Ebang U Letsoalloa Kapa U Molata, Molimo oa U Amohela!
“O entse lichaba tsohle ka mali a motho a le mong, hore li ahe lefatšeng lohle.”—LIKETSO 17:26, BPN.
1. Ke boemo bofe ba tsieleho bo teng libakeng tse ngata kajeno mabapi le ho amohela batho ba nang le mekhoa e fapaneng ea bophelo?
LITLALEHO tsa likoranta li bontša hore linaheng tse ngata batho ba amehile haholo ka melata, bajaki, le baphaphathehi. Batho ba limillione ba tšoenyehile haholo ka ho fallela likarolong tsa Asia, Afrika, Europe, le Amerika. Mohlomong ba baleha bofutsana bo otlang pelo, ntoa ea lehae, kapa mahloriso. Empa na baa amoheloa libakeng tse ling? Makasine oa Time o itse: “Ha ho tsoakana ha batho ba merabe e sa tšoaneng Europe ho qala ho fetoha, linaha tse ling li hlokomela hore li sitoa ho amohela mekhoa esele ea bophelo ho feta kamoo li neng li nahana ka teng pele.” Time e itse ka baphaphathehi “ba sa batloeng” ba 18 000 000: “Phephetso eo ba e tlisetsang linaha tse tsitsitseng e ke ke ea fela.”
2, 3. (a) Bibele e fana ka tiiso efe e khathollang mabapi le ho amoheloa? (b) Ke hobane’ng ha re ka rua molemo ka ho hlahloba se boleloang ke Mangolo ka litšebelisano tsa Molimo le lichaba?
2 Ho sa tsotellehe se etsahalang tabeng ena, Bibele e bontša hore Molimo o amohela batho ba lichaba tsohle—ebang motho ke letsoalloa la sebaka se itseng, mojaki, kapa mophaphathehi. (Liketso 10:34, 35) Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Empa, ke’ng ha u rialo? Na Molimo ha oa ka oa khetha Iseraele ea boholo-holo e le sechaba sa oona, ’me oa siea tse ling ka thōko?’
3 Ha re ke re hlahlobe kamoo Molimo o ileng oa sebelisana le lichaba tsa boholo-holo ka teng. Re ka boetse ra hlahloba boprofeta bo itseng bo amanang le litokelo tse ka fumanoang ke barapeli ba ’nete kajeno. Ho hlahloba boitsebiso bona ba boprofeta ho ka hlakisa kutloisiso e khōloanyane eo u tlang ho e fumana e khothatsa haholo. E boetse e bontša kamoo Molimo o ka sebelisanang le batho “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” ka mor’a mahlomola a maholo.—Tšenolo 7:9, 14-17.
‘Lichaba Tsohle li Tla Itlhohonolofatsa’
4. Bothata ba bochaba bo qalehile joang, empa Molimo o ile oa nka mehato efe?
4 Ka mor’a Moroallo, lelapa la Noe le ile la hlahisa moloko ’ohle oa batho, ’me bohle e ne e le barapeli ba ’nete. Empa kapele bonngoe boo bo ile ba fetoha. Ka nako e khutšoaane, batho ba bang, ba iphapanyetsa thato ea Molimo, ba ile ba qala ho haha tora. Sena se ile sa etsa hore batho ba arohane ka lihlopha tsa lipuo tse ileng tsa fetoha batho le lichaba tse tletse-tletseng hohle. (Genese 11:1-9) Ho sa le joalo, bolumeli ba ’nete bo ile ba tsoela pele lesikeng le lebisang ho Abrahama. Molimo o ile oa hlohonolofatsa Abrahama ea tšepahalang ’me oa tšepisa hore bana ba hae e ne e tla ba sechaba se seholo. (Genese 12:1-3) Sechaba seo ke Iseraele ea boholo-holo.
5. Ke hobane’ng ha kaofela re ka khothatsoa ke litšebelisano tsa Molimo le Abrahama?
5 Leha ho le joalo, Jehova o ne a sa qhelela lichaba tseo e seng tsa Iseraele ka thōko, hobane morero oa hae o ne o akarelletsa moloko ’ohle oa batho. Re bona sena ka ho hlakileng ho seo Molimo o ileng oa se tšepisa Abrahama: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:18) Leha ho le joalo, ka makholo a lilemo, Molimo o ile oa sebelisana le Iseraele ka tsela e khethehileng, oa fana ka Molao oa sechaba, oa lokisetsa baprista ba tla nehelana ka mahlabelo tempeleng ea oona, ’me oa fana ka Naha e Tšepisitsoeng eo ba tla lula ho eona.
6. Litokisetso tsa Molimo le Iseraele li ka tsoela batho kaofela molemo joang?
6 Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o le molemo ho batho ba lichaba tsohle hobane o ile oa pepesa boetsalibe ba batho, oa bontša tlhokahalo ea sehlabelo se phethahetseng se tla koahela sebe sa batho ka ho sa feleng. (Ba-Galata 3:19; Ba-Heberu 7:26-28; 9:9; 10:1-12) Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le tiiso efe ea hore Peō ea Abrahama—eo lichaba tsohle li neng li tla itlhohonolofatsa ka eona—e ne e tla tla ’me e finyelle litšoaneleho tseo? Molao oa Iseraele o ile oa thusa le ntlheng ena. O ile oa hanela ho nyalana le Bakanana, e leng sechaba se neng se tumme hampe ka liketso le litšebeletso tsa boitšoaro bo bobe, tse kang tloaelo ea ho chesa bana ba ntse ba phela. (Levitike 18:6-24; 20:2, 3; Deuteronoma 12:29-31; 18:9-12) Molimo o ile oa laela hore bona hammoho le mekhoa ea bona ba felisoe. Sena se ne se le molemong oa nako e telele oa bohle, ho kopanyelletsa le molichaba, kaha se ne se tla sireletsa lesika la Peō hore le se ke la senngoa.—Levitike 18:24-28; Deuteronoma 7:1-5; 9:5; 20:15-18.
7. Ke bopaki bofe ba pele bo bontšang hore Molimo o ne o amohela basele?
7 Esita leha Molao o sa ntsane o sebetsa ’me Molimo o ntse o nka Iseraele e khethehile, o ile oa bontša mohau ho batho bao e seng Baiseraele. Ho ne ho bonahetse hore o ikemiselitse ho etsa joalo ha Baiseraele ba tsoa botlamuoeng ba Egepeta ba e-ea naheng ea bona. “Letšoele le kopakaneng la ea le bona.” (Exoda 12:38) Moprofesa C. F. Keil o bua ka bona e le “sehlopha se seholo sa melata . . . e le motsoako, kapa letšoele la batho ba lichaba tse fapaneng.” (Levitike 24:10; Numere 11:4) Ho ka etsahala hore ba bangata e ne e le Baegepeta ba ileng ba amohela Molimo oa ’nete.
Kamohelo ea Melata
8. Bagibeone ba ile ba fumana tjako joang har’a batho ba Molimo?
8 Ha Baiseraele ba phetha taelo ea Molimo ea ho felisa lichaba tse boitšoaro bo litšila Naheng e Tšepisitsoeng, o ile oa sireletsa sehlopha se seng sa melata, Bagibeone, ba neng ba lula ka leboea ho Jerusalema. Ba ile ba romela baemeli ba ikhakantseng ho Joshua, ba kōpa khotso ’me ba e fumana. Ha leqheka la bona le tsebahala, Joshua o ile a etsa qeto ea hore Bagibeone ba tla sebeletsa e le “ba rathang patsi, le ba khang metsi a phutheho le a aletare ea Jehova.” (Joshua 9:3-27) Kajeno bajaki ba bangata le bona ba ntse ba amohela boemo ba tšebeletso e tlaase e le hore e ka ba karolo ea sechaba se secha.
9. Mohlala oa Rahaba le lelapa labo o khothatsa joang tabeng ea melata Iseraeleng?
9 U ka khothatsoa ke ho tseba hore morao koo kamohelo ea Molimo e ne e se feela ho lihlopha tsa melata; le batho ba itlhophereng ba ne ba amoheloa. Kajeno lichaba tse ling li amohela feela bajaki ba nang le boemo bo phahameng sechabeng, ba nang le matsete a moruo, kapa thuto e phahameng. Jehova ha a joalo, joalokaha re bona ketsahalong e etsahetseng pele ho ea Bagibeone. E ne e ama Mokanana eo ho hang e neng e se oa boemo bo phahameng sechabeng. Bibele e ’mitsa “Rahaba oa sehlola.” Ka baka la tumelo ea hae ho Molimo oa ’nete, eena le ba ntlo ea hae ba ile ba pholoha ha Jeriko e oa. Le hoja Rahaba e ne e le molata, Baiseraele ba ile ba mo amohela. Ke mohlala oa tumelo oo re lokelang ho o etsisa. (Ba-Heberu 11:30, 31, 39, 40, NW; Joshua 2:1-21; 6:1-25) Hape e bile nkhono oa Messia.—Mattheu 1:5, 16.
