September
Labohlano, la 1 September
Ba mo kopa hore a ba etsetse mohlolo o tsoang leholimong.—Mat. 16:1.
Mehleng ea Jesu, batho ba bang ba ne ba sa khotsofalle hore a ba rute feela empa ba ne ba ne ba batla ho fetang hoo. Empa ha a hana ho ba fa pontšo eo ba neng ba e batla, ba ile ba mo hanyetsa. (Mat. 16:4) Mangolo a re’ng? Ha moprofeta Esaia a ne a bua ka Mesia, o ile a re: “A ke ke a hoeletsa kapa a phahamisa lentsoe ’me a ke ke a etsa hore lentsoe la hae le utluoe seterateng.” (Esa. 42:1, 2) Jesu o ne a etsa mosebetsi oa hae ka boikokobetso le ka tsela e sa bitseng mahlo a batho. Ha aa ka a haha litempele tse hapang mahlo, ha aa ka a apara liaparo tsa bolumeli tse mo khethollang kapa hona hore a batle hore a bitsoe ka litlotla tse nkuoang li le bohlokoa bolumeling. Ha Jesu a tl’o ahloleloa lefu, o ile a hana ho khahlisa Morena Heroda ka ho mo etsetsa mohlolo. (Luka 23:8-11) Ke ’nete hore ho na le mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa empa mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela molaetsa oa ’Muso. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke tsoile ka morero ona.”—Mar. 1:38. w21.05 4 ¶9-10
Moqebelo, la 2 September
Ba tla fumana bophelo bo sa feleng haeba ba u tseba, uena Molimo a le mong oa ’nete le Jesu Kreste eo u mo rommeng.—Joh. 17:3.
Re batla batho ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) E le hore batho bao e be barutuoa, re lokela ho ba thusa (1) ho utloisisa, (2) ho lumela, le (3) ho etsa lintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng. (Bakol. 2:6, 7; 1 Bathes. 2:13) Bohle ka phuthehong ba ka thusa batho ba ithutang Bibele ka ho ba behela mohlala, ho ba bontša lerato le ho etsa hore ba ikutloe ba amohelehile ha ba le libokeng. (Joh. 13:35) Ha u ruta motho, u ka nka nako le matla u mo thusa ho tlohela litloaelo le litumelo “tse metseng ka matla.” (2 Bakor. 10:4, 5) Ho ka nka likhoeli tse ngata u thusa motho hore a etse liphetoho e le hore a kolobetsoe. Leha ho le joalo, boiteko boo u bo etsang ke ba bohlokoa haholo. w21.07 3 ¶6
Sontaha, la 3 September
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.—1 Bathes. 5:21.
Na re kholisehile hore lintho tseo re li rutang ke ’nete le hore tsela eo Lipaki Tsa Jehova li sebeletsang Jehova ka eona mehleng ee ke eona feela e amohelehang ho eena? Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore o fumane ’nete. (1 Bathes. 1:5) Kholiseho ea hae e ne e sa thehoa holim’a maikutlo a hae feela. Pauluse e ne e le moithuti ea hloahloa oa Lentsoe la Molimo. O ne a lumela hore “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Tim. 3:16) O ile a ithuta’ng? Ka Mangolong, Pauluse o ile a fumana bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, e leng taba eo baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ileng ba iphapanyetsa eona. Baeta-pele bao ba bolumeli ba baikaketsi ba ne ba bolela hore ba ruta batho ka Molimo empa mesebetsi ea bona e ne e ba latola. (Tite 1:16) Ho fapana le bona, Pauluse ha aa ka a khetha hore na ke likarolo life tsa Lentsoe la Molimo tseo a ka li lumelang. O ne a ikemiselitse ho ruta le ho mamela “morero oohle oa Molimo.”—Lik. 20:27. w21.10 18 ¶1-2
Mantaha, la 4 September
Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a huloa ke Ntate ea nthomileng.—Joh. 6:44.
Le hoja re lema ebile re nosetsa, re lokela ho hopola hore ke Molimo ea holisang. (1 Bakor. 3:6, 7) Jehova o nka batho bohle e le ba bohlokoa. O re file tlotla ea ho sebetsa le Mora oa hae ho bokella batho ho tsoa lichabeng tsohle pele bofelo bo tla. (Hag. 2:7) Mosebetsi oa boboleli o ka bapisoa le mosebetsi oa ho pholosa batho ’me rona re tšoana le batho ba rometsoeng ho il’o pholosa batho ba sa khoneng ho tsoa ka morafong. Le hoja ho ka fumanoa batho ba ’maloa ba phela, mosebetsi o etsoang ke batho ba ba pholosang ke oa bohlokoa. Mosebetsi oo ba o etsang o tšoana le mosebetsi oa rona oa boboleli. Ha re tsebe hore na ke batho ba ba kae ba tla pholoha lefatše lena le busoang ke Satane. Empa Jehova a ka sebelisa e mong le e mong oa rona hore a ba thuse. Mora oa bo rona Andreas ea lulang Bolivia o re: “Kea tseba hore motho e mong le e mong ea ithutang Bibele ’me a kolobetsoa o etsa joalo hobane batho ba bangata ba mo thusitse.” E se eka le rona re ka lula re thabile ha re bolella batho molaetsa oa Bibele. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me mosebetsi oa rona oa boboleli o tla re thabisa haholo. w21.05 19 ¶19-20
Labobeli, la 5 September
Baleha leraba la Diabolose.—2 Tim. 2:26.
Ntho eo setsomi se e batlang feela ke ho tšoasa phoofolo kapa ho e bolaea. Joalokaha e mong oa metsoalle ea bohata ea Jobo a ile a bontša, se ka sebelisa lifi kapa maraba tse sa tšoaneng. (Jobo 18:8-10) Setsomi se ka ’na sa hohela phofu ea sona joang? Se sheba phoofolo eo ka hloko ho bona na e tsamaela kae, e rata’ng le hore na ke leraba lefe se ka e tšoasang e sa lebella. Satane o tšoana le setsomi seo hantle. O ithuta rona. O sheba metsamao ea rona le hore na re rata’ng. Ka mor’a moo, o re chehela leraba leo a tšepang hore le tla re tšoasa re sa lebella. Ho ntse ho le joalo, Bibele ea re kholisa hore le haeba re ka tšoasoa, re ka khona ho itšoasolla. E boetse ea re bontša hore na re ka qoba maraba ao joang ka ho feletseng. Maraba a mabeli a ka sehloohong ao Satane a a sebelisang ke boikhohomoso le meharo. Ho theosa le lilemo, haesale Satane a atleha ho sebelisa maraba ana a mabeli. O tšoana le motho ea chehang linonyana ea li hohelang hore li tle sefing. (Pes. 91:3) Empa ha rea lokela ho tšoasoa ke Satane. Hobane’ng? Hobane Jehova o re boleletse maraba ao Satane a a sebelisang ho re tšoasa.—2 Bakor. 2:11. w21.06 14 ¶1-2
Laboraro, la 6 September
Moriri o moputsoa ke korone ea botle ha motho a le tseleng ea ho loka.—Liprov. 16:31.
Bara le barali ba bo rona ba seng ba holile ke matlotlo a bohlokoa. Lentsoe la Molimo le tšoantša moriri o moputsoa le moqhaka. (Liprov. 20:29) Leha ho le joalo, ho ka ba bonolo ho hlokomoloha matlotlo ana. Haeba bacha ba utloisisa hore batho ba baholo ba bohlokoa, ba tla fumana ho molemo ho feta maruo. Jehova Molimo o nka batho ba holileng e le ba bohlokoa. Oa tseba hore na ke batho ba joang ebile o ananela makhabane a bona. Oa thaba ha a bona ba holileng ba fa bacha bohlale boo ba ileng ba bo fumana ka lilemo tse ngata tseo ba li qetileng ba sebeletsa Jehova. (Jobo 12:12; Liprov. 1:1-4) Hape Jehova oa ba ananela hobane ba mamelletse. (Mal. 3:16) Ba ile ba ba le mathata bophelong ba bona empa ba ile ba lula ba ntse ba tšepa Jehova. Ba na le tšepo e matla ka bokamoso ho feta ha ba ne ba qala ho ithuta ka Molimo. Jehova oa ba rata hobane ba ntse ba tsoela pele ho ruta ka lebitso la hae esita le “nakong ea bohlooho-putsoa.”—Pes. 92:12-15. w21.09 2 ¶2-3
Labone, la 7 September
E mong le e mong a ke a khotsofalle lintho tseo a khonang ho li etsa kaha o tla thabela seo a se entseng.—Bagal. 6:4.
Ke hantle hore nako le nako re hlahlobe mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Re ka ipotsa: ‘Na ke ipona ke le bohlokoa ha ke ipapisa le batho ba bang? Na ke lakatsa ho hlahella ho feta batho bohle kapa ho ipona ke le betere ho feta molumeli-’moho ea itseng? Kapa na ke sebetsa ka thata hore ke khahlise Jehova?’ Bibele e re khothalletsa hore re qobe ho ipapisa le batho ba bang. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane haeba re nahana hore re etsa lintho hantle ho feta Mokreste-’moho le rona ea itseng, re ka ikhohomosa. Le leng ke hore haeba re ipapisa le Bakreste-’moho le rona ba etsang lintho hantle ho re feta, re ka nyahama. (Bar. 12:3) Re lokela ho hopola hore Jehova ha aa re hulela ho eena hobane re le batle, re le likheleke puong kapa hobane re ratoa ke batho ba bangata empa hobane re mo rata hape re batla ho mamela Mora oa hae.—Joh. 6:44; 1 Bakor. 1:26-31. w21.07 14-15 ¶3-4
Labohlano, la 8 September
Le ’ne le nchafatse tsela eo le nahanang ka eona.—Baef. 4:23.
E le hore re nchafale matleng a susumetsang likelello tsa rona, re lokela ho rapela, ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona. Lula u etsa lintho tsena ’me u kope Jehova a u fe matla. Moea oa hae o halalelang u tla u thusa hore u tlohele ho ipapisa le batho ba bang. Jehova o tla u thusa hore u tsebe haeba u e-ba mohono kapa u qala ho ikhohomosa ’me o tla u thusa hore u etse liphetoho kapele bophelong ba hao. (2 Likron. 6:29, 30) Jehova oa tseba hore na re ikutloa joang. O boetse oa tseba hore re loantšana le ho se phethahale le tšusumetso e mpe ea lefatše lena. Jehova o re rata le ho feta ha a ntse a re bona re loantša lintho tsena. Jehova o sebelisa mohlala oa tsela eo ’mè a ratang ngoana oa hae ka eona ho bontša hore na o ikutloa joang ka rona. (Esa. 49:15) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova le eena o re rata ka tsela eo ha a bona re loanela ho mo sebeletsa ka moea oohle! w21.07 24-25 ¶17-19
Moqebelo, la 9 September
Thabang le ba thabileng.—Bar. 12:15.
Re ka eketsa thabo ea rona ka hore re amehe ka mosebetsi leha e le ofe oo re o fuoeng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, “tšoareha ka matla haholo” mosebetsing oa boboleli ’me u sebetse ka thata ka phuthehong. (Lik. 18:5; Baheb. 10:24, 25) Lokisetsa hantle e le hore u fane ka likarabo tse matlafatsang ha u le libokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo u fuoang libokeng tsa har’a beke. Haeba u kopuoa hore u etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tšepahala ’me u o etse ka nako. U se ke oa nahana hore mosebetsi oo u o fuoang ha o bohlokoa haholo ’me o tla u senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokhoni ba hao. (Liprov. 22:29) Ha u leka kahohle ho sebeletsa Jehova ka thata, u tla thaba le ho feta ebile u tla atleha tšebeletsong ea hae. (Bagal. 6:4) Ho tla boela ho be bonolo hore u thabe le batho ba bang haeba ba fuoa mosebetsi oo u neng u ka rata ho o etsa.—Bagal. 5:26. w21.08 22 ¶11
Sontaha, la 10 September
Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng, hape o na le khotso, ha a manganga, o itokiselitse ho mamela, o mohau haholo, o etsa lintho tse ntle, ha a khetholle ebile ha se moikaketsi.—Jak. 3:17.
Re lokela ho qoba ho ikhohomosa ’me re ikemisetse ho rutoa ke Jehova. Joalokaha boloetse bo ka etsa hore pelo ea motho e se ke ea sebetsa hantle, boikhohomoso bo ka etsa hore ho be thata hore motho a mamele litaelo tsa Jehova. Bafarisi ba ne ba ikhohomosa hoo ba ileng ba hloleha ho bona bopaki bo hlakileng ba hore Jesu ke Mora oa Molimo le hore o na le moea oa Hae. (Joh. 12:37-40) Eo e ne e le taba e kotsi hobane e ile ea ba sitisa hore ba be le tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Mat. 23:13, 33) Ke ha bohlokoa hore re tsoele pele ho lumella Lentsoe la Molimo le moea oa hae ho fetola tsela eo re nahanang le ho etsa lintho ka eona. Kaha Jakobo o ne a ikokobelitse, o ile a lumella hore Jehova a mo rute. Hape, Jakobo e ile ea e-ba tichere e atlehileng hobane a ne a ikokobelitse. w22.01 10 ¶7
Mantaha, la 11 September
Le ’ne le kope.—Mat. 7:7.
Ha re ‘phehella thapelong’ re tla kholiseha hore ntate oa rona oa re utloa ’me o tla arabela lithapelo tsa rona. (Bakol. 4:2) Le hoja re ka bona eka li lieha ho arajoa, Jehova o tšepisa hore o tla li araba “ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:16) Ke kahoo re sa lokelang ho beha Jehova molato haeba a sa arabe lithapelo tsa rona kapele kamoo re neng re nahanne kateng. Ka mohlala, e se le lilemo tse ngata batho ba bangata ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tl’o felisa lefatše lena. Le Jesu o ile a re re lokela ho rapella ’Muso ona. (Mat. 6:10) E tla be e le booatla haeba re ka tlohela ho tšepa Molimo ka lebaka la hobane a sa felise lefatše ka nako eo rona batho re lebelletseng hore o tla le felisa ka eona. (Hab. 2:3; Mat. 24:44) Re etsa hantle ha re tsoela pele ho emela Jehova ’me re mo rapela ka tšepo ea hore o tla re araba. Jehova o tla felisa lefatše ka nako e nepahetseng hobane o se a ntse a khethile “letsatsi leo le hora.” Letsatsi leo e tla ba le nepahetseng bakeng sa rona bohle.—Mat. 24:36; 2 Pet. 3:15. w21.08 10 ¶10-11
Labobeli, la 12 September
Le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.—Bafil. 2:3.
