Tšepa Jehova
“U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.”—PESALAME EA 37:34.
1, 2. Ho bonahala batho ba eme hokae, ’me Machaba a Kopaneng a ameha joang?
HA HO tluoa tabeng ea mesebetsi ea boqapi e bontšang bohlale, lelapa la motho le fihlile sehlohlolong sa tsoelopele e khōlō. Ka baka la boiteko ba lona, qetellong le fihlile mehleng ea nuclear. Ho bonahala matla a athomo a tseba ho fana ka mohloli o moholo oa matla ’me ka hoo a tla nolofatsa ho sibolla lintho tse khōlō lefatšeng lohle. Ho makatsang, matla ana a boetse a hlekile tsela bakeng sa ho ntša moloko oa batho kotsi e tšabehang.
2 Ke eng se emeng tseleng ea hore lelapa la motho le ipolaee kolueng ea nuclear? Ho bonahala e le Machaba a Kopaneng, a ithorisang ka litho tsa machaba tse ka bang 159 tse nang le mefuta e mengata ea puso. Ka bopolotiki, mebuso ena ha e lumellane, ’muso ka mong o lumela hore mofuta oa oona oa puso o phahame, e, ke oona o molemohali. Kahoo, kahar’a oona, Machaba a Kopaneng ke sehlopha se hlokang kutloano. Ho rena boikhohomoso ba bochaba le ho rata ho ipusa. Ho feta moo, lichaba tse ngata li hana ho lumela ho Molimo, li fetohile tse latolang boteng ba Molimo.
3. Pono ea Bokreste-’mōtoana ka Molimo e fapana joang le eo Molimo ka booona o nang le eona?
3 Lebitso Bokreste-’mōtoana le sebetsa le lichabeng tse sa batleng ho akareletsoa li se na Molimo empa li lumela ho Jesu Kreste ea amanang le “Molimo Ntate” ea kopaneng borarong-bo-bong le Jesu le “moea o halalelang” o mothofalitsoeng. Ho lumeloa hore litho tsa Boraro-bo-bong li ea lekana. Empa Ntate oa Jesu o entse hore moprofeta Esaia a ngole mantsoe ana a ho itsebahatsa: “Ke ’na Jehova. Leo ke lebitso la ka; nke ke ka nea e mong khanya ea ka, le thoriso ea ka nke ke ka e nea litšoantšo tse betliloeng.” (Esaia 42:8, NW) Jehova enoa, kapa Yahweh (The Jerusalem Bible), o iketselitse tlaleho e ke keng ea lekanngoa le tse ling historing.
4. Machaba a Kopaneng a khelosa batho ho eng?
4 Ka hlomphollo, Machaba a Kopaneng a hanne ho nea lebitso la Molimo tlhompho le tlhokomelo tse tšoanelang. Ha a khothalletse batho, bao hona joale ba talimaneng le koluoa e tšabehang, ho tšepa mong a lebitso leo. Leha ho le joalo, eo ka nepo o bitsoa “Molimo oa tšepo,” hobane o ralile motheo oa tšepo e le ’ngoe feela e matla eo batho ba ka bang le eona hona joale. (Ba-Roma 15:13, King James Version) Tšepo eo a fanang ka eona e matlafalitse le ho boloka banna le basali ba bangata.
Ho Tloha Mehleng ea Pele—Tšepo!
5. Motheo oa tšepo o raliloe neng?
5 Motheo oa ho ba le tšepo eo o raliloe pele historing ea lelapa la motho. E, o raliloe hang pele ho ho lelekoa ha batsoali ba rōna ba pele lehaeng la bona la tšimo ea Edene Bochabela bo Hare. Tlaleho e ngotsoeng ka puo ea Seheberu ka tšimo eo, kapa Paradeise, hase tšōmo ka batho ba ileng ba kheloha ho rapela ’Mōpi oa bona.—Genese 2:7–3:24.
6. Ho tlile joang hore batho ba hloke tšepo?
6 Lilemo tse 4 000 hamorao, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bululeloa ho ngola: “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Mangolong a mang a hae, o ile a fana ka lebitso la motho a le mong ea molato: “Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.” (1 Ba-Korinthe 15:22) Ngaka e bitsoang Luka, khaolong ea 3 ea Evangeli ea eona, e lokolisitse leloko la Jesu ho tloha ho Adama, eo, pele a lelekoa Edene, a utloileng molaetsa oa Jehova oa tšepo.—Luka 3:23-38.
7. Ke ntho efe e khothatsang eo Molimo o ileng oa e etsa ha Adama a sa phela?
7 Ka tlhaho, u tla rata ho tseba moko oa molaetsa oo. Empa pele o u bala, hlokomela ’nete ea hore ke khale Jehova e le mofani oa tšepo. Tšimolohong Adama e ne e le mora oa Molimo oa lefatšeng, ’me Molimo o ile oa mo lumella ho ba le bana. Haeba u bona boemo bo bohloko esale pele, u ka rata ho khothatsa bana ba hao kapa ho ba neha tšepo. Hoba Adama a utloe mantsoe a Molimo a mo ahlolang, o ile a utloa mantsoe a tšepo bakeng sa litloholo tsa hae.
8. Genese 3:15 e fana ka motheo oa tšepo joang?
8 Mantsoe ao a tsoang ho Molimo o fanang ka tšepo e ne e le afe? Ho “noha” e neng e ameha sebeng sa Adama, Molimo o itse: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peō eo e tla u khoba hlooho, ’me u tla e loma serethe.” (Genese 3:14, 15) Mohlomong u ka makala hore ho ka boleloa joang hore mantsoe ao a fana ka tšepo. Pele, re ithuta hore “noha” e ne e tlameha ho khojoa hlooho.
9. “Noha” eo ho buoang ka eona ho Genese 3:14, 15 ke mang?
9 Ho Tšenolo 12:9 ho ngoliloe: “’Me Drakone e khōlō, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng le mangeloi a eona.” E, “noha” e ileng ea ameha Edene e ne e le sebōpuoa sa moea se khopo se tsejoang e le Satane Diabolose. E seng feela hore noha eo ea tšoantšetso e ile ea e-ba le mangeloi leholimong empa e ne e e e-na le “peō” mona lefatšeng, “peō” eo nakong e tlang e neng e tla timetsoa hammoho le eona.
10. Jesu o tiisitse ho khetholloa ha “noha” joang?
10 Ho tiisa ho tsebahatsoa ha Diabolose e le “noha” e ikarabellang ka ho oa ha batsoali ba rōna ba pele, Jesu o itse ho baetapele ba bolumeli ba Bajode lekholong la pele la lilemo: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng . . . Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) Jesu o boetse a bitsa bahanyetsi bao ba bolumeli “malinyane a marabe.”—Mattheu 12:34; 23:33.
Tšepo e Bolokiloeng e Phela
11. Genese 3:15 e boetse e fana ka lebaka lefe hape la tšepo?
11 Tšepiso ea Molimo, ea ho khoba hlooho ea noha ea tšoantšetso e fane ka tšepo e futhumatsang pelo ka pel’a lelapa lohle la motho le neng le tla ba teng. Re ka bona lebaka la hoo ka ho hlahloba litšobotsi tse ling tsa Genese 3:15. Ho boleloa ka “peō” ea mosali. Hore na “peō” eo e ne e tla ba mang ebile sephiri ka nako e telele. Empa ho ne ho hlakile hore Jehova Molimo o tla bea hloeano mahareng a “peō” eo e sa tsejoeng le noha ea tšoantšetso le “peō” ea eona e khahlanong le Molimo. Ho ne ho tšepisitsoe tlhōlo, e, e ne e tiisitsoe, bakeng sa “peō” ea “mosali”! Tlhōlo ea eona e ile ea beoa e le tšepo ka pel’a lelapa la batho. Kahoo litho tsa lelapa la motho li ne li ka lebella ho tla ha “peō” eo ea “mosali.”
