Bontša ba Bang Tlhompho
“Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele.”—BAROMA 12:10.
1, 2. (a) Re lokela ho etsa eng ho bontša hore re ikokobelitse kelellong? (b) Bibele e atisa ho sebelisa lentsoe “tlhompho” joang, ’me ke mang eo ho leng bonolo ho eena ho bontša tlhompho?
SEHLOOHO sa rōna se etellang sena pele se ile sa beha khatiso keletsong ea Lentsoe la Molimo e reng: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka itlamang ka ho ikokobetsa kelellong ke ka ho bontša ba bang tlhompho.
2 Ka Bibeleng, lentsoe “tlhompho” le atisa ho sebelisetsoa ho bontša tlotlo, ho nka motho e le oa bohlokoa le ho nahanela tseo re lokelang ho li bontša ba bang. Re hlompha ba bang ka ho ba mosa ho bona, ho hlompha seriti sa bona, ho mamela pono ea bona, ho itokisetsa ho ba etsetsa se utloahalang seo ba re kōpang sona. Hase hangata sena se ka thatafallang ba ikokobelitseng kelellong. Leha ho le joalo, ba nang le lipelo tse ikhohomosang ba ka ’na ba thatafalloa ho bontša tlhompho ea sebele ’me ho e-na le hoo ba ka ’na ba leka ho fumana kamohelo le melemo ka thoriso ea boikaketsi.
Jehova o Hlompha Batho
3, 4. Jehova o ile a bontša tlhompho ho Abrahama joang, hona hobane’ng?
3 Jehova ka boeena o beha mohlala tabeng ea ho bontša tlhompho. O ile a bōpa batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela ’me ha a ba tšoare joaloka liroboto feela tjee. (1 Petrose 2:16) Ka mohlala, ha a ne a bolella Abrahama hore Sodoma e ne e tla timetsoa ka lebaka la bokhopo ba eona bo tebileng, Abrahama o ile a botsa: “Hleka u ka timetsa ea lokileng hammoho le ea bolotsana na? Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka u ka timetsa motse, u sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho oona na?” Jehova o ile a araba ka hore o ne a tla pholosa motse ka lebaka la ba lokileng ba 50. Joale Abrahama o ile a tsoela pele ho kōpa ka boikokobetso. Ho thoe’ng haeba ho ne ho e-na le ba 45? 40? 30? 20? 10? Jehova o ile a tiisetsa Abrahama hore o ne a ke ke a timetsa Sodoma haeba ho ne ho ka fumanoa batho ba lokileng ba leshome feela.—Genese 18:20-33.
4 Jehova o ne a tseba hore ho ne ho se na batho ba lokileng ba leshome Sodoma, empa o ile a hlompha Abrahama ka ho mamela maikutlo a hae le ka ho sebetsana le eena ka tlhompho. Hobane’ng? Hobane Abrahama o ile a “beha tumelo ho Jehova; eaba o mo balla seo e le ho loka.” Ho ne ho thoe Abrahama ke “motsoalle oa Jehova.” (Genese 15:6, NW; Jakobo 2:23) Ho feta moo, Jehova o ile a bona hore Abrahama o ne a hlompha ba bang. Ha ho ne ho hlaha qabang mabapi le lekhulo lipakeng tsa balisa ba hae le ba Lota mora oa ngoan’abo, Abrahama o ile a hlompha Lota ka ho mo bolella hore a khethe pele sebaka seo a neng a se batla. Lota o ile a khetha naha eo a neng a nka hore ke e ntle ka ho fetisisa, ’me Abrahama o ile a ea sebakeng se seng.—Genese 13:5-11.
5. Jehova o ile a hlompha Lota joang?
5 Ka ho tšoanang Jehova o ile a hlompha Lota ea lokileng. Pele Sodoma e timetsoa, o ile a bolella Lota hore a balehele sebakeng se lithaba. Leha ho le joalo, Lota o ile a bolela hore ha a batle ho ea moo; empa o ile a ikhethela Tsoare e haufi, le hoja motse oo o ne o le sebakeng se neng se lokela ho timetsoa. Jehova a re ho Lota: “Ke tla u hauhela le tabeng ena, ’me ha nka ke ka fatakanya motse ona oo u buang ka oona.” Jehova o ile a bontša tlhompho ho Lota ea tšepahalang ka ho etsa seo a se kōpileng.—Genese 19:15-22; 2 Petrose 2:6-9.
6. Jehova o ile a hlompha Moshe joang?
6 Ha Jehova a ne a romela Moshe Egepeta ho etella batho ba Hae pele ho ba ntša bokhobeng le ho bua le Faro hore a lumelle batho ba Hae ho tsamaea, Moshe o ile a arabela: “Oho Morena, ha ke monna ea buang habonolo.” Jehova o ile a tiisetsa Moshe: “E tla ba ’na ke bang le molomo oa hao; ’me ke tla u ruta seo u tla se bolela.” Empa Moshe o ne a ntse a qeaqea. Tabeng eo Jehova o ile a kholisa Moshe ’me a lokisetsa ho romela mor’abo, Arone, hore a tsamaee le eena e be ’muelli oa hae.—Exoda 4:10-16.
7. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a rata ho hlompha ba bang?
7 Maemong ao kaofela, Jehova o ile a bontša hore o ikemiselitse ho hlompha ba bang, haholo-holo ba neng ba mo sebeletsa. Le hoja seo ba neng ba se kōpa se ne se ka fapana le seo Jehova a neng a se rerile qalong, o ne a hlahloba likōpo tsa bona ’me a li lumella hafeela li se khahlanong le morero oa hae.
Jesu o ne a Hlompha ba Bang
8. Jesu o ile a hlompha mosali ea neng a kula haholo joang?
8 Jesu o ne a etsisa Jehova ka ho hlompha ba bang. Ka lekhetlo le leng ha a ne a le ka har’a letšoele, ho ne ho e-na le mosali ea bileng le phallo ea mali ka lilemo tse 12. Lingaka li ne li hlōtsoe ho mo phekola. Tlas’a Molao oa Moshe, o ne a nkoa a sa hloeka ho latela neano ’me a sa lokela ho ba moo. O ile a pota Jesu ka morao, a ama seaparo sa hae, ’me a fola. Jesu ha aa ka a tsitlellela litabeng tse sa reng letho tsa Molao, ka ho mo khalemella seo a se entseng. Ho e-na le hoo, kaha o ne a tseba maemo, o ile a mo hlompha, a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u be le bophelo bo botle ho tloha boloetseng ba hao bo bakang mesarelo.”—Mareka 5:25-34; Levitike 15:25-27.
9.Jesu o ile a hlompha Molichaba joang?
9 Ka nako e ’ngoe, mosali oa Mophoenicia o ile a re ho Jesu: “Nkhauhele, Morena, Mora oa Davida. Morali oa ka o kenoe ke modemona hampe.” Ka ho tseba hore o rometsoe sechabeng sa Iseraele eseng ho Balichaba, Jesu o ile a re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana [ba Iseraele] le ho bo lahlela ho lintjanyana [Balichaba].” Mosali enoa o ile a araba: “Empa ka sebele lintjanyana li hlile li ja makumane a oang litafoleng tsa beng ba tsona.” Eaba Jesu o re: “Uena mosali, tumelo ea hao e khōlō; a ho etsahale ho uena joalokaha u lakatsa.” Morali oa hae o ile a fola. Jesu o ile a hlompha Molichaba enoa ka lebaka la tumelo ea hae. Esita le ho sebelisa ha hae lentsoe “lintjanyana,” ho e-na le ho bua ka lintja tse hlaha, ho ile ha nolofatsa taba ena ’me ha bontša hore o na le qenehelo.—Matheu 15:21-28.
10. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae thuto efe e matla, ’me ke hobane’ng ha e ne e hlokahala?
10 Jesu o ile a tsoela pele ho ruta barutuoa ba hae hore ho ikokobetsa kelellong le ho hlompha ba bang hoa hlokahala, kaha ba ne ba ntse ba e-na le bothata ba ho iketelletsa pele. Ka lekhetlo le leng ka mor’a hore ba phehe khang, Jesu o ile a botsa: “Le ne le phehisana ka’ng?” Ba ile ba khutsa, hobane “ba ne ba phehisane har’a bona hore na e moholo ke mang.” (Mareka 9:33, 34) Esita le bosiung ba pele Jesu a e-shoa, ho ile “ha boela ha tsoha phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe oa bona ea neng a bonahala eka ke e moholo ka ho fetisisa.” (Luka 22:24) Ka hona, nakong ea lijo tsa Paseka, Jesu o ile “a tšela metsi ka sekotlolong ’me a qala ho hlatsoa maoto a barutuoa.” Ke thuto e matla hakaakang! Jesu e ne e le Mora oa Molimo, a le boemong bo haufi le ba Jehova feela bokahohleng bohle. Empa, o ile a ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa ka ho hlatsoa maoto a bona. O ile a re: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.”—Johanne 13:5-15.
Pauluse o ne a Bontša Tlhompho
11, 12. Ka mor’a hore Pauluse e be Mokreste, o ile a ithuta eng, ’me o ile a sebelisa thuto ee joang tabeng ea Filemone?
11 Joaloka moetsisi oa Kreste, moapostola Pauluse o ne a bontša ba bang tlhompho. (1 Bakorinthe 11:1) O itse: “Leha e le hore re ’nile ra batla thoriso e tsoang ho batho . . . Ho fapana le hoo, re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.” (1 Bathesalonika 2:6, 7) ’Mè ea anyesang o hlokomela masea a hae. Ka mor’a hore Pauluse a fetohe Mokreste, o ile a ithuta ho ikokobetsa kelellong ’me a bontša tlhompho ho Bakreste-’moho le eena ka ho ba tšoara ka bonolo. Ka ho etsa joalo, o ne a boetse a hlompha bolokolohi ba bona ba ho ikhethela, joalokaha ho ile ha bontšoa ka se ileng sa etsahala ha e ne e le motšoaruoa Roma.
12 Lekhoba le balehileng le bitsoang Onesimase le ile la mamela thuto ea Pauluse. Le ile la fetoha Mokreste le motsoalle oa Pauluse. Mong’a lekhoba lena e ne e le Filemone, eo le eena e neng e le Mokreste, ea neng a lula Asia Minor. Lengolong le eang ho Filemone, Pauluse o ile a ngola ka kamoo Onesimase a neng a le molemo ho eena kateng, a re: “Ke ne ke tla rata ho ipolokela eena.” Empa, Pauluse o ile a khutlisetsa Onesimase ho Filemone, hobane o ile a ngola: “Ka ntle ho tumello ea hao ha ke batle ho etsa ntho leha e le efe, e le hore ketso e molemo ea hao e se be joalokaha eka ke ka ho qobelloa, empa e be ea boithatelo ba hao.” Pauluse ha aa ka a nka monyetla ka ’nete ea hore e ne e le moapostola, empa o ile a hlompha Filemone ka ho se kōpe ho boloka Onesimase Roma. Ho feta moo, Pauluse o ile a khothalletsa Filemone ho hlompha Onesimase le ho mo tšoara “e le ea fetang lekhoba, e le mor’abo rōna ea ratoang.”—Filemone 13-16.
Ho Bontša Tlhompho Mehleng ea Rōna
13. Baroma 12:10 e re bolella hore re etse eng?
13 Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele.” (Baroma 12:10) Sena se bolela hore ha rea lokela ho emela hore ba bang ba re bontše tlhompho pele, empa re lokela ho nka bohato ba pele. “E mong le e mong a a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24; 1 Petrose 3:8, 9) Kahoo, bahlanka ba Jehova ba batla menyetla ea ho bontša tlhompho ho ba ka lapeng, ho Bakreste-’moho le bona ka phuthehong esita le ho bao e seng litho tsa phutheho.
14. Monna le mosali ba bontšana tlhompho joang?
14 Bibele e re: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna.” (1 Bakorinthe 11:3) Jehova o tlama monna ho tšoara mosali oa hae joalokaha Kreste a ne a tšoara phutheho. Ho 1 Petrose 3:7, monna o laeloa ho fa mosali oa hae “tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali.” A ka etsa sena ka ho ikemisetsa ho mamela e le kannete le ka ho nahanela litlhahiso tsa mosali oa hae. (Genese 21:12) A ka ’na a mo etelletsa pele ha ho se na bothata bo ka hlahisoang ke seo, ’me o mo etsetsa lintho le ho mo tšoara ka mosa. Ka lehlakoreng le leng, “mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Oa mo mamela, ha a leke hore ka linako tsohle a fumane seo a se batlang, ha a mo nyenyefatse kapa hona ho mo tšoenya. O bontša hore o ikokobelitse kelellong ka ho se leke ho hatella monna oa hae, esita leha a e-na le tsebo e phahametseng ea monna linthong tse itseng.
15. Ke ho nahanela hofe ho bontšoang ba hōlileng, ’me ba lokela ho arabela joang?
15 Ka har’a phutheho ea Bokreste, ho na le bao ka ho khetheha ba tšoaneloang ke tlhompho, ba kang ba hōlileng. “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea hōlileng.” (Levitike 19:32) Ho joalo ka ho khetheha tabeng ea ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata hobane “moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho.” (Liproverbia 16:31) Balebeli ba lokela ho beha mohlala ka ho bontša tlhompho e tšoanetseng ho Bakreste-’moho le bona ba baholo ho bona. Ka sebele, ba hōlileng le bona ho hlokahala hore ba hlomphe ba banyenyane, haholo-holo ba kopanelang le bona boikarabelong ba ho lisa mohlape.—1 Petrose 5:2, 3.
16. Batsoali le bana ba hlomphana joang?
16 Bana ba lokela ho hlompha batsoali ba bona: “Bana, le mamele batsoali ba lōna kopanong le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka tsoela pele ka nako e telele lefatšeng.’” Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba hlompha bana ba bona, hobane ba bolelloa hore ‘e se ke ea e-ba ba halefisang bana ba bona, empa ba tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’—Baefese 6:1-4; Exoda 20:12.
17. Ke bo-mang ba lokelang ho nehoa “tlhompho e habeli”?
17 Ba bang ba lokelang ho bontšoa tlhompho ke ba sebetsang ka thata tšebeletsong ea liphutheho: “Banna ba baholo ba okamelang ka tsela e ntle a ba nkoe ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli, haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” (1 Timothea 5:17) Tsela e ’ngoe eo re ka ba bontšang tlhompho ena ka eona ke ho etsa seo Baheberu 13:17 e se bolelang: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.”
18. Re lokela ho etsa eng ho bao e seng litho tsa phutheho?
18 Na re tlameha ho bontša tlhompho ho bao e seng litho tsa phutheho? E. Ka mohlala, rea laeloa: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1) Bana ke babusi ba lefatše bao Jehova a ba lumellang ho busa ho fihlela ’Muso oa hae o nka sebaka sa bona. (Daniele 2:44) Ka hona, re ‘fa bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, lekhetho; ea batlang sethaba-thaba, sethaba-thaba; ea batlang tšabo, tšabo e joalo; ea batlang tlhompho, tlhompho e joalo.’ (Baroma 13:7) Re lokela ho ‘hlompha batho ba mefuta eohle.’—1 Petrose 2:17.
19. Re ka ‘sebetsa se molemo’ joang ho ba bang le ho ba bontša tlhompho?
19 Le hoja e le ’nete hore re lokela ho hlompha le bao e seng litho tsa phutheho, hlokomela seo Lentsoe la Molimo le se hatisang: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Ka sebele, tsela e molemohali eo ka eona re ka ‘sebetsang se molemo’ ho ba bang ke ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa moea le ho li khotsofatsa. (Matheu 5:3) Sena re ka se etsa ka ho ela hloko khopotso ea moapostola Pauluse: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” Ha ka masene re sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho fana ka bopaki, re ‘phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo,’ ha re etse se molemo ho bohle feela empa re boetse re ba bontša tlhompho.—2 Timothea 2:15; 4:5.
Ho Hlompha Jehova
20. Ke’ng se ileng sa etsahalla Faro le mabotho a hae a ntoa, hona hobane’ng?
20 Jehova o hlompha libōpuoa tsa hae. Joale, hoa utloahala hore le rōna re lokela ho mo hlompha. (Liproverbia 3:9; Tšenolo 4:11) Lentsoe la Jehova le lona le re: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha, ’me ba ’nyelisang e tla ba bao e seng ba bohlokoa.” (1 Samuele 2:30, NW) Ha Faro oa Egepeta a ne a boleletsoe hore a tlohele batho ba Molimo ba tsamaee, o ile a araba ka boikakaso, a re: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae?” (Exoda 5:2) Ha Faro a ne a romela mabotho a hae a ntoa hore a e’o felisa Baiseraele, Jehova o ile a arola metsi a Leoatle le Lefubelu molemong oa Baiseraele. Empa ha Baegepeta ba latela, Jehova o ile a etsa hore metsi a khutle. “Makoloi a Faro le lekhotla la hae [Jehova] o a lihetse leoatleng.” (Exoda 14:26-28; 15:4) Ka hona, ho hana ha Faro ka boikhohomoso ho hlompha Jehova ho ile ha fella ka lefu la hae le bohloko.—Pesaleme ea 136:15.
21. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a le khahlanong le Belshazare, ’me phello e bile efe?
21 Morena Belshazare oa Babylona o ile a hana ho hlompha Jehova. Moketeng oo ho oona batho ba neng ba ikemiselitse ho noa ka ho feteletseng, o ile a soma Jehova ka ho noella veine lijaneng tse halalelang tsa khauta le silevera tse nkiloeng tempeleng ea Jerusalema. ’Me ha a ntse a etsa sena, o ne a ntse a rorisa melimo ea hae ea bohetene. Empa Daniele, mohlanka oa Jehova o ile a mo bolella: “Ha ua kokobetsa pelo ea hao . . . Empa u ile ua iphahamisetsa Morena oa maholimo.” Bosiung bona boo Belshazare o ile a bolaoa, ’me ’muso oa hae o ile oa tlosoa ho eena.—Daniele 5:22-31, NW.
22. (a) Ke hobane’ng ha bohale ba Jehova bo ile ba tlela baeta-pele ba Iseraele le batho ba bona? (b) Jehova o ile a hauhela mang, ’me e le ka phello efe?
22 Lekholong la pele la lilemo C.E., Morena Heroda o ne a fana ka puo ho sechaba, ’me sa hoeletsa: “Lentsoe la molimo, eseng la motho!” Morena enoa oa lefeela ha aa ka a hana empa o ne a batla thoriso. Ka lebaka leo, “lengeloi la Jehova la mo otla, hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo.” (Liketso 12:21-23) Heroda o ile a lebisa tlhompho ho eena ka boeena eseng ho Jehova, ’me o ile a bolaoa. Baeta-pele ba bolumeli ba nakong eo ba ne ba hlompholotse Molimo ka ho etsa ’momori oa ho bolaea Mora oa hae, Jesu. Babusi ba bang ba ne ba tseba hore Jesu o ruta ’nete empa ba ne ba ke ke ba mo latela, “kaha ba ne ba rata thoriso ea batho esita le ho feta thoriso ea Molimo.” (Johanne 11:47-53; 12:42, 43) Sechaba ka kakaretso ha sea ka sa hlompha Jehova kapa Moemeli oa hae ea khethiloeng, Jesu. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a tsoela pele ho se hlompha, o ile a se nehella le tempele ea sona thipitlong. Empa o ile a pholosa ba ileng ba hlompha eena le Mora oa hae.—Matheu 23:38; Luka 21:20-22.
23. Re lokela ho etsa eng hore re phele lefatšeng le lecha la Molimo? (Pesaleme ea 37:9-11; Matheu 5:5)
23 Bohle ba batlang ho phela lefatšeng le lecha la Molimo ka mor’a hore tsamaiso ena ea hona joale ea lintho e timetsoe ba lokela ho hlompha Molimo le Mora oa hae, Kreste Jesu, ’me ba ba mamele. (Johanne 5:22, 23; Bafilippi 2:9-11) Ba sa bontšeng tlhompho e joalo “ba tla khaoloa holim’a lefatše.” Ka lehlakoreng le leng, ba lokileng ba hlomphang Molimo le Kreste le ho ba mamela “ba tla aha lefatšeng.”—Liproverbia 2:21, 22.
Tlhahlobo
◻ Ho hlompha ba bang ho bolela eng, ’me Jehova o ile a etsa see joang?
◻ Jesu le Pauluse ba ile ba hlompha ba bang joang?
◻ Ke bo-mang ba lokelang ho hlomphuoa mehleng ea rōna?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha Jehova le Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jehova o ile a hlompha Abrahama ka ho nahanela kōpo ea hae e tiileng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Manyalong a atlehileng, monna le mosali baa hlomphana