Ho Hlōla ka ho Fetisisa ka Tumelo
“Nthong tseo tsohle, re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.”—Ba-Roma 8:37.
1. Ke ka baka la’ng re ka letela maima, haholo-holo nakong ena?
JESU o ile a bolella barutuoa ba hae: “Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lōna; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethehile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile. Hopolang lentsoe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Joh. 15:19, 20) Ka hoo re lokela ho letela maima, ’me haholo-holo nakong ena ea “ho fela ha lefatše.”—Matt. 24:3, 9.
2. (a) Ke ka baka la’ng re ka ba le kholiseho ha re mamella mahloriso? (b) Ke melemo efe e fumanehang kamor’a ho mamella ho joalo?
2 Re ka ’na ra lekoa ka mahloriso, empa Molimo o tla re thusa ka “matla . . . a tlōlisang” hore re khone ho mamella. Ee, “rea hlorisoa, empa ha re lahloe; re liheloa fatše, empa ha re timele.” (2 Ba-Kor. 4:7-9) Sena se ile sa etsahalla Lipaki tsa Jehova hangata haholo mehleng ena! ’Me mahloriso, ha a mamelloa, a ka ba le phello e molemo haholo. Tumelong ea Mokreste ho eketsoa ho tenyetseha, matla, kholiseho, pontšo e bonahalang bothong ba hae bohle, eo e kang e re, ‘Enoa ke mohlanka oa Molimo ea Matla ’ohle, Jehova, ea lekiloeng, ea ipakileng a tšepahala.’ Jesu o re bolella hore re thabele mahloriso. “Ho lehlohonolo [ho thaba] ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.”—Matt. 5:10-12.
3. (a) Kamanong le mahloriso, ke khothatso efe eo Petrose a re neang eona? (Bona hape 1 Petrose 4:12-14.) (b) Ke meleko efe eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa e mamella linakong tsena tsa rona, ka phello efe?
3 Moapostola Petrose o ile a a talima joalo, hobane o ile a ngolla Bakreste “ba bolokoang ke matla a Molimo ka tumelo” hore: “Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa joale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokhutšoanyane kamoo ho le tšoanetseng; hore tumelo ea lōna, ha e se e lekiloe, e leng e fetisang hole gauda e timelang, athe le eona e ee e lekoe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le khanya, mohla Jesu Kreste a hlahang.” (1 Pet. 1:5-7) Lipaki tsa Jehova tsa mehleng ea kajeno li tsoela pele ho ba ‘mahlomoleng ka meleko e mengata.’ Liteko tsena li ba tlela ka baka la likhang tse amang ho se nke lehlakore, bochaba, litšebeletso tsa ho rapela litšoantšo, kapa ka khanyetso ea litho tsa lelapa tse sa lumeleng, basebetsi le liithuti ’moho, le ba bang. Ba bangata ba ile ba mamella liteko tsena ka tsela e ntle haholo! Ba ile ba ‘bolokoa ke matla a Molimo’ ha ba ne ba hahamalla pele kholisehong ea liphello tse thabisang le moputso.
4. Ke khothatso efe eo re nang le eona ea hore ‘re se ke ra tšaba letho’?
4 Morena Jesu Kreste o ile a tiisetsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Smyrna: “U se ke ua tšaba letho la tseo u tlang ho tšoenngoa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna teronkong, hore le lekoe; ’me le tla ba le matšoenyeho a matsatsi a leshome. U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšen. 2:10) Ka ho tšoanang, baboloki ba botšepehi ba “bongata bo boholo” le bona ba ka talima pele ‘moqhakeng’ oa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Jak. 1:12.
5. Ke tiisetso efe eo re ka bang le eona ha re e-ba khahlanong le Diabolose?
5 Le hoja Diabolose, khanyetsong ea hae ea ’muso oa Molimo, a ka tšoana le “tau e purumang,” ha ho hlokahale hore re mo tšabe, haeba re le masene ’me re falimehile. Ho loaneng ha rona le mahloriso ha re bang. Re mengoa ho lahlela lipelaelo tsohle ho Jehova—‘hobane oa re hlokomela.’ “Hanang ho eena [Diabolose] ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng.”—1 Pet. 5:7-9.
“HO TIEA TUMELONG”
6, 7. (a) Ke joang tsela ea baena ba rona ba leng karolong e ka boroa ba Afrika e bontšang hore ba latela keletso ea 1 Ba-Thessalonika 5:8, 11? (b) Ke joang boprofeta ba Jeremia bo phethahetseng ho baena ba rona?
6 Mantsoe ana a hlalosa baena ba rona ba bolokang botšepehi lefatšeng lohle hantle hakaakang! ‘Tumelo ea bona e lekiloeng’ e ile ea ba thusa ha ba ntse ba loana ka lihlomo tsa moea khahlanong le liteko le mahloriso tseo Diabolose a ba tlisetsang tsona. Lipeho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša hore Diabolose o ntse a eketsa khanyetso ea hae. Mahloriso le tšoaro e mpe li ntse li hlaha ho la Afrika, ’me ho tsoa karolong e ka boroa ea kontinente ena, e ’ngoe ea linaha ea tlaleha:
“Baena ba rona ba ile ba lokela ho talimana le liteko tse ngata. Ba bang ba ile ba otloa, ’me bonyane ba bahlano ba shoele nakong ea selemo. Liholo tsa ’Muso li ile tsa chesoa ’me bahoeletsi ba qhalana, e leng ho feletseng ka hore liphutheho tse ling li sa hlole li e-ba teng. Ba seng bakae ba ile ba chesetsoa libuka tsa bona, athe ba bang ba ile ba tšoanela ho balehisa bophelo ba bona. Mosebetsi oa ntlo-lentlo ha o sa etsuoa libakeng tse ling, le hoja baena ba ntse ba kopanela ka botšepehi ho boleleng ‘litaba tse molemo’ le ba bang ka tsela leha e le efe eo ba ka khonang ka eona. Ho sa tsotellehe maemo ana batho ba Jehova ba tsoela pele ba tiile tumelong ea bona ’me ba tsoela pele ba tšelisa ba bang ba hatelletsoeng ke maemo a lefatše. Lipaki tse tšepahalang li fumane litsela tseo ba ka kopanang ka tsona le ho arolelana ‘litaba tse molemo’ le ba bang. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a ngola, ‘Le hoja batho ba ntse ba bolela hore, “Likereke li kokobetsoe ’me ho phahamisoe ntoa,” baena ba rona ba bontša tumelo e ntle ho Jehova.’”
7 Joaloka ha ho ne ho lokisetsoa hore ’muso o mocha e be ’ona o tla busang, ho ne ho se ho etsoa boiteko ba ho qobella baena hore ba reke likarete tsa mokha oa bopolotiki. Empa tlaleho e ile ea phetha ka karolo ena e kholisang: “Tumelo le mamello ea baena ba rona li bonahala li sa tsila-tsile ka bonnete ba sehlooho sa rona sa selemo [sa 1978], ‘Ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.’”—Jer. 1:19, NW.
8. (a) Ke boemo bofe bo teng haufi le moeli oa Malawi, empa “balisa” ba lerato ba ile ba etsa joang ka jona? (b) Ke joang batho bana ba bileng joaloka baapostola ‘ho mamelleng’ ha ba hlorisoa? (1 Ba-Kor. 4:9, 11-13)
8 Ho tsoa Mozambique ho tlalehoa hore baena ba rona ba ka bang 12 000 ba tsoang Malawi ba holehiloe likampong tse leng toropong ea Milange, haufi le moeli o ka bochabela ba Malawi, le hore baena ba rona ba Mozambique ba ka bang 3 000 ho ea ho 5 000 le bona ba thibetsoe ’me ba ka likampong sebakeng seo. Joaloka balisa ba lerato, balebeli ba tsamaeang ba ’nile ba tsoela pele le liketelo tsa bona liphuthehong. (1 Pet. 5:2, 3) Empa ba bang ba bona, ba ile ba tšoaroa, lebaka le leng le baketseng hore ba tšoaroe ke ka baka la liketso tsa bakhelohi ba neng ba se ba khaotsoe le bana ba bang ba marabele ba Lipaki, ba ileng ba bolela baena ba ikarabelang ho Bafrelimo. Tlaleho e re:
“Balebeli ba babeli ba potoloho ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa ‘libakeng tseo ho rutoang bokomonisi ho tsona’ ka morero oa ho hlakola seo ba leng sona likelellong tsa bona ka thuto ea Bokomonisi. E mong oa bona o ile a lokolloa moraonyana tjena empa e mong, eo a bileng litlamong ka nako e teletsana, o ile a khona ho romela peho ea liphihlelo tsa hae tse latelang:
“‘Re ile ra tlamelloa sefateng se entsoeng joaloka sefapano matsoho a rona a tšekaletse. Khoele ea ‘nylon’ ke eona e neng e sebelisitsoe ho tlama matsoho a rona ka matla ho qala menoaneng ea letsoho le leng ho ea ho letsoho le leng, le ho potoloha ’mele ea rona. Hoohle hona e ne e le ho leka ho re qobella hore re tlole melao ea Jehova. Phello e bile hore ’na le baena ba babeli re be joaloka ba holofetseng, ra ruruha ho fihlela le lintlheng tsa menoana ea rona. Ha ba ntlamolla, matsoho a ka a ne a ruruhile haholo hoo ke neng ke sa khone le ho tšoara letho. Ke hona joale, kamor’a matsatsi a 15 ke khonang ho tšoara pene.’”
9. Ke joang re ka tšehetsang baena ba rona ba hlorisoang, ka tiisetso efe? (1 Pet. 5:10, 11)
9 Kamor’a hore a behe ka maima a ntseng a eketseha ho baena, molebeli oa potoloho o phetha peho ea hae ka mantsoe ana: “Ka kopo hle, le se ke la re lebala lithapelong tsa lona.” Ka hona a re hopoleng baena bana ba tšepahalang, re ‘etse boiteko ba ho ba rapella ho Molimo’ re kholisehile hore ‘Moutloi oa lithapelo’ o tla ’ne a ba boloke leratong la hae ’me a ba lokolle ka nako le ka tsela eo e leng molemo ho eena.—Ba-Roma 15:30-32; Pes. 65:2.
10. (a) Ke joang baena ba rona karolong ea bohare ba Afrika ba faneng ka bopaki bo phelang ba Ba-Filippi 1:27-29? (b) Ke ka baka la’ng e le ha bohlokoa ho talima pele ha re latela likeletso tse joaloka e fumanehang ho Joshua 1:8?
10 Naha e leng bohare ba Afrika e romela peho ena:
“Ho sa tsotellehe thibelo, Jehova o ile a re hlohonolofatsa haholo selemong se fetileng. Torotsoaneng e ’ngoe, sehlopha sa baena, likhaitseli le bana se ile sa tšoaroa ha se ne se kopane lehaeng la e mong. Bo-khaitseli le bana ba ile ba lokolloa kapele, empa baena ba 25 ba ile ba ahloleloa ho ea teronkong ka nako e sa lekaneng ba bang likhoeli tse peli ho ea ho tse tšeletseng, ka baka la ho ba bolumeling bo thibetsoeng. Boitšoaro boo e bileng mohlala ba baena ha ba ne ba le mosebetsing oa teronkong bo ile ba fana ka bopaki bo botle ba ka moo linnete tsa Bibele li lokelang ho ama bophelo ba ka mehla. Baena ba ne ba atisa ho fumana litokelo tse khethehileng, ka baka la boitšoaro ba bona bo ka tšeptjoang; ’me balaoli ba fapa-fapaneng, ho kopanyelletsa le mohlokomeli oa toropo, ba ile ba babatsa boitšoaro ba bona.
“Boholo ba likhoeli tsena tse peli, baena ba leng teronkong ba ne ba se na libuka tsa Bibele, empa ho ntse ho le joalo ba ile ba tsoela pele ba ‘khothatsana.’ Liseleng tse ling le tse ling tse tharo tse fapaneng, letsatsi le leng le le leng ho ne ho abeloa moena ea fapaneng ho nahana ka temana ea Bibele bakeng sa letsatsi leo. E be he, e etelloa pele ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang sehlopheng, moena e mong le e mong o ne a fana ka tlhaloso temaneng ea letsatsi leo. Hape, ha ba le mosebetsing, baena ba ne ba na le menyetla e mengata ea ho bina lipina tsa ’Muso, hobane batho ba leng teronkong naheng ena ba atisa ho bina lipina ha ba sebetsa. Molebeli oa setereke, eo e neng e le eena feela ho baena ba 25 ea neng a ahloletsoe ho holehoa likhoeli tse tšeletseng, hamorao o ile a hlalosa hore ke ha bohlokoa ho tseba litemana tsa Bibele tse fapa-fapaneng le lipina tsa ’Muso pele ho teko e joalo ea tumelo ea motho.”
11, 12. (a) Ke joang ho sebelisoa ha sebele ha Ba-Heberu 10:24, 25 e bileng thuso e kholo ho khahlanyetsaneng le liteko tsa tumelo? (b) Ke joang Pesaleme 1 e sebetsang kamanong le baena ba rona ba hlorisoang?
11 Naha ena e thibetsoeng e beha hore ho bile le ho fokotseha ha bahoeletsi ba ’Muso ba ileng ba beha empa ho bile le keketseho ea boleng ba tšebeletso ea bona. Peho e tsoela pele:
“Ho teng ntho e ’ngoe e ileng ea hla ea hlaka: Ba neng ba na le litloaelo tse molemo tsa moea le kananelo e tebileng ea ’nete ha ba ka ba ba le bothata ho tšoarelleng ka thata ha liteko li ba fihlela, empa bao ka ‘nako e tšoanetseng’ ba sa beng teng libokeng, ba sa eeng tšebeletsong ea tšimo ka mehla le ba sekisetsang linthong tse nyenyane hangata ba sitoa ho mamella teko e ‘chesang.’ Ha e sa le hore thibelo e be teng boleng ba lithuto tse neng li ntse li tšoaroa bo ntlafetse haholo ’me ba bangata ba etsa tsoelopele e ntle.
“Litho tseo e sa leng bacha tse tšeletseng tsa lelapa le leng li ile tsa qalisa thuto kamor’a thibelo ’me ha ba ka ba bonahala ba tšaba, ba ema ba tiile ho sa khathallehe khanyetso e matla e tsoang ka lelapeng. Ha ba qala feela ba bile, teng libokeng tsohle ’me sena sa fella ka hore ba etse tsoelopele e ntle. Ba bararo ba bona ba kolobelitsoe ’me e mong o itokisetsa ho ea kolobetsoa. Ba bang ba babeli ba sa ntse ba lokisa litaba tsa bona tsa lenyalo ’me le bona ba na le pono ea ho ea kolobetsoa. Ho tšepela ha bona ho Jehova le thuto ea bona ea botho eo ba e khothaletseng e bile mohlala ho ba bang ka phuthehong.”
12 Batho bana ba tšepahalang ka tlas’a thibelo ba tsoela pele ho hlohonolofatsoa ka ho enneng joaloka ha ba “ithabela molaong oa Jehova.” Sena se pakoa ke lengolo le tsoang ho Lipaki tse holehiloeng naheng e ’ngoe hape teng Afrika moo mosebetsi oa Lipaki o thibetsoeng:
“Mona tlhokofatso e tsoela pele. Baena ba robong ba ile ba tlosoa sehlopheng sa rona, ba isoa seleng e ’ngoe ka matsatsi a mahlano ao ka ’ona ba neng ba hlokofatsoa. Ba bang ba tsosoa bosiu ’me ba shapuoa; ’me ka tsatsi le leng le le leng ho bonahala eka kotlo ea eketsoa. Re fumana lijo hang ka letsatsi, haeba ba hopotse ho re tlisetsa. Re teana le maima a mangata; empa re thulana le ’ona ka katleho. Re khona ho ba le liboka tsa rona. . . . Ho sebelisoa tlhokomelo e kholo. . . . Ho fella mona kajeno ho tsoang ho baena ba lona ba 75 ba le lumelisang.”
Ho sa tsotellehe hore na mahloriso ke a mabe hakaakang, batho bana ba bohlokoa ba fumana tšeliso mantsoeng a mopesaleme: “Jehova o tseba tsela ea ba lokileng, empa tsela ea bakhopo e fella tšenyehong.”—Pes. 1:1-6.
13. Tumellanong le Lipesaleme tse ling, baena ba rona ba leng karolong e ka leboea la bochabela ba Afrika ba ile ba ikemisetsa joang?
13 Ho tsoa leboea le ka bochabela ba Afrika ho tla lipeho tsa hore ho na le ba holehoang linaheng tse tharo tse sa tšoaneng. Ho e ’ngoe ea tsena, liphesente tse 5 tsa baena le likhaitseli li phetse nako e ngata li le teronkong, ’me ba bang ba sa ntse ba le teng. Ba ’maloa ba ile ba hlorisoa ha bohloko ’me ba bararo ba bolauoe; ho behiloe hore ba bang ba babeli ba ahloletsoe lefu. Baromuoa ba Watch Tower ba ile ba kopuoa hore ba tlohe lihleke-hlekeng tsa Seychelles. Sebakeng sena sohle se seholo hakana, bongata ba baena le likhaitseli ba ile ba lula ba tšepahetse ’me ba ikemiselitse ho etsa Jehova setšabelo sa bona ha liteko li ntse li tsoela pele. (Pes. 34:7, 8; 84:11, 12; 94:17-23) Ba bang ba khona ho tsoela pele le mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng, ’me kaofela ha bona ba bolela hore ba ananela lithapelo tse neheloang lebitsong la bona ke kopano eohle ea baena lefatšeng ka bophara.
14. (a) Ke peho efe e ntle e tsoang naheng e ’ngoe eo le eona e thibetsoeng? (b) Tumelo ea baena bana e re hopotsa ka mehlala efe ea Mangolo? (Liketso 4:18, 19; 5:28, 29; 8:1b, 4)
14 A re ke re iseng tlhokomelo ea rona naheng e leng kontinenteng e ’ngoe moo baena ba bontšang botšepehi bo tsotehang le hoja ba thibetsoe. Peho ea moraonyana e re:
“Hore baena ba ke ke ba khaotsa ho bolela ka litaba tse molemo tsa ’Muso ho ka bonoa ka keketseho e bileng teng selemong sena. Re batlile re finyella hloro e phahameng haholo eo re ileng ra e finyella pele ho thibelo. Bongata ke ba qalang ho kena ka phuthehong, ho ile ha kolobetsoa ba 1 788 [ka lilemo tse peli] ha e sa le thibelo e qala. Ho na le liphutheho tse ileng tsa beha keketseho e fetang 100% nakong ena. Baena ha ba felloe ke matla ka baka la ho tšoaroa.
“Nakong ea ha thibelo e qaleha phutheho [e ’ngoe] e ne e na le bahoeletsi ba 17, empa hona joale ho teng ba 48 ba behang. Batho ba leshome ba kolobelitsoe selemong sena; ho bile le bahoeletsi ba 11 ba ileng ba nka bopula-maliboho bo thusang, ho kopanyelletsa le baholo ba babeli bao e leng bona feela ka phuthehong. Baena ba banè ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa liseleng tse sa tšoaneng ka matsatsi a 14, empa sena ha sea ka sa ama mosebetsi oa bona o motle le cheseho ea bona tšebeletsong ea Jehova. Moea oa baena bana le ba bang ba bangata naheng eohle o re hopotsa cheseho ea Pauluse ea ho bolela ‘litaba tse molemo.’—2 Ba-Kor. 4:7, 16-18.”
’Me hape, na ha ba re hopotse ka mosebetsi le cheseho ea phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa hlongoa bocha, e hlalosoang ho Liketso likhaolo tsa 4 ho ea ho 8?
15. (a) Re lokela ho itšoaroa joang ka lipeho tsena? (b) Thapelo e phetha karolo efe ho sena?
15 Lipeho tse ling tse tšoanang li tsoa linaheng tse ling tse ngata ho potoloha lefatše moo Lipaki tsa Jehova li phelang ka tlas’a thibelo. Ke joang re lokelang ho talima lipeho tse joalo? Li bontša ntho e le ’ngoe, ke bopaki bo hlakileng hore re phela ‘karolong ea qetello ea mehla ea bofelo’, hore re phela linakong tse potlakileng ho feta leha e le neng pele ’me re tlamehile hore re itlame matheka ’me re be ba ‘emang re tiile’ ka tlas’a liteko tsa tumelo. (Esa. 2:2; Ba-Ef. 6:14) ’Me joalo ka ha re phehella ho rapela hore Jehova a hlokomele baena ba rona bao hona joale ba leng ka tlas’a mahloriso, re lokela hore re rapele Ntat’a rona hore a re boloke rona, malapa a rona le liphutheho tsa rona—e, le bohle ba sa tsoang ho qala ho kopanela—hore a re boloke marabeng leha e le afe a “e mobe.”—1 Ba-Thess. 1:2; Matt. 6:13.
16. (a) Botšepehi bo ile ba ameha joang ho fumaneng tlhōlo ka tumelo? (b) Ke sefi sefe se seng se batlang ho kometsa batho ba Molimo? (Bapisa Luka 8:14)
16 Jehova, Moutloi e moholo oa lithapelo o ile a matlafatsa baena ba rona ba bochabela ba Europe, linaheng tsa Bochabela, ho la Afrika le Latin Amerika hore ba hlōle mahloriso ao a tsoelang pele linaheng tse ngata tsa lefatše: ‘Tumelo ea bona e lekiloeng’ e ba hlahiselitse mamello, ’me joaloka baboloki ba botšepehi ba pakahalitse Diabolose ho ba ea leshano. (Bapisa Jobo 1:9-12; 2:9, 10; 27:5; Jakobo 5:10, 11) Empa ho teng hape mofuta o mong oa sefi—se leng kotsi haholo—se cheiloeng likarolong tse ling tsa lefatše, ’me haholoholo linaheng tse tsoetseng pele. Ke sefi sa ho rata lefatše, ho ba ea enneng linthong tse bonahalang, ho rata menyaka le boithabiso, le boitšoaro bo bobe le ho iketsetsa ntho e ratoang ke uena. Ke ho soabisang ho bolela hore, sefi sena seo Satane a se sebelisang ho bonahala se nkile batho ba bangata ba Molimo ho feta mahloriso!
17. (a) Ke ho potlakeng hofe moo re lokelang ho falimeha, ’me hobane’ng? (Bapisa Mattheu 24:36-39.) (b) Ke joang re ka latelang mohlala oa baena ba rona ba holehiloeng ka ho sebelisa nako ea rona ea boithabiso ka bohlale? (Ba-Ef. 5:15, 16)
17 Re tlamehile hore re lule re falimehetse ho potlaka ha “linako tse bohloko,” ’nete ea hore re hlile re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e mpe. (2 Tim. 3:1-5, 13) Joaloka ha u bala mantsoe ana, makholo-kholo a baena ba hao lefatšeng ka bophara ba holehiloe. Boithabiso ba bona, haeba bo le teng, ke ho tsamaea ka jarateng ea teronko, mohlomong le ho fumana monyetla o mo nyenyane haholo oa ho bua lentsoe le le leng ka ’muso oa Molimo. Ke khothatso e susumelletsang hakaakang ho rona ba sa ntseng re lokolohile ho sebelisa bongata ba nako ea rona ea boithabiso ho etseng seo ba neng ba ka rata ho se etsa—re bolele ka bolokolohi ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso’ ho ba bang! Ruri bao ho rona ba lulang linaheng tse ruileng re ke ke ra batla hore lefatše le re “thethefatse” ho fihlela moo tloaelo ea rona e bang ho senya mafelobeke re le boithabisong, re se liphuthehong tsa rona le tšebeletsong ea Molimo! Mantsoe a Jesu a phethang boprofeteng ba hae ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho hase a se nang morero ha a eletsa khahlanong le—e seng likotsi tsa mahloriso, empa—likotsi tsa bao lipelo tsa bona li ‘imeloang’ ke ho lumella menate ea lefatše.—Luka 21:34-36.
18 (a) Ke boemo bofe boo re bo bonang bo atamela ka lebelo? (2 Ba-Thess. 1:6-8) (b) Ke ka tiisetso efe re ka arabelang potso ea Jesu ho Luka 18:8?
18 Hopolang, “letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō.” (1 Ba-Thess. 5:2, 3) Ho hlakile hore lichaba tsa lefatše li atamela ka potlako boemong bo joalo. Hape, joaloka ha mahloriso a tsoela pele ho kometsa batho ba Jehova ka ho eketsehileng lefatšeng lohle, re qobelloa ho botsa potso e kileng ea botsoa ke Monghali ka nako e ’ngoe: Na “Molimo . . . o ke ke oa ahlolela [ka toka] bakhethoa ba oona, ba bitsang ho oona motšehare le bosiu?” Jesu o ile a fana ka karabo: “Kea le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela [ka toka].” Na u na le tumelo ea hore sena se tla phethahala? U tlamehile, hobane ke teng litemaneng tsena moo Jesu a reng: “Ha Mor’a motho a e-tla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatšeng na?”—Luka 18:7, 8.
19. (a) Boikemisetso ba rona e lokela ho ba bofe ha re talimane le khanyetso? (b) Ho bontša ha rona tumelo e tiileng ho tla re tlisetsa phello efe?
19 Ka hoo he, a re ke re ikemisetse ho ema re tiile tumelong, e, re “eme moeeng o le mong le pelong e le ’ngoe, [re] ntse [re] loanela hammoho tumelo ea Evangeli, le hona [re] sa tšohe leha e le tabeng e le ’ngoe ka baka la bahanyetsi” ba rona. (Ba-Fil. 1:27, 28) Ha re tseba hore re na le Jehova ka lehlakoreng la rona, ’me oa re tšehetsa, re ka bolela joaloka ka moapostola Pauluse: “Ha Molimo o eme le rōna, ke mang ea ka hanang ho rōna na?” Re ka ikemisetsa hore—e ka ba sefi sa mahloriso kapa sefi sa lintho tse bonahalang—ha ho letho “le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rona.” Ka baka la tumelo e tiileng joalo, le mosebetsi o joalo o theiloeng tumelong, e se eka rona bohle re ka “hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.”—Ba-Roma 8:31-39.
[Chate e leqepheng la 10-13]
TLALEHO EA MOSEBETSI OA SELEMO OA LIPAKI TSA JEHOFA LEFATŠENG LOHLE KA 1978
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo se leqepheng la 17]
Mahloriso le lefatše le khothaletsang ntho tse bonahalang li ka senya tumelo e hlōlang ea lipaki tsa Molimo