10. Kamohelo ea melata Iseraeleng e ne e itšetlehile ka eng?
10 Batho bao e seng Baiseraele ba ne ba amoheloa Naheng e Tšepisitsoeng tumellanong le boiteko ba bona ba ho khahlisa Molimo oa ’nete. Baiseraele ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba itsoakanya le batho ba sa sebeletseng Jehova haholo-holo litabeng tsa bolumeli. (Joshua 23:6, 7, 12, 13; 1 Marena 11:1-8; Liproverbia 6:23-28) Ho sa le joalo, baahi ba bangata bao e neng e se Baiseraele ba ile ba utloa melao ea motheo. Ba bang ba ile ba fetoha basokolohi ba bolotseng, ’me Jehova o ile a ba amohela ka botlalo joaloka litho tsa phutheho ea hae.—Levitike 20:2; 24:22; Numere 15:14-16; Liketso 8:27.a
11, 12. (a) Baiseraele ba ne ba lokela ho tšoara barapeli ba melata joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala hore re ntlafatse mokhoa oo re latelang mohlala oa Jehova ka oona?
11 Molimo o ile oa laela Baiseraele hore ba etsise boikutlo ba oona ka barapeli ba melata: “Le etse molichaba joale ka ha le etsa ea tsoaletsoeng ha habo lōna, ’me le mo rate joale ka ha le ithata, hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.” (Levitike 19:33, 34; Deuteronoma 1:16; 10:12-19) Sena sea re ruta le hoja re se tlas’a Molao. Ho bonolo ho itumella ho ba le lehloeo le bora ho batho ba morabe o mong, ba sechaba se seng, kapa ba nang le mekhoa e fapaneng ea bophelo. Kahoo re etsa hantle ho botsa: ‘Na ke leka ho itlhohlolla lehloeo le joalo, ke latela mohlala oa Jehova?’
12 Baiseraele ba ne ba e-na le bopaki bo bonahalang ba hore Molimo oa ba amohela. Morena Salomone o ile a rapela: “Hape, molichaba, eo e seng oa sechaba sa hao sa Iseraele, ea tsoang lefatšeng le hole ka baka la lebitso la hao . . . ha a ka tla, a rapela tlung ena; u mamele, u le leholimong . . . hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao, li u tšabe.”—1 Marena 8:41-43; 2 Likronike 6:32, 33.
13. Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa etsa tokisetso ea ho fetola litšebelisano tsa oona le Iseraele?
13 Ha Jehova a sa ntsane a sebelisana le sechaba sa Iseraele joaloka sechaba sa hae ’me ka hona a sirelelitse lesika la leloko la Messia, Molimo o ile oa bua ka liphetoho tse khōlō esale pele. Pejana, ha Iseraele e lumela ho ba selekaneng sa Molao, Molimo o ile oa lumela hore e ne e tla ba mohloli oa “’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Exoda 19:5, 6) Empa Iseraele e ile ea bontša ho se tšepahale ka lilemo tse makholo. Kahoo Jehova o ile a bolela esale pele hore o ne a tla etsa selekane se secha seo tlas’a sona batho ba etsang “ntlo ea Iseraele” ba neng ba tla tšoareloa melato le libe. (Jeremia 31:33, 34) Selekane seo se secha se ne se emetse Messia, eo ka sebele sehlabelo sa hae se neng se tla hlatsoa ba bangata libe.—Esaia 53:5-7, 10-12.
Baiseraele Leholimong
14. Ke “Iseraele” efe e ncha eo Jehova a ileng a e amohela, hona joang?
14 Mangolo a Segerike a Bokreste a re thusa ho utloisisa hore na sena sohle se finyelletsoe joang. Jesu e ne e le Messia, eo lefu la hae le ileng la phetha Molao ’me la rala motheo oa tšoarelo e phethahetseng ea libe. Ho ne ho sa hlokahale hore motho e be Mojode ea bollotseng nameng e le hore a ka rua molemo oo. Che. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore selekaneng se secha, “mo-jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ke letere.” (Ba-Roma 2:28, 29; 7:6) Ba ileng ba lumela sehlabelong sa Jesu ba ile ba tšoareloa, ’me Molimo o ile oa ba amohela e le ‘Bajode ka moea,’ ba etsang sechaba sa moea se bitsoang “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 6:16.
15. Ke hobane’ng ha ho ba karolo ea sechaba se itseng ka tlhaho e se motheo oa ho ba karolo ea Iseraele oa moea?
15 E, ho amoheloa Iseraeleng oa moea ho ne ho sa itšetleha ka semelo se itseng sa bochaba kapa morabe. Ba bang, joaloka baapostola ba Jesu, e ne e le Bajode ka tlhaho. Ba bang, joaloka molaoli oa Roma oa sesole Kornele, e ne e le Balichaba ba sa bollang. (Liketso 10:34, 35, 44-48) Ka nepo Pauluse o boletse tjena ka Iseraele oa moea: “Ha ho Mogerike, leha e le mo-Jode, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare [“molata,” NW], leha e le mo-Scytha, leha e le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang.” (Ba-Kolosse 3:11) Ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo ba fetohile “mofuta o khethehileng, baprista le marena, sechaba se halalelang, batho ba letlotlo le khethehileng.”—1 Petrose 2:9, NW; bapisa le Exoda 19:5, 6.
16, 17. (a) Baiseraele ba moea ba phetha karolo efe morerong oa Molimo? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse ho nahana ka batho bao e seng karolo ea Iseraele oa Molimo?
16 Baiseraele ba moea ba na le bokamoso bofe morerong oa Molimo? Jesu o ile a arabela: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Batlotsuoa, bao ‘motse oa bona o leng maholimong,’ e tla ba majalefa ’moho le Konyana pusong ea eona ea ’Muso. (Ba-Filippi 3:20; Johanne 14:2, 3; Tšenolo 5:9, 10) Bibele e bontša hore bana ‘ba tšoailoe baneng ba Iseraele’ ’me “ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” Ba 144 000 ka palo. Leha ho le joalo, ka mor’a ho fana ka tlaleho ea palo ea ba tšoailoeng, Johanne o bolela sehlopha se fapaneng le seo—“bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.”—Tšenolo 7:4, 9; 14:1-4.
17 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ho thoe’ng ka batho ba limillione bao e seng karolo ea Iseraele oa moea, joaloka ba tlang ho feta mahlomola a maholo e le bongata boo bo boholo? Ba phetha karolo efe kajeno mabapi le ba ’maloa ba setseng ba Iseraele oa moea?’b
Melata Boprofeteng
18. Ke eng se ileng sa lebisa ho khutleng ha Iseraele kholehong Babylona?
18 Ha re khutlela morao nakong ea ha Iseraele e ne e le tlas’a selekane sa Molao le hoja e sa ka ea tšepahala ho sona, re fumana hore Molimo o ile oa etsa qeto ea hore Bababylona ba fetole Iseraele lesupi. Ka 607 B.C.E., Iseraele e ile ea isoa kholehong ka lilemo tse 70. Eaba Molimo o rekolla sechaba seo. Tlas’a ketello-pele ea ’Musisi Zorobabele, masala a Iseraele oa tlhaho a ile a khutlela naheng ea ’ona. Babusi ba Bamede le Bapersia, ba neng ba ketotse ’muso oa Babylona, ba ile ba ba ba thusa batho ba neng ba khutla kholehong ka mefaho. Buka ea Esaia e ne e buile esale pele ka liketsahalo tsena. (Esaia 1:1-9; 3:1-26; 14:1-5; 44:21-28; 47:1-4) ’Me Esdrase o re neha boitsebiso bo qaqileng ba histori ka ho khutla hoo.—Esdrase 1:1-11; 2:1, 2.
19. Mabapi le ho khutla ha Iseraele, ke pontšo efe ea boprofeta e neng e bontša hore melata e tla kenella?
19 Ho sa le joalo, ha Esaia a bolela esale pele ka ho rekolloa le ho khutla ha batho ba Molimo, o ile a bolela boprofeta bona bo makatsang: “Lichaba li tla tla tsamaea leseling la hao, marena a tle khanyeng ea mahlaseli a hao.” (Esaia 59:20; 60:3) Sena se bolela ho fetang feela hore melata e ne e amoheloa, tumellanong le thapelo ea Salomone. Esaia o ne a bua ka boemo bo neng bo tla fetoha ka tsela e sa tloaelehang. “Lichaba” li ne li tla sebeletsa le bara ba Iseraele: “Melata e tla haha marako a hao, ’me marena a eona a tla u sebeletsa; hobane nka be ke u otlile khalefong ea ka, empa ruri lerekong la ka ke tla u hauhela.”—Esaia 60:10, NW.
20, 21. (a) Mehleng ea kajeno, re fumana ho tšoana hofe tabeng ea ho khutla ha Iseraele botlamuoeng? (b) Ka mor’a moo ‘bara le barali’ ba ile ba ekelletsoa joang ho Iseraele oa moea?
20 Likarolong tse ngata, ho ea ha Iseraele le ho khutla kholehong ho tšoana le se etsahetseng ho Iseraele oa moea mehleng ea kajeno. Pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a ne a e-s’o be tumellanong e felletseng le thato ea Molimo; a ne a tšoarelletse liponong le litloaelong tse ling tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Joale, nakong ea bohale ba ntoa ’me e bile e le ka tlhohlelletso ea baruti, ba neng ba etelletse pele ho masala a Iseraele oa moea ba ile ba kenngoa teronkong ka ho hloka toka. Ka mor’a ntoa, ka 1919 C.E., batlotsuoa bao ba neng ba le teronkong ea sebele ba ile ba lokolloa ’me qoso ea bona ea hlakoloa. Sena se ile sa paka hore batho ba Molimo ba lokollotsoe botlamuoeng ba Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata. Batho ba oona ba ile ba haha paradeiseng ea moea ’me ba lula teng.—Esaia 35:1-7; 65:13, 14.
21 Sena se bontšitsoe tlhalosong ea Esaia: “Bohle baa phutheha, ba itlisa ho uena; bara ba hao ba tla tsoa hōle-hōle, barali ba hao ba tle ba sikiloe ka matsoho. Tsena u tla li bona, thabo ea hao e khaphatsehe, pelo ea hao e kōkōmōhe ke ho nyakalla haholo. Matlotlo a leoatle e tla ba a hao, maruo a balichaba a tla tlisoa ho uena.” (Esaia 60:4, 5, BPN) Lilemong tse latelang tse mashome, ‘bara le barali’ ba ile ba tsoela pele ho tla, ba tlotsoa ka moea bakeng sa ho nka libaka tsa ho qetela ho Iseraele oa moea.
22. “Melata” e ’nile ea sebelisana joang le Baiseraele ba moea?
22 Ho thoe’ng ka ‘melata e tla haha marako a hao’? Sena le sona se etsahetse mehleng ea rōna. Ha pitso ea ba 144 000 e se e tla phethoa, bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle bo ile ba qala ho khobokana ho tla rapela le Iseraele oa moea. Bana ba bacha ba na le tebello e thehiloeng Bibeleng ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Le hoja sebaka seo ba neng ba tla phela ho sona ka baka la tšebeletso ea bona e tšepahalang e ne e tla ba se fapaneng, ba ne ba thabela ho thusa masala a batlotsuoa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mattheu 24:14.
23. “Melata” e tšehelitse batlotsuoa ho isa bohōleng bofe?
23 Kajeno, batho ba fetang 4 000 000 bao e leng “melata,” hammoho le masala a bao ‘motse oa bona o leng leholimong,’ ba paka boinehelo ba bona ho Jehova. Ba bangata ba bona, banna le basali, ba bacha le ba hōlileng, ba sebeletsa tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Liphuthehong tse ngata ho tse fetang 66 000, melata e joalo e nka boikarabelo e le baholo le bahlanka ba sebeletsang. Masala a thabela sena, kaha a bona phethahatso ea mantsoe a Esaia: “Balichaba ba tla le sebeletsa, ba be ba lise le mehlape ea lōna, melata e le lemele masimo, e le hlomele le morara oa lōna.”—Esaia 61:5, BPN.
24. Ke hobane’ng ha re ka khothatsoa ke litšebelisano tsa Molimo le Iseraele le ba bang nakong e fetileng?
24 Kahoo, ho sa tsotellehe hore na sechabeng sa lefatše seo u leng ho sona u letsoalloa, mojaki, kapa mophaphathehi, u na le monyetla o moholo oa ho fetoha molata oa moea oo Ea Matla ’Ohle a o amohelang ka mofuthu. Kamohelo ea hae e akarelletsa monyetla oa ho thabela litokelo tšebeletsong ea hae hona joale le nakong e tlang e sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le phapang pakeng tsa “molichaba,” “moahi,” “osele,” le “molata,” bona Insight on the Scriptures, Buka 1, maqephe 72-5, 849-51, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Batho ba ka holimo ho 10 600 000 ba bile teng sehopotsong sa selemo le selemo sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea se ileng sa tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova ka 1991, empa ke ba 8 850 feela ba ipoletseng hore ke masala a Iseraele oa moea.
Na U Hlokometse Sena?
◻ Molimo o fane ka tšepo ea hore O tla amohela batho ba lichaba tsohle joang?
◻ Ke eng se bontšang hore lichaba tse ling ntle ho sechaba se khethehileng sa Molimo, Iseraele, li ne li ka O atamela?
◻ Boprofeteng, Molimo o bontšitse joang hore melata e ne e tla ikopanya le Iseraele?
◻ Ho khutla ha Iseraele kholehong Babylona ho tšoana le eng, ’me “melata” e kenelletse joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Morena Salomone o ile a rapella melata e neng e tla tla ho rapela Jehova