July
Laboraro, la 1 July
Ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe.—Pes. 37:25.
Bahlanka ba bang ba Jehova ba se ba tsofetse, ba bang baa kula ha ba bang ba phela le bokooa. Kahoo, ba ka utloa eka ha ba na thuso ho Jehova. Ba ka ba ba ipotsa hore na Jehova o ntse a ba nka ba le bohlokoa. Mongoli oa Pesaleme ea 71 o ne a tšoenyehile ka bothata bo tšoanang, ha a tla re: “U se ke oa ntlohela ha matla a ka a fela.” (Pes. 71:9, 18) Leha ho le joalo, mopesaleme enoa o ne a kholisehile hore ha a sebeletsa Jehova ka botšepehi, o tla mo tataisa a be a mo tšehetse. Mopesaleme o ile a ithuta hore Jehova o rata batho ba itellang ho mo sebeletsa le ha ba e-na le mathata. (Pes. 37:23-25) Haeba u motho ea holileng, ipone ka tsela eo Jehova a u bonang ka eona. A ka u thusa hore u lule u le motsoalle oa hae le haeba u se u se na matla. (Pes. 92:12-15.) Ho fapana le ho nahana ka lintho tseo u ke keng oa li etsa, nahana ka tseo u ka li etsang. w24.10 27 ¶14-16
Labone, la 2 July
A re bueng ka taba ea hore na re ka ja lijo tse etsetsoang litšoantšo tse rapeloang. Rea tseba hore setšoantšo se rapeloang ha se Molimo.—1 Bakor. 8:4.
Bakreste ba sa holang ba ba le bothata ha ba tobane le boemo boo ho bona ba lokelang ho etsa qeto tabeng eo Bibele e sa faneng ka molao o tobileng. Ba bang ba nahana hore ha molao o joalo o le sieo, ba ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Ba bang bona ba ka batla hore ho be le molao leha ho sa hlokahale. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba kopa moapostola Pauluse hore a ba fe molao tabeng ea hore na ba je lijo tse hlabetsoeng litšoantšo kapa che. Ho e-na le hore a ba bolelle hore na ba lokela ho etsa’ng, Pauluse o ile a ba bolella hore ba lokela ho khetha seo ba tla se etsa ba ipapisitse le seo matsoalo a bona a ba lumellang ho se etsa. O ile a ba fa melao-motheo e tsoang ka Bibeleng e neng e tla ba thusa hore ba etse qeto e lumellanang le matsoalo a bona empa e sa khopise batho ba bang. (1 Bakor. 8:7-9) Ka ho etsa joalo, Pauluse o ne a ruta Bakorinthe hore e be Bakreste ba holileng e le hore ba sebelise likelello tsa bona ho e-na le ho itšetleha ka batho ba bang kapa ho batlana le melao. w24.04 5 ¶14
Labohlano, la 3 July
’Na Jehova, ke hlahloba pelo, . . . e le hore ke fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae.—Jer. 17:10.
Mehleng ea Jonase, Baninive ba ile ba fumana monyetla oa ho baka. Ntle ho moo, hopola seo Jesu a ileng a se bua ka ho ‘tsohela kahlolo.’ Ho tla tsosoa le batho “ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng.” (Joh. 5:29) Kahoo, ho bonahala eka e ka ’na eaba ho na le tšepo bakeng sa batho ba Sodoma le Gomora. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba bang ba batho bao ba tla tsosoa ’me re ka ’na ra ba le monyetla oa ho ba ruta ka Jehova le ka Jesu Kreste. Kamehla Jehova ke eena ea ‘hlahlobang pelo, ea phenyang menahano e tebileng.’ Nakong e tlang ha a tsosa bafu o tla ‘fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae’ joalokaha a tloaetse. Jehova o tla ema a tiile ha ho hlokahala empa o tla bontša mohau ha ho khoneha. Ha rea lokela ho etsa qeto ea hore motho a ke ke a tsosoa ntle le haeba ehlile re tseba hore ho joalo. w24.05 5-6 ¶15-16
Moqebelo, la 4 July
U se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.—Esa. 41:13.
Nakong e fetileng bahlanka ba Jehova ba ne ba matlafatsoa ke molaetsa oa Molimo ho ba thusa hore ba phethe mosebetsi o boima. Nahana ka mohlala oa moprofeta Jeremia. O ne a tšoenyehile ha Jehova a mo fa mosebetsi oa hore a e’o bolella batho molaetsa oa hae. Jeremia o ile a re: “Ha ke tsebe ho bua hobane ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:6) Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a be sebete? O ile a matlafatsoa ke seo Molimo a ileng a mo bolella sona. Jeremia o ile a re: “Lentsoe la Molimo la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka. Ke ne ke khathetse ke ho le tiisetsa.” (Jer. 20:8, 9) Ho ne ho se bonolo hore Jeremia a bolelle batho molaetsa o tsoang ho Jehova empa molaetsa oo o ile oa mo fa matla a hore a ba bolelle oona. Bakreste ba matlafatsoa ke ho bala Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse o ile a re ho ba le tsebo e nepahetseng ho ne ho tla ba thusa hore ‘tsela eo ba phelang ka eona e thabise Jehova’ le hore ba etse “lintho tse molemo.”—Bakol. 1:9, 10. w24.04 14-15 ¶2-4
Sontaha, la 5 July
Moprista Tsadoke . . . o tlotsa Solomone.—1 Mar. 1:39.
Le hoja Abiathare a sa ka a tšepahalla Jehova ka hore a hlanohele Davida, ka ho tsehetsa mora oa hae Adonija, Moprista ea Phahameng Tsadoke eena o ile a lula mo tšepahalla. Ha ho mohla Davida a ileng a belaella botšepehi ba Tsadoke. Eitse ha ’mommori oa Adonija o hlahella, Davida a khetha Tsadoke, Nathane le Benaia hore ba tlotse Solomone e le hore e be morena. (1 Mar. 1:32-34) E tlameha ebe Tsadoke o ile a matlafatsoa le ho khothatsoa ke ho ba le barapeli ba Jehova ba tšepahalang joaloka Nathane le ba bang ba neng ba tšehetsa Morena Davida. Ka mor’a hore Solomone e be morena, o ile “a khetha moprista Tsadoke sebakeng sa Abiathare.” (1 Mar. 2:35) U ka etsisa Tsadoke joang? Haeba motho ea haufi le uena a khetha ho tlohela Jehova, bontša Jehova hore uena u khetha ho mo tšepahalla. (Josh. 24:15) Jehova o tla u matlafatsa a be a u fe le sebete seo u se hlokang. Itšetlehe ka eena ka hore u mo rapele le ka hore u be haufi le barapeli-’moho le uena ba tšepahalang. Jehova o ananela botšepehi ba hao ’me o tla u putsa.—2 Sam. 22:26. w24.07 6-7 ¶16-17
Mantaha, la 6 July
A re se keng ra khathala ho etsa lintho tse ntle.—Bagal. 6:9.
Pesaleme ea 15:2 e re motsoalle oa Molimo “ke ea se nang molato, ea etsang lintho tse lokileng.” Polelo e reng “ea se nang molato” le e reng “ea etsang lintho tse lokileng” li bolela hore motho o lula a etsa lintho tsena. Empa na kannete re ka lula ‘re se na molato’? Ho joalo. Ke ’nete hore kaofela ha rona re baetsalibe empa Jehova o tla re nka ‘re se molato’ haeba re leka kahohle ho mo mamela. Ha re ne re inehela ho Molimo le ho kolobetsoa, e ne e le qalo feela ea leeto leo re le tsamaeang le Molimo. Hlokomela hore mehleng ea Bibele, ho ba Moiseraele ho ne ho sa bolele hore motho e se e ntse e le moeti oa Jehova. Batho ba bang ba ne ba ipiletsa ho Molimo, le hoja e ne e se “ka ’nete le ho loka.” (Esa. 48:1) Leha ho le joalo, Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba lokela ho ithuta melao ea Jehova le ho e mamela. Ka ho tšoanang mehleng ena e le hore Molimo a re amohele, re lokela ho etsa ho fetang ho kolobetsoa le ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste. Re lokela ho lula ‘re etsa lintho tse lokileng.’ w24.06 9 ¶4; 10 ¶6
Labobeli, la 7 July
Le etsise Molimo.—Baef. 5:1.
Jehova o bontša ka litsela life hore oa fana? A re hlahlobeng mehlala e ’maloa. Jehova o re fa lintho tseo re li hlokang. Ha se kamehla Jehova a re fang lintho tseo re li batlang, empa o etsa bonnete ba hore re lula re e-na le lintho tseo re li hlokang. Ka mohlala, o re thusa hore re be le lijo, liaparo le bolulo. (Pes. 4:8; Mat. 6:31-33; 1 Tim. 6:6-8) Na Jehova o re fa lintho tseo re li hlokang hobane a tlamehile? Ha ho joalo! A re hlahlobeng mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 6:25, 26. Ha Jesu a bua ka linonyana, o ile a re: “Ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho boloka lijo ka setorong.” Leha ho le joalo, mantsoeng a hae a latelang o ile a re: “Ntate oa lona ea leholimong oa li fepa.” Ka mor’a moo Jesu oa botsa o re: “Na ha le bohlokoa ho li feta?” Re ithuta’ng? Haeba Jehova a khona ho hlokomela liphoofolo, re ka kholiseha hore le rona o tla re hlokomela. Feela joalokaha ntate ea lerato a hlokomela lelapa la hae, Jehova o hlokomela lelapa la hae hobane a le rata.—Pes. 145:16; Mat. 6:32. w24.09 26-27 ¶4-6
Laboraro, la 8 July
Banna ba etsang mosebetsi oa bona hantle ba iketsetsa lebitso le letle ebile ba ka khona ho bua ka bolokolohi ka tumelo eo ba nang le eona.—1 Tim. 3:13.