12. Ha nako e ntse e tsamaea, ke eng se eketsehileng se ileng sa senoloa ka “peō” ea “mosali”?
12 Ka makholo-kholo a lilemo, Molimo o ile oa senola “peō” ena e le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, ea rometsoeng lefatšeng ho ba Messia le ho nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa topollo. (Genese 22:17, 18; Ba-Galata 3:16; 1 Johanne 2:2; Tšenolo 5:9, 10) Ke ka lebaka lena tšepo ea Lipaki tsa Jehova e sa theoang ho Machaba a Kopaneng. E theiloe ho Jesu Kreste ea phelang, ’Muelli e Moholo oa Jehova Molimo. Re ka kholiseha hore Kreste oa phela, kaha o ile a tsoha bafung hore a lule letsohong le letona la Jehova maholimong. Joalokaha Pauluse a re: “Ha re tšepile Kreste bophelong bona feela [bophelo bo kopanyeletsang ba lekholong ba bo20 la lilemo] re fetisa batho bohle ka soto. Che, empa Kreste o tsohile bafung, ’me o beiloe thakangoaha ea ba robetseng.” (1 Ba-Korinthe 15:19, 20) Joalokaha ho bontšitsoe hangata ka Bibeleng le maqepheng a makasine ’ona, kajeno Jesu Kreste o hlomamisitsoe e le Morena oa leholimo.—Tšenolo 11:15.
13, 14. Lipaki tsa Jehova li beile tšepo ea tsona hokae, ’me li etsa eng ka eona?
13 Ho hlakile hore, Jesu ha a nka sebaka sa Jehova e le tšepo ea batho. Pesaleme ea 37:34 e ntse e sebetsa: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.” E sa ntse e le habohlokoa ho tšepa Jehova le ho khothalletsa batho bohle ho se tšepe mekhatlo ea batho.
14 Tumellanong le ’nete ena, Lipaki tsa Jehova li mafolo-folo linaheng tse 208, ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Li ke ke tsa thibeloa ho etsa joalo. Mekhatlo ea lipolotiki, e thusoang le ho tšehetsoa ke mekhatlo ea bolumeli, ha e na tokelo ea Molimo ea ho leka ho li thibela. Re ka tsoela pele ho ba Lipaki tsa Jehova le ho mo tšepa, joalokaha Davida oa Bethlehema a ngotse:
15. Ke tšepo ea mofuta ofe eo Morena Davida a neng a e-na le eona ho Jehova?
15 “Jehova ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho. O mphomotsa makhulong a matala, o ntsamaisa pel’a metsi a khutsitseng. O hlabolla moea oa ka; o ntsamaisa mehlaleng ea ho loka, ka baka la lebitso la hae. Leha nka tsamaea khohlong ea moriti oa lefu, nke ke ka tšoha bobe leha bo le bong, hobane u na le ’na; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntšelisang. U teka tafole pel’a ka, pontšeng ea lira tsa ka; u tlotsitse hlooho ea ka ka oli, mohope oa ka oa khapatseha. Ruri lehlohonolo le mohau li ntse li ntatela ka litšiu tsohle tsa ho phela ha ka, ’me ke tla ’ne ke hlole ka tlung ea Jehova ka mehla.”—Pesaleme ea 23.
16. Ke hobane’ng ho ka boleloa hore Jesu o ne a tšoana le Davida?
16 Morena Davida e ne e le molisa oa Jehova oa moea bakeng sa meloko ea Iseraele ea boholo-holo, ’me a hleka tsela ea hore Jerusalema e be motse o moholo oa sechaba, moo Salomone mora oa hae a busitseng ka lilemo tse 40. Ka lebaka le utloahalang, ho buuoe ka Jesu Kreste e le “mora oa Davida.” (Luka 1:31; 18:39; 20:41) Haeba Davida a ile a tšepa Jehova Molimo, setloholo sa hae sa lefatšeng Jesu Kreste se ne se tla etsa se tšoanang. ’Me se ile sa fela sa etsa joalo.
17. Ho na le bopaki bofe ba hore Jesu o ne a tšepile Jehova?
17 Ho bontša hore setloholo sa Davida se tsebahalang sa lefatšeng, Jesu Kreste, se ile sa latela keletso ea Pesaleme ea 37:34 ha se nehela moea thupeng ea tlhokofatso, Jesu o ile a re: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” (Luka 23:46) O ne a qotsa ebile a phethahatsa mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 31:5, a lebisoang ho Molimo: “Ke laeletsa moea oa ka matsohong a hao.” Tšepo ea Jesu ha e-ea ka ea soabisoa, joaloka ea Morena Davida. Kreste o ile a tsosoa bafung ka letsatsi la boraro. Matsatsi a mashome a mane hamorao a khutlela ho Ntate oa leholimo. Bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914, Jehova o ile a phahamisa Mora oa hae ho ba Morena oa lefatše.
Nako ea Tšepo Hona Joale
18. Ke hobane’ng ha mehla ea kajeno e le nako e loketseng ea tšepo?
18 Kajeno, ha selemo se secha sa 6014 A.M. (Selemo sa Lefatše) se nkela lelapa la motho pele ho ea bokamosong, ke tšepo efe eo lelapa la motho le ka bang le eona? Potso eo ke e loketseng haholo hobane re haufi le lilemo tse 1 900 kamor’a mehla ea Bibele. Ke khale Davida a ngotse Pesaleme ea 37:34.
19. Ke eng seo Jehova a se entseng ho Jesu, se re neang tšepo?
19 Jehova Molimo, Molimo o Matla ’ohle ea tsositseng Jesu Kreste bafung, o na le mosebetsi o moholo bakeng sa hae o fetang oa batho ba nang le pono e fokolang. Ka ho tsosa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši le ho mo phahamisetsa letsohong la hae le letona maholimong, Jehova Molimo o re neile lebaka le eketsehileng la ho Mo talima ka tšepo e sa hlōleheng, tšepo ea rōna ea ho qetela. E ka bolela bophelo ba rōna bo sa feleng ba thabo, joalokaha mongoli ea bululetsoeng Pauluse a re: “Tšepo ena e [re] pholositse.”—Ba-Roma 8:24, NW.
20. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova e ntse e le “Molimo oa tšepo”?
20 Moapostola o tsoela pele ka hore: “Empa tšepo e bonahalang ha se tšepo, hobane ha motho a bona ntho, a ka ba le tšepo ea eona joang? Empa haeba re e-na le tšepo ka seo re sa se boneng re lula re ntse re se letetse ka mamello.” (Ba-Roma 8:24, 25, NW) Kahoo tšepo eo ea mathomo e sa phela, e, e haufi le ho phethahala ka ho khanyang holim’a moloko oa batho. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4, 5) Ka hobane tšepo eo e le ea batho bohle, e tšoanela ho tsebisoa bohle. Ona ke mohopolo oa ‘Molimo oa rōna oa tšepo.’
21, 22. Ke eng seo re ka lebellang hore lichaba li se etse haufinyane?
21 Joale ena ke nako ea hae ea hore a phethahatse mohopolo ona. Esita le mehleng ea rōna ha lichaba tse ling tsa Machaba a Kopaneng li finyelletse tsebo e tebileng ea lintho tsohle, baetapele ba mebuso ena ha ba bone bohlokoa ba ho tlohella tharollo ea mathata ho e mong ea nang le bohlale bo phahameng.—Bapisa Genese 11:6.
22 Ho feta leha e le neng pele, bolumeli bo tummeng bo lutse bo le malala-a-laotsoe ho itšireletsa tlhaselong eo bo e lebeletseng. Tšusumetso ea bona e arohanyang e lokela ho felisoa. Bibele e bontša hore babusi ba tla bontša matla a bona ’me ba ikhule bolumeling bo ratang maruo boo ka nako e telele bo lekileng ho monya tsamaiso ea lefatše ea lintho ho sohle seo bo ka se fumanang. Ha ho makatse ha tsamaiso ea bopolotiki e tla nka bohato bona. Ho hlasela ha eona bolumeli, ponong ea eona, e tla bontša hore ha ho Molimo o lokelang ho rapeloa le ho sebeletsoa. Boprofeta bo supa hore ba tla hlasela lipaki tsa Molimo tse setseng. Ba tla batla litsela tse bonolo tsa ho hlōla Lipaki tsa Jehova e le qetello ea bona ea phutuho khahlanong le Molimo.—Tšenolo 17:12-17; Ezekiele 38:10-23.
23, 24. Jehova o tla arabela joang ha lichaba li hlasela batho ba hae?
23 Leha ho le joalo, qetellong ba tla tseba tlhōlo e soabisang e lokelang ho tlela motho ea lekang ho loana le Jehova oa makhotla, ea e-s’o kang a hlōloa ntoeng. Seo se tla hlakisa ka nepo hore ke khale ba sebeletsa lithahasello tsa mohanyetsi e moholo oa Molimo oa ’nete, ea bitsoang “noha,” Satane, “molimo oa lefatše lena.”—2 Ba-Korinthe 4:4.
24 Eo e tla ba tlhōlo e khōlō hakaakang ho bona! Seo ba neng ba tšepile ho se bontša se tla ipaka ho ba sehlohlolo sa masoabi, se tla susumeletsa Molimo oa leholimo le lefatše ho halefa ka ho loketseng. Ho batho ba fokolang a ka re: “Hobane mehopolo ea ka ha se ea lona, litsela tsa lona ha se litsela tsa ka: ho bolela Jehova. Empa joale ka ha leholimo le phahame ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo ho litsela tsa lona, le mehopolo ea ka ka holimo ho mehopolo ea lona. Hobane joale ka ha pula le lehloa li theoha leholimong, ’me li sa khutlele teng li e-so ho nosetse lefatše, le ho le beisa, le ho le melisa, le tle le ntšetse mojali peo, le moji bohobe; ho lutse joalo le lentsoe le tsoang molomong oa ka le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:8-11.
25. Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le letle la ho lebella Jehova e le “Molimo oa tšepo” ea rōna?
25 ’Mōpi enoa oa motho o kentse ka lipelong tsa batho boikutlo ba ho ameha, joalokaha le eena a le joalo. “Hobane ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ke ka ho re ho bonahatsoe khanya ea hae a nthomileng ho lichaba tse le hapileng; hobane ea le amang o ama thaka ea leihlo la hae.” (Zakaria 2:8) Kahoo, Lipaki tsa Jehova li lokela ho tšepa Jehova. O tla phethahatsa tšepiso eo e babatsehang ea borena ba bokahohle. O tla ipaka ka botlalo ho feta likhanyetso tsohle hore ke ea phahameng ka ho fetisisa, ea matla ’ohle, Molimo o sa feleng, ea phahametseng lefatše. Alleluya!—Pesaleme ea 150:6.
U ka Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha tšepo ea lichaba e le e thetsang?
◻ Molimo o fana ka motheo oa tšepo joang ho Genese 3:15?
◻ Boemo ba Jesu e ne e le bofe mabapi le Pesaleme ea 37:34?
◻ Ke hobane’ng ha hona joale re e-na le lebaka la tšepo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Joaloka ha linku li latela molisa oa tsona, kahoo Davida o ile a talima Jehova le ho mo tšepa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.