“Sebeletsang Monghali, Kreste, Joaloka Makhoba”
HO PHOLLETSA le histori, batho ba limilione ba ’nile ba mamella moroalo oa bokhoba. Ka mohlala, lilemo tse likete tse fetileng, Baiseraele ba ile ba tubeha haholo matsohong a balebeli ba Baegepeta. Joalokaha Bibele e bolela, ba “ile ba behela Baiseraele batsamaisi ba makhoba e le hore ba ba hatelle ka mejaro e boima” haholo-holo ea ho etsa litene.—Exoda 1:11, The Jerusalem Bible.
Linaheng tse ngata kajeno, batho e ka ’na ea se ke ea e-ba makhoba ka kutloisiso ea sebele, empa ba bangata ba tlameha ho sebetsa lihora tse ngata tlas’a maemo a hlokang tlhokomelo eohle ea bona—ka linako tse ling e le a sa thabiseng. Ba tlas’a moroalo o boima oa seo ho ka thoe’ng ke bokhoba ba moruo.
Leha ho le joalo, ho na le mofuta o mong oa bokhoba oo e seng moroalo. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena: “Sebeletsang Monghali, Kreste, joaloka makhoba.” (Bakolose 3:24) Ba khethang ho ba makhoba a Kreste ba imoloha mejarong ea bona e boima. Jesu ka boeena o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Ho amohela joko ea Kreste ha ho lokolle motho boikarabelong ba ho fana ka lintho tsa nama tseo lelapa la hae le li hlokang. (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, ho lokolla motho mekhoeng e mengata e tšoasang ea ho lelekisa lintho tse bonahalang. Bakreste ba khotsofalla ho ba le litlhoko tsa motheo ho e-na le ho hahamalla ho phela bophelo bo mabothobotho.—1 Timothea 6:6-10; bapisa le 1 Bakorinthe 7:31.
Bakreste ba boetse ba khatholloa ke ho phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho bolela ‘litaba tse molemo’ tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Sena se tlisa thabo ea sebele le khotsofalo!
Re lokela ho ananela ka thabo hore ebe re ka ‘sebeletsa Monghali, Kreste, joaloka makhoba.’
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.