Ho Buisana ka Lapeng le ka Phuthehong
“Polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai.”—BA-KOLOSSE 4:6.
1. Adama o ile a re’ng ha Molimo o tlisa Eva ho eena?
“MOTHO hase pulumo-ea-seema-osi . . . Motho ke motho ka batho ba bang.” Monna e mong ea rutehileng oa sehlalefi o ile a ngola joalo makholo a ’maloa a lilemo a fetileng. Ka ho rialo, o ne a mpa a tiisa seo ’Mōpi a ileng a se bua ka Adama: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši.” Adama o ne a tseba ho bua ’me a fuoe puo, hobane o ne a rehile liphoofolo tsohle mabitso. Empa ho ne ho se na sebōpuoa se seng se motho seo Adama a neng a ka buisana le sona. Ha ho makatse hore e be o ile a hooa tjena ha Molimo o tlisa Eva ea ratehang ho eena e le mosali oa hae: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka”! Ka hona, ha lelapa la pele la motho le qaleha, Adama o ile a qala ho buisana le motho ea tšoanang le eena.—Genese 2:18, 23.
2. Ho shebella thelevishene ho sa laoloeng ho ka hlahisa tšenyo efe?
2 Lelapa ke sebaka se molemohali bakeng sa puisano. Ka sebele, bophelo bo atlehileng ba lelapa bo itšetlehile ka eona. Leha ho le joalo, puisano e hloka nako le boiteko. Kajeno, le leng la masholu a maholo ka ho fetisisa a nako ke thelevishene. E ka baka tšenyo bonyane ka litsela tse peli. Ka lehlakoreng le leng, e ka ipiletsa haholo hoo litho tsa lelapa li ka lemallang ho e shebella, ’me sena se ka fella ka hore ho se be le puisano. Ka lehlakoreng le leng, thelevishene e ka sebeletsa e le tsela ea ho qoba liphapang kapa ho utloisoa bohloko ha ho hlaha. Ho e-na le hore ba rarolle mathata, banyalani ba bang ba khethile ho khaotsa ho bua ’me ba shebelle thelevishene. Kahoo thelevishene e ka tlatsetsa hore ho se be le puisano, e leng ntho e ka sehloohong eo ho thoeng ke eona e senyang lenyalo. Mohlomong ba nang le bothata ba ho laola tsela eo ba shebellang thelevishene ka eona ba ka nahana ka ho khaotsa ho e shebella ka ho felletseng.—Mattheu 5:29; 18:9.
3. Ba bang ba ruile molemo joang ka ho fokotsa tsela eo ba shebellang thelevishene ka eona?
3 Ha e le hantle, ho ’nile ha amoheloa litlaleho tse thabisang tse bolelang ka mahlohonolo a tlisoang ke ho fokotsa tsela eo e shebelloang ka eona kapa ho khaotsa ho shebella thelevishene. Lelapa le leng le ngotse: “Re buisana ka ho eketsehileng . . . , re etsa lipatlisiso tse eketsehileng tsa Bibele . . . Re bapala lipapali hammoho . . . Likarolo tsohle tsa tšebeletso ea rōna ea tšimo li ntlafetse.” Ka mor’a hore lelapa le leng le se hlole le e-ba le thelevishene le ile la ngola: “Hase feela hore re boloka chelete [ba ne ba kenyelitsoe thelevishene e tšoarang liteishene tse hōle ka ho toba] empa lelapa la rōna le se le momahane haholoanyane ’me re fumane lintho tse ling tse ngata tse putsang tseo re ka li etsang ka nako ea rōna. Le ka mohla ha re jeoe ke bolutu.”
Ho Sheba, ho Bua, le ho Mamela
4. Banyalani ba ka bontšang kananelo eo ba nang le eona e mong ho e mong joang ka tsela ea puisano?
4 Ho na le mefuta e fapaneng ea puisano ka lapeng. Mefuta e meng ke ea ho se sebelise mantsoe. Ha batho ba babeli ba shebana feela, hoo ke mofuta o mong oa puisano. Ho ba hammoho ho ka fetisa boikutlo bo bontšang thahasello ho e mong ka tsela ea puisano. Banyalani ba lokela ho qoba ho ba hōle ho e mong ka nako e telele ntle leha eba ho na le lebaka le ke keng la qojoa. Banyalani ba ka matlafatsa thabo eo ba nang le eona e mong ho e mong ka ho thabela kamano e haufi eo ba nang le eona tlamahanong ea bona ea lenyalo. Ka tsela e bontšang lerato empa e le e hlomphang eo ba itšoarang ka eona e mong ho e mong, ebang ke har’a batho kapa moo ba leng bang, ka ho bontša tlhompho e loketseng moaparong le boitšoarong, ba ka fetisa boikutlo ba ho ananelana ka ho teba ka tsela ea puisano ba ntse ba khutsitse. Morena Salomone ea bohlale o ile a hlalosa tjena: “Seliba sa hao se ke se hlohonolofale; u thabele mosali oa bocha ba hao.”—Liproverbia 5:18.
5, 6. Ke hobane’ng ha banna ba lokela ho falimehela bohlokoa ba ho buisana le basali ba bona?
5 Puisano e hloka hore batho ba qoqe, ba fapanyetsane maikutlo—ba buisane, e seng hore ba qoqelane. Le hoja basali ba bang ba feta banna mabapi le ho hlalosa maikutlo a bona, hoo ha se lebaka le utloahalang la hore banna e be balekane ba khutsitseng. Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ho haella ha puisano ke bothata bo boholo manyalong a mangata, ka hona ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba boloke mecha ea puisano e bulehile. Ka sebele, ba tla etsa joalo haeba bona hammoho le basali ba bona ba utloa keletso e ntle eo moapostola Pauluse a fanang ka eona ho Ba-Efese 5:25-33. (NW) E le hore monna a ka rata mosali oa hae joalokaha a rata ’mele oa hae, o tlameha ho ameha ka boiketlo le thabo ea mosali oa hae, e seng a amehe ka boiketlo le thabo ea hae feela. Hore a finyelle seo, ho hlokahala hore ho be le puisano.
6 Monna ha a lokela ho ba le boikutlo ba hore mosali oa hae o lokela ho profeta kapa ho noha hore oa mo rata. Ho hlokahala hore mosali oa hae a kholisehe hore oa mo rata. Monna a ka bontša kananelo ea hae ka litsela tse ngata—ka mantsoe a bontšang lerato le ho mo fa limpho a sa lebella, hammoho le ho mo tsebisa ka mehla litaba tse ka ’nang tsa mo ama. Hape ho na le phephetso ea hore a bontše kananelo bakeng sa boiteko boo mosali oa hae a bo etsang, ebang ke boiteko ba ho itlhopha, ho sebetsa ka thata molemong oa lelapa, kapa ho tšehetseng ha hae mesebetsi ea moea ka pelo eohle. Ho phaella moo, e le hore monna a ka utloa keletso ea moapostola Petrose e ho 1 Petrose 3:7, (NW) ea ‘ho phela le mosali oa hae ho latela tsebo,’ o tlameha ho ipeha boemong ba hae, ’me a ka bontša sena ka ho buisana le eena ka litaba tsohle tse ba amang ba le babeli, a ’montše tlhompho joaloka pitsa e fokolang.—Liproverbia 31:28, 29.
7. Mosali o na le tlameho efe ea ho buisana le monna oa hae?
7 Ka ho tšoanang, e le hore mosali a ka utloa keletso e amanang le boikokobetso e ho Ba-Efese 5:22-24, ho hlokahala hore a amehe ka ho boloka mecha ea puisano e bulehile kamanong le monna oa hae. Ho hlokahala hore a nehe monna oa hae “tlhompho e tebileng,” ka lipuo le ka boitšoaro ba hae. Le ka mohla ha a lokela ho etsa lintho kamoo a ratang ka teng kapa ho iphapanyetsa litaelo tsa hae. (Ba-Efese 5:33, NW) Ka linako tsohle, eena le monna oa hae ba lokela ho ba le puisano e haufi-ufi.—Bapisa le Liproverbia 15:22, NW.
8. Basali ba tlameha ho ikemisetsa ho etsa eng e le hore ba ka boloka mecha ea puisano e bulehile?
8 Ho phaella moo, mosali o lokela ho itebela hore a se ke a shoa le mantsoe joaloka noha e le ha a bontša ho ngongoreha. Haeba ho hlahile liphapang, o lokela ho batla nako e nepahetseng ea ho hlahisa taba ena. E, o lokela ho ithuta ho Mofumahali Esthere. O ne a lokela ho hlokomelisa monna oa hae taba e amang bophelo le lefu. Ho nka ha hae khato ka bohlale le ka masene ho ile ha pholosa Bajode. Re tlamehile ho buisana molemong oa balekane ba rōna le molemong oa rōna ka borōna haeba re utloisitsoe bohloko kapa re ntse re utloisoa bohloko. Masene le ho soasoa ho hlomphehang li ka etsa hore ho be bonolo ho buisana.—Esthere 4:15–5:8.
9. Ho mamela ho phetha karolo efe puisanong?
9 Se akarelletsoang tabeng ea ho buisana molemong oa ho boloka mecha ea puisano e bulehile ke hore e mong le e mong o tlamehile ho mamela seo e mong a se buang—le ho etsa boiteko ba ho hlokomela se sa akarelletsoang tabeng. Sena se hloka hore ea buang a mameloe ka hloko. Ha ho hlokahale feela hore motho a utloisise mehopolo e hlalosoang empa hape ho hlokahala hore a ele hloko maikutlo a susumelitseng mantsoe a buuoang, tsela eo ntho e itseng e buuoang ka eona. Hangata monna oa hlōleha tabeng ena. Basali ba ka ngongoreha hobane banna ba sitoa ho mamela. ’Me ho hlokahala hore basali ba mamele ka hloko e le hore ba ka qoba ho etsa liqeto ka lepotla-potla. “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a fumane thuto e eketsehileng.”—Liproverbia 1:5, NW.
Puisano Pakeng tsa Batsoali le Bana
10. Batsoali ba tlameha ho ikemisetsa ho etsa eng e le hore ba ka tšepahala tabeng ea ho buisana le bana ba bona?
10 Ho boetse ho na le boemo boo ho bona batsoali le bana ba bona ba thatafalloang ke ho buisana. Ho “ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea” ho hloka hore ho theoe mecha ea puisano. Ho etsa joalo ho tla fana ka tiiso ea hore “le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Ka linako tse ling batsoali ba bang ba lahleheloa ke bana ba bona ka hore ba ee lefatšeng ka baka la lekhalo la puisano le ileng la ba teng ha ba ntse ba hōla. Tlamo ea batsoali ea ho buisana le bana ba bona ka linako tsohle e totobatsoa ho Deuteronoma 6:6, 7: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” E, batsoali ba tlameha ho qeta nako ba e-na le bana ba bona! Ba tlameha ho ikemisetsa ho itela molemong oa bana ba bona.
11. Ke lintho life tse ling tseo batsoali ba lokelang ho buisana le bana ba bona ka tsona?
11 Batsoali, buisanang le bana ba lōna ’me le ba bolelle hore Jehova oa ba rata le hore le lōna lea ba rata. (Liproverbia 4:1-4) Ba bontšeng hore le ikemiselitse ho tela boiketlo le menyaka molemong oa khōlo ea bona ea kelello, ea maikutlo, ea ’mele, le ea moea. Tabeng ena ho hlokahala hore le ipehe boemong ba bana ba lōna e leng matla a batsoali a ho talima lintho kamoo bana ba bona ba li talimang ka teng. Ha le bontša lerato le se nang boithati, lōna batsoali le ka haha tlamahano e matla ea bonngoe baneng ba lōna ’me le ba khothalletse hore ba le tšepe ho fapana le ho tšepa lithaka tsa bona.—Ba-Kolosse 3:14.
12. Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho buisana le batsoali ba bona ka bolokolohi?
12 Ka lehlakoreng le leng, bacha, le tlamehile ho buisana le batsoali ba lōna. Ho ananela seo ba le etselitseng sona ho tla le thusa hore le ba tšepe. Le hloka thuso le tšehetso ea bona, ’me ho tla ba bonolo ho bona ho le fa eona haeba le buisana le bona ka bolokolohi. Ke hobane’ng ha le fetola lithaka tsa lōna mehloli e meholo ea keletso? Mohlomong lithaka tsa lōna li le etselitse ho fokolang feela ha ho bapisoa le seo batsoali ba lōna ba le etselitseng sona. Joaloka lōna, ha li na phihlelo e eketsehileng bophelong, ’me haeba e se karolo ea phutheho, ha li hlile ha li thahaselle boiketlo ba lōna ba ka ho sa feleng.
Puisano ka Phuthehong
13, 14. Ke melao-motheo efe ea Bibele e akarelletsang puisano pakeng tsa Bakreste?
13 Phephetso e ’ngoe ke ho boloka mecha ea puisano e bulehile kamanong le baena ba hao ka phuthehong. Re khothalletsoa ka matla hore re ‘se ke ra ngala ho bokana ha rōna hammoho.’ Re bokana ka morero ofe? Ka morero oa ‘ho isana leratong le mesebetsing e metle.’ Sena se hloka hore ho be le puisano. (Ba-Heberu 10:24, 25) Haeba e mong a u khopisa, ho hang leo ha se lebaka la hore u khaotse ho ea libokeng. Boloka mecha ea puisano e bulehile ka ho latela keletso eo Jesu a re fileng eona e tlalehiloeng ho Mattheu 18:15-17. Buisana le motho eo u nahanang hore ke eena ea etsang hore u se thabe.
14 Ha ho hlaha mathata pakeng tsa hao le e mong oa baena ba hao, utloa keletso ea Mangolo e kang e fumanoang ho Ba-Kolosse 3:13: “Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha [Jehova] a le hauhetse, etsang joalo le lōna.” Sena se bolela hore u lokela ho buisana le motho ea itseng ho fapana le ho hana ho ’muisa. ’Me ha u hlokomela hore motho ea itseng ho bonahala eka ha a bontše botsoalle ho uena, utloa keletso e fumanoang ho Mattheu 5:23, 24. Buisana le moena oa hao, ’me u leke ho bōpa khotso le eena. Sena se hloka hore u bontše lerato le boikokobetso, empa u tlamehile ho utloa keletso ea Jesu molemong oa hao ka bouena le molemong oa moena oa hao.
Keletso le Khothatso
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho hlōleha ho fana ka keletso ka tsela ea puisano haeba ba khona ho etsa joalo?
15 Tlameho ea ho buisana e boetse e akarelletsoa ho utloeng keletso ea Pauluse e ho Ba-Galata 6:1: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.” Boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa ho lumela ha e mong a re bontša moo re entseng phoso lipuong tsa rōna kapa boitšoarong ba rōna. Ha e le hantle, kaofela ha rōna re lokela ho ba le boikutlo boo mopesaleme Davida a neng a e-na le bona ha a ngola tjena: “Ea lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaee, ke oli hlohong ea ka: hloho ea ka e ke ke ea e hana.” (Pesaleme ea 141:5) Haholo-holo baholo ba lokela ho beha mohlala o ikhethang oa ho bontša boikokobetso, ba se ke ba tsitlella ponong ea bona empa ba ikemisetse ho amohela ho etsa liphetoho, ba ntse ba hopotse hore ‘maqeba a bakoang ke motsoalle ea lerato aa tšepahala.’—Liproverbia 27:6.
16. Bacha bao e leng libui ba lokela ho amohela puisano ea mofuta ofe?
16 E tla be e le ho bontša bohlale le boikokobetso ha bacha ba ka batla keletso le tataiso ea Bakreste ba hōlileng tsebong, bao mohlomong ba tla ba fa ho hong ho molemo. Esita le baholo ba ka rua molemo ka tsela ena. Ka mohlala, puong ea hae, moholo e mong o ile a bolela hore mahlohonolo a boletsoeng ho Tšenolo 7:16, 17, a hore batho ha ba sa tla hlola ba lapa le ho nyoroa, ke lintho tseo linku tse ling li ka lebellang ho li fumana lefatšeng le lecha. Leha ho le joalo, ho ’nile ha bontšoa hore haholo-holo lengolo lena le sebetsa nakong ena. (Sheba Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, maqephe 126-8.) Moholo e mong ea neng a mametse o ile a ikutloa hore o lokela ho ’molella taba ena, empa pele a ka fumana monyetla oa ho etsa joalo, sebui seo se ile sa mo letsetsa ’me sa kōpa tlhahiso ea moo se ka ntlafatsang teng puong ea sona. E, a re nolofalletseng ba ka ratang ho re thusa ka ho hlalosa takatso ea rōna ea ho fumana keletso ka tsela ea puisano. A re se keng ra fela pelo kapele kapa ra khopeha ho sa hlokahale.
17. Puisano e ka haha baena ba rōna joang?
17 Morena Salomone o ile a bolela molao-motheo oo re ka o sebelisang puisanong ea rōna. O itse: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.” (Liproverbia 3:27) Re kolota baena ba rōna lerato. Pauluse o itse: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana; hobane ea ratang ba bang ke eena ea phethileng molao.” (Ba-Roma 13:8) Kahoo fana ka mantsoe a khothatso ka seatla se bulehileng. Na mohlanka ea sebeletsang ea mocha lilemong o fane ka puo ea hae ea phatlalatsa ka lekhetlo la pele? Mo babatse. Na khaitseli ea itseng o lekile ka matla kapa o sebelitse hantle kabelong ea hae ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? ’Molelle kamoo u thabetseng boiteko ba hae ka teng. Hangata, baena le bo-khaitseli ba rōna ba leka ho etsa sohle seo ba ka se khonang ’me pontšo e lerato ea kananelo e tla ba khothatsa.
18. Ha e mong a bonahatsa ho itšepa ho tlōlisang, ho ka bontšoa mosa ka ho etsa joang?
18 Ka ho fapaneng, ho ka etsahala hore sebui se secha lilemong se be le tsebo e ngata, empa ka baka la ho ba mocha lilemong, se ka ’na sa bonahatsa ho itšepa ho tlōlisang. Boemong bo joalo ho ka hlokahala puisano ea mofuta ofe? Na e ne e ke ke ea e-ba ho mosa hore moholo ea hōlileng tsebong a se babatse ka lintlha leha e le life tse ntle puong ea sona empa, ka nako e tšoanang, ka bonolo a etse tlhahiso ea litsela tseo se ka hlaolelang boikokobetso ka tsona nakong e tlang? Puisano e joalo e ka bontša lerato la boena le ho thusa ba bacha lilemong hore ba felise maikutlo a mabe ho tloha sethathong, pele a mela ka metso.
19. Ke hobane’ng ha baholo le lihlooho tsa malapa ba lokela ho buisana le ba bang?
19 Baholo ba buisana ka bobona ’me ba buisana le phutheho ka lintho tse molemo—ha e le hantle, ba qoba ho senola litaba tsa lekunutu, tse kang tse amanang le mathata a boahloli. Leha ho le joalo, ho pata makunutu ka ho tlōlisang ho baka ho se tšepjoe ebile hoa nyahamisa ’me ho ka ntša botsoalle ba phutheho kotsi—kapa botsoalle ba lelapa. Ka mohlala e mong le e mong o thabela ho utloa tlaleho e hahang. Joalokaha moapostola Pauluse a ne a laba-labela ho buisana le ba bang ka limpho tsa moea, ka ho tšoanang baholo ba lokela ho chesehela ho bolella ba bang boitsebiso bo hahang.—Liproverbia 15:30; 25:25; Ba-Roma 1:11, 12.
20. Sehlooho se latelang se tla tšohla tšobotsi efe mabapi le puisano?
20 E, puisano ke ea bohlokoa ka phuthehong ea Bokreste le ka lelapeng la Bokreste. Ho feta moo, e boetse e hlokahala karolong e ’ngoe hape. E hlokahala karolong efe? Tšebeletsong ea Bokreste. Sehloohong se latelang, re tla buisana ka litsela tseo ka tsona re ka ntlafatsang tsebo ea rōna ea ho buisana le ba bang tšebeletsong ena ea bohlokoahali.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Tšitiso e tloaelehileng ea puisano ka lapeng e ka hlōloa joang?
◻ Banna le basali ba ka tobana ka katleho joang le phephetso ea puisano?
◻ Batsoali le bana ba ka qoba lekhalo la puisano joang?
◻ Ke joang puisano ka liphuthehong le ka malapeng e ka bang e hahang?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Puisano e ntle e ntšetsa pele boiketlo le thabo ea lelapa