Mohlanka ea sebeletsang ke mor’abo rona ea kolobelitsoeng ea khethiloeng ke moea o halalelang, e le hore a thuse baholo ho etsa mesebetsi e mengata ea bohlokoa ka phuthehong. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore bahlanka ba sebeletsang ke banna ba ratang Jehova ebile ba phela ka tsela e mo thabisang. Ba boetse ba rata Bakreste-’moho le bona haholo. (Mat. 22:37-39) Mor’abo rona ea kolobelitsoeng a ka etsa boiteko ba ho ba mohlanka ea sebeletsang joang? Bibele e bua ka litšoaneleho tse hlokahalang pele mor’abo rona a ka khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang. (1 Tim. 3:8-10, 12) U ka etsa boiteko ba ho fumana tokelo ena ka hore u ithute ka litšoaneleho tseo u be u sebetse ka thata hore u be le tsona. Empa pele ho moo, u lokela ho ipotsa hore na ha e le hantle sepheo sa hao ke sefe sa ho etsa boiteko ba ho ba mohlanka ea sebeletsang. w24.11 15 ¶4-5
Labone, la 9 July
Ha lea ka la le nka e le lentsoe la batho. Le ile la le nka e le lentsoe la Molimo hobane kannete ke lona.—1 Bathes. 2:13.
Batho ba bang ba re ba se ba balile Bibele ka makhetlo a mangata. Empa na kannete ba lumela seo Bibele e se buang? Na baa e sebelisa bophelong ba bona? Ka masoabi, karabo ke che. Empa bahlanka ba Jehova bona ba nka Bibele e le ea bohlokoa. Re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebelisa seo Bibele e se buang bophelong ba rona. Leha ho le joalo, ha se kamehla ho leng bonolo ho bala le ho sebelisa seo re ithutang sona ka Lentsoeng la Molimo. Mohlomong re ka thatafalloa ke ho fumana nako ea ho e bala kapa re ka e bala re tatile ebe ha re nahanisise ka seo re ithutang sona. Maemong a mang re ka utloa re nyahamisoa ke lintho tse ngata tseo re lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Haeba u bona eka bothata ba hao bo tšoana le thaba, tseba hore u ka e hloa ka thuso ea Jehova. E se eka re ka ikemisetsa ho etsa lintho tseo Lentsoe le li buang. Re tla lula re thabile haeba re bala Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa bophelong ba rona.—Jak. 1:25. w24.09 7 ¶15-16
Labohlano, la 10 July
Le ’ne le kope, le tla fuoa.—Luka 11:9.
Ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko Jehova o re tšelisa ka moea oa hae o halalelang. Haeba pelo ea hao e utloisitsoe bohloko ke mathata ao u nang le ’ona, phetlela Jehova sefuba u bue le eena neng le neng ha u batla. (Pes. 86:3; 88:1) U mo kope hore a u fe moea o halalelang khafetsa. Le ka mohla a ke ke a iphapanyetsa uena! Na u ikutloa u se na matla ka lebaka la bothata bo boima boo u ileng oa sebetsana le bona nakong e fetileng? Moea o halalelang o ka u matlafatsa hore u ’ne u tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. (Baef. 3:16) Ka mor’a hore u kope Jehova hore a u fe moea oa hae o halalelang, ke’ng seo u lokelang ho se etsa? Etsa lintho tse tla etsa hore moea o halalelang o u thuse. Lintho tseo li akareletsa ho ba teng libokeng le ho bua le batho ba bang ka Bibele. Bala Lentsoe la Molimo kamehla e le hore u lule u nahana ka lintho tse hloekileng. (Bafil. 4:8, 9) Ha u ntse u bala Bibele, ela hloko mehlala ea batho ba ileng ba kopana le mathata ’me u nahanisise ka tsela eo Jehova a ileng a ba thusa hore ba mamelle. w24.10 9 ¶12-14
Moqebelo, la 11 July
Molimo o ratile lefatše haholo.—Joh. 3:16.
Re rata batho joaloka Jehova le Mora oa hae. (Liprov. 8:31) Re utloela batho ba ‘sa tsebeng Molimo’ le ba ‘se nang tšepo’ bohloko. (Baef. 2:12) Mathata ao ba nang le ’ona a ka etsa hore ba ikutloe eka ba ka har’a sekoti se tebileng empa rona re tšoere thapo e ka ba ntšang sekoting seo e leng litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Kaha rea ba rata ebile re ba utloela bohloko, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba bolella litaba tse monate. Litaba tseo li ka etsa hore ba be le tšepo le ho ba thusa hore ba thabele bophelo hona joale. Hape li ka ba fa monyetla oa hore ba fumane “bophelo ba sebele” e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Tim. 6:19) Lerato leo re ratang batho ka lona le etsa hore re batle ho ba bolella ka se tla etsahala ka lefatše lena le khopo. (Ezek. 33:7, 8) Re batla hore ba tsebe hore na ho tl’o etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo ha ho felisoa bolumeli ba bohata ebile ho felisoa le batho ba khopo ka letsatsi la Armagedone.—Tšen. 16:14, 16; 17:16, 17; 19:11, 19, 20. w24.05 16-17 ¶8-9
Sontaha, la 12 July
Baratuoa, le se ke la iphetetsa empa le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae. Mangolo a re: “Jehova o re: ‘Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.’”—Bar. 12:19.
Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba “lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.” Re lumella Molimo hore a bontše khalefo ea hae ka hore re tlohele lintho matsohong a hae, e le hore a ka phethahatsa toka ka tsela le nako ea hae. Ka mor’a hore Mor’abo rona ea bitsoang John a tšoaroe ka ho hloka toka, o ile a re: “Ke ile ka tlameha ho loantša boikutlo ba ho batla ho lokisa phoso ka tsela ea ka. Baroma 12:19 e ile ea nthusa hore ke be le mamello le ho tšepa Jehova.” Re rua molemo ha re emela Jehova hore a lokise lintho. Ha re etsa joalo, re tla qoba ho ikimetsa le ho ferekana ho tlisoang ke ho batla ho rarolla mathata ka borona. Jehova o ikemiselitse ho re thusa. Ho joalokaha eka o re re tlohele lintho matsohong a hae, eena o tla sebetsana le tsona. Haeba re lumela ha Jehova a re “phetetso ke ea ka,” ho ke ke ha hlokahala hore re lule re halefile hobane re kholisehile hore o tla etsa se nepahetseng. w24.11 6 ¶14-15
Mantaha, la 13 July
U re fe bohobe ba letsatsi lena ho ea ka litlhoko tsa rona.—Luka 11:3.
Ha rea lokela ho etsa hore lintho tsena e be tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Moapostola Pauluse o ile a hatisa taba ena ha a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena. O ile a bua ka mohlala o mobe oa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng, ho akarelletsa le lintho tseo ba ileng ba li etsa ha ba le pel’a Thaba ea Sinai. O ile a lemosa Bakreste ‘hore ba se ke ba lakatsa ho etsa lintho tse mpe joaloka Baiseraele.’ (1 Bakor. 10:6, 7, 11) Jehova o ile a fa Baiseraele lijo ka mohlolo empa kaha ba ne ba le meharo, ba ile ba qetella ba entse lintho tse mpe. (Num. 11:4-6, 31-34) Ha Baiseraele ba ne ba rapela namane ea khauta, ba ne ba bontša hore ntho e tlang pele bophelong ba bona ke ho ja, ho noa le ho ba le nako e monate, ho e-na le ho mamela Jehova. (Ex. 32:4-6) Pauluse o ile a bua ka mehlala ena ha a ne a lemosa Bakreste ba neng ba phela nakong eo Jerusalema le tempele ea eona li neng li le haufi le ho felisoa. Le rona re lokela ho nka keletso ena ea Pauluse e le ea bohlokoa hobane re phela nakong eo lefatše lena le leng haufi le ho felisoa. w24.12 6 ¶13
Labobeli, la 14 July
U thabe le mosali oa bocha ba hao.—Liprov. 5:18.
Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore le rona re thabe. (1 Tim. 1:11) O re file limpho tse ngata tse re thusang ho thabela bophelo. (Jak. 1:17) E ’ngoe ea tsona ke lenyalo. Ha monna le mosali ba nyalana, ba ikana hore ba tla ratana, ba hlomphane, ba be ba hlokomelane. Ha monna le mosali ba tiisa maqhama a lerato lipakeng tsa bona, ba tla thaba haholo. Ka masoabi, mehleng ena banyalani ba bangata ha ba sa ratana le ho hlomphana joalokaha ba ne ba tšepisane ka letsatsi la bona la lenyalo. Seo se etsa hore ba se ke ba thaba. Jehova o lebeletse hore monna a tšoare mosali oa hae joang? Jehova o laela monna e mong le e mong hore a hlomphe mosali oa hae. Monna ea hlomphang mosali oa hae o tla mo tšoara ka tsela e mosa le e lerato.—1 Pet. 3:7. w25.01 8 ¶1-2; 9 ¶4-5
Laboraro, la 15 July
Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.—Baheb. 13:6.
Ntle ho pelaelo, lengolo la Moapostola Pauluse le eang ho Bakreste ba Baheberu le ile la ba thusa ho itokisetsa mahlomola a neng a tl’o ba hlahela. Pauluse o ile a khothaletsa bara babo hore ba ithute Mangolo ka hloko le hore ba a utloisise haholoanyane. Ho etsa joalo ho ne ho tla ba thusa hore ba hlokomele le ho hanyetsa lithuto tse neng li tla fokolisa tumelo ea bona. O ile a ba khothaletsa ho matlafatsa tumelo ea bona e le hore hang-hang ba ka latela keletso ea Jesu le ea ba etellang pele ka phuthehong. O ile a boela a thusa Bakreste bao hore ba mamelle liteko le hore ba li nke e le monyetla oa hore Ntate oa bona ea lerato a ba koetlise. E se eka le rona re ka sebelisa keletso ena e tsoang ka Bibeleng. Ha re etsa joalo, re tla khona ho mamella ka botšepehi ho fihlela qetellong.—Baheb. 3:14. w24.09 13 ¶17, 19
Labone, la 16 July
Re halalelitsoe ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se nyehetsoeng hanngoe ebile e le la ho qetela.—Baheb. 10:10.
