Khaolo ea 18
“Tsoela Pele U Ntatela”
1-3. (a) Jesu o ile a siea baapostola ba hae ka tsela efe, hona ke hobane’ng ha eo e ne e se karohano e bohloko? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka bophelo ba Jesu ka mor’a hore a khutlele leholimong?
BANNA ba 11 ba eme thabeng. Ba shebile e mong oa bo12 ka lerato le tebileng le ka ho hlolloa. O ka sebōpeho sa motho, empa ha e le hantle ke Jesu ea tsositsoeng, eo e seng e le e mong oa bara ba matla ka ho fetisisa ba Jehova ba moea. Jesu o bokeletse baapostola ba hae hore ba tl’o kopana le eena mona Thabeng ea Mehloaare ka lekhetlo la ho qetela.
2 Ha ho pelaelo hore thaba ena eo e leng le leng la maralla a lejoe la mokoetla a ka mose ho Phula ea Kidrone ha u tloha Jerusalema, e hopotsa Jesu lintho tse ngata. Motse oa Bethani, oo Jesu a ileng a tsosetsa Lazaro ho oona o letsoapong la phula eo. Libekeng tse seng kae tse fetileng, Jesu o ile a kena Jerusalema a kaletse ka tlhōlo a tsoa motseng oa Bethefage o haufi le moo. Hape e ka ’na eaba serapa sa Gethesemane, moo Jesu a ileng a qeta lihora a le mahlomoleng pele a tšoaroa, se Thabeng eo ea Mehloaare. Joale hona leralleng leo, Jesu o lokisetsa ho siea metsoalle ea hae e haufi-ufi eo e bileng e leng balateli ba hae. O ba salisa hantle ka mantsoe a mosa. Joale o qala ho nyoloha! Baapostola ba sala ba eme tlekelele! ba talimile Monghali oa bona ha a nyolohela marung. Qetellong, leru lea mo sira, ha ba sa mo bona.—Liketso 1:6-12.
3 Na u nka hore ketsahalo eo e bile karohano ea thabo le lillo, e sieang batho ba utloile bohloko ha ba bona motho eo ba mo ratang a tsamaea? Ha ho joalo. Ha e le hantle, mangeloi a mabeli a hopotsa baapostola hore hase hore ke phetho ho felile ka Jesu. (Liketso 1:10, 11) Ho ea ha hae leholimong e mpa e le qalo feela ea lintho tse ngata tse tlang ho latela. Lentsoe la Molimo ha le re siee feela re le lefifing ka se neng se tlil’o etsahala ka Jesu. Ke habohlokoa ho ithuta ka bophelo ba Jesu ka mor’a hore a tlohe lefatšeng. Hobane’ng? Hopola mantsoe a Jesu ho Petrose: “Tsoela pele u ntatela.” (Johanne 21:19, 22) Kaofela ha rōna re lokela ho mamela taelo eo, re se ke ra khetha ho e mamela ka nakoana feela, empa re e mamele bophelong bohle ba rōna. E le hore re etse seo, re lokela ho utloisisa seo Monghali oa rōna a se etsang hona joale le kabelo eo a e abetsoeng leholimong.
Bophelo ba Jesu ha a se a Khutletse Leholimong
4. Bibele e senotse joang esale pele se tlang ho etsahala leholimong ha Jesu a se a khutletse teng?
4 Mangolo ha a re letho ka ho fihla ha Jesu leholimong, ka tsela eo a ileng a amoheloa ka eona le thabo e bileng teng ha a boetse a kopana le Ntate oa hae. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea senola esale pele se neng se tla etsahala nakoana ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong. Bajuda ba ne ba qetile lilemo tse fetang tse makholo a 15 ba tšoara mokete o halalelang. Hang ka selemo, moprista ea phahameng o ne a kena ka Sehalalelisisong sa tempele a fafatsa mali a mahlabelo a etsoang ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ka pel’a areka ea selekane. Letsatsing leo, moprista ea phahameng o ne a tšoantšetsa Mesia. Jesu o ile a phetha morero oo mokete oo oa boprofeta o neng o o reretsoe ha a khutlela leholimong ’me a phetha seo hang le ka ho ke keng ha phetoa. O ile a kena tulong e hlollang ea Jehova leholimong—sebakeng se halalelang ka ho fetisisa bokahohleng—’me a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae sa thekollo ka pel’a Ntate oa hae. (Baheberu 9:11, 12, 24) Na Jehova o ile a se amohela?
5, 6. (a) Ke bopaki bofe bo bontšang hore Jehova o ile a amohela sehlabelo sa Kreste sa thekollo? (b) Ke bo-mang ba ruang molemo thekollong, hona joang?
5 Re fumana karabo ka ho hlahloba se ileng sa etsahala matsatsinyana ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong. Bakreste ba seng bakae, ba ka bang 120 ba ne ba bokane Jerusalema kamoreng e ka holimo ha ka tšohanyetso sebaka seo se tlala lerata le kang la moea o fokang ka sekhahla. Maleme a kang a mollo a ile a lula lihloohong tsa bona, ba tlala moea o halalelang, ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng. (Liketso 2:1-4) Ketsahalo eo e ile ea tšoaea ho qaleha ha sechaba se secha, e leng Iseraele ea moea, eo e neng e le “morabe” o mocha oo Molimo a o khethileng ebile e le “baprista ba marena” hore e etse thato ea Molimo lefatšeng. (1 Petrose 2:9) Ho hlakile hore Jehova Molimo o ile a amohela sehlabelo sa Kreste sa thekollo. Ho tšolloa hoo ha moea o halalelang e bile e ’ngoe ea litlhohonolofatso tsa pele tse tlisitsoeng ke thekollo.
6 Ho tloha ka nako eo, thekollo ea Kreste e tsoetse balateli ba hae molemo lefatšeng ho pota. Ebang re ba “mohlatsoana,” ba tlang ho busa le Kreste leholimong, kapa re ba “linku tse ling,” ba tla phela tlas’a puso ea hae lefatšeng, re rua molemo sehlabelong sa hae. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Ke motheo oa tšepo ea rōna le oa hore re tšoareloe libe. Haeba re tsoela pele ‘ho bontša tumelo’ sehlabelong seo, re latela Jesu letsatsi le letsatsi, re ka ba le letsoalo le hloekileng le tšepo e khanyang nakong e tlang.—Johanne 3:16.
7. Jesu o filoe matla afe ka mor’a hore a khutlele leholimong, hona u ka etsa’ng ho mo tšehetsa?
7 Jesu o ’nile a etsa’ng leholimong ka mor’a hore a khutlele teng? O na le matla a maholo a ho laela. (Matheu 28:18) Ha e le hantle, Jehova o mo behile hore a buse phutheho ea Bokreste, e leng kabelo eo a e phethang ka tsela e lerato le e nang le toka. (Bakolose 1:13) Joalokaha ho boletsoe esale pele, Jesu o fane ka banna ba ikarabellang hore ba hlokomele seo mohlape oa hae o se hlokang. (Baefese 4:8) Ka mohlala, o ile a khetha hore Pauluse e be “moapostola ho lichaba,” a mo roma ho ea hasa litaba tse molemo libakeng tse hōle. (Baroma 11:13; 1 Timothea 2:7) Ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, Jesu o ile a fa liphutheho tse supileng tse profinseng ea Roma e Asia molaetsa o nang le pabatso, keletso le khalemelo. (Tšenolo, khaolo ea 2-3) Na u nka Jesu e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste? (Baefese 5:23) E le hore u lule u mo latela, u lokela ho khothalletsa boikutlo ba ho mamela le tšebelisano-’moho ka phuthehong ea heno.
8, 9. Jesu o filoe matla a ho etsa’ng ka 1914, hona seo se lokela ho ama liqeto tseo re li etsang joang?
8 Jesu o ile a fuoa matla a mang a eketsehileng ka 1914. Selemong seo o ile a behoa e le Morena oa Bomesia oa ’Muso oa Jehova. Ha Jesu a qala ho busa, ‘ntoa e ile ea qhoma leholimong.’ Ka phello efe? Satane le bademona ba hae ba ile ba liheloa lefatšeng, ’me ha qaleha nako ea bomalimabe. Ho ata ha lintoa, tlōlo ea molao, bokhukhuni, maloetse, litšisinyeho tsa lefatše le tlala e hlasetseng batho kajeno ho re hopotsa hore Jesu o se a ntse a busa leholimong. Satane e ntse e le “’musi oa lefatše lena” ka “nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:7-12; Johanne 12:31; Matheu 24:3-7; Luka 21:11) Leha ho le joalo, Jesu o fa batho lefatšeng ka bophara monyetla oa hore ba amohele bobusi ba Hae.
9 Ke habohlokoa hore re eme ka lehlakoreng la Morena oa Bomesia. Liqetong tsohle tseo re li etsang letsatsi le letsatsi, re lokela ho batla ho amoheloa ke eena, eseng ho amoheloa ke lefatše lena le bolileng. Ha “Morena [enoa] oa marena le Khosi [ena] ea likhosi” a lekola moloko oa batho, pelo ea hae e lokileng e tlala khalefo ebile e phophoma thabo. (Tšenolo 19:16) Hobane’ng?
Khalefo le Thabo ea Morena oa Bomesia
10. Jesu ke motho ea joang, empa ke’ng e etsang hore Monghali oa rōna a tlale khalefo e lokileng?
10 Ho tšoana le Ntate oa hae, Monghali oa rōna le eena ke motho ea thabileng. (1 Timothea 1:11) Jesu e ne e se motho ea nyatsa-nyatsang kapa eo ho leng thata ho mo khahlisa. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tse etsahalang lefatšeng kajeno tseo e tlamehang ebe li mo tlatsa khalefo e lokileng. O halefisoa ke malumeli ’ohle a itlameletsang ka hore aa mo emela. O ile a bolela esale pele, a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na, ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra . . . etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.”—Matheu 7:21-23.
11-13. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba makatsoa ke mantsoe a thata ao Jesu a a buang ho ba etsang “mesebetsi e matla e mengata” ka lebitso la hae, empa ke hobane’ng ha a halefile? Bontša.
11 Ba bangata kajeno ba ipitsang Bakreste ba ka ’na ba makatsoa ke mantsoe ao. Ke hobane’ng ha Jesu a bua ka thata joalo le batho ba ’nileng ba etsa “mesebetsi e matla e mengata” ka lebitso la hae? Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa tšehetsa mekhatlo ea liphallelo ka lichelete, tsa thusa mafutsana, tsa haha lipetlele le likolo tsa ba tsa etsa mesebetsi e meng e mengata. Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a li halefetse, nahana ka papiso ena.
12 ’Mè le ntate ba lokela ho nka leeto. Ha ba khone ho tsamaea le bana, kahoo ba hira motho ea tla sala a hlokometse bana. Ba mo fa litaelo tsena tse bonolo: “U re hlokomelle bana. U ba fepe, u bone hore ba lula ba hloekile le hore ba se ke ba tsoa kotsi.” Empa batsoali ha ba khutla, ba makatsoa ke hore ba fumana bana ba lapile. Ba le litšila, ba kula ba bile ba sulafaletsoe. Ba llela thuso ea motho ea ba hlokometseng, empa ekare ha a utloe le hore ba ntse ba lla. Hobane’ng? O hloeletse holim’a lere, o hlatsoa lifensetere. Batsoali baa loloma ke bohale ’me ba batla ho tseba lebaka. Motho ea setseng le bana o re: “Bonang sohle seo ke se entseng! Na lifensetere tsee ha li phatsime? Ke lokisitse le lintho tse neng li senyehile ka tlung, tsena kaofela ke li entse molemong oa lōna!” Na batsoali bao ba tla ikutloa ba thabile ka mor’a seo? Le hanyenyane! Ba ne ba sa mo kōpa hore a etse lintho tseo; ba ne ba batlile hore a hlokomele bana. Ho se mamele ha hae seo ba mo laetseng sona hoa ba halefisa.
13 Bokreste-’mōtoana bo entse se tšoanang le se entsoeng ke mohlokomeli eo. Jesu o siile a laetse baemeli ba hae hore ba fepe batho lijo tsa moea, ba ba rute ’nete e Lentsoeng la Molimo ’me ba ba thuse hore ba lule ba hloekile moeeng. (Johanne 21:15-17) Empa Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ka tsela e soabisang ho etsa seo a se laetseng. Bo bolaisitse batho tlala moeeng, batho ba ferekantsoe ke lithuto tsa bohata ebile ha ba tsebe linnete tsa motheo tsa Bibele. (Esaia 65:13; Amose 8:11) Esita le lintho tseo bo li entseng e le ha bo leka ho ntlafatsa lefatše lena li ke ke tsa lokafatsa ho se mamele hoo ha ka boomo. Ha e le hantle, tsamaiso ea lefatše lena e tšoana le ntlo e mothating oa ho heletsoa! Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlaka hore tsamaiso ena ea lefatše la Satane e haufi le ho timetsoa.—1 Johanne 2:15-17.
14. Ke mosebetsi ofe o thabisang Jesu kajeno, hona hobane’ng?
14 Ka lehlakoreng le leng, e tlameha ebe Jesu o nyakallisoa ke ha a talima lefatšeng a le leholimong ’me a bona batho ba limilione ba phetha taelo ea ho etsa barutuoa eo a e fileng balateli ba hae pele a tloha lefatšeng. (Matheu 28:19, 20) Ke tlotla e kaakang ho tlatsetsa thabong ea Morena oa Bomesia! A re ikemisetseng ho lula re thusa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ho fapana le baruti ba Bokreste-’mōtoana, sehlopha sena sa Bakreste ba tlotsitsoeng se bontša hore sea mamela kaha se etella pele mosebetsi oa boboleli se bile se fepa linku tsa Kreste ka botšepehi.
15, 16. (a) Jesu o ikutloa joang ka ho hloka lerato ho jeleng setsi kajeno, hona re tseba seo joang? (b) Bokreste-’mōtoana bo entse’ng ho halefisa Jesu?
15 Re ka kholiseha hore Morena oa halefa ha a bona kamoo batho ba se nang lerato kateng lefatšeng kajeno. Re ka ’na ra hopola kamoo Bafarisi ba ileng ba nyatsa Jesu kateng ha a folisa batho ka Sabatha. Ba ne ba thatafetse lipelo, ba satalalitse melala hoo ba neng ba hlalosa Molao oa Moshe le melao e meng e fanoeng ka molomo ka tsela e lumellanang le kutloisiso ea bona feela. Mehlolo eo Jesu a neng a e etsa e ne e ruisa batho melemo e mengata! Empa banna bao ba ne ba sa re letho ka thabo le khatholoho e neng e tlisoa ke mehlolo eo e neng e bile e matlafatsa batho tumelong. Jesu o ne a ikutloa joang ka bona? Ka nako e ’ngoe o ile a “ba ea ka mahlo ka khalefo, a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona.”—Mareka 3:5.
16 Kajeno, Jesu o bona lintho tse ngata tse etsang hore ‘a sareloe haholo.’ Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba foufalitsoe ke hore ba ineheletse lineano le lithuto tsa bolumeli tse khahlanong le Mangolo. Ho feta moo, ba halefisoa ke ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Likarolong tse ngata tsa lefatše, baruti ba hlohlelelitse hore Bakreste ba ’nete ba lekang ka tieo ho phatlalatsa molaetsa oo Jesu a neng a o phatlalatsa ba hlorisoe ka sehlōhō. (Johanne 16:2; Tšenolo 18:4, 24) Ka lehlakoreng le leng, baruti bao ba atisa ho khothalletsa balateli ba bona hore ba ee ntoeng ’me ba bolaee ba bang—joalokaha eka ka ho etsa joalo ba tla khahlisa Jesu Kreste!
17. Balateli ba Jesu ba ’nete ba etsa’ng ho mo thabisa?
17 Ka lehlakoreng le leng, balateli ba Jesu ba ’nete ba ikitlaelletsa ho bontša hore ba rata batho ba bang. Ba pakela “batho ba mefuta eohle” ka litaba tse molemo, joalokaha Jesu a ne a etsa, ho sa tsotellehe khanyetso. (1 Timothea 2:4) ’Me tsela eo ba bontšanang lerato ka eona ea ikhetha; ke letšoao le ka sehloohong le ba khethollang. (Johanne 13:34, 35) Ka sebele ba latela Jesu ha ba tšoara Bakreste-’moho le bona ka lerato, ka tlhompho le ka seriti—’me ba thabisa Morena oa Bomesia!
18. Ke’ng se nyahamisang Monghali oa rōna, empa re ka mo khahlisa joang?
18 A re hopoleng hape hore Monghali oa rōna oa nyahama ha balateli ba hae ba sitoa ho mamella, ba lumella lerato la bona ho Jehova hore le tape ’me ba khaotsa ho ba bahlanka ba Hae. (Tšenolo 2:4, 5) Empa Jesu o khahlisoa ke ba mamellang ho isa qetellong. (Matheu 24:13) Kahoo, a re etseng sohle se matleng a rōna hore re lule re hopola seo Kreste a se laetseng: “Tsoela pele u ntatela.” (Johanne 21:19) A re ke re hlahlobeng tse ling tsa litlhohonolofatso tseo Morena oa Bomesia a tlang ho li tšollela ba mamellang ho isa qetellong.
Litlhohonolofatso Tse Tlelang Bahlanka ba Tšepahalang ba Morena
19, 20. (a) Ho latela tataiso ea Jesu ho tlisa litlhohonolofatso life hona joale? (b) Ho latela Kreste ho re thusa ho koala sekheo sa ntate joang?
19 Ho latela Jesu ke tsela e lebisang bophelong bo putsang e le ruri hona joale. Haeba re amohela Kreste e le Monghali oa rōna, re latela litaelo tsa hae ’me re tataisoa ke mohlala oa hae, re tla fumana matlotlo ao batho lefatšeng ho pota ba hlōlehang ho a fumana. Re tla etsa mosebetsi o etsang hore re be le sepheo le morero bophelong, o etsang hore rōna le balumeli-’moho le rōna re be lelapa le momahantsoeng ke lerato la sebele, ’me re be le letsoalo le hloekileng le khotso ea kelello. Ha re akaretsa taba, re tla phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang. Re tla thabela le lintho tse ling tse ngata.
20 Jehova o fane ka Jesu e le “Ntate oa ka ho sa Feleng” ho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Jesu o nkile sebaka sa ntate oa moloko oa batho, e leng Adama, ea ileng a siteloa bana bohle ba hae ka tsela e soabisang. (Esaia 9:6, 7) Ha re amohela Jesu e le “Ntate [oa rōna] oa ka ho sa Feleng,” ’me re bontša tumelo ho eena, re fumana tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, re atamela haufi le Jehova Molimo. Joalokaha re se re ithutile, ho ikitlaelletsa ho latela mohlala oa Jesu letsatsi ka leng ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho mamela taelo ena e bululetsoeng: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—Baefese 5:1.
21. Balateli ba Kreste ba khantša leseli joang lefatšeng le lefifing?
21 Ke tokelo e babatsehang hore ebe re etsisa Jesu le Ntate oa hae, Jehova. Re khantša leseli. Lefatšeng le aparetsoeng ke lefifi, leo ho lona batho ba libilione ba khelositsoeng ke Satane ba bileng ba etsisang mekhoa ea hae, rōna ba latelang Kreste re hasa leseli le khanyang hohle—leseli la linnete tsa Mangolo, leseli la litšobotsi tse ntle tsa Bokreste, leseli la thabo ea sebele, khotso ea ’nete le lerato la sebele. Ka nako e tšoanang, re atamela haufi le Jehova haholoanyane, ’me eo ke pakane e phahameng ka ho fetisisa eo sebōpuoa leha e le sefe se bohlale se ka lekang ho e finyella.
22, 23. (a) Ba tsoelang pele ho latela Jesu ka botšepehi ba tla fumana litlhohonolofatso life nakong e tlang? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
22 Nahana hape ka seo Jehova a batlang ho u etsetsa sona nakong e tlang a sebelisa Morena oa hae oa Bomesia. Haufinyane Morena eo o tla loana ntoa e lokileng ha a loantša tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. Joang kapa joang Jesu o tla hlōla! (Tšenolo 19:11-15) Ka mor’a moo, Kreste o tla qala Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete lefatšeng. Puso ea hae ea leholimo e tla tlisetsa motho e mong le e mong ea tšepahalang melemo ea thekollo, e etse hore e be ea phethahetseng. Ak’u inahanele u se u phela hantle ’meleng, u le mocha u bile u le sehlahlo, u sebetsa u thabile hammoho le lelapa le momahaneng la batho ho fetola lefatše paradeise! Qetellong ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla khutlisetsa puso ho Ntate oa hae. (1 Bakorinthe 15:24) Haeba u tsoela pele ho latela Kreste ka botšepehi, u tla putsoa ka tsela e babatsehang ka ho hlollang—u tla ba ‘tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo’! (Baroma 8:21) E, u tla fumana litlhohonolofatso tsohle tseo Adama le Eva ba ileng ba li lahla. Re le bara le barali ba Jehova ba lefatšeng, le ka mohla re ke ke ra hlola re angoa ke litšila tsa sebe sa Adama. Ha e le hantle, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
23 Nahana hape ka ’musi eane e mocha ea ruileng eo re buileng ka eena Khaolong ea 1. O ile a hana ho amohela memo ea Jesu ha a ne a re: ‘Tloo u be molateli oa ka.’ (Mareka 10:17-22) U se ke ua etsa phoso eo! E se eka u ka amohela memo ea Jesu ka thabo le ka cheseho. E se eka u ka ikemisetsa ho mamella, ho tsoela pele u latela Molisa ea Khabane letsatsi le leng le le leng, selemo se seng le se seng, e le hore qetellong u tle u bone ha a phethahatsa merero eohle e khanyang ea Jehova!
U ka Latela Jesu Joang?
● Ke’ng se tla u thusa ho etsa hore monahano oa hao o lumellane le oa Kreste?—1 Bakorinthe 2:13-16.
● U rera ho latela Jesu haufi-ufi ka litsela life?—1 Petrose 2:21.
● U tla etsa’ng ho qoba kotsi ea hore lerato la hao ho Jesu le tape?—Tšenolo 3:14-18.
● U ka bontša joang hore u hlile u batla hore Kreste a buse lefatše haufinyane?—Tšenolo 22:17, 20.