U ka Phunyeletsa Har’a Litšitiso Tsena!
SEFOFANE se seholo se ka ’na sa palamisa baeti ba makholo-kholo le thepa ea boima ba litone tse ngata. Sefofane se boima joalo se ka phahamela ka holim’a lefatše joang? Habonolo feela ka thuso ea matla a phahamisang.
Ha sefofane se matha tselaneng ea lifofane, moea o fohla ka holimo le ka tlaase ho mapheo a kobehileng. Sena se hlahisa sefutho se hulelang lintho holimo se bitsoang matla a phahamisang. Ha ho fehliloe matla a phahamisang a lekaneng, sefofane se ka hlōla matla a hulelang lintho fatše ’me sa fofa. Ka ho hlakileng, sefofane se imelitsoeng ka ho tlōtseng se ke ke sa fehla matla a phahamisang a lekaneng hore se fofisoe ke moea.
Le rōna re ka imeloa ka ho tlōtseng. Lilemo tse makholo tse fetileng, Morena Davida o ile a re ‘melato ea hae e mo imela joaloka mojaro o boima.’ (Pesaleme ea 38:5, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka ho tšoanang, Jesu Kreste o ile a lemosa khahlanong le ho imeloa ke lipelaelo tsa bophelo. (Luka 21:34) Mehopolo le maikutlo a fosahetseng e ka re imela hoo ho ka ’nang ha bonahala eka ho thata “ho fofisoa ke moea.” Na u imetsoe ka tsela eo? Kapa u se u kile ua thulana le tšitiso e itseng bakeng sa tsoelo pele ea hao moeeng? Haeba ho joalo, ke’ng se ka thusang?
Na U Jeoa ke Bolutu?
Bolutu—ke tletlebo e tloaelehileng kajeno—bo ka fetoha tšitiso ea kelello, haesita le ho batho ba bang ba Jehova. Bacha ka ho khethehileng ba na le tšekamelo ea ho qhelela thōko mesebetsi e itseng ka hore ke e tenang. Na ka linako tse ling u ee u ikutloe joalo ka liboka tsa Bokreste? Haeba ho joalo, ke’ng seo u ka se etsang hore ho ba teng ha hao libokeng ebe ho hlasimollang?
Ho nka karolo ke senotlolo. Pauluse o ile a ngolla mohlankana Timothea: “U itlhakisetse borapeling. Hobane hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae, empa borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:7, 8) Buka e buang ka ho phela hantle ’meleng e ka ba e tenang le e nang le bohlokoa bo fokolang haeba re sa ka ra latela boikoetliso ba ’mele bo khothalelitsoeng. Liboka tsa Bokreste li etselitsoe ho koetlisa likelello tsa rōna ’me li tla etsa joalo haeba re li lokisetsa le ho nka karolo. Ho kopanela hona ho tla etsa hore liboka ebe tse putsang le tse thahasellisang haholoanyane.
Mabapi le sena, mosali e mocha oa Mokreste ea bitsoang Mara o ile a re: “Haeba ke sa lokisetsa liboka, ha ke li thabele. Leha ho le joalo, ha ke li lokiselitse esale pele, kelello le pelo ea ka li arabela hamolemo likhopolong tsa ba bang. Liboka e ba tse nang le moelelo haholoanyane, ’me ke lebella ka thabo bakeng sa ho ea kopanela ka litlhaloso.”
Ho ithuta ho mamela le hona ho tla thusa. Ho mamela ’mino o monate ho bonolo ’me ho thabisa kapele-pele. Empa hase khotsofalo eohle e fumanehang ka ho panya ha leihlo. Re fumana khotsofalo lenaneong la seboka haeba feela re mamela ka hloko se buuoang. Mokreste ea bitsoang Rachel o ile a hlokomela: “Haeba sebui se se hloahloa, ho hlokahala ke tsepamise mohopolo ka matla. Seo ke ipehetseng sona hore se ntataise ke hore, ‘Haeba puo e sa thahasellise, ho hlokahala hore ’na ke tsepamise mohopolo haholoanyane.’ . . . Ke lebisa tlhokomelo e khethehileng mangolong, ke leka ho fumana ho hongata ho ’ona kamoo ho ka khonehang.” Ho hlokahala hore re itaee joaloka Rachel, hore re tsebe ho mamela. Buka ea Liproverbia e re: “Mora oa ka, u ele bohlale ba ka hloko, u sekehele thuto ea ka tsebe.”—Liproverbia 5:1.
Boitsebiso bo bong bo fanoang libokeng e ka ’na ea ba bo ntse bo pheta-phetoa ka tsela e itseng. Sena sea hlokahala! Bahlanka bohle ba Molimo ba hloka likhopotso. Nama e sa phethahalang, hammoho le litšekamelo tsa eona tse tsoileng tseleng le mehopolo e fosahetseng, e hloka thuso eohle e ka fumanehang. Moapostola Petrose ‘o ne a sekametse ho hopotseng balumeli-’moho le eena litaba tse itseng, le hoja ba ne ba rutehile ho tsona ’me ba tiile ’neteng.’ (2 Petrose 1:12) Jesu le eena o ile a hlalosa hore “mongoli e mong le e mong . . . o joalo ka motho eo e leng mong a ntlo, ea ntšang lintho tse ncha le lintho tsa khale letlotlong la hae.” (Mattheu 13:52) Kahoo, ha liboka tsa rōna li ntša likhopolo tse tloaelehileng tsa Mangolo, kapa ‘matlotlo a khale,’ kamehla ho ntse ho e-na le ‘matlotlo a macha’ bakeng sa ho re thabisa.
Ho ikemisetsa ho nka monyetla o tletseng oa liboka ho ka fella ka khothatso ea sebele ea moea. Jesu o itse: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko [bao e leng mekōpa-kōpa bakeng sa lintho tsa moea].” (Mattheu 5:3, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Boikutlo bo joalo mabapi le lijo tse hahang tsa moea tse fanoang libokeng bo tla leleka bolutu.—Mattheu 24:45-47.
Na U Nyahamisitsoe ke Mohlala o Mobe?
Na u khopisitsoe ke boitšoaro ba e mong phuthehong ea lōna? Mohlomong u ile ua ipotsa, ‘Ho tla joang hore moena a itšoare ka tsela eo empa a ’ne a be le botumo bo botle?’ Mehopolo e joalo e ka sebeletsa e le tšitiso ea moea, e re foufalletsang ho bona bohlokoa ba botsoalle bo thabisang boo re ka bang le bona le batho ba Molimo.—Pesaleme ea 133:1.
Mohlomong litho tse ling phuthehong ea Kolosse li ne li e-na le bothata bo tšoanang. Pauluse o ile a ba phehella ka matla: “Tsoelang pele le mamellane ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba leha e le ofe a e-na le sesosa sa ho tletleba ka e mong.” (Ba-Kolosse 3:13, NW) Pauluse o ile a hlokomela hore Bakreste ba bang ba Kolosse e ka ’na eaba ba ile ba itšoara hampe ’me kahoo ba etsa hore ba bang ba be le lebaka le utloahalang la ho tletleba. Kahoo ha rea lokela ho makala ka ho sa hlokahaleng haeba e mong oa baena ba rōna kapa bo-khaitseli ka linako tse ling a haelloa ke tšobotsi e itseng ea Bokreste. Jesu o ile a fana ka keletso e utloahalang mabapi le ho rarolla mathata a tebileng. (Mattheu 5:23, 24; 18:15-17) Empa boholo ba nako re ka mamella mefokolo ea balumeli-’moho le rōna ’me ra ba tšoarela. (1 Petrose 4:8) Ha e le hantle, katamelo e joalo e ka ba molemong oa rōna le oa ba bang. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Liproverbia 19:11 (NW), e re: “Ka sebele temoho ea motho e kokobetsa bohale ba hae‚ ’me botle ba hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.” Ho molemo hakaakang ho tšoarela ho e-na le ho lumella khalefo le tlhonamo ho eketseha! Salvador, moholo ea tsebahalang ka botho ba hae bo lerato, o ile a re: “Ha moena a ntšoara hampe kapa a bua ntho e sa thabiseng ho ’na, kea ipotsa: ‘Ebe nka thusa moena oa ka joang? Nka qoba joang ho lahleheloa ke kamano ea bohlokoa le eena?’ Kamehla ke ela hloko kamoo ho leng bonolo ho bua ntho e fosahetseng. Haeba motho a ka bua ka ho se nahane, tharollo e molemo ke hore a hule seo a se buileng ’me a qale bocha hape. Empa seo ho thata ho se etsa, kahoo ke nka tsela e molemo ka mor’a moo ’me ke hlokomoloha se builoeng. Ke nka feela e le ho phasoloha ho tlisitsoeng ke ho se phethahale ho e-na le ho nka hore ke botho ba sebele ba moena oa ka.”
U ka ’na ua ikutloa hore ho bua sena ho bonolo ho feta ho se etsa. Empa boholo bo itšetlehile holim’a tsela eo re laolang monahano oa rōna ka eona. Pauluse o ile a eletsa: “Tsohle tse ratehang, . . . le ke le hopole tsona.” (Ba-Filippi 4:8) Ha e le hantle poleloana “tse ratehang” e bolela “e susumetsoang ke kameho e lerato.” Jehova o batla hore re talime lintho tse ntle ho batho, ho beha tlhokomelo litšobotsing tse tlang ho re susumeletsa kamehong e lerato ho e-na le ho hlonama. Eena ka boeena o re fa mohlala o moholo tšobotsing ena. Mopesaleme o re hopotsa sena ha a re: “Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena?”—Pesaleme ea 103:12; 130:3.
Ke ’nete hore ka linako tse ling boitšoaro ba moena e ka ’na ea e-ba bo soabisang, empa karolo e khōlō haholo ea barapeli-’moho le rōna ke mehlala e babatsehang ea bophelo ba Bokreste. Haeba re ka hopola sena, joaloka Davida re tla thabela ‘ho rorisa Jehova haholo, ’me re tla mo roka har’a bongata.’—Pesaleme ea 109:30.
Na ho ba Paki ho Bonahala ho le Thata Haholo?
Ka masoabi, ka lebaka la tšitiso e ’ngoe ea kelello, ba bang ha ba e-s’o qale ho rorisa Jehova. Banna ba bangata bao e seng Lipaki tsa Jehova ba hlokomela malapa a bona ka tsela e bontšang boikarabelo haesita le ho tšehetsa basali ba bona tšebeletsong ea Bokreste. Ba botsoalle ’me mohlomong ba thahasella phutheho, empa ba qoba ho ba bahlanka ba inehetseng ba Molimo. Ke’ng se ba thibelang?
Bothata bo bong e ka ’na ea e-ba hore banna bana ba hlokometse mosebetsi o maphatha-phate oa puso ea Molimo oa basali ba bona ’me ba ikutloa hore ho ba Paki ho hloka motho se sengata haholo. Kapa mohlomong ba tšaba hore ha ho mohla ba ka kopanelang mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ponong ea bona, boikarabelo bo bonahala bo pupetsa litlhohonolofatso. Ke hobane’ng ha sena e le tšitiso ea kelello? Liithuti tse ngata tsa Bibele li ile tsa ithuta ho sebelisa ’nete butle-butle. Empa hangata banna ba sa lumelang ba hlokomela boikarabelo bohle ba Bokreste pele ba haha tšusumetso ea ho bo amohela.
Manuel, ea neng a le boemong bona oa hlalosa: “Ka lilemo tse leshome ke ile ka felehetsa mosali oa ka ho ea likopanong le libokeng. Ho bua ’nete, ke ne ke khetha ho ba har’a Lipaki ho e-na le ho ba har’a batho ba lefatše, ’me ke ne ke thabela ho li thusa ha ke ne ke khona. Ke ne ke khahloa haholo ke lerato le neng le rena har’a tsona. Empa khopolo ea ho ea ka ntlo le ntlo e ne e le tšitiso e khōlō ho ’na, ’me ke ne ke tšaba hore basebetsi-’moho le ’na ba tla ntšoma.
“Mosali oa ka o ne a e-na le mamello e khōlō mabapi le ’na ’me le ka mohla ha aa ka a nqobella ho ithuta Bibele. Eena le bana ba ne ba ‘bolela’ haholo-holo ka mohlala oa bona o motle. José, moholo ka phuthehong, o ile a nthahasella ka ho khethehileng. Ke nahana hore e bile khothatso ea hae e ileng ea etsa hore qetellong ke qalise ho ithuta ka ho teba. Ka mor’a ho kolobetsoa, ke ile ka hlokomela hore litšitiso li ne li le ka kelellong ea ka ho feta nthong leha e le efe e ’ngoe. Kapele-pele hoba ke etse qeto ea ho sebeletsa Jehova, ke ile ka latsoa thuso ea hae tabeng ea ho hlōla tšabo ea ka.”
Ke joang basali le baholo ba Bakreste ba ka thusang banna ba kang Manuel ho hlōla litšitiso tsa bona tsa kelello? Thuto ea Bibele e ka ’na ea haha kananelo le takatso ea ho etsa thato ea Molimo. Ka sebele, tsebo e shoetseng ea Mangolo ke motheo bakeng sa tumelo le ho ba le kholiseho tšepong e larileng ka pele.—Ba-Roma 15:13.
Ke’ng se tlang ho khothatsa banna ba joalo ho amohela thuto ea Bibele? Hangata, setsoalle le moena ea utloisisang ka phuthehong se ka thusa monna ho etsa qeto. Mohlomong moholo kapa moena e mong ea nang le phihlelo a ka tloaelana le monna. Ha kamano e ntle e se e thehiloe, sohle se ka hlokahalang ke hore e mong a mo khannele thuto. (1 Ba-Korinthe 9:19-23) Ka nako e tšoanang, mosali ea masene oa Mokreste a ka arolelana sengoathoana sa lijo tsa moea le monna oa hae ea sa lumelang, a ntse a hlokometse hore a ka ’na a arabela hantle khatellong.—Liproverbia 19:14.
Joalokaha Manuel a ithutile ka phihlelo, ha motho a se a fumane matla a moea, litšitiso tse kang lithaba li ba joalo ka litututsoana tse entsoeng ke khoiti. Jehova o fana ka matla ho ba batlang ho mo sebeletsa. (Esaia 40:29-31) Ka matla a Molimo, le ka tšehetso ea Lipaki tse hōlileng tsebong litšitiso li ka ’na tsa tlosoa. Kahoo, mosebetsi oa ho ea ka ntlo le ntlo e ke ke ea hlola e e-ba o tšosang, le basebetsi-’moho e ke ke ea hlola e e-ba ba tšosang, ha tšebeletso ea moea ’ohle e e-ba e ipiletsang haholoanyane.—Esaia 51:12; Ba-Roma 10:10.
Ho Boloka Matla a Susumetsang
Ho phunyeletsa litšitisong tse kang tse tharo tseo re li hlahlobileng ho ka etsahala. Ha sefofane se tloha fatše, ka ho tloaelehileng matla a enjine a hlokahala ka tekanyo e khōlō ka ho fetisisa le phalimeho e feletseng ea bafofisi. Nakong ea ha sefofane se tloha fatše, enjine e noa mafura a mangata haholo ho feta nakong efe kapa efe ea ho fofa ha sona. Ka ho tšoanang, ha motho a itokolla mehopolong le maikutlong a fosahetseng o hloka boiteko le ho tsepamisa mohopolo ka ho feletseng. Ho qalisa e ka ’na ea e-ba mohato o thata ka ho fetisisa, athe khatelo-pele eona e ba bonolo hang ha matla a susumetsang a se a fumanoe.—Bapisa 2 Petrose 1:10.
Khatelo-pele e sa khaotseng e bolokoa ka ho potlakela ho ela hloko khothatso ea Mangolo. (Pesaleme ea 119:60) Re ka tiiseha hore phutheho e tla batla ho fana ka thuso. (Ba-Galata 6:2) Leha ho le joalo, seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa, ke tšehetso ea Jehova Molimo. Joalokaha Davida a ile a re: “Morena a ke a rorisoe ka matsatsi ’ohle; o jara boima ba rōna ka matsatsi ’ohle!” (Pesaleme ea 68:19) Ha re ikimolla ka thapelo, mojaro oa rōna o ba bobebe.
Ka linako tse ling, sefofane se tloha fatše pula e na le maru a thibile, se phunyeletse marung, ’me se fofele sepaka-pakeng se tletseng khanya le seo letsatsi le chabetseng ho sona. Le rōna ka ho tšoanang re ka furalla mehopolo e fosahetseng. Ka thuso ea Molimo, re ka phunyeletsa har’a maru, ka puo ea tšoantšetso, ’me ra ba khanyeng le ho thabela ho ba tikolohong ea lelapa la barapeli ba Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ka thuso ea Jehova, re ka phunyeletsa litšitisong tsa kelello