Le be le Kutloelo-bohloko ka Tsela e Bonolo
“Ikapeseng ka kameho e lerato e bonolo ea kutloelo-bohloko, mosa.”—BA-KOLOSSE 3:12, NW.
1. Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea kutloelo-bohloko kajeno?
HA HO e-s’o ka ho e-ba le batho ba bangata hakana historing pele ho mona ba hlokang thuso ea kutloelo-bohloko. Ba tobane le boloetse, tlala, ho hloka mosebetsi, tlōlo ea molao, lintoa, ho hloka puso le likoluoa tsa tlhaho, ba limilione ba hloka thuso. Empa ho na le bothata bo tebileng le ho feta, ’me boo ke boemo ba moea ba ho lahleheloa ke tšepo ba moloko oa batho. Satane, ea tsebang hore nako ea hae e khutšoanyane, o ‘thetsa lefatše kaofela.’ (Tšenolo 12:9, 12) Kahoo, haholo-holo ba kantle ho phutheho ea ’nete ea Bokreste ba kotsing ea ho lahleheloa ke bophelo ba bona, ’me Bibele e qhelela ka thōko tšepo leha e le efe ea tsoho bakeng sa ba timelitsoeng nakong ea letsatsi le tlang la Molimo la kahlolo.—Mattheu 25:31-33, 41, 46; 2 Ba-Thessalonika 1:6-9.
2. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ithiba ho timetseng ba khopo?
2 Empa, ho fihlela mehleng ena ea qetello, Jehova Molimo o tsoela pele ho bontša mamello le kutloelo-bohloko ho ba hlokang teboho le ba khopo. (Mattheu 5:45; Luka 6:35, 36) O entse sena ka lona lebaka leo a ileng a lieha ho otla sechaba se sa tšepahaleng sa Iseraele. “Kea phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng, lōna ntlo ea Iseraele?”—Ezekiele 33:11.
3. Re na le mohlala ofe oa kutloelo-bohloko ea Jehova ho bao eseng batho ba hae, hona re ithuta eng ho see?
3 Kutloelo-bohloko ea Jehova e ile ea boela ea atolosetsoa ho Baninive ba khopo. Jehova o ile a roma moprofeta oa hae Jonase hore a ba lemose ka timetso e atamelang. Ba ile ba arabela hantle boboleling ba Jonase ’me ba baka. Hona ho ile ha susumelletsa Molimo ea nang le kutloelo-bohloko, Jehova, hore a ikhule ho timetseng motse oo ka nako eo. (Jonase 3:10; 4:11) Haeba Molimo a ile a utloela Baninive bohloko, ba neng ba tla ba le monyetla oa tsoho, o tlameha ho utloela batho bohloko hakaakang bao kajeno ba tobaneng le timetso ea ka ho sa feleng!—Luka 11:32.
Mosebetsi oo ho Seng o Kileng oa Tšoana le Oona oa Kutloelo-bohloko
4. Jehova o bontša kutloelo-bohloko joang ho batho kajeno?
4 Tumellanong le botho ba hae bo nang le kutloelo-bohloko, Jehova o romile Lipaki tsa hae hore li ’ne li etele baahisani ba tsona ka “evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) ’Me ha batho ba arabela ka kananelo mosebetsing ona o pholosang bophelo, Jehova o bula lipelo tsa bona hore ba utloisise molaetsa oa ’Muso. (Mattheu 11:25; Liketso 16:14) Ha ba etsisa Molimo oa bona, Bakreste ba ’nete ba bontša kutloelo-bohloko e bonolo ka ho khutlela ho ba thahasellang, ba ba thusa, moo ho khonehang, ka thuto ea Bibele. Kahoo, ka 1993, Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse ’nè le halofo, linaheng tse 231, li ile tsa qeta lihora tse fetang limilione tse sekete li bolela ka ntlo le ntlo le ho ithuta Bibele le baahisani ba tsona. Bana ba sa tsoa thahasella, le bona ba na le monyetla oa ho nehela bophelo ba bona ho Jehova le ho ba maemong a ho ba Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng. Kahoo, bana le bona ba ile ba nka boikarabelo ba ho etsa mosebetsi ona oo ho seng o kileng oa tšoana le oona oa kutloelo-bohloko molemong oa ba tlang ho ba barutuoa ba ntseng ba tšoasehile lefatšeng le shoang la Satane.—Mattheu 28:19, 20; Johanne 14:12.
