Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Ho Thabela Kamano e Haufi Haholo
KA MOR’A sejo sa sehopotso, Jesu o ne a ntse a khothatsa baapostola ba hae ka mokhoa o sa rereloang e mpa e le o tiileng. E ka ba ka mor’a khitla. Joale Jesu oa phehella: “Emang, a re tloheng mona.” Leha ho le joalo, pele ba tloha, Jesu, a khannoa ke lerato la hae ho bona, o tsoela pele ho bua, o fana ka papiso e khothatsang.
Oa qala: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke Ntate.” Molemi e Moholo, Jehova Molimo, o lemme sefate sena sa morara oa tšoantšetso ha a tlotsa Jesu ka moea o halalelang kolobetsong ea hae ka lehoetla la 29 C.E. Empa Jesu o tsoetse pele ho bontša hore sefate sena sa morara se tšoantšetsa ho fetang eena feela, oa hlokomela:
“Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beheng, oa le rema, ’me le leng le le leng le behang, oa le hlahola hore le tle le eketse ho beha. . . . Joalo ka lekala le sitoa ho beha le ’notši, ha le sa khomarele sefate, ho joalo le lōna ha le sa nkhomarele. Ke ’na sefate sa morara, ’me lōna le makala.”
Ka Pentekonta, matsatsi a 51 hamorao, baapostola le ba bang ba fetoha makala a sefate sa morara ha moea o halalelang o tšolleloa ho bona. Qetellong, batho ba 144 000 ba fetoha makala a sefate sa morara oa tšoantšetso. Hammoho le kutu ea sefate sa morara, Jesu Kreste, bana ba etsa sefate sa morara sa tšoantšetso se hlahisang litholoana tsa ’Muso oa Molimo.
Jesu o hlalosa senotlolo sa ho hlahisa litholoana: “Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o beha haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.” Leha ho le joalo, haeba, motho a sitoa ho hlahisa litholoana, Jesu o re, “o lahleloa ntle, joalo ka lekala, ’me oa omella; ’me makala a omeletseng a ee a roalloe, a lahleloe mollong, a che.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu oa tšepisa: “Ha le lula ho ’na, ’me mantsoe a ka a lula ho lōna, le ka kōpa see le se ratang, ’me le tla etsetsoa sona.”
Jesu o tsoela pele ho bontša se tlotlisang Ntate, ke hore, “ha le beha haholo; le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.” Litholoana tseo Molimo o li lakatsang makaleng ke ho bonahatsa ha oona litšobotsi tse kang tsa Kreste, haholo-holo lerato. Ho feta moo, joalokaha Kreste e ne e le ’moleli oa Muso oa Molimo, litholoana tse lakatsehang li kopanyelletsa mosebetsi oa oona oa ho etsa barutuoa joalokaha a entse.
Joale Jesu oa phehella, “lulang leratong la ka.” Leha ho le joalo, baapostola ba hae ba ka ho etsa joang? O re, “ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka.” Ha a tsoela pele, Jesu oa hlalosa: “Molao oa ka ke hoba le ratane, joalo ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”
Lihoreng tse ’maloa, Jesu o ne a tla bonahatsa lerato lena le fetisisang ka ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa baapostola ba hae, hammoho le bohle ba lumelang ho eena. Mohlala oa hae o lokela ho susumelletsa balateli ba hae ho ba le lerato le tšoanang la boitelo e mong ho e mong. Lerato lena le tla ba khetholla, joalokaha Jesu a boletse pelenyana: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
Ho khetholla metsoalle ea hae, Jesu o re: “Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.”
Eo ke kamano e bohlokoa hakaakang ho ba le eona—ho ba metsoalle e haufi haholo ea Jesu! Empa ho tsoela pele ba thabela botsoalle bona, balateli ba hae ba lokela ho “tsoela pele ba beha litholoana.” Haeba ba ho etsa, Jesu o re: “Tsohle tsee le ka li qelang ho Ntate ka lebitso la ka, [o tla] le fa tsona.” Kannete, oo ke moputso o moholohali oa ho beha litholoana tsa Muso!
Ka mor’a ho phehella baapostola hape ho “ratana,” Jesu o hlalosa hore lefatše le tla ba hloea. Leha ho le joalo, oa ba tšelisa: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna.” Joale Jesu o senola hore ke hobane’ng ha lefatše le hloile balateli ba hae, o re: “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo, lefatše le le hloile.”
A tsoela pele ho hlalosa lebaka la lehloeo la lefatše, Jesu a tsoela pele: “Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe [Jehova Molimo] ea nthomileng.” Ha e le hantle, mesebetsi ea Jesu ea mehlolo, e nyatsa ba mo hloileng, joalokaha a hlokomela: “Hojane ke se ke ka etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ea e entseng, ba ka be ba se na sebe; joale ba bone, ’me ba hloile ’na le Ntate.” Kahoo, Jesu o re, lengolo le phethahetse: “Ba ntlhoile feela.”
Joalokaha a entse pelenyana, Jesu o boetse o ba tšelisa ka ho tšepisa ho ba romella mothusi, moea o halalelang, oo e leng matla a sebetsang a Molimo. “Ke eena ea tla paka tsa ka. Le lōna le tla paka.” Johanne 14:31–15:27; 13:3, 35; Ba-Galata 6:16; Pesaleme ea 35:19; 69:4.
▪ Ke neng Jehova a lemmeng sefate sa morara sa tšoantšetso, ’me ke neng ba bang ebileng karolo ea sefate sa morara hona joang?
▪ Qetellong, ke makala a makae ao sefate sa morara oa tšoantšetso se bang le oona?
▪ Ke litholoana life tseo Molimo o li lakatsang makaleng?
▪ Re ka ba metsoalle ea Jesu joang?
▪ Ke hobane’ng lefatše le hloile balateli ba Jesu?