Lipontšo tse Peli tse Khōlōhali tsa Lerato tse Kileng tsa Bontšoa
“Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, . . . a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—JOHANNE 3:16.
1. Ho boleloa eng ka polelo “Molimo ke lerato”?
“MOLIMO ke lerato.” Moapostola Johanne o buile polelo eo habeli. (1 Johanne 4:8, 16, TLP) E, Jehova Molimo o lerato e seng feela ka tsela ea hore o bohlale, o lokile e bile o matla; KE lerato. Ke mothofatso ea lerato. U ka ’na ua ipotsa: ‘Na kea tseba hore na ke hobane’ng ha hoo e le ’nete? Na nka hlalosetsa motho e mong ka ho hlakileng, ke tšehetsoa ke bopaki kapa mehlala e pakang hore ke lerato? Hona ho amana kae le bophelo ba ka le liketso tsa ka?’
2. Molimo o fane ka lipontšo life tse bonahalang tsa lerato la oona?
2 Jehova Molimo o apesitse libōpuoa tsa hae tse batho lefatšeng ka lerato le lekaakang! Bona botle bo feletseng le ho sebetsa ho feletseng ha mahlo a rōna, mohlolo oa masapo a rōna a matla, matla a litšutšu tsa rōna le kutlo ea ha re ama lintho. Re na le lebaka la ho pheta maikutlo a mopesaleme: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka.” Hape, nahana ka lithaba tse khōlōhali, melatsoana e khutsitseng ea metsi a hloekileng, masimo a lipalesa tsa selemo le ho likela ha letsatsi ho khanyang. “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 139:13; 104:24.
3, 4. Mangolo a Seheberu a fana ka mehlala efe ea lipontšo tsa lerato la Molimo?
3 Lipontšo tsa lerato la Molimo ha lia ka tsa emisa ha libōpuoa tsa hae tsa pele tse batho li rabela. Ka mohlala, Jehova o ile a bontša lerato ka ho lumella hore banyalani bao ba tsoale bana ba neng ba ka ’na ba rua molemo ka tokisetso ea Jehova ka “peō” ea hae ea tšepiso. (Genese 3:15) Hamorao, a etsa hore Noe a etse areka bakeng sa ho pholosa moloko oa motho le libōpuoa tse ling tsa lefatše. (Genese 6:13-21) Hape a bontša lerato le leholo ho Abrahama, ea ileng a tsebahala e le motsoalle oa Jehova. (Genese 18:19; Esaia 41:8, NW) Ha o pholosa litloholo tsa Abrahama litlamong tsa Egepeta, Molimo o ile oa fana ka pontšo e tsoelang pele ea lerato la oona, joalokaha re bala ho Deuteronoma 7:8: “Kahobane Jehova a le ratile, . . . o le ntšitse Egepeta, ka letsoho le matla.”
4 Le hoja Baiseraele ba ’nile ba bontša ho hloka teboho le ho rabela khafetsa, Molimo ha oa ka oa ba lahla hang-hang. Ho e-na le hoo, a ipiletsa ho bona ka lerato: “Bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng, lōna ntlo ea Iseraele?” (Ezekiele 33:11) Leha ho le joalo, le hoja Jehova e le mothofatso ea lerato, o boetse o lokile hape o bohlale. Joale nako ea fihla ea ha bofetoheli ba batho ba hae bo fihla moo mamello ea hae e felang! Ba ea ntlheng eo ‘ho seng ho se kamoo ho ka thusoang kateng,’ a ba tlohella hore ba ee bokhobeng Babilona. (2 Likronike 36:15, 16) Le ka nako eo lerato la Molimo ha lea ka la khaotsa ka ho sa feleng. O ile a bona hore kamor’a lilemo tse 70 masala a mang a bona a lumelloa hore a khutlele naheng ea habo oona. Ka kōpo bala Pesaleme ea 126 ’me u bone kamoo ba ileng ba khutla ba ileng ba ikutloa ka teng ka lona.
Ho Lokisetsa Pontšo ea Hae e Khōlōhali ea Lerato
5. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ho romeloa ha Mora oa hae lefatšeng e ne e le pontšo ea lerato la Molimo?
5 Ha pale e ntse e tsoela pele, ha fihla nako ea hore Jehova a fane ka pontšo e khōlōhali ea lerato la hae. Ruri e ne e le lerato la boitelo. Ha o lokisetsa sena, Molimo o ile oa etsa hore bophelo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši bo fetisetsoe popelong ea moroetsana oa Mojode Maria bo e-tsoa bophelong ba moea ba leholimo. (Mattheu 1:20-23; Luka 1:26-35) Nahana ka katamelano e khethehileng e neng e le teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae. Re bala ka bophelo ba Jesu pele e e-ba motho oa nama a tšoantšelitsoe ka bohlale bo mothofalitsoeng: “Ke ne ke le motlatsi oa [Molimo], ke thabile ka matsatsi-tsatsi, ke nyakaletse pel’a sefahleho sa hae ka mehla.” (Liproverbia 8:30, 31) Joale na u ke ke ua lumela hore ha Mora oa Hae ea tsoetsoeng a ’notši A tloha boteng ba Ntate oa hae oa leholimo e ne e le boitelo ka lehlakoreng la Jehova?
6. Jehova o tlameha a be a bile le thahasello efe ea botsoali bongoaneng ba Jesu?
6 Ntle ho pelaelo, Jehova o ile a talima ka thahasello e khōlō khōlo ea mora oa hae ho tloha ha a emoloa ho ea pele. Moea o halalelang oa Molimo o ile oa khurumetsa Maria e le hore ho se be letho le neng le ka senya lesea le ntseng le hōla ka popelong. Jehova a etsa hore Josefa le Maria ba ee Bathlehema bakeng sa palo ea sechaba e le hore Jesu a ka tsoalloa moo phethahatsong ea Mikea 5:2. Ka lengeloi, Molimo o ile oa lemosa Josefa ka morero o bolotsana oa polao oa Morena Heroda, o etsa hore Josefa le lelapa la hae ba balehele Egepeta ho fihlela Heroda a e-shoa. (Mattheu 2:13-15) Molimo e tlameha e be o ’nile oa tsoela pele ho thahasella tsoelopele ea Jesu. Ebile thabo e kaakang ho Molimo ho shebella ha Jesu ea lilemo li 12 a makatsa baruti le ba bang ka tempeleng ka lipotso le likarabo!—Luka 2:42-47.
7. Ke lipontšo life tse tharo tse pakileng thahasello ea Molimo tšebeletsong ea Jesu?
7 Lilemo tse leshome le metso e robeli hamorao, Jehova o ile a shebella ha Jesu a e-ea ho Johanne Mokolobetsi hore a mo qoelise. Joale ka thabo a romela moea oa hae o halalelang ho Jesu ’me a re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:17) Ntate ofe kapa ofe oa Mokreste a ka inahanela hore na e ne e tla ba ho thabisang hakae ho Molimo ho latela tšebeletso ea Jesu le ho lemoha tsela eo ka eona a ileng a lebisa thoriso eohle ho Ntate oa hae oa leholimo. Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a nkela baapostola ba bang thabeng e ’ngoe e telele. Mono Jehova a etsa hore Kreste a khanye ka khanya e fetang ea tlhaho, ’me Ntate a re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena; mo utloeng!” (Mattheu 17:5) Jehova o ile a etsa hore lentsoe la hae le utluoe lekhetlo la boraro ha a arabela thapeli ea Jesu ea hore Molimo o tlotlise lebitso la oona. Jehova a re: “Ke se ke le tlotlisitse, ’me ke tla ’ne ke le tlotlise!” Ho bonahala hona ho ne ho buuoa haholo-holo molemong oa Jesu, hobane ba bang ba neng ba e-na le eena ba ile ba nahana hore lengeloi le buile, ha ba bang ba nahanne hore le lumme.—Johanne 12:28, 29.
8. U ikutloa joang ka lerato la Molimo?
8 U fihletse qeto efe tlhahlobong ee e khutšoaane ea liketso tsa Molimo ho Mora oa oona le ho mo thahasella ha oona? E lokela e be ho hlakile hore Jehova o fela a rata Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši kannete. U hopotse seo, ’me u ananela kamoo e batlang e le motsoali e mong le e mong ea neng a tla ikutloa joalo ka ngoana ea mong, nahana se ileng sa latela—lefu la Jesu la sehlabelo.
Pontšo e Khōlōhali ea Lerato
9, 10. Pontšo e khōlōhali ea Molimo ea lerato ke efe ho batho, e totobatsa bopaki bofe ba Mangolo?
9 Bibele e bontša hore Ntate oa rōna oa leholimo o na le kutloelo-bohloko. Ho Esaia 63:9 re bala ka sechaba sa hae sa Iseraele: “Litsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau oa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng eohle ea boholo-holo.” E tlameha e be e bile ho utloisang bohloko hakaakang ho Jehova ho bona le ho utloa “mohoo o moholo le . . . meokho” tsa Jesu. (Ba-Heberu 5:7) Jesu o ile a rapela ka tsela eno serapeng sa Gethsemane. O ne a entsoe motšoaruoa, a tobane le teko ea ho nyelisoa, a shapuoa le ho hlorisoa, ’me a roesoa moqhaka oa meutloa hloohong. Hopola hore Ntate oa hae ea lerato o ne a ntse a li bona kaofela. O boetse a bona leha Jesu a khothometseha tlas’a thupa ea polao e boima ’me a shebella leha Mora oa hae a qetella a khokhothetsoe thupeng eo. Re se ke ra lebala hore Molimo o ka be o ile oa thibela mahlomola ana a Mora oa oona ea ratoang. Empa Jehova o ile a lumella hore Jesu a utloe bohloko bo bokaalo. Kaha Molimo o na le boikutlo, ho eena ho bona liketsahalo tsena ntle ho pelaelo e bile bohloko bo fetang boo a kileng a ba le bona kapa boo a tla ke a be le bona.
10 Ha re talima tsena tse ka holimo kaofela, re ka bona moelelo o moholo mantsoeng a Jesu ho Nikodema: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Mantsoe a Johanne, moapostola oa Jesu ea ratoang haholo, le oona ke a bohlokoa bo tšoanang: “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, . . . hore e be pheko ea libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.
11. Moapostola Pauluse o totobatsa pontšo e khōlōhali ea Molimo ea lerato joang?
11 Joale, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha moapostola Pauluse, ho Ba-Roma 5:6-8, a ile a hatisa lerato le leholo la Jehova Molimo ka mantsoe ana: “Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shoa ka nako e tšoanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Molimo. Athe ke ka thata e mong a ka shoelang ea lokileng; hobane mohlomong e mong a ka tšoha a tiisa pelo ho shoela motho ea molemo. Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” Ka sebele, ka hore Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši a tle lefatšeng, a utloe bohloko a be a shoe lefu le nyatsehang ka ho fetisisa, Jehova Molimo o bontšitse pontšo e khōlōhali ea lerato.
Pontšo ea Bobeli e Khōlōhali
12, 13. (a) Pontšo ea lerato la Jesu e ne e ikhetha ka tsela efe? (b) Pauluse o hlokomelisa ka lerato le leholo la Jesu joang?
12 U ka ’na ua botsa, ‘pontšo e hlahlamang e khōlōhali ea lerato e bile efe?’ Jesu Kreste o itse: “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.” (Johanne 15:13) Ke ’nete, historing eohle ea batho, ho ’nile ha e-ba le ba tellang ba bang bophelo ba bona. Empa ba bona e ne e le bophelo bo lekanyelitsoeng feela; ka nako e ’ngoe ba ne ba tla ’ne ba shoe. Leha ho le joalo, Jesu Kreste e ne e le motho ea phethahetseng ea nang le tokelo ea ho phela. O ne a sa tobana le lefu le futsitsoeng joaloka batho bohle; leha e le hore ho ka be ho bile le ea amohang Jesu bophelo ba hae ka khang a sa ho lumella. (Johanne 10:18; Ba-Heberu 7:26) Hopola mantsoe a hae: “Na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang?”—Mattheu 26:53; Johanne 10:17, 18.
13 Re ka tsoela pele ho ananela lerato le amehang ho seo Jesu a se entseng ka ho talima ntlha e latelang: O ne a siile bophelo bo khanyang e le sebōpuoa sa moea maholimong moo a phetseng teng e le motsoalle ea haufi-ufi le mosebetsi-’moho le ’Musi oa bokahohleng le Morena oa bo sa feleng. Ho ntse ho le joalo, ka lebaka la lerato leo e seng la boithati, Jesu o ile a etsa joalokaha moapostola Pauluse a re bolella: “Leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a lekanya hobane oa utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo; athe o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ea tšoanang le batho. ’Me ha a hlahile a le joale ka motho, o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.”—Ba-Filippi 2:6-8.
14. Moprofeta Esaia o paka pontšo e khōlō ea lerato la Jesu joang?
14 Na hoo e ne e se pontšo ea lerato? Ka sebele e ne e le eona—ea bobeli feela ho ea Jehova Molimo, Ntate oa hae oa leholimo. Mantsoe a boprofeta a Esaia khaolo ea 53 a paka sohle seo Jesu a se mameletseng: “O nyatsitsoe, a furalloa ke batho; ke motho oa mahloko, ea tsebang mahlomola, . . . Ka ’nete, o ipelesitse maloetse a rōna, o nkile mahlomola a rōna; empa rōna, re lekantse hoba ke ea lauoang, ea otloang ke Molimo, ea hlomolisoang. Athe o hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna; . . . ’me re pholosoa ke maqeba a hae. . . . o neetse moea oa hae lefu.”—Esaia 53:3-5, 12.
15, 16. Hore e ne e le boitelo ka lehlakoreng la Jesu ho ka bonoa mantsoeng afe a hae?
15 Ka lebaka la sohle se neng se tlamelletsoe le lefu la hae, Jesu o ile a rapela serapeng sa Gethsemane: “Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak’u fetisetse senoelo sena hole le ’na! Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!” (Mattheu 26:39) Jesu o ne a kōpa eng ha a bua mantsoe ao? Na o ne a batla ho ikhula hore e se ke ea e-ba “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše”? (Johanne 1:29) Ka bonolo ho ne ho ke ke ha bolela hoo, hobane nako ena eohle Jesu o ne a ile a bolella barutuoa ba hae hore o ne a tla utloa bohloko ’me a shoe, a bile a bontša hore na o tla shoa lefu la mofuta ofe. (Mattheu 16:21; Johanne 3:14) Kahoo e tlameha ebe Jesu o ne a hopotse ho hong ha a rapela ka tsela eno.
16 Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a amehile ka qoso ea bonyefoli eo a boneng hore o tla e tlisetsoa, tlōlo ea molao e mpehali eo Mojode a neng a ka ba molato oa eona. Ke hobane’ng ha a ne a ka ameha ka qoso ea bohata? Hobane lefu la hae tlas’a maemo a joalo le ne le tla tlisa thohako ho Ntate oa hae oa leholimo. E, Mora oa Molimo ea se nang letheba, ea ratileng ho loka hakaale ’me a hloile bokhopo le ea tlileng lefatšeng ho tla tlotlisa lebitso la Ntate oa hae, joale o ne a lokela ho bolaoa ke batho ba Molimo e le monyefoli oa Jehova Molimo.—Ba-Heberu 1:9; Johanne 17:4.
17. Ke hobane’ng ha lefu leo Jesu a neng a lokela ho shoa ka lona le ne le ipaka le le bohloko hakaale ho eena?
17 Pejana tšebeletsong ea hae Jesu o ne a ile a re: “Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetsoa ka eona; ’me ke e hlolohetsoe hakakang, e be e phethehe!” (Luka 12:50) Joale e ne e le tlhorong ea kolobetso ena. Ho totobetse hore ke ka lebaka leo mofufutso oa hae o bileng joale ka marotholi a mali ha a rapela. (Luka 22:44) Ho feta moo, ho ne ho e-na le moroalo o boima mahetleng a hae bosiung bono, moroalo oo re ke keng ra o utloisisa. O ne a tseba hore o lokela ho ipaka a tšepahala hobane haeba a hlōleha, hoo e ne e tla ba nyeliso e kaakang ho Jehova! Satane o ne a tla bolela hore o ne a nepile ’me Jehova Molimo o ne a fositse. Empa Satane Diabolose o ile a nyeliseha hakaakang hobane Jesu a ipakile a tšepahala ho isa lefung! Kahoo o pakile Satane e le raleshano oa ho qala, ea feteletseng, le e moholohali.—Liproverbia 27:11.
18. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le tlas’a khatello e tšabehang bosiung boo?
18 Jehova Molimo o ne a tšepile botšepehi ba Mora oa hae hoo a ileng a profeta hore Jesu o ne a tla ipaka a tšepahala. (Esaia 53:9-12) Empa Jesu le eena o ne a tseba hore moroalo oa ho boloka botšepehi o ne o le holim’a hae. A ka be a hlōlehile. A ka be a entse sebe. (Luka 12:50) Bophelo ba hae bo sa feleng le ba moloko oohle oa motho oo ne bo leketla sebakeng bosiung bono. E tlameha e be hoo e bile khatello e tšabehang hakaakang! Hoja Jesu a ne a ile a fokola ’me a etsa sebe, a ka be a sa ka a batla mohau motheong oa sehlabelo sa motho e mong, joalokaha rōna libōpuoa tse sa phethahalang re ka etsa.
19. Jesu o ile a finyella eng ka tsela ea hae e se nang boithati?
19 Ka sebele, mamello ea Jesu ka la 14 Nisane 33 C.E., e ne e le pontšo e khōlōhali ea lerato le se nang boithati e kileng ea bontšoa ke motho leha e le ofe, ea bobeli feela ho ea Jehova Molimo. ’Me o re finyelelletse lintho tse khōlō hakaakang ka lefu la hae! Ka lefu la hae e bile “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) O butse tsela bakeng sa ba 144 000 ba balateli ba hae ba hatang moo a hatileng teng ho ea ba marena le baprista le ho ea busa le eena ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:4, 6) Ho phaella moo, “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” kajeno bo rua molemo sehlabelong sa Kreste ’me bo ka tšepa ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea khale ea lintho. Bana e tla ba ba pele ba ho thabela mahlohonolo a paradeise ea lefatšeng. Ha ho pelaelo hore ho tla ba le libillione tsa batho ba tla tsosoa ka lebaka la seo Jesu a se entseng. Le bona, ba tla ba le monyetla oa ho thabela bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng. (Tšenolo 7:9-14; Johanne 10:16; 5:28, 29) Ka ’nete, “lipallo tsa Molimo kaofela ha tsona ke e [ka] eena,” ke hore, ka Jesu Kreste.—2 Ba-Korinthe 1:20.
20. Re lokela ho arabela joang lipontšong tse peli tse khōlōhali tsa lerato ka lehlakoreng la Jehova Molimo le Jesu Kreste?
20 Ka sebele ke ho loketseng haholo hore re bontše kananelo ho sohle seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba se entseng molemong oa rōna ka ho re bontša lipontšo tsena tsa lerato tse khōlōhali ho tsohle. Re ba kolota kananelo e joalo, ’me hore rōna re ruoe molemo ka botlalo, re tlameha ho bontša kananelo e joalo. Sehlooho se latelang se tla bontša tse ling tsa litsela tse molemohali tseo re ka etsang sena ka tsona.
Na u sa Hopola?
◻ Ke lipontšo life tsa lerato la Molimo tse ka bonoang ke batho bohle?
◻ Re ka tseba joang hore Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona Mora oa hae a utloa bohloko?
◻ Lefu la Jesu molemong oa batho le ne le fapane joang le la ba bang bao e ka ’nang eaba ba ile ba tela bophelo ba bona?
◻ Lerato leo re le bontšitsoeng ke Jehova le Jesu le lokela ho re ama joang?