5. Ha kutloelo-bohloko ea bomolimo e fihlile pheletsong ea eona, ho tla etsahala eng ka bolumeli bo emelang Molimo hampe?
5 Haufinyane Jehova o tla nka bohato e le “mohale.” (Exoda 15:3) Ka lebaka la kutloelo-bohloko bakeng sa lebitso la hae le batho ba hae, o tla tlosa bokhopo ’me a hlome lefatše le lecha le lokileng. (2 Petrose 3:13) Ba pele ba ho latsoa letsatsi la Molimo la khalefo e tla ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Feela joalokaha Molimo a sa ka a sireletsa tempele ea hae e Jerusalema letsohong la morena oa Babylona, ka ho tšoanang a ke ke a sireletsa mekhatlo ea bolumeli e ’nileng ea mo emela hampe. Molimo o tla kenya ka lipelong tsa litho tsa Machaba a Kopaneng ho etsa Bokreste-’mōtoana lesupi le mefuta e meng eohle ea bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:16, 17) Jehova oa phatlalatsa: “Le ’na leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ’me ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ea bona lihloohong tsa bona.”—Ezekiele 9:5, 10.
6. Lipaki tsa Jehova li susumelletseha ho bontša kutloelo-bohloko ka litsela life?
6 Ha nako e sa ntse e le teng, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho bontša kutloelo-bohloko ho baahisani ba tsona ka ho bolela molaetsa oa Molimo oa poloko ka cheseho. ’Me ka tlhaho, moo ho khonehang, li boetse li thusa le batho ba hlokang nameng. Leha ho le joalo, tabeng ena boikarabelo ba tsona ba pele ke ho hlokomela litho tsa lelapa tse haufi le ba amanang le tsona tumelong. (Ba-Galata 6:10; 1 Timothea 5:4, 8) Maeto a mangata a liphallelo a entsoeng ke Lipaki tsa Jehova molemong oa balumeli-’moho le tsona ba utloileng bohloko ka lebaka la likoluoa tse sa tšoaneng e ’nile ea e-ba mehlala e tsotehang ea kutloelo-bohloko. Leha ho le joalo, Bakreste ha baa lokela ho ema ho fihlela taba li le mosenekeng pele ba ka bontša kutloelo-bohloko e bonolo. Ba potlakela ho bontša tšobotsi ena ha ba sebetsana le mathata le manolo a bophelo ba letsatsi le letsatsi.
Ke Karolo ea Botho bo Bocha
7. (a) Ho Ba-Kolosse 3:8-13, kutloelo-bohloko e amahanngoa joang le botho bo bocha? (b) Kameho e lerato e bonolo e nolofalletsa Bakreste ho etsa eng?
7 Ke ’nete hore tlhaho ea rōna ea boetsalibe le tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane li re sitisa ho ba le kutloelo-bohloko ka bonolo. Ke ka lebaka leo Bibele e re khothalletsang hore re lahle ‘bohale, ho itšena, lonya, linyefolo; le polelo e lihlong.’ Ho e-na le hoo re elelletsoa ho ‘apara botho bo bocha’—botho bo lumellanang le setšoantšo sa Molimo. Pele ho tsohle, re laeloa ho apara “kameho e lerato e bonolo ea kutloelo-bohloko, mosa, kelello e ikokobelitseng, bonolo, le tiisetso.” Joale Bibele e re bontša tsela e sebetsang ea ho bontša litšoaneleho tsena. “Tsoelang pele le mamellane ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba leha e le ofe a e-na le sesosa sa ho tletleba ka e mong. Feela joalokaha Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, le lōna le etse joalo.” Ho bonolo haholoanyane ho ba ea tšoarelang haeba re hlaoletse “kameho e lerato e bonolo ea kutloelo-bohloko” ho baena ba rōna.—Ba-Kolosse 3:8-13, NW.
8. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba le moea oa ho tšoarela?
8 Ka lehlakoreng le leng, ho hlōleha ho bontša tšoarelo e nang le kutloelo-bohloko ho beha kamano ea rōna le Jehova kotsing. Sena se ile sa bontšoa ka matla papisong ea Jesu ea lekhoba le sa tšoareleng, le ileng la kenngoa teronkong ke mong’a lona “ho fihlela [le] ka lefa molato kaofela.” Lekhoba lena le ne le lokela ho tšoaroa ka tsela ena hobane ka mokhoa o tšosang le ile la hlōleha ho bontša kutloelo-bohloko ho lekhoba-’moho le lona le ileng la kōpa mohau. Jesu o ile a qetella papiso eo ka ho re: “Le Ntate ea maholimong o tla le etsa joalo, ha le sa tšoarelane bohle ka pelo tsa lōna tsohle.”—Mattheu 18:34, 35, Bibele Phetolelo e Ncha.
9. Kutloelo-bohloko e bonolo e amana joang le tšobotsi ea bohlokoahali ea botho bo bocha?
9 Ho ba ea nang le kutloelo-bohloko ka bonolo ke tšobotsi ea bohlokoa ea lerato. ’Me lerato ke letšoao le khethollang Bokreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Kahoo, tlhaloso ea Bibele ea botho bo bocha e qetella ka ho re: “Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:14.
Mohono—Tšitiso ea Kutloelo-Bohloko
10. (a) Ke eng e ka ’nang ea etsa hore mōna o mele lipelong tsa rōna? (b) Ke liphello life tse mpe tse ka hlahisoang ke mōna?
10 Ka lebaka la sebōpeho sa rōna sa botho sa boetsalibe, maikutlo a mohono a ka mela habonolo ka lipelong tsa rōna. Moena kapa khaitseli e ka ’na eaba o hlohonolofalitsoe ka ho ba le tsebo ea tlhaho kapa menyetla ea lintho tse bonahalang tseo re se nang tsona. Kapa mohlomong e mong o fumane litlhohonolofatso le litokelo tse khethehileng tsa moea. Haeba re honohela ba joalo, na re tla khona ho ba tšoara ka kutloelo-bohloko e bonolo? Ka ntle ho pelaelo re ke ke. Ho e-na le hoo, maikutlo a mōna a ka ’na a qetella a iponahalitse puong e nyatsa-nyatsang kapa liketsong tse seng mosa, hobane Jesu o ile a re ka batho: “Molomo oa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.” (Luka 6:45) Ba bang ba ka ’na ba tšehetsa ho nyatsa ho joalo. Kahoo khotso ea lelapa kapa ea phutheho ea batho ba Molimo e ka senngoa.
11. Banab’abo Josefa ba leshome ba ile ba tlosa kutloelo-bohloko lipelong tsa bona joang, hona ka phello efe?
11 Nahana ka se ileng sa etsahala lelapeng le leng le leholo. Bara ba baholo ba leshome ba Jakobo ba ile ba e-ba mōna ka moena oa bona e monyenyane Josefa hobane o ne a ratoa ke ntate oa bona haholo. Ka lebaka leo, “ba sitoa ho bua le eena ka khotso.” Hamorao, Josefa o ile a hlohonolofatsoa ka litoro tsa bomolimo, ho pakang hore o ne a amoheloa ke Jehova. Hona ho ile ha etsa hore banab’abo ba ‘eketse ho mo hloea.’ Ka lebaka la hobane ha baa ka ba motsula mōna lipelong tsa bona, o ile oa tlosa kutloelo-bohloko ’me oa lebisa sebeng se tebileng.—Genese 37:4, 5, 11.
12, 13. Re lokela ho etsa eng ha maikutlo a mōna a kena lipelong tsa rōna?
12 Ka sehlōhō, ba ile ba rekisa Josefa bokhobeng. E le ka boiteko ba ho koahela phoso ea bona, ba ile ba thetsa ntat’a bona hore a nahane hore Josefa o bolailoe ke phoofolo e hlaha. Lilemo hamorao sebe sa bona se ile sa senoleha ha ba ne ba qobelloa ke tlala ea sekoboto ho theohela Egepeta ho ea reka lijo. Molaoli oa lijo, eo ba neng ba sa tsebe hore ke Josefa, o ile a ba qosa ka hore ke lihloela ’me a ba bolella hore ba se ke ba tla batla thuso ea hae hape haeba ba sa tle le moena oa bona oa ho fela, Benyamine. Nakong ena Benyamine o ne a fetohile eo ntat’a bona a mo ratang haholo, ’me ba ne ba tseba hore Jakobo o ne a ke ke a rata ho mo lumella hore a tsamaee.
13 Joale ha ba ntse ba eme ka pel’a Josefa, matsoalo a bona a ba susumelletsa ho lumela: “Ka ’nete, ra na ra siteloa ngoan’abo rōna [Josefa], ha re ne re bona masisa-pelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utloa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.” (Genese 42:21) Ka kutloelo-bohloko ea hae empa e le ka litšebelisano tse tiileng, Josefa o ile a thusa banab’abo ho paka bonnete ba pako ea bona. Eaba o itsebisa bona ’me o ba tšoarela ka seatla se bulehileng. Bonngoe ba lelapa bo ile ba tsosolosoa. (Genese 45:4-8) Joaloka Bakreste, re lokela ho ithuta thuto ho sena. Ka ho tseba liphello tse mpe tsa mohono, re lokela ho rapela Jehova ho re thusa hore re nkele maikutlo a mōna sebaka ka “kameho e lerato e bonolo ea kutloelo-bohloko.”
Litšitiso tse Ling tsa Kutloelo-Bohloko
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho pepesetsoa pefo ho sa hlokahale?
14 Tšitiso e ’ngoe ea ho ba ha rōna ba nang le kutloelo-bohloko e ka bakoa ke ho ipepesetsa pefo ho sa hlokahale. Lipapali le boithabiso tse bontšang pefo li hlohlelletsa takatso e matla ea pefo. Mehleng ea Bibele, kamehla bahetene ba ne ba shebella litlholisano tsa linoamali le mefuta e meng ea ho hlokofatsa batho mabaleng a boithabiso a ’Muso oa Roma. Boithabiso bo joalo, ho latela rahistori e mong, “bo ile ba senya mothapo oa kutlo oa kutloelo-bohloko bakeng sa ho utloa bohloko ho khethollang batho ho libatana.” Boholo ba boithabiso lefatšeng la mehleng ea kajeno bo na le phello e tšoanang. Bakreste, ba loanelang hore ka bonolo ba be le kutloelo-bohloko, ho hlokahala hore e be ba hloaeang haholo ha ba khetha lintho tse baloang, libaesekopo le mananeho a TV. Ka bohlale ba hopola mantsoe a Pesaleme ea 11:5 (NW): “Ka sebele [Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”
15. (a) Motho a ka bonahatsa ka ho teba hore o hloka kutloelo-bohloko joang? (b) Bakreste ba ’nete ba arabela joang litlhokong tsa balumeli-’moho le bona le baahisani ba bona?
15 Motho oa moikhabi le eena ho ka etsahala hore a hloke kutloelo-bohloko. Hona ho tebile, joalokaha moapostola Johanne a hlalosa: “Motho ha a na le lintho tsa bophelo ba lefatše, ’me a bona ngoan’abo a hloka, ’me a mo koalla pelo ea hae, lerato la Molimo le lutse joang ho eena?” (1 Johanne 3:17) Ho hloka kutloelo-bohloko ho tšoanang ho ile ha bontšoa ke moprista ea iketsang ea lokileng le Molevi papisong ea Jesu ea Mosamaria ea nang le botsoalle. Ha ba bona mahlomola a ngoan’abo bona oa Mojode ea leng makhatheng a lefu, bana ba ile ba tšelela ka ’nģane ho tsela ’me ba itsoella pele tseleng ea bona. (Luka 10:31, 32) Ho fapana le moo, Bakreste ba nang le kutloelo-bohloko ba arabela kapele litlhokong tsa nama le tsa moea tsa bana babo bona. ’Me joaloka Mosamaria papisong ea Jesu, ba boetse ba amehile ka litlhoko tsa basele. Kahoo ba thabela ho fana ka nako ea bona, matla a bona le matlotlo a bona bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Ka tsela ena ba tlatsetsa ho bolokeheng ha ba limilione.—1 Timothea 4:16.
Kutloelo-Bohloko ho ba Kulang
16. Ke mefokolo efe eo re tobanang le eona ha re sebetsana le maemo a boloetse?
16 Boloetse ke karolo ea moloko oa batho o sa phethahalang, o shoang. Bakreste hase mekhelo, ’me bongata ba bona hase litsebi tsa bongaka, leha e le hore ba ka etsa mehlolo joalokaha ho entse Bakreste ba bang ba pele ba ileng ba amohela matla a joalo ho Kreste le baapostola ba hae. Ka ho shoa ha baapostola ba Kreste le metsoalle ea bona e haufi-ufi, matla a joalo a mohlolo a ile a fela. Ka hona, ho khona ha rōna ho thusa ba utloang bohloko ka lebaka la ho kula ’meleng, ho akarelletsa ho se sebetse hantle ha boko le ho ba le lipono tsa bohata tse tlang kelellong, hoa fokola.—Liketso 8:13, 18; 1 Ba-Korinthe 13:8.
17. Ke thuto efe eo re ithutang eona tseleng eo monna ea kulang le ea shoetsoeng Jobo a ileng a tšoaroa ka eona?
17 Ho tepella maikutlo hangata ho tsamaea le ho kula. Ka mohlala, Jobo ea tšabang Molimo o ile a tepella maikutlo haholo ka lebaka la boloetse bo matla le tlokotsi eo Satane a ileng a mo tlisetsa eona. (Jobo 1:18, 19; 2:7; 3:3, 11-13) O ne a hloka metsoalle e neng e tla mo tšoara ka kutloelo-bohloko e bonolo le e neng e tla ‘bua le eena ka ho mo tšelisa.’ (1 Ba-Thessalonika 5:14) Ho e-na le hoo, bao ho thoeng ke batšelisi ba bararo ba ile ba mo etela ’me ba potlakela ho etsa liqeto tse fosahetseng. Ba ile ba mpefatsa boemo ba Jobo ba ho tepella maikutlo ka ho bolela hore tlokotsi ea hae e ne e le ka lebaka la phoso e ’ngoe ea hae. Ka hore ka bonolo ba be le kutloelo-bohloko, Bakreste ba tla qoba ho oela lerabeng le tšoanang ha balumeli-’moho le bona ba kula kapa ba tepelletse maikutlong. Ka linako tse ling, ntho e ka sehloohong eo ba joalo ba e hlokang ke ho eteloa ka mosa ka makhetlo a seng makae ke baholo kapa Bakreste ba hōlileng tsebong ba tlang ho mamela ka kutloelo-bohloko, ba bontša kutloisiso, le ho fana ka keletso e lerato ea Mangolo.—Ba-Roma 12:15; Jakobo 1:19.
Kutloelo-Bohloko ho ba Fokolang
18, 19. (a) Baholo ba lokela ho sebelisana le ba fokolang kapa bafosi joang? (b) Esita le haeba ho hlokahala ho theha komiti ea boahloli, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore baholo ba tšoare bafosi ka kutloelo-bohloko e bonolo?
18 Baholo haholo-holo ba tlameha hore ka bonolo ba be le kutloelo-bohloko. (Liketso 20:29, 35) Bibele ea laela: “Rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang.” (Ba-Roma 15:1) Ka lebaka la ho se phethahale, bohle re etsa liphoso. (Jakobo 3:2) Bonolo boa hlokahala ha ho sebelisanoa le ea ‘nkang bohato bo sa lokang pele a bo hlokomela.’ (Ba-Galata 6:1, NW) Ha ho mohla baholo ba batlang ho tšoana le Bafarisi ba iketsang ba lokileng ba neng ba sa nahanele ha ba sebelisa Molao oa Molimo.
19 Ho fapana le hoo, baholo ba latela mehlala eo ka bonolo e nang le kutloelo-bohloko ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. Mosebetsi o ka sehloohong oa bona ke ho matlafatsa, ho khothatsa, le ho khatholla linku tsa Molimo. (Esaia 32:1, 2) Ho e-na le ho leka ho laola lintho ka melao e mengata, ba ipiletsa melao-motheong e metle Lentsoeng la Molimo. Kahoo, mosebetsi oa baholo e lokela ho ba ho haha, ho tlisa thabo le kananelo bakeng sa molemo oa Jehova lipelong tsa baena ba bona. Haeba molumeli-’moho a etsa phoso e fokolang, hangata moholo o tla qoba ho mo khalemela moo ba bang ba utloang. Haeba ho hlile ho hlokahala hore a bue, maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko a tla susumelletsa moholo hore a nkele eo ka thōko ’me ba tšohle bothata boo moo ba bang ba ke keng ba utloa. (Bapisa le Mattheu 18:15.) Ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae ho sebelisana le motho e mong, katamelo ea moholo e lokela ho ba ea motho ea mamellang le ea thusang. Ha ho mohla a tla batla mabaka a sa utloahaleng a ho ikemela hore a tle a mo lelekele kantle ho phutheho. Esita leha ho hlokahala ho theha komiti ea boahloli, baholo ba tla bontša kutloelo-bohloko e bonolo ha ba sebelisana le motho ea amehang phosong e tebileng. Mosa oa bona o ka ’na oa etsa hore eo a bake.—2 Timothea 2:24-26.
20. Ke neng pontšo ea maikutlo ea kutloelo-bohloko e sa lokelang, hona hobane’ng?
20 Leha ho le joalo, ho na le linako tseo mohlanka oa Jehova a ke keng a bontša kutloelo-bohloko. (Bapisa le Deuteronoma 13:6-9.) Ho Mokreste hore a ‘khaotse ho kopana’ (NW) le motsoalle ea haufi-ufi kapa mong ka eena ea khaotsoeng e ka ba teko ea sebele. Tabeng e joalo, ke habohlokoa hore motho a se ke a inehela maikutlong a qenehelo. (1 Ba-Korinthe 5:11-13) Ho tiea ho joalo ho ka ba ha khothalletsa mofosi hore a bake. Ho feta moo, ha ba sebelisana le ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona, Bakreste ba tlameha ho qoba lipontšo tse sa lokelang tsa kutloelo-bohloko tse ka lebisang boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.
21. Ke libakeng life tse ling moo ho hlokahalang hore re bontše kutloelo-bohloko e bonolo, hona melemo ke efe?
21 Sebaka ha se re lumelle ho tšohla libaka tsohle tseo kutloelo-bohloko e bonolo e hlokahalang ho tsona—ha re sebelisana le ba hōlileng, ba shoetsoeng, ba hlorisoang ke balekane ba sa lumelang. Baholo ba sebetsang ka thata ka ho tšoanang ba lokela ho tšoaroa ka kutloelo-bohloko e bonolo. (1 Timothea 5:17) Ba hlomphe ’me u ba tšehetse. (Ba-Heberu 13:7, 17) Moapostola Petrose o ile a ngola: “Kaofela ha lōna . . . le utloelane bohloko ka bonolo.” (1 Petrose 3:8, NW) Ka ho nka bohato ka tsela ena maemong ’ohle a ho hlokang, re khothalletsa bonngoe le thabo ka phuthehong ’me re hohella ba kantle ’neteng. Ka holim’a tsohle, ka ho etsa joalo re hlompha Ntate oa rōna, Jehova, eo ka bonolo a nang le kutloelo-bohloko.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jehova o bontša kutloelo-bohloko joang ho moloko oa batho oa baetsalibe?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ka bonolo u be le kutloelo-bohloko?
◻ Tse ling tsa litšitiso tsa hore re be le kutloelo-bohloko ka bonolo ke life?
◻ Re lokela ho tšoara ba kulang le ba tepelletseng maikutlong joang?
◻ Ke bo-mang haholo-holo bao ho hlokahalang hore ba be le kutloelo-bohloko ka bonolo, hona hobane’ng?
[Lebokose le leqepheng la 19]
BAFARISI BA SE NANG KUTLOELO-BOHLOKO
LETSATSI la Sabbatha la phomolo le ne le reretsoe ho ba tlhohonolofatso ea moea le ea nama bakeng sa batho ba Molimo. Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba Sejode, ba ile ba etsa melao e mengata e neng e hlompholla molao oa Molimo oa Sabbatha ’me ba ile ba e etsa hore e be moroalo ho batho. Ka mohlala, haeba mang kapa mang a ne a tsoile kotsi kapa a utloile bohloko ke ho kula, o ne a ke ke a fumana thuso ka Sabbatha ntle leha bophelo ba hae bo ne bo le kotsing.
Sekolo se seng sa Bafarisi se ne se le thata hoo tlhalosong ea sona ea molao oa Sabbatha se ileng sa re: “Motho ha a tšelise ba siameng, leha e le hore o etela batho ba kulang ka Sabbatha.” Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ne ba lumella maeto a joalo ka Sabbatha empa ba beha litaelo: “Meokho e thibetsoe.”
Kahoo, ka nepo Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ka ho hlokomoloha litlhokahalo tsa bohlokoa haholo tsa Molao, tse kang toka, lerato, le mohau. Hase feela a ileng a re ho Bafarisi: “Le fosisa lentsoe la Molimo joalo ka mokhoa oa lōna oo le o neanang”!—Mareka 7:8, 13; Mattheu 23:23; Luka 11:42.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Linaheng tse 231 Lipaki tsa Jehova li ntšetsa pele mosebetsi oo ho seng o kileng oa tšoana le oona oa kutloelo-bohloko mahaeng a batho, literateng, esita le literonkong
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho pepesetsehela pefo, e kang ea TV, ho senya kutloelo-bohloko e bonolo