February
Moqebelo, la 1 February
Ke tla le mamela.—Jer. 29:12.
Ha Morena Ezekiase o ne a kula haholo o ile a rapela Jehova a mo kopa hore a fole. Jehova o ile a mo folisa. (2 Mar. 20:1-6) Ha moapostola Pauluse a ne a kopa Jehova hore a tlose “moutloa nameng” ea hae, Jehova ha aa ka a mo folisa. (2 Bakor. 12:7-9) Morena Heroda o ne a batla ho bolaea moapostola Jakobo le moapostola Petrose. Jakobo o ile a bolaoa ’me Petrose o ile a pholosoa ke lengeloi ka mohlolo. (Lik. 12:1-11) Re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a pholosa Petrose feela eseng le Jakobo. Bibele ha e fane ka lebaka. Empa ntho eo re ka kholisehang ka eona ke hore Jehova ha a “leeme.” (Deut. 32:4) Ka linako tse ling, Jehova a ka araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re sa e lebella. Ha re belaelle tsela eo Jehova a khethang ho araba lithapelo tsa rona ka eona hobane rea tseba hore o lula a etsa lintho ka tsela e bontšang hore oa re rata le hore o na le toka.—Jobo 33:13. w23.11 21 ¶6
Sontaha, la 2 February
Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . o itokiselitse ho mamela.—Jak. 3:17.
Jakobo o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ngole hore batho ba bohlale ba “itokiselitse ho mamela.” Nahana hore na mantsoe ao a bolela’ng. Re lokela ho labalabela le ho ikemisetsa ho mamela batho bao Jehova a ba fileng matla a itseng a bolaoli. Leha ho le joalo, Jehova ha aa lebella hore re mamele batho ba reng re se ke ra mo mamela. (Lik. 4:18-20) Re ka utloa ho le bonolo ho mamela Jehova ho feta ho mamela motho hobane Jehova eena o lula a fana ka litaelo tse phethahetseng. (Pes. 19:7) Empa batho ba nang le matla a bolaoli bona ha baa phethahala. Ho ntse ho le joalo, Ntate oa rona ea leholimong o fana ka matla a itseng a bolaoli ho batsoali, liofisiri tsa ’muso le baholo. (Liprov. 6:20; 1 Bathes. 5:12; 1 Pet. 2:13, 14) Ha re ba mamela, motho eo re hlileng re mo mamelang ke Jehova. w23.10 6 ¶2-3
Mantaha, la 3 February
Mantsoe ana . . . aa tšepahala ’me ke a ’nete.—Tšen. 21:5.
Tsela e ’ngoe eo re ka matlafatsang tumelo ea rona ka eona ke ho nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho li etsa. Jehova a ka khona ho phethahatsa litšepiso tsa hae hobane ke ea Matla ’Ohle. (Jobo 42:2; Mar. 10:27; Baef. 3:20) O ile a kholisa Abrahama le Sara hore le hoja ba tsofetse ba ne ba tla ba le mora. (Gen. 17:15-17) O ile a ba a bolella Abrahama hore litloholo tsa hae li ne li tla rua naha ea Kanana. Ka lilemo tse ngata ha Baiseraele e leng litloholo tsa Abrahama e ne e le makhoba Egepeta, ho ne ho bonahala eka tšepiso eo e ne e ke ke ea phethahala. Empa e ile ea phethahala. O ile a bolella Maria eo e neng e le moroetsana hore o ne a tla tsoala Mora oa Hae. Seo se ne se tla phethahatsa tšepiso eo Jehova a neng a e entse lilemo tse ngata pele ho moo serapeng sa Edene. (Gen. 3:15) Ha re nahana ka litšepiso tsa Jehova tsa nakong e fetileng le kamoo a ileng a li phethahatsa kateng, re khona ho bona hore o na le matla a maholo ’me seo se matlafatsa tšepo ea rona ea hore lefatše le lecha le haufi.—Josh. 23:14; Esa. 55:10, 11. w23.04 28 ¶10-12
Labobeli, la 4 February
Utloa thapelo ea ka hle Jehova. Nkutloe ha ke kopa thuso.—Pes. 143:1.
Jehova o ile a araba Davida ha a ne a mo kopa hore a mo pholose. (1 Sam. 19:10, 18-20; 2 Sam. 5:17-25) Le rona re ka kholiseha hore Jehova o haufi le rona. (Pes. 145:18) Jehova a ka araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Pauluse o ile a kopa Molimo hore a mo tlose “moutloa nameng.” Ka makhetlo a mararo Pauluse o ile a rapella boemo boo bo neng bo mo imetse. Na Jehova o ile a mo araba? O ile a mo araba empa eseng ka tsela eo Pauluse a neng a e lebeletse. Ho e-na le ho tlosa bothata boo, Jehova o ile a mo fa matla ao a neng a a hloka e le hore a ka tsoela pele a mo sebeletsa ka botšepehi. (2 Bakor. 12:7-10) Ka linako tse ling le rona Jehova a ka re araba ka litsela tseo re neng re sa li lebella. Re lokela ho kholiseha hore Jehova o tseba hantle hore na ke eng e molemo bakeng sa rona. A ka ba a “etsa lintho tse fetang hole tsohle tseo re ka li kopang kapa tseo re ka li nahanang.” (Baef. 3:20) Ka lebaka leo, a ka re araba ka nako eo re neng re sa e lebella kapa ka tsela eo re neng re sa e lebella. w23.05 8-9 ¶4-6
Laboraro, la 5 February
Ho na le nako eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae ebe baa tsoa.—Joh. 5:28, 29.
Re tla rua molemo ha re itloaetsa ho nahana ka tšepiso ea hore bafu ba tla tsoha. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Ke hobane re ka kula hampe kapa ra hlokahalloa ke motho eo re mo ratang neng kapa neng. (Moek. 9:11; Jak. 4:13, 14) Haeba re ka hlaheloa ke maemo ao, re tla khona ho mamella haeba re na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha. (1 Bathes. 4:13) Bibele ea re tiisetsa hore Ntate oa rona ea leholimong o re tseba hantle ebile o re rata haholo. (Luka 12:7) E le hore Jehova Molimo a re tsose re e-na le botho bo tšoanang ebile re ntse re hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o lokela ho re tseba hantle. Jehova o re rata haholo hoo a re fileng monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Le haeba re ka shoa, o tla re tsosa. Ke hobane’ng ha re lumela tšepiso ea hore bafu ba tla tsoha? Hobane re kholisehile hore Molimo ea entseng tšepiso eo o batla ho ba tsosa ebile o na le matla kapa bokhoni ba ho etsa joalo. w23.04 8-9 ¶2-4
Labone, la 6 February
[Josefa le Maria] ba ne ba tloaetse ho ea Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete oa Paseka.—Luka 2:41.
Josefa le Maria ba ile ba sebetsa hammoho hore e lule e le metsoalle ea Jehova. Ba ne ba utloisisa hore ke habohlokoa ho sebeletsa Jehova hammoho e le lelapa. (Luka 2:22-24; 4:16) Ba behetse banyalani ba mehleng ena mohlala o motle. Haeba u na le bana joaloka Josefa le Maria, e ka ’na eaba ha ho bonolo ho ea libokeng le ho behella nako ka thoko ea ho tšoara borapeli ba lelapa. Ho ka ’na ha e-ba thata le hore le fumane nako ea ho ithuta le ho rapela hammoho. Leha ho le joalo, hopola hore ho etsa lintho tse matlafatsang tumelo ea lona hammoho ho tla le thusa hore le be metsoalle ea Jehova le hore le ratane le ho feta. Kahoo, etsang hore lintho tse matlafatsang tumelo ea lona li tle pele bophelong ba lona. Haeba le e-na le mathata lenyalong la lona, le ka ’na la utloa eka le ke ke la thabela ho tšoara borapeli ba lelapa hammoho. Haeba ho joalo, le ka qala ka ho buisana ka ntho e tla nka nako e khutšoanyane ebile le e thabela. Ho etsa joalo ho ka le thusa hore le ratane le ho feta le hore le etse lintho tse tla matlafatsa kamano ea lona le le hammoho. w23.05 22 ¶7-8
Labohlano, la 7 February
Obadia o ne a hlompha Jehova haholo.—1 Mar. 18:3.
Ho hlompha Jehova ho ile ha tsoela Obadia molemo joang? Ho ile ha mo etsa motho ea tšepahalang. Ka lebaka leo, morena o ile a mo khetha hore a hlokomele lelapa la hae. (Bapisa le Nehemia 7:2.) Hape ho hlompha Jehova ho ile ha etsa hore Obadia a be sebete haholo. O ne a hloka sebete seo haholo hobane o phetse nakong eo ho neng ho busa Morena Akabe ea khopo. (1 Mar. 16:30) Hape mosali oa Akabe e leng Jezebele ea neng a rapela Baale, o ne a hloile Jehova haholo hoo a ileng a leka ho felisa borapeli ba ’nete pusong ea maloko a leshome a Iseraele. O ile a ba a bolaea baprofeta ba bangata ba Molimo. (1 Mar. 18:4) Ha Jezebele a qala ho batla baprofeta ba Molimo e le hore a ka ba bolaea, Obadia o ile a pata ba lekholo ‘ka lehaheng ka lihlopha tsa ba 50 ’me a ’na a ba fa bohobe le metsi.’ (1 Mar. 18:13, 14) Ha Jezebele a ne a ka tseba, joang kapa joang o ne a tl’o bolaea Obadia. Ho ka etsahala hore ebe Obadia o ne a tšohile ebile a sa batle ho shoa. Empa Obadia o ne a rata Jehova hammoho le batho ba mo sebeletsang ho feta kamoo a neng a ithata kateng. w23.06 16 ¶9-10
Moqebelo, la 8 February
’Na Jehova ke[a] . . . u tatais[a].—Esa. 48:17.
Jehova o ntse a tataisa bahlanka ba hae le mehleng ena joalokaha a ne a etsa nakong e fetileng. O ba tataisa a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le Mora oa hae eo e leng hlooho ea phutheho. Ho na le bopaki ba hore Molimo o ntse a sebelisa batho le mehleng ena. Ka mohlala, nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a selemo sa 1870. Mor’abo rona Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela hore selemo sa 1914 ke sa bohlokoa bakeng sa ’Muso oa Molimo. (Dan. 4:25, 26) Ntho e ileng ea ba thusa hore ba hlokomele taba eo ke lipatlisiso tseo ba ileng ba li etsa ka Bibeleng. Na Jehova o ne a ba tataisa ha ba ne ba etsa lipatlisiso ka Bibeleng? Ho hlakile hore o ne a ba tataisa. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka 1914 li bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o qalile ho busa. Ho ile ha e-ba le Ntoa ea Pele ea Lefatše ’me ka mor’a eona ho ile ha e-ba le mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le khaello ea lijo. (Luka 21:10, 11) Kannete Jehova o ile a sebelisa banna bana ba Bakreste ho thusa bahlanka ba hae. w24.02 22 ¶11
Sontaha, la 9 February
Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.—Pes. 34:19.
Rea tseba hore Jehova oa re rata le hore o batla re thabele bophelo. (Bar. 8:35-39) Hape re kholisehile hore melao-motheo ea Bibele e lula e re tsoela molemo ha re e sebelisa. (Esa. 48:17, 18) Empa re ka etsa’ng ha re hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang? Ka mohlala, e mong oa lelapa a ka etsa ntho e re utloisang bohloko. Re ka ’na ra kula haholo hoo re sa khoneng ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova. Re ka hlaheloa ke koluoa ea tlhaho. Kapa re ka ’na ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. Ha re hlaheloa ke mathata ana re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke ntho e tjee? Na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng? Na see se bontša hore Jehova ha a ntlhohonolofatse?’ Na u kile oa ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Bahlanka ba Jehova ba bangata le bona ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang.—Pes. 22:1, 2; Hab. 1:2, 3. w23.04 14 ¶1-2
Mantaha, la 10 February
Ke ikemiselitse ho mamela melao ea hao ka linako tsohle.—Pes. 119:112.
Ha ho hlaha boemo bo ka ’nang ba etsa hore re etse ntho e fosahetseng, hang-hang re qoba ho nahana kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka senyang setsoalle sa rona le Molimo. Jehova o lebeletse hore re mo ‘mamele ka lipelo tsohle.’ (Bar. 6:17) Lintho tseo a reng re li etse li lula li le molemong oa rona ’me re ke ke ra fetola melao ea hae. (Esa. 48:17, 18; 1 Bakor. 6:9, 10) Diabolose o re hlasela ka ho re utloisa bohloko ’meleng le maikutlong e le hore a ka etsa hore re se ke ra lula re tiile. O ikemiselitse ho re “harola” e le hore a ka senya kamano ea rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba tšosoa, ba shapuoa ebile ba bolaoa hobane ba ikemiselitse ho lula ba tiile. (Lik. 5:27, 28, 40; 7:54-60) Satane o ntse a sebelisa mahloriso le mehleng ena. Re bona sena tseleng eo bana ba bo rona ba tšoeroeng ka eona Russia le linaheng tse ling le kamoo bahanyetsi ba rona ba ba hlorisang kateng. Ntle le litsela tse tobileng tseo Satane a re hlaselang ka tsona, o boetse o sebelisa le ‘maqiti.’—Baef. 6:11. w23.07 15-16 ¶6-9
Labobeli, la 11 February
Re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla khona ho hola ka litsela tsohle.—Baef. 4:15.
U tla rata Jehova le ho feta ha u ntse u ithuta Lentsoe la hae. Lerato leo le tla u susumeletsa ho etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho tla u thusa ho etsa liqeto tse bohlale. U tla ithuta ho nahana le ho etsa lintho tse nepahetseng hobane u batla ho thabisa Molimo. Feela joalokaha ngoana a etsisa motsoali oa hae ea lerato, le uena u leka ho etsisa Ntate oa hao ea leholimong. (Baef. 5:1, 2) Ipotse: ‘Na ke rata Jehova haholo ho feta ha ke ne ke qala ho ba Mokreste? Haesale ke kolobetsoa, na ke se ke batla ke tšoana le Jehova ka ho bontša bara le barali beso hore kea ba rata?’ Haeba u hlokomela hore “ha u sa na lerato joaloka pele,” u se ke oa nyahama. Bakreste ba mehleng ea pele le bona ba ile ba etsahalloa ke ntho e tšoanang. Jesu ha aa ka a ba fella pelo ’me ka ho tšoanang le rona ha a re felle pelo. (Tšen. 2:4, 7) Oa tseba hore re ntse re ka ba le lerato leo re neng re e-na le lona ha re ne re qala ho ithuta ’nete. w23.07 8 ¶2-3
Laboraro, la 12 February
Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.—Pes. 86:5.
Moapostola Petrose o ile a etsa liphoso tse ’maloa. Petrose o ile a qala ka hore a itšepe ho tlola, a bolele kamoo eena a neng a tla tšepahala kateng le haeba baapostola ba bang ba ne ba ka lahla Jesu. (Mar. 14:27-29) Ka mor’a moo, Petrose o ile a sitoa ho lula a falimehile ka makhetlo. (Mar. 14:32, 37-41) Eitse ha batho ba bangata ba neng ba tl’o tšoara Jesu ba fihla, Petrose o ile a baleha a mo siea. (Mar. 14:50) Qetellong, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, a ba a ikana hore o bua ’nete le hoja a ne a le leshano. (Mar. 14:66-71) Petrose o ile a etsa’ng ha a hlokomela hore o entse sebe se tebileng? O ile a lla habohloko. (Mar. 14:72) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a khalemella Petrose liphoso tsa hae empa o ile a mo bolella hore o ne a tla fuoa boikarabelo bo eketsehileng. (Joh. 21:15-17) Petrose o ne a tseba hore o entse sebe se tebileng empa o ile a tsoela pele a leka ho etsa lintho tse nepahetseng. Hobane’ng? Hobane o ne a kholisehile hore Mong’a hae Jesu, o ntse a mo rata. Ke’ng seo re ithutang sona? Jehova o batla hore re kholisehe hore oa re rata le hore o tla re tšoarela.—Bar. 8:38, 39. w24.03 18-19 ¶13-15
Labone, la 13 February
O bolaile ba bangata.—Liprov. 7:26.
Batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba ka hlajoa ke lihlong, ba ikutloa ba se na thuso, ba ima ba sa rera le malapa a bona a ka qhalana. Kahoo, re tla be re le bohlale haeba re hana ho fapohela ‘ntlong’ ea mosali ea se nang kelello. Ntle le hore batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba lahleheloa ke setsoalle sa bona le Jehova, ba boetse ba tšoaroa ke mafu a ka ba bolaeang. (Liprov. 7:23) Liproverbia khaolo ea borobong temana ea 18 e re: “Baeti ba hae ba theohetse lebitleng.” Joale ke hobane’ng ha batho ba bangata ba amohela memo ea hae e lebisang lefung? (Liprov. 9:13-18) Leraba le tloaelehileng ke ho sheba pornography. Batho ba bang ba nahana hore pornography ha e kotsi. Leha ho le joalo, pornography e kotsi, e ka etsa hore motho a hloke tlhompho, hape motho a ka e lemalla. Ha motho a bona setšoantšo sa pornography, ho ka ba thata ho se tlosa kelellong ea hae. Ho feta moo, pornography e ke ke ea u thusa ho tlosa takatso ea ho etsa lintho tse mpe empa e etsa hore e be matla le ho feta. (Bakol. 3:5; Jak. 1:14, 15) Batho ba bangata ba shebang pornography ba qetella ba entse boitšoaro bo bobe. w23.06 23 ¶10-11
Labohlano, la 14 February
O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.—Dan. 2:44.
Le hoja linaha tse ling li leka ho loantša ’muso ona, li ke ke tsa o hlola. Re tseba sena hobane “lejoe” le emelang ’Muso oa Molimo le tla silakanya maoto a setšoantšo seo se seholo a emelang ’Muso oa Manyesemane le Maamerika. (Dan. 2:34, 35, 44, 45) Na u kholisehile hore boprofeta ba Daniele bo buang ka maoto a tšepe le letsopa bo tla phethahala? Tsela eo u phelang ka eona e tla bontša hore u kholisehile ka taba ena. Haeba u kholisehile, u ke ke oa batla ho etsa chelete e ngata kapa ho ba le lintho tse ngata hobane oa tseba hore haufinyane lefatše lena le tl’o felisoa. (Luka 12:16-21; 1 Joh. 2:15-17) Ho utloisisa boprofeta bona ho tla u thusa hore u bone kamoo mosebetsi oa boboleli o leng bohlokoa kateng. (Mat. 6:33; 28:18-20) Ka mor’a ho ithuta boprofeta bona, u ka ipotsa hore na liqeto tseo u li etsang li bontša hore u kholisehile hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea batho. w23.08 11 ¶13-14
Moqebelo, la 15 February
E mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.—Bar. 14:12.