Batho ba holileng ba ikokobelitseng baa hlokomela hore ha ba ntse ba hola ba ke ke ba khona ho etsa lintho joaloka pele. Ka mohlala, nahana ka balebeli ba potoloho. Ha ba e-ba lilemo li 70 ba kopuoa hore ba etse mosebetsi o fapaneng. Ho ka ’na ha e-ba thata hore ba etse joalo. Ba ne ba thabela ho thusa Bakreste-’moho. Leha ho le joalo, baa utloisisa hore ho ka ba molemo hore mosebetsi oo o etsoe ke barab’abo rona ba bacha. Kahoo, ba etsisa Balevi ba Baiseraele ba neng ba lokela ho khaotsa ho sebeletsa tabernakeleng ha ba e-ba lilemo li 50. Balevi bao ba holileng ba ne ba thabile ho sa tsotellehe hore na ba etsa mosebetsi ofe. Ba ne ba etsa mesebetsi eo ba e fuoeng ka mafolo-folo ’me ba thusa bacha kahohle kamoo ba ka khonang kateng. (Num. 8:25, 26) Mehleng ena, le hoja barab’abo rona ba holileng bao e neng e le bapotolohi ba sa etele liphutheho, ba ntse ba thusa le ho khothatsa liphutheho tsa ha bo bona. w21.09 8-9 ¶3-4
Laboraro, la 13 September
Ntate, ke u sitetsoe ebile ke sitetsoe le Molimo ea leholimong. Ha ke sa lokela ho bitsoa mora oa hao.—Luka 15:21.
Jesu o ile a bua ka pale e amang maikutlo ea mora ea neng a lahlehile ho Luka 15:11-32. Mora eo ha aa ka a mamela ntate oa hae, o ile a tloha lapeng ’me a ea “naheng e hole.” Ha a le moo o ile a inehella litakatso tsa nama. Leha ho le joalo, ha bophelo ba hae bo qala ho nyolosetsa, o ile a nahanisisa ka lintho tse mpe tseo a li entseng. O ile a hlokomela hore bophelo bo ne bo le monate ha a ntse a le ntlong ea ntate oa hae. Jesu o ile a re mora eo o ile a “hlaphoheloa kelellong.” O ile a etsa qeto ea ho khutlela lapeng ’me a kopa ntate oa hae hore a mo tšoarele. Ho ne ho le bohlokoa hore mora eo a hlokomele hore o entse liqeto tse ngata tse fosahetseng ’me o ne a lokela ho nka bohato. Mora ea lahlehileng o ile a bontša hore o baketse libe tsa hae e le kannete. Papiso ena ha se pale feela e amang maikutlo. E na le thuto e ka thusang baholo ba liphutheho ho lemoha hore na motho o baketse liphoso tsa hae tse tebileng kapa che. w21.10 5 ¶14-15
Labone, la 14 September
Ke tla boela ke sisinye maholimo [le] lefatše.—Hag. 2:6.
Ke’ng e sa tl’o sisinyeha kapa hona ho suthisoa? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka lebaka leo, kaha re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re tsoeleng pele . . . [ho etsetsa] Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.” (Baheb. 12:28) Kannete ha tšisinyeho ena e fela, ke ’Muso oa Molimo feela o tla beng o sa sisinngoa. (Pes. 110:5, 6; Dan. 2:44) Ena ha se nako ea ho raha qhebelele. Batho ba tlameha ho khetha hore na ba tla tsoela pele ba tšehetsa lefatše lena le eang timetsong kapa ba tla sebetsa ka thata hore ba etse thato ea Molimo e tla etsa hore ba phele ka ho sa feleng. (Baheb. 12:25) Mosebetsi oa rona oa boboleli, o tla thusa batho hore ba khone ho etsa qeto ka taba ena ea bohlokoa. A re luleng re hopola mantsoe a Morena oa rona Jesu a re’ng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Mat. 24:14. w21.09 19 ¶18-20
Labohlano, la 15 September
Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.—Baheb. 13:5.
Baholo, le na le monyetla o babatsehang oa ho khothatsa Bakreste bao batho ba ba ratang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova. (1 Bathes. 5:14) Ba khothatse pele ho liboka le ka mor’a tsona. Ba etele ’me u rapele le bona. E-ea le bona tšebeletsong ea tšimo kapa ka linako tse ling u ba memele borapeling ba lelapa. Baholo ba lokela ho hlokomela linku tsa Jehova tse utloileng bohloko, ba li bontše mosa le ho li rata. (1 Bathes. 2:7, 8) Jehova “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Le hoja motho a ka etsa sebe se tebileng, Molimo o ntse a nka bophelo ba hae e le ba bohlokoa. Hopola hore Jehova o ile a re rekolla kaofela ha rona a sebelisa sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang. Ka lerato Jehova o leka ho thusa batho ba mo tlohetseng hore ba khutlele ho eena. O na le tšepo ea hore ba tla khutlela ho eena joalokaha re bona papisong eo Jesu a ileng a e etsa ea mora ea lahlehileng.—Luka 15:11-32. w21.09 30-31 ¶17-19
Moqebelo, la 16 September
Le fumane litholoana tsa mosebetsi oa bona.—Joh. 4:38.
U tla etsa’ng haeba ha u khone ho lula u bolela le ho ruta batho ka Bibele ka lebaka la hore oa kula? U ka khona ho lula u thabisoa ke ntho eo u khonang ho e etsa. A k’o nahane ka Morena Davida nakong eo eena le bahlanka ba hae ba neng ba pholosa malapa a bona le thepa ea bona ho Baamaleke. Banna ba 200 ba ne ba khathetse haholo hore ba ka loana, kahoo ba ile ba sala ba katile thepa. Ka mor’a hore Davida le banna bao ba hlole ntoa, Davida o ile a re batho bohle ba arolelane thepa ka ho lekana. (1 Sam. 30:21-25) Ntho ena e tšoana hantle le mosebetsi oa rona oa ho etsa barutuoa lefatšeng lohle. Kaofela ha rona re tla thaba haeba re kenya letsoho mosebetsing ona oa boboleli ho thusa batho ba bacha hore ba kolobetsoe. Jehova o bona boiteko ba rona le kamoo re mo ratang kateng ’me oa re putsa. O boetse o re ruta hore na re ka thaba joang ha re ntse re kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. (Joh. 14:12) Kahoo, re ka kholiseha hore re tla lula re thabisa Molimo ha feela re sa tele. w21.10 28 ¶15-17
Sontaha, la 17 September
Botle ba bahlankana ke matla a bona.—Liprov. 20:29.
Ha re ntse re hola re ka ’na ra utloa re tšaba hore Jehova a ke ke a re sebelisa joaloka pele. Ke ’nete hore ha re sa na matla ao re neng re e-na le ’ona ha re ne re le bacha. Leha ho le joalo, re ka sebelisa bohlale le boiphihlelo boo re nang le bona ho thusa bacha hore ba sebelisoe mokhatlong oa Jehova le hore ba amohele mesebetsi e eketsehileng. Batho ba holileng ba lokela ho ikokobetsa haeba ba batla ho thusa bacha. Motho ea ikokobelitseng o nka batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:3, 4) Batho ba holileng ba ikokobelitseng baa utloisisa hore ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa mosebetsi ka phuthehong tse lumellanang le Mangolo le tse sebetsang. Kahoo, ha baa lebella hore batho ba etse lintho ka tsela eo ba neng ba li etsa ka eona khale. (Moek. 7:10) Le hoja ho na le lintho tse ngata tseo ba ka li rutang bacha, baa utloisisa hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha” le hore ho ka ’na ha hlokahala hore ba ithute litsela tse ncha tsa ho etsa lintho.—1 Bakor. 7:31. w21.09 8 ¶1, 3
Mantaha, la 18 September
Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova? Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?—Ex. 15:11.
Jehova a ke ke a bolella barapeli ba hae hore ba etse ntho leha e le efe e sa hloekang. O halalela ka ho felletseng. E le hore a hopotse Baiseraele seo, o ile a re mantsoe ao a ngoloe lekapeng la khauta le neng le le ka holim’a tuku ea moprista ea phahameng. Mantsoe a neng a ngotsoe lekapeng leo a ne a re: “Khalalelo ke ea Jehova.” (Ex. 28:36-38) Mantsoe ao a neng a ngotsoe lekapeng leo, a ne a kholisa motho e mong le e mong ea a bonang hore kannete Jehova oa halalela. Empa haeba Moiseraele a ne a sa khone ho bona lekapa leo hobane a le hole le moprista ea phahameng, na o ne a ka fetoa ke molaetsa oo oa bohlokoa? Ha ho joalo. Moiseraele e mong le e mong o ne a utloa molaetsa oo ha Molao o ne o baloa ka pel’a banna, basali le bana. (Deut. 31:9-12) Haeba u ne u ka ba teng moo, u ne u tla utloa ho baloa mantsoe ana a reng: “Ke ’na Jehova Molimo oa lona; . . . le halalele hobane kea halalela.” “Le halalele ho ’na, hobane ’na Jehova kea halalela.”—Lev. 11:44, 45; 20:7, 26. w21.12 3 ¶6-7
Labobeli, la 19 September
Le tlohele ho tšoenyeha ho sa hlokahale.—Luka 12:29.
Batho ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha ka lintho tseo ba li hlokang. E ka ’na eaba ba lula naheng eo batho ba bangata ba sotlehileng ebile ho leng thata ho fumana mosebetsi. Ho ka ba thata hore ba fumane chelete e lekaneng e le hore ba hlokomele ba malapa a bona. Mohlomong motho ea neng a sebetsa o se a hlokahetse, kahoo lelapa ha le sa na chelete bakeng sa lintho tseo le li hlokang. Re tla rua molemo haeba re lula re e-na le tšepo ho e-na le tšoenyeha. Hopola hore Jehova o tšepisa hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang haeba re mo beha pele bophelong ba rona. (Mat. 6:32, 33) Haesale a phethahatsa tšepiso eo. (Deut. 8:4, 15, 16; Pes. 37:25) Haeba Jehova a hlokomela linonyana le lipalesa, ho hlakile hore ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka hore na re tla ja’ng kapa re tla apara’ng. (Mat. 6:26-30; Bafil. 4:6, 7) Joalokaha lerato le susumetsa batsoali hore ba fe bana ba bona lintho tseo ba li hlokang, ka ho tšoanang lerato le susumetsa Ntate oa rona e leng Jehova hore a fe bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang. w21.12 17 ¶4-5; 18 ¶8
Laboraro, la 20 September
Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ba mosa ho eena.—Gen. 39:21.
Na motho e mong kapa Mokreste-’moho o kile a u utloisa bohloko haholo. Ela hloko mohlala oa Josefa ha a tšoaroa hampe ke barab’abo. O ile a lula a sebeletsa Jehova ’me Jehova o ile a mo putsa hobane o ile a mamella. Ha nako e ntse e-ea, Josefa o ile a tšoarela batho ba ileng ba mo utloisa bohloko ’me a bona kamoo Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa kateng. (Gen. 45:5) Le rona joaloka Josefa rea khothala ha re atamela haufi le Jehova ’me re mo emela hore a lokise lintho ka nako e nepahetseng. (Pes. 7:17; 73:28) Haeba u utloisitsoe bohloko ke ho hloka toka kapa lebaka le ha e le lefe, hopola hore Jehova o haufi le ba “lipelo li robehileng.” (Pes. 34:18) Kaha oa mamella ebile u lahlela moroalo oa hao ho eena, oa u rata. (Pes. 55:22) Ke Moahloli oa lefatše lohle ebile o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang. (1 Pet. 3:12) Haeba u na le mathata ao u sa khoneng ho a rarolla, na u ikemiselitse ho emela Jehova? w21.08 11 ¶14; 12 ¶16
Labone, la 21 September
Le lule le utloisisa hore na thato ea Jehova ke efe.—Baef. 5:17.
Ke bohlale ho phela ka tsela e thabisang Jehova. Re lokela hore lintho tsa bohlokoa li tle pele. Ka linako tse ling, re ka khetha pakeng tsa lintho tse peli tse sa fosahalang e le hore re sebelise nako ea rona hantle. Re ka bona sena tabeng e ileng ea etsahala ha Jesu a etetse Maria le Maretha. Kaha Maretha o ne a thabetse taba ea hore Jesu ke moeti oa hae, o ile a mo lokisetsa matletse-tletse a lijo. Empa Maria o ile a lula le Jesu eaba oa mo mamela. Ntho eo Maretha a ileng a e etsa e ne e se phoso empa Jesu o ile a re Maria “o khethile karolo e ntle.” (Luka 10:38-42) Ka mor’a nako, e ka ’na eaba Maria o ile a lebala hore na ho ne ho phehiloe eng letsatsing leo. Empa re kholisehile hore ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu. Joalokaha Maria a ile a nka nako eo a e qetang le Jesu e le ea bohlokoa, le rona re nka nako eo re e qetang le Jehova e le ea bohlokoa. w22.01 27 ¶5-6
Labohlano, la 22 September
Na u bone hore Akabe o ikokobelitse ka lebaka la seo ke se buileng?—1 Mar. 21:29.
Le hoja Akabe a ile a ikokobetsa ka pel’a Jehova, lintho tseo a ileng a li etsa ka mor’a moo li ile tsa bontša hore o ne a sa baka e le kannete. Ha aa ka a felisa borapeli ba Baale ’musong oa hae. Hape ha aa ka a khothalletsa batho hore ba rapele Jehova. Ka mor’a hore Akabe a hlokahale, Jehova o ile a bontša hore na o ikutloa joang ka eena. Moprofeta oa Molimo Jehu o ile a re o ne a le khopo. (2 Likron. 19:1, 2) Joale nahana ka taba ena: Hoja Akabe a ne a bakile e le kannete, moprofeta eo o ne a ke ke a re ke monna ea khopo eo Jehova a mo hloileng. Le hoja Akabe a ile a bontša hore o bakile ho ea boholeng bo itseng, o ne a sa baka ka ho felletseng. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Akabe? Qalong Akabe o ile a ikokobetsa ha a utloa molaetsa oa Elia o neng o bontša hore lelapa la hae le ne le tl’o fumana kotlo. O ne a entse hantle empa hamorao liketso tsa hae li ile tsa bontša hore o ne a sa baka e le kannete. Kahoo, re ithuta hore ho baka ha ho bolele feela hore motho a bontše hore o utloile bohloko ka nakoana. w21.10 3 ¶4-5, 7-8
Moqebelo, la 23 September
Litaba tse monate tsa ’muso li tla boleloa.—Mat. 24:14.
Esaia e ne e le moprofeta ’me ho ka etsahala hore mosali oa hae o ne a etsa mesebetsi e itseng ea baprofeta kaha Bibele e re ke “moprofeta oa mosali.” (Esa. 8:1-4) Esaia le mosali oa hae ba ne ba etsa hore tšebeletso ea bona ho Jehova e tle pele bophelong ba bona. Banyalani ba mehleng le bona le bona ba ka etsa kahohle kamoo ba ka khonang hore tšebeletso ea bona e tle pele bophelong ba bona. Ba ka matlafatsa tšepo ea bona ho Jehova ka ho ithuta boprofeta ba Bibele hammoho le ho bona hore na bo phethahala joang. (Tite 1:2) Ba ka nahana ka hore na ba ka kenya letsoho joang ho phethahatsa boprofeta bo itseng ba Bibele. Ka mohlala, ba ka thusetsa ho phethahatsa boprofeta ba Jesu bo bontšang hore litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle pele bofelo bo fihla. Ha banyalani ba kholisehile hore boprofeta ba Bibele boa phethahala, ba tla ikemisetsa le ho feta ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo ba ka khonang. w21.11 16 ¶9-10
Sontaha, la 24 September
A re ho morutuoa eo: “’Mè oa hao ke enoa.”—Joh. 19:27.
Jesu o ne a tšoenyehile haholo ka ’mè oa hae eo e ka ’nang eaba e ne e se e le mohlolohali. Kaha Jesu o ne a rata Maria haholo a bile a batla ho etsa bonnete ba hore o tla sala a hlokomelehile, o ile a kopa Johanne hore a tle a mo thuse ho tsoela pele a sebeletsa Jehova. Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, Johanne e ile ea e-ba mora oa Maria eaba o mo hlokomela joalokaha eka ke ’mè oa hae. Maria o ile a holisa Jesu ho tloha boseeng esita le ha a se a le makhatheng a lefu, Maria o ne a ntse a e-na le eena, ka lebaka leo, Jesu o ile a bontša hore o rata Maria haholo le hore o bohlokoa ho eena. Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Ka linako tse ling, re ka ba le maqhama a matla haholo le Bakreste-’moho le rona ho feta ba malapa a rona. Litho tsa rona tsa malapa li ka ’na tsa re hanyetsa kapa tsa re lahla empa joalokaha Jesu a tšepisitse, haeba re le haufi le Jehova le mokhatlo oa hae, lintho tse re lahlehetseng re tla li “fumana halekholo.” Bakreste ba bangata ba tla tšoana le mora, morali, ’mè kapa ntate ea lerato. (Mar. 10:29, 30) U ikutloa joang ka hore ebe u karolo ea lelapa lee la Bokreste le momahantsoeng ke tumelo le lerato bakeng sa Jehova le Bakreste-’moho le rona?—Bakol. 3:14; 1 Pet. 2:17. w21.04 9-11 ¶7-8
Mantaha, la 25 September
Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona.—Baheb. 13:16.
Mosa o lerato o etsa hore motho a etse se fetang se lebeletsoeng. Joaloka nakong e fetileng, bara le barali ba bo rona ba bangata mehleng ena ba khethile ho bontša mosa o lerato ho Bakreste-’moho le bona esita le ho ba sa ba tsebeng. Ka mohlala, ha ba utloa hore ho na le koluoa ea tlhaho, kapele-pele ba batla ho tseba hore na ba ka thusa joang. Ha motho e mong ka phuthehong a e-na le mathata a lichelete, ha ba qea-qee ho leka ho mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Joaloka Bakreste ba mehleng ea pele ba Macedonia, ba etsa se fetang se lebeletsoeng. Ba itella Bakreste-’moho le bona ka hore ba ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang. (2 Bakor. 8:3) Mehleng ena baholo ba nang le kelo-hloko baa thaba ha ba bona mora kapa morali oabo rona a thusa ba bang. Haeba mora kapa morali oabo rona a khothatsoa ka lerato ebile e le ka nako e nepahetseng, o tla tsoela ho thusa ba bang.—Esa. 32:1, 2. w21.11 11 ¶14; 12 ¶21
Labobeli, la 26 September
Mamela mantsoe a ba bohlale ka hloko.—Liprov. 22:17.
Kaofela ha rona re hloka ho eletsoa. Ka linako tse ling, re ka kopa motho e mong eo re mo tšepang hore a re fe keletso. Athe ka linako tse ling, mor’abo rona ea tšoenyehileng ka rona a ka ’na a re hlokomelisa haeba re le haufi le ho nka “mohato o fosahetseng” oo re ka ikoahlaelang oona. (Bagal. 6:1) Mohlomong motho e mong a ka re khalemela ka mor’a hore re etse phoso e tebileng. Re lokela ho mamela ha re fuoa keletso ho sa tsotellehe lebaka leo re eletsoang ka lona. Ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo ebile ho ka re pholosa. (Liprov. 6:23) Temana ea rona ea kajeno e re khothalletsa hore re mamele “mantsoe a ba bohlale.” Ha ho na motho ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo ho tla lula ho e-na le motho ea tsebang ho re feta kapa ea nang le boiphihlelo bo fetang ba rona. (Liprov 12:15) Kahoo, ha re mamela keletso re tla be re bontša hore re ikokobelitse. Re tla be re bontša hore rea hlokomela hore ho na le lintho tseo re sa khoneng ho li etsa le hore re hloka thuso e le hore re finyelle lintho tse itseng. Morena Solomone ea bohlale i ile a ngola a re a re: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”—Liprov. 15:22. w22.02 8 ¶1-2
Laboraro, la 27 September
Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha empa ea li bolelang ’me a li bakela o tla hauheloa.—Liprov. 28:13.