Ho latela Bibele, tefo ea topollo ke tefo e pataloang ele hore libe tsa rona li tšoareloe le hore re be metsoalle ea Molimo. Ke tefo ea mofuta ofe e neng e lokela ho pataloa e le hore batho ba ka fumana seo Adama a se lahlileng? Hopola hore Adama le Eva ba lahlile bophelo bo phethahetseng le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, tefo ea topollo e neng e lokela ho pataloa e ne e lokela ho lekana le se neng se lahlehile. (1 Tim. 2:6) E ne e ka pataloa ke motho (1) ea phethahetseng, (2) ea neng a ka khona ho phela ka ho sa feleng le (3) ea neng a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae bakeng sa rona. Nahana ka mabaka ana a mararo a etsang hore ebe Jesu o ne a tšoaneleha ho re lopolla. (1) O ne a phethahetse ebile “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Pet. 2:22) (2) Ka lebaka leo, o ne a ka khona ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (3) O ne a ikemiselitse ho re shoela.—Baheb. 10:9. w25.02 4 ¶11-12
Labohlano, la 17 July
Ha a timane ka moea oa hae.—Joh. 3:34.
Kholiseha hore Jehova oa u rata ebile o batla hore u be karolo ea lelapa la hae. Taba ena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na u tobane le mathata afe a u sitisang hore u kolobetsoe. Jesu o ile a re ho sehlopha sa barutuoa ba hae: “Haeba tumelo ea lona e lekana le peo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona u ee mane,’ ebe ea tloha ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Mat. 17:20) Batho ba neng ba mametse Jesu ha a bua mantsoe ana, ba ne ba e-na le lilemo tse ’maloa e le barutuoa ba hae. Kahoo, e ne e le hona tumelo ea bona e ntseng e ba matla. Empa Jesu o ile a ba kholisa hore haeba ba matlafatsa tumelo ea bona ka ho lekaneng, Jehova o tla ba thusa hore ba hlole litšitiso tse tšoanang le lithaba. Le uena Jehova o tla u thusa! Haeba u hlokomela hore ho na le lintho tse u sitisang hore u kolobetsoe, nka mehato ea hore u li tlose ntle ho tšenyo ea nako. Inehele ho Jehova u be u kolobetsoe. Eo ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang. w25.03 7 ¶18-20
Moqebelo, la 18 July
Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova o ka lehlakoreng la ka.—Pes. 118:6.
Re ka sebetsana ka katleho le mathata a rona ha re hopola hore Molimo ea phelang o ikemiselitse ho re thusa. Re ka kholiseha le ho feta hore o tla re thusa ha re nahana ka lintho tseo a li entseng nakong e fetileng. (Esa. 37:17, 33-37) Hape, bala kapa u shebelle litlaleho tse hlahang websaeteng ea rona ea jw.org tse bontšang kamoo Jehova a tšehelitseng bara le barali ba bo rona mehleng ena ea rona. Ho feta moo, hopola linako tseo Jehova a ileng a u thusa. Mohlomong u ka ’na oa utloa eka Jehova ha a e-s’o ka a u etsetsa ntho e itseng e ikhethang. Leha ho le joalo, ’nete ke hore Jehova o u etselitse lintho tse ngata haholo bophelong ba hao. O ile a u mema hore u be motsoalle oa hae. (Joh. 6:44) Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho hopola maemo ao ka ’ona a ileng a araba lithapelo tsa hao ’me a u fa seo u se hlokang ka nako e nepahetseng kapa a u thusa ha u ne u le boemong bo thata. Ho nahanisisa ka liketsahalo tse kang tsena, ho tla u matlafatsa le ho u kholisa hore Jehova o tla tsoela pele a u thusa. w24.06 21 ¶8
Sontaha, la 19 July
Lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.—Bar. 5:12.
Re ikemiselitse ho se lumelle letho ho re arohanya le Jehova. Leha ho le joalo, ha rea phethahala ’me re ka lekeha hore re etse ntho e fosahetseng. (Bar. 7:21-23) Re sa lebella, re ka iphumana re khalla ho etsa ntho e fosahetseng. E le hore re lule re tšepahalla Jehova le Mora oa hae, re lokela ho mamela temoso ea Jesu ea hore re itebele hore re se ke ra lekeha ho etsa sebe. Kaofela re tla lekeha ho etsa se fosahetseng. Empa e mong le e mong oa rona o na le moo a fokolang teng, ebang ke ho etsa libe tse tebileng, ho kopanela mofuteng o itseng oa boitšoaro bo sa hloekang kapa ho hahlameloa ke tsela eo lefatše le nahanang ka eona. Ka mohlala, e ka ’na eaba motho e mong o loantšana le teko ea ho etsa sebe se tebileng joaloka boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Motho e mong eena e ka ’na eaba o loantšana le teko ea ho etsa ntho e litšila joaloka ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali kapa ho shebella pornography. Motho e mong eena e ka ’na eaba o loantšana le bothata ba ho tšaba batho, boikhohomoso, ho halefa kapele kapa ntho e ’ngoe e itseng. w24.07 14 ¶3; 15 ¶5
Mantaha, la 20 July
Le mo tšoarele ho tsoa pelong le be le mo tšelise e le hore a se ke a utloa bohloko haholo ebe oa nyahama.—2 Bakor. 2:7.
