Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Bontša Teboho?
KA LEBAKA la ho buuoa mokokotlo, Harley o ile a tlameha ho fetola mosebetsi oa hae oa ho sebetsa ka mechine ’me ea e-ba tlelereke ofising. Ha a botsoa hore na o ikutloa joang ka phetoho ena, Harley o ile a re: “Ke ntse ke hloloheloa ho sebetsa ka mechine. Empa ho bua ’nete, ke thabela mosebetsi oa ka oa hona joale ho feta oane oa pele.”
Ha Harley a fana ka lebaka leo a khotsofetseng ka lona, o re: “Ke ka lebaka la boikutlo ba batho bao ke sebetsang le bona. Ho fapana le bao ke neng ke sebetsa le bona pele, mookameli oa ka oa hona joale le basebetsi-’moho le ’na ba ananela seo ke se etsang, ’me baa mpabatsa. Sena se entse phapang e khōlō.” Kaha Harley o ikutloa a e-na le thuso ’me a hlokoa, hona joale ke mosebetsi ea thabileng.
Ka sebele, mantsoe a pabatso kapa a teboho aa thabisa ho bao a ba tšoanelang. Ka lehlakoreng le leng, phello ea ho hloka teboho e ka ba e hlabang joaloka mokhoa o kang oo Shakespeare a ileng a o hlokomela: “Foka uena moea oa mariha, puputla, hobane ho hloka mosa ha hao ho ke ke ha tšoana le ha motho ea hlokang teboho.” Ka masoabi, batho ba bangata ba ’nile ba tobana le ho hloka mosa ho joalo.
Hlokomela Hore U se ke Ua ba ea Hlokang Teboho
Mantsoe a teboho e tsoang pelong aa fela lefatšeng kajeno. E le ho etsa mohlala, sengoli se seng se ile sa phahamisa potso: “Haeba monyaluoa o ile a fumana nako ea ho ngola likarete tsa batho ba 200 bao a ba memang lenyalong, ho tla joang hore a se ke a fumana nako ea ho ngola liphephechana tse 163 tse lebohang ba mo fileng limpho?” Maemong a mangata, ba bangata ba hlōleha le ho re “kea leboha” ena e pala. Teboho e ntse e tsoela pele ho nkeloa sebaka ke boikutlo ba ’na-pele. Boemo bona ke bo bong bo tšoaeang matsatsi a ho qetela. Moapostola Pauluse o lemositse: “Le lokela ho hlokomela hore matsatsing a ho qetela, linako e tla ba tse tletseng likotsi. Batho e tla ba baikhabi ka ho feletseng . . . E tla ba ba hlokang teboho ka ho feletseng.”—2 Timothea 3:1, 2, Phillips.
Maemong a mang, teboho e nkeloa sebaka ke thoriso e phoqang. Mantsoe a teboho a buuoa ho tsoa pelong ho sa nahanoa letho ka molemo o itseng o ka fumanoang. Empa thoriso e phoqang, eo hangata e leng e sa tsoeng pelong ’me e le e feteletseng, e ka ’na ea etsoa ka sepheo se poteletseng sa ho fumana boemo bo phahameng kapa melemo e itseng ea botho. (Jude 16) Ntle le hore e thetsa motho ea phoqoang, puo eo e thellang e bonahala e le maphomela a boikhohomoso le boikakaso. Kahoo, ke mang ea ka ratang ho qhekelloa ka thoriso e phoqang? Leha ho le joalo, ruri teboho ea sebele ea khatholla.
Motho ea lebohang o fumana molemo ka ho etsa joalo. Monyaka oo a o fumanang ka ho leboha ho tsoa botebong ba pelo o tlatsetsa thabong le khotsong tseo a nang le tsona. (Bapisa le Liproverbia 15:13, 15.) Kaha teboho ke boikutlo bo nepahetseng, e mo sireletsa maikutlong a sa nepahalang joaloka bohale, mōna le tlhonamo.
“Le Iponahatse le le ba Lebohang”
Bibele e re khothalletsa hore re hlaolele moea oa teboho, kapa oa kananelo. Pauluse o ngotse: “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe. Etsoe sena ke thato ea Molimo kopanong le Kreste Jesu mabapi le lōna.” (1 Bathesalonika 5:18) ’Me Pauluse o ile a eletsa Bakolose: “Khotso ea Kreste a e laole ka lipelong tsa lōna . . . ’Me le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Lipesaleme tse ngata li na le mantsoe a teboho, e leng ho bontšang hore teboho e tsoang botebong ba pelo ke bokhabane ba bomolimo. (Pesaleme ea 27:4; 75:1) Ka ho hlakileng, Jehova Molimo oa thaba ha re bontša teboho liketsahalong tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi.
Empa ke mabaka afe lefatšeng lee le se nang teboho a etsang hore ho be thata ho hlaolela moea oa teboho? Ke joang re ka hlaolelang boikutlo ba ho leboha bophelong ba letsatsi ka leng? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.