Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/1 maq. 8-9
  • E be Bofelo ba Lefatše bo Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E be Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lefatše Lee le tla Pholoha?
    Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
  • Kamoo re ka Tsebang Kateng Hore Armagedone e Atametse
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/1 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo lea Phela

E be Bofelo ba Lefatše bo Haufi?

NAKOANA pele ho lefu la Jesu, ba bane ho baapostola ba hae ba mo kōpa: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3) Ho tloha nakong eo, Bakreste ba ’nile ba thahasella taba ena haholo. Koana, polelo “ho fela ha lefatše” ha e bolele ho fela ha qitikoe e lefatše. Ho e-na le hoo, e bolela ka ho fela ha tsamaiso ea lintho,’ kamoo liphetolelo tsa morao tjena tsa Bibele li supang.

Ha a arabela kōpo ea bona bakeng sa pontšo, Jesu a ba nea eona. Ha a ka a fana ka ketsahalo e le ’ngoe feela, e kang lintoa, e le eona “Pontšo.” O ile a bolela ka liketsahalo tse ngata tse sa tšoaneng le maemo. Lintho tsena tsohle tse hlileng tsa boleloa li ne li tla etsahala nakong eo bangoli ba Bibele ba ileng ba e bitsa ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:3, 4) Ha u hlahloba lintho tsena tseo Jesu a hlileng a li bolela, hlokomela hore na li ’nile tsa phethahala joang bophelong ba batho ba phelang hona joale.

“SECHABA SE SENG SE TLA TSOHELA SECHABA SE SENG MATLA.”—Mattheu 24:7.

Ntoa ea I ea Lefatše e loanneng ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918 e bile khōlō ho feta lintoa tsohle tse khōlō li kopantsoe hammoho lilemong tse 2 400 pele ho 1914. Empa lilemo tse 21 feela hoba ntoa eo e lale, Ntoa e II ea Lefatše ea qhoma. ’Me e ne e feta Ntoa ea I ea Lefatše ka makhetlo a mane ka tšenyo. E sa le Ntoa ea II ea Lefatše e ne e lale ka 1945, ho bolailoe batho ba fetang limillione tse 25 lintoeng tse ling tse ka bang 150 ho pota lefatše.

“LITLALA Ll TLA BA TENG, . . . KA NGA TSE NGATA.”—Mattheu 24:7.

Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea lateloa ke tlala e khōlō ho feta tsohle paleng. Empa khaello ea lijo e bile matla haholo kamorao ho Ntoa ea II ea Lefatše. Ka nako eo ke karolo ea bone ea lefatše e neng e lapa. Ho sa ntsane ho e-shoa ba limillione ka baka la tlala—ba ka bang limillione tse 50 ka selemo! Le libakeng tseo ho tsona lijo li leng ngata, ba bangata ba hlōlisoa ke bofutsana hore ba ka li reka.

“KA NGA TSE NGATA, . . . MAFU AKARETSANG”—LUKA 21:11.

Hang hoba ho fete Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha shoa batho ba bangata ka baka la mokakallane oa Spania ho feta ba neng ba shoele ke lefu lefe kapa lefe la seoa paleng ea batho. Palo ea ba shoeleng e bile batho ba ka bang limillione tse 21! Leha ho le joalo mafu a seoa le ho kula li ntse li ranaka. Ho shoa ba limillione selemo le selemo ka baka la khathatso ea pelo le kankere. Mafu a litšila le oona a ata ka potlako. Mafu a mang a tšabehang a ba teng linaheng ka ho latellana.

“LITŠlSINYEHO TSA LEFATŠE KA NGA TSE NGATA.”—Mattheu 24:7.

Ho tloha ka 1914 ho fihlela joale, litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō li bile ngata haholo ho feta nakong efe kapa efe e kang ena e tlalehiloeng paleng. Ka lilemo tse fetang 1 000 ho tloha ka selemo sa 856 C.E. ho ea ho 1914, ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse 24, li bolaea ba ka bang 1 973 000. Empa lilemong tse 63 ho tloha ho 1915 ho ea ho 1978, ka kakaretso ho shoele batho ba ka bang 1 600 000 litšisinyehong tse khōlō tsa lefatše tse 43.

“NGATAFALO EA BOKHOPO.”—Mattheu 24:12.

Lefatšeng lohle ho hlaha litlaleho tsa tlōlo ea molao le bonokoane ka bongata. Bonokoane bo etsoang ka mabifi, bo kang lipolao, lipeto le ho khama, hona joale ha bo laolehe.

“BATHO BA . . . NEELA MOEA KE TŠABO.”—Luka 21:26.

Ho bonahala tšabo e le bona boikutlo bo le bong bo boholo bo busang bophelong ba batho kajeno. Nakoana hoba ho qhomisoe liqhomane tsa pele tsa “nuclear,” mohlalefi oa athomiki Harold C. Urey a re: “Re tla ja tšabo, re robale tšabo, re phele ka tšabo re be re shoe ka tšabo.” Batho ba tšohile bonokoane, tšilafatso, maloetse, ho theoha ha matla a chelete le lintho tse ling tse ngata tse tšosang ho sireletseha ha bona le bona bophelo ba bona.

Le hoja pontšo ena e e-na le litšobotsi tse ngata, tse thathamisitsoeng mona li utloahala li lekane ho paka hore re hlile re phela nakong eo Bibele e hlileng ea e bolela hore ke ‘mehla ea qetello.’ Ke hore haufinyane Molimo o tla felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo. Empa ba sebeletsang Molimo ba tla pholoha ho thabela bophelo lefatšeng le hloekisitsoeng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela