Lineano Tsa Bolumeli le Bibele
“LE FETOLA lentsoe la Molimo lefeela ka moetlo oa lōna oo le o neeletsanang.” Ha ho e mong ea buileng mantsoe ana ha e se Jesu Kreste ka boeena. (Mareka 7:13, TLP) Joaloka batho ba bangata kajeno, ka botšepehi Bajode ba mehleng ea Jesu ba ne ba itšoarelletse ka tloaelo e thata ea melao le mekhoa. Hape joaloka baruti ba bangata kajeno, baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba talima lineano tsena e le tsa bohlokoa ho feta Bibele.
Ho etsa mohlala: Lentsoe la Molimo le laela ka ho toba hore bana ba hlonephe batsoali ba bona. (Exoda 20:12) Ka ho hlakileng sena se ne se akarelletsa ho thusa batsoali ba neng ba oela mathateng a tebileng a lichelete. Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha neano ea Bojode e neng e bula tsela e bobebe ea ho qoba tlamo ena ea Bibele. Motho oa moikhabi o ne a ka etsa tšepiso e tiileng ea hore thepa ea hae e ne e tla neheloa tempeleng hamorao, a behella thepa eo ka thōko ka ho e bitsa “korbane.” Lentsoe lena le bolela “neo e etsetsoang Molimo.” Le hoja ka ho hlakileng morapeli oa Mojode a ne a lokolohile hore a ka sebelisa korbane ena molemong oa hae oa botho, ka bohlale o ne a ka hanela batsoali ba hae ka eona.—Mareka 7:9-12.
Empa Jesu o ile a hanyetsa sena ’moho le ‘lineano tse ling tse halalelang’ tsa Bajode, a re: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Mattheu 15:3-9.
Ha re talima seo Jesu a se boletseng, na kannete Mokreste a ka talima neano leha e le efe ea bolumeli e le e nang le bohlokoa bo lekanang le ba Bibele? Le hanyenyane. Ho sa tsotellehe hore na ke lerato le lengata hakae kapa boikutlo bo bongata hakae tse khomaretseng mokhoa oo, seo Mokreste a amehileng ka sona ke hore na o lumellana le Lentsoe la Molimo kapa che. Ho etsa mohlala, nahana ka lipontšo tse ling tsa neano ea bolumeli tse hlalosoang bukeng ea K’hatholike Liturgy—An Elementary Course, ea María A. Lombillo Clark, T.D. Lineano tsee li bapa joang le seo Bibele e hlileng e se buang?
[Box]
LITURGY LENTSOE LA MOLIMO
“Re bontša borapeli ba rōna ho “Bana, itšabiseng melimo ea
Molimo ka lipontšo tsa bolumeli.” bohata.”—1 Johanne 5:21.
“Molimo ke Moea: ba o
rapelang e ka khona ba
rapele ka moea le
ka ’nete.”—Johanne 4:24.
“Re tsamaea ka tumelo, e seng
ka pono.”—2 Ba-Korinthe 5:7.
“Ke ’na Jehova, ke lona
lebitso la ka, nke ke ka
nea e mong khanya ea ka,
nke ke ka nea litšoantšo
thoko e ntšoanelang.”—Esaia 42:8.
“Re lokela ho etsetsa Moroetsana “U se ke ua iketsetsa
Maria ea Halalelang ka ho Fetisisa, setšoantšo se betliloeng,
mangeloi, le bahalaleli leha e le setšoantšo se
lipontšo tsa bolumeli. le seng sa tse holimo
Empa lipontšo [tse joalo] maholimong, leha e le sa
tsa bolumeli tsa tlotliso . . . tse tlase lefatšeng . . .
qetellong li tla ho Molimo, U se ke ua li khumamela,
ka tsela e tšoanang le eo u, se ke ua li
morena a hlonepshoang ka eona sebeletsa.”—Exoda 20:4, 5.
ha hlonepho neoa a matona hae.”
“’Na, Johanne, . . . ka
itihela ho khumama maotong
a lengeloi . . .
Empa la re ho ’na: Se
etse hoo; . . . Khumamela
Molimo.”—Tšenolo 22:8, 9.
“Molimo o mong feela,
le ’Muelli mahareng a
Molimo le batho
o mong e leng Jesu
Kreste motho.”
“Sefapano sea hlokahala “Molimo o entseng lefatše
aletareng; ha se le sieo ’Misa le tsohle tse ho lona,
o Halalelang o ke ke oa ketekoa. e leng eena Morena oa
Masela a mararo a aletare, leholimo le oa lefatše,
liluloana tse peli tsa o ke ke oa aha litempeleng
lik’hantlele, le likuku tsa tse entsoeng ka matsoho.”
sakaramente le tsona lia —Liketso 17:24.
hlokahala.”
“Re fela re sa talime tse
bonahalang, re mpa re talima tse sa bonahaleng.”
“La 1 Pulungoana . . . mokete oa “Hase bafu ba ka rokang
Letsatsi la Bahalaleli Bohle. Jehova, leha e le
Letsatsi le Halalelang la meea ba theohelang nģalong
eohle e phelang ka thabo leholimong, e khutsitseng.”—Pesaleme ea 115:17.
leo ka letsatsi le leng e tlang ho ba la rōna.”
“Bafu ha ba tsebe letho leha
le le leng.”—Moeklesia 9:5.
“Moea o mong le o mong o sa
tl’o utloa moprofeta eo o
tla timetsoa.”—Liketso 3:23,
Douay Version.
“Ka thuso ea meea ena [Kereke] “Ho ke ke ha e-ba le
e theile ‘Mokete oa Khopotso ea mosebetsi, leha
bafu ba tšepahalang’ oa la 2 e le monahano, leha e le
Pulungoana. Letsatsing lena bohlale, leha e le tsebo,
baprista ba keteka ’Misa ka liheleng, moo u
makhetlo a mararo e le ho potlakelang teng.”—Moeklesia
bebofatsa litlhokofatso tsa 9:10, Douay Version.
pelekatori ho meea ena e lehlohonolo “U se ke ua bea
le ho potlakisa ho kena ha tšepo ea hao
eona leholimong.” ho [motho;] . . .
o tla khutlela
lefatšeng la habo:
letsatsing leo
mehopolo ea [hae] kaofela
e tla timela.”—Pesaleme
ea 145:2-4, Douay Version.
“Ha re lihella litema, thuto ea
K’hatholike ea pelekatori e
theiloe neanong, e seng Lengolong
le Halalelang.”—New Catholic
Encyclopedia. Moqolo 11, leqephe 1034.
Ho Lokolloa Lineanong Tse Kotsi
Ka hona lineano tse ngata tsa bolumeli tse ratoang ha li khahlise Molimo, kahoo, li kotsi. Empa, ho thahasellisang, moapostola Pauluse o ngotse: “Joale kea le babatsa hobane linthong tsohle . . . le tšoarelletse lineanong hantle joalokaha ke li fetiselitse ho lōna.” (1 Ba-Korinthe 11:2, NW) Leha ho le joalo, lineano tsena e ne e le mekhoa e metle, e molemo e theiloeng Lentsoeng la Molimo—e seng meetlo e se nang thuso, e entsoeng ke batho. Li ne li nka sebaka sa “mofuta o se nang thuso oa boitšoaro o fumanoeng ka neano” oo ba bangata lekholong la pele la lilemo ba neng ba o sebelisa pele ba fetoha Bakreste.—1 Petrose 1:18, NW.
Ka ho tšoanang kajeno, motho ea tšabang Molimo o tlameha ho hlahlobisisa le ho hana neano leha e le efe e ipakang e se ea Mangolo. Ka sebele kamano ea motho le Molimo ke ea bohlokoa haholo ho feta mefuta leha e le efe ea borapeli e entsoeng ke batho! Ke ’nete hore ho hana lineano tseo e seng tsa Mangolo ha ho bonolo ho hang. Hangata ho hloka ho fetola mekhoa ea boitšoaro e theiloeng ka nako e telele. Ka mohlala, mohlankana e mong Colombia o ne a kene ka ho teba neanong ea bolumeli. Ho tloha bongoaneng o ne a e-na le takatso e matla ea ho ba moprista oa K’hatholike. O ne a atisa ho bapala a etsa eka o ‘tšoere ’Misa’ le likhaitseli tsa hae, esita le ho amohela “maipolelo” ho tsona. Lilemo hamorao a khona ho kena sekolong sa ho itokisetsa ho ea seminaring, qetellong a kena univesithing ea K’hatholike. Mono, lineano tsa bolumeli tsa kenngoa ka ho teba bophelong ba hae.
Ka letsatsi le leng, e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela habo. Le hoja batsoali ba hae ba ne ba sa batle ho lumella Paki eo ho itlhalosa, bonyane bo ileng ba buuoa ba khahla mohlankana enoa ea sekametseng bolumeling. Hamorao a lokisetsa ho ithuta Bibele le Paki ena ka lekunutu. Oa hopola: “Takatso ea ka ea sebele e ne e le ho tseba Bibele ka pono ea litaba e fapaneng empa ke sa fetole bolumeli ba ka. Ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Molimo joaloka moprista, ho leka ho hlahisa liphetoho lipelong tsa batho. Ka mor’a ho ithuta Bibele nako e ka etsang khoeli, ha hlaha khohlano ka hare ho ’na, kaha lineano le meetlo tsa bolumeli ba ka li ne li loantšana le litekanyetso tse hlakileng tsa Mangolo.”
Lelapa labo la mo tlisetsa khatello ea hore a khaotse ho ithuta Bibele, ’me qetellong o ile a tlameha ho tloha lapeng. Leha ho le joalo, o re: “Ka mor’a likhoeli tse peli tsa ho ithuta Bibele, ka kholiseha hore ke ne ke fositse haholo, eaba ke tlohela univesithi le mosebetsi oa ka oa botichere kolecheng e ’ngoe ea bolumeli ’me ka inehela boboleling ba ntlo le ntlo. Joale bophelo ba ka bo fetohile esita le mekhoa ea ka e fetohile. Ke ile ka ikutloa ke thabile ka ho khethehileng letsatsing leo le sa lebaleheng leo ka lona ke ileng ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso.” Hona joale mohlankana enoa o sebeletsa ka nako e tletseng ho thusa ba bang ho itokolla lineanong tse hlomphollang Molimo.
Haeba u inehetse ka cheseho neanong ea bolumeli, ho ka ’na ha hlokahala hore le uena u etse liphetoho tse itseng. Hape hopola seo Jesu a kileng a se bolella mosali oa Mosamaria selibeng. Eena le batho ba habo ba ne ba e-na le mokhoa oo ba o hlonephileng ka nako e telele oa ho rapela Molimo Thabeng ea Gerizime. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ’montša hore sena e ne e le neano e se nang thuso, a re: “Mosali, ntumele, nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Johanne 4:19-23.
Na u e mong oa ‘bao Ntate a ba batlang’? Na u na le takatso e matla ea ho rapela Molimo ka ’nete? Joale temoso ea moapostola Pauluse ho Ba-Kolosse 2:8 ke e loketseng ka ho fetisisa: “Hlokomelang hore le se lumelle mang kapa mang ho le qhekella ka lifilosofi tsa hae, ka litoro tse se nang thuso tse nkiloeng neanong ea batho.” (The Holy Bible, Ronald A. Knox) Ho e-na le hoo, latela lithuto tsa Bokreste ba ’nete, tse ka u isang bophelong bo sa feleng!—Johanne 17:3.