Khaolo ea 12
U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa
1. Ke mathata afe a patehileng a teng malapeng a mang?
KOLOI ea khale e sa tsoa hlatsuoa le ho polishoa. Ho ba fetang ka tsela e shebahala e benya, eka e ncha. Empa ka tlaase ho bokaholimo boo, mafome a senyang a qeta koloi eo. Hoa tšoana le ka malapa a mang. Le hoja ho ea ka ponahalo ea kantle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahala e le ntle, lifahleho tse bososelang li pata tšabo le bohloko. Lapeng lintho tse senyang li felisa khotso ea lelapa. Mathata a mabeli a ka bang le phello ena ke bokhoba ba tahi le pefo.
TŠENYO E BAKOANG KE BOKHOBA BA TAHI
2. (a) Pono ea Bibele ke efe ka tšebeliso ea lino tse tahang? (b) Bokhoba ba tahi ke eng?
2 Bibele ha e nyatse tšebeliso e itekanetseng ea lino tse tahang, empa e nyatsa botahoa. (Liproverbia 23:20, 21; 1 Bakorinthe 6:9, 10; 1 Timothea 5:23; Tite 2:2, 3) Leha ho le joalo, bokhoba ba tahi, bo feta botahoa; ke ho lemalla lino tse tahang ka botebo le ho lahleheloa ke ho laola ho li noa. Makhoba a tahi e ka ba batho ba baholo. Ka masoabi, e ka boetse ea e-ba bacha.
3, 4. Hlalosa liphello tsa bokhoba ba tahi ho molekane oa lekhoba la tahi le ho bana.
3 Bibele e ile ea bontša khale hore tšebeliso e mpe ea tahi e ka senya khotso ea lelapa. (Deuteronoma 21:18-21) Liphello tse senyang tsa bokhoba ba tahi li utluoa ke lelapa kaofela. Mosali a ka ’na a tšoareha ka ho feletseng boitekong ba ho thibela ho noa ha lekhoba la tahi kapa ho sebetsana ka katleho le boitšoaro ba lona bo ke keng ba tsejoa esale pele.a O leka ho pata joala, a bo lahla, a pata chelete ea hae, ’me a ipiletsa leratong la hae bakeng sa lelapa, bakeng sa bophelo, esita le bakeng sa Molimo—empa lekhoba la tahi le ntse le e-noa. Ha boiteko ba mosali ba ho laola ho noa ha monna bo hlōleha khafetsa, o ikutloa a ferekane ’me a sa tšoanelehe. A ka ’na a qala ho utloa a tšaba, a le bohale, a le molato, a le boi, a tšoenyehile, le ho haelloa ke boitlhompho.
4 Bana ha ba phonyohe liphello tsa bokhoba ba tahi ba motsoali. Ba bang ba hlekefetsoa ’meleng. Ba bang baa hleka-hlekoa likamanong tsa botona le botšehali. Ba ka ba ba ipeha molato ka bokhoba ba tahi ba motsoali. Hangata matla a bona a ho tšepa ba bang a senngoa ke boitšoaro bo sa tsitsang ba lekhoba la tahi. Kahobane ba ke ke ba bua ba lokolohile ka se etsahalang lapeng, bana ba ka ’na ba ithuta ho hatella maikutlo a bona, hangata e le ka liphello tse bohloko ’meleng. (Liproverbia 17:22) Bana ba joalo ba ka ’na ba hōla ba sa itšepe kapa ba hloka boitlhompho ho fihlela e e-ba batho ba baholo.
LELAPA LE KA ETSA ENG?
5. Bokhoba ba tahi bo ka laoloa joang, hona ke hobane’ng ha see se le thata?
5 Le hoja litsebi tse ngata li re bokhoba ba tahi bo ke ke ba phekoloa, tse ngata lia lumela hore ho hlaphoheloa ho ka etsahala ka tekanyo e itseng ka lenaneo la ho itima tahi ka ho feletseng. (Bapisa le Matheu 5:29.) Leha ho le joalo, ho thata ho etsa hore lekhoba la tahi le amohele thuso, kaha hangata le latola hore le na le bothata. Leha ho le joalo, ha litho tsa lelapa li nka bohato ba ho sebetsana le tsela eo bokhoba ba tahi bo li ammeng ka eona, lekhoba la tahi le ka ’na la qala ho hlokomela hore le na le bothata. Ngaka e ’ngoe e nang le phihlelo ea ho thusa makhoba a tahi le malapa a ’ona e itse: “Ke nahana hore ntho ea bohlokoahali ke hore feela lelapa le itsoelle pele ka mosebetsi oa lona oa ho phela ka tsela e molemohali kamoo le ka khonang. Lekhoba la tahi le tobana haholoanyane le kamoo phapang e leng khōlō kateng pakeng tsa lona le litho tse ling tsa lelapa.”
6. Mohloli o molemohali oa keletso ke ofe bakeng sa malapa a nang le setho seo e leng lekhoba la tahi?
6 Haeba ho e-na le lekhoba la tahi lelapeng la hao, keletso e bululetsoeng ea Bibele e ka u thusa ho phela ka tsela e molemohali kamoo ho ka khonehang. (Esaia 48:17; 2 Timothea 3:16, 17) Nahana ka melao-motheo e meng e thusitseng malapa ho sebetsana ka katleho le bokhoba ba tahi.
7. Haeba setho sa lelapa e le lekhoba la tahi, ke mang ea ikarabellang?
7 Khaotsa ho itjarisa molato oohle. Bibele e re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae,” ’me, “e mong le e mong oa rōna o tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.” (Bagalata 6:5; Baroma 14:12) Lekhoba la tahi le ka ’na la fana ka maikutlo a hore litho tsa lelapa ke tsona tse ikarabellang. Ka mohlala, le ka ’na la re: “Haeba le ne le ile la ntšoara hantle, ke ne nke ke ka noa.” Haeba ba bang ba bonahala ba lumellana le lona, ba le khothalletsa ho tsoela pele le e-noa. Empa esita le haeba re behoa molato ka maemo kapa ke batho ba bang, kaofela ha rōna—ho akarelletsa le makhoba a tahi—rea ikarabella bakeng sa seo re se etsang.—Bapisa le Bafilippi 2:12.
8. Lekhoba la tahi le ka thusoa ka litsela life ho tobana le liphello tsa bothata ba lona?
8 Se ke ua ba le boikutlo ba hore kamehla u tlameha ho sireletsa lekhoba la tahi liphellong tsa ho noa ha lona. Maele a Bibele a buang ka motho ea halefileng a ka sebetsa ka ho lekanang le ho lekhoba la tahi: “Ha u mo lopolla, o tla boela a sebe.” (Liproverbia 19:19) Tlohella lekhoba la tahi hore le utloe liphello tsa ho noa ha lona. Le tlohelle le hloekise bohlasoa boo le bo entseng kapa le letsetse mohiri oa lona hoseng ho latelang liketsahalo tsa ho noa ha lona.
9, 10. Ke hobane’ng ha malapa a nang le makhoba a tahi a lokela ho amohela thuso, hona a lokela ho batla thuso ea mang ka ho khetheha?
9 Amohela thuso ho ba bang. Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” Ha ho e-na le lekhoba la tahi ka lapeng la hao, ho na le tlokotsi. U hloka thuso. U se ke ua tsila-tsila ho itšetleha ka ‘metsoalle ea ’nete’ bakeng sa tšehetso. (Liproverbia 18:24) Ho bua le ba bang ba utloisisang bothata kapa ba kileng ba tobana le boemo bo tšoanang ho ka ’na ha u fa litlhahiso tse sebetsang mabapi le seo u tla se etsa le seo u sa lokelang ho se etsa. Empa e-ba ea leka-lekaneng. Bua le bao u ba tšepang, ba tlang ho sireletsa “makunutu” a hao.—Liproverbia 11:13.
10 Ithute ho tšepa baholo ba Bakreste. Baholo ba ka phuthehong ea Bokreste e ka ba mohloli o moholo oa thuso. Banna bana ba hōlileng tsebong ba rutiloe ka Lentsoe la Molimo ’me ba na le phihlelo tšebelisong ea melao-motheo ea lona. Ba ka ipaka ho ba “joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:2) Hase feela hore baholo ba Bakreste ba sireletsa phutheho kaofela litšusumetsong tse kotsi empa ba boetse baa tšelisa, baa khatholla, ’me ba na le thahasello ho batho ka bomong ba nang le mathata. Sebelisa thuso ea bona hamolemo ka ho feletseng.
11, 12. Ke mang ea fanang ka thuso e khōlōhali ho malapa a nang le makhoba a tahi, hona tšehetso eo e fanoa joang?
11 Ka holim’a tsohle, fumana matla ho Jehova. Ka mofuthu, Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) Haeba u ikutloa u robehile pelo kapa u tetetsehile moeeng ka lebaka la likhatello tsa ho phela le setho sa lelapa seo e leng lekhoba la tahi, tseba hore “Jehova o haufi.” O utloisisa kamoo bothata ba boemo ba lelapa la hao bo leng kateng.—1 Petrose 5:6, 7.