Nahana hore na ho ne ho ka etsahala’ng ka mor’abo rona ea bakileng haeba baholo ba ne ba ka hana ho mo lumella hore a khutlele ka phuthehong kapa ka mor’a hore a khutlisetsoe ka phuthehong ebe phutheho ha e mo bontše lerato. O ne a ka “utloa bohloko haholo ebe oa nyahama.” O ne a ka utloa eka a ke ke a hlola a tšoaneleha ho sebeletsa Jehova. Hape o ne a ka nahana hore Jehova a ke ke a mo tšoarela le hore ha ho sa na lebaka la hore a lokise kamano ea hae le Molimo. Ho hobe le ho feta ke hore haeba batho ba bang ka phuthehong ba ne ba sa tšoarele monna eo ea bakileng, ba ne ba ka beha setsoalle sa bona le Jehova kotsing. Hobane’ng? Hobane ba ne ba tla be ba le khopo ebile ba se na mohau joaloka Satane ho e-na le hore ba etsise Jehova ka ho tšoarela batho ba bakileng. Ha e le hantle, ba ne ba tla be ba lumella Satane hore a ba sebelise ho sitisa motho eo hore a sebeletse Jehova.—2 Bakor. 2:10, 11; Baef. 4:27. w24.08 17 ¶7, 10-11
Labobeli, la 21 July
Ha a nyolohela holimo . . . , a fana ka limpho e leng banna.—Baef. 4:8.
Kreste Jesu o ile a khetha banna ba bang hore ba thuse phutheho ka tsela e ’ngoe. O ile a tataisa baholo ba Jerusalema hore ba rome Pauluse, Barnabase le ba bang hore ebe balebeli ba tsamaeang. (Lik. 11:22) Hobane’ng? E le hore ba matlafatse liphutheho, e leng ona mosebetsi oo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba neng ba khethetsoe ho o etsa. (Lik. 15:40, 41) Balebeli ba potoloho ba lula ba le tseleng. Ba bang ba tsamaea maeto a malelele haholo ha ba etela liphutheho. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, molebeli oa potoloho o fana ka lipuo tse ’maloa, o etsa maeto a bolisa, o tšoara seboka sa bo-pula-maliboho, seboka sa baholo le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. O lokisetsa lipuo le ho hlophisa likopano tsa potoloho le tsa setereke. Oa ruta likolong tsa bo-pula-maliboho ebile o lokisetsa hore ho be le seboka se khethehileng le bo-pula-maliboho ba potolohong eo a leng ho eona. Ho ekelletsa moo, o etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa eo a e fuoang ke ofisi ea lekala eo ka linako tse ling e potlakileng. w24.10 21 ¶12-13
Laboraro, la 22 July
Ke tla tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.—Jer. 31:34.
Moprofeta Jeremia o ile a qotsa mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno. Moapostola Pauluse o ne a qotsa mantsoe ao ha a re: “Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Baheb. 8:12) Mantsoe aa a bolela’ng? Ka Bibeleng, ha se ka linako tsohle poleloana “ho hopola” e sebelisoang ha ho buuoa ka motho ea nahanang ka ntho e ’ngoe e etsahetseng khale. Ho e-na le hoo, e ka boela ea sebelisoa ha ho buuoa ka hore motho a etse ketso e itseng. Monna oa setlokotsebe ea neng a khokhothetsoe pel’a Jesu o ile a re ho eena: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” (Luka 23:42, 43) O ne a sa re feela Jesu a tle a mo nahane ha a kena ’Musong oa hae. Tsela eo Jesu a ileng a mo araba ka eona, e bontša hore o ne a sa tl’o nahana ka eena feela empa o ne a tl’o mo etsetsa ntho e ’ngoe ho bontša hore oa mo hopola, e leng ho mo tsosa bafung. Kahoo, ha Jehova a re a ke ke a hlola a hopola libe tsa rona, o bolela hore o se a ntse a re tšoaretse ’me ha ho le ka mohla a tla re ahlola ka lebaka la tsona. w25.02 10-11 ¶14-15
Labone, la 23 July
Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.—Liprov. 9:10.
E le hore re be le kutloisiso eo, re lokela ho tseba makhabane a Jehova, morero oa hae le hore na o rata eng kapa o hloile eng. Ipotse, ‘ho ea kamoo ke tsebang Jehova kateng, a ka thabisoa ke ha nka etsa qeto efe?’ (Baef. 5:17) Ka linako tse ling, re lokela ho soetsa batho ba haufi le rona e le hore re thabise Jehova. Ka mohlala, batsoali ba ka ’na ba phehella morali oa bona hore a nyaloe ke mor’abo rona ea emeng hantle licheleteng kapa ea ka patalang mahali a mangata le hoja mor’abo rona eo e se motho oa moea. Batsoali bao ba ka ’na ba etsa joalo ka sepheo se setle. Ke ’nete hore ba tla be ba batla hore ngoana oa bona a phele hamonate. Empa morali eo o lokela ho ipotsa hore na monna eo o tla mo thusa hore a holise setsoalle sa hae le Jehova kapa che, le hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo. Re fumana karabo ho Matheu 6:33. Lengolong leo, Jesu o ile a phehella Bakreste hore ba etse hore ’Muso oa Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. Le hoja re hlompha batsoali ba rona le batho ba bang, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re thabise Jehova. w25.01 17 ¶9-10
Labohlano, la 24 July
Morena o ile a ema haufi le ’na, a ’matlafatsa.—2 Tim. 4:17.
