Ho Tlotlisa Molimo oa Tšepo
“Jehova o re: . . . ba ntlotlisang, le ’na kea ba tlotlisa, ha e le ba ’nyelisang ba tla nyelisoa.”—2 SAMUELE 2:30.
1. Re na le lebaka lefe la ho batla ho tlotlisa Jehova? (1 Timothea 1:17; Tšenolo 4:11)
KA BAKA la litebello tseo re ka bang le tsona, tse theiloeng Bibeleng, ke ho loketseng haholo le ho utloahalang ho rōna ho tlotlisa “Molimo oa tšepo,” “Molimo o fanang ka tšepo.” (Ba-Roma 15:13, King James Version; New World Translation) Hobane’ng? Ke joang rōna, batho ba feela, ba sa phethahalang, re ka tlotlisang ’Mōpi ea Phahameng oa bokahohleng? ’Me na le eena a ka re tlotlisa?
2. Jesu o ikutloile joang ka tlotliso e neoang Molimo?
2 Re ka ithuta ho se etsahetseng ka Jesu. Ha ho le ea mong oa rōna ea ka hanang hore kamehla Jesu o ne a batla ha Ntat’ae a tlotlisoa, le ho fuoa tlhompho. (Johanne 5:23; 12:28; 15:8) Ha e le hantle, Jesu o ile a nyatsa Bafarisi le bangoli ba neng ba ‘tlotlisa Molimo ka melomo empa bao lipelo tsa bona li neng li le hole le eena.’ Ak’u hlokomele, ho se hlomphe ha bona Molimo ho ne ho kopanyeletsa maikutlo le liketso tse sa lokang. (Mattheu 15:7-9) Leha ho le joalo, na re ka bolela hore ha Kreste a tlotlisa Molimo, tšepo ea hae e ne e ameha? Hona Jehova o arabetse joang ka ho tlotlisoa ho joalo?
3. Re tseba joang hore Jesu o ne a tšepile Jehova?
3 Jesu o ile a kenya pelong mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 16:10: “U ke ke ua tlohela moea oa ka nģalong ea bafu, u ke ke ua lumela hoba mokhethoa oa hao a bone ho bola.” Ka hobane Jesu Kreste o ne a e-na le tšepo ea ho tsosoa, o ne a ka bolela mantsoe a hlasimollang ho sesinyi se neng se fanyehiloe haufi le eena: “Kannete kea u bolella kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:39-43, NW) Sesinyi seo se ile sa shoa kapele, kahoo matsatsi a mararo hamorao ha sea ka sa khona ho paka tiisetso ea tšepo ea Jesu ea ho tsosoa. Empa paki e boneng ka mahlo e tlalehile: “Molimo o tsositse Jesu eo; ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo.” (Liketso 2:31, 32) Eo e ne e le ’nete.
4. Ke tlotliso efe e tšoanelang Jesu eo a lokelang ho e amohela? (Tšenolo 5:12)
4 Bongata ba batho feela ba tloaelehileng bao Jesu a ileng a ba sebeletsa ba ne ba tseba hore o ne lokeloa ke tlotla, kapa hlompho. (Luka 4:15; 19:36-38; 2 Petrose 1:17, 18) Eaba o shoa joaloka sesinyi. Na seo se ile sa fetola lintho? Che, hobane Jesu o fumane kamohelo ea Molimo eo a neng a o tšepile. Kahoo, Jehova a mo khutlisetsa bophelong. ’Nete ea hore “Molimo oa tšepo” o tsositse Mora le ho mo apesa ka ho se shoe sebakeng sa moea e tiisa hore Ntate o ne a tsoela pele ho tlotlisa Mora oa hae. Pauluse o re: “Re bone Jesu . . . a roesitsoe moqhaka oa khanya le oa hlompho ka baka la lefu leo a le utloileng, hore, ka mohau oa Molimo, a utloe lefu ka baka la bohle.”—Ba-Heberu 2:7, 9; Ba-Filippi 2:9-11.
5. Ke ka tsela efe e khethehileng Jesu a tlotlisitsoeng, ha fella ka eng e ekelitseng tlotliso ho Molimo?
5 Jesu, ea ileng a tlotlisa Jehova, o boletse tsela e ’ngoe e khethehileng eo Ntate a mo tlotlisitseng ka eona. Ha a ne a iponahatsa ho baapostola ba hae ba tšepahalang, o itse: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la moea o halalelang . . . bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:18-20) Kahoo, ho ekelletsa moo Ntate o tlotlisitse Mora ka ho mo nea borena bo khethehileng. Bona bo ne bo tla sebelisoa ho batho ba etsang mosebetsi o tlisang tlōtla ho Eo Jesu a loanelang ho mo tlotlisa. Joale, na sena se bolella hore rōna batho ba sa phethahalang ka tsela e itseng re ka tlotlisa Ntate ’me le eena a re tlotlisa?
Batho ba Tlotlisa Molimo
6. Na ho loketse ho lakatsa ho tlotlisoa, empa ke kotsi efe e teng ho sena? (Luka 14:10)
6 Batho ba bangata ha ba nahane ho hang ka ho tlotlisa Molimo, hobane ba thabela haholo ho iphumanela tlotla ka bobona. Ba bang ba ka ’na ba re ke ntho e tloaelehileng hore re batle ho tlotlisoa. Ho na le ’nete e itseng tabeng ena, kahobane ke ntho e tloaelehileng ho lakatsa botumo bo botle, le tlōtla e itseng. (1 Timothea 3:2, 13; 5:17; Liketso 28:10) Leha ho le joalo, takatso ea ho batla tlōtla ea batho e ka feteletsoa habonolo. Seo se bonahala ka ba bangata ba phehellang botumo ka litsela tsohle kapa ba etsang sohle ho boloka seriti sa bona.
7. Ke hobane’ng ha ho tlotlisoa ke batho e le ha bohlokoa bo lekanyelitsoeng?
7 Ha u nahana ka taba ena, esita le tlōtla e kholohali e tsoang ho batho e-ea fela, hobane bohle ba tla shoa. Ho hopola bahale ba ’maloa ho ka tlotlisoa ka nakoana, empa bafu ba bangata ba lebetsoe. Ke batho ba bakae ba tsebang mabitso a baholo-holo ba batsoali ba bona kapa ba tsebang bao e neng e le baetapele ba sechaba sa bona lilemo tse lekholo tse fetileng? Ha e le hantle, ebang motho ea itseng o kile a phela kapa che hoo ha ho fetole litaba. Empa ke lethebanyana la lerole sekaleng sa nako, lerotholinyana molatsoaneng oa bophelo. Esita le haeba a ka tlotlisoa ka nako e khutšoanyane kamor’a lefu, ha a ho lemohe. (Jobo 14:21; 2 Likronike 32:33; Moeklesia 9:5; Pesaleme ea 49:12, 20) Ntho feela e ka etsang phapang ke ho ba le tšepo eo Molimo o fanang ka eona, ho mo tlotlisa, ’me le eena a u tlotlise. Re ka bona sena bophelong ba batho ba babeli ba phetseng Iseraeleng ea boholo-holo.
8. Ke leraba lefe le amang ho fana ka tlotla leo Eli a oetseng ho lona?
8 E mong ke Eli. O sebelelitse Molimo boemong bo khethehileng e le moprista e moholo ka lilemo tse 40 ’me hape o bile le tokelo ea ho ahlola Iseraele. (1 Samuele 1:3, 9; 4:18) Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe o bontšitse bofokoli mabapi le bara ba hae Hofni le Finiase. Le hoja e ne e le baprista, ba ile ba sebelisa boemo ba bona hampe ka ho utsoa likarolo tse ling tsa mahlabelo le ka ho kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. Ha ntat’a bona a ne a nyatsa ka monyebe ketso ea bona, Molimo oa bolela hore Eli ‘o tlotlisa bara ba hae ho fetisa ’na.’ Jehova a tšepisa ho ntšetsa pele boprista ba Aarone, empa o ne a tla felisa ntlo ea Eli boemong ba boprista bo phahameng. Lebaka? Molimo o hlalositse: “Ba ntlotlisang, le ’na kea ba tlotlisa; hae le ba ’nyelisang, ba tla nyelisoa.”—1 Samuele 2:12-17, 29-36; 3:12-14.
9. Ke joang Samuele a filoeng monyetla oa ho tlotlisa Jehova?
9 Ea fapaneng le eo e bile Samuele. Mohlomong ua tseba hore batsoali ba hae ba mo tlisistse ho tla sebeletsa tabernakeleng Silo a sa le monyenyane. U ka thabela ho bala tlaleho ena ho 1 Samuele 3:1-14, ak’u nahane moshanyana enoa a tsosoa borokong, e seng ke molumo o lerata, empa ke lentsoe le buelang tlaase leo a neng a nahana hore ke la Eli ea hōlileng. Joale nahana kamoo Samuele e monyenyane e tlamehang ebe o ile a tšoha kateng ha a ne a lokela ho bolella moprista e moholo ea tsofetseng ka morero oa Molimo oa ho tlisetsa ntlo ea Eli kotlo. Leha ho le joalo Samuele o ho entse; o ile a tlotlisa Molimo ka kutlo.—1 Samuele 3:18, 19.
10. Ha a ne a arabela ho tlotlisoa, ke joang Molimo o tlotlisitseng Samuele?
10 Samuele o tlotlisitse Jehova ka lilemo e le moprofeta, ’me le Molimo o mo tlotlisitse. Hlokomela sena ho 1 Samuele 7:7-13. Ka potlako Jehova a arabela thapelo ea Samuele bakeng sa thuso ea ho hlōla Bafilista. Na u ke ke ua ikutloa u tlotlisitsoe ho tsejoa ke Molimo joalo? Ha bara ba Samuele ba ne ba sa latele ketellopele ea hae, Molimo ha a ka a mo lahla joaloka ha a ile a lahla Eli. Ho bonahala ebile ka hobane Samuele a ile a etsa sohle se matleng a hae ho tlotlisa Molimo. Ho bontša sena ho tsoela pele, Samuele ha a ka a amohela kōpo ea batho bakeng sa morena oa motho. (1 Samuele 8:6, 7) Molimo o sebelisitse Samuele ho tlotsa Saule le Davida. Lefung la Samuele, Baiseraele ba mo tlotlisa ka ho mo llela. Leha ho le joalo, habohlokoa haholo, Molimo o mo tlotlisitse ka ho ’molela har’a batho ba tumelo ka Bibeleng ba tla hlohonolofatsoa ka tsoho le lintho tse molemo tseo Molimo o ba boloketseng tsona. (Pesaleme ea 99:6; Jeremia 15:1; Ba-Heberu 11:6, 16, 32, 39, 40) Na sena ha se bontše hore ho tlotlisa “Molimo oa tšepo” ke ha bohlokoa haholo?
Na U Tla Tlotlisa “Molimo oa Tšepo”?
11, 12. Ke eng seo re lokelang ho se nahana ka ho tlotlisa Jehova, ’me tsela e le ’ngoe ea ho etsa seo ke efe?
11 Litlaleho tsa Jesu le Samuele, e le mehlala e ’meli feela, li tiisa hore batho ba ka bea ho tlotlisa ‘Molimo oa tšepo’ e le ntho e ka sehloohong bophelong. Litlaleho tseo tse peli li bontša hore ha re etsa joalo ka nepo re ka batla ho amohela tlotliso e tsoang ho Molimo. Empa u ka etsa sena joang ka kholiseho e utloahalang ea hore u tla thabisa Molimo, u tla tlotlisoa ke eena, le hore u tla bona ho phethahala ha tšepo ea hao e theiloeng Bibeleng?
12 Tsela e ’ngoe ke ka ho ba le tšabo e nang le hlompho, le ea sebele, ea ho se soabise Molimo. (Malakia 1:6) Mohlomong re lumellana le mantsoe ana ntle ho tika-tiko. Leha ho le joalo, hopola bara ba Eli. Haeba u ne u ka ba botsa hore na ba ne ba batla ho tlotlisa Molimo ka ho mo tšaba ka tlhompho, ntle ho pelaelo ba ne ba tla lumela. Bothata bo tla ha re lokela ho bontša takatso ea rōna ea ho tlotlisa Molimo ka ho mo tšaba liketsong tsa rōna tsa sebele bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.
13. Bontša kamoo takatso ea ho tlotlisa Molimo ka ho mo tšaba e ka re thusang.
13 Haeba re talimane le boemo bo lekang boo ho bona re ka utsoang kapa ra kopanela mokhoeng o mong o sa lokang oa botona le botšehali ntle ho hore o tsebahale, na takatso ea rōna ea ho tlotlisa Molimo e tla ama liketso tsa rōna? Re lokela ho hlaolela boikutlo bona, ‘Esita le haeba phoso e ka lula e patehile, ho inehela sebeng se joalo ke ho tlontlolla “Molimo oa tšepo” eo ke jereng lebitso la hae.’ ’Me ’nete ke hore phoso e ke ke ea lula e patehile ka linako tsohle, joalokaha ho bile joalo ka lintho tse ileng tsa etsoa ke bara ba Eli. Sena se tšehetsoa ke mantsoe a Pauluse mabapi le “kahlolo ea ho loka ha Molimo”: “O tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae: Ba batlang khanya, le hlompho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nea bophelo bo sa feleng; empa ba ngangellang, ba sa utloeng ’nete, ba utloang ho sa lokang, o ba nee khalefo le bohale.”—Ba-Roma 2:5-8.
14. Tsela e ’ngoe eo re ka tlotlisang Molimo ka eona ke efe, ’me re ka ipotsa eng?
14 Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o bolela ka ho kopanela ‘mosebetsing o motle’ o tlotlisang Molimo o tla fella ka “khanya le hlompheho” tse tsoang ho eena. Mosebetsi o ka sehloohong oa mofuta ona kajeno ke oo Jesu a o boletseng ho Mattheu 28:19, 20: ‘Le etse batho barutuoa lichabeng tsohle, le ba kolobetse ’me le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.’ Lefatšeng ka bophara, limillione tsa Lipaki tsa Jehova li mafolo-folo mosebetsing ona oa ho tlotlisa Molimo ka ho bolela le ho ruta. Esita le ba bang ba bangata ba ikitlaetsa ho ba basebeletsi ba nako e tletseng e le bo-pula-maliboho, e ka ba motheong oa nako eohle kapa nakong ea phomolo mosebetsing oa boipheliso kapa oa sekolo. Re hopotse sena, e mong le e mong ho rōna a ka nahanela hamolemo boemo ba hae mosebetsing ona. Ka mohlala, u ka ’na ua botsa, ‘Na ke tlotlisa “Molimo oa tšepo” ka ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela?’
15. Ke eng se etsahetseng ho Bakreste ba bang mabapi le ho tlotlisa Jehova ka tšebeletso ea phatlalatsa?
15 Bakreste ba bang bao ka lilemo e bileng baboleli ba mafolo-folo butle-butle ba ile ba khathala. Ba oetse mokhoeng oa ho kopanela hanyenyane kapa ho kopanela ka seoelo mosebetsing ona oa bohlokoa oa ho etsa barutuoa. Ha re bolele ka batho ba nang le mefokolo ’meleng ’me ba khathala ka baka la liphello tsa botsofali. Ho fapana haholo le hoo, ho khathala ho bonahala har’a Lipaki tse itseng tsa lilemo tse fapa-fapaneng. Ho thabisang, Pauluse o ne a sa bolele ka sehlopha sa ba leng lilemong tse itseng ha a ne a hlokomelisa Bakreste khahlanong le ‘ho khathala.’ Ho e-na le hoo, ho sa tsotellehe hore na motho o lemo li kae, ntlha ea bohlokoa tabeng ena ke hore ho kopanela kamehla tšebeletsong ho hloka boiteko. Joaloka ha ho bonahala ho bile joalo mehleng ea Pauluse, kajeno ba bang ba bea mabaka, ‘Ke entse karolo ea ka lilemong tse fetileng, kahoo joale ke nako ea hore Bakreste ba sa tsoa kopanela ba ikitlaetse.’—Ba-Galata 6:9; Ba-Heberu 12:3.
16. Ke hobane’ng ha re ka rua molemo ka ho itlhahloba tabeng ee?
16 Ba tšoaelitsoeng ke mokhoa ona ba ’maloa, empa u ka ’na ua botsa, ‘Na ruri ke lemoha tšekamelo leha e le efe e joalo ho ’na? Ho kopanela ha ka tšebeletsong ho joang ha ho bapisoa le nakong e fetileng?’ Ebang ho bonahala ho khathala ho itseng kapa che, bohle re lokela ho hopola hore ‘Molimo’ oa rōna ‘oa tšepo’ o tšepisa ho fana ka “khanya le tlotliso le khotso ho mang le mang ea etsang hantle.” (Ba-Roma 2:10, NW) Pauluse o sebelisitse lentsoe la Segerike le bolelang “ho etsa ho hong, ho hlahisa, ho phetha.” Ke ha bohlokoa hakaakang hore re qobe se ileng sa etsahalla Bafarisi le bangoli, ba neng ba tlotlisa Molimo feela ka sebopeho sa tšebeletso ea molomo. (Mareka 7:6; Tšenolo 2:10) Ho fapana le hoo, ho tsoa pelong re kopanela ka mafolo-folo tšebeletsong ea phatlalatsa, re tiisetsa ba bang le rōna hore re na le tšepo ea ’nete. Re tlotlisa ’Mōpi oa rōna Monei oa Bophelo. ’Me re ba moleng oa ho tlotlisoa ke eena, hona joale le ka ho sa feleng.—Luka 10:1, 2, 17-20.
Ka Lintho tsa Rōna tsa Bohlokoa
17, 18. Tsela e ’ngoe eo re ka tlotlisang Molimo ka eona ke efe, ’me ke hobane’ng ha ho ba monyebe ho etsa joalo ho sa loka?
17 Mabapi le tsela e ’ngoe ea ho tlotlisa “Molimo oa tšepo,” Liproverbia 3:9 li re: “Tlotlisa Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng.” Spurrell o ngola temana ena tjena: “Tlotlisa Jehova ka matlotlo a hao, le ka tsohle tse molemohali tse u atetseng.”—A Translation of the Old Testament Scriptures from the Original Hebrew.
18 Kaha baruti ba fapa-fapaneng ba tumme hampe ka meharo ea bona e se nang meeli le ka mokhoa oa bophelo o majabajaba, batho ba bangata ba qea-qea ho nehela likerekeng le mekhatlong ea bolumeli eo sepheo sa eona ho bonahalang hantle e le feela ho iphumanela matlotlo. (Tšenolo 18:4-8) Leha ho le joalo, litšebeliso tseo tse mpe, ha li fetole bonnete ba Liproverbia 3:9. Tumellanong le taeo eo e bululetsoeng, ke joang re ka sebelisang “maruo” ho “tlotlisa Jehova,” ‘Molimo oa rōna oa tšepo’?
19. Bontša kamoo ba bang ba sebelisitseng Liproverbia 3:9.
19 Lipaki tsa Jehova li fumana hore palo e hōlang ea batho ba arabelang molaetseng oa ’Muso e hloka ho atolosoa ha Liholo tsa ’Muso kapa ho haha tse ncha. Joale, ona ke mokhoa o mong oa ho “tlotlisa Jehova ka matlotlo a hao.” Ba bacha le ba hōlileng ba ile ba kopanela ho etseng sena, e leng ka ho iketsetsa qeto ea ho fana ka monehelo letloleng la kaho. Ho khomarela liqeto tse joalo tse ka sephiring ho ka ’na ha hloka boitaeo kapa esita le boitelo bo itseng, haholo-holo haeba ho rera le ho qeta mohaho ho nka nako e telele. (2 Ba-Korinthe 9:6, 7) Ho ntse ho le joalo, ho sebelisa lichelete ka tsela ena ka sebele ho tlotlisa Jehova, hobane Liholo tsa ’Muso ke libaka tseo Bakreste ba mo rapelang ho tsona le moo bona le metsoalle ea bona ba fumanang tsebo ea Molimo. Mantsoe a Jesu ho Mattheu 6:3, 4 a re fa lebaka le letle la ho tšepa hore Molimo o tla tlotlisa ba mo tlotlisang ka ho etsa joalo.
20. (a) Ke hobane’ng ha ho itlhahloba ho loketse ha re sebelisa Liproverbia 3:9? (b) Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?
20 Leha ho le joalo, lentsoe la temoso ke lena: Bafarisi le bangoli, bao Jesu a itseng ba ne ba sa behe ho tlotlisa Molimo sebakeng sa pele, ba ne ba tiisa hore e be bona ba pele ho rua molemo matlotlong a bona. Kahoo keletso e ho Mattheu 15:4-8 e buella hore re ke re itlhahlobe mabapi le ‘ho tlotlisa Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’ (Jeremia 17:9, 10) Ka mohlala, Mokreste ea bonahalang a atleha khoebong ea hae a ka ’na a lokafatsa ho tsoela pele ha hae ho sebetsa nako e tletseng hore a ’ne a fumane ho eketsehileng. A ka ’na a bea mabaka, ‘Ba bang ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho kapa ba fallela ho ea sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli e leng khōlō, empa tsela ea ka e khethehileng ea ho sebeletsa Molimo ke ka ho fumana ho eketsehileng ’me ke tsebe ho nehela ho hongata.’ Menehelo ea hae e ka ’na ea etsa molemo o moholohali. Empa a ka ipotsa, ‘Na mokhoa oa ka oa bophelo o bontša hore ho sebelisa chelete ho tlotliseng Molimo ke sona sepheo se seholo sa ho fumana ho eketsehileng?’ (Luka 12:16-19; bapisa Mareka 12:41-44.) ’Me, ‘Na nka hlophisa litaba tsa ka hore ke kopanele haholoanyane mosebetsing o bohlokoahali oa mehleng ea rōna—ho bolela litaba tse molemo?’ Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna bophelong ke afe, re ka hlahloba lipheo tsa rōna le liketso ’me re ipotse, ‘Ke joang nka tlotlisang ka botlalo Monei oa Bophelo le ‘Molimo oa ka oa tšepo’?
21. Ke tebello efe eo re nang le eona haeba re tlotlisa Jehova hona joale?
21 Jehova a ke ke a re soetsa. Ke tebello e thabisang hakaakang ea hore hona joale le nakong e tlang, a ka ’na a re bolella seo a se boleletseng Iseraele ea tšepahalang: “Hobane u bile bohlokoa mahlong a ka, ke u tlotlisitse, ’me ’na ke u ratile”! (Esaia 43:4, NW) Eena Eo o tšepisa “bophelo bo sa feleng ho bao ba batlang khanya le tlotliso.” Tšepiso ena o e etsa ho ba mamellang “mesebetsing e metle.” A “Molimo oa tšepo”!
U ka Arabela Joang?
◻ Joaloka batho ba tlotlisang Jehova, ke eng seo re ka ithutang sona mohlaleng oa Jesu?
◻ Eli le Samuele ba fapane joang mabapi le ho tlotlisa Molimo?
◻ Ke mekhoa efe e meng eo ka eona u ka hōlisang tlotliso eo u e neang Molimo, ’me ke karabelo efe eo u ka ’nang ua e amohela?
◻ Ke bokamoso bofe bo letetseng ba beileng pele ho tlotlisa ‘Molimo oa rōna oa tsepo’?
[Lebokose le leqepheng la 20]
MANGOLO A MABAPI LE MENEHELO
Ana ke mantsoe a nkiloeng mangolong a amohetsoeng ke ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower, e Brooklyn, New York:
“Lebitso la ka ke Abijah, Ke lilemo li 9. Ke fana ka $4 [R8] bakeng sa baena ba sebetsang Liholong tsa ’Muso. Ba ka e sebelisetsa ho reka lipompong, ho tsoa ho bona.”—Oregon.
‘Ka hare le tla fumana cheke ea ka. Ke fetile lilemo tse 96 ’me ha ke sa utloa hantle litsebeng, empa ka sebele ke thabela ho boloka chelete ea ka bakeng sa hona. E, kea tseba, ke tsamaea ka koloi ea khale, ’me ha ke ee Florida kapa California bakeng sa phomolo ea ka ea mariha. Nka etsa ho honyenyane ho etseng hore litaba tse molemo li boleloe ka ho kokota menyakong. Empa ka ho boloka chelete ea ka le ho romela e ’ngoe ho lōna, ke ikutloa hore ke ntse ke e-na le karolo teng.’—Ohio.
‘Kea leboha ka sohle seo le se entseng bakeng sa Holo ea ’Muso. Chelete ena [R10] ke ea ho le thusa ka libuka le Melula-Qhooa tseo re li balang. Chelete e tsoa lebokoseng la ka la polokelo ea chelete. Kea leboha ka bukana e boholo ba makasine ea Sekolo e re bolellang ka lithethefatsi.’
“Ka kōpo amohelang chelete eo ke e kentseng ka hare. Chelete ke lidolara tse 200 [R400] tsa eona ke bakeng sa Letlōle la Kaho ea Liholo tsa ’Muso. E setseng e ka sebelisetsoa ho eng kapa eng eo le e bonang e lokela ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli.”—Missouri.