Kreste o ne a Hloile ho Hloka Molao—Na U ho Hloile?
“U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo [“ho hloka molao,” “NW”]; ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ka holim’a bohle ba nang le kabelo le uena.”—BA-HEBERU 1:9.
1. Ntle le ho rata ho loka, ho hlokahala eng hape ho bahlanka bohle ba ’nete ba Jehova Molimo?
BAHLANKA ba ’nete ba Jehova ba mo rata ka lipelo tsa bona tsohle, ka liphefumolohi tsa bona tsohle, ka likelello tsa bona tsohle, le ka matla a bona ’ohle. (Mareka 12:30) Ba batla ho thabisa Jehova pelo ka ho boloka botšepehi. (Liproverbia 27:11) Ho finyella seo, ha baa lokela ho rata ho loka feela empa hape ba tlameha ho hloea ho hloka molao. Ka sebele, Ea ba Behetseng Mohlala, Jesu Kreste, o ile a etsa joalo. Ho itsoe ka eena: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo [“ho hloka molao,” NW].”—Ba-Heberu 1:9.
2. Ho hloka molao ho akarelletsa eng?
2 Ho hloka molao ke eng? Ke sebe, joalokaha moapostola Johanne a bontšitse ha a ngola: “E mong le e mong ea etsang sebe o etsa tlōlo ea molao; hobane sebe ke ho tlōla molao.” (1 Johanne 3:4) Motho ea hlokang molao ha a “thibeloe ke molao kapa ha o mo laole.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Ho hloka molao ho akarelletsa sohle se sebe, se khopo, se boitšoaro bo bobe, se silafetseng, le se sa tšepahaleng. Ha re talima lefatše re hlokomela hore kajeno ho hloka molao ho atile ho feta leha e le neng pele. Ha ho pelaelo hore re phela ‘linakong tse bohloko’ tseo moapostola Pauluse a li boletseng esale pele ho 2 Timothea 3:1-5. Ka baka la ho hloka molao hona hohle, ke hantle hakaakang hore e be re laeloa hore re hloee bobe bohle! Ka mohlala, rea bolelloa: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe!” (Pesaleme ea 97:10) Ka ho tšoanang, rea bala: “Hloeang ho hobe, le rate ho hotle.”—Amose 5:15.
Mefuta e Meraro ea Lehloeo
3-5. Lentsoe “ho hloea” le sebelisoa ka litsela life tse tharo ka Lentsoeng la Molimo?
3 Ho hloea ho bolela eng? Ka Lentsoeng la Molimo, “ho hloea” ho sebelisoa ka litsela tse tharo tse fapaneng. Ho na le lehloeo le hlohlelletsoang ke lefufa le le batlang ho ntša kotsi. Bakreste ba tlameha ho qoba lehloeo la mofuta ona. Ke lehloeo le ileng la susumelletsa Kaine ho bolaea ngoan’abo ea lokileng Abele. (1 Johanne 3:12) Hape ke mofuta oa lehloeo leo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba na le lona ho Jesu Kreste.—Mattheu 26:3, 4.
4 Ho phaella moo, ka Mangolong lentsoe “ho hloea” le sebelisoa ka kutloisiso ea ho rata hanyenyane. Ka mohlala, Jesu o itse: “Ekare ha e mong a e-tla ho ’na, a sa hloee ntat’ae, le ’m’ae, le mosali oa hae, le bana ba hae, le banab’abo, le bo-khaitselie, le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:26) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a mpa a bolela feela hore re ba rate hanyenyane ho feta kamoo re mo ratang ka teng. Jakobo ‘o ne a hloile Lea,’ empa ha e le hantle o ne a mo rata hanyenyane ho feta Ragele.—Genese 29:30, 31.
5 Joale ho na le moelelo oa lentsoe “ho hloea” oo re amehileng ka ’ona haholo mona. O na le mohopolo oa boikutlo bo matla ba ho se rate kapa ho qoba motho kapa ntho e itseng ka matla hoo re qobang ho sebelisana le motho ea joalo kapa ntho e joalo. Ho Pesaleme ea 139 sena ho buuoa ka sona e le “lehloeo le phethehileng.” Davida o itse: “Na nke ke ka hloea ba u hloileng, Morena, ka halefela ba u tsohelang matla? Ke ba hloile ka lehloeo le phethehileng, le ’na ke lira tsa ka.”—Pesaleme ea 139:21, 22, BPN.
Lebaka Leo ka Lona re Lokelang ho Hloea ho Hloka Molao
6, 7. (a) Haholo-holo ke hobane’ng ha re lokela ho hloea ho hloka molao? (b) Lebaka la bobeli le matla la ho hloea ho hloka molao ke lefe?
6 Ke hobane’ng ha re lokela ho hloea ho hloka molao? Lebaka le leng ke hore re tle re be le boitlhompho le letsoalo le letle. Ke ka tsela ena feela re ka bang le kamano e ntle le Ntate oa rōna oa leholimo ea lokileng le ea lerato, Jehova. Davida o behile mohlala o motle tabeng ena, joalokaha re bona ha re bala Pesaleme ea 26. Ka mohlala, o itse: “Ke hloile mokhatlo oa ba bolotsana, ha ke lulisane le batho ba babe.” (Pesaleme ea 26:5) Lerato la rōna ho Molimo le bakeng sa ho loka le lokela ho re susumelletsa ho ba le khalefo e lokileng—e, lehloeo—bakeng sa sohle seo o se nkang e le ho hloka molao, ho akarelletsa liketso tsa ho hloka molao tsa batho ba sa utloeng Jehova le ba mo hloileng. Ho phaella moo, re lokela ho hloea ho hloka molao ka baka la thohako eo ho e tlisang lebitsong la Molimo.
7 Lebaka le leng leo ka lona batho ba Jehova ba lokelang ho hloea ho hloka molao ke hore ho kotsi haholo. Ho jalla nameng, ho bolelang ho jala ho hloka molao, ho tla ba le phello efe? Pauluse o lemositse: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” (Ba-Galata 6:7, 8) Kahoo re lokela ho se sebelisane ka ho felletseng le ho hloka molao. Ruri, ho hlokahala hore re hloee ho hloka molao hohle bakeng sa boiketlo ba rōna le khotso ea kelello.
Ba Hloileng ho Hloka Molao
8. Ke mang ea behileng mohlala o moholo oa ho hloea ho hloka molao, joalokaha ho bontšoa ke mangolo afe?
8 Molimo ke oona o behetseng libōpuoa tsohle tse bohlale mohlala o moholo oa ho hloea ho hloka molao. O na le khalefo e lokileng bakeng sa ho hloka molao, ’me Lentsoe la oona le re: “Ho na le ntho tse tšeletseng tse hloiloeng ke Jehova; nka re, li supile tseo e leng manyala ho eena: Ke mahlo a boikhohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tšollang mali a se nang molato; ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng; ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ea jalang liphapang bathong ba mofuta o le mong.” Re boetse rea bala: “Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe. Ke hloile boikhantšo le boikhohomoso, motsamao o mobe le molomo o khopo.” (Liproverbia 6:16-19; 8:13) Ho feta moo, rea bolelloa: “’Na, Jehova, ke rata ho lokileng, ’me ke hloile bosholu le bolotsana.”—Esaia 61:8.
9, 10. Jesu o bontšitse joang hore o hloile ho hloka molao?
9 Jesu Kreste o ile a etsisa Ntate oa hae ka ho hloea ho hloka molao. Ka hona, rea bala: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo [“ho hloka molao,” NW]; ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ka holim’a bohle ba nang le kabelo le uena.” (Ba-Heberu 1:9) Jesu o re behetse mohlala mabapi le lehloeo la mofuta ona. O ile a bontša lehloeo la hae bakeng sa ho hloka molao ka ho pepesa batho ba ho etsang ka boomo—e leng baeta-pele ba bolumeli ba bohata. Hangata, o ile a ba nyatsa ka hore ke baikaketsi. (Mattheu, khaolo 23) Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a ba bolella: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna.” (Johanne 8:44) Jesu o ile a bontša lehloeo la hae bakeng sa ho hloka molao ho isa bohōleng ba ho sebelisa likhoka liketsahalong tse peli, ha a hloekisa tempele ka ho leleka baikaketsi ba meharo ba bolumeli.—Mattheu 21:12, 13; Johanne 2:13-17.
10 Jesu o ile a boela a bontša lehloeo la hae bakeng sa ho hloka molao le sebe ka ho ipoloka a lokolohile ka ho felletseng ho tsona. Ka hona, ka nepo o ne a ka botsa bahanyetsi ba hae: “Ke mang ho lōna ea tla nkholisa hore ke na le sebe?” (Johanne 8:46) Jesu o ne a “tšepahala, a se na mano, a sa silafatsoa, a arohile ho baetsalibe.” (Ba-Heberu 7:26, NW) Ha Petrose a tiisa sena, o ngotse hore Jesu ha “a etsa sebe, ’me le thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.”—1 Petrose 2:22.
11. Re na le mehlala efe ea Mangolo ea batho ba sa phethahalang ba neng ba hloile ho hloka molao?
11 Leha ho le joalo, Jesu e ne e le motho ea phethahetseng. Na re na le mehlala ea Mangolo ea batho ba sa phethahalang bao kannete ba neng ba hloile ho hloka molao? Ka sebele ho joalo! Ka mohlala, Moshe le Balevi ba bang ba ile ba bontša lehloeo le matla bakeng sa borapeli ba litšoantšo ka ho bolaea barapeli ba litšoantšo ba ka bang 3 000 tlas’a taelo ea Jehova. (Exoda 32:27, 28) Finease o ile a bontša lehloeo le matla bakeng sa ho hloka molao ha a bolaea lihlola tse peli ka lerumo.—Numere 25:7, 8.
Ho Bontša Lehloeo Bakeng sa ho Hloka Molao
12. (a) Re ka bontša lehloeo la rōna joang bakeng sa ho hloka molao? (b) Litsela tse ling tse sebetsang tsa ho qoba mehopolo ea ho hloka molao ke life?
12 Ha re e-tla mehleng ea rōna, re ka bontša lehloeo la rōna joang bakeng sa ho hloka molao? Ka ho laola menahano, lipuo, le liketso tsa rōna. Ho hlokahala hore re hlaolele tloaelo ea ho nahana ka lintho tse hahang haeba likelello tsa rōna li sa tsepama mosebetsing o itseng. Haeba ho etsahala hore re hlobaele bosiu, re ka ’na ra ba le tšekamelo ea ho nahana lintho tse sa lokang, joaloka ho nahana haholo ka likhopiso kapa ho kenella menahanong ea botona le botšehali. Le ka mohla u se ke ua lumella lintho tse joalo, empa itloaetse ho nahana lintho tse molemo. Ka mohlala, leka ho tšoara mangolo ka hlooho, lintho tse robong tse tlisang thabo, le litholoana tse robong tsa moea. (Mattheu 5:3-12; Ba-Galata 5:22, 23) Na u ka bolela baapostola ba 12 ka mabitso? Na u tseba Melao e Leshome? Liphutheho tse supileng tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo ke life? Ho tšoara lipina tsa ’Muso ka hlooho le hona ho re thusa ho tsepamisa mohopolo linthong tsa ’nete, tse nahanoang ka ho teba, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse botumo bo botle, tse khabane, le tse rorisoang.—Ba-Filippi 4:8.
13. Ho hloea ho hloka molao ho tla etsa hore re hloee lipuo tsa mofuta ofe?
13 Ho phaella moo, re tla be re bontša hore re hloile ho hloka molao ka ho qoba lipuo tsohle tse litšila. Batho ba bangata ba lefatše ba thabela ho pheta le ho mamela mesoaso e litšila, empa Bakreste ha baa lokela ho ba le tšekamelo ea ho e mamela. Ho fapana le hoo, re lokela ho ikarola ’me re qobe ho kopanela puisanong e lebisang linthong tse joalo tse hlephisang boitšoaro. Haeba re sa khone ho ikarola, bonyane re ka bontša ka tšobotsi ea sefahleho hore re hloile lipuo tse joalo. Ho hlokahala hore re utloe keletso ena e ntle: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.” (Ba-Efese 4:29) Ha rea lokela ho itšilafatsa ka ho bua lintho tse litšila kapa ho li mamela.
14. Ho hloea ho hloka molao ho tla re sireletsa joang mekhoeng ea khoebo le ea khiro?
14 Lehloeo la rōna bakeng sa ho hloka molao le boetse le tlameha ho fetela litloaelong tsohle tsa boetsalibe. Ho hloea ho hloka molao ho tla re thusa ho qoba leraba la ho sekisetsa tabeng ena. Bakreste ba ’nete ha ba itloaetse ho etsa sebe. (Bapisa le 1 Johanne 5:18.) Ka mohlala, re tlameha ho hloea litloaelo tsohle tsa khoebo tsa ho se tšepahale. Kajeno, ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba ba tlas’a khatello ea ho etsa lintho tse sa tšepahaleng molemong oa bahiri ba bona empa ba hanne ho etsa joalo. Bakreste ba ’nile ba ikemisetsa ho lahleheloa ke mesebetsi ea bona ho fapana le ho etsa ntho e itseng e tšoenyang letsoalo la bona le koetlisitsoeng ka Bibele. Ho feta moo, re boetse re batla ho bontša lehloeo la rōna bakeng sa ho hloka molao ka ho se tlōle melao ea sephethe-phethe le ka ho se qhekelle ha re lokela ho lefa makhetho kapa litefiso tsa thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha.—Liketso 23:1; Ba-Heberu 13:18.
Ho Hloea Litšila tsa Botona le Botšehali
15. Ho bōpa batho ba na le litšusumetso tse matla tsa ho ba le balekane ho phethile merero efe e metle?
15 Joaloka Bakreste, ka ho khetheha re tlameha ho hloea litšila tsohle tse amang litaba tsa botona le botšehali. Ka ho bōpa batho ba na le litšusumetso tse matla tsa ho ba le balekane, Molimo o ile oa phetha merero e ’meli e metle. O ile oa tiisa hore moloko oa batho o se ke oa nyamela, ’me o boetse oa etsa tokisetso e lerato ka ho fetisisa bakeng sa thabo. Esita le batho ba futsanehileng, ba sa rutehang, kapa ba haelloang ke menyetla e meng e itseng ba ka fumana thabo e khōlō kamanong ea lenyalo. Leha ho le joalo, Jehova o sehile meeli eo kamano ena e ka thabeloang ho eona. Meeli ena e boletsoeng ke Molimo e tlameha ho hlomphuoa.—Genese 2:24; Ba-Heberu 13:4.
16. Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka boithabiso le litloaelo tse litšila tsa botona le botšehali?
16 Haeba re hloile ho hloka molao, re tla qoba ka matla litloaelo tsohle tse litšila tsa botona le botšehali le boithabiso ba boitšoaro bo bobe. Ka hona, re tla qoba libuka, limakasine, le likoranta tsohle tse belaetsang boitšoarong. Ka ho tšoanang, haeba re hloile ho hloka molao, re ke ke ra shebella mananeo a litšila, ebang ke thelevisheneng, libaesekopong, kapa litšoantšisong tse etsoang sethaleng. Haeba re hlokomela hore lenaneo le itseng ke la boitšoaro bo bobe, re lokela ho susumelletseha ho tima thelevishene hang-hang kapa re be le sebete sa ho tsoa ka holong. Ka ho tšoanang, ho hloea ho hloka molao ho tla re etsa hore re itebele khahlanong le ’mino ’ohle o nang le mantsoe kapa morethetho o tsosang takatso. Re ke ke ra batla ho tseba litaba tsa boitšoaro bo bobe empa re batla ho ba ‘bana bobeng, empa re be banna ba hōlileng kutloisisong.’—1 Ba-Korinthe 14:20.
17. Ba-Kolosse 3:5 (NW) e fana ka keletso efe e ka re thusang ho lula re hloekile boitšoarong?
17 Ka ho loketseng haholo, rea eletsoa: “Ka hona, bolaeang litho tsa ’mele ea lōna tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, litšila, takatso ea botona le botšehali.” (Ba-Kolosse 3:5, NW) Ntle ho pelaelo, ho hlokahala hore re nke mehato e matla haeba re batla ho ikemisetsa ho lula re hloekile boitšoarong. Mabapi le leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “bolaeang” ho Ba-Kolosse 3:5, The Expositor’s Bible Commentary e re: “Le fana ka maikutlo a hore ha rea lokela feela ho hatella kapa ho laola liketso tse mpe le maikutlo a mabe. Re lokela ho tlosa, re felise ka ho felletseng tsela ea khale ea bophelo. ‘Bolaea ka ho felletseng’ e ka ’na ea senola matla a lona. . . . Moelelo oa ketso, le matla a nako eo le leng ho eona li fana ka maikutlo a ketso e matla, e bohloko ea boikemisetso ba botho.” Ka hona re lokela ho qoba libuka le litšoantšo tsa bootsoa joalokaha eka ke boloetse bo kotsi, bo tšoaetsanoang, le bo bolaeang, hobane ke sona seo li leng sona boitšoarong le moeeng. Kreste o boletse khopolo e tšoanang ha a re re khaole matsoho, maoto, kapa esita le ’ona mahlo a rōna haeba a re lihela.—Mareka 9:43-48.
Ho Hloea Bolumeli ba Bohata le Bokoenehi
18. Re ka bontša lehloeo la rōna joang bakeng sa ho hloka molao ha bolumeli?
18 Hape, joalokaha Jesu a bontšitse lehloeo la hae bakeng sa ho hloka molao ka ho pepesa batho ba baikaketsi ba bolumeli, ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova kajeno li bontša lehloeo la tsona bakeng sa ho hloka molao hohle ha bolumeli ba boikaketsi. Joang? Ka ho aba lingoliloeng tsa Bibele tse pepesang hore na ha e le hantle Babylona e Moholo ke eng, seotsoa sa bolumeli. Haeba kannete re hloile boikaketsi ba bolumeli bo hlokang molao, re tla pepesa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata re sa hlathe koana le koana. Re tla etsa joalo molemong oa batho ba lipelo li tšepahalang bao e ba foufalitseng le bao e ba kentseng botlamuoeng ba moea. Haeba kannete re hloile ho hloka molao ha Babylona e Moholo, ka ho tšoanang re tla kopanela ka cheseho likarolong tsohle tsa tšebeletso ea ’Muso.—Mattheu 15:1-3, 7-9; Tite 2:13, 14; Tšenolo 18:1-5.
19. Re lokela ho talima bakoenehi joang, hona hobane’ng?
19 Tlamo ea ho hloea ho hloka molao e boetse e sebetsa liketsong tsohle tsa bakoenehi. Boikutlo ba rōna ka bakoenehi e lokela ho ba bo kang ba Davida, ea itseng: “Na nke ke ka hloea ba u hloileng, Morena, ka halefela ba u tsohelang matla? Ke ba hloile ka lehloeo le phethehileng, le ’na ke lira tsa ka.” (Pesaleme ea 139:21, 22, BPN) Bakoenehi ba kajeno ba ikopantse le “motho ea hlokang molao,” baruti ba Bokreste-’mōtoana. (2 Ba-Thessalonika 2:3, NW) Ka hona, joaloka Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, ha re tšoane le bona ho hang. Kaha ha rea phethahala, lipelo tsa rōna li ka ’na tsa ba le tšekamelo ea ho nyatsa-nyatsa baena ba rōna habonolo. E le batho ka bomong, litho tsa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ke batho ba sa phethahalang. (Mattheu 24:45-47) Empa sehlopha sena se khabane ebile se bohlale. Bakoenehi ba lebisa tlhokomelo e khōlō liphosong kapa seo ho bonahalang eka ke liphoso tse etsoang ke baena ba etelletseng pele. Polokeho ea rōna e itšetlehile ka hore re qobe lipolelo tsa leshano tsa bakoenehi joalokaha eka ke chefu, joalokaha li hlile li le joalo.—Ba-Roma 16:17, 18.
20, 21. Mabaka a ho hloea ho hloka molao a ka akaretsoa joang?
20 Re se re bone hore lefatše le tletse ho hloka molao, e leng ho tšoanang le sebe. Ha hoa lekana hore re rate ho loka; hape re tlameha ho hloea ho hloka molao. Mohlomong ba bang ba khaotsoeng ka phuthehong ea Bokreste ba ne ba nahana hore ba rata ho loka, empa ba ne ba sa hloea ho hloka molao ka ho lekaneng. Re boetse re bone lebaka leo ka lona re lokelang ho hloea ho hloka molao. Re ke ke ra ba le letsoalo le letle le boitlhompho ntle leha re etsa joalo. Ho phaella moo, ho hloka molao ho bolela ho se tšepahale ho Jehova Molimo. ’Me ho hloka molao ho etsa hore re kotule litholoana tse babang—mahlomola, tšilafalo, le lefu.
21 Re boetse re hlokometse kamoo re ka bontšang ka teng hore re hloile ho hloka molao. Re etsa joalo ka ho se sebelisane ho hang le ho se tšepahale ha mefuta eohle, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, kapa bokoenehi. Kaha re batla ho kopanela tlotlisong ea Jehova ’me re lakatsa ho mo thabisa pelo, ha rea tlameha ho rata ho loka feela le ho ipoloka re tšoarehile tšebeletsong ea hae empa hape re tlameha ho hloea ho hloka molao, joaloka Moeta-pele le Molaoli oa rōna, Jesu Kreste.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Mangolo a sebelisa lentsoe “ho hloea” joang?
◻ Mabaka a mang a utloahalang a hore re hloee ho hloka molao ke afe?
◻ Re na le mehlala efe e metle ea batho ba neng ba hloile ho hloka molao?
◻ Re ka bontša lehloeo la rōna joang bakeng sa ho hloka molao?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Jesu o ile a hloekisa tempele hobane o ne a hloile ho hloka molao
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Haeba re hloile ho hloka molao, re tla qoba boithabiso bo bobe ba botona le botšehali