U Rapela Molimo Ofe?
HO POTA lefatše, batho ba ne ba tla arabela potso eo ka litsela tse ngata tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela: “Melimo e fela e le mengata, le marena a mangata,” ’me melimo e rapeloang kajeno e baloa ka limillione. (1 Ba-Korinthe 8:5) Leha ho le joalo, na u ne u tseba hore batho ba bangata ba rapela molimo o fapaneng le oo ba nahanang hore ba o rapela? Hona na u hlokometse hore ba bangata ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba inehetse haholoanyane ho feta ba lumelang ho molimo? Ka tsela efe?
Tlhaloso e ’ngoe ea borapeli ke “ho hlompha ka tlhompho e khōlō, esita le e tlōlisang, tlotliso, kapa boinehelo.” Lipuong tsa Bibele tsa pele-pele, mantsoe a hlalosang borapeli a fetisa mohopolo oa tšebeletso kapa ho khumamela motho e mong. Re hopotse sena, a re boneng hore na ke joang batho ba ka etsang phoso mabapi le hore na ke mang eo ba hlileng ba mo rapelang kapa ntho eo ba e rapelang.
Borapeli bo Kopanetsoeng
Nahana ka mohlala oa Basamaria ba boholo-holo. Ba bangata ho bona e ne e le basele qalong bao Baassyria ba ileng ba ba tlisa Palestina hore ba nke sebaka sa meloko e leshome e ka leboea ea Iseraele e neng e le botlamuoeng. Pejana, ba ne ba ile ba latela melimo ea bohedene, empa joale ba ile ba etsa boiteko ba ho ithuta ka Jehova, Molimo oa Iseraele. Na ebe joale ba ile ba lahla bolumeli ba bona ba khale? Che. Bibele ea tlaleha: “Ba entse ka mekhoa ea bona ea pele. Ha e le lichaba tseo, tsa tšaba Jehova joalo, tsa mpa tsa sebeletsa le litšoantšo tsa bona.” (2 Marena 17:40, 41) Kahoo le hoja Basamaria ba ne ba ipolela hore ba lumela ho Jehova, ba ne ba ntse ba sebeletsa melimo ea bona ea khale, kahoo ba ne ba sebelisa bolumeli bo kopanetsoeng.
Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ha baromuoa ba tlisa Bok’hatholike ba Roma Amerika Boroa. Ba ile ba sokolla baahi ba bangata, empa joaloka Basamaria ba boholo-holo, baahi bao ha baa ka ba lebala melimo ea bona ea pele. Kahoo, Brazil “Bakreste” ba sa ntsane ba keteka litšebeletso tsa bohedene tsa voodoo, feela joaloka mekete e tlotlisang melimo ea boholo-holo, e kang molimotsana Iemanjá. Lintho tse tšoanang lia etsahala linaheng tse ling tsa Amerika Boroa.
Ho feta moo, bolumeli boo baromuoa bao ba bo tlisitseng Amerika Boroa e ne e le bolumeli bo kopanetsoeng. Lithuto tsa bona tse ngata, tse kang Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, le ho se shoe ha sephefumolohi, li ne li tsoa malumeling a bohedene a boholo-holo le lifilosofing. Ka sebele li ne li sa fumanoe ka Bibeleng. Ka ho tšoanang, mekete ea bona—ho akarelletsa Keresemese le Paseka—e ne e sa simoloha Bokresteng.a Na ho ka etsahala hore motho a keteke mekete e joalo ea bohedene ’me a lumele lithutong tse joalo tseo eseng tsa Bokreste ’me a ’ne a rapele Molimo oa Bibele, o itseng: “U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka”? (Exoda 20:3) Ka sebele ha ho joalo!
“Itebeleng ho Melimo ea Litšoantšo”
Nahana ka tsela e ’ngoe eo batho ba thetsoang ka eona tabeng ea borapeli. Moapostola Johanne o ngotse: “Bana, itebeleng ho melimo ea litšoantšo.” (1 Johanne 5:21, NW) Batho ba ka bang limillione tse sekete ba khetholloa e le litho tsa Bokreste-’mōtoana, ’me bona ha ba ipolela ba nahana hore ba rapela Molimo o neng o rapeloa ke Johanne. Leha ho le joalo, ba makholo a limillione ho bona ba khumamela litšoantšo tsa “bahalaleli,” tsa Jesu, le tsa moroetsana Maria.
Ho na le mefuta e meng e bolotsana ea borapeli ba litšoantšo. Ka selemo sa 44 C.E., Morena Heroda Agrippa o ile a fana ka puo ea phatlalatsa, ’me batho ba ile ba nyakalla hoo ba ileng ba hooa: “Lentsoe lena ke la molimo, e seng la motho!” (Liketso 12:21, 22, BPN) E, ba ile ba rapela Heroda, ba mo etsa molimo. Lintho tse tšoanang le tseo lia etsahala kajeno. Mehleng e mabifi ea ha Bonazi bo ne bo hloella pusong Europe, mohoo o reng “Heil Hitler!” ka sebele e ne e le mohoo oa borapeli. Ba bangata ba ne ba ikemiselitse ho loanela le ho shoela Führer joalokaha eka ke molimo, ’moloki oa sechaba. Leha ho le joalo, bongata ba ba neng ba nehelana ka tlhompho e joalo e ne e le litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana!
Ka ho tšoanang, mehleng ea pele ho Hitler le ka morao, baeta-pele ba bang ba lipolotiki ba ’nile ba iphahamisa joaloka batho ba hlahelletseng ba pholosang ’me ba ’nile ba batla boinehelo bo khethehileng. Ba ileng ba inehela ba ile ba etsa batho bana melimo, ho sa tsotellehe hore na “barapeli” e ne e le litho tsa bolumeli bofe kapa esita leha ba ne ba ipolela ba sa lumele hore Molimo o teng. Tlhompho eo likhalala tsa lipapali tse hlahelletseng ka mahetla, likhalala tsa libaesekopo, le ba bang ba tlosang bolutu ba e fumanang ho batšehetsi ba bona le eona e tšoana le borapeli.
Borapeli ba Chelete
Ho phaella moo, nahana ka se neng se boleloa ke mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane kapa o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona.” (Mattheu 6:24) Na u tseba e mong eo e leng setho sa bolumeli empa thahasello ea hae ea sehlooho bophelong e le ho etsa chelete? Ka hona ke mang eo motho ea joalo a hlileng a mo sebeletsang, Molimo kapa maruo? U tseba batho ba bakae ba sa lumelang ba tšoasoang ke ho lelekisa chelete ka lefene-fene? Ka sebele, le bona ke barapeli ba chelete, mohlomong ba cheseha haholoanyane le ho feta balumeli ba bangata.
Moapostola Pauluse o hlalositse molao-motheo o tšoanang ha a ne a ngola: “Ka hona, bolaeang litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, litšila, takatso e mpe ea botona le botšehali, takatso e kotsi, le takatso e mpe, eo e leng borapeli ba litšoantšo.” (Ba-Kolosse 3:5, NW) Haeba ka matla re lakatsa ntho e itseng hampe hoo re ikitlaetsang ka boiteko ba rōna bohle hore re e fumane, mohlomong esita le ho tlōla molao ka ketso eo, kahoo ntho eo ke setšoantšo ho rōna, molimo. (Ba-Efese 5:5) Lengolong le leng, Pauluse o ngotse ka bafosi ba bang ba itseng: “Bao molimo oa bona e leng mpa.” (Ba-Filippi 3:19) Haeba morero ’ohle oa rōna bophelong e le ho ikhahlisa, kamoo ho ka boleloang ka teng e leng ho tlatsa limpa tsa rōna, joale re tla be re ikentse molimo ka borōna. U tseba ba bakae ba rapelang molimo oa mofuta ona?
E, ho joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Melimo e fela e le mengata, le marena a mangata.” ’Me maemong a mangata, barapeli ba eona ba joaloka Basamaria ba boholo-holo, ba sebeletsa molimo o mong ka lipuo tsa bona athe o mong ba o sebeletsa ka liketso tsa bona. Leha ho le joalo, ha e le hantle ho na le Molimo o le mong feela o tšoaneloang ke borapeli ba rōna. Na ua tseba hore ke mang? Ho phaella moo, ho na le ntho e le ’ngoe e kopanyang borapeli ba melimo e meng eohle ka ntle ho oona. Ke ntho efe eo? Re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, leqephe 212-13, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.