‘Le Lokela ho Halalela Hobane Kea Halalela’
“Halalelang, hobane kea halalela, ’na Jehova, Molimo oa lōna.”—LEVITIKE 19:2.
1. Batho ba bang bao lefatše le ba nkang ba halalela ke bafe?
BONGATA ba malumeli a maholo a lefatše bo na le batho bao bo nkang hore baa halalela. ’Mè Teresa, moitlami ea tummeng ka mosebetsi oa hae oa bophelo bohle India hangata o talingoa a halalela ka lebaka la ho itella mafutsana. Mopapa ho thoe ke “Ntate ea Halalelang.” Mothehi oa mokhatloana oa K’hatholike oa kajeno Opus Dei, José María Escrivá, o talingoa ke Mak’hatholike a mang e le “mohlala oa khalalelo.” Bohindu bo na le li-swami, kapa banna ba halalelang. Gandhi o ne a hlomphuoa joaloka monna ea halalelang. Bobuddha bo na le baitlami ba bona ba halalelang ba banna, le Boislam bo na le moprofeta oa bona ea halalelang. Empa ha e le hantle ho halalela ho bolela’ng?
2, 3. (a) Mantsoe “halalela” le “khalalelo” a bolela’ng? (b) Ke lipotso life tse ling tseo ho hlokahalang hore li arajoe?
2 Lentsoe “halalela” le ’nile la hlalosoa e le “1. . . . e amanang le matla a bomolimo; e khethetsoeng tšebeletso. 2. E amahanngoang le, kapa ea tšoaneloang ke ho rapeloa kapa ho hlomphuoa . . . 3. E phelang tumellanong le tsamaiso ea bolumeli kapa ea moea e sa tenyetseheng kapa e nang le boitšoaro bo phahameng . . . 4. E khethiloeng kapa e beheletsoeng ka thōko bakeng sa morero oa bolumeli.” Moelelong oa Bibele, khalalelo e bolela “ho hloeka kapa ho se be le motsoako bolumeling; ho khetheloa tšebeletso.” Ho latela buka ea litšupiso tsa Bibele Insight on the Scriptures, “[lentsoe] la Seheberu sa pele qoʹdhesh le na le mohopolo oa ho behella ka thōko, ho khethela kapa ho hloekisetsa Molimo, . . . boemo ba ho khetheloa tšebeletso ea Molimo.”a
3 Sechaba sa Iseraele se ile sa laeloa hore se halalele. Molao oa Molimo o itse: “Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna, le tšoanetse ho ikhetha, le be le halalele, hobane kea halalela.” Ke mang eo e neng e le Mohloli oa khalalelo? Baiseraele ba sa phethahalang ba ne ba ka halalela joang? ’Me kajeno re ka iphumanela lithuto life ha Jehova a re biletsa khalalelong?—Levitike 11:44.
Kamoo Iseraele e Neng e Sebelisana le Mohloli oa Khalalelo
4. Khalalelo ea Jehova e ile ea tšoantšetsoa joang Iseraeleng?
4 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le borapeli ba Iseraele ho Jehova Molimo e ne e lokela ho nkoa e halalela le ho tšoaroa e le joalo. Ke hobane’ng ha ho ne ho le joalo? Hobane Jehova ka boeena ke qalo le mohloli oa khalalelo. Tlaleho ea Moshe ea ho lokisetsa tabernakele e halalelang le liaparo le mekhabiso e qetella ka mantsoe ana: “Hape, ha etsoa lebenyane la khauta e hloekileng la moqhoele o khethehileng; ha ngoloa ho lona lengolo la tiiso le reng: Khalalelo ho Jehova.” Lebenyane lena la khauta e hloekileng le ne le sa tlohe tukung ea moprista e moholo, ’me le ne le bontša hore o khethetsoe tšebeletso ea khalalelo e khethehileng. Ha ba ne ba bona letšoao lena le ngotsoeng le phatsima letsatsing, nako le nako Baiseraele ba ne ba hopotsoa khalalelo ea Jehova.—Exoda 28:36; 29:6; 39:30.
5. Baiseraele ba sa phethahalang ba ne ba ka nkoa ba halalela joang?
5 Empa Baiseraele ba ne ba ka halalela joang? Feela ka kamano ea bona e haufi le Jehova le borapeli ba bona bo hloekileng ho eena. Ba ne ba hloka tsebo e nepahetseng ea “Ea Halalelang ka ho Fetisisa” e le hore ba mo rapele ka khalalelo, ba hloekile nameng le moeeng. (Liproverbia 2:1-6; 9:10, NW) Ka lebaka leo Baiseraele ba ne ba lokela ho rapela Molimo ka sepheo se hloekileng le pelo e hloekileng. Jehova o ne a tla nyonya mofuta leha e le ofe oa borapeli ba boikaketsi.—Liproverbia 21:27.
Lebaka Leo ka Lona Jehova a Ileng a Nyatsa Baiseraele
6. Bajuda ba mehleng ea Malakia ba ne ba tšoara tafole ea Jehova joang?
6 Sena se ile sa bontšoa ka ho hlaka ha Baiseraele ka lipelo tse sa fellang ba ne ba tlisa mahlabelo a boleng bo tlaase, a nang le likoli, tempeleng. Ka moprofeta oa hae Malakia, Jehova o ile a nyatsa linyehelo tsa bona tsa boleng bo tlaase: “Ha ke khahloe ke lōna, ho bolela Jehova oa makhotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahisoang ke matsoho a lōna. . . . Empa lōna, lea [ntlhompholla, NW] ha le ntse le re: Tafole ea Jehova e litšila, le se tsoang ho eona ke sejo se nyatsehang. ’Me le re: A ntho e khathatsang! le bile le tšoela holim’a eona, ho bolela Jehova oa makhotla; le tlisa se utsoitsoeng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lōna? ho botsa Jehova.”—Malakia 1:10, 12, 13.
7. Bajuda ba ne ba etsa liketso life tse litšila lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.?
7 Malakia o ne a sebelisoa ke Molimo ho nyatsa mekhoa ea bohata ea Bajuda, mohlomong lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Baprista ba ne ba beha mohlala o mobe, ’me boitšoaro ba bona ho hang bo ne bo sa halalele. Batho ba neng ba latela mohlala oo, ba ne ba khoehlisitse melao-motheong ea bona, esita le ho isa ntlheng ea ho hlala basali ba bona, mohlomong e le hore ba ka nka basali ba bachanyana ba bahetene. Malakia o ile a ngola: “Jehova ke paki mahareng a hao le mosali oa bocha ba hao, eo u entseng ho eena ka bolotsana,b athe ke molekane oa hao le mosali oa selekane sa hao. . . . Iponeleng hle meeeng ea lōna; u se ke ua etsa ka bolotsana ho mosali oa bocha ba hao. Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Molimo oa Iseraele.”—Malakia 2:14-16.
8. Pono ea kajeno ka tlhalo e amme ba bang joang ka phuthehong ea Bokreste?
8 Mehleng ea kajeno, linaheng tse ngata moo tlhalo e fumanoang habonolo, tekanyo eo batho ba hlalanang ka eona e phahame. Esita le phutheho ea Bokreste e amehile. Ho e-na le ho batla thuso ea baholo bakeng sa ho hlōla litšitiso le ho leka ho etsa hore lenyalo la bona le atlehe, ba bang ba ile ba le qhala kapele. Hangata bana ba tlohelloa hore ba latsoe liphello tse boima maikutlong.—Matheu 19:8, 9.
9, 10. Re lokela ho nahanisisa joang ka borapeli ba rōna ho Jehova?
9 Joalokaha re bone ka holimo, ka lebaka la boemo ba moea bo bobe mehleng ea Malakia, Jehova o ile a nyatsa borapeli ba Juda ba lefeela ’me a bontša hore o ne a tla amohela borapeli bo hloekileng feela. Na see ha sea lokela ho etsa hore re nahanisise ka boleng ba borapeli ba rōna ho Jehova Molimo, ’Musi Morena oa bokahohleng, Mohloli oa khalalelo ea ’nete? Na ehlile re nehelana ka tšebeletso e halalelang ho Molimo? Na re ipoloka re le boemong bo hloekileng moeeng?
10 Sena ha se bolele hore re tlameha ho phethahala, e leng se ke keng sa etsahala kapa hona hore re lokela ho ipapisa le ba bang. Empa ka sebele se bolela hore Mokreste ka mong o lokela ho etsetsa Molimo borapeli boo e leng sohle seo a ka se etsang maemong a motho ka mong. Sena se lebisa tabeng ea boleng ba borapeli ba rōna. Tšebeletso ea rōna e halalelang e lokela hore e be se molemohali seo re ka se etsang—tšebeletso e halalelang. Seo se finyelloa joang?—Luka 16:10; Bagalata 6:3, 4.
Lipelo Tse Hloekileng li Lebisa Borapeling bo Hloekileng
11, 12. Boitšoaro bo litšila bo tsoa hokae?
11 Jesu ka ho hlakileng o ile a ruta hore se ka pelong se tla bonahala ka seo motho a se buang le ho se etsa. Jesu o itse ho Bafarisi ba iketsang ba lokileng, empa ba le khopo: “Malinyane a bo-marabe, le ka bua lintho tse molemo joang, ha le le khopo? Etsoe molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” Hamorao o ile a bontša hore liketso tsa bokhopo li tsoa menahanong e khopo ka pelong kapa mothong ea ka hare. O itse: “Lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong, ’me lintho tseo li silafatsa motho. Ka mohlala, pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao tse khahlanong le molao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo. Tsena ke lintho tse silafatsang motho.”—Matheu 12:34; 15:18-20.
12 Sena se re thusa ho utloisisa hore liketso tse khopo ha li iketsahalle feela kapa ntle le motheo o itseng. Ke phello ea menahano e silafatsang e ’nileng ea hanella ka pelong—litakatso tse ipatileng ’me mohlomong ea lintho tse inahaneloang. Ke ka lebaka leo Jesu a neng a ka re: “Le utloile hore ho ile ha thoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” Ka mantsoe a mang, bohlola le bofebe li se li itsetsepetse ka pelong pele ho etsahala ketso leha e le efe. Joale, ha monyetla o itlhahisa, menahano e litšila e fetoha boitšoaro bo litšila. Bohlola, bofebe, bosodoma, bosholu, bonyefoli le bokoenehi li fetoha tse ling tsa liphello tse bonahalang.—Matheu 5:27, 28; Bagalata 5:19-21.
13. Mehlala e meng ea kamoo menahano e litšila e ka lebisang liketsong tse litšila ke efe?
13 Sena se ka bontšoa ka litsela tse sa tšoaneng. Linaheng tse ling, lik’hasino li hlaha ka bongata, kahoo li eketsa monyetla oa ho bapala papali ea chelete. Ba bang ba ka ’na ba lekeha ho retelehela ho sena se bonahalang eka ke tharollo ha ba leka ho rarolla mathata a bona a lichelete. Monahano o thetsang o ka ’na oa susumeletsa mor’abo rōna ho hana kapa ho hlapolla litekanyetso tsa hae tsa Bibele.c Ha re etsa mohlala o mong, ho khona ho bona litšoantšo tsa bootsoa habonolo, ebang ke ka TV, livideo, lik’homputha kapa libuka, ho ka lebisa Mokreste boitšoarong bo litšila. Ho hlokahala feela hore a hlokomolohe lihlomo tsa hae tsa moea, ’me pele a lemoha, o oetse boitšoarong bo bobe. Empa maemong a mangata ho oela sebeng ho qala ka kelellong. E, maemong a kang ana, mantsoe a Jakobo aa phethahala: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:14, 15; Baefese 6:11-18.
14. Ba bangata ba hlaphohetsoe joang boitšoarong ba bona bo litšila?
14 Hoa thabisa hore ebe Bakreste ba bangata ba etsang sebe ka lebaka la bofokoli ba bontša pako ea sebele, ’me baholo ba khona ho tsosolosa ba joalo moeeng. Esita le ba bangata ba khaoloang ka lebaka la ho se bake qetellong baa hlaphoheloa ’me ba etsoa hore ba tsitse hape ka phuthehong. Ba qala ho hlokomela hore na Satane o ile a ba tsometsa habonolo joang ha ba ne ba lumeletse menahano e litšila ho mela ka metso ka pelong.—Bagalata 6:1; 2 Timothea 2:24-26; 1 Petrose 5:8, 9.
Phephetso ke ho Tobana le Mefokolo ea Rōna
15. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tobana le mefokolo ea rōna? (b) Ke’ng se ka re thusang ho lumela mefokolo ea rōna?
15 Re tlameha ho etsa boiteko ba hore ka botšepehi re tsebe lipelo tsa rōna. Na re ikemiselitse ho tobana le mefokolo ea rōna, ho e lumela, ebe re sebeletsa ho e hlōla? Na re ikemiselitse ho botsa motsoalle ea tšepahalang hore na re ka ntlafatsa joang, ebe re mamela keletso eo? Ho lula re halalela re tlameha ho hlōla mefokolo ea rōna. Hobane’ng? Hobane Satane o tseba mefokolo ea rōna. O tla sebelisa maqiti a hae a poteletseng ho re hohella sebeng le boitšoarong bo litšila. Ka liketso tsa hae tsa bolotsana, o leka ho re arohanya le lerato la Molimo e le hore re se hlole re halaletsoa ’me re e-ba le thuso borapeling ba Jehova.—Jeremia 17:9; Baefese 6:11; Jakobo 1:19.
16. Pauluse o ne a loana ntoa efe?
16 Moapostola Pauluse o ne a e-na le liteko tsa hae le meleko, joalokaha a ile a paka lengolong la hae le neng le e-ea ho Baroma: “Etsoe kea tseba hore ho ’na, ke hore, nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo; kaha matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo. Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse. . . . Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:18-23.
17. Pauluse o ile a hlōla joang ho loantšeng ha hae mefokolo?
17 Joale ntlha ea bohlokoa tabeng ea Pauluse ke hore o ile a lumela mefokolo ea hae. Ho sa tsotellehe mefokolo eo, o ne a ka re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho [oa moea] eo ke leng eena ka hare.” Pauluse o ne a rata se molemo ’me a hloile se sebe. Empa o ne a ntse a e-na le ntoa eo a lokelang ho e loana, eona ntoa eo kaofela ha rōna re e loanang—khahlanong le Satane, lefatše le nama. Ka hona re ka hlōla joang ntoeng ea ho lula re halalela, re arohile lefatšeng lee le monahanong oa lona?—2 Bakorinthe 4:4; Baefese 6:12.
Re ka Lula re Halalela Joang?
18. Re ka lula re halalela joang?
18 Khalalelo ha e finyelloe ka ho nka tsela e bonolo ka ho fetisisa kapa ka ho ikhotsofatsa ka ho feteletseng. Motho oa mofuta oo kamehla o tla ikemela bakeng sa boitšoaro ba hae ’me a leke ho beha molato sebakeng se seng. Mohlomong re hloka ho ithuta ho ikarabella bakeng sa liketso tsa rōna ’me re se ke ra tšoana le ba bang ba ikemelang ka hore boemo bo ke keng ba qojoa bo ile ba etsa hore ba hlaheloe ke boemo bo sa thabiseng ka lebaka la semelo sa lelapa kapa liphatsa tsa lefutso. Motso oa taba ena o ka pelong ea motho ka mong. Na o rata ho loka? o laba-labela khalalelo? o lakatsa tlhohonolofatso ea Molimo? Mopesaleme o ile a etsa hore ho hlake hore khalalelo ea hlokahala ha a ne a re: “Sesefa bobe, u etse botle; batla khotso, u e latelle.” Moapostola Pauluse o ngotse: “Lerato la lōna a e be le se nang boikaketsi. Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.”—Pesaleme ea 34:14; 97:10; Baroma 12:9.
19, 20. (a) Re ka haha kelello ea rōna joang? (b) Thuto ea botho e molemo e akarelletsa eng?
19 Re ka ‘khomarela se molemo’ haeba re talima lintho ka pono ea Jehova le haeba re e-na le kelello ea Kreste. (1 Bakorinthe 2:16) See se finyelloa joang? Ka ho ithuta kamehla le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. Keletso ena e fanoe hangata hakaakang! Empa na re e nka ka ho teba ka ho lekaneng? Ka mohlala, na u hlile u ithuta makasine ee, u hlahloba litemana tsa Bibele, pele u e-ea sebokeng? Ka ho ithuta ha re bolele feela ho thala mela lipolelong tse seng kae serapeng ka seng. Sehlooho se ithutoang se ka habanngoa feela sa ba sa thaloa mela ka metsotso e ka bang 15. Na seo se bolela hore re ithutile sehlooho seo? Ha e le hantle, ho ithuta le ho fumana molemo oa moea oo sehlooho ka seng se fanang ka oona ho ka ’na ha nka hora kapa tse peli.
20 Mohlomong ho hlokahala hore re itaee, re furalle TV ka lihora tse seng kae beke ka ’ngoe le hore re hle re tsepamise mohopolo khalalelong ea rōna ea botho. Thuto ea rōna ea kamehla e re haha moeeng, e susumetsa kelello hore e etse liqeto tse nepahetseng—liqeto tse lebisang “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro.”—2 Petrose 3:11; Baefese 4:23; 5:15, 16.
21. Ke potso efe e lokelang ho arajoa?
21 Joale potso ke hore, Ke likarolong life tse ling tsa tšebeletso le boitšoaro tseo rōna joaloka Bakreste re ka halalelang ho tsona, feela joalokaha Jehova a halalela? Sehlooho se latelang se tla fana ka boitsebiso bo lokelang ho hlahlojoa ka hloko.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ena ea litšupiso ea meqolo e ’meli e hatisoa ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa tlhahlobo e feletseng ea se boleloang ke “bolotsana,” bona Tsoha! ea February 8, 1994, leqepheng la 29, “Molimo o Hloile Tlhalo ea Mofuta Ofe?”
c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea hore na ke hobane’ng ha ho bapala papali ea chelete e le boitšoaro bo litšila, bona Tsoha! ea August 8, 1994, leqepheng la 20-1, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
Na U sa Hopola?
◻ Mohloli oa khalalelo o ile oa tsejoa joang Iseraeleng?
◻ Borapeli ba Baiseraele bo ne bo le litšila ka litsela life mehleng ea Malakia?
◻ Boitšoaro bo litšila bo qala hokae?
◻ Hore re halalele, re tlameha ho hlokomela eng?
◻ Re ka lula re halalela joang?