U lokela ho ikokobetsa ka hore u amohele hore u ka ’na oa se ke oa khona ho etsa lintho tsohle tseo u batlang ho li etsa hona joale hobane u se u holile, u kula kapa ka lebaka la maemo a mang. Etsisa Barzilai ka hore u se ke oa amohela mesebetsi e itseng ka phuthehong haeba u ke ke oa khona ho e etsa ka lebaka la ho hola kapa ho kula. (2 Sam. 19:35, 36) Etsisa Moshe ka hore u lumelle batho ba bang hore ba u thuse ka mesebetsi e meng haeba ho hlokahala. (Ex. 18:21, 22) Ha u ikokobelitse, u ke ke oa batla ho etsa lintho tseo u ke keng oa khona ho li etsa tse ka etsang hore u khathale. Hape u se ke oa ikutloa u le molato ka lebaka la liqeto tse fosahetseng tseo batho ba bang ba li etsang. Re ke ke ra etsetsa batho ba bang liqeto kapa ho ba sireletsa hore ba se ke ba hlaheloa ke litla-morao tsa liqeto tse fosahetseng tseo ba li entseng. Ka mohlala, ngoana a ka etsa qeto ea hore a tlohele ho sebeletsa Jehova. Qeto eo e ka utloisa batsoali ba hae bohloko haholo. Leha ho le joalo, batsoali ha baa lokela ho ikutloa ba le molato ka lebaka la qeto e fosahetseng eo ngoana oa bona a e entseng hobane ha ba etsa joalo ba tla be ba itjarisa mojaro o boima oo Jehova a sa lebellang hore ba o jare. w23.08 29 ¶11-12
Sontaha, la 16 February
[Samsone] a khahloa ke mosali . . . ’me lebitso la mosali eo e ne e le Delila.—Baahl. 16:4.
Kaha Samsone o ne a sa phethahala joaloka rona, ka linako tse ling o ile a etsa liqeto tse fosahetseng. E ’ngoe ea liqeto tseo a ileng a li etsa e ile ea fella ka masisa-pelo. Samsone e ne e bile moahloli ka nakoana ha “a khahloa ke mosali e mong Khohlong ea Soreke ’me lebitso la mosali eo e ne e le Delila.” Pele ho moo, Samsone o ne a tl’o nyala mosali oa Mofilista empa qeto eo e ne “e susumetsoa ke Jehova hobane o ne a batla monyetla oa ho loantša Bafilista.” Hamorao Samsone o ile a lula ntlong ea mosali oa letekatse motseng oa Bafilista o bitsoang Gaza. Ha a le motseng oo, Molimo o ile a mo fa matla a ho ntša likeiti tsa motse le ho tsamaea ka tsona eaba motse o sala o le lepalapaleng. (Baahl. 14:1-4; 16:1-3) Empa taba ea Delila eona e ne e fapane hobane ho ka etsahala hore ebe e ne e le Moiseraele. Bafilista ba ile ba reka Delila ka chelete e ngata e le hore a tsoe Samsone tlase. w23.09 5 ¶12-13
Mantaha, la 17 February
Motho ea nang le temoho o lieha ho halefa.—Liprov. 19:11.
Ho ba le temoho ho ka re thusa hore re be bonolo. Motho ea nang le temoho oa ithiba ha batho ba leka ho mo halefisa ka hore ba bue lintho tse mpe ka lintho tseo a li lumelang. Ka linako tse ling ha batho ba re botsa lipotso ka seo re se lumelang, ha ba re bolelle mabaka a hore na ke hobane’ng ha ba botsa. Kahoo, pele re ba araba re lokela ho hlokomela hore ha re tsebe mabaka a hore na ke hobane’ng ha ba re botsa lipotso. (Liprov. 16:23) Nahana kamoo Gideone a ileng a araba banna ba leloko la Efraime kateng. Ba ne ba halefile ’me ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a ba bitsa hore ba mo thuse ho loantša lira tsa Iseraele. Empa na ho na le lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ba halefe hakaalo? Na mohlomong ba ne ba halefile hobane ba ne ba ikhohomosa? Ho sa tsotellehe hore na lebaka leo ba neng ba halefile ka lona ke lefe, Gideone o ile a leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba halefile ’me o ile a ba araba ka tsela e bonolo. Bibele e bontša hore ha a qeta ho bua le bona ba ile “ba tlohela ho halefa.”—Baahl. 8:1-3. w23.09 16 ¶8-9
Labobeli, la 18 February
Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo.—Liprov. 8:30.
Jehova le Jesu ba ne ba e-na le kamano e matla eo ntate le mora ba nang le eona. E tlameha ebe o ne a utloile bohloko haholo ha a bona Mora oa hae a tšoeroe hampe, batho ba mo hloile a bile a utloa bohloko. Motsoali e mong le e mong ea kileng a hlokahalloa ke ngoana o tseba hantle bohloko ba ho hlokahalloa ke ngoana. Re na le tumelo e matla ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu empa taba eo ha e tlose bohloko boo re bo utloang ha re hlokahalloa ke motho eo re mo ratang. Mohlala ona o re thusa ho utloisisa hore na e ka ’na eaba Jehova o ne a ikutloa joang ha a bona Mora oa hae eo a mo ratang a utloa bohloko a bile a shoa ka selemo sa 33. (Mat. 3:17) Ha re ntse re letetse letsatsi la Sehopotso hore le fihle, re ka ithuta ka topollo Borapeling ba Lelapa kapa ha re ithuta re le bang. Hape ka letsatsi la Sehopotso, u se ke oa lebala ho shebella lenaneo le khethehileng la Temana ea Letsatsi. Ha re itokisetsa Sehopotso re tla khona ho thusa le batho ba bang hore ba be teng ho sona le hore ba se thabele.—Esdr. 7:10. w24.01 11 ¶10-12
Laboraro, la 19 February
O tla le tiisa.—1 Pet. 5:10.
Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang e le hore Jehova a re fe matla ke ho mo rapela. Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ka ho re fa “matla a sa tloaelehang.” (2 Bakor. 4:7) Hape ho bala Lentsoe la hae le ho nahanisisa ka lona ho tla re fa matla. (Pes. 86:11) Molaetsa oo Jehova a re fileng oona ka Bibeleng o “fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Ha u rapela Jehova u bile u bala Lentsoe la hae, u tla fumana matla ao u a hlokang e le hore u mamelle, u lule u thabile kapa u etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Hlokomela hore na Jehova o ile a matlafatsa moprofeta Jonase joang. Ha Jehova a ne a fa Jonase mosebetsi o boima, o ile a baleha. Ka lebaka leo, eena le batho bao a neng a palame sekepe le bona ba ile ba batla ba shoa ka lebaka la leoatle le befileng. Ka mor’a hore a lahleloe ka leoatleng, o ile a iphumana a le ka mpeng ea tlhapi e leng sebaka se tšosang seo a neng a sa nahana hore ka le leng o tla ba ho sona. Jonase o ile a etsa’ng e le hore a be matla nakong eo a neng a le mong ka mpeng ea tlhapi? O ile a rapela.—Jon. 2:1, 2, 7. w23.10 13 ¶4-6
Labone, la 20 February
Qetello ea lintho tsohle e atametse.—1 Pet. 4:7.
Le hoja moapostola Petrose a ne a ngoletse Bakreste ba mehleng ea pele, Jehova o ile a etsa hore mangolo ao e be karolo ea mangolo a Bibele e le hore re ka rua molemo ho ’ona. (Bar. 15:4) Re phela le batho ba sa lumeleng hore boprofeta ba Bibele ke ’nete. Bahanyetsi ba ka ’na ba re soma hobane haesale re ntse re re bofelo bo haufi. Batho ba bang ba re ha ho mohla bofelo bo tla fihla. (2 Pet. 3:3, 4) Tumelo ea rona e ka ’na ea fokola haeba re utloa motho eo re mo bolellang molaetsa oa Bibele ebang ke mosebetsi-’moho kapa e mong oa lelapa a cho joalo. Petrose oa re hlalosetsa hore na re ka thusoa ke’ng. Batho ba bang ba ka bona eka Jehova o lieha ho felisa lefatše lena le khopo empa mantsoe a Petrose a ka re thusa hobane a re hopotsa hore Jehova ha a shebe nako joaloka rona batho. (2 Pet. 3:8, 9) Lilemo tse sekete li tšoana le letsatsi le le leng ho eena. Jehova o na le mamello ebile ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe. Ha letsatsi la hae le fihla, joang kapa joang lefatše lena le tla felisoa. w23.09 26-27 ¶2-5
Labohlano, la 21 February
Ke kahoo ho hlokahalang hore re nahanisise ka lintho tseo re li utloileng e le hore re se ke ra kheloha.—Baheb. 2:1.
Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Judea lengolo? Mohlomong ke ka mabaka ana a mabeli. Lebaka la pele e ne e le ho ba khothatsa. Bongata ba bona ba ne ba le bolumeling ba Sejuda pele e e-ba Bakreste. E ka ’na eaba baeta-pele ba Bajuda ba ne ba ba soma hobane e se e le Bakreste. Hobane’ng? Ke hobane Bakreste ba ne ba se na tempele eo ba neng ba ea ho eona ho e’o rapela, ba se na aletare eo ba neng ba ka etsetsa Molimo mahlabelo ho eona ebile ba se na baprista ba ba rutang. Lintho tsena li ne li ka nyahamisa barutuoa ba Kreste, tsa ba tsa etsa hore tumelo ea bona e fokole. (Baheb. 3:12, 14) E ka ’na eaba ba bang ba ne ba bile ba batla ho khutlela bolumeling ba Sejuda. Lebaka la bobeli ke hore Pauluse o ne a bolella Bakreste ba Baheberu hore ha ba etse boiteko ba ho utloisisa lithuto tse ncha le tse tebileng e leng “lijo tse tiileng” tse ka Lentsoeng la Molimo. (Baheb. 5:11-14) Ho bonahala ba bang ba bona ba ne ba ntse ba latela Molao oa Moshe. w23.10 24-25 ¶3-4
Moqebelo, la 22 February
[U tšoare] basali ba bacha joalokaha eka ke likhaitseli tsa hao. U itšoare hantle ha u sebelisana le bona.—1 Tim. 5:2.
Barali ba bo rona ba bang ba khetha hore ba se ke ba nyaloa. (Mat. 19:10-12) Ba bang ba ka ’na ba khetha hore ba se ke ba nyaloa ka lebaka la mabaka a itseng a fapaneng. Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba u nka u le motho oa bohlokoa le hoja u sa nyaloa. Barali ba bo rona ba sa nyaloang ba beha mohlala o motle liphuthehong. Kaha ba rata batho ba bang le ho ba tsotella, ba fetoha bo-’mè le bo-ausi ba batho ba bangata. (Mar. 10:29, 30) Ba bang ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Barali ba bo rona ke bona ba etsang mosebetsi oa boboleli haholo. (Pes. 68:11) Na u ka rera hona joale ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? U ka ba pula-maliboho, oa sebetsa kahong kapa Bethele. Rapela Jehova ka taba ena. Bua le batho ba bang ba ileng ba khona ho etsa lintho tsena ’me u ba botse hore na u hloka ho etsa’ng e le hore le uena u khone ho eketsa tšebeletso ea hao. Ebe u khetha ho etsa ntho eo u tsebang hore u tla khona ho e finyella. Haeba u kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ntho eo e tla u bulela menyetla e mengata tšebeletsong ea Jehova ’me u tla thaba. w23.12 22 ¶16-17
Sontaha, la 23 February
Litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.—Mar. 13:10.
Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, rea hlokomela hore ho bohlokoa ho feta leha e le neng pele hore re mamele taelo ea hore re bolele litaba tse monate tsa ’Muso. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa hore mosebetsi oo o tle pele haeba re e-na le mathata a lichelete kapa re hanyetsoa. Ke’ng e tla re thusa ho etsa hore mosebetsi oa Molimo o tle pele bophelong ba rona? Ke ho lula re kholisehile hore “Jehova oa mabotho” o ka lehlakoreng la rona. O tla re tšehetsa haeba re tsoela pele ho etsa hore thato ea hae e tle pele ho lintho tseo rona re li batlang. Kahoo, ha re na lebaka la ho tšoha. (Hag. 2:4) Jehova o batla hore re eteletse pele mosebetsi o pholosang bophelo oa ho etsa batho barutuoa. Hagai o ile a khothaletsa batho ba Jehova hore ba qalelle ho sebeletsa Jehova hape, joalokaha eka ba haha tempele bocha. Ha ba ne ba ka etsa joalo, Jehova o ile a ba tšepisa hore ‘o tla ba hlohonolofatsa.’ (Hag. 2:18, 19) Le rona re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re etsa hore mosebetsi oo a re fileng oona o tle pele bophelong ba rona. w23.11 16 ¶8; 17 ¶11
Mantaha, la 24 February
Bohle ba entse sebe.—Bar. 3:23.
Ha moapostola Pauluse a ngolla Baroma, o ile a re batho bohle ke baetsalibe. Joale, ke joang re ka thabisang Molimo hoo a ka reng re lokile kapa ha re na molato? Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama ho thusa Bakreste bohle ho araba potso eo. Abrahama o ne a lula naheng ea Kanana ha Jehova a re o lokile. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a re o lokile? Na ke hobane Abrahama a ne a phetha Molao oa Moshe ka botlalo? Ho hang ha ho joalo. (Bar. 4:13) Sechaba sa Iseraele se ile sa fuoa Molao lilemo tse fetang 400 ka mor’a hore Molimo a re Abrahama o lokile. Joale Molimo o ne a ipapisitse le eng ha a tla re Abrahama o lokile? Kaha Jehova o mosa, o ile a re Abrahama o lokile ka lebaka la tumelo ea hae.—Bar. 4:2-4. w23.12 3 ¶4-5
Labobeli, la 25 February
Etsa ntho leha e le efe e ka pelong ea hao.—1 Likron. 17:2.
Bosiung boo moprofeta Nathane a ileng a bua mantsoe ana a ka holimo, Jehova o ile a bolella Nathane hore Davida ha se eena ea neng a tla haha tempele. (1 Likron. 17:3, 4, 11, 12) Davida o ile a etsa’ng ka mor’a ho utloa litaba tseo? O ile a bokella chelete le lintho tseo mora oa hae Solomone a neng a tla li hloka e le hore a etse mosebetsi oo. (1 Likron. 29:1-5) Jehova o ile a etsa selekane le Davida hang-hang ka mor’a hore a mo tsebise hore ha se eena ea neng a tla haha tempele. Jehova o ile a tšepisa Davida hore e mong oa litloholo tsa hae o ne a tla busa ka ho sa feleng. (2 Sam. 7:16) Lefatšeng le lecha nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, Davida o tla thaba haholo ha a utloa hore Jesu ke e mong oa litloholo tsa hae. Taba ena e re thusa ho bona hore le hoja re sa khone ho etsa lintho tsohle tseo re batlang ho li etsetsa Jehova Molimo, a ka re hlohonolofatsa ka tsela eo re sa e lebellang nakong e tlang. w23.04 16 ¶8-10
Laboraro, la 26 February
Jehova a ke ke a furalla batho ba hae.—Pes. 94:14.
U tla hlokomela hore likarolo tse itseng tsa Bibele li ka u tšelisa haholo ha u tšohile. Ka mohlala, u ka tšeliseha haholo ha u bala buka ea Jobo, Lipesaleme, Liproverbia le mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu khaolo ea botšelela. Ha u rapela Jehova u bile u bala Lentsoe la hae, u tla utloa hore oa u tšelisa. Re ka kholiseha hore Jehova o tla ba le rona nakong eo bophelo ba rona bo leng boima. A ke ke a re lahla. (Pes. 23:4) Jehova o tšepisa hore o tla re lebela, a re thuse hore re lule re tsitsitse, a re tšehetse le ho re tšelisa ha re e-na le mathata. Esaia 26:3 e re ka Jehova: “U tla sireletsa batho ba itšetlehang ka uena ka botlalo. U tla ba fa khotso e sa feleng hobane ba tšepile uena.” Kahoo, tšepa Jehova ’me u sebelise lintho tsohle tseo a u fileng tsona ho u thusa. Ha u etsa joalo, u tla ba le matla leha maemo a le boima. w24.01 25 ¶16-17
Labone, la 27 February
Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho u loantša se tla atleha.—Esa. 54:17.
Mantsoe ana a lengolo le ka holimo aa phethahala mehleng ena. Le mantsoe a latelang a tšelisang aa phethahala: “Bana bohle ba hao ba tla rutoa ke Jehova ’me khotso ea bana ba hao e tla ba ngata. U tla tiisoa ka thata ka ho loka. . . . U ke ke oa tšaba letho kapa ha e-ba le ntho e u tšosang kaha e ke ke ea u atamela.” (Esa. 54:13, 14) “Molimo oa lefatše lena,” e leng Satane le eena ha a khone ho emisa mosebetsi oa ho ruta batho ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Borapeli ba ’nete bo tsosolositsoe ’me bo ke ke ba hlola bo silafatsoa hape. Bo tla lula bo le teng ka ho sa feleng. Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho re loantša se tla atleha. w24.02 4 ¶10
Labohlano, la 28 February
Mang kapa mang ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta . . . ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.—Mat. 10:37.
Kaha re Bakreste, re nka boitlamo ba rona ho Jehova e le ba bohlokoa. Sena se ama tsela eo re itšoarang ka eona le liqeto tseo re li etsang tse amang lelapa. Re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rona empa re ke ke ra beha lintho tseo ba malapa a rona ba batlang hore re li etse ka pele ho lintho tseo Jehova a batlang hore re li etse. (Mat. 10:35, 36; 1 Tim. 5:8) Ka linako tse ling, re ka ’na ra etsa liqeto tse sa thabiseng ba malapa a rona e le hore re thabise Jehova.O entse tokisetso ea lelapa ebile o batla hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 3:14, 15) Haeba re batla ho thaba e le kannete, re lokela ho etsa lintho ka tsela ea Jehova. U se ke oa belaella hore Jehova o ananela boiteko ba hao ba ho mo sebeletsa ha u ntse u hlokometse lelapa la hao ebile u le rata le ho le hlompha.—Bar. 12:10. w24.02 18 ¶11, 13