12 Ho lumela seo Jehova a se buang ka Lentsoeng la hae se ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le matšoenyeho. (Pesaleme ea 130:3, 4; Matheu 6:25-34; 1 Johanne 3:19, 20) Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho phela ka melao-motheo ea lona ho u nolofaletsa ho amohela thuso ea moea o halalelang oa Molimo, o ka u hlomellang ka “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng,” hore u khone ho atleha letsatsi le letsatsi.—2 Bakorinthe 4:7.b
13. Bothata ba bobeli ke bofe bo senyang malapa a mangata?
13 Tšebeliso e mpe ea tahi e ka lebisa bothateng bo bong bo senyang malapa a mangata—pefo ea ka lapeng.
TŠENYO E BAKOANG KE PEFO EA KA LAPENG
14. Pefo ea ka lapeng e qalile neng, ’me boemo ke bofe kajeno?
14 Ketso ea pele ea pefo historing ea batho e bile ketsahalo ea pefo ea ka lapeng e amang bara ba babeli ba motho, Kaine le Abele. (Genese 4:8) Esale ho tloha ka nako eo, moloko oa motho o ’nile oa hlaseloa ke mefuta eohle ea pefo ea ka lapeng. Ho na le banna ba otlang basali, basali ba hlaselang banna, batsoali ba otlang bana ba bona ba banyenyane ka sehlōhō, le bana ba hōlileng ba hlekefetsang batsoali ba bona ba hōlileng.
15. Litho tsa malapa li ameha joang maikutlong ke pefo ea ka lapeng?
15 Tšenyo e bakoang ke pefo ea ka lapeng e feta hōle e bakoang ke maoma. Mosali e mong ea otloang o itse: “U lokela ho sebetsana haholo le ho ikutloa u le molato le ho hlajoa ke lihlong. Hangata hoseng, ha u batle ho tsoha, u lakatsa eka e ka be e ne e le ho phofa feela.” Bana ba bonang kapa ba bang le phihlelo ea pefo ea ka lapeng ba ka ’na ba e-ba mabifi ka bobona ha ba hōla ’me ba e-ba le malapa a bona.
16, 17. Ho sotloa maikutlong ke eng, hona ho ama litho tsa lelapa joang?
16 Pefo ea ka lapeng ha e felle feela ka ho hlekefetsoa ’meleng. Hangata ho hlaseloa ka mantsoe. Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene.” Ho “hlaba” hona ho khethollang pefo ea ka lapeng ho akarelletsa ho bitsolla motho le ho hoeletsa, hammoho le ho tšoauoa liphoso ho sa khaotseng, mahlapa a nyenyefatsang le ho sokeloa ka ho shapuoa. Maqeba a pefo ea maikutlo ha a bonahale ’me hangata ba bang ha ba a hlokomele.
17 Ho soabisang haholo-holo ke ho sotloa ha ngoana maikutlong—kamehla ho songoa le ho nyenyefatsoa ha matla a hae, bohlale ba hae, kapa molemo oa hae joaloka motho. Ho hlekefetsoa ka mantsoe joalo ho ka senya boitšepo ba ngoana. Ke ’nete hore bana bohle ba hloka taeo. Empa Bibele e laea bo-ntate: “Le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.
MOKHOA OA HO QOBA PEFO EA KA LAPENG
18. Pefo ea ka lapeng e qala hokae, ’me Bibele e bontša hore tsela ea ho e thibela ke efe?
18 Pefo ea ka lapeng e qala pelong le kelellong; tsela eo re itšoarang ka eona e qala ka mokhoa oo re nahanang ka oona. (Jakobo 1:14, 15) Hore a tle a khaotse pefo, mohlekefetsi ho hlokahala a fetole tsela eo a nahanang ka eona. (Baroma 12:2) Na hoo ho ka etsahala? E. Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola batho. Le ka qotsula le maikutlo a senyang a “metseng ka matla.” (2 Bakorinthe 10:4; Baheberu 4:12) Tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka thusa ho hlahisa phetoho e feletseng ho batho hoo ho buuoang ka bona e le ba aparang botho bo bocha.—Baefese 4:22-24; Bakolose 3:8-10.
19. Mokreste o lokela ho talima le ho tšoara molekane oa lenyalo joang?
19 Pono ea molekane oa lenyalo. Lentsoe la Molimo le re: “Banna ba tšoanela ho ba ba ratang basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata.” (Baefese 5:28) Bibele e boetse e re monna o lokela ho abela mosali oa hae “tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane.” (1 Petrose 3:7) Basali ba eletsoa hore “ba rate banna ba bona” le ho ba le “tlhompho e tebileng” ho bona. (Tite 2:4; Baefese 5:33) Ka sebele ha ho monna ea tšabang Molimo eo kannete a ka reng o hlile o hlompha mosali oa hae haeba a mo hlekefetsa ’meleng kapa ka mantsoe. Hape ha ho mosali ea tlatsetsang monna oa hae lerata, ea buang le eena ka ho phoqa, kapa ea sa khaotseng ho mo rorothela ea ka reng kannete oa mo rata ebile oa mo hlompha.
20. Batsoali ba ikarabella ka pel’a mang ka bana ba bona, hona ke hobane’ng ha batsoali ba sa lokela ho ba le litebello tseo e seng tsa sebele ka bana ba bona?
20 Pono e loketseng ka bana. E, bana ba loketsoe ke lerato le tlhokomelo tse tsoang ho batsoali ba bona ebile baa li hloka. Lentsoe la Molimo le re bana ke “lefa la Jehova” le “moputso.” (Pesaleme ea 127:3) Batsoali baa ikarabella ka pel’a Jehova hore ba hlokomele lefa leo. Bibele e bua ka “litšobotsi tsa ngoana e monyenyane” le “bohlanya” ba boshanyana. (1 Bakorinthe 13:11; Liproverbia 22:15) Batsoali ha baa lokela ho makala haeba ba thulana le bohlanya baneng ba bona. Bacha hase batho ba baholo. Batsoali ha baa lokela ho batla se fetang se loketseng ho latela lilemo tsa ngoana, semelo sa lelapa le matla a hae.—Bona Genese 33:12-14.
21. Tsela ea bomolimo ke efe ea ho talima batsoali ba hōlileng le ho sebetsana le bona?
21 Pono ka batsoali ba hōlileng. Levitike 19:32 e re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng.” Kahoo Molao oa Molimo o khothaletsa tlhompho le ho siela ba hōlileng seriti. Sena e ka ’na ea e-ba phephetso ha motsoali ea hōlileng ho bonahala a batla ho fetang se lebeletsoeng kapa a kula ’me mohlomong a sa etse lintho kapa a sa nahane kapele. Ho ntse ho le joalo, bana ba hopotsoa ho “’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali . . . ba bona.” (1 Timothea 5:4) Hona ho ne ho tla bolela ho ba tšoara ka seriti le ka tlhompho, mohlomong le ho ba hlokomela ka lichelete. Ho hlekefetsa batsoali ba hōlileng ’meleng kapa ka tsela e ’ngoe ho hanana ka ho feletseng le tsela eo Bibele e re bolellang hore re ba tšoare ka eona.
22. Tšobotsi e ka sehloohong ke efe mabapi le ho hlōla pefo ea ka lapeng, hona e ka sebelisoa joang?
22 Hlaolela boitšoaro. Liproverbia 29:11 e re: “Lehlanya le hlahatsa khalefo ea lona; empa ea bohlale oa e tšoara, oa e khutsisa.” U ka laola moea oa hao joang? Ho e-na le ho lumella hore pherekano e hōle ka ho uena, nka bohato kapele ho rarolla mathata a hlahang. (Baefese 4:26, 27) Tloha sebakeng seo haeba u ikutloa hore u lahleheloa ke ho itaola. Rapella moea o halalelang oa Molimo hore o hlahise boitšoaro ho uena. (Bagalata 5:22, 23) Ho tsamaea kapa ho etsa boikoetliso bo bong ba ’mele ho ka ’na ha u thusa ho laola maikutlo a hao. (Liproverbia 17:14, 27) Ikemisetse ho ba ea “liehang ho halefa.”—Liproverbia 14:29.
HO AROHANA KAPA HO LULA HAMMOHO?
23. Ho ka etsahala eng haeba setho sa phutheho ea Bokreste khafetsa hape se sa bake se inehela ho tlakoloheng ka mabifi, mohlomong ho akarelletsa le ho hlekefetsa lelapa ’meleng?
23 Har’a mesebetsi e nyatsoang ke Molimo Bibele e thathamisa “bora, ho qabana, . . . ho tlakoloha ka bohale” ’me e bolela hore “ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Ka hona, mang le mang ea ipolelang hore ke Mokreste eo khafetsa hape a sa bake a inehelang ho tlakoloheng ka mabifi, mohlomong a bile a hlekefetsa molekane kapa bana ’meleng, a ka khaoloa phuthehong ea Bokreste. (Bapisa le 2 Johanne 9, 10.) Ka tsela ena phutheho e bolokoa e hloekile e se na batho ba hlekefetsang.—1 Bakorinthe 5:6, 7; Bagalata 5:9.
24. (a) Balekane ba hlekefetsoang ba ka ’na ba khetha ho nka bohato joang? (b) Metsoalle e amehileng le baholo ba ka tšehetsa molekane ea hlekefetsoang joang, empa ha baa lokela ho etsa’ng?
24 Ho thoe’ng ka Bakreste ba ntseng ba otloa hona joale ke balekane ba bona ba ba hlekefetsang ba sa bontšeng letšoao la ho fetoha? Ba bang ba khethile ho lula le molekane eo ea hlekefetsang ka lebaka lena kapa lane. Ba bang ba khethile ho tsamaea, ba ikutloa hore bophelo ba bona ba ’mele, ba kelello le ba moea—mohlomong esita le ho phela ha bona—bo kotsing. Hore na mohlaseluoa oa pefo ea ka lapeng o khetha ho etsa eng maemong ana, ke qeto ea botho ka pel’a Jehova. (1 Bakorinthe 7:10, 11) Metsoalle, beng ka motho, kapa baholo ba Bakreste ba nang le sepheo se setle ba ka ’na ba rata ho fana ka thuso le keletso, empa ha baa lokela ho hatella mohlaseluoa hore a nke tsela leha e le efe e khethehileng. Eo ke qeto ea hae eo a lokelang ho e etsa.—Baroma 14:4; Bagalata 6:5.
HO FELA HA MATHATA A SENYANG
25. Morero oa Jehova ke ofe ka lelapa?
25 Ha Jehova a ne a kopanya Adama le Eva hammoho ka lenyalo, ha ho mohla a kileng a rera hore malapa a fokolisoe ke mathata a senyang a kang bokhoba ba tahi kapa pefo. (Baefese 3:14, 15) Lelapa le ne le lokela ho ba sebaka seo ho sona lerato le khotso li neng li tla ata teng ’me litlhoko tsa setho se seng le se seng tsa kelello, tsa maikutlo le tsa moea li ne li tla hlokomeloa. Leha ho le joalo, ha ho hlaha sebe, bophelo ba lelapa bo ile ba senyeha ka potlako.—Bapisa le Moeklesia 8:9.
26. Ba lekang ho phela tumellanong le se hlokoang ke Jehova ba letetsoe ke bokamoso bofe?
26 Ka thabo, Jehova ha a e-s’o lahle morero oa hae ka lelapa. O tšepisa hore o tla tlisa lefatše le lecha la khotso leo ho lona batho ‘ba mpang ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ea ba tšosang.’ (Ezekiele 34:28) Ka nako eo, bokhoba ba tahi, pefo ea ka lapeng, le mathata a mang kaofela a senyang malapa kajeno e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Batho ba tla bososela, e seng ho pata tšabo le bohloko, empa hobane ba fumana ‘boiketlo khotsong e khōlō.’—Pesaleme ea 37:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja re bua ka lekhoba la tahi e le motho oa monna, melao-motheo mona e sebetsa ka ho lekana leha lekhoba la tahi e le motho oa mosali.
b Linaheng tse ling, ho na le litsi tsa phekolo, lipetlele le mananeo a ho hlaphoheloa kelellong tse ikhethang ka ho thusa makhoba a tahi le malapa a ’ona. Hore na u batla thuso e joalo kapa che ke qeto ea botho. Mokhatlo oa Watch Tower ha o buelle phekolo leha e le efe e khethehileng. Leha ho le joalo, ho tlameha ho sebelisoe tlhokomelo ha ho batloa thuso, e le hore motho a se ke a ameha mesebetsing e sekisetsang melao-motheo ea Mangolo.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . MALAPA JOANG HO QOBA MATHATA A TLANG HO BAKA TŠENYO E TEBILENG?
Jehova o nyatsa tšebeliso e mpe ea tahi.—Liproverbia 23:20, 21.
Motho e mong le e mong oa ikarabella ka liketso tsa hae.—Baroma 14:12.
Ka ntle ho boitšoaro re ke ke ra sebeletsa Molimo ka ho amohelehang.—Liproverbia 29:11.
Bakreste ba ’nete ba hlompha batsoali ba bona ba hōlileng.—Levitike 19:32.
[Setšoantšo se leqepheng la 146]
Baholo ba Bakreste e ka ba mohloli o moholo oa thuso ho rarolleng mathata a lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 151]
Balekane ba Bakreste ba ratanang le ho hlomphana ba tla nka bohato ka potlako ho rarolla mathata