Re hloka thuso ea Jehova e le hore re tsoele pele re bolela ka cheseho ha re hanyetsoa mehleng ena. (Tšen. 12:17) Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa? Nahana ka thapelo ea Jesu e ho Johanne khaolo ea 17. Jesu o ile a kopa Jehova hore a sireletse baapostola ba hae ’me Jehova o ile a araba thapelo eo. Buka ea Liketso ea bontša hore na o ile a thusa baapostola joang hore ba tsoele pele ho bolela ho sa tsotellehe mahloriso. Thapelong ea hae, Jesu o ile a boela a kopa Jehova hore a sireletse batho ba bontšang tumelo molaetseng oo baapostola ba o bolelang, ho akarelletsa le uena. Jehova o ntse a tsoela pele ho araba thapelo ea Jesu le kajeno. Le uena o tla u thusa joalokaha a ile a thusa baapostola. (Joh. 17:11, 15, 20) Ha bofelo bo ntse bo atamela, ho ka ’na ha e-ba thata le ho feta hore re bolele litaba tse monate ka cheseho, empa re tla fumana thuso eo re e hlokang.—Luka 21:12-15. w25.03 18 ¶13-14
Moqebelo, la 25 July
Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ba thabile.—Esa. 65:14.
Bahlanka ba Molimo ba ka “hoeletsa ba thabile” hobane ba bontša kananelo ho Jehova. Lithuto tse matlafatsang tumelo le litšepiso tse ka Lentsoeng la Molimo hammoho le tšepo eo re nang le eona ka bokamoso ka lebaka la sehlabelo sa Kreste li etsa hore ‘lipelo tsa rona li thabe.’ Ha re bua ka lintho tsena re thaba e le kannete. (Pes. 34:8; 133:1-3) Lerato le kutloano ke lintho tse peli tsa bohlokoa tse khethollang batho ba sebeletsang Jehova. Taba ea hore rea ‘utloana’ e re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha moo bahlanka ba Jehova ba tla thabela ho bontšana lerato le ho utloana ho feta mehleng ena. (Bakol. 3:14) Motho e mong le e mong ea batlang ho lula a thabile o lokela ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba nahana’ng ka bahlanka ba Jehova, ba na le kamano e ntle le Molimo le Bakreste-’moho le bona.—Esa. 65:15. w24.04 21 ¶7-8
Sontaha, la 26 July
Le tsoele pele . . . ho matlafatsana.—1 Bathes. 5:11.
Kaofela ha rona re ka tšehetsa Bakreste ba batlang ho nyala joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba hlokolosi ka seo re se buang. (Baef. 4:29) Re ka ipotsa: ‘Na ke soma batho ba batlang ho nyala? Ha ke bona mor’abo rona ea sa nyalang le morali oa bo rona ea sa nyaloang ba bua, na ke nahana hore baa ratana?’ (1 Tim. 5:13) Le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutloe eka ha se ba bohlokoa hobane ba sa nyala. Re lokela ho batla menyetla ea ho babatsa Bakreste ba sa nyalang. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa haeba re nahana hore mor’abo rona ea itseng le morali oa bo rona ea itseng ba ka tšoanelana? Bibele e re re lokela ho nahanela maikutlo a batho ba bang. (Bar. 15:2) Bara le barali ba bo rona ba bangata ba sa nyalang ha ba rate ha batho ba bang ba ba kopanya le batho bao e ka ’nang eaba ba ka tšoanelana le bona ’me re lokela ho hlompha maikutlo a bona. (2 Bathes. 3:11) Ba bang ba ka ananela ha re ba thusa empa ha rea lokela hore re etse joalo ntle le haeba ba re kopa.—Liprov. 3:27. w24.05 24-25 ¶14-15
Mantaha, la 27 July
Lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rona.—Deut. 32:31.
Ka linako tse ling re ka tobana le mathata ao re sa a lebellang a etsang hore bophelo bo be boima kapa bo fetohe. Re thabisoa haholo ke ho tseba hore Jehova Molimo a ka re thusa. Ha re bona kamoo a re tšehetsang kateng, re kholiseha le ho feta hore “Jehova oa phela.” (Pes. 18:46) Ka mor’a hore Davida a re Jehova oa phela, o ile a mo bitsa ‘Lefika la hae.’ Empa ke hobane’ng ha a ne a tšoantša Jehova le ntho e sa pheleng joaloka lefika? Bibele e sebelisa lentsoe “lefika” e le mokhabo-puo o re thusang ho utloisisa a mang a makhabane a Jehova. Le hlaha hangata mangolong a rorisang Jehova hobane ha ho na Molimo ea tšoanang le eena. Ka mohlala, lekhetlo la pele moo Bibele e reng Jehova ke “Lefika” ke ho Deuteronoma 32:4. Anna le eena ha a rapela o ile a re “ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.” (1 Sam. 2:2) Habakuke eena o ile a bitsa Jehova ‘Lefika la hae.’ (Hab. 1:12) Mongoli oa Pesaleme ea 73 le eena o ile a bitsa Jehova ‘lefika la hae.’ (Pes. 73:26) Le Jehova ka boeena o ile a ipitsa lefika.—Esa. 44:8. w24.06 26 ¶1, 3
Labobeli, la 28 July
Josafate . . . a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.—2 Likron. 22:9.
Marena a Iseraele a neng a thabisa Jehova a ne a mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa ’ona. Ha re bua ka Josiase, tlaleho ea Bibele e bontša hore “ha ho e-s’o ka ho e-ba le morena ea tšoanang le eena ea ileng a khutlela ho Jehova ka pelo ea hae eohle.” (2 Mar. 23:25) Re ka re’ng ka Solomone, eo lilemo hamorao a ileng a etsa lintho tse fosahetseng? Bibele e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle.” (1 Mar. 11:4) Hape Bibele ha e bua ka e mong oa marena a neng a sa tšepahale, e leng Abijame, e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle.” (1 Mar. 15:3) Bibele e sebelisa lentsoe “pelo” ha e hlalosa seo motho a leng sona ka hare, ho akarelletsa le litakatso tsa hae, menahano ea hae, maikutlo, bokhoni, sepheo sa hae sa ho etsa lintho le lipakane tsa hae. Ho bolela’ng ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle? Motho ea sebeletsang Jehova ka pelo eohle ha a mo sebeletse feela hobane a phetha molao. Ho e-na le hoo, o mo sebeletsa bophelo bohle ba hae hobane a mo rata. w24.07 21 ¶4-5
Laboraro, la 29 July
U hlakole liphoso tsohle tsa ka.—Pes. 51:9.
Jehova o sebelisa papiso e ’ngoe ho hlalosa tsela eo a koahelang libe ka eona. O re: “Ke tla koahela liphoso tsa hao joalokaha eka li koahetsoe ka leru le libe tsa hao joalokaha eka li koahetsoe ka leru le leholo.” (Esa. 44:22) Ha Jehova a re tšoarela, ho joalokaha eka o koahela liphoso tsa rona ka leru le leholo e le hore a se ke a hlola a li bona ’me le rona re se ke ra hlola re li bona. Re ithuta’ng lipapisong tsee? Ha Jehova a se a re tšoaretse, ha rea lokela ho ikutloa eka re tla jara molato oo bophelo bohle ba rona. Sehlabelo sa Jesu Kreste se entse hore libe tsa rona li tšoareloe ka ho felletseng. Ha Jehova a re tšoarela, ho ba feela joalokaha eka ha re e-s’o etse libe tseo ho hang. Ena ke tsela eo Jehova a re tšoarelang ka eona haeba re baka e le kannete. Mohau oa Jehova o boetse o re lumella ho ba metsoalle ea hae ’me sena se re thusa hore re se ke ra lula re ikutloa re le molato. w25.02 10 ¶11-14
Labone, la 30 July
Ka mosa Molimo o leka ho u thusa hore u bake.—Bar. 2:4.
Jehova o file baholo ba sebetsang likomiting boikarabelo ba hore ba thuse phutheho hore e lule e hloekile. (1 Bakor. 5:7) Ba thusa motho ea entseng sebe ba e-na le tšepo ea hore o tla fetoha ’me a bake. Sepheo sa bona ke ho etsisa Jehova hobane o “lerato hape o mohau.” (Jak. 5:11) Moapostola Johanne o ile a tšoara Bakreste-’moho le eena ka tsela e tšoanang. O ile a re: “Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ea lokileng ea ho Ntate, e leng Jesu Kreste.” (1 Joh. 2:1) Ka masoabi, ka linako tse ling Mokreste ha a bake leha baholo ba se ba lekile ho mo thusa. Boemong boo, o tla lokela ho tlosoa ka phuthehong. w24.08 25 ¶19-20
Labohlano, la 31 July
Le eme le tiile tumelong.—1 Bakor. 16:13.
Kaha Jehova ha a re bapise, le uena u lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang. (Bagal. 6:4) Ka mohlala, Maria o ile a fa Jesu oli e turang. (Joh. 12:3-5) Mohlolohali e mong a ile a fana ka lichelete tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlase. (Luka 21:1-4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a nka ka bobeli ba bontšitse hore ba na le tumelo. Le ha u ka bona eka ntho eo u e etsetsang Jehova e nyenyane, u tsebe hore eena o e nka e le ea bohlokoa haholo. Kaofela ha rona ho na le lintho tse ka re tšoenyang mabapi le mosebetsi oo re o etsetsang Jehova. Empa Lentsoe la hae e leng Bibele, le ka re thusa ho fumana likarabo tse nepahetseng. Kahoo, re lokela ho batla likarabo tseo e le hore re se ke ra lula re tšoenyehile. Jehova ha a re shebe re le sehlopha feela empa o ananela lintho tsohle tseo u mo etsetsang tsona ebile o batla ho u putsa. Le ka mohla, u se ke oa nahana hore Jehova o nka bahlanka ba hae ba se na thuso kapa o ba hlokela nako. w24.10 25 ¶3; 28 ¶17-18