Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 12/1 leq. 22
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Molemo ka ‘’Muelli a le Mong Pakeng Tsa Molimo le Batho’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 12/1 leq. 22

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Na Jesu ke “ʼmuelli” bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng feela?

Lentsoe “ʼmuelli” le hlaha ka makhetlo a tšeletseng feela ka Mangolong a Bakreste a Segerike (NW) ʼme ka Mangolong ka mehla le sebelisoa mabapi le selekane se entsoeng.

Moshe e ne e le “ʼmuelli” oa Selekane sa Molao se tlabotsoeng pakeng tsa Molimo le sechaba sa Iseraele. (Ba-Gal. 3:19, 20) Kreste, leha ho le joalo, ke “ʼmuelli oa selekane se secha” pakeng tsa Jehova le Iseraele oa moea, “Iseraele oa Molimo” e tlang ho sebeletsa e le marena le baprista leholimong le Jesu. (Ba-Heb. 8:6; 9:15; 12:24; Ba-Gal. 6:16) Nakong eo ka eona Molimo o neng o khetha bao ba neng ba tla nkeloa selekaneng se secha, moapostola Pauluse o ile a ngola hore Kreste e ne e le eena “ʼMuelli mahareng a Molimo le batho.” (1 Tim. 2:5) Ka ho utloahalang mona Pauluse o ne a sebelisa lentsoe “ʼmuelli” ka tsela e tšoanang le eo a neng a entse ka eona ka makhetlo a mang a mahlano, a tlileng pele ho ngoloa 1 Timothea 2:5, a buang ka ba neng ba nkeloa selekaneng se secha seo Kreste e leng “ʼmuelli” oa sona. Kahoo ka kutloisiso ena e tebileng ea Bibele Jesu ke “ʼmuelli” feela bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng.

Selekane se secha se tla khaotsa ka ho tlotlisoa ha masala ao kajeno a leng selekaneng seo se secha se buelloang ke Kreste. “Bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ntseng bo bopeha kajeno ha bo selekaneng seo se secha. Leha ho le joalo, ka ho kopanela ha bona le “mohlatsoana” oa bao ba selekaneng seo ba oela tlas’a melemo e phallang ka selekane seo se secha. Nakong ea lilemo tse sekete Jesu Kreste e tla ba morena oa bona, moprista e moholo le moahloli. Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng haholoanyane, bona Aid to Bible Understanding, maqephe 1129 le 1130 tlas’a “Mediator”; hape “Morero oa ka ho sa feleng” oa Molimo Joale oa Hlōla Molemong oa Motho, leqephe 158, serapa sa 10; hape le The Watchtower litokollo tsa February 15, 1966, maqephe 105 ho ea ho 123; November 15, 1972, maqephe 685 le 686, tlas’a sehlohoana “Leading the Way to a New Covenant”; le April 1, 1973, maqephe 198 le 199, tlas’a sehlohoana “The New Covenant.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela