Tokoloho e Fanoeng ke Molimo e Tlisa Thabo
“Thabo ea Jehova ke matla a lōna.”—NEHEMIA 8:10.
1. Thabo ke eng, ’me ke hobane’ng ha batho ba inehetseng ho Molimo ba na le eona?
JEHOVA o tlatsa lipelo tsa batho ba hae ka thabo. Boemo bona ba khotsofalo e khōlō kapa nyakallo bo tlisoa ke ho finyella kapa ho lebella se molemo. Batho ba inehetseng ho Molimo ba ka ba le boikutlo bo joalo hobane thabo ke tholoana ea moea oa oona o halalelang, kapa matla a sebetsang. (Ba-Galata 5:22, 23) Kahoo esita leha liteko tse boima li re hlasela, re ka lula re thabile joaloka bahlanka ba Jehova, ba tataisoang ke moea.
2. Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba thaba ketsahalong e khethehileng e etsahetseng mehleng ea Esdrase?
2 Ketsahalong e ’ngoe e khethehileng e etsahetseng lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Bajode ba ile ba sebelisa tokoloho ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo hore ba tšoare Mokete o thabisang oa Metlotloane Jerusalema. Ka mor’a hore Esdrase le Balevi ba bang ba bale Molao oa Molimo ’me ba ba hlalosetse oona, “eaba sechaba kaofela se tloha ho ea ja le ho noa, le ho romela ba bang liabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utloisisitse mantsoe ao ba a boleletsoeng.”—Nehemia 8:5-12.
Thabo ea Jehova ke Matla a Rōna
3. “Thabo ea Jehova” e ka ba matla a rōna tlas’a maemo afe?
3 Moketeng oo, Bajode ba ile ba hlokomela bonnete ba mantsoe ana: “Thabo ea Jehova ke matla a lōna.” (Nehemia 8:10) Le rōna thabo ena ke matla a rōna haeba re ema re tiile bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo joaloka Lipaki tsa Jehova tse inehetseng le tse kolobelitsoeng. Ke ba seng bakae ho rōna ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang le ba amohetsoeng lelapeng la Molimo joaloka majalefa a leholimo hammoho le Kreste. (Ba-Roma 8:15-23) Ba bangata ho rōna kajeno ba na le tebello ea bophelo lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43, NW) Re lokela ho thaba hakaakang!
4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka mamella bohloko le mahloriso?
4 Le hoja re e-na le litebello tse tsotehang, ha ho bonolo ho mamella bohloko le mahloriso. Leha ho le joalo, re ka a mamella hobane Molimo o re fa moea oa oona o halalelang. Ha re e-na le oona re ba le thabo le kholiseho ea hore ha ho letho le ka re amohang tšepo ea rōna kapa lerato la Molimo. Ho feta moo, re ka kholiseha hore Jehova e tla ba matla a rōna hafeela re mo rata ka lipelo, liphefumolohi, matla, le likelello tsa rōna tsohle.—Luka 10:27.
5. Re ka fumana mabaka a tlisang thabo hokae?
5 Batho ba Jehova ba thabela mahlohonolo a enneng ’me ba na le mabaka a mangata a ho thaba. Mabaka a mang a ba etsang hore ba thabe a boletsoe lengolong la Pauluse le eang ho Bagalata. A mang a bontšitsoe kae-kae ka Mangolong. Ho nahanisisa ka mahlohonolo a joalo a thabisang ho tla re hlasimolla.
Bohlokoa ba Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a phehella Bakreste ba Galatia ho ema ba tiile?
6 Joaloka Bakreste, re na le tlhohonolofatso e thabisang ea boemo bo amohelehang ho Molimo. Kaha Kreste o lokollotse balateli ba hae Molaong oa Moshe, Bagalata ba ile ba khothalletsoa ho ema ba tiile ’me ba se ke ba bofshoa “jokong ea bohlanka.” Ho thoe’ng ka rōna? Haeba re ne re ka leka ho boloka Molao e le hore re ka boleloa re lokile, re ne re tla ikarola ho Kreste. Leha ho le joalo, re thusoa ke moea oa Molimo, re lebella ho loka ho tšepisitsoeng ho tlisoang ke tumelo e susumetsoang ke lerato, eseng lebollo la nama kapa mesebetsi e meng ea Molao.—Ba-Galata 5:1-6.
7. Re lokela ho talima tšebeletso e halalelang e eang ho Jehova joang?
7 Ke tlhohonolofatso ho sebelisa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo molemong oa ho ‘sebeletsa Jehova ka thabo.’ (Pesaleme ea 100:2) Ka sebele, ke tokelo e ke keng ea lekanngoa ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho “Jehova Molimo, o Matla ’Ohle,” eena “Morena oa ka ho sa feleng”! (Tšenolo 15:3, NW) Haeba maikutlo a ho se itšepe a u hlasela, ho ka ba molemo ho hlokomela hore Molimo o u atamelitse ho oona ka Jesu Kreste ’me o u file monyetla oa ho kopanela ‘mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.’ (Ba-Roma 15:16, NW; Johanne 6:44; 14:6) Ao ke mabaka a maholo hakaakang a ho ba le thabo le ho leboha Molimo!
8. Mabapi le Babylona e Moholo, batho ba Molimo ba na le lebaka lefe le tlisang thabo?
8 Lebaka le leng la thabo ke tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:2, 4, 5) Le hoja seotsoa sena sa bolumeli ka tšoantšetso se ‘lutse holim’a metsi a mangata,’ a bolelang “merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo,” ha sea lula holim’a bahlanka ba Jehova, kapa ho ba susumetsa le ho ba laola ka kutloisiso ea bolumeli. (Tšenolo 17:1, 15) Re ithabela leseling le tsotehang la Molimo, ha batšehetsi ba Babylona e Moholo bona ba le lefifing la moea. (1 Petrose 2:9) E, ho ka ’na ha ba thata ho utloisisa lintho tse ling “tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:10) Empa ho rapella bohlale le thuso ea moea o halalelang ho re thusa ho utloisisa ’nete ea Mangolo e lokollang ba nang le eona moeeng.—Johanne 8:31, 32; Jakobo 1:5-8.
9. E le hore re ka thabela tlhohonolofatso ea tokoloho e tsoelang pele ho hlokeng tsebo ha bolumeli, re tlameha ho etsa eng?
9 Re thabela tlhohonolofatso ea tokoloho e tsoelang pele ho hlokeng tsebo ha bolumeli, empa e le hore re ka boloka tokoloho eo, re tlameha ho hanela bokoenehi. Bagalata ba ne ba ntse ba matha hantle peisong ea Bokreste, empa ba bang ba ne ba ba sitisa ho utloa ’nete. Tšusumetso e joalo e khopo e ne e sa tsoe ho Molimo ’me e ne e lokela ho haneloa. Joalokaha tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela, baruti ba bohata kapa ho ba le tšekamelo ea bokoenehi ho ka silafatsa phutheho kaofela. Pauluse o ne a lebelletse hore ba buellang lebollo le ba batlang ho khelosa tumelo ea Bagalata ba se ke ba bolla feela empa ba khaole litho tsa bona tsa botona. Ka sebele eo ke puo e matla! Empa re tlameha ho tiea ka mokhoa o tšoanang ha re hanela bokoenehi e le hore re ka boloka tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo ho hlokeng tsebo ha bolumeli.—Ba-Galata 5:7-12.
Sebeletsanang ka Lerato
10. Boikarabelo ba rōna ke bofe joaloka karolo ea boena ba Bokreste?
10 Tokoloho e fanoeng ke Molimo e re kopantse le boena bo lerato, empa re tlameha ho phetha karolo ea rōna ka ho bontša lerato. Bagalata ba ne ba sa lokela ho sebelisa tokoloho ea bona joaloka “sebaka sa ho phela ka nama” kapa monyetla oa ho sebelisa boithati bo se nang lerato. Ba ne ba lokela ho sebeletsana ba susumetsoa ke lerato. (Levitike 19:18; Johanne 13:35) Le rōna re tlameha ho qoba ho seba le lehloeo le ka re etsang hore qetellong re felisane. Ha e le hantle, sena se ke ke sa etsahala haeba re bontša lerato la boena.—Ba-Galata 5:13-15.
11. Ke joang re ka fetohang tlhohonolofatso ho ba bang, ’me ba ka ’na ba re boka joang?
11 Ka ho sebelisa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo tumellanong le ketello-pele ea moea oa Molimo, re tla bontša lerato ’me re fetohe tlhohonolofatso ho ba bang. Re lokela ho itloaetsa ho itumella ho laoloa le ho etelloa pele ke moea o halalelang. Joale re ke ke ra ba le tšekamelo ea ho hloka lerato ka ho khotsofatsa nama ea rōna ea boetsalibe e ‘nang le litakatso tse loantšang moea.’ Haeba re etelloa pele ke moea oa Molimo, re tla etsa lintho tse bontšang lerato e seng feela hobane melao e re tlama ho ipapisa le tsona ’me e fana ka kotlo ho bafosi. Ka mohlala, lerato—eseng feela molao—le tla re thibela ho etselletsa ba bang. (Levitike 19:16) Lerato le tla re susumelletsa ho bua le ho etsa lintho ka litsela tse mosa. Kaha re bonahatsa tholoana ea moea ea lerato, ba bang ba tla re boka, kapa ba re bue hantle. (Liproverbia 10:6) Ho feta moo, ho itsoakanya ha batho ba bang le rōna e tla ba tlhohonolofatso ho bona.—Ba-Galata 5:16-18.
Litholoana tse sa Tšoaneng
12. Mahlohonolo a amanang le ho qoba “mesebetsi ea nama” ea boetsalibe ke afe?
12 Mahlohonolo a mangata a tsamaisanang le tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo a tlisoa ke ho qoba “mesebetsi ea nama” ea boetsalibe. Joaloka batho ba Molimo, rōna ka kakaretso re qoba masisa-pelo a mangata hobane ha ba etse bohlola, litšila, le boitšoaro bo hlephileng. Ka ho qoba borapeli ba litšoantšo, re fumana thabo e tlisoang ke ho khahlisa Jehova tabeng ena. (1 Johanne 5:21) Kaha ha re sebelisane le meea, re lokolohile pusong ea bademona. Boena ba rōna ba Bokreste ha bo senngoe ke bora, likhohlano, mōna, khalefo, likomang, likarohano, lihlotšoana tsa bokhelohi, le mohono. ’Me ha re lahleheloe ke thabo ea rōna meketjaneng ea botahoa le e lerata. Pauluse o lemositse hore ba etsang mesebetsi ea nama ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo. Empa kaha re utloa mantsoe a hae, re ka khomarela tšepong e thabisang ea ’Muso.—Ba-Galata 5:19-21.
13. Moea o halalelang oa Jehova o hlahisa litholoana life?
13 Tokoloho e fanoeng ke Molimo e re tlisetsa thabo hobane Bakreste ba bonahatsa litholoana tsa moea oa Jehova. Mantsoeng a Pauluse a eang ho Bagalata, ho bonolo ho hlokomela hore mesebetsi ea nama ea boetsalibe e tšoana le meutloa ho fapana le litholoana tse tsotehang tsa moea tsa lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro tse kentsoeng ka har’a lipelo tsa batho ba tšabang Molimo. Kaha re ikemiselitse ho se phele tumellanong le litakatso tsa nama ea boetsalibe, re lakatsa ho etelloa pele ke moea oa Molimo le ho phela ka oona. Moea o re etsa hore re be ba ikokobelitseng le ba bōpang khotso, eseng ba batlang “boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.” Ha ho makatse ha e le thabo e khōlō hakana ho kopanela le batho ba bonahatsang litholoana tsa moea!—Ba-Galata 5:22-26.
Mabaka a Mang a Tlisang Thabo
14. Re hloka lihlomo tsa mofuta ofe ntoeng ea rōna khahlanong le meea e khopo e matla?
14 Tlhohonolofatso ea ho sireletseha ho Satane le bademona ba hae e amana le tokoloho ea rōna ea moea eo re e fuoeng ke Molimo. E le hore re ka atleha ntoeng ea rōna khahlanong le meea e khopo e matla, re tlameha ho apara “lihlomo tsohle tsa Molimo.” Re hloka senyepa sa ’nete le tšireletso ea sefuba ea ho loka. Maotong re tlameha ho roala litaba tse molemo tsa khotso. Hape, re hloka thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona re ka timang metsu e tukang ea e mobe. Re tlameha ho roala heleme ea poloko ’me re tšoare “lerumo la Moea,” e leng Lentsoe la Molimo. Hape a re ‘rapeleng ka moea ka mehla.’ (Ba-Efese 6:11-18) Haeba re apara lihlomo tsa moea ’me re hanela ho sebelisana le bademona, re ka hloka tšabo ’me ra thaba.—Bapisa le Liketso 19:18-20.
15. Re na le tlhohonolofatso efe e thabisang hobane re itšoara tumellanong le Lentsoe la Molimo?
15 Re fumana thabo hobane boitšoaro ba rōna bo lumellana le Lentsoe la Molimo, ’me ha re na letsoalo le molato le tšetšethang bafosi ba bangata. Re ‘ikoetlisa ka linako tsohle hore re be le letsoalo le sa re nyatseng ho Molimo le batho.’ (Liketso 24:16) Ka hona, ha ho hlokahale hore re tšabe phetetso ea bomolimo e tla tloha e oela holim’a baetsalibe ba ka boomo le ba sa bakeng. (Mattheu 12:22-32; Ba-Heberu 10:26-31) Ka ho sebelisa keletso ea Liproverbia 3:21-26, re hlokomela ho phethahala ha mantsoe ao: “Boloka bohlale le kutloisiso; ’me e tla ba bophelo moeeng oa hao, le khabiso molaleng oa hao. Ke moo u tla tsamaea u ntse u tiile tseleng ea hao; leoto la hao le ke ke la khopjoa. Leha u ea robala, u ke ke ua tšoha; ha u se u khalehile, boroko ba hao bo tla ba monate. U ke ke ua tšaba letsoso le sehlōhō, leha e le sefefo se tlang ho timetsa ba babe. Hobane Jehova e tla ba tšepo ea hao, a phemise leoto la hao sefi.”
16. Thapelo ke lebaka le tlisang thabo joang, ’me moea oa Jehova o phetha karolo efe tabeng ee?
16 Lebaka le leng le tlisang thabo ke tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo ea ho atamela Jehova ka thapelo re kholisehile hore re tla utluoa. E, lithapelo tsa rōna lia arabeloa hobane re na le ‘tšabo ea Jehova’ ea borapeli. (Liproverbia 1:7) Ho feta moo, re thusoa hore re ipoloke leratong la Molimo ka ho ‘rapela ka moea o halalelang.’ (Juda 20, 21) Sena re se etsa ka ho bonahatsa boemo ba pelo bo amohelehang ho Jehova le ka ho rapela tlas’a tšusumetso ea moea bakeng sa lintho tse lumellanang le thato ea hae le Lentsoe la hae, le re bontšang kamoo re ka rapelang ka teng le seo re lokelang ho se kōpa thapelong. (1 Johanne 5:13-15) Haeba liteko li re sithabelitse ’me re sa tsebe seo re lokelang ho se rapella, ‘moea oa re tlatsa mefokolong ea rōna ka ho re thusa, o re rapella ka mefehelo e ke keng ea boleloa.’ Molimo o arabela lithapelo tse joalo. (Ba-Roma 8:26, 27) A re rapelleng moea o halalelang ’me re o lumelle ho hlahisa ka ho rōna litholoana tsa oona tse hlokahalang ka ho khetheha e le hore re ka tobana ka katleho le teko e itseng. (Luka 11:13) Hape re tla eketsa thabo ea rōna haeba ka thapelo le ka mafolo-folo re ithuta Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ka moea le likhatiso tsa Bokreste tse lokiselitsoeng tlas’a tataiso ea moea.
Ho Hlohonolofatsoa ka Thuso e sa Feleng
17. Liphihlelo tsa Moshe le mantsoe a Davida li bontša joang hore Jehova o na le batho ba Hae?
17 Ka ho sebelisa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo ka nepo, re ba le thabo ea ho tseba hore Jehova o na le rōna. Ha maemo a hlobaetsang a etsa hore Moshe a tlohe Egepeta, ka tumelo o ile a tsoela pele ho “tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:27) Moshe o ne a sa tsamaee a le mong; o ne a tseba hore Jehova o na le eena. Ka ho tšoanang, bara ba Kore ba ile ba bina: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing. Ka baka leo, re ke ke ra tšoha, leha lefatše le ka sisinyeha, ’me lithaba tsa tsokotseha mahareng a maoatle; leha maqhubu a ’ona a ka luma, a ntša mafilo, ’me bohale ba ’ona ba sisinya lithaba!” (Pesaleme ea 46:1-3) Haeba u e-na le tumelo e joalo ho Molimo, le ka mohla o ke ke oa u lahla. Davida o itse: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ke thabo e kaakang ho tseba hore Molimo o tsotella batho ba oona hakaale!—1 Petrose 5:6, 7.
18. Ke hobane’ng ha batho ba nang le thabo ea Jehova ba na le tokoloho e fanoeng ke Molimo lipelaelong tse tšoenyang?
18 Kaha re na le thabo ea Jehova, re na le tokoloho e fanoeng ke Molimo lipelaelong tse tšoenyang. Pauluse o itse: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:6, 7) Khotso ea Molimo ke khutso e ke keng ea lekanngoa le tlas’a maemo a hatellang. Ka eona lipelo tsa rōna li lula li khutsitse—e leng ntho e molemo ho rōna moeeng, maikutlong, le nameng. (Liproverbia 14:30) E boetse e re thusa ho boloka ho leka-lekana ha kelello, hobane rea tseba hore ha ho letho leo Molimo o le lumellang le ka re ntšang kotsi ka ho sa feleng. (Mattheu 10:28) Re na le khotso ena e tlisoang ke kamano e haufi le Molimo ka Kreste hobane re inehetse ho Jehova ’me re ikokobeletsa tataiso ea moea oa hae, o hlahisang litholoana tse kang thabo le khotso.
19. Re tla lula re thabile ha re boloka lipelo tsa rōna li tsepame ho eng?
19 Ho boloka lipelo tsa rōna li tsepame tokolohong ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo le tšepong ea ’Muso ho tla re thusa ho lula re thabile. Ka mohlala, ka linako tse ling ha ho letho leo re ka le etsang ha re fokolloa ke bophelo, empa re ka rapella bohlale le matla a ho sebetsana le hona ka katleho ’me ha re nahana ka bophelo bo botle boo re nang le bona moeeng hona joale le lipholiso tsa sebele tse tla ba teng tlas’a puso ea ’Muso re ka ’na ra fumana matšeliso. (Pesaleme ea 41:1-3; Esaia 33:24) Le hoja ho ka ’na ha hlokahala hore re mamelle bofutsana kajeno, lefatšeng la Paradeise le seng le le haufi haholo ho ke ke ha e-ba le khaello ea litlhoko tsa bophelo. (Pesaleme ea 72:14, 16; Esaia 65:21-23) E, Ntate oa rōna oa leholimo o tla re hlokomela hona joale ’me qetellong o tla etsa hore re be le thabo e felletseng.—Pesaleme ea 145:14-21.
Nka Tokoloho ea Hao eo U e Fuoeng ke Molimo e le ea Bohlokoa
20. Ho latela Pesaleme ea 100:1-5, re lokela ho itlhahisa joang ho Jehova?
20 Joaloka batho ba Jehova, ka sebele re lokela ho nka tokoloho e fanoeng ke Molimo e re tliselitseng thabo le mahlohonolo a mangata hakana e le ea bohlokoa. Ha ho makatse ha Pesaleme ea 100:1-5 e re phehella ho atamela Molimo ka ‘mehoo ea thabo.’ Re batho ba Jehova ’me oa re tsotella joaloka Molisa ea lerato. E, “re sechaba sa hae, re mohlape o alosoang ke eena.” Ho ba ’Mōpi ha hae le litšoaneleho tse hlollang ho re susumelletsa ho hata mabaleng a sehalalelo sa hae ka thoriso le teboho. Re susumelletseha ho ‘rorisa lebitso la hae,’ ho bua hantle ka Jehova Molimo. Ho phaella moo, ka linako tsohle re ka itšetleha ka mosa oa hae o lerato, kapa kameho ea hae e bontšang kutloelo-bohloko ho rōna. “Melokong le melokong” Jehova oa tšepahala, ha a feto-fetohe ho bontšeng lerato ho ba etsang thato ea hae.
21. Ho ile ha fanoa ka khothatso efe tokollong ea pele ea makasine oo, ’me re lokela ho etsa’ng ka tokoloho e fanoeng ke Molimo?
21 Joaloka batho ba sa phethahalang, hona joale re ke ke ra balehela liteko tsohle. Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo re ka ba Lipaki tsa Jehova tse sebete le tse thabileng. Mantsoe a ikhethang tabeng ena ke ana a fumanoang tokollong ea pele ea koranta ena (July 1879): “E-ba sebete . . . moena kapa khaitseli ea ka ea Mokreste, ea batlang ho matha tseleng e patisaneng ka mangole a tetemang. U se ke ua khathatseha ke tsela e matsutla; sena sohle se tlotlisoa le ho halaletsoa ke maoto a hlohonolofalitsoeng a Morena. Nka moutloa o mong le o mong joaloka palesa; lejoe le leng le le leng le motsu u le nke e le motataisi, ea u potlakisetsang pele pakaneng. . . . Boloka leihlo la hao le tsepame moputsong.” Batho ba limillione bao hona joale ba sebeletsang Jehova ba boloka mahlo a bona moputsong ’me ba na le mabaka a mangata a ho ba sebete le ho thaba. Ema u tiile ka lehlakoreng la bona bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo. U se ke ua lahleheloa ke morero oa eona, ’me e se eka ka mehla thabo ea Jehova e ka ba matla a hao.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ “Thabo ea Jehova” e ka ba matla a rōna joang?
◻ Mabapi le bolumeli, tokoloho e fanoeng ke Molimo e ’nile ea tlisetsa batho ba Jehova mahlohonolo afe?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsana ka lerato?
◻ Mahlohonolo a mang a amanang le tokoloho e fanoeng ke Molimo ke afe?
◻ Batho ba Molimo ba ka lula ba thabile joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Nka moutloa o mong le o mong joaloka palesa; lejoe le leng le le leng le motsu u le nke e le motataisi, ea u potlakisetsang pele pakaneng”