Ke ’nete hore ho baka e le kannete ha ho bolele feela ho kopa tšoarelo ka sebe seo re se entseng. Empa ho akarelletsa hore mofosi a fetole tsela eo a nahanang le ho ikutloa ka eona. Ho etsa joalo ho bolela ho khaotsa ho etsa lintho tse mpe le ho mamela melao ea Jehova hape. (Ezek. 33:14-16) Motho ea entseng sebe o lokela ho ameha haholo ka ho lokisa setsoalle sa hae le Jehova. Re lokela ho etsa’ng haeba re tseba hore motsoalle oa rona o entse sebe se tebileng? Re tla be re beha motsoalle oa rona kotsing haeba re leka ho pata sebe sa hae. Ha ho mohla re tla atleha ho pata sebe hobane Jehova o shebile. (Liprov. 5:21, 22) U ka thusa motsoalle oa hao ka ho mo hopotsa hore baholo ba batla ho mo thusa. Haeba a sa bolelle baholo ka sebe sa hae, u lokela ho ba bolella sona. Ka ho etsa joalo u tla be u bontša hore u batla ho mo thusa. w21.10 7 ¶19-21
Labone, la 28 September
Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.—Bafil. 2:4.
Kaofela re lokela ho etsisa mohlala oa Jesu oa boitelo. Bibele e re o ile “a nka sebopeho sa lekhoba.” (Bafil. 2:7) Lekhoba kapa mohlanka ea molemo o batla ho khahlisa mong’a hae. Kaha re makhoba a Jehova hape re sebeletsa bara le barali babo rona, re batla ho itella bona haholoanyane. Ipotse: ‘Ke ikemiselitse hakae ho tela nako le matla a ka e le hore ke thuse batho ba bang? Na ke potlakela ho ithaopa ha ho hlokoa batho ba tla hloekisa sebaka seo kopano e tl’o tšoareloa ho sona kapa ba tla lokisa Holo ea ’Muso?’ Mohlomong oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u itelang ka eona empa u utloa eka u ke ke oa khona ho etsa joalo. Haeba u ikutloa joalo, u lokela ho rapela Jehova ka tieo. Mo bolelle hore na u ikutloa joang u be u mo kope hore a u thuse hore u ‘rate u be u sebetse.’—Bafil. 2:13. w22.02 22-23 ¶9-11
Labohlano, la 29 September
Ke tla le khatholla.—Mat. 11:28.
Jesu o ne a bontša batho ba bang mosa ka hore a ba nahanele esita le tlas’a maemo a thata. (Mat. 11:29, 30) Ka mohlala, ha mosali oa Mofoenisia a ne a mo kopa hore a folise ngoana oa hae, o ile a bua le eena ka tsela e mosa. Qalong Jesu ha aa ka a etsa ntho eo a neng a e kopa empa mosali eo o ile a bontša tumelo e matla eaba Jesu o folisa ngoana oa hae. (Mat. 15:22-28) Le hoja Jesu a ne a le mosa, ha aa ka a qoba ho fana ka keletso. Ka linako tse ling, o ne a bontša mosa ka hore a tobe taba ha a khalemela batho bao a ba ratang. Ka mohlala, ha Petrose a ne a leka ho thibela Jesu ho etsa thato ea Jehova, Jesu o ile a mo khalemela ka pel’a barutuoa ba bang. (Mar. 8:32, 33) Ha aa ka a etsa sena hobane a ne a batla ho hlabisa Petrose lihlong empa o ne a batla ho mo koetlisa le ho thusa barutuoa ba bang hore ba se ke ba iketelletsa pele. Ha ho pelaelo hore Petrose o ile a soaba empa khalemelo eo e ile ea mo thusa. E le hore u bontše batho bao u ba ratang mosa, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore u tobe taba ha u ba eletsa. U lokela ho etsisa Jesu ha u ba eletsa ka hore u sebelise melao-motheo e hlahang Lentsoeng la Molimo ’me u ba nahanele. w22.03 11 ¶12-13
Moqebelo, la 30 September
Re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.—Baheb. 13:15.
Ho rorisa Jehova. (Pes. 34:1) Re rorisa Jehova ha re bolella batho kamoo re mo ratang le kamoo re ananelang makhabane le mesebetsi ea hae kateng. Re tla ba le ho hongata hoo re ho buang ka Jehova haeba re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. Ha re nahana ka lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona, re tla ba le mabaka a mangata a ho mo rorisa. Mosebetsi oa boboleli o re fa monyetla oa hore re nyehele “ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo” ea rona. Pele re rapela Jehova, re lokela ho nahana ka ho teba hore na re tla re’ng. Ka tsela e tšoanang, pele re bua le batho ka Bibele, re lokela ho nahana hantle hore na re tla re’ng. Re batla hore ‘sehlabelo sa rona sa thoriso’ e be se molemohali. Ke ka lebaka leo re chesehang ha re bua le batho ka Bibele. w22.03 21 ¶8