Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
“Tsoang har’a bona, . . . ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 BA-KORINTHE 6:17.
1. Satane o ile a leka ho etsa tumellano efe le Jesu, ’me ho fana ka mpho ee ho re ruta lintho life tse peli?
“KE TLA u neha lintho tsena kaofela haeba u ka khumama le ho lebisa borapeli ho ’na.” Le hoja mpho ena e entsoe lilemo tse likete-kete ka mor’a ho qaleha ha bolumeli ba bohata, e fana ka tataiso ea ho utloisisa hore na ke mang ea hlohlelletsang borapeli ba bohata le hore na morero oa bona ke ofe. Ho ea bofelong ba selemo sa 29 C.E., Diabolose o ile a tšepisa hore o tla fa Jesu mebuso eohle ea lefatše ha a ka lebisa borapeli ho eena. Ketsahalo ena e re senolela lintho tse peli: e re senolela hore mebuso ea lefatše lena ke ea Satane ’me a ka fana ka eona le hore morero oa sehlooho oa bolumeli ba bohata ke ho lebisa borapeli ho Diabolose.—Mattheu 4:8, 9, NW.
2. Re ithuta eng mantsoeng a Jesu a ho Mattheu 4:10? (NW)
2 Ka karabelo ea hae, Jesu ha aa ka a hana bolumeli ba bohata feela empa hape o ile a bontša hore na bolumeli ba ’nete bo akarelletsa eng. O ile a re: “Tsamaea, Satane! Hobane ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tlamehang ho mo rapela, ’me u tlameha ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho eena feela.’” (Mattheu 4:10, NW) Ka hona, morero oa bolumeli ba ’nete ke ho rapela Molimo o le mong oa ’nete, Jehova. O akarelletsa tumelo le kutlo, le ho etsa thato ea Jehova.
Tšimoloho ea Bolumeli ba Bohata
3. (a) Bolumeli ba bohata bo qalile neng lefatšeng hona bo qalile joang? (b) Ketso ea pele e tlalehiloeng ea lehloeo la bolumeli ke efe, ’me na tlhoriso ea bolumeli e ’nile ea tsoela pele joang ho tloha ka nako eo?
3 Bolumeli ba bohata bo qalile lefatšeng ha batho ba pele ba bontša ho se utloe Molimo ’me ba amohela tlhahiso ea Noha ea hore ba iketsetse qeto ea “botle le bobe.” (Genese 3:5) Ka ho etsa joalo ba ile ba lahla bobusi bo lokileng ba Jehova ’me ba lahla borapeli bo loketseng, bolumeli ba ’nete. Ke bona batho ba pele ba “fetotseng ’nete ea Molimo leshano, ba rapetseng tse bōpiloeng, ba li sebelelitseng, ba furaletse ’Mopi.” (Ba-Roma 1:25) Sebōpuoa seo ba ileng ba khetha ho se rapela ba sa tsebe ke Satane Diabolose, “noha ea khale.” (Tšenolo 12:9) Mora oa bona oa letsibolo, Kaine, o ile a hana ho latela keletso e mosa ea Jehova ka hona a fetohela bobusi ba Hae. Kaine o ile a fetoha “ngoana oa e mobe,” Satane, ’me a sebelisa borapeli ba Diabolose, ebang o ne a tseba kapa a sa tsebe. O ile a bolaea moen’ae Abele, ea neng a sebelisa borapeli ba ’nete, bolumeli ba ’nete. (1 Johanne 3:12, Revised English Bible; Genese 4:3-8; Ba-Heberu 11:4) Mali a Abele ke ’ona a pele a ileng a tšolloa ka baka la lehloeo la bolumeli. Ka bomalimabe, bolumeli ba bohata bo ’nile ba tsoela pele ho tšolla mali a se nang molato ho tla fihlela kajeno.—Bona Mattheu 23:29-35; 24:3, 9.
4. Tabeng ea Noe, ke mangolo afe a bontšang sebōpeho sa bolumeli ba ’nete?
4 Pele ho Moroallo, Satane o ile a atleha ho furallisa batho ba bangata bolumeli ba ’nete. Leha ho le joalo, Noe o ile “a fumana mohau pel’a Jehova.” Hobane’ng? Hobane o ne “a tsamaea le Molimo.” Ka mantsoe a mang, o ne a sebelisa borapeli ba ’nete. Bolumeli ba ’nete hase tšebeletso e fetotsoeng tloaelo kapa moetlo empa ke tsela ea bophelo. Bo akarelletsa ho bontša tumelo ho Jehova le ho bontša kutlo ka ho mo sebeletsa, ‘ho tsamaea le eena.’ Noe o ile a etsa joalo.—Genese 6:8, 9, 22; 7:1; Ba-Heberu 11:6, 7.
5. (a) Diabolose o ile a leka ho theha eng ka mor’a Moroallo, hona joang? (b) Jehova o ile a nyopisa morero oa Diabolose joang, ’me phello e bile efe?
5 Nakoana ka mor’a Moroallo, ho bonahala hore Diabolose o ile a sebelisa Nimrode, monna ea tummeng hampe ka ho ba “khahlanong le Jehova,” ka boiteko ba ho kopanya batho bohle borapeling ba mofuta o itseng boo le bona bo neng bo tla ba khahlanong le Jehova. (Genese 10:8, 9, NW; 11:2-4) E ne e tla ba bolumeli bo le bong ba bohata bo kopaneng, borapeli ba Diabolose bo momahaneng, bo nang le setsi sa bona motseng le toreng eo barapeli ba hae ba e hahileng. Jehova o ile a nyopisa morero ona ka ho ferekanya ‘puo e le ’ngoe’ e neng e buuoa ke batho kaofela ka nako eo. (Genese 11:5-9) Ka hona, motse oo o ile oa bitsoa Babele ’me hamorao oa bitsoa Babylona, e leng mabitso ao ka bobeli a bolelang “Pherekano.” Ho ferekanngoa hona ha lipuo ho ile ha etsa hore batho ba qhalane holim’a lefatše.
6. (a) Ke likhopolo life tsa bolumeli tse neng li kentsoe ka likelellong tsa barapeli ba Satane Babylona pele ba qhalana? (b) Ke hobane’ng ha malumeli lefatšeng ka bophara a na le litumelo tse tšoanang? (c) Babylona e ile ea phetha morero ofe oa bosatane, ’me motse oo oa boholo-holo o ile oa fetoha letšoao la eng?
6 Leha ho le joalo, ho latela histori ea neano le bolumeli, ho bonahala eka pele Jehova a qhalakanya batho, Satane o ne a kentse ka likelellong tsa barapeli ba hae melao-motheo e itseng ea bolumeli ba bohata. Melao-motheo ena e ne e akarelletsa likhopolo tsa bolumeli tsa ho tsoela pele ha sephefumolohi se phela ka mor’a lefu, ho tšaba bafu, ho ba teng ha lefatše la bafu la lihele, hammoho le borapeli ba melimo le melimotsana e mengata-ngata, eo e meng ea eona e neng e entsoe ka lihlopha tsa melimo e meraro. Litumelo tse joalo li ile tsa isoa likarolong tsohle tsa lefatše ke lihlopha tsa batho ba lipuo tse sa tšoaneng. Ha nako e ntse e feta, likhopolo tsena tsa motheo li ile tsa fetoha. Empa ka kakaretso, li bōpa motheo oa bolumeli ba bohata likarolong tsohle tsa lefatše. Le hoja boiteko ba Satane ba ho hlahisa bolumeli bo le bong ba bohata bo kopaneng boo motse-moholo oa bona lefatšeng o leng Babylona bo ile ba nyopa, o ile a ikemisetsa ho hlahisa mefuta e sa tšoaneng ea borapeli ba bohata, e susumelitsoeng ke Babylona le e etselitsoeng ho tlosa borapeli ho Jehova le ho bo isa ho eena. Ka lilemo tse makholo Babylona e ile ea tsoela pele e le setsi se matla sa borapeli ba litšoantšo, boselamose, boloi, le bolepi ba linaleli—e leng lintho tseo kaofela e leng likarolo tsa motheo tsa bolumeli ba bohata. Ha ho makatse ha buka ea Tšenolo e tšoantša ’muso oa lefatše oa bolumeli le seotsoa se litšila se bitsoang Babylona e Moholo.—Tšenolo 17:1-5.
Bolumeli ba ’Nete
7. (a) Ke hobane’ng ha bolumeli ba ’nete bo sa ka ba angoa ke ho ferekanngoa ha lipuo? (b) Ke mang ea ileng a tsejoa e le “ntat’a bohle ba lumelang,” hona hobane’ng?
7 Ka ho hlakileng, bolumeli ba ’nete bo ile ba lula bo sa angoa ke ho ferekanya ha Jehova mocha oa batho oa puisano Babele. Pele ho Moroallo banna le basali ba tšepahalang ba kang Abele, Henoke, Noe, mosali oa Noe, le bara le lingoetsi tsa Noe, ba ne ba sebelisa borapeli ba ’nete. Ka mor’a Moroallo borapeli ba ’nete bo ile ba ntšetsoa pele ke lesika la mora oa Noe, Sema. Abrahama, setloholo sa Sema, o ile a sebelisa bolumeli ba ’nete ’me o ile a tsejoa e le “ntat’a bohle ba lumelang.” (Ba-Roma 4:11) Tumelo ea hae e ne e tšehelitsoe ke mesebetsi. (Jakobo 2:21-23) Bolumeli ba hae e ne e le tsela ea bophelo.
8. (a) Bolumeli ba ’nete bo ile ba hanyetsana joang le bolumeli ba bohata lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., ’me phello e bile efe? (b) Jehova o ile a qalisa tokisetso efe e ncha mabapi le borapeli ba hae bo hloekileng?
8 Borapeli ba ’nete bo ile ba tsoela pele ho sebelisoa ke lesika la litloholo tsa Abrahama—Isaaka, Jakobo (kapa, Iseraele), le bara ba 12 ba Jakobo, bao ho hlahileng meloko e 12 ea Iseraele ho bona. Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo B.C.E. litloholo tsa Abrahama tse hlahileng ho Isaaka li ne li ntse li loanela ho ntšetsa pele bolumeli bo hloekileng tikolohong e tletseng lehloeo, ea bohedene—Egepeta—moo li ileng tsa fetoloa makhoba. Jehova o ile a sebelisa mohlanka oa hae ea tšepahalang, Moshe, oa leloko la Levi, hore a lopolle barapeli ba Hae jokong ea Egepeta, e leng naha e neng e qoetse bolumeling ba bohata. Jehova o ile a sebelisa Moshe ha a etsa selekane le Iseraele, a e etsa sechaba sa Hae se khethiloeng. Ka nako eo, Jehova o ile a hlophisa borapeli ba hae ka tsamaiso ea molao, e neng e bo kenya tlas’a tsamaiso ea nakoana ea mahlabelo a tsamaisoang ke baprista le sehalalelo sa sebele, sa pele e ne e le tabernakele e tlosoang sebakeng se seng e isoa ho se seng ’me hamorao ea e-ba tempele e Jerusalema.
9. (a) Borapeli ba ’nete bo ne bo sebelisoa joang pele ho etsoa Selekane sa Molao? (b) Jesu o bontšitse joang hore litšobotsi tsa Molao e ne e se tsa ka ho sa feleng?
9 Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore litšobotsi tsena tsa sebele ho ne ho sa reroa hore e be likarolo tsa ka ho sa feleng tsa bolumeli ba ’nete. Molao e ne e le “seriti sa lintho tse tlang.” (Ba-Kolosse 2:17, NW; Ba-Heberu 9:8-10; 10:1, NW) Pele ho Molao oa Moshe, mehleng ea bapatriareka ho bonahala hore lihlooho tsa malapa li ne li emela malapa a tsona ka ho nyehela mahlabelo lialetareng tseo li li entseng. (Genese 12:8; 26:25; 35:2, 3; Jobo 1:5) Empa ho ne ho se na tsamaiso e hlophisitsoeng ea baprista kapa tsamaiso ea mahlabelo, hammoho le mekete le litšebeletso. Ho phaella moo, Jesu o bontšitse hore borapeli bo hlophisitsoeng ka tsamaiso ea molao bo neng bo e-na le setsi sa bona Jerusalema e ne e le ba nakoana ha a bolella mosali oa Mosamaria sena: “Nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo [ea Gerizime, eo tempele ea Samaria e neng e le ho eona pele], leha e le Jerusalema. . . . Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:21-23) Jesu o bontšitse hore bolumeli ba ’nete bo tlameha ho sebelisoa ka moea le ka ’nete e seng ka lintho tse bonahalang.
Botlamuoa ba Babylona
10. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore batho ba hae ba isoe botlamuoeng Babylona? (b) Jehova o ile a lopolla masala a tšepahalang ka litsela life tse peli ka 537 B.C.E., ’me morero o ka sehloohong oa ho khutlela ha ’ona Juda ke ofe?
10 Ho tloha ha bofetoheli bo ba teng Edene, ho ’nile ha ba le lehloeo le sa feleng pakeng tsa bolumeli ba ’nete le bolumeli ba bohata. Ka puo ea tšoantšetso, ka linako tse ling barapeli ba ’nete ba ’nile ba ba botlamuoeng ba bolumeli ba bohata, bo ’nileng ba tšoantšetsoa ke Babylona ho tloha mehleng ea Nimrode. Pele Jehova a lumella batho ba hae hore ba isoe botlamuoeng Babylona ka 617 B.C.E. le ka 607 B.C.E., ba ne ba se ba ntse ba oetse bolumeling ba bohata ba Babylona. (Jeremia 2:13-23; 15:2; 20:6; Ezekiele 12:10, 11) Ka 537 B.C.E., masala a tšepahalang a ile a khutlela Juda. (Esaia 10:21) A ile a utloa pitso ea boprofeta: “Tlohang Babylona.” (Esaia 48:20) Ena e ne e ke ke ea ba topollo ea sebele feela tjee. E ne e boetse e le topollo ea moea ea ho ntšoa bolumeling ba bohata bo litšila le ba borapeli ba litšoantšo. Ka hona masala ana a tšepahalang a ile a laeloa: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!” (Esaia 52:11) Morero o ka sehloohong oa hore a khutlele Juda e ne e le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng, bolumeli ba ’nete.
11. Ho phaella ho tsosolosoeng ha borapeli bo hloekileng Juda, ho ile ha etsahala liketsahalo life tse ncha bolumeling lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.?
11 Ka ho thahasellisang, lekholong lona leo la botšelela la lilemo B.C.E. ho ile ha hlaha litsekana tse ncha tsa bolumeli ba bohata ka hare ho Babylona e Moholo. Ho ile ha ba le Bobuddha, Boconfucius, Bolumeli ba Zoroaster, le Bolumeli ba Jain, re se re sa re letho ka filosofi ea bohlale ba Bagerike eo hamorao e neng e tla susumetsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana ka matla a maholo. Kahoo, ha borapeli bo hloekileng bo ntse bo tsosolosoa Juda, sera se seholo sa Molimo se ne se ntse se hlahisa mekhoa e mengata ea bolumeli ba bohata e ka khethoang.
12. Ke ho lokolloa hofe botlamuoeng ba Babylona ho ileng ha etsahala lekholong la pele la lilemo C.E., ’me Pauluse o fane ka temoso efe?
12 Nakong ea ha Jesu a hlaha Iseraeleng, Bajode ba bangata ba ne ba sebelisa mefuta e sa tšoaneng ea Bolumeli ba Sejode, e leng mofuta oa bolumeli bo neng bo amohetse likhopolo tse ngata tsa bolumeli tsa Babylona. Bo ne bo imatahantse le Babylona e Moholo. Kreste o ile a bo nyatsa ’me a lopolla barutuoa ba hae botlamuoeng ba Babylona. (Mattheu, khaolo 23; Luka 4:18) Kaha bolumeli ba bohata le filosofi ea Bagerike li ne li atile libakeng tseo moapostola Pauluse a neng a bolela ho tsona, o ile a qotsa boprofeta ba Esaia ’me a bo sebelisa ho Bakreste, bao ho neng ho hlokahala hore ba itšoasolle tšusumetsong e litšila ea Babylona e Moholo. O ngotse: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang [tsa Babylona]? Hobane ke lōna le leng tempele ea Molimo o phelang, joale ka ha Molimo o itse: Ke tla ikahela har’a bona, ke itsamaele teng; ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka. Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 Ba-Korinthe 6:16, 17.
Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata Nakong ea Bofelo
13. Melaetsa eo Kreste a ileng a e romela liphuthehong tse supileng tse Asia Minor e bontša eng, ’me ho ile ha hlaha eng?
13 Melaetsa eo Kreste a ileng a e romela liphuthehong tse supileng tse Asia Minor ka Tšenolo e ileng ea nehoa moapostola Johanne e bontša ka ho hlaka hore qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., mekhoa le maikutlo a bolumeli a Babylona a ne a kekela ho kena ka phuthehong ea Bokreste. (Tšenolo, likhaolo 2 le 3) Haholo-holo ho tloha lekholong la bobeli la lilemo ho ea lekholong la bohlano la lilemo C.E., bokoenehi bo ile ba tlōkoma, ’me sena se ile sa fella ka hore ho hlahe setšoantšo se silafetseng sa bolumeli bo hloekileng ba Bokreste. Lithuto tsa Babylona tse kang ho se shoe ha sephefumolohi, lihele tse chesang, le Boraro-bo-bong li ile tsa matahanngoa le lithuto tsa Bokreste ba bokoenehi. Likereke tsa K’hatholike, Orthodox, ’me hamorao le likereke tsa Boprostanta kaofela li ile tsa amohela lithuto tsena tsa bohata, ka hona, li ile tsa fetoha karolo ea Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Diabolose.
14, 15. (a) Setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka se ile sa bontša eng? (b) Ho ile ha etsahala eng ho ea qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ’me ka 1914, Bakreste ba ’nete ba ne ba entse khatelo-pele efe thutong?
14 Ha ho mohla bolumeli ba ’nete bo kileng ba felisoa ka ho felletseng. Ho theosa le makholo a lilemo haesale ho ntse ho e-na le batho ba ratang ’nete, bao ba bang ho bona ba ileng ba shoa ka baka la botšepehi ba bona ho Jehova le Lentsoe la hae, Bibele. Empa joalokaha setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka se bontša, koro ea tšoantšetso, kapa bara ba ’Muso ba tlotsitsoeng, e ne e tla aroloa ho mofoka, kapa bara ba ea khopo, “bofelong ba lefatše.” (Mattheu 13:24-30, 36-43) Ha nako ea bofelo—nako ea hore ho aroloa hona ho etsoe—e ntse e atamela, bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li ile tsa qala ho itšoasolla botlamuoeng ba bolumeli ba bohata.
15 Ka 1914 Bakreste bana, bao kajeno ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova, ba ne ba hlaoletse tumelo e matla thekollong. Ba ne ba tseba hore ho ba teng ha Jesu e tlameha ho ba ho sa bonahaleng. Ba ne ba utloisisa hore 1914 e ne e tla tšoaea bofelo ba “mehla ea Balichaba.” (Luka 21:24, King James Version) ’Me ba ne ba utloisisa ka ho hlaka se boleloang ke sephefumolohi le tsoho. Hape ba ile ba fumana tsebo ea liphoso tse tebileng tsa lithuto tsa likereke ka mollo oa lihele le Boraro-bo-bong. Ba ile ba ithuta lebitso la Molimo ’me ba qala ho le sebelisa ’me ba hlokomela hore khopolo ea ho iphetola ha lintho le ho sebelisana le meea ho fosahetse.
16. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba arabela pitsong efe ka 1919?
16 Ho ne ho entsoe boiteko bo botle ba ho lahla mahlaahlela a bolumeli ba bohata. Ka 1919, Babylona e Moholo e ile ea hlōleha ka ho felletseng ho laola batho ba Molimo. Joalokaha masala a Bajode a ne a lopollotsoe Babylona ka 537 B.C.E., ka ho tšoanang masala a tšepahalang a Bakreste ba tlotsitsoeng a ile a ela hloko pitso ea hore “tsoang Babilona [e Moholo].”—Esaia 52:11, BPN.
17. (a) Ho ile ha etsahala eng ho tloha ka 1922 ho ea pele, ’me ke tlhoko efe e ileng ea hlaha har’a batho ba Molimo? (b) Ho ile ha amoheloa boemo bofe bo sa tloaelehang, hona ke hobane’ng ha e le boemo bo utloahalang?
17 Ho tloha ka 1922 ho ea pele, ho ile ha hatisoa ’me ha abjoa ka ho pharalletseng linnete tse matla tsa Bibele tse pepesang bolumeli ba bohata ba Babylona, haholo-holo likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ho ile ha hlokomeloa tlhokahalo ea hore ho hatisoe likelellong tsa batho ba Molimo ba hloekisitsoeng hore ho itšoasolla mefuteng eohle ea bolumeli ba bohata ho tlameha ho etsoa ka ho felletseng. Ka hona, ka lilemo-lemo, ho ne ho qojoa le ho sebelisa lentsoe “bolumeli” ha ho buuoa ka borapeli bo hloekileng. Mapetjo, a kang a reng “Bolumeli ke Leraba le Morero oa Bolotsana,” a ne a bontšoa ho entsoe mekoloko literateng tsa metse e meholo. Libuka tse kang Government (1928) le “The Truth Shall Make You Free” (1943) li ile tsa bontša phapang e hlakileng pakeng tsa “Bokreste” le “bolumeli.” Boemo bona bo sa tloaelehang boa utloahala, kaha batho ba ne ba lokela ho itšoasolla ka ho felletseng litsamaisong tse tletseng hohle tsa bolumeli ba Babylona e Moholo.
Bolumeli ba ’Nete le ba Bohata
18. Ho ile ha fanoa ka kutloisiso efe e ncha ea “bolumeli” ka 1951, ’me e hlalosoa joang ho 1975 Yearbook?
18 Joale, ka 1951, e ne e le nako e loketseng ea hore Jehova a fe batho ba hae kutloisiso e hlakileng ea phapang e pakeng tsa bolumeli ba ’nete le bolumeli ba bohata. Tlaleho ea 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e re: “Ka 1951, babuelli ba borapeli ba ’nete ba ile ba ithuta ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka lentsoe ‘bolumeli.’ Ba bang ba bona ba ne ba hopola hantle ka 1938 ha, ka linako tse ling, ba ne ba nkile letšoao le hapang maikutlo le reng ‘Bolumeli ke Leraba le Morero oa Bolotsana.’ Ho latela pono ea bona ka nako eo, ‘bolumeli’ bohle e ne e se ba Bokreste, e ne e le bo tsoang ho Diabolose. Empa The Watchtower ea March 15, 1951, e ile ea amohela ho sebelisa lihlakisi tse reng ‘ba ’nete’ le ‘ba bohata’ ha ho buuoa ka bolumeli. Ho phaella moo, buka e hapang maikutlo ea What Has Religion Done for Mankind? (e hatisitsoeng ka 1951 ’me ea lokolloa Kopanong ea ‘Borapeli bo Hloekileng’ e neng e tšoaretsoe Wembley Stadium, London, Engelane) e ile ea re: ‘Ha bo nkoa ho latela tsela eo bo sebelisoang ka eona, ho latela tlhaloso ea bona e bonolo ka ho fetisisa, “bolumeli” bo bolela tsamaiso ea borapeli, mofuta oa borapeli, ho sa tsotellehe hore na ke borapeli ba ’nete kapa ba bohata. Sena se lumellana le se boleloang ke lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng bakeng sa bona, ’a·boh·dáh, leo ha e le hantle le bolelang “tšebeletso”, ho sa tsotellehe hore na e nehelanoa ho mang.’ Ka mor’a moo, mantsoe ‘bolumeli ba bohata’ le ‘bolumeli ba ’nete’ a ile a fetoha a tloaelehileng har’a Lipaki tsa Jehova.”—Leqephe 225.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha barapeli ba ’nete ba ne ba sa lokela ho khopisoa ke ho sebelisoa ha lentsoe “bolumeli” joalokaha le sebelisoa ho borapeli bo hloekileng? (b) Kutloisiso ee e ncha e ile ea nolofalletsa batho ba Jehova ho etsa eng?
19 Ha tokollo ea August 15, 1951, ea The Watchtower e arabela potso ea ’mali, e itse: “Ha ho motho ea lokelang ho khopisoa ke ho sebelisoa ha lentsoe ‘bolumeli’. Lebaka la hore ebe rea le sebelisa ha le re kopanyelletse sehlopheng sa malumeli a bohata a tšoasitsoeng ke neano, feela joalokaha ho ipitsa Bakreste ho sa re amahanye le Bakreste ba bohata ba Bokreste-’mōtoana.”
20 Kutloisiso ena e ncha ea lentsoe “bolumeli” e ne e se ho sekisetsa ho hang ’me e ile ea nolofalletsa batho ba Jehova ho atolosa lekhalo le teng pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
Bakeng sa ho Hlahloba Kutloisiso ea Rōna
◻ Bolumeli ba bohata bo qalile neng lefatšeng hona bo qalile joang?
◻ Satane o ile a leka ho theha eng ka mor’a Moroallo, ’me morero oa hae o ile oa nyopisoa joang?
◻ Babylona e ile ea fetoha letšoao la eng?
◻ Ke topollo efe e ileng ea etsoa ka 537 B.C.E., lekholong la pele la lilemo C.E., le ka 1919?
◻ Ke kutloisiso efe ea lentsoe “bolumeli” e ileng ea fanoa ka 1951, hona ke hobane’ng ha e ne e le hona e fanoang ka nako eo?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lithuto tsa bohata tse lumeloang lefatšeng ka bophara li simolohile Babylona:
◻ Melimo ea Boraro-bo-bong, kapa e entsoeng ka lihlopha tsa melimo e meraro
◻ Sephefumolohi sa motho se tsoela pele se phela ka mor’a lefu
◻ Tšebelisano le meea—ho bua le “bafu”
◻ Ho sebelisa litšoantšo borapeling
◻ Ho sebelisa boloi molemong oa ho khotsofatsa bademona
◻ Puso ea baruti ba matla