Maikutlo a Bokreste ka Bolaoli
‘Ha ho bolaoli . . . ka ntle ho Molimo.’—BA-ROMA 13:1, NW.
1. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova ke Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa?
EA PHAHAMENG ka ho Fetisisa ea ileng a hlahisa pōpo eohle, e phelang le e sa pheleng, ke Jehova Molimo. Ho ke ke ha latoloa hore ke eena Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa. Bakreste ba ’nete ba kopanela boikutlong bo tšoanang le ba libōpuoa tsa leholimo tse reng: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšenolo 4:11.
2. Babusi ba pele ba batho ba ile ba lumela joang ka mokhoa o sa tobang hore ha ba na tokelo ea tlhaho ea ho busa batho ba bang, ’me Jesu o ile a bolella Ponse Pilato eng?
2 ’Nete ea hore ba bangata ba babusi ba pele ba batho ba ile ba leka ho etsa hore bolaoli ba bona bo lumelloe ka molao ka ho bolela hore ke melimo kapa hore ke baemeli ba molimo e ne e le ho lumela ka mokhoa o sa tobang hore ha ho motho ea nang le tokelo ea tlhaho ea ho busa batho ba bang.a (Jeremia 10:23) Mohloli feela o lumeletsoeng ka molao oa bolaoli ke Jehova Molimo. Kreste o ile a bolella Ponse Pilato, ’musi oa Moroma oa Judea: “U ka be u se na matla [“bolaoli,” NW] ho ’na le hanyenyane, hojane ha ua a neoa a e-tsoa holimo.”—Johanne 19:11.
‘Ha ho Bolaoli . . . ka Ntle ho Molimo’
3. Moapostola Pauluse o ile a re’ng mabapi le “balaoli ba phahameng,” ’me lipolelo tsa Jesu le Pauluse li phahamisa lipotso life?
3 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba neng ba phela tlas’a puso ea ’Muso oa Roma: “Sephefumolohi se seng le se seng a se ke se ikokobeletse balaoli ba phahameng, hobane ha ho bolaoli bo bileng teng ka ntle ho Molimo; balaoli ba teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” (Ba-Roma 13:1, NW) Jesu o ne a bolela’ng ha a re Pilato o ne a nehiloe bolaoli ba hae “bo e-tsoa holimo”? Hona ke ka tsela efe Pauluse a neng a nahana hore balaoli ba lipolotiki ba mehleng ea hae ba ne ba behiloe maemong a bona ke Molimo? Na ba ne ba bolela hore Jehova o ikarabella ka boeena bakeng sa peho ea ’musi e mong le e mong oa lipolotiki oa lefatše lee?
4. Jesu le Pauluse ba ile ba bitsa Satane eng, ’me ke polelo efe ea Satane eo Jesu a sa kang a e latola?
4 Ho ka ba joalo joang kaha Jesu o ile a bitsa Satane “morena oa lefatše lena,” ’me moapostola Pauluse o ile a re ke “molimo oa lefatše lena”? (Johanne 12:31; 16:11; 2 Ba-Korinthe 4:4) Ho feta moo, Satane ha a leka Jesu o ile a mo fa “bolaoli” ba “mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona,” a bolela hore ho ile ha nehelanoa ka bolaoli bona ho eena. Jesu o ile a hana mpho ea hae, empa ha aa ka a latola hore bolaoli bo joalo e ne e le ba Satane hore a ka fana ka bona.—Luka 4:5-8, NW.
5. (a) Re lokela ho utloisisa joang mantsoe a Jesu le Pauluse ka balaoli ba batho? (b) Balaoli ba phahameng ba “behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” ka kutloisiso efe?
5 Jehova o ile a nehelana ka bobusi ba lefatše lena ho Satane ka ho mo lumella hore a phele ka mor’a bofetoheli ba hae le ka mor’a hore a leke Adama le Eva le hore a etse hore ba fetohele ’muso oa Hae. (Genese 3:1-6; bapisa le Exoda 9:15, 16.) Ka hona, mantsoe a Jesu le a Pauluse, a tlameha a be a bolela hore hoba batho ba babeli ba pele ba neng ba le Edene ba lahle puso ea bomolimo, kapa puso ea Molimo, Jehova o ile a lumella batho ba ikarotseng ho eena hore ba qape litsamaiso tsa bolaoli tse neng li tla ba lumella hore ba phele mokhatlong o laolehileng. Ka linako tse ling, e le ho finyella morero oa hae, Jehova o ’nile a etsa hore ho oe babusi ba itseng kapa mebuso. (Daniele 2:19-21) Ba bang o ’nile a ba lumella hore ba ’ne ba buse. Ka babusi bao Jehova a mamelletseng boteng ba bona, ka bona ho ka thoe “ba teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”
Bakreste ba Pele le Balaoli ba Roma
6. Bakreste ba pele ba ile ba ba le maikutlo afe ka balaoli ba Roma, ’me e le ka lebaka lefe?
6 Bakreste ba pele ha baa ka ba ikopanya le lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bajode tse ileng tsa rera bolotsana le ho loantša Baroma ba neng ba lula Iseraele. Feela joalokaha balaoli ba Roma, ka tsamaiso ea bona ea melao, ba ne ba boloka taolo ka hare ho naha le leoatleng; ba haha likotopo tsa metsi tse ngata tse thusang, mebila, le marokho; ’me ka kakaretso ba sebeletsa boiketlo ba bohle, Bakreste ba ne ba ba nka e le ‘mohlanka [“mosebeletsi,” NW] oa Molimo ho bona molemong oa bona.’ (Ba-Roma 13:3, 4) Molao le taolo li ne li hlahisa tikoloho e ileng ea nolofaletsa Bakreste hore ba bolele litaba tse molemo kahohle, joalokaha Jesu a ne a laetse. (Mattheu 28:19, 20) Ka matsoalo a khutsitseng, ba ne ba ka lefa makhetho a beoang ke Baroma, esita leha chelete e ’ngoe e ne e sebelisetsoa merero eo Molimo a sa e amoheleng.—Ba-Roma 13:5-7.
7, 8. (a) Ho bala Ba-Roma 13:1-7 ka hloko ho senola eng, ’me taba e potolohileng e bontša’ng? (b) Balaoli ba Roma ha baa ka ba sebetsa e le “mosebeletsi oa Molimo” tlas’a maemo afe, ’me tabeng ee Bakreste ba pele ba ile ba ba le boitšoaro bofe?
7 Ho bala ka hloko litemana tsa pele tse supileng tsa Ba-Roma khaolo ea 13, ho senola hore “balaoli ba phahameng” ba lipolotiki e ne e le “mosebeletsi oa Molimo” ho rorisa ba etsang hantle le ho otla ba etsang se sebe. Taba e potolohileng e bontša hore Molimo ke eena ea rerang hore na se setle le se sebe ke sefe, eseng balaoli ba phahameng. Ka hona, haeba moemphera oa Roma kapa molaoli leha e le ofe oa lipolotiki a ne a batla lintho tseo Molimo a li hanelang kapa, ho fapana le moo, a ne a hanela lintho tseo Molimo a li hlokang, o ne a se a sa sebetse e le mosebeletsi oa Molimo. Jesu o itse: “Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mattheu 22:21) Haeba ’Muso oa Roma o ne o laela hore o fuoe lintho tseo e leng tsa Molimo, tse kang borapeli kapa bophelo ba motho, Bakreste ba ’nete ba ne ba latela keletso ea baapostola: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
8 Bakreste ba pele ba ile ba tleloa ke mahloriso ka hore ba hane borapeli ba moemphera le melimo ea litšoantšo, ho furalla liboka tsa bona tsa Bokreste, le ho khaotsa ho bolela litaba tse molemo. Ho na le tumelo e akaretsang ea hore moapostola Pauluse o ile a ahloleloa lefu ka taelo ea Moemphera Nero. Baemphera ba bang, haholo-holo Domitian, Marcus Aurelius, Septimius Severus, Decius le Diocletian, le bona ba ile ba hlorisa Bakreste ba pele. Baemphera bana le balaoli ba bona ba tlaase, ka sebele ba ne ba sa sebetse e le “mosebeletsi oa Molimo” ha ba hlorisa Bakreste.
9. (a) Ke eng e lutseng e le ’nete ka balaoli ba phahameng ba lipolotiki, ’me sebata sa lipolotiki se fumana matla le bolaoli ho mang? (b) Ke eng e ka boleloang ka ho utloahalang ka boikokobetso ba Bokreste ho balaoli ba phahameng?
9 Sena sohle se bontša hore le hoja balaoli ba phahameng ba lipolotiki ba sebeletsa lintlheng tse itseng e le “tokisetso ea Molimo” ea hore ho lule ho le teng mokhatlo oa batho o laolehileng, ba lula e ntse e le karolo ea tsamaiso ea lintho ea lefatše eo Satane e leng molimo oa eona. (1 Johanne 5:19) Ke ba mokhatlo oa lipolotiki oa lefatše ka bophara o tšoantšetsoang ka “sebata” sa Tšenolo 13:1, 2. Sebata seo se fumana matla a sona le bolaoli ho “drakone e kholo,” Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) Ka hona, hoa utloahala hore boikokobetso ba Bakreste ho balaoli ba joalo bo lekanyelitsoe, hase bo feletseng.—Bapisa le Daniele 3:16-18.
Tlhompho e Loketseng Balaoli
10, 11. (a) Pauluse o ile a bontša joang hore re lokela ho hlompha banna ba laolang? (b) Ke joang ’me e le hobane’ng ha lithapelo li ka ‘etsetsoa batho bohle, le marena, le bohle ba boholong’?
10 Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore Bakreste ba lokela ho amohela boikutlo bo tellang, bo nyelisang balaoli ba phahameng ba lipolotiki. Ke ’nete hore ba bangata ba banna bana ha ba tšoaneloe ke tlhompho bophelong ba bona ba boinotšing, esita le ba phatlalatsa. Leha ho le joalo, baapostola ka mohlala oa bona le keletso ea bona, ba ile ba bontša hore banna ba laolang ba lokela ho hlomphuoa. Pauluse ha a ne a hlaha ka pel’a Morena Heroda Agrippa II ea neng a kopanela likamano tsa botona le botšehali le mong ka eena ea haufi, o ile a bua le eena ka tlhompho e tšoanelang.—Liketso 26:2, 3, 25.
11 Pauluse o bile a bolela hore ho loketse hore re bue ka balaoli ba lefatše lithapelong tsa rōna, haholo-holo ha ho ipiletsoa ho bona hore ba etse liqeto tse amanang le bophelo ba rōna le mesebetsi ea Bokreste. O ile a ngola: “Khothatso ea ka ea sehlooho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapelo, le liteboho, li etsetsoe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane. Hobane hoo ke ho molemo, ho khahlehang ho Molimo, ’Moloki oa rōna, o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 2:1-4) Boitšoaro ba rōna bo nang le tlhompho ho balaoli ba joalo bo ka ’na ba etsa hore ba re fe bolokolohi bo boholoanyane ba ho etsa mosebetsi oa rōna oa ho leka hore “batho bohle ba bolokehe.”
12, 13. (a) Petrose o ile a fana ka keletso efe e seng leeme mabapi le bolaoli? (b) Re ka thiba joang “melomo ea batho ba maoatla” ba bakelang Lipaki tsa Jehova khethollo?
12 Moapostola Petrose o ile a ngola: “Ka baka la Morena, le ke le utloe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le eena e moholo; leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongoang ke eena ho khalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle. Hobane thato ea Molimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ea batho ba maoatla, ba sa tsebeng letho. Etsang ka mokhoa o tšoanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lōna tšireletso ea bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Molimo. Hlomphang batho bohle; ratang banab’abo lōna bohle; tšabang Molimo; hlomphang morena oa sechaba.” (1 Petrose 2:13-17) Ke keletso e seng leeme hakaakang! Re tšoanela ho fana ka boikokobetso bo feletseng ho Molimo re le makhoba a hae, boikokobetso bo lekanyelitsoeng le bo nang le tlhompho ho balaoli ba lipolotiki ba rometsoeng ho otla ba etsang hampe.
13 Ho ’nile ha fumaneha hore balaoli ba bangata ba lefatše ba na le maikutlo a makatsang ka ho fetisisa ka Lipaki tsa Jehova. Hangata ke kahobane ba filoe letsoho ka ntle ke lira tse batlang ha batho ba Molimo ba e-tsoa kotsi. Kapa mohlomong sohle seo ba se tsebang ka rōna ba se tsebile ka mecha ea litaba, e leng eo hangata e fanang ka kakaretso ea litaba e eang ka tšobotsi. Ka linako tse ling re ka senya leeme lena ka boitšoaro ba rōna bo nang le tlhompho ’me, moo ho khonehang, ka ho neha balaoli bana tlhaloso e nepahetseng ea mosebetsi le litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Bakeng sa baokameli ba phathahaneng, bukana e lekanang le makasine Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo e fana ka tlhaloso e tobang taba. Bakeng sa boitsebiso bo tōmanyana, ba ka fuoa buka Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, kofuto e ntle e lokelang ho ba le sebaka seluloaneng se seng le se seng sa libuka sa lilaebrari tsa libaka le tsa ’muso tse bulehetseng batho bohle.
Bolaoli ka Malapeng a Bokreste
14, 15. (a) Motheo oa bolaoli ka lapeng la Bokreste ke ofe? (b) Boikutlo ba basali ba Bakreste e lokela ho ba bofe mabapi le banna ba bona, ’me e le ka lebaka lefe?
14 Ho totobetse hore haeba Molimo o hloka hore Bakreste ba bontše tlhompho e loketseng ho balaoli ba lefatše, ka ho tšoanang ba lokela ho hlompha tsamaiso ea bolaoli e thehiloeng ke Molimo ka malapeng a Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a thathamisa ka mantsoe a makhutšoanyane molao-motheo oa bohlooho o sebetsang har’a batho ba Jehova. O ile a ngola: “Ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste, ’me hlooho ea mosali ke monna, ’me hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Ba-Korinthe 11:3) Ona ke molao-motheo oa puso ea bomolimo, kapa puso ea Molimo. O ama eng?
15 Ho hlompha puso ea bomolimo ho qala ka lapeng. Mosali oa Mokreste ea sa bontšeng tlhompho e tšoanelang bakeng sa bolaoli ba monna oa hae—ebang ke molumeli-’moho le eena kapa che—ha a tšehetse puso ea bomolimo. Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tšaba Kreste. Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joalo ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hlooho ea mosali, joalo ka ha Kreste le eena e le hlooho ea Kereke, ’me ke eena ’Moloki oa ’mele oa hae. Joalo ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle.” (Ba-Efese 5:21-24) Feela joalokaha banna ba Bakreste ba lokela ho ikokobeletsa bohlooho ba Kreste, basali ba Bakreste ba lokela ho hlokomela bohlale ba ho ikokobeletsa bolaoli bo fanoeng ke Molimo ba banna ba bona. Sena se tla ba tlisetsa khotsofalo e tebileng haholo ’me, habohlokoa haholo, tlhohonolofatso ea Jehova.
16, 17. (a) Bana ba hōletseng malapeng a Bokreste ba ka ikhetholla joang ho bacha ba bangata kajeno, ’me ke tšusumetso efe eo ba nang le eona? (b) Jesu e ne e le mohlala o motle joang bakeng sa bacha kajeno, ’me ba khothaletsoa ho etsa joang?
16 Bana ba tšehetsang puso ea bomolimo ba thabela ho bontša tlhompho e loketseng ho batsoali ba bona. Mabapi le morolo o mocha oa mehleng ea qetello, ho ile ha boleloa esale pele hore o ne o sa tl’o ‘utloa batsoali.’ (2 Timothea 3:1, 2) Empa Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le re ho bana ba Bakreste: “Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.” (Ba-Kolosse 3:20) Ho hlompha bolaoli ba batsoali ho khahlisa Jehova ’me ho tlisa tlhohonolofatso ea hae.
17 Sena se etselitsoe mohlala tabeng ea Jesu. Tlaleho ea Luka ea bolela: “Eaba o theoha le bona [batsoali ba hae], a ea Nasaretha. O ne a ba utloa . . . ’Me Jesu a ’na a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pel’a Molimo le batho.” (Luka 2:51, 52) Jesu o ne a le lilemo li 12 ka nako eo, ’me sebōpeho sa leetsi la Segerike le sebelisitsoeng mona se hatisa hore o “ile a tsoela pele a ikokobelelitse” batsoali ba hae. Ka hona ho ikokobetsa ha hae ha hoa ka ha fela ha a fihla pakeng tsa lilemo tse 13 le tse 19. Lōna ba banyenyane, haeba le batla ho tsoela pele moeeng le mohaung oa Jehova le batho ba bomolimo, le tla hlompha bolaoli ka ntle le ka hare ho malapa a’bo lōna.
Bolaoli ka Phuthehong
18. Hlooho ea phutheho ea Bokreste ke mang, ’me o fane ka matla a bolaoli ho mang?
18 Pauluse ha a bua ka hore taolo ea hlokahala ka phuthehong ea Bokreste, o ile a ngola: “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso . . . Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao [kapa, “ho ea ka taolo,” botlaaseng ba leqephe ho NW].” (1 Ba-Korinthe 14:33, 40) Hore lintho tsohle li etsahale ka mokhoa o laolehileng, Kreste, Hlooho ea phutheho ea Bokreste, o fane ka matla a bolaoli ho banna ba tšepahalang. Rea bala: “E sa le eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa . . . re mpe re etse ’nete ka lerato, ’me re hōle nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho.”—Ba-Efese 4:11, 12, 15.
19. (a) Ke mang eo Kreste a mo behileng hore a okamele mesebetsi eohle ea hae e lefatšeng, ’me o fane ka matla a khethehileng a bolaoli ho mang? (b) Ho fana ka matla a bolaoli ho etsoang ka phuthehong ea Bokreste ke hofe, ’me see se re hloka eng?
19 Mehleng ena ea qetello, Kreste o behile sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho okamela “mesebetsi ea hae kaofela,” kapa lithahasello tsa ’Muso tse lefatšeng. (Mattheu 24:45-47) Joaloka lekholong la pele la lilemo, mohlanka enoa o emeloa ke sehlopha se busang sa banna ba Bakreste ba tlotsitsoeng bao Kreste a ba fileng bolaoli ba ho etsa liqeto le ho beha balebeli ba bang. (Liketso 6:2, 3; 15:2) Ka lehlakoreng le leng, Sehlopha se Busang se fana ka matla a bolaoli ho Likomiti tsa Makala, balebeli ba setereke le ba potoloho, le baholo ho e ’ngoe le e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 73 000 ho pholletsa lefatše. Banna bana ba Bakreste ba inehetseng kaofela ha bona ba tšoaneloa ke tšehetso le tlhompho ea rōna.—1 Timothea 5:17.
20. Ke mohlala ofe o bontšang hore Jehova ha a thabele ba hlomphollang Bakreste-’moho le bona ba laolang?
20 Mabapi le tlhompho eo re lokelang ho ba le eona ho ba laolang ka phuthehong ea Bokreste, ho ka etsoa papiso e thahasellisang ka boikokobetso boo re lokelang ho bo bontša balaoli ba lefatše. Ha motho a tlōla molao oa batho oo Molimo a o amohelang, kotlo e etsoang ke “ba busang,” ha e le hantle, ke pontšo e sa tobang ea khalefo ea Molimo ‘ho ea etsang se sebe.’ (Ba-Roma 13:3, 4, NW) Haeba Jehova oa halefa ha motho a tlōla melao ea batho ’me a se na tlhompho e loketseng bakeng sa balaoli ba lefatše, o tlameha a be a sa thabe hakaakang ha Mokreste ea inehetseng a nyelisa melao-motheo ea Bibele ’me a bontša hore o hlompholla Bakreste-’moho le eena ba laolang!
21. Re tla thabela ho latela keletso efe ea Mangolo, ’me sehloohong se latelang ho tla tšohloa eng?
21 Ho e-na le ho imemela ho se thabe ha Molimo ka ho amohela boitšoaro ba borabele kapa ba ho ipusa, re tla latela keletso ea Pauluse ho Bakreste ba Filippi: “Baratuoa ba ka, joalo ka ha le bile le kutlo ka mehla, le fele le sebetse polokeho ea lōna ka tšabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lōna, empa haholo-holo leha ke le sieo; hobane Molimo ke oona o sebetsang ka ho lōna ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba oona. Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa lika-like; le tle le hloke sekoli le letheba, le be bana ba Molimo, ba sa nyatseheng har’a moloko o senyehileng, o khopo, oo le khanyang har’a oona joalo ka maseli lefatšeng.” (Ba-Filippi 2:12-15) Ho fapana le moloko oa joale o senyehileng le o khopo o itliselitseng maqakabetsi a bolaoli, batho ba Jehova ba ikokobeletsa bolaoli habonolo. Ka hona ba fumana melemo e meholo, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se fetileng.
Bakeng sa Tlhahlobo
◻ Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa ke mang, ’me ke hobane’ng ha bolaoli ba hae bo lumeletsoe ka molao?
◻ Balaoli ba phahameng “ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” ka kutloisiso efe?
◻ Ke neng balaoli ba phahameng ba khaotsang ho ba “mosebeletsi oa Molimo”?
◻ Malapeng a Bokreste ho na le tsamaiso efe ea bolaoli?
◻ Ho fana ka matla a bolaoli ho etsoang ka phuthehong ea Bokreste ke hofe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Jesu o ile a bolela: “Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare”