesa a hlaha lemating le ka morao la kereke. Ka 1949, sehlopha sa mahoo-hoo sa K’hatholike se ile sa leleka baromuoa ba Lipaki tsa Jehova Joliette, Quebec.
Empa hase batho bohle ba Quebec ba neng ba lumellana le se neng se etsoa. Kajeno, ho na le Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e ntle pel’a e ’ngoe ea litsela tse khōlō tsa Joliette. Seminari ea pele sebakeng seo e koetsoe, e rekiloe ke ’muso, ’me e fetotsoe koleche ea sechaba. Ka 1978 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoarela likopano tsa machaba tse khōlō Montreal, tseo batho ba ka bang 80 008 ba neng ba e-ba teng ho tsona.
Leha ho le joalo, Kereke e K’hatholike e sebelisitse mekhoa eohle eo e ka khonang ho e sebelisa bakeng sa hore e ’ne e laole batho ka matla. Ka ho hatella ba boholong ’musong, e ile ea etsa bonnete ba hore baromuoa ba Lipaki ba laeloa ho tloha Italy ka 1949 le hore, ha ho khoneha, liphemiti tseo Lipaki li neng li li fumane tsa ho tšoarela likopano sebakeng seo li hlakoloe ka bo-1950. Ho sa tsotellehe sena, lenane la Lipaki tsa Jehova le ile la tsoela pele ho hōla, ’me ka 1992 ho ne ho e-na le baevangeli ba Lipaki ba fetang 190 000 Italy.
Joaloka nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi, baruti ba Spain ba ile ba li nyelisa eaba ba tlohella Naha hore e etse mosebetsi o nyonyehang oa ho hlorisa Lipaki. Ka mohlala, Barcelona, moo moarekabishopo a ileng a lokisetsa letšolo khahlanong le Lipaki ka 1954, baruti ba ile ba sebelisa lifalana tsa bona esita le likolo le seea-le-moea bakeng sa ho eletsa batho hore ha Lipaki li tla ho bona, ba lokela ho li memela ka tlung—’me kapele ba bitse mapolesa.
Baprista ba ne ba tšaba hore batho ba Spain ba ka ’na ba ithuta se ka Bibeleng ’me mohlomong ba be ba bontše ba bang seo ba ithutileng sona. Ka 1960 ha Manuel Mula Giménez a kenngoa teronkong ea Granada bakeng sa “tlōlo ea molao” ea ho ruta ba bang Bibele, moruti oa teronko (oa K’hatholike) o ile a etsa hore Bibele e le ’ngoe feela e neng e le laebraring ea teronko e tlosoe. ’Me ha motšoaruoa e mong a alima Manuel kopi ea Likosepele, o ile a e amohuoa. Empa hona joale Bibele e finyelletse ho batho feela ba tloaelehileng ba Spain, ba bile le monyetla oa ho bona seo e se bolelang, ’me ka 1992, ho ne ho e-na le ba 90 000 ba kopanelang borapeling ba Jehova e le Lipaki tsa hae.
Dominican Republic, baruti ba ile ba sebetsa hammoho le Mohatelli Trujillo, ba mo sebelisa bakeng sa ho finyella lipakane tsa bona joalokaha a kile a ba sebelisa bakeng sa merero ea hae. Ka 1950, ka mor’a hore lihlooho tsa koranta tse ngotsoeng ke baruti li nyelise Lipaki tsa Jehova, molebeli oa lekala la Mokhatlo oa Watch Tower o ile a bitsoa ka taelo ea lekhotla ke Mongoli oa Lekala la tsa ka Hare le Sepolesa. Ha a ntse a eme ka ntle ho ofisi, molebeli oa lekala o ile a bona baprista ba babeli ba Majesutu ba kena ba bile ba tsoa. Hang-hang ka mor’a moo, o ile a bolelloa hore a kene ka ofising ea Mongoli, ’me Mongoli a bala molao-taelo o thibelang mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova a tšohile. Ka mor’a hore thibelo ena e tlosoe ka nakoana ka 1956, baruti ba ile ba sebelisa seea-le-moea le likoranta tsa litaba bakeng sa ho etselletsa Lipaki hape. Litho tsohle tsa liphutheho li ile tsa tšoaroa ’me tsa laeloa hore li saene polelo e latolang tumelo ea tsona le ho tšepisa ho khutlela Kerekeng ea Roma e K’hatholike. Ha Lipaki li hana, tsa shapuoa, tsa rahoa, tsa otloa, ’me lifahleho tsa tsona tsa otloa ka mabifi ka karolo e ka morao ea sethunya. Empa li ile tsa ema li tiile, ’me manane a tsona a eketseha.
Sucre, Bolivia, ho ne ho e-na le pefo e eketsehileng. Nakong ea kopano ea Lipaki tsa Jehova ka 1955, sehlopha sa bashemane se tsoang Sekolong sa K’hatholike sa Sacred Heart se ile sa lika-liketsa sebaka sa kopano, sa hooa ka mantsoe a hlabang sa ba sa betsa majoe. Sebuela-hōle se neng se le mohahong oa kereke o ka nģane ho seterata se ile sa phehella Mak’hatholike ’ohle ho sireletsa kereke le “Mofereko” khahlanong le “bakhelohi ba Maprostanta.” Mobishopo le baprista bana ka bobona ba ile ba leka ho sitisa seboka sena empa mapolesa a ile a ba laela hore ba tsoe ka holong.
Selemong se ka pele ho seo, ha Lipaki tsa Jehova li tšoere kopano Riobamba, Ecuador, lenaneo la tsona le ile la ba le puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Lerato, Na Lea Sebetsa Lefatšeng le Nang le Boithati?” Empa moprista oa Mojesutu o ne a fehlile morusu ho matšoele a Mak’hatholike, a ba phehella hore ba thibele seboka seo. Kahoo, ha puo e ntse e tsoela pele, mahoo-hoo a ne a utloahala a hoeletsa: “Kereke e K’hatholike e be Teng ka ho sa Feleng!” ’me, “Maprostanta a fele!” Mapolesa ka ho babatsehang a ile a ba thibela ka lisabole. Empa mahoo-hoo a ile a betsetsa majoe sebakeng sa seboka ’me, hamorao, ba a betsetsa mohahong oo baromuoa ba neng ba lula ho ona.
Baruti ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba ’nile ba etella pele mahloriso, empa ha ea ka ea e-ba bona feela. Baruti ba Greek Orthodox ba ’nile ba e-ba mabifi ka tsela e tšoanang ’me ba ile ba sebelisa maqiti a tšoanang, ka tšusumetso ea bona e lekanyelitsoeng haholoanyane. Ho phaella moo, moo ba neng ba lumela hore ba ka ho etsa, baruti ba bangata ba Maprostanta ba bontšitse moea o tšoanang. Ka mohlala, Indonesia ba ’nile ba etella pele mahoo-hoo a ileng a sitisa lithuto tsa Bibele ho tsoela pele malapeng a batho ’me ba shapa Lipaki tsa Jehova tse neng li le moo hape. Linaheng tse ling tsa Afrika, ba ile ba ikemisetsa ho susumetsa ba boholong hore ba leleke Lipaki tsa Jehova ka har’a naha kapa ba li amohe bolokolohi ba ho buisana le ba bang ka Lentsoe la Molimo. Le hoja ba ka ’na ba fapana litabeng tse ling, baruti ba Mak’hatholike le ba Maprostanta kaofela baa lumellana tabeng ea ho hanyetsa Lipaki tsa Jehova. Ka linako tse ling ba bile baa kopana tabeng ea ho leka ho susumetsa ba boholong ’musong hore ba thibele mosebetsi oa Lipaki. Moo malumeli ao e seng a Bokreste a ’nileng a laola bophelo, le oona a ’nile a sebelisa ’muso khafetsa bakeng sa ho sireletsa batho ba bona hore ba se pepesehele lithuto tse ka ’nang tsa etsa hore ba belaelle bolumeli boo ba bileng ho bona ho tloha tsoalong.
Ka linako tse ling lihlopha tsena tseo e seng tsa Bokreste li ’nile tsa sebetsa hammoho le ba ipolelang hore ke Bakreste tabeng ea ho rera ho boloka boemo ba bolumeli bo le kamoo bo leng ka teng. Dekin, Dahomey (eo hona joale e leng Benin), moprista oa juju le moprista oa K’hatholike ba ile ba etsa morero oa bolotsana o kopanetsoeng oa ho etsa hore ba boholong ’musong ba felise mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova qalong ea bo-1950. Ka baka la ho tsieleha ba ile ba qapa liqoso tseo ba neng ba lekanya hore li tla baka mefuta eohle ea boikutlo bo hlaha. Ba ile ba qosa Lipaki ka hore li phehella batho ho fetohela ’muso, ha li lefe makhetho, ke ka lebaka leo li-juju li sa neseng pula, ’me li ikarabella bakeng sa ho se arabeloe ha lithapelo tsa moprista. Baeta-pele bohle ba joalo ba bolumeli ba ne ba tšaba hore batho ba bona ba ka ’na ba ithuta lintho tse neng li tla ba lokolla litumela-khoeleng le bophelong ba ho ba le kutlo e bofofu.
Leha ho le joalo, tšusumetso ea baruti e ile ea fokotseha butle-butle libakeng tse ngata. Hona joale hase ka mehla baruti ba fumanang tšehetso ea mapolesa ha ba tšoenya Lipaki. Ha moprista oa Greek Orthodox a leka ho qhala kopano ea Lipaki tsa Jehova ka pefo ea mahoo-hoo Larissa, Greece, ka 1986, ’muelli oa molao oa setereke hammoho le sehlopha se seholo sa baemeli ba mapolesa ba ile ba buella Lipaki. ’Me ka linako tse ling likoranta tsa litaba li ’nile tsa toba litaba ka matla ha li nyatsa liketso tsa ho se rate ho lumella bolokolohi ba bolumeli.
Leha ho le joalo, likarolong tse ngata tsa lefatše, litseko tse ling li ’nile tsa isa maqhubung a mahloriso. E ’ngoe ea litseko tsena e amme boikutlo ba Lipaki tsa Jehova mabapi le matšoao a naha.
Hobane ba Rapela Jehova Feela
Mehleng ea kajeno e bile Jeremane oa Bonazi moo ka ho khetheha Lipaki tsa Jehova li ileng tsa qala ho tobana le litseko tse amanang le mekete ea bochaba. Hitler o ile a ikitlaelletsa ho busa sechaba sa Jeremane ka ho etsa hore tumeliso ea Bonazi ea “Heil Hitler!” e be e tlamang. Joalokaha mongolli oa koranta ea Sweden e bile e le motlalehi oa litaba tsa BBC Björn Hallström a ile a tlaleha, ha Lipaki tsa Jehova tse Jeremane li ne li tšoeroe nakong ea Bonazi, hangata liqoso tse khahlanong le tsona li ne li akarelletsa “ho hana ho lumelisa folaga le ho etsa tumeliso ea Bonazi.” Kapele lichaba tse ling li ile tsa qala ho batla hore e mong le e mong a lumelise folaga. Lipaki tsa Jehova tsa hana—eseng ka baka la ho hloka botšepehi empa ka mabaka a letsoalo la Bokreste. Li hlompha folaga empa li nka ho lumelisa folaga e le ketso ea borapeli.f
Ka mor’a hore Lipaki tse ka bang 1 200 li kenngoe teronkong Jeremane qalong ea mehla ea Bonazi bakeng sa ho hana ho etsa tumeliso ea Bonazi le ho hana ho ba khahlanong le ho se nke lehlakore ha Bokreste, tse likete li ile tsa hlekefetsoa ’meleng United States ka baka la ho se lumelise folaga ea Amerika. Bekeng ea November 4, 1935, bana ba sekolo ba ’maloa ba Canonsburg, Pennsylvania, ba ile ba isoa ntlong ea mocheso o futhumatsang mohaho oohle ’me ba shapeloa ho hana ho lumelisa folaga. Grace Estep, eo e leng tichere, o ile a lelekoa sekolong seo ka lebaka lona leo. Ka November 6, William le Lillian Gobitas ba ile ba hana ho lumelisa folaga ’me ba lelekoa sekolong Minersville, Pennsylvania. Ntate oa bona a qosa e le hore bana ba hae ba ka boela ba amoheloa. Lekhotla la setereke le hlomamisitsoeng ke ’muso le lekhotla le potolohang la boipiletso a ile a etsa qeto ea nyeoe ena molemong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka 1940, kaha sechaba se ne se le lintšing tsa ntoa, Lekhotla le Phahameng la U.S., Nyeoeng ea Minersville School District v. Gobitis, qetong eo batho ba robeli ba neng ba lumellana le eona ha a le mong a e hanyetsa la tšehetsa ho lumelisoa ho qobellang ha folaga likolong tsa sechaba. Sena se ile sa fella ka ho qhoma ha pefo khahlanong le Lipaki tsa Jehova.
Ho ne ho e-na le litlhaselo tse ngata tse mabifi tse etsetsoang Lipaki tsa Jehova hoo Mofumahali Eleanor Roosevelt (mosali oa Mopresidente F. D. Roosevelt) a ileng a etsa boipiletso ho sechaba hore se khaotse. Ka June 16, 1940, motlatsi oa moeletsi oa ’muso oa U.S. litabeng tsa molao, Francis Biddle, khasong ea seea-le-moea e fihlang sechabeng sohle, o ile a bua ka ho khethehileng ka liketso tse sehlōhō tse entsoeng khahlanong le Lipaki ’me a bolela hore li ke ke tsa mamelloa. Empa sena ha sea ka sa emisa liketso tsena tse sehlōhō.
Tlas’a maemo ’ohle a ka nahanoang—literateng, libakeng tsa mosebetsi, ha Lipaki li ea malapeng tšebeletsong ea tsona—lifolaga li ne li beoa ka pel’a tsona, li laeloa hore li li lumelise—kapa ho seng joalo ho tla ba le liphello tse mpe! Qetellong ea 1940, Yearbook of Jehovah’s Witnesses e ile ea tlaleha: “Sehlopha se busang sa bolumeli se hlophisitsoeng ho latela maemo a litho tsa sona le Lebotho le Leholo la Amerika, ka mahoo-hoo a joalo ba inketse molao matsohong, ka mabifi ba etsa tšenyo e ke keng ea hlalosoa. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa, tsa otloa, tsa koeteloa, tsa lelekoa litoropong, linaheng le libakeng tse itseng, tsa tlotsoa ka sekontiri le ho hlongoa masiba, tsa qobelloa ho noa castor oil, tsa tlamelloa ’moho ’me tsa lelekisoa joaloka libatana tse semumu ho theosa le literata, tsa faoloa le ho holofatsoa, tsa songoa le ho rohakoa ke matšoele a nang le tšusumetso ea bademona, tse makholo tsa kenngoa literonkong ka ntle ho qoso li beiloe boinotšing ’me li amohiloe tokelo ea ho buisana le beng ka tsona, metsoalle kapa babuelli ba molao. Ba bang ba makholo ba ile ba kenngoa literonkong ba ba ba kenngoa ho seo ho thoeng ke ‘teronko e sireletsehileng’; ba bang ba ile ba thunngoa ba robetse; ba bang ba tšosoa ka ho fanyehoa le ho otloa ho fihlela ba ea le maili-ili. Mekhoa e mengata e sa tšoaneng ea pefo ea mahoo-hoo e ile ea sebelisoa. Ba bangata ba ile ba taboleloa liaparo, Libibele tsa bona le lingoliloeng tse ling li ile tsa nkoa ka mahahapa ’me tsa chesoa phatlalatsa; likoloi tsa bona, lik’haravene tsa bona, mahae le libaka tsa likopano tsa senngoa tsa ba tsa chesoa . . . Maemong a mangata moo linyeoe li ileng tsa tšoareloa libakeng tse busoang ke mahoo-hoo, babuelli ba molao esita le Lipaki ba ’nile ba hlaseloa ke mahoo-hoo le ho otloa ha ba ntse ba le ka khotla. Hoo e ka bang nyeoeng e ’ngoe le e ’ngoe moo ho neng ho e-na le pefo ea mahoo-hoo ba boholong sechabeng ha baa ka ba etsa letho ’me ba hana ho fana ka tšireletso, ’me liketsahalong tse ngata mapolesa a ile a kenella ho mahoo-hoo ’me ka linako tse ling a hla a etella mahoo-hoo pele.” Ho tloha ka 1940 ho ea ho 1944, mahoo-hoo a befileng a fetang 2 500 a ile a hlasela Lipaki tsa Jehova United States.
Ka baka la ho lelekoa ha bana ba Lipaki ba bangata likolong, ka bo-1930 le mathoasong a bo-1940 ho ile ha hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li bule likolo tsa tsona United States le Canada ka nakoana e le hore li ka lokisetsa bana ba tsona hore ba ithute. Likolo tsena li ne li bitsoa Likolo tsa ’Muso.
Linaha tse ling le tsona li ile tsa hlorisa Lipaki ka sehlōhō hobane li sa lumelise matšoao a naha kapa ho a aka. Ka 1959, Costa Rica bana ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba ke ke ba kopanela ho seo molao o se bitsang ‘borapeli ba Matšoao a Naha’ ba ne ba thibetsoe ho ea likolong. Bana ba Lipaki ba ile ba tšoaroa ka tsela e tšoanang Paraguay ka 1984. Ka 1959 Lekhotla le Phahameng la Philippines le ile la etsa qeto ea hore ho sa tsotellehe likhanyetso tsa bolumeli, bana ba Lipaki tsa Jehova ba tla qobelloa ho lumelisa folaga. Leha ho le joalo, maemong a mangata baeta-pele ba likolo sebakeng seo, ba ile ba sebelisana le Lipaki e le hore bana ba tsona ba ka kena sekolo ka ntle le ho siteloa matsoalo a bona. Ka 1963, ba boholong ’musong Liberia, Afrika Bophirima, ba ile ba qosa Lipaki ka ho hloka botšepehi ho Naha; ba ile ba sitisa kopano ea Lipaki ka matla Gbarnga ’me ba laela hore e mong le e mong ea leng teng—batho ba Liberia le melata—ba etse kano ea ho inehela ho folaga. Ka 1976 tlaleho e nang le sehlooho “Lipaki tsa Jehova tse Cuba” e ile ea bontša hore lilemong tse peli tse etellang seo pele, batsoali ba sekete, banna le basali, ba ile ba isoa teronkong hobane bana ba bona ba ne ba ke ke ba lumelisa folaga.
Hase e mong le e mong ea ileng a lumellana le likhato tse hatellang tse leng khahlanong le batho bao ka tlhompho ba sa kopaneleng meketeng ea borapeli ba naha ka mabaka a letsoalo. The Open Forum, e hatisitsoeng ke Lekala la Mokhatlo oa Tokoloho oa Baahi ba Amerika le ka Boroa ho California, ka 1941 e itse: “Re lokela ho khaotsa tsela ea rōna e fosahetseng hang-hang ’me re be le kelello mabapi le taba ena ea ho lumelisa folaga. Lipaki tsa Jehova ke Maamerika a tšepahalang. . . . Ha baa sekamela ho tlōleng molao ka kakaretso, empa ba phela bophelo bo molemo, bo hlophisehileng, ba phetha karolo ea bona molemong oa batho bohle.” Ka 1976 Argentina, Buenos Aires mongoli oa koranta ea Herald, ka ho toba o ile a hlokomela hore “litumelo [tsa Lipaki] li khopisa feela ba lumelang hore lerato la naha ea habo motho ke haholo-holo taba ea ho lumelisa folaga le ho bina pina ea sechaba, eseng taba ea pelo.” O ile a phaella: “Hitler le Stalin ba ile ba hlokomela hore [Lipaki] li ke ke tsa thapa, ’me ba li tšoara hampe haholo. Bahatelli ba bang ba bangata ba laba-labelang hore batho ba sebetse tumellanong le litaelo tsa bona ba lekile ho li hatella. ’Me ba hlōleha.”
Hoa tsebahala hore lihlopha tse ling tsa bolumeli li ’nile tsa tšehetsa pefo ea batho ba hlometseng khahlanong le mebuso eo ba sa lumellaneng le eona. Empa ha ho kae kapa kae lefatšeng moo le ka mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa ketola tsamaiso ea lipolotiki. Hase ka baka la ho se tšepahale—ka baka la ho tšehetsa ’muso o mong o itseng oa motho—li hanang ho lumelisa letšoao la naha. Li nka boemo bo tšoanang naheng e ’ngoe le e ’ngoe moo li leng teng. Maikutlo a tsona hase a ho se hlomphe. Ha li letse meloli kapa ho hoeletsa bakeng sa ho sitisa mekete ea ho bontša lerato la naha; ha li tšoele folaga ka mathe, ha li e hatakele kapa hona ho e chesa. Ha li khahlanong le ’muso. Boemo ba tsona bo itšetlehile ka seo Jesu Kreste ka boeena a ileng a se bua, joalokaha se tlalehiloe ho Mattheu 4:10: “Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.”
Boemo bo nkiloeng ke Lipaki tsa Jehova bo tšoana le bo nkiloeng ke Bakreste ba pele nakong ea Moemphera oa Roma. Mabapi le Bakreste bao ba pele, buka Essentials of Bible History ea bolela: “Ketso ea borapeli ba moemphera e ne e kopanyelletsa le ho fafatsa litlhaku tse seng kae tsa libano kapa marotholi a seng makae a veine aletareng e neng e le ka pel’a setšoantšo sa moemphera. Mohlomong ka baka la nako e telele e seng e fetile ho tloha ka nako eo re bona ketsong eo ho se letho le fapaneng le . . . ho phahamisa letsoho ha ho lumelisoa folaga kapa ho le phahamisetsa ’musi ea khethehileng oa naha, pontšo ea mekhoa e metle, tlhompho le lerato la naha. Ho ka etsahala hore batho ba bangata lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikutloa ka tsela eo hantle ka sena empa ho se joalo ka Bakreste. Ba ne ba talima taba ena eohle e le ea borapeli ba bolumeli, bo khethollang moemphera e le molimo ’me kahoo e le ho se tšepahale ho Molimo le Kreste, ’me ba hana ho etsa seo.”—Elmer W. K. Mould, 1951, leq. 563.
Ba Hloiloe Hobane “Hase ba Lefatše”
Hobane Jesu o itse barutuoa ba hae “hase ba lefatše,” Lipaki tsa Jehova ha li kopanele litabeng tsa lona tsa lipolotiki. (Joh. 17:16; 6:15) Le tabeng ena, ba tšoana le Bakreste ba pele, bao bo-rahistori ba reng ka bona:
“Bokreste ba pele bo ne bo sa utloisisoe ’me bo ne bo sa ratoe ke ba neng ba busa lefatše la bohetene. . . . Bakreste ba ne ba hana ho kopanela mesebetsing e itseng ea baahi ba Roma. . . . Ba ne ba ke ke ba ba setulong sa lipolotiki.” (On the Road to Civilization—A World History, A. K. Heckel le J. G. Sigman, 1937, maq. 237-8) “Ba ne ba hana ho nka karolo leha e le efe e mafolo-folo tsamaisong ea sechaba kapa tšireletsong ea sesole ea ’muso. . . . Ho ne ho ke ke ha etsahala hore Bakreste, ba be le sebōpeho sa masole, sa bo-’maseterata, kapa likhosi ka ntle le ho latola mosebetsi o halalelang haholoanyane.”—History of Christianity, Edward Gibbon, 1891, maq. 162-3.
Lefatše ha le rate boemo bona, haholo-holo linaheng tseo ho tsona babusi ba hlokang hore e mong le e mong a kopanele mesebetsing e itseng e le bopaki ba ho tšehetsa tsamaiso ea lipolotiki. Phello ke hore Jesu o ile a bolela: “Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo, lefatše le le hloile.”—Joh. 15:19.
Linaheng tse ling, ho vouta likhethong tsa lipolotiki ho talingoa e le tlamo. Ho hlōleha ho vouta ho ahloloa ka tefo e itseng, ho kenngoa teronkong kapa ntho e mpe le ho feta moo. Empa Lipaki tsa Jehova li tšehetsa ’Muso oa Molimo oa Bomessia, oo, joalokaha Jesu a boletse, ‘eseng oa lefatše.’ Kahoo, ha li kopanele litabeng tsa lipolotiki tsa lichaba tsa lefatše lena. (Joh. 18:36) Qeto ena ke ea botho; ha li qobelle batho ba bang ho ba le pono ea tsona. Moo bolokolohi ba bolumeli bo haellang, ba boholong ’musong ba nkile ho se kopanele ha Lipaki e le phephi bakeng sa ho li hlorisa ka sehlōhō. Ka mohlala, nakong ea puso ea Bonazi, sena se ne se etsoa linaheng tse leng tlas’a taolo ea Bonazi. Hape se ile sa etsoa Cuba. Leha ho le joalo, linaheng tse ngata ba boholong ba bile le mamello e khōloanyane.
Leha ho le joalo, libakeng tse ling ba leng matleng a puso ba ’nile ba batla hore e mong le e mong a bontše hore o tšehetsa mokha oa lipolotiki o busang ka ho hoeletsa mapetjo a itseng. Kaha li ne li ke ke tsa etsa seo ka letsoalo le letle, Lipaki tsa Jehova tse likete likarolong tse ka bochabela tsa Afrika li ile tsa shapuoa, tsa amohuoa lintho tseo li iphelisang ka tsona, le ho lelekoa mahaeng a tsona ka bo-1970 le bo-1980. Empa Lipaki tsa Jehova linaheng tsohle, le hoja li le mahlaha-hlaha li bile li boloka molao, ke Bakreste ba sa nkeng lehlakore litabeng tsa lipolotiki.
Malawi, ho na le mokha o le mong feela oa lipolotiki, ’me ho ba le karete ea mokha ho bolela hore motho ke setho sa oona. Le hoja Lipaki li beha mohlala o motle tabeng ea ho lefa makhetho, tumellanong le litumelo tsa tsona tsa bolumeli, li hana ho reka likarete tsa mokha oa lipolotiki. Ho etsa joalo e ne e tla ba ho latola tumelo ea tsona ’Musong oa Molimo. Ka baka la sena, mafelong a 1967, ka khothalletso ea ba boholong ’musong, lihlopha tsa bacha ho pholletsa le Malawi li ile tsa qala ho hlasela Lipaki tsa Jehova ka tsela e nyonyehang le ea bokhopo eo li e-song ho hlaseloe ka eona pele. Basali ba Bakreste ba tiileng tumelong ba fetang sekete ba ile ba betoa. Ba tsolisoa ka pele ho mahoo-hoo, ba otloa ka melamu le ka lifeisi, eaba batho ba sa tšoaneng ba ba hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali e mong ka mor’a e mong. Banna ba ile ba kenngoa lipekere maotong ’me mamao a libaesekele a kenngoa meomong ea bona, eaba ba laeloa hore ba mathe. Ho pholletsa le naha mahae a bona, thepa ea ka tlung, liaparo le lijo li ile tsa senngoa.
Hape, ka 1972, ho ile ha ba le ho qhoma ho hocha ha bokhopo bo joalo ka mor’a kopano ea selemo le selemo ea Malawi Congress Party. Kopanong eo ho ile ha etsoa qeto ka molao ea ho leleka Lipaki tsa Jehova mesebetsing eohle ea boipheliso le ho li leleka mahaeng a tsona. Esita le boipiletso ba bahiri ba ho boloka basebetsi bana ba tšepahalang ha boa ka ba thusa letho. Mahae, lijalo le liphoofolo tseo li li ruileng tsa nkoa ke ’muso kapa tsa senngoa. Lipaki li ile tsa thibeloa ho kha metsi selibeng sa motse. Tse ngata li ile tsa shapuoa, tsa betoa, tsa holofatsoa kapa tsa bolaoa. Ho ntse ho le joalo li ile tsa songoa le ho nyelisoa ka baka la tumelo ea tsona. Qetellong tse ka holimo ho 34 000 tsa baleha naheng ena e le hore li ka qoba ho bolaoa.
Empa e ne e e-s’o lale. Pele ho tloha naheng e ’ngoe le ho tloha ho e ’ngoe, ba ile ba qobelloa ho tšela moeli ba khutlela ho bahlorisi ba bona, feela hore ba tšoaroe ka bokhopo bo fetang ba pele. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena sohle, ha baa ka ba sekisetsa, ’me ha baa ka ba felloa ke tumelo ho Jehova Molimo. Ba ile ba ipaka ba le joaloka basebeletsi ba Molimo bao Bibele e reng ka bona: “Ba bang ba tšoenyehile ka litšomo, le ka ho shapuoa, le ka litlamo, le ka literonko. Ba tlepelitsoe ka majoe, ba sehliloe ka lisaga, ba lekiloe, ba bolailoe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a linku le a lipoli, ba lahleheloa ke tsohle, ba hlorisoa, ba etsoa hampe—kanthebo lefatše le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo—ba shotile mafeelleng, le lithabeng, le mahaheng, le mekoting ea lefatše.”—Ba-Heb. 11:36-38.
Ba Hlorisoa Lichabeng Tsohle
Na ke feela lichaba tse seng kae feela lefatšeng ha ho bapisoa tse bonahalitseng boikemisetso ba tsona ba bolokolohi ka mahloriso a joalo a bolumeli? Le hanyenyane! Jesu Kreste o ile a lemosa balateli ba hae: “Le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.”—Matt. 24:9, NW.
Mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, ho tloha ka 1914, lehloeo leo le bile matla ka ho khethehileng. Canada le United States li ile tsa qalisa tlhaselo ka hore li thibele lingoliloeng tsa Bibele nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ’me kapele India le Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi) tsa kenella. Lilemong tsa bo-1920, litekanyetso tseo e seng tsa molao li ile tsa beheloa Liithuti tsa Bibele Greece, Hungary, Italy, Romania le Spain. Ho tse ling tsa libaka tsena, kabo ea lingoliloeng tsa Bibele e ile ea thibeloa; ka linako tse ling, esita le liboka tsa sekhukhu li ile tsa thibeloa. Linaha tse eketsehileng li ile tsa kenella tlhaselong ena lilemong tsa bo-1930, ha lithibelo (tse ling holim’a Lipaki tsa Jehova tse ling holim’a lingoliloeng tsa tsona) li ne li etsoa Albania, Austria, Bulgaria, Estonia, Latvia, Lithuania, Poland, likarolong tse ling tsa Switzerland, seo ka nako eo e neng e le Yugoslavia, Gold Coast (eo hona joale e leng Ghana), libaka tsa Afrika tse tlas’a puso ea Fora, Trinidad, le Fiji.
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le lithibelo holim’a Lipaki tsa Jehova, mosebetsi oa tsona oa phatlalatsa le lingoliloeng tsa Bibele likarolong tse ngata tsa lefatše. Sena ha sea ka sa etsahala Jeremane, Italy le Japane feela—tseo kaofela li neng li le tlas’a puso ea bohatelli—empa le linaheng tse ngata tse ileng tsa ba tlas’a taolo ea tsona ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang pele kapa ka mor’a ntoa eo. Har’a tsena e ne e le Albania, Austria, Belgium, Czechoslovakia, Korea, Netherlands, Netherlands East Indies (eo hona joale e leng Indonesia), le Norway. Lilemong tseo tsa ntoa, Argentina, Brazil, Finland, Fora le Hungary kaofela li ile tsa fana ka litaelo khahlanong le Lipaki tsa Jehova kapa mosebetsi oa tsona.
Brithani ha ea ka ea thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka molao ka ho toba nakong ea ntoa, empa e ile ea khutlisetsa molebeli oa lekala la Mokhatlo oa Watch Tower ea hlahetseng Amerika ha habo ’me ea ikitlaelletsa ho sitisa mosebetsi oa Lipaki ka ho thibela thomello ea lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele nakong ea ntoa. Ho pholletsa le ’Muso oa Brithani le Selekane sa Lichaba sa Brithani, lithibelo tsa Lipaki tsa Jehova kapa ho se lumelloe ha lingoliloeng tsa tsona li ile tsa etsoa. Afrika Boroa, Australia, Bahamas, Basutoland (eo hona joale e leng Lesotho), Bechuanaland (eo hona joale e leng Botswana), British Guiana (eo hona joale e leng Guyana), Burma (eo hona joale e leng Myanmar), Canada, Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka), Cyprus, Dominica, Fiji, Gold Coast (eo hona joale e leng Ghana), India, Jamaica, Leeward Islands (B.W.I.), New Zealand, Nigeria, Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi), Rhodesia e ka Boroa (eo hona joale e leng Zimbabwe), Rhodesia e ka Leboea (eo hona joale e leng Zambia), Singapore, le Swaziland kaofela li ile tsa nka bohato bo joalo bakeng sa ho bonahatsa bohlaha ba tsona ho bahlanka ba Jehova.
Ka mor’a hore ntoa e lale, mahloriso a ile a khaotsa ho se hokae lihlopheng tse ling tsa batho empa a eketseha ho tse ling. Ka lilemo tse latelang tse 45, ho phaella ’neteng ea hore linaha tse ngata li ile tsa hana ho lumella Lipaki tsa Jehova ka molao, li ile tsa thibeloa ka ho felletseng kapa mesebetsi ea tsona ea thibeloa ka ho felletseng linaheng tse 23 Afrika, tse robong Asia, tse robeli Europe, tse tharo Latin America le tse ’nè lichabeng tse ling lihleke-hlekeng. Ho fihlela ka 1992, Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li le tlas’a thibelo linaheng tse 24.
Sena ha se bolele hore bohle ba boholong ’musong ka bobona ba hanyetsa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ba bangata ba boholong ’musong ba tšehetsa bolokolohi ba bolumeli le ho hlokomela hore Lipaki ke batho ba bohlokoa sechabeng. Banna ba joalo ha ba lumellane le ba susumelletsang hore ho nkoe khato khahlanong le Lipaki. Ka mohlala, pele sechaba sa Ivory Coast (eo hona joale e leng Côte d’Ivoire) se ipusa, ha moprista oa K’hatholike le moruti oa Methodist ba leka ho susumetsa e mong ea boholong ’musong hore a lelekele Lipaki tsa Jehova ka ntle ho naha, ba ile ba hlokomela hore ba buisana le ba boholong ’musong ba neng ba sa rate ho fetoha lisebelisoa tsa baruti tsa ho ntšetsa merero ea bona pele. Ha e mong ea boholong ’musong a leka ho fetola molao oa Namibia, ka 1990, hore o khetholle baphaphathehi ba Lipaki tsa Jehova, Lekhotla la Ketsa-melao ha lea ka la lumella seo. ’Me linaheng tse ngata Lipaki tsa Jehova li bile tlas’a thibelo ka nako e itseng, hona joale li thabela ho amoheloa ka molao.
Leha ho le joalo, ka litsela tse sa tšoaneng, likarolong tsohle tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova lia hlorisoa. (2 Tim. 3:12) Libakeng tse ling, mahloriso ao a ka ’na a hlaha haholo-holo ho beng ba matlo ba hlekefetsang, beng ka tsona ba hanyetsang kapa basebetsi-’moho kapa barutoana-’moho le tsona ba sa tšabeng Molimo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang ba hlorisang kapa hore na ba leka ho lokafatsa seo ba se etsang ka litsela life, Lipaki tsa Jehova li utloisisa seo e hlileng e leng sesosa sa mahloriso a Bakreste ba ’nete.
Tseko
Ke khale lingoliloeng tsa Watch Tower li bontšitse ka puo ea tšoantšetso hore buka ea pele ea Bibele e boletse esale pele sera, kapa lehloeo la Satane Diabolose le ba leng tlas’a taolo ea hae ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo le baemeli ba oona ba lefatšeng. (Gen. 3:15; Joh. 8:38, 44; Tšen. 12:9, 17) Haholo-holo ho tloha ka 1925, Molula-Qhooa o bontšitse ka Mangolo hore ho na le mekhatlo e hlophisitsoeng e ’meli feela e meholo—oa Jehova le oa Satane. ’Me, joalokaha 1 Johanne 5:19 e bolela, “lefatše lohle”—ke hore, moloko oohle oa batho o leng ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova—“le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Ke ka lebaka leo Bakreste bohle ba ’nete ba hlorisoang.—Joh. 15:20.
Empa ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahloriso? Na ho na le molemo o fumanoang? Jesu Kreste o ile a hlalosa hore pele eena joaloka Morena oa leholimo a ka felisa Satane le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o khopo, ho tla aroloa batho ba lichaba tsohle, joalokaha molisa oa Bochabela bo Hare a arola linku ho lipōli. Batho ba tla fuoa monyetla oa ho utloa ka ’Muso oa Molimo le ho o emela. Ha baboleli ba ’Muso oo ba hlorisoa, potso ena e hlahella haholoanyane: Na bao ba utloang ka oona ba tla tšoara “baena” ba Kreste le metsoalle ea bona hantle kahoo ba bontše lerato ho Kreste ka boeena? Kapa ba tla kopanela le bao ba bokellang tlhekefetso holim’a baemeli baa ba ’Muso oa Molimo—kapa mohlomong ba tla sala ba thōtse ha ba bang ba etsa seo? (Matt. 25:31-46; 10:40; 24:14) Ba bang Malawi ba ile ba bona ka ho hlaka ba neng ba sebeletsa Molimo oa ’nete ’me kahoo ba kopanela le Lipaki tse hlorisoang. Batšoaruoa ba bangata le balebeli ba bang likampong tsa mahloriso tsa Jeremane ba ile ba etsa se tšoanang.
Le hoja Lipaki tsa Jehova li qosoa ka leshano li bile li hlekefetsoa ’meleng, esita le ho sonngoa ka baka la tumelo ea tsona ho Molimo, ha li ikutloe hore Molimo o li furalletse. Lia tseba hore Jesu Kreste o ile a hlaheloa ke lintho tsona tseo. (Matt. 27:43) Hape lia tseba hore ka baka la botšepehi ba hae ho Jehova, Jesu o ile a paka hore Diabolose o leshano ’me a kenella ho halaletsoeng ha lebitso la Ntate oa hae. Paki ea Jehova e ’ngoe le e ’ngoe e lakatsa ho etsa se tšoanang.—Matt. 6:9.
Taba hase hore na li ka pholoha tlhokofatso le lefu. Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba bang ba ne ba tla bolaoa. (Matt. 24:9) Eena ka boeena o ile a bolaoa. Empa le ka mohla ha a ka a sekisetsa ho Sera se seholo sa Molimo, Satane Diabolose, “morena oa lefatše lena.” Jesu o ile a hlōla lefatše. (Joh. 14:30; 16:33) Joale, taba ke hore na barapeli ba Molimo oa ’nete ba tla lula ba tšepahala ho eena ho sa tsotellehe mathata leha e le afe ao ba fetang ho ’ona. Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li fane ka bopaki bo bongata ba hore li na le mohopolo o tšoanang le oa moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Hobane leha re phela, re phelela Morena, ’me leha re e-shoa, re ba Morena.”—Ba-Rom. 14:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka nako eo Liithuti tsa Bibele li ne li sa utloisise ka ho hlaka seo Lipaki li se tsebang hona joale ho tsoa Bibeleng mabapi le taba ea ho ruta ha banna ka phuthehong. (1 Ba-Kor. 14:33, 34; 1 Tim. 2:11, 12) Ka baka leo, Maria Russell e ne e le motlatsi oa mohlophisi oa Molula-Qhooa a bile a na le karolo ho se ngoloang ho oona.
b Joseph F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower; William E. Van Amburgh, mongoli le ramatlotlo oa Mokhatlo; Robert J. Martin, mookameli oa ofisi; Frederick H. Robison, setho sa komiti ea tlhophiso ea khatiso ea Molula-Qhooa; A. Hugh Macmillan, motsamaisi oa Mokhatlo; George H. Fisher le Clayton J. Woodworth, bahlophisi ba The Finished Mystery.
c Giovanni DeCecca, ea ileng a sebetsa Lefapheng la Setaliana ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower.
d Moahloli oa Potoloho Martin T. Manton, setho sa Roma e K’hatholike se chesehang, o ile a hana boipiletso ba bobeli bakeng sa beile ka July 1, 1918. Ha lekhotla la boipiletso le leholo hamorao le fetola kahlolo ea baqosuoa, Manton o ile a vouta ka lehlakoreng la bohanyetsi a le mong. Hoa hlokomeleha hore ka December 4, 1939, lekhotla la boipiletso le thehiloeng ka ho khetheha le ne le na le kholiseho e tšoanang le ea Manton ea ho sebelisa matla a boahloli hampe, ho hloka botšepehi, le ho qhekella.
e Taba ea hore banna bana ba ne ba kentsoe teronkong ka ho hloka tōka, le hore ba ne ba se na molato, ho bontšoa ke ’nete ea hore J. F. Rutherford o ile a lula e le setho sa babuelli ba molao ba Lekhotla le Phahameng la United States ho tloha ha a amoheloa ka May 1909 ho fihlela lefung la hae ka 1942. Linyeoeng tse 14 tsa boipiletso Lekhotleng le Phahameng ho tloha ka 1939 ho fihlela ka 1942, J. F. Rutherford e ne e le e mong oa babuelli ba molao. Linyeoeng tse tsejoang e le Schneider v. State of New Jersey (ka 1939) le Minersville School District v. Gobitis (ka 1940), eena ka boeena o ile a bua ka pel’a Lekhotla le Phahameng. Hape, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, A. H. Macmillan, e leng e mong oa banna ba ileng ba kenngoa teronkong ka phoso ka 1918-19, o ile a amoheloa ke mookameli oa Tsamaiso e khōlō ea Literonko e le moeti oa ka mehla oa literonko tse khōlō tsa United States bakeng sa ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa bahlankana ba neng ba le moo ka baka la boemo ba Bokreste ba ho se nke lehlakore.
f The Encyclopedia Americana, Moqolo 11, 1942, leqephe 316, e re: “Folaga, joaloka sefapano, ea halalela. . . . Melao le litaelo tse amanang le boikutlo ba batho mabapi le lifolaga tsa sechaba li sebelisa mantsoe a nang le tšusumetso a joaloka, ‘Tšebeletso ea Folaga,’ . . . ‘Ho hlompha Folaga,’ ‘Boinehelo ho Folaga.’” Brazil, Diário da Justiça, February 16, 1956, leqephe 1904, e tlalehile hore moketeng oa sechaba, ofisiri ea sesole e ile ea re: “Lifolaga li fetohile molimo oa bolumeli bo bontšang lerato la naha . . . Folaga e hlomphuoa ka tsela ea borapeli le ho rapeloa.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 642]
Bahlorisi ba ka sehloohong ba Jesu Kreste e ne e le baeta-pele ba bolumeli
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 645]
“Ho khethoa ke Molimo, kapa ho fuoa matla ha motho leha e le ofe bakeng sa ho bolela ho etsoa ka hore Moea o Halalelang o fetisetsoe ho eena”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 647]
Buka “The Finished Mystery” e ile ea pepesa boikaketsi ba baruti ba Bokreste-’mōtoana ka ho felletseng!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 650]
Banna le basali ba Bakreste ba ile ba hlaseloa ke mahoo-hoo, ba kenngoa literonkong, ’me ba lula ho tsona ntle ho qoso kapa nyeoe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 652]
“Linako tsena tsa ho kena teronkong ho hlakile hore li telele ka ho fetisisa”—Mopresidente oa U.S. Woodrow Wilson
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 656]
Ho ne ho se tōka bakeng sa mang le mang ea neng a sa etse seo moprista a mo laelang ho se etsa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 666]
Baprista ba ne ba phehella matichere hore a ntše bana ka sekolong e le hore ba ka betsa Lipaki ka majoe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 668]
Baruti ba ile ba kopanya matsoho tabeng ea ho hanyetsa Lipaki
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 671]
Mahoo-hoo a ile a hlasela Lipaki tsa Jehova United States
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 676]
Likarolong tsohle tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova lia hlorisoa
[Lebokose le leqepheng la 655]
Baruti ba Ntša Maikutlo a Bona
Karabelo ea likoranta tsa bolumeli tse tsoang ka linako tse beiloeng kahlolong ea J. F. Rutherford le metsoalle ea hae ka 1918 ea hlokomeleha:
◆ “The Christian Register”: “Seo ’Muso o se loantšang ka ho toba mona ka ho fetelletseng ke mohopolo oa hore likhopolo tsa bolumeli, ho sa tsotellehe hore na li na le liphoso tse ngata hakae li bile li kotsi hakae, li ka ’na tsa jaloa ka ntle ho kahlolo. Mohopolo ona ke leshano la khale, ’me ho fihlela hona joale ha rea ka ra o tsotella hakaalo. . . . Ho bonahala eka ke bofelo ba Borusselle.”
◆ “The Western Recorder,” e leng khatiso ea Baptiste, e itse: “Ha ho makatse hore ebe moeta-pele enoa oa bolumeli bona ba mehlolo bo tenang o lokela ho kenngoa teronkong ho se seng sa litsi tsa batho bao ho leng thata ho ba laola. . . . Bothata bo rarahaneng e le ka ’nete tabeng ena ke taba ea hore na baqosuoa ba lokela hore ba be ba ile ba romeloa setsing sa mahlanya se sireletsehileng kapa teronkong.”
◆ “The Fortnightly Review” e ile ea lebisa tlhokomelo polelong e ho “Evening Post,” ea New York, e itseng: “Re tšepa hore matichere a bolumeli libakeng tsohle a tla hlokomela maikutlo a moahloli enoa a hore ho ruta thuto ea bolumeli leha e le efe ka ntle le e leng tumellanong e felletseng le melao ea ’muso ke tlōlo ea molao e tebileng e mpefatsoang ke haeba, e re u le moruti oa kosepele, u be u ntse u tiile ho eona.”
◆ “The Continent” ka ho fapaneng e ile ea khetholla baqosuoa joaloka “balateli ba ‘Moruti’ Russell” ea shoeleng ’me ba khopamisa litumelo tsa bona ka ho bolela hore ba tiisa “hore batho bohle ntle le baetsalibe ba lokela hore ba se ke ba loantša ’musi oa Jeremane.” E ile ea bolela hore ho latela moeletsi oa ’muso oa Washington litabeng tsa molao, “’muso oa Italy ka nako e itseng e fetileng o ile oa belaella United States ka hore Rutherford le metsoalle ea hae . . . ba jalile mashano a khahlanong le ntoa mabothong a Mataliana.”
◆ Beke hamarao “The Christian Century” e ile ea hatisa boholo ba litaba tse ka holimo lentsoe ka lentsoe, ho bontša hore li ne li lumellana ka ho felletseng.
◆ Makasine oa K’hatholike “Truth” o ile oa tlaleha hakhutšoanyane ka kahlolo e ileng ea etsoa ’me oa bua ka maikutlo a bahlophisi ba oona, o re: “Lingoliloeng tsa mokhatlo ona li tletse monko o mobe le litlhaselo tse mabifi Kerekeng e K’hatholike le bopristeng ba eona.” O leka ka matla ho manamisa mang le mang ea ka ’nang a hanyetsana le Kereke e K’hatholike phatlalatsa lebitso la “ho fetohela ’muso,” o ile a phaella: “Ho ntse ho totobala haholoanyane hore moea oa bolokolohi ba bolumeli o amana haufinyane le oa ho fetohela ’muso.”
◆ Dr. Ray Abrams, bukeng ea hae “Preachers Present Arms,” o ile a hlokomela: “Ha bahlophisi ba likoranta tsa bolumeli ba utloa ka likahlolo tsa lilemo tse mashome a mabeli, hoo e ka bang e ’ngoe le e ’ngoe ea lingoliloeng tsena, e nyenyane le e khōlō, li ile tsa thabela ketsahalo ena. Ha kea ka ka khona ho fumana mantsoe leha e le afe a tšelisang ho leha e le ’ngoe ea likoranta tsena tsa bolumeli ba ‘orthodox’.”
[Lebokose le leqepheng la 660]
“Ba Hlorisitsoe ka Baka la Bolumeli”
“Ho ne ho na le sehlopha sa batho Kampong ea Mahloriso ea Mauthausen ba neng ba hlorisoa ka baka la bolumeli feela: litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa ‘Liithuti tsa Bibele tse Tiileng,’ kapa ‘Lipaki tsa Jehova’ . . . Ho hana ha tsona kano ea botšepehi ho Hitler le ho hana ha tsona ho etsa tšebeletso leha e le efe ea sesole—phello ea lipolotiki tumelong ea tsona—e bile lebaka la ho hlorisoa ha tsona.”—“Die Geschichte des Konzentrationslagers Mauthausen” (Histori ea Kampo ea Mahloriso ea Mauthausen), e tšehelitsoe ke Hans Maršálek, Vienna, Austria, 1974.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 661]
Phetolelo ea Polelo eo SS e Ileng ea Leka ho Qobella Lipaki Hore li e Saene
Kampo ea mahloriso .......................................
Lefapha II
POLELO
’Na, ke leng ...................................................
ea hlahileng ka ..................................................
ea hlahetseng .......................................................
ke etsa polelo e latelang:
1. Ke se ke hlokometse hore International Bible Students Association o phatlalatsa lithuto tse fosahetseng ’me o ikhakantse ka sebōpeho sa bolumeli, o na le merero e mebe khahlanong le Naha.
2. Ke ka lebaka leo ke furalletseng mokhatlo oo o hlophisitsoeng ka ho felletseng ’me ke itokolla ka ho felletseng lithutong tsa sehlotšoana sena sa bokhelohi.
3. Ke e-na le boitsebiso bona ke fana ka tiiso ea hore nke ke ka hlola ke nka karolo mosebetsing leha e le ofe oa International Bible Students Association. Batho leha e le bafe ba nkatamelang ka thuto ena ea Liithuti tsa Bibele kapa bao ka tsela leha e le efe ba bontšang hore ba na le kamano le tsona, ke tla ba nyatsa hang-hang. Lingoliloeng tsohle tsa Liithuti tsa Bibele tseo nka li romelloang ke tla li isa sepoleseng se haufi hang-hang.
4. Nakong e tlang ke tla nka melao ea Naha e le ea bohlokoa, haholo-holo tabeng ea ntoa ke tla sireletsa naha ea bo-ntat’a rōna ke tšoere sebetsa, ’me ke kopanele botsoalleng ba sechaba ka litsela tsohle.
5. Ke tsebisitsoe hore ke tla khutlisetsoa teronkong hang-hang haeba ke sebetsa khahlanong le polelo ena eo ke e entseng kajeno.
.................................., Letsatsi................ ...........................................................
Mosaeno
[Lebokose le leqepheng la 662]
Mangolo a Tsoang ho ba Bang ba Ileng ba Ahloleloa Lefu
Le tsoang ho Franz Reiter (ea neng a tobane le ho bolaoa ka ho khaoloa hlooho ka mochine) le eang ho ’mè oa hae, January 6, 1940, a le litlamong Berlin-Plötzensee:
“Ke kholisehile ka matla tumelong ea ka hore ke etsa se nepahetseng. Hona joale, ke ntse nka fetola maikutlo a ka, empa ho Molimo sena e ne e tla ba ho se tšepahale. Kaofela ha rōna mona re lakatsa ho tšepahala ho Molimo, tlotlisong ea hae. . . . Ho latela seo ke se tsebang, haeba ke ne nka etsa kano ea [sesole], seo e ne e tla ba sebe se lokeloang ke lefu. Seo e ne e tla ba bobe ho ’na. Ke ne nke ke ka tsoha bafung. Empa ke khomarela ho seo Kreste a se buileng: ‘E mong le e mong ea ratang ho boloka bophelo ba hae o tla lahleheloa ke bona; empa e mong le e mong ea lahleheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.’ Joale, ’Mè ea ratehang le banab’eso kaofela, kajeno ke bolelletsoe kahlolo ea ka, ’me le se ke la tšoha, ke lefu, ’me ke tla bolaoa hosasa hoseng. Ke na le matla a tsoang ho Molimo, a tšoanang le ao Bakreste bohle ba ’nete ba ’nileng ba ba le ’ona nakong e fetileng. Baapostola baa ngola, ‘E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe.’ Sena ke ’nete tabeng ea ka. Ke le tiiselitse sena, ’me le ne le ka se hlokomela. Moratuoa oa ka u se ke ua soaba. Ho ka ba molemo hore kaofela ha lōna le ’ne le eketse tsebo ea lōna ea Mangolo a Halalelang. Haeba le tla ema le tiile ho fihlela lefung, re tla kopana hape tsohong ea bafu. . . .
“Oa hao Franz
“Ho fihlela re kopana hape.”
Le tsoang ho Berthold Szabo, o ile a bolaoa ke sehlopha se senyenyane sa masole a thunyang, Körmend, Hungary, ka March 2, 1945:
“Khaitseli ea ka e ratehang, Marika!
“Hora ena le halofo tse ntšaletseng, ke tla leka ho u ngolla e le hore u khone ho tsebisa batsoali ba rōna ka boemo ba ka, ke tobane le lefu la hang-hang.
“Ke ba lakalletsa khotso ea kelello e tšoanang le eo ke nang le eona metsotsong ena ea ho qetela lefatšeng lena le tletseng tšenyeho. Hona joale ke hora ea leshome, ’me ke tla bolaoa ha hora ea leshome le motso o mong e fetile ka metsotso e mashome a mararo; empa ke na le khutso. Bophelo ba ka ba nako e tlang ke bo siea matsohong a Jehova le Mor’a hae ea Ratoang, Jesu Kreste, Morena, bao le ka mohla ba ke keng ba lebala ba ba ratang ka ’nete. Hape kea tseba hore haufinyane ho tla ba le tsoho ea ba shoeleng kapa, ha e le hantle, ba robetseng, ho Kreste. Hape ke rata hore ke bolele ka ho khetheha hore ke le lakalletsa bohle litlhohonolofatso tse enneng tsa Jehova bakeng sa lerato leo le mpontšitseng lona. Ke kōpa hore u ake Ntate le ’Mè bakeng sa ka, le Annus. Ba se tšoenyehe ka ’na; re tla bonana hape haufinyane. Letsoho la ka le na le khutso joale, ’me ke tla phomola ho fihlela Jehova a mpitsa hape. Esita le hona joale ke tla phetha kano eo ke mo etselitseng eona.
“Hona joale nako ea ka e felile. Molimo a ke a be le lōna le ’na.
“Ka lerato le matla, . . .
“Berthi”
[Lebokose le leqepheng la 663]
Ba Tsebahala ka Sebete le ka Kholiseho
◆ “Ha ho pelaelo hore Lipaki tse leng likampong li ne li kopana le ho rapela hammoho, li hatisa lingoliloeng li bile li etsa barutuoa. Ho fapana le batšoaruoa ba bang li ile tsa tšehetsoa ke botsoalle ba tsona le ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha libaka tse joalo li le teng le hore na ke hobane’ng ha li lokela ho utloa bohloko ka tsela eo, Lipaki li ipakile ho ba sehlopha se senyenyane sa batšoaruoa empa e le se hlokomelehang, se tšoailoeng ka sekoto sa lelapi le pherese le nang le lihuku tse tharo ’me se tsebahala ka sebete sa sona le kholiseho.” Kamoo Dr. Christine King a ileng a ngola, ho “The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity.”
◆ “Values and Violence in Auschwitz,” ea Anna Pawełczyńska, ea bolela: “Sehlopha sena sa batšoaruoa e ne e le lebotho la likhopolo tse tiileng ’me ba ile ba hlōla ntoa ea bona khahlanong le Bonazi. Karolo ea Jeremane ea sehlotšoana sena sa bokhelohi e ne e le batho ba seng bakae ba ileng ba hanyetsa Bonazi ba sa sisinyehe ha se ne se pota-potiloe ke batho ba tšohileng, ’me ba le moeeng oa ho se nyahame ba ile ba sebetsa kampong ea mahloriso e Auschwitz. Ba ile ba khona ho hapa tlhompho ea batšoaruoa-’moho le bona . . . ea basebetsi ba teronko, esita le ea liofisiri tsa SS. E mong le e mong o ne a tseba hore ha ho ‘Bibelforscher’ [Paki ea Jehova] e ka phethang taelo e khahlanong le tumelo ea eona ea bolumeli.”
◆ Rudolf Hoess, historing ea bophelo ba hae e ngotsoeng ke eena, e leng ho buka “Commandant of Auschwitz,” o ile a bua ka ho bolaoa ha Lipaki tsa Jehova tse itseng ka baka la ho hana ho sekisetsa ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. O itse: “Kahoo na ke lokela ho nahana hore e tlameha ebe bashoela-tumelo ba Bakreste ba pele ba ile ba bonahala joalokaha eka ba emetse liphoofolo tse hlaha lebaleng la lipapali e le hore li ba robokele likoto. Lifahleho tsa bona li fetohile ka ho felletseng, mahlo a bona a phahamiselitsoe leholimong le matsoho a bona a kopantsoe a bile a phahamiselitsoe holimo ka tsela ea ho rapela, ba ile ba e-shoa. Bohle ba ileng ba ba bona ha ba e-shoa ba ne ba se ba amehile ka ho teba, ’me esita le sehlopha sa masole se phethahatsang kahlolo ea lefu le sona se ne se amehile.” (Buka ena e hatisitsoe Poland tlas’a sehlooho se reng “Autobiografia Rudolfa Hössa-komendanta obozu oświęcimskiego.”)
[Lebokose le leqepheng la 673]
“Ha ba Khahlanong le Naha”
“Ha ba khahlanong le naha; ba mpa ba tšehetsa Jehova.” “Ha ba chese likarete, ha ba rabele . . . kapa hona ho kopanela mofuteng leha e le ofe oa tlhohlelletso ea ho fetohela ’muso.” “Botšepehi le bokhabane ba Lipaki ke bo sa thekeseleng. Ho sa tsotellehe hore na motho a ka nahana eng ka Lipaki—’me batho ba bangata ba nahana lintho tse ngata tse fosahetseng—li phela bophelo bo behang mohlala o motle.”—“Telegram,” Toronto, Canada, July 1970.
[Lebokose le leqepheng la 674]
Ke Mang ea Ikarabellang?
Lipaki tsa Jehova lia tseba hore boikarabelo ba tsona ba ho bolela ha boa itšetleha ka ho sebetsa ha Mokhatlo oa Watch Tower kapa mokhatlo leha e le ofe oa molao. “E re Mokhatlo oa Watch Tower o thibeloe le liofisi tsa Makala linaheng tse sa tšoaneng li koaloe ka likhoka ka hore naha e kenelle! Seo ha se latole kapa ho tlosa boikarabelo ba bomolimo ho banna le basali ba inehetseng ho etsa thato ea Molimo le bao A behileng moea oa hae ho bona. ‘Bolela!’ e ngotsoe ka ho hlaka ka Lentsoeng la hae. Taelo ena e phahametse ea motho ofe kapa ofe.” (“Molula-Qhooa” [oa Senyesemane], December 15, 1949) Ka baka la ho hlokomela hore litaelo tseo ba li fumanang li tsoa ho Jehova Molimo le Jesu Kreste, ba tiisetsa boboleling ba molaetsa oa ’Muso ho sa tsotellehe khanyetso eo ba thulanang le eona.
[Lebokose le leqepheng la 677]
Joaloka Bakreste ba Pele
◆ “Lipaki tsa Jehova li na le bolumeli boo li bo nkang ka ho teba haholo ho feta batho ba bangata. Melao-motheo ea tsona e re hopotsa Bakreste ba pele ba neng ba sa ratehe le ba neng ba hlorisoa ka sehlōhō ke Baroma.”—“Akron Beacon Journal,” Akron, Ohio, September 4, 1951.
◆ “[Bakreste ba pele] ba ne ba phela bophelo bo khutsitseng, ba boitšoaro bo botle, ka sebele e le bo behang mohlala. . . . Karolong e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle le taba e le ’ngoe feela ea ho chesa libano e ne e le baahi ba behang mohlala.” “Le hoja mahlabelo a etsetsoang Bohlale ba moemphera a ile a lula e le teko ea lerato la naha ea habo motho, na balaoli ba naha ba ne ba ka khona ho tlōlisa mahlo khanyetso e bontšang manganga ea Bakreste bana ba sa bontšeng lerato la naha? Khathatso eo Bakreste ba ileng ba qetella ba kene ho eona e ne e sa fapana ka ho felletseng le khathatso eo, lilemong tsa ntoa, sehlotšoana seo sa bokhelohi se mabifi se tsebahalang e le Lipaki tsa Jehova se ileng sa iphumana se le ho eona United States mabapi le taba ea ho lumelisa folaga ea sechaba.”—“20 Centuries of Christianity,” ea Paul Hutchinson le Winfred Garrison, 1959, leq. 31.
◆ “Mohlomong ntho e hlokomelehang ka ho fetisisa ka Lipaki ke ho phehella ha tsona botšepehing ba tsona ho Molimo, ka pel’a bolaoli leha e le bofe lefatšeng.”—“These Also Believe,” ea Dr. C. S. Braden, 1949, leq. 380.
[Litšoantšo tse leqepheng la 644]
“The Pittsburgh Gazette” e ile ea phatlalatsa liphehisano tse ileng tsa phahamisoa ke phephetso ea Dr. Eaton ho C. T. Russell
[Setšoantšo se leqepheng la 646]
Bahanyetsi ba ile ba jala mashano a tebileng ka litaba tsa lenyalo la Charles le Maria Russell
[Litšoantšo tse leqepheng la 648]
Baruti ba ile ba halefa ha likopi tse 10 000 000 tsa pampitšana ena li abjoa li pepesa lithuto tsa bona le liketso leseling la Lentsoe la Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 649]
Likoranta li ile tsa fehla mahloriso a Liithuti tsa Bibele ka 1918
[Litšoantšo tse leqepheng la 651]
Nakong ea nyeoe ea litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlo ea Mokhatlo, tlhokomelo e ngata e ne e lebisitsoe bukeng “The Finished Mystery”
Lekhotla le hlomamisitsoeng ke ’muso le ofisi ea poso, Brooklyn, N.Y.
[Setšoantšo se leqepheng la 653]
Ba ahlotsoe ka kotlo e boima ho feta ea ’molai eo ho thunya ha hae ho ileng ha qholotsa Ntoa ea I ea Lefatše. Ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona: W. E. Van Amburgh, J. F. Rutherford, A. H. Macmillan, R. J. Martin, F. H. Robison, C. J. Woodworth, G. H. Fisher, G. DeCecca
[Litšoantšo tse leqepheng la 657]
Ha kopano ena ea Lipaki e ne e tšoeroe New York ka 1939, sehlopha sa mahoo-hoo sa batho ba 200 se etelletsoeng pele ke baprista ba Mak’hatholike se ile sa leka ho e qhala
[Litšoantšo tse leqepheng la 659]
Ntoeng ea II ea Lefatše, likete tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa kenngoa likampong tsena tsa mahloriso
Letšoao la lesapo la hlooho le khethollang balebeli ba SS (ka letsohong le letšehali)
[Setšoantšo se leqepheng la 664]
Karolo ea buka ea ho ithuta Bibele e nyenyefalitsoeng, e kentsoeng ka har’a ntloana ea mollo, ’me e fuoa Lipaki tse kampong ea mahloriso ka lekunutu
[Litšoantšo tse leqepheng la 665]
Lipaki tse ling tseo tumelo ea tsona e ileng ea pholoha teko e mabifi likampong tsa mahloriso tsa Bonazi
Mauthausen
Wewelsburg
[Setšoantšo se leqepheng la 667]
Pefo ea mahoo-hoo pel’a Montreal, Quebec, ka 1945. Pefo e joalo e susumetsoang ke baruti khahlanong le Lipaki e ne e atisa ho etsahala ka bo-1940 le bo-1950
[Setšoantšo se leqepheng la 669]
Lipaki tsa Jehova tse likete (ho akarelletsa John Booth, ea leng mona) li ile tsa tšoaroa ha li ne li aba lingoliloeng tsa Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 670]
Ka mor’a qeto ea Lekhotla le Phahameng e khahlanong le Lipaki ka 1940, pefo ea mahoo-hoo e ile ea pholletsa le United States, liboka tsa sitisoa, Lipaki tsa shapuoa le thepa ea senngoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 672]
Libakeng tse ngata ho ne ho hlokahala hore ho hahoe Likolo tsa ’Muso hobane bana ba Lipaki ba ne ba lelekiloe likolong